Jehova o Khabisa Batho ba Hae ka Leseli
“Tsoha, Uena mosali, khantša leseli, etsoe leseli la hao le tlile ’me khanya ea Jehova e u chabetse.”—ESAIA 60:1.
1, 2. (a) Moloko oa batho o boemong bofe? (b) Ke bo-mang ba bakang lefifi leo moloko oa batho o leng ho lona?
“RURI re hloka batho ba kang Esaia kapa Mohalaleli Pauluse!” Mantsoe ana a hlomolang pelo a ile a buuoa ke Mopresidente Harry Truman oa United States, khale koana lilemong tsa bo-1940. Ke hobane’ng ha a ne a bua mantsoe aa? O ne a elelletsoe hore mehleng ea hae ho ne ho hlokahala baeta-pele ba nang le boitšoaro bo khabane. Moloko oa batho o ne o sa tsoa feta nakong ea lefifi la bo-nka-ntjana lekholong la bo20 la lilemo, e leng ntoa ea bobeli ea lefatše. Ntoa e ne e letse, empa khotso e ne e ntse e le sieo lefatšeng. Lefifi le ne le ntse le aparetse. Ha e le hantle, lilemo tse 57 ka mor’a ntoa eo, lefatše le ntse le le lefifing. Haeba Mopresidente Truman a ne a ntse a phela kajeno, ha ho pelaelo hore o ne a tla ’ne a bone ho hlokahala baeta-pele ba khabane joaloka Esaia kapa moapostola Pauluse.
2 Ebang Mopresidente Truman o ne a tseba kapa che, moapostola Pauluse o ile a bua ka lefifi le aparetseng moloko oa batho, ’me a lemosa ka lona mangolong a hae. Ka mohlala, o ile a lemosa balumeli-’moho le eena, a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Mantsoe ana a bontša hore Pauluse o ne a elelloa lefifi la moea le aparetseng lefatše le hore o ne a tseba hore mohloli oa lona oa ’nete ke makhotla a matla a bodemona ao a a bitsang “babusi ba lefatše.” Kaha meea e matla ke eona e bakang lefifi la lefatše, ha ho letho leo batho feela tjee ba ka le etsang ho le leleka.
3. Ho sa tsotellehe lefifi le aparetseng moloko oa batho, Esaia o ile a bolela’ng esale pele bakeng sa ba tšepahalang?
3 Esaia le eena o ile a bua ka lefifi le aparetseng moloko oa batho. (Esaia 8:22; 59:9) Leha ho le joalo, ha a bua ka mehla ena ea rōna, ka pululelo o ile a bolela esale pele hore esita le nakong ena ea lefifi, Jehova o ne a tla elisa pono ea ba ratang leseli. Le hoja Pauluse le Esaia ba le sieo har’a rōna, re na le mangolo a bona a bululetsoeng a ka re tataisang. E le hore re bone hore na seo se molemo hakaakang ho ba ratang Jehova, a re nahaneng ka mantsoe a boprofeta a Esaia a khaolong ea 60 ea buka ea hae.
Mosali oa Boprofeta o Khantša Leseli
4, 5. (a) Jehova o laela mosali hore a etse’ng, ’me o tšepisa’ng? (b) Esaia khaolo ea 60 e na le boitsebiso bofe bo hlollang?
4 Mantsoe a qalang a Esaia khaolo ea 60 a tobisitsoe ho mosali ea boemong bo bohloko haholo—o lefifing, o tjapaletse fatše lefifing. Ka tšohanyetso feela khanya e re chapha!, ’me Jehova oa hooa: “Tsoha, Uena mosali, khantša leseli, etsoe leseli la hao le tlile ’me khanya ea Jehova e u chabetse.” (Esaia 60:1) Ho fihlile nako ea hore mosali enoa a eme ’me a bonahatse leseli la Molimo, e leng khanya ea hae. Hobane’ng? Re bona karabo temaneng e latelang e reng: “Bona! lefifi le tla koahela lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahele lichaba; empa Jehova o tla u chabela, ’me khanya ea hae e tla bonoa ho uena.” (Esaia 60:2) Mosali enoa o mamela taelo ea Jehova, ’me o tiisetsoa phello e babatsehang. Jehova o re: “Ka sebele lichaba li tla ea leseling la hao, le marena a ee khanyeng ea leseli la hao.”—Esaia 60:3.
