Khaolo ea Bobeli
Ntate le Bara ba Hae ba Marabele
1, 2. Hlalosa hore na ho tlile joang hore Jehova a be le bara ba marabele.
O NE a hlokomela bana ba hae hantle, kamoo motsoali leha e le ofe ea lerato a neng a tla etsa kateng. Ka lilemo tse ngata o ne a etsa bonnete ba hore ba fumana lijo, liaparo le moo ba lulang teng. Ha ho ne ho hlokahala, o ne a ba laea. Empa le ka mohla o ne a sa ba khalemele ka tsela e feteletseng; kamehla o ne a ba khalemela “ka tekanyo e loketseng.” (Jeremia 30:11) Joale re ka inahanela bohloko boo ntate enoa ea lerato a bo utloang ha a lokela ho bua polelo ena: “Ke hlokometse bara le ho ba hōlisa, empa ba mphetohetse.”—Esaia 1:2b.
2 Bara ba marabele bao ho buuoang ka bona mona ke batho ba Juda, ’me ntate ea saretsoeng ke Jehova Molimo. Ke boemo bo bohloko hakaakang! Jehova o hlokometse Bajudea ’me o ba nyolletse boemong bo phahameng har’a lichaba. Hamorao oa ba hopotsa ka moprofeta Ezekiele: “Ka tsoela pele ho u apesa seaparo se khabisitsoeng le ho u roesa lieta tsa letlalo la qibi le ho u thatela ka line ea boleng bo botle le ho u koahela ka lesela le theko e boima.” (Ezekiele 16:10) Leha ho le joalo, boholo ba nako batho ba Juda ha ba ananele seo Jehova a ba etselitseng sona. Ho e-na le hoo, ba etsa borabele, kapa bofetoheli.
3. Ke hobane’ng ha Jehova a bitsa maholimo le lefatše hore li behe bopaki mabapi le bofetoheli ba Juda?
3 Ka lebaka le utloahalang, Jehova o kenyelletsa mantsoe ana a mabapi le bara ba hae ba marabele ka polelo e reng: “Utloang, Lōna maholimo, ’me u mamele, Uena lefatše, etsoe Jehova o buile.” (Esaia 1:2a) Makholo a lilemo pejana, ka tsela ea tšoantšetso maholimo le lefatše a ile a utloa ha Baiseraele ba amohela litemoso tse hlakileng mabapi le liphello tsa ho se mamele. Moshe o ile a re: “Kajeno ke nka maholimo le lefatše e le lipaki khahlanong le lōna, hore ruri le tla timela ka potlako naheng eo le tšelang Jordane ho ea e rua.” (Deuteronoma 4:26) Joale mehleng ea Esaia, Jehova o bitsa maholimo a sa bonahaleng le lefatše le bonahalang hore li fane ka bopaki mabapi le bofetoheli ba Juda.
4. Jehova o khetha ho itlhahisa ho Juda ka tsela efe?
4 Kaha boemo ke bo tebileng haholo, ho hlokahala katamelo e tobileng. Leha ho le joalo, esita le maemong ana a sisimosang, hoa hlokomeleha—ho bile ho thoba pelo—hore Jehova o itlhahisa ho Juda e le motsoali ea lerato ho e-na le ho ba mong’a bona feela tjee ea ba rekileng. Ha e le hantle, Jehova o kōpa sechaba sa hae ka tieo hore se nahane taba ena ka ho ipeha boemong ba ntate ea mahlomoleng ka lebaka la bara ba hae ba tsoileng tseleng. Mohlomong batsoali ba bang ba Juda ba bile ba khona ho ipeha boemong bo joalo ba tsieleho ’me papiso eo ea ba susumetsa. Ka sebele, Jehova o mothating oa ho bolela nyeoe ea hae khahlanong le Juda.
