Na U Fetohile?
“Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna.”—BAR. 12:2.
1, 2. Tsela eo re hōlisitsoeng ka eona le tikoloho eo re phelang ho eona li ka re ama joang?
KAOFELA ha rōna re angoa haholo ke tsela eo re hōlisitsoeng ka eona kapa ke tikoloho eo re phelang ho eona. Re apara ka tsela e itseng; re rata lijo tse itseng; re bile re itšoara ka tsela e itseng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore re susumetsoa ke batho bao re phelang har’a bona le maemo ao re thulanang le ’ona bophelong.
2 Leha ho le joalo, ho na le lintho tseo e leng tsa bohlokoa ho feta mofuta oa lijo kapa liaparo tseo re li khethang. Ka mohlala, tsela eo re hōlisitsoeng ka eona e etsa hore re nke lintho tse ling li nepahetse li bile li amoheleha ha tse ling li fosahetse ’me li sa amohelehe. Bongata ba lintho tseo, ke tseo batho ba lokelang ho iketsetsa qeto ho tsona ’me lia fapana ho ea ka batho. Lintho tseo re li khethang li ka ba tsa bontša hore na letsoalo la rōna le susumetsoa ke eng. Bibele e bolela hore hangata “batho ba lichaba ba se nang molao ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” (Bar. 2:14) Empa na seo se bolela hore ha ho se na molao oa Molimo o hlakileng mabapi le taba e itseng, re ka be se re latela litloaelo le melao eo re hōlisitsoeng ka eona kapa e tloaelehileng sebakeng sa habo rōna?
3. Ke mabaka afe a mabeli ao ka ’ona Bakreste ba sa lateleng mekhoa le melao e amoheloang ke batho ba bangata?
3 Bonyane ho na le mabaka a mabeli ao Bakreste ba sa lokelang ho etsa joalo ka ’ona. La pele, Bibele e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liprov. 16:25) Kaha ha rea phethahala, ha re na bokhoni ba ho hlokomela hore na ke sefe se ka re tsoelang molemo e le kannete e le hore re tataise mehato ea rōna hantle. (Liprov. 28:26; Jer. 10:23) La bobeli, Bibele e bontša hore mekhoa le melao e tataisang lefatše lena e laoloa ke Satane, e leng “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakor. 4:4; 1 Joh. 5:19) Ka lebaka leo, ha re batla hore Jehova a re hlohonolofatse a be a re amohele, re lokela ho mamela keletso e ho Baroma 12:2.—E bale.
4. Re tla tšohla’ng sehloohong see?
4 Ho na le lintlha tse ’maloa tse tlalehiloeng ho Baroma 12:2 tseo ho hlokahalang hore re li ele hloko. (1) Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘fetoha’? (2) Ho fetoha ho akarelletsa’ng? (3) Hona re ka fetoha joang? A re ke re tšohleng lipotso tsena.
KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO FETOHA?
5. Mantsoe a Pauluse a ho Baroma 12:2 a ne a tla ama bo-mang haholo-holo?
5 Mantsoe a moapostola Pauluse a tlalehiloeng lengolong la hae le neng le ngoletsoe Baroma, a ne a sa ngolloa batho bao eseng balumeli kapa batho ka kakaretso, empa a ne a ngoletsoe Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng. (Bar. 1:7) O ile a ba phehella hore ba fetohe le hore ba “khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” Ho Bakreste ba neng ba lula Roma nakong eo, hoo e ka bang ka 56 C.E., ‘tsamaiso ea lintho’ e ne e akarelletsa melao, litloaelo, setso hammoho le mekhoa e neng e khetholla Baroma. Taba ea hore ebe Pauluse o ile a sebelisa lentsoe le reng le “khaotse,” e fana ka maikutlo a hore ba bang ba ne ba ntse ba susumetsoa ke tsamaiso eo ea lintho. Tsamaiso eo e ile ea susumetsa bara le barali babo rōna ka litsela life nakong eo?
6, 7. Mehleng ea Pauluse, mekhoa ea bophelo le ea bolumeli ea Roma e ile ea bakela Bakreste mathata afe?
6 Kajeno, bahahlauli ba etelang Roma hangata ba bona litempele, mabitla, liemahale, mabala a boithabiso, liholo tsa boithabiso le tse ling. Tse ling tsa lintho tsena ke tsa lekholong la pele la lilemo. Mesaletsa eo ea lintho tsa khale e re fa leseli la hore na batho ba Roma ea boholo-holo ba ne ba phela joang le hore na ba ne ba e-na le bolumeli ba mofuta ofe. Libukeng tsa histori re ka boela ra bala ka lipapali tsa teng tsa ntoa, lipeiso tsa likoloi tsa lipere hammoho le lipapali le ’mino o buang ka lintho tse ngata ’me tse ling tsa tsona e le tse hlabisang lihlong. Roma e ne e boetse e le setsi sa khoebo se ruileng, ka lebaka leo menyetla ea hore batho ba rue e ne e le mengata.—Bar. 6:21; 1 Pet. 4:3, 4.