5 Mantsoe a hlasimollang a litemaneng tsena tse tharo a kenyelletsa le ho akaretsa sohle se litemaneng tse ling tse latelang tsa Esaia khaolo ea 60. Li bolela esale pele liphihlelo tsa mosali oa boprofeta le ho hlalosa kamoo re ka lulang leseling la Jehova le hoja moloko oa batho o aparetsoe ke lefifi. Ha e le hantle, lintho tseo ho buuoang ka tsona litemaneng tsee tse tharo tsa pele li emela’ng?
6. Mosali oa Esaia khaolo ea 60 ke mang, ’me o emeloa ke bo-mang lefatšeng?
6 Mosali oa Esaia 60:1-3 ke Sione, e leng mokhatlo o khanyang oa leholimo oa Jehova oa libōpuoa tsa moea. Kajeno, lefatšeng mona Sione e emeloa ke masala a “Iseraele ea Molimo,” e leng phutheho ea machaba ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, ba nang le tšepo ea ho busa le Kreste leholimong. (Bagalata 6:16) Sechaba sena sa moea se tla ba le litho tse 144 000 ka kakaretso, ’me phethahatso ea kajeno ea Esaia khaolo ea 60 e sebetsa ho ba phelang lefatšeng “matsatsing [ana] a ho qetela.” (2 Timothea 3:1; Tšenolo 14:1) Boprofeta bo boetse bo bua haholo ka metsoalle ea Bakreste bana ba tlotsitsoeng, e leng “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.”—Tšenolo 7:9; Johanne 10:16.
7. Boemo ba Sione e ne e le bofe ka 1918, ’me see se profetiloe joang?
7 Na ho na le nako eo ka eona “Iseraele ea Molimo” e ileng ea rapalla lefifing, joalokaha e tšoantšelitsoe ke mosali oa boprofeta? E, sena se etsahetse lilemong tse fetang 80 tse fetileng. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba loanne ka thata hore mosebetsi oa bopaki o tsoele pele. Empa ka 1918, e leng selemo seo ntoa e ileng ea lala ka sona, mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli o ile oa batla o emisoa. Joseph F. Rutherford, eo e neng e le molebeli oa mosebetsi oa lefatše lohle oa boboleli, le Bakreste ba bang ba hlahelletseng ba ile ba ahloleloa nako e telele chankaneng ka liqoso tsa bohata. Ka tsela ea boprofeta, buka ea Tšenolo e bitsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba le teng lefatšeng ka nako eo litopo tse rapaletseng ‘tseleng e sephara ea motse o moholo oo ka kutloisiso ea moea o bitsoang Sodoma le Egepeta.’ (Tšenolo 11:8) Nako eo e ne e hlile e le ea lefifi bakeng sa Sione, joalokaha e emeloa ke bana ba eona ba tlotsitsoeng ba lefatšeng!
8. Ke phetoho efe e khōlō e etsahetseng ka 1919, ka phello efe?
8 Leha ho le joalo, ka selemo sa 1919 ho ile ha etsahala phetoho e khōlō. Jehova o ile a chabisetsa Sione leseli! Litho tsa Iseraele ea Molimo tse ntseng li phela li ile tsa nka khato e le hore li bonahatse khanya ea Molimo ’me tsa boela tsa kena mosebetsing oa ho phatlalatsa litaba tse molemo li sa tšabe letho. (Matheu 5:14-16) Ka lebaka la cheseho e nchafetseng ea Bakreste bana, ba bang ba ile ba huleloa leseling la Jehova. Qalong, ba bang ba ile ba tlotsoa hore e be litho tse eketsehileng tsa Iseraele ea Molimo. Ho Esaia 60:3 ba bitsoa marena, kahobane e tla ba marena le Kreste ’Musong oa Molimo oa leholimo. (Tšenolo 20:6) Hamorao, bongata bo boholo ba linku tse ling bo ile ba qala ho huleloa leseling la Jehova. Bana ke “lichaba” tseo ho buuoang ka tsona boprofeteng bona.