Liphoofolo Tse se Nang Kelello li Tseba Hamolemonyana
5. Ho fapana le Iseraele, ke ka tsela efe poho le esele li bontšang boikutlo ba ho tšepahala?
5 A sebelisa Esaia, Jehova o re: “Poho e tseba moreki oa eona hantle, le esele e tseba sejelo sa mong’a eona hantle; Baiseraele ha baa tseba, sechaba sa ka ha sea itšoara ka kutloisiso.” (Esaia 1:3)a Poho le esele ke liphoofolo tse sebetsang tse tloaelehileng ho batho ba lulang Bochabela bo Hare. Ruri, Bajudea ba ne ba ke ke ba latola hore esita le liphoofolo tsena tse tlaasana li bontša boikutlo bo itseng ba ho tšepahala, e leng temoho e matla ea hore li na le mong’a tsona. Tabeng ena, nahana ka seo mofuputsi e mong oa Bibele a ileng a se bona bofelong ba letsatsi motseng o mong oa Bochabela bo Hare: “Hang ha mohlape o se o kene ka marakong o ile oa qala ho qhalakana. Pholo e ’ngoe le e ’ngoe e ne e tseba mong’a eona hantle, le tsela e eang ntlong ea hae, ’me e ne e sa ferekane le ka motsotsoana feela motsoebereng oa litselana tse tšesanyane le tse tsoelipaneng. Ha e le esele eona, e ile ea ea monyako ka ho toba, ea ba ea fihla ‘sejelong sa mong’a eona.’”
6. Batho ba Juda ba hlōlehile ho itšoara ka kutloisiso joang?
6 Kaha ntle ho pelaelo ho tloaelehile ho bona lintho tse joalo mehleng ea Esaia, ntlha ea molaetsa oa Jehova e hlakile: Haeba esita le phoofolo e se nang kelello e tseba mong’a eona le sejelo sa eona, ke lebaka lefe leo sechaba sa Juda se ka fanang ka lona ka hore ebe se tlohetse Jehova? Ruri, ha “sea itšoara ka kutloisiso.” Ho joalokaha eka ha se tsebe hore katleho ea sona le ho ba teng ha sona li itšetlehile ka Jehova. Ka sebele ke pontšo ea mohau hore ebe Jehova o ntse a bitsa Bajudea “sechaba sa ka”!
7. Litsela tse ling tseo ka tsona re ka bontšang hore re ananela litokisetso tsa Jehova ke life?
7 Le ka mohla re ke ke ra batla ho itšoara ka ho hloka kutloisiso ka ho hlōleha ho bontša kananelo bakeng sa tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona! Ho e-na le hoo, re lokela ho etsisa mopesaleme Davida, ea ileng a re: “Ke tla u roka, Jehova, ka pelo ea ka eohle; ke tla bolela mesebetsi eohle ea hao e hlollang.” (Pesaleme ea 9:1) Ho tsoela pele re rua tsebo ka Jehova ho tla re khothatsa tabeng ena, kaha Bibele e bolela hore “ho tseba Ea Halalelang ka ho Fetisisa ke kutloisiso.” (Liproverbia 9:10) Ho nahanisisa ka litlhohonolofatso tsa Jehova letsatsi le letsatsi ho tla re thusa hore re bontše teboho ’me re se ke ra khella Ntate oa rōna oa leholimo tlaase. (Bakolose 3:15) Jehova o re: “Ea fanang ka liteboho e le sehlabelo sa hae ke eena ea ntlotlisang; ha e le ea ipolokang tseleng e behiloeng, ke tla etsa hore a bone poloko ea Molimo.”—Pesaleme ea 50:23.
Thohako e Tšosang ho “Mohalaleli oa Iseraele”
8. Ke hobane’ng ha batho ba Juda ba ka bitsoa “sechaba se nang le sebe”?
8 Esaia o ntšetsa pele molaetsa oa hae ka mantsoe a matla ho sechaba sa Juda: “Ho malimabe sechaba se nang le sebe, batho ba imetsoeng ke phoso, peō e etsang bobe, bara ba senyehileng! Ba tlohetse Jehova, ba hlompholotse Mohalaleli oa Iseraele, ba khutletse morao.” (Esaia 1:4) Liketso tse khopo li ka bokellana ho isa bohōleng boo li tšoanang le moroalo o hatellang habohloko. Mehleng ea Abrahama Jehova o ile a hlalosa libe tsa Sodoma le Gomora e le ‘tse boima haholo.’ (Genese 18:20) Joale ho bonahala ntho e tšoanang ho batho ba Juda, kaha Esaia o re ke ba “imetsoeng ke phoso.” Ho phaella moo, o ba bitsa “peō e etsang bobe, bara ba senyehileng.” E, Bajudea ba tšoana le bana ba litlokotsebe. Ba “khutletse morao,” kapa joalokaha New Revised Standard Version e bolela, ba “arohile ka ho feletseng” ho Ntate oa bona.
