Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Na masala a tlotsitsoeng a Morena a lefatšeng ke karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng, o kang mosali oa leholimo, “Jerusalema oa holimo”?
Ho ka boleloa ka batlotsuoa ba lefatšeng e le karolo e bonahalang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, lelapa la oona la bokahohleng la libōpuoa tse bohlale.
Kahobane ba “tsoetsoe hape” ba fetohile bara ba moea ba Jehova. (Johanne 3:3, 5, NW; Ba-Roma 8:15-17) Jehova ke Ntate oa bona. Empa hape ba na le “’mè,” hobane moapostola Pauluse o ngotse ka “Jerusalema oa holimo . . . ’m’a rōna.” E tlameha e be polelo eo e hlalosa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo le libōpuoa tse tšepahalang oo Jehova a o talimang e le “mosali” oa tšoantšetso. (Ba-Galata 4:26) Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba amohela moputso oa bona oa leholimo, ba nka libaka tsa bona mokhatlong o hlophisitsoeng oa leholimo.—Tšenolo 4:4; 14:1-5.
Masala a tlotsitsoeng a lefatšeng hase karolo ea sebele ea “Jerusalema oa holimo.” Empa ka baka la boemo ba oona bo khethehileng e le bara ba moea ba nang le tebello ea bophelo ba leholimo, le kahobane e le baemeli ba “mosali” oa leholimo oa Molimo, ka linako tse ling Jehova o ba akarelletsa litaelong, boprofeteng le litšepisong, le mantsoeng a matšeliso a lebisitsoeng ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o kang mosali.
Re ka etsa papiso ea sena ka mantsoe a neng a ama Baiseraele ba boholo-holo. Jehova a sebelisa Esaia ho hlalosa mosali ea leng litlamong, leroleng, ea hlokang ho tsosoa le ho khantša leseli la hae. (Esaia 51:9, 14; 52:1, 2; 60:1) Maemo a joalo ha a e-s’o ka a etsahala ho bara ba moea ba tšepahalang ba Jehova ba bōpang “mosali” oa hae oa leholimo. Leha ho le joalo, maemo ao a bile teng sechabeng sa Iseraele. Ha Baiseraele ba lokolloa botlamuoeng ba Babylona ka 537 B.C.E., ba tsoha, ba phahama leroleng, ’me ba qala ho khantša leseli la Jehova. Jerusalema e tsosolositsoeng (e emelang sechaba) e ne e tšoana le mosali ea neng a lahliloe empa joale a amohetsoe hape ’me a hlahisa bana, sechaba se tsositsoeng sa Bajode. (Esaia 54:1-8; 60:1-22; 66:7-14) Ka hona mantsoe a Esaia ka boemo ba “mosali” (eo “monna” oa hae e neng e le Jehova) bo neng bo oetse sechaba sa lefatšeng bo ne bo emela mosali eo.
Joale a re lebiseng tlhokomelo sechabeng sa moea sa Iseraele seo Molimo o se amohetseng kamor’a hore oona (le “mosali” oa oona oa leholimo) ba khaotse ho sebelisa Iseraele oa nama. (Ba-Galata 6:16) Kamor’a hore “Jerusalema oa holimo” e be “nyopa” ka lilemo tse makholo a mangata, a qala ho hlahisa bara ba moea. Jesu ea e-ba letsibolo ka 29 C.E., ha latela ba bang ba 144 000, ho qala ka baapostola ho fihlela mehleng ea rōna. (Ba-Galata 4:21-31) Ka nako e khutšoanyane mathoasong a lekholo lena la lilemo, masala a Baiseraele ba moea a sekisetsa khatellong ’me a fetoha batlamuoa. Ka 1919, a lokolloa botlamuoeng ba Babylona ‘me a tsoaloa e le sechaba se secha naheng ea moea. Ka hona re ka hlokomela hore mantsoe a boprofeta ba Esaia mabapi le Jerusalema oa boholo-holo a phethahala ho Iseraele oa moea.
Hlokomela hape le Tšenolo 12:1-17. Qetellong ea “mehla ea balichaba” ka 1914 C.E., “mosali” oa Molimo oa leholimo a hlahisa ’Muso e le “ngoana e motona.” Satane ea lihetsoeng a “halefela mosali.” Empa hlaselo ea hae e ne e sa tobisoa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo o maholimong o kang mosali, oo a neng a ke ke a o finyella. Ho e-na le hoo, Satane o ne a loantša “masala a leloko la hae” a emelang mosali eo mona lefatšeng.
Boemo ba Iseraele oa moea bo tšoana le ba Iseraele oa boholoholo oa lefatšeng. Boemo ba “Jerusalema oa holimo” bo bonahala har’a bana ba hae ba lefatšeng. Ka khopolo e sebetsang, litaelo, litokiso, matšeliso le litšepiso tse tobisitsoeng ho mosali oa leholimo oa Jehova li ama haholo ba lefatšeng ba mo emelang ba nang le tebello ea ho ba karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo oa Molimo.
◼ Na ba “bongata bo boholo” ba fetoha karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohleng oa Jehova?
Hona joale, pele ho ‘mahlomola a maholo,’ Lipaki tsohle tsa Jehova li thabela ho sebeletsa Molimo ka bonngoe. (Mattheu 24:21) Ha ho na karohano tabeng ea hore palo e fokolang ea ba tlotsitsoeng e na le tebello ea bophelo ba leholimo ha bongata bo na le tšepo ea bophelo bo sa feleng paradeiseng ea lefatšeng. Jesu o bontšitse hore “linku” le “linku tse ling” li fetoha “mohlape o le mong.” (Johanne 10:11, 16) Ka baka leo, mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa bahlanka ba Jehova o bōptjoa ke lihlopha tseo tse peli, tse nang le litebello tse sa tšoaneng.
Jehova o bone e sa le pele hore mosali oa hae o ne a tla thabela katleho ena. O bontšitse hore batho ba lichaba tsohle, bao e seng Baiseraele ba moea, ba tla bokelloa ka lipalo tse khōlō. (Esaia 60:1-22; 61:5-9) Buka ea Tšenolo e hlalosa “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana.” Bana ba na le tšepo ea bophelo lefatšeng, e seng sechaba sa moea sa ba tlotsitsoeng bao ka ho khethehileng ba emelang mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohleng oa Jehova kajeno. Leha ho le joalo, “bongata bo boholo” bo eme pel’a terone ea Molimo le ea Konyana bo apere liaparo tse tšoeu tse hloekisitsoeng maling a Konyana. Ke boemo bo botle hakaakang esita le hona joale!—Tšenolo 7:9-17.
“Bongata bo boholo” le bona bo ba tekong ea botšepehi ba bona. Ho tsoela pele ha bona ba tšepahala hona joale le ho pholletsa le Puso ea Lilemo tse Sekete le tekong ea ho qetela ho tla etsa hore Jehova a bolele ka bona e le batho ba lokileng, ba phethehileng, hammoho le ba tsositsoeng ba fetohileng karolo ea “linku tse ling” tsa Jesu. Ha ba ‘holotsoe bohlankeng ba tšenyeho’ ba tla thabela ‘tokollo ea khanya ea bana ba Molimo.’(Ba-Roma 8:21) Nakong eo ba tla fetoha karolo e bonahalang ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohleng oa Jehova, joaloka Adama le Eva tšimolohong. E tla ba bana ba phethahetseng, ba bohlale, ba Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa leholimo o kang mosali.