7 Ho sa tsotellehe taba ea hore Baroma ba ne ba e-na le litempele tse ngata tse nang le lihlopha tsa melimo, ba ne ba se na kamano e haufi le melimo eo ba neng ba e rapela. Ntho e ka sehloohong bolumeling ba bona e ne e le meetlo ea tsoalo, ea manyalo le ea mapato—eo e neng e le karolo ea bophelo ba bona. U se u ka inahanela hore na lintho tseo li ile tsa etsa hore ho be boima hakae ho Bakreste ba neng ba lula Roma. Ba bangata ba bona ba ne ba hōlisitsoe ka tsela eo, ka lebaka leo, ho hlakile hore ba ne ba lokela ho fetoha e le hore e ka ba Bakreste ba ’nete, ’me liphetoho tseo li ne li sa lokela ho khaotsa ha ba kolobetsoa.
8. Kajeno lefatše le beha Bakreste kotsing ka tsela efe?
8 Joaloka Roma ea boholo-holo lefatše la kajeno le lona le kotsi ho Bakreste ba inehetseng. Hobane’ng? Hobane moea oa lefatše o iponahatsa ka litsela tse ngata. (Bala Baefese 2:2, 3; 1 Johanne 2:16.) Lefatše le leka ho re susumetsa ka litakatso tsa lona, menahano, melao le boitšoaro, ’me re lula re le kotsing ea hore re be karolo ea lefatše. Ka lebaka leo, re na le mabaka a mangata a hore re mamele keletso ena e bululetsoeng e reng “[re] khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho” ’me re “fetohe.” Ke sefe seo re lokelang ho se etsa?
KE’NG EO RE LOKELANG HO E FETOLA?
9. Ke liphetoho life tseo batho ba bangata ba li entseng e le hore ba tšoanelehele ho kolobetsoa?
9 Ha motho a ithuta a bile a sebelisa ’nete ea Bibele eo a ithutileng eona, o qala ho tsoela pele moeeng. O bontša hore o tsoela pele ka hore a etse liphetoho bophelong ho latela seo a ithutileng sona. O lahla mekhoa ea bolumeli ba bohata le mekhoa e mebe eo a neng a e-na le eona pele, ebe o loanela ho ba le botho bo kang ba Kreste. (Baef. 4:22-24) Re thabela ho bona batho ba likete tse makholo ba tsoela pele moeeng ka tsela eo selemo le selemo, ’me ba tšoaneleha hore ba kolobetsoe e le ho bontša boinehelo ba bona ho Jehova Molimo. Ka sebele, sena se thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 27:11) Leha ho le joalo, e ka ba hantle hore re ipotse: Na liphetoho tsee ke tsona feela tseo ke lokelang ho li etsa?
10. Phapang ke efe pakeng tsa ho fetoha le ho ntlafatsa?
10 Ha e le hantle, ho fetoha ha ho bolele ho tsoela pele moeeng feela kapa ho ntlafatsa. Sehlahisoa se ka ’na sa bapatsoa kapa sa ngoloa hore “se ntlafalitsoe” empa e le hore e ntse e le sehlahisoa se tšoanang. E ka ’na eaba ho kentsoe motsoako o le mong feela o mocha ebile se phuthetsoe ka tsela e khahlehang. Ha Vine’s Expository Dictionary e hlalosa poleloana e reng “le fetohe,” e re: “Ho Baroma 12:2 ho fetoha ka ntle e le hore motho a lumellane le lintho tsa mehla ena [kapa tsamaiso ea lintho] ho bapisoa le ho fetoha (kapa ho fetoha sebōpeho) ka hare ka hore motho a fetole menahano ka matla a Moea o Halalelang.” Ka lebaka leo, phetoho eo Mokreste a lokelang ho e etsa hase feela ho lahla mekhoa e kotsi, puo e sa hloekang le boitšoaro bo litšila. Batho ba bang ba sa tsebeng Bibele le bona ba leka ho qoba lintho tsa mofuta oo. Kahoo, ke liphetoho tsa mofuta ofe tseo Mokreste a lokelang ho li etsa?