9. Poleloana e reng “Mohalaleli oa Iseraele” e na le moelelo ofe?
9 Ka ho tsoa tseleng ha bona, batho ba Juda ba bontša ho hloka tlhompho ka ho feletseng ho “Mohalaleli oa Iseraele.” Poleloana ee e fumanoang ka makhetlo a 25 bukeng ea Esaia e na le moelelo ofe? Ho halalela ho bolela ho hloeka le ho hloka tšilafalo. Jehova o halalela ka ho fetisisa. (Tšenolo 4:8) Baiseraele ba hopotsoa taba ena nako le nako ha ba bona mantsoe a fatiloeng lekapeng le benyang la khauta le tukung ea moprista ea phahameng: “Khalalelo ke ea Jehova.” (Exoda 39:30) Kahoo, ka hore ebe o bua ka Jehova e le “Mohalaleli oa Iseraele,” Esaia o hatisa botebo ba sebe sa Juda. Ha e le hantle, ka ho toba marabele ana a tlōla taelo e filoeng baholo-holo ba ’ona: “Le ikhalaletse ’me le halalele, hobane kea halalela”!—Levitike 11:44.
10. Re ka qoba ho hlompholla “Mohalaleli oa Iseraele” joang?
10 Kajeno Bakreste ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona hore ba qobe ho latela mohlala oa Juda oa ho hlompholla “Mohalaleli oa Iseraele.” Ba lokela ho etsisa khalalelo ea Jehova. (1 Petrose 1:15, 16) Hape ho hlokahala hore ba ‘hloee se sebe.’ (Pesaleme ea 97:10) Mekhoa e sa hloekang e kang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali, borapeli ba litšoantšo, bosholu le botahoa li ka silafatsa phutheho ea Bokreste. Ke ka lebaka leo ba hanang ho khaotsa ho etsa lintho tsena ba khaoloang ka phuthehong. Qetellong, bao ka ho hloka pako ba latelang tsela ea ho se hloeke ba tla qheleloa ka thōko e le hore ba se ke ba thabela litlhohonolofatso tsa puso ea ’Muso oa Molimo. Ka sebele, mesebetsi eohle e joalo e mebe ke thohako e tšosang ho “Mohalaleli oa Iseraele.”—Baroma 1:26, 27; 1 Bakorinthe 5:6-11; 6:9, 10.
Ho Kula ho Tloha Hloohong ho ea Leotong
11, 12. (a) Hlalosa boemo bo bobe ba Juda. (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho utloela Juda bohloko?
11 Ka mor’a moo Esaia o leka ka tieo ho behela batho ba Juda mabaka ka ho ba bontša ka ho hlaka boemo ba bona ba ho kula. O re: “Le sa ntse le tla otloa hokae hape, kaha le eketsa bofetoheli?” Ha e le hantle, Esaia oa ba botsa: ‘Na ha lea utloa bohloko ka ho lekaneng? Ke hobane’ng ha le ipakela kotsi e eketsehileng ka ho tsoela pele le etsa borabele?’ Esaia o tsoela pele: “Hlooho eohle ea kula, ’me pelo eohle e tepeletse. Ho tloha bohatong ba leoto ho ea fihla hloohong ha ho karolo e phelang hantle ho oona.” (Esaia 1:5, 6a) Juda e boemong bo nyonyehang, ba ho kula—e kula moeeng ho tloha hloohong ho isa leotong. Ka sebele ke tlhaloso ea boloetse e tepeletsang hakaakang!
12 Na re lokela ho utloela Juda bohloko? Le hanyenyane! Makholo a lilemo pele ho moo, sechaba sohle sa Iseraele se ile sa lemosoa ka ho loketseng ka kotlo ea ho se mamele. Karolo ea seo ba ileng ba se bolelloa ke ena: “Jehova o tla u otla ka lethopa le bolaeang mangoleng ka bobeli le maotong ka bobeli, le ke keng la fola, ho tloha bohatong ba leoto ho ea har’a hlooho.” (Deuteronoma 28:35) Ka kutloisiso ea tšoantšetso, hona joale Juda e utloisoa bohloko ke liphello tsa tsela ea eona ea ho ba manganga. ’Me sena sohle se ka be se qobiloe hoja feela batho ba Juda ba ne ba ile ba mamela Jehova.
13, 14. (a) Juda e ntšitsoe likotsi life? (b) Na mahlomola a Juda a etsa hore e nahanisise ka tsela ea eona ea borabele?