Bana ba Mosali Enoa Baa Oroha!
9, 10. (a) Mosali o ile a bona pono efe e tsotehang, ’me e ne e tšoantšetsa’ng? (b) Sione e bile le lebaka lefe la thabo?
9 Joale, kamoo ho leng kateng, Jehova o fana ka boitsebiso bo bocha bo ho Esaia 60:1-3. O fa mosali enoa taelo e ’ngoe. Mamela seo a se buang: “Phahamisetsa mahlo a hao ka hohle ’me u bone!” Mosali o etsa kamoo a bolelloang kateng, ’me o bona pono e thobang pelo hakaakang! Bana ba hae baa oroha. Temana ena e tsoela pele ho re: “Kaofela ha bona ba phuthehile; ba tlile ho uena. Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hōle, le barali ba hao ba tlang ho hlokomeloa ba le lehlakoreng.” (Esaia 60:4) Ho phatlalatsoa ha ’Muso lefatšeng ka bophara ho qalileng ka 1919 ho ile ha hulela ba bacha ba baloang ka likete tšebeletsong ea Jehova. Bana le bona e ile ea e-ba “bara” le “barali” ba Sione, e leng litho tse tlotsitsoeng tsa Iseraele ea Molimo. Kahoo, Jehova o khabisitse Sione ka ho etsa hore litho tsa ho qetela tsa ba 144 000 li be leseling.
10 Na u bona thabo eo Sione e nang le eona ka hore bana ba eona ba be lapeng? Empa, Jehova o fa Sione mabaka a eketsehileng a thabo. Rea bala: “Ka nako eo u tla bona ’me ka sebele u tlale thabo, ’me pelo ea hao e tla thothomela e kokomohe hobane leruo la leoatle le tla leba ho uena; maruo a lichaba a tla tla ho uena.” (Esaia 60:5) Tumellanong le mantsoe ao a boprofeta, matšoele a Bakreste ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng ka ho sa feleng a ’nile a phallela Sione ho tloha ka bo-1930. A ’nile a tsoa ‘leoatleng’ la moloko oa batho ba ikarohantseng le Molimo ’me a emela maruo a lichaba. Ke “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.” (Hagai 2:7; Esaia 57:20) Hape, hlokomela hore “lintho [tsena] tse lakatsehang” hase marojana-maipusi tšebeletsong ea Jehova. Che, li eketsa botle ba Sione ka ho tla rapela hammoho le barab’abo tsona ba tlotsitsoeng, li fetoha “mohlape o le mong” le bona tlas’a ‘molisa a le mong.’—Johanne 10:16.
Bahoebi, Balisa le Barekisi ba Tla Sione
11, 12. Hlalosa matšoele a bonoang a leba Sione.
11 Pokello ena e boletsoeng esale pele e fella ka keketseho e tsotehang ea palo ea barorisi ba Jehova. Sena se boleloa esale pele mantsoeng a latelang a boprofeta bona. Ipone u eme le mosali enoa oa boprofeta Thabeng ea Sione. Ha u sheba ka bochabela, u bona’ng? “Mohlape o nyolohang oa likamele o tla u koahela, likamele tse nyenyane tse tona tsa Midiane le tsa Efa. Bohle ba Sheba—ba tla tla. Ba tla nka khauta le libano tse tšoeu. Ba tla tsebahatsa lithoriso tsa Jehova.” (Esaia 60:6) Letšoele la bahoebi le tsamaisa mokoloko oa likamele tsa bona litseleng tse eang Jerusalema. E, likamele li tšoana le moroallo o aparetseng naha! Bahoebi ba nkile limpho tsa bohlokoa, “khauta le libano tse tšoeu.” Bahoebi bana ba tla khanyeng ea Molimo e le hore ba mo rorise phatlalatsa, ‘ba tsebahatse lithoriso tsa Jehova.’