13 Esaia o tsoela pele ho hlalosa boemo ba Juda bo hlomolang: “Maqeba le matetetso le metopa e mecha—ha lia pepetoa le ha e le ho tlamisoa, kapa ho thapisoa ka oli.” (Esaia 1:6b) Mona moprofeta o bua ka mefuta e meraro ea likotsi: maqeba (ho sehoa, ho kang ho bakoang ke sabole kapa thipa), matetetso (ho ruruha ho bakoang ke ho otloa) le metopa e mecha (maqeba a macha a hlenhlaneng, ao ho bonahalang eka a ke ke a fola). Maikutlo a fetisoang mona ke a motho ea otliloeng ka sehlōhō ka mokhoa o mong le o mong oo motho a ka o nahanang, ho se moo a sa tsoang teng kotsi ’meleng. Ka sebele Juda e boemong bo hlomolang pelo.
14 Na boemo ba Juda bo hlomolang pelo bo e susumelletsa hore e khutlele ho Jehova? Che! Juda e tšoana le lerabele le hlalositsoeng ho Liproverbia 29:1: “Motho ea khalemeloang ka ho pheta-pheta empa a thatafatsa molala o tla robeha ka tšohanyetso, ’me o ke ke oa fola.” Ho bonahala eka sechaba sena se ke ke sa hlola se phekoloa. Joalokaha Esaia a bolela, maqeba a sona ‘ha aa pepetoa leha e le ho tlamisoa, kapa ho thapisoa ka oli.’b Ka kutloisiso e itseng, Juda e tšoana le leqeba le hlenhlaneng, le sa tlamisoang le kekelang hohle.
15. Re ka itšireletsa boloetseng ba moea ka litsela life?
15 Seo re ithutang sona ho Juda ke hore re tlameha ho lula re itebetse khahlanong le ho kula moeeng. Joaloka boloetse ba ’mele, ho ka ama leha e le mang oa rōna. Etsoe ke mang ho rōna eo ho ke keng ha etsahala hore a susumetsoe ke litakatso tsa nama? Meharo le ho lakatsa menyaka ka ho feteletseng li ka mela ka metso lipelong tsa rōna. Kahoo, ho hlokahala hore re ikoetlisetse ho ‘nyonya se khopo’ le ho ‘khomarela se molemo.’ (Baroma 12:9) Hape ho hlokahala hore re hlaolele litholoana tsa moea oa Molimo bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. (Bagalata 5:22, 23) Ka ho etsa joalo, re tla qoba boemo bo ileng ba hlasela Juda—ba ho kula moeeng ho tloha hloohong ho isa leotong.
Naha e Fetohileng Lesupi
16. (a) Esaia o hlalosa boemo ba naha ea Juda joang? (b) Ke hobane’ng ha ba bang ba bolela hore mohlomong mantsoe aa a ile a buuoa nakong ea puso ea Akaze, empa re ka a utloisisa joang?
16 Joale Esaia o tlohela papiso ea hae ea litaba tsa bongaka ’me o khutlela boemong ba naha ea Juda. Joalokaha eka o talimile thota e sentsoeng ke ntoa, o re: “Naha ea lōna ke lesupi, metse ea lōna e chesitsoe ka mollo; naha ea lōna—e jeoa ke basele ka pel’a lōna, ’me lesupi le tšoana le ho lihuoa ke basele.” (Esaia 1:7) Litsebi tse ling li bolela hore le hoja mantsoe ana a fumaneha qalong ea buka ea Esaia, mohlomong a ile a buuoa hamorao mosebetsing oa moprofeta eo, mohlomong nakong ea puso ea Morena Akaze ea khopo. Li bolela hore pusong ea Uzia ho ne ho e-na le nala e khōlō hoo tlhaloso e joalo e tepeletsang e neng e ke ke ea e-ba e loketseng. Ke ’nete hore ho ke ke ha boleloa ka tieo hore na buka ea Esaia e hlophisitsoe ka tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona kapa che. Leha ho le joalo, mohlomong mantsoe a Esaia a buang ka lesupi ke a boprofeta. Ha a bua mantsoe a ka holimo, mohlomong Esaia o sebelisa mokhoa o fumanehang hohle ka Bibeleng—oa ho hlalosa ketsahalo ea nako e tlang joalokaha eka e se e etsahetse, kahoo ho hatisoa bonnete ba hore boprofeta bo tla phethahala.—Bapisa le Tšenolo 11:15.
17. Ke hobane’ng ha tlhaloso ea boprofeta ea lesupi e sa lokela ho tla e le taba e makatsang ho sechaba sa Juda?
17 Ka sebele tlhaloso ea boprofeta ea ho etsoa ha Juda lesupi ha ea lokela ho tla e le ntho e makatsang ho sechaba sena se manganga le se sa mameleng. Makholo a lilemo pele ho moo, Jehova o ile a se lemosa ka se neng se tla etsahala haeba se ka etsa borabele. O ile a re: “Ke tla etsa naha lesupi, ’me lira tsa lōna tse lulang ho eona li tla e sheba ka ho makala. Ke tla le hasanya har’a lichaba, ’me ke tla ntša sabole selateng ka mor’a lōna; naha ea lōna e tla ba lesupi, ’me metse ea lōna e tla ba lesupi.”—Levitike 26:32, 33; 1 Marena 9:6-8.
18-20. Mantsoe a Esaia 1:7, 8 a phethahala neng, hona ke ka tsela efe Jehova a ‘sieang ba seng bakae’ nakong ee?
18 Ho hlakile hore mantsoe a ho Esaia 1:7, 8 a phethahala nakong ea ho hlasela ha Assyria ho fellang ka hore Iseraele e ripitloe le Juda e ripitloe ka ho pharaletseng ’me e utloe bohloko. (2 Marena 17:5, 18; 18:11, 13; 2 Likronike 29:8, 9) Leha ho le joalo, Juda ha e felisoe ka ho feletseng. Esaia o re: “Morali oa Sione o siiloe joaloka lephephe serapeng sa morara, joaloka motlotloane oa ho lebela tšimong ea likomkomere, joaloka motse o thibeletsoeng.”—Esaia 1:8.
19 Har’a tšenyeho eo eohle, “morali oa Sione,” Jerusalema, o tla sala a eme. Empa o tla bonahala e le ea ka hlaselehang habonolo—joaloka motlotloane o tšimong ea morara kapa lephephe la molebeli le tšimong ea likomkomere. Ha se le leetong se ntse se theosa le Nile, setsebi se seng sa lekholong la bo19 la lilemo se ile sa hopola mantsoe a Esaia ha se bona maphephe a tšoanang, ao se a hlalosang “e le se fetang tšireletso feela khahlanong le moea oa leboea.” Juda, ha kotulo e ne e felile, maphephe ana a ne a tloheloa hore a oe a be a putlame. Ho ntse ho le joalo, le hoja Jerusalema e ka bonahala e se na matla ka pel’a lebotho la Assyria le hlōlang mabotho ’ohle, e tla pholoha.
20 Esaia o phethela polelo ena ea boprofeta tjena: “Hoja Jehova oa mabotho a ne a sa siea baphonyohi ba seng bakae feela ho rōna, re ka be re bile feela joaloka Sodoma, re ka be re tšoana le Gomora.” (Esaia 1:9)c Qetellong Jehova o tla thusa Juda khahlanong le matla a Assyria. Ho fapana le Sodoma le Gomora, Juda e ke ke ea felisoa ka ho feletseng. E tla pholoha.
21. Ka mor’a hore Babylona e timetse Jerusalema, ke hobane’ng ha Jehova a ile a ‘siea ba seng bakae’?
21 Lilemo tse fetang 100 hamorao, Juda e ne e boetse e talimane le tšokelo. Batho ba ne ba sa ithuta letho khalemelong e neng e fanoe ka Assyria. “Ba ne ba fetola manģosa a Molimo oa ’nete litšeho ba sa khaotse ’me ba nyelisa mantsoe a hae le ho soma baprofeta ba hae.” Ka lebaka leo, ‘khalefo ea Jehova e ile ea tlela batho ba hae, ho fihlela ho se na pholiso.’ (2 Likronike 36:16) Nebukadnezare morena oa Babylona o ile a hlōla Juda, ’me lekhetlong lena, ho ne ho se na letho le setseng “joaloka lephephe serapeng sa morara.” Esita le Jerusalema e ile ea timetsoa. (2 Likronike 36:17-21) Ho ntse ho le joalo, Jehova ‘o ile a siea ba seng bakae.’ Esita le hoja Juda e ile ea mamella ho ba botlamuoeng ka lilemo tse 70, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore sechaba seo se tsoela pele se le teng, haholo-holo leloko la Davida, le neng le tla hlahisa Mesia ea tšepisitsoeng.
22, 23. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ‘siea ba seng bakae’ lekholong la pele la lilemo?