12 Bahoebi hase bona feela ba itlhekehlang. Balisa le bona ba phallela Sione. Boprofeta bo tsoela pele ka ho re: “Mehlape eohle ea Kedare—e tla bokelloa ho uena. Lipheleu tsa Nebajothe—li tla u sebeletsa.” (Esaia 60:7a) Merabe ea balisa e tla motseng o halalelang ho tla nyehela mehlape ea eona e metle ka ho fetisisa ho Jehova. Le eona ka boeona e inehela ho sebeletsa Sione! Jehova o amohela basele baa joang? Molimo ka boeena oa araba: “Ka tumello li tla nyolohela aletareng ea ka, ’me ke tla khabisa ntlo ea ka e ntle.” (Esaia 60:7b) Ka mosa Jehova o amohela linyehelo le tšebeletso ea basele bana. Boteng ba bona bo khabisa tempele ea hae.
13, 14. Ke eng e bonoang e hlaha bophirimela?
13 Joale reteleha ’me u lahlele mahlo bophirimela. U bona’ng? Hōle mane ho na le ho bonahalang eka ke leru le lesoeu le ikalileng holim’a leoatle. Jehova o botsa seo u ntseng u ipotsa sona: “Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka leru, le joaloka maeba a eang masobeng a matloana a ’ona?” (Esaia 60:8) Jehova oa ikaraba: “Lihlekehleke li tla lula li ntebeletse, le likepe tsa Tarshishe joaloka pele, e le hore li tlise bara ba hao ba tsoa hōle, ba e-na le silevera ea bona le khauta ea bona, lebitsong la Jehova Molimo oa hao le ho Mohalaleli oa Iseraele, etsoe o tla be a u khabisitse.”—Esaia 60:9.
14 Na ka kelellong ea hao u bona see? Leru leo le lesoeu le atametse haholoanyane ’me joale le shebahala joaloka sehlopha sa matheba a hōle ka bophirimela. Le shebahala joaloka linonyana tse fofelang tlaase ka holim’a maqhubu. Empa ha le ntse le atamela haholo, u bona hore ke likepe tse phahamisitseng liseile tsa tsona hore li thibe moea. Ke likepe tse ngata haholo tse sesang li e-ea Jerusalema hoo ekang ke mohlape oa maeba. Sehlopha sena sa likepe se tsamaea ka lebelo le leholo, se tsoa likoung tse hōle se tlisa balumeli ba tlil’o rapela Jehova Jerusalema.
Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova oa Hōla
15. (a) Mantsoe a Esaia 60:4-9 a bolela esale pele keketseho efe? (b) Bakreste ba ’nete ba bonahatsa moea ofe?
15 Temana ea 4 ho ea ho ea 9 e fana ka tlhaloso e qaqileng hakaakang ea keketseho e bileng teng lefatšeng ka bophara ho tloha ka 1919! Ke hobane’ng ha Jehova a ile a hlohonolofatsa Sione ka keketseho ee? Hobane ho tloha ka 1919, Iseraele ea Molimo e bile le kutlo ’me ha ea ka ea phetsa ho khantša leseli la Jehova. Leha ho le joalo, na u hlokometse hore ho latela temana ea 7, ba sa tsoa fihla ba “nyolohela aletareng ea [Molimo]”? Aletareng ke moo ho etsoang mahlabelo teng, ’me karolo ena ea boprofeta e re hopotsa hore tšebeletso ea Jehova e akarelletsa sehlabelo. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke le kōpa ka tieo . . . hore le hlahise ’mele ea lōna e le sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo, e le tšebeletso e halalelang ka matla a lōna a ho nahana.” (Baroma 12:1) Tumellanong le mantsoe a Pauluse, Bakreste ba ’nete ha ba khotsofalle feela ho ba teng litšebeletsong tse seng kae feela tsa bolumeli hang ka beke. Ba tela nako ea bona, matla a bona le maruo a bona ho ntšetsa pele borapeli bo hloekileng. Na boteng ba barapeli baa ba inehetseng ha bo khabise ntlo ea Jehova? Boprofeta ba Esaia bo boletse hore bo ne bo tla e khabisa. ’Me re ka bolela ka tieo hore barapeli ba chesehang joalo ba khabane mahlong a Jehova.
16. Ke bo-mang ba ileng ba thusa mosebetsing oa ho haha mehleng ea boholo-holo, ’me ke bo-mang ba entseng joalo mehleng ea kajeno?
16 Ba sa tsoa fihla ba batla ho sebetsa. Boprofeta bo tsoela pele ka ho re: “Basele ba tla u hahela marako, marena a bona a u sebeletse.” (Esaia 60:10) Ha mantsoe ana a qala ho phethahala nakong ea ho khutla botlamuoeng Babylona, marena le ba bang ba tsoang lichabeng ba hlile ba thusa ho tsosolosoeng ha tempele le motse oa Jerusalema. (Esdrase 3:7; Nehemia 3:26) Phethahatsong ea kajeno, bongata bo boholo bo tšehelitse masala a tlotsitsoeng ho haha borapeli ba ’nete. Bo thusitse ho haha liphutheho tsa Bokreste ’me kahoo bo matlafalitse “marako” a kang motse a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Bo boetse bo kentse letsoho mosebetsing oa sebele oa ho haha, e leng kaho ea Liholo tsa ’Muso, ea Liholo tsa Likopano le ea mehaho ea Bethele. Ka litsela tsena tsohle, bo tšehetsa barab’abo bona ba tlotsitsoeng ho hlokomela litlhoko tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hōlang!
17. Jehova o khabisa batho ba hae ka tsela efe e ’ngoe?
17 Esaia 60:10 e lihella likhala ka mantsoe a khothatsang hakaakang! Jehova o re: “Ke tla be ke u otlile khalefong ea ka, empa ka sebele kamohelong ea ka ke tla u hauhela.” E, khale koana ka 1918/19, Jehova o fetse a laea batho ba hae. Empa taeo eo e fetile. Hona joale ke nako ea hore Jehova a bontše mohau ho bahlanka ba hae ba tlotsitsoeng le metsoalle ea bona ea linku tse ling. Bopaki ba hore sena ke ’nete bo bonoa ka keketseho e sa tloaelehang eo a ba hlohonolofalitseng ka eona, joalokaha eka ‘oa ba khabisa.’
18, 19. (a) Jehova o tšepisa eng mabapi le ba bacha ba tlang mokhatlong o hlophisitsoeng oa hae? (b) Litemana tse setseng tsa Esaia khaolo ea 60 li re bolella eng?
18 Selemo le selemo, “basele” ba eketsehileng ba baloang ka makholo a likete ba kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ’me tsela e tla lula e bulehile hore ba bang ba eketsehileng ba ba latele. Jehova o re ho Sione: “Liheke tsa hao li tla lula li butsoe kamehla; li ke ke tsa koaloa motšehare kapa bosiu, e le hore u tlisetsoe maruo a lichaba, ’me marena a tsona a tla etella pele.” (Esaia 60:11) Bahanyetsi ba bang ba leka ho koala “liheke” tseo, empa rea tseba hore ba ke ke ba atleha. Jehova o boletse hore ka tsela e itseng liheke tsena li tla lula li bulehile. Keketseho e tla tsoela pele.
19 Ho na le litsela tse ling tseo ka tsona Jehova a hlohonolofalitseng batho ba hae, tseo a ba khabisitseng ka tsona matsatsing ana a qetello. Litemana tse setseng tsa Esaia khaolo ea 60 li senola ka boprofeta hore na litsela tseo ke life.
Na U ka Hlalosa?
• “Mosali” oa Molimo ke mang, ’me o emeloa ke bo-mang lefatšeng?
• Bana ba Sione ba ne ba tjapaletse neng, ’me ba ile ba “tsoha” neng hona joang?
• Jehova o ile a sebelisa litšoantšetso tse sa tšoaneng joang ho bolela esale pele keketseho ea kajeno ea baboleli ba ’Muso?
• Jehova o entse hore leseli la hae le khanyetse batho ba hae ka litsela life?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
“Mosali” oa Jehova o laeloa hore a tsohe
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Sehlopha sa likepe se shebahala joaloka maeba a sebakeng