22 Lekholong la pele la lilemo, Iseraele e ile ea feta maqakabetsing a ho qetela e le batho ba Molimo ba selekane. Ha Jesu a itlhahisa e le Mesia ea tšepisitsoeng, sechaba seo se ile sa mo lahla, ’me ka lebaka leo, Jehova o ile a se lahla. (Matheu 21:43; 23:37-39; Johanne 1:11) Na Jehova o ne a qetela ho ba le sechaba se khethehileng lefatšeng? Che. Moapostola Pauluse o ile a bontša hore Esaia 1:9 e ne e sa ntse e tla phethahala ka tsela e ’ngoe. Ha a qotsa phetolelo ea Septuagint, o ile a ngola: “Feela joalokaha Esaia a ne a boletse nakong e fetileng: ‘Hoja Jehova oa mabotho a ne a sa siea peō ho rōna, re ka be re bile feela joaloka Sodoma, ’me re ka be re entsoe feela joaloka Gomora.’”—Baroma 9:29.
23 Lekhetlong lena ba ileng ba phonyoha e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng, ba neng ba behile tumelo ho Jesu Kreste. Tabeng ea pele, bana e ne e le Bajuda ba lumelang. Hamorao Balichaba ba lumelang ba ile ba ikopanya le bona. Hammoho, ba ile ba etsa Iseraele e ncha, “Iseraele ea Molimo.” (Bagalata 6:16; Baroma 2:29) “Peō” ena e ile ea phonyoha timetso ea tsamaiso ea lintho ea Sejuda ka 70 C.E. Ka sebele, “Iseraele ea Molimo” e ntse e e-na le rōna kajeno. Hona joale ba ikopantseng le eona ke batho ba limilione ba lumelang ba lichaba, ba etsang “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea [khonang] ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.”—Tšenolo 7:9.
24. Ke eng seo bohle ba lokelang ho se ela hloko haeba ba lakatsa ho pholoha tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa ea moloko oa batho?
24 Haufinyane lefatše lena le tla tobana le ntoa ea Armagedone. (Tšenolo 16:14, 16) Le hoja ena e tla ba tlokotsi e khōlō ho feta ho hlaseloa ha Juda ke Assyria kapa Babylona, esita le ho feta ho ripitla ha Baroma Judea ka 70 C.E., ho tla ba le baphonyohi. (Tšenolo 7:14) Ka hona, ke habohlokoa hakaakang hore bohle ba nahane ka hloko ka mantsoe a Esaia ho Juda! A ile a bolela ho pholoha ho batho ba tšepahalang morao koo. ’Me a ka bolela ho pholoha ho batho ba lumelang kajeno.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tabeng ena, ha ho buuoa ka “Baiseraele” ho boleloa ’muso oa meloko e ’meli oa Juda.
b Mantsoe a Esaia a bontša mokhoa oa phekolo oa mehleng ea hae. Mofuputsi e mong oa Bibele E. H. Plumptre oa hlokomela: “Ho ‘koala’ kapa ho ‘pepeta’ leqeba le petlang e ne e le mokhoa o lekoang pele bakeng sa ho ntša bolalu; ebe joale lea ‘tlamisoa,’ ho tšetsoe moriana oa maqeba, joaloka tabeng ea Ezekiase (khao. xxxviii. 21), ka mor’a moo ho sebelisoe oli e potlakisang ho fola kapa setlolo se thobang, mohlomong joaloka ho Luka x. 34, ho ne ho sebelisoa oli le veine bakeng sa ho hloekisa leqeba.”
c Commentary on the Old Testament, ea C. F. Keil le F. Delitzsch, e re: “Mona, polelo ea moprofeta e fihlile bofelong ba karolo e itseng. Taba ea hore mothating ona e arotsoe likarolo tse peli, e bonahatsoa ke sebaka se siiloeng pakeng tsa tem. ea 9 le ea 10 tabeng e ngotsoeng. Mokhoa ona oa ho tšoaea likarolo tse khōloanyane kapa tse nyenyane, ebang ke ka ho siea sebaka kapa ho khaola mōla ka tšohanyetso, ke oa khale ho feta oa ho beha matšoao a emelang liluma-nosi le a bontšang mokhoa oa ho bitsa mantsoe pel’a litlhaku, ’me o itšetlehile ka neano ea khale ka ho fetisisa.”
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ho fapana le Sodoma le Gomora, Juda e ke ke ea lula e se na baahi ka ho sa feleng