11. Pauluse o ile a bontša hore batho ba ka fetoha ka tsela efe?
11 Pauluse o ile a ngola a re: “Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna.” “Kelello” e bolela bokhoni ba rōna ba ho nahana. Empa tsela eo e sebelisitsoeng ka eona ka Bibeleng, e akarelletsa lintho tseo re ratang ho nahana ka tsona, maikutlo a rōna hammoho le bokhoni ba ho beha mabaka mabapi le taba e itseng. Pejana, lengolong leo Pauluse a neng a le ngoletse Baroma, o ile a bua ka batho ba neng ba bontša “boemo ba kelello bo sa amoheleheng.” Batho ba mofuta oo ba ile ba nehelloa “ho se loke hohle, bokhopo bohle, ho chacheha ka mohono hohle, bobe bohle, ba tletse mohono, ho bolaea, ho qabana, ho thetsa” hammoho le lintho tse ling tse utloisang bohloko. (Bar. 1:28-31) Re ka bona hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a phehella batho ba neng ba hōletse maemong a joalo bao e ileng ea e-ba bahlanka ba Molimo hore ba “fetohe” ba be ba ‘fetole likelello tsa bona.’
‘Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.’—Baef. 4:31
12. Batho ba bangata ba na le maikutlo afe kajeno, hona ho ba le maikutlo ao ho ka ba kotsi joang ho Bakreste?
12 Ka masoabi, lefatšeng lena re phela har’a batho ba tšoanang le ba hlalositsoeng ke Pauluse. Ho ka etsahala hore ebe ba nahana hore ho mamela melao le melao-motheo, ke ntho e siiloeng ke nako ebile ha ho na motho ea lokelang ho qobella ba bang hore ba e mamele. Mesuoe le batsoali ba bangata ba lumella bana ho iketsetsa borata. Ba bile ba ba ruta hore motho e mong le e mong o na le bolokolohi ba ho iketsetsa qeto ea hore na ke sefe se nepahetseng kapa se fosahetseng. Batho ba mofuta oo ba lumela hore ha e le hantle ha ho kamoo batho ba ka tsebang hore na ke sefe se nepahetseng kapa se fosahetseng. Esita le batho ba bangata ba ipolelang hore ke balumeli, ba nka hore ba na le bolokolohi ba ho etsa seo ba lumelang hore se nepahetse ’me ha ho letho le ba tlamang hore ba mamele Molimo hammoho le melao ea hae. (Pes. 14:1) Ho ba le maikutlo ana ho ka beha Bakreste ba ’nete kotsing e khōlō. Batho ba sa falimehang ba ka ’na ba talima litokisetso tsa puso ea Molimo ka tsela eo. Ba ka ’na ba se ke ba ikemisetsa ho latela tsamaiso ea phutheho ’me ba tletleba ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba sa e rateng. Kapa ba ka ’na ba se ke ba lumellana ka botlalo le keletso e thehiloeng Bibeleng e mabapi le boithabiso, tšebeliso ea Inthanete le ho phehella thuto e phahameng.
13. Ke hobane’ng ha re lokela ho itlhahloba ka botšepehi?
13 E le hore re se ke ra hlola re e-ba le maikutlo ana ao lefatše le nang le ’ona, re lokela ho itlhahloba ka botšepehi hore na botebong ba pelo re na le boikutlo bofe, lipakane tsa rōna ke life le hore na ke lintho life tseo re li nkang e le tsa bohlokoa. Batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba tseba seo re hlileng re leng sona botebong ba pelo ’me ba ka ba ba re bolella hore re etsa hantle. Leha ho le joalo, ke rōna feela ba tsebang haeba re hlile re lumeletse seo re ithutileng sona Bibeleng hore se re fetole lintlheng tsena tsa bohlokoa le hore se tsoele pele ho re fetola.—Bala Jakobo 1:23-25.
RE KA FETOHA KA TSELA EFE?
14. Ke’ng e ka re thusang hore re etse liphetoho tse hlokahalang?
14 E le hore re fetohe, ho hlokahala hore re fetole se ka lipelong tsa rōna, ka mantsoe a mang, re fetole seo re hlileng re leng sona. Ke’ng e ka re thusang hore re finyelle seo? Ha re bala Bibele, re ithuta hore na Jehova o lebeletse hore re be batho ba mofuta ofe. Taba ea hore na re sebelisa seo re ithutileng sona Bibeleng kapa che, e tla re thusa hore re lemohe hore na ha e le hantle re batho ba mofuta ofe botebong ba pelo. Sena se tla re thusa hore re tsebe hore na ke liphetoho life tseo re lokelang ho li etsa e le hore re etse ‘thato ea Molimo e phethahetseng.’—Bar. 12:2; Baheb. 4:12.
15. Tsela eo Jehova a re bōpang ka eona e ka re fetola joang?
15 Bala Esaia 64:8. Papiso eo moprofeta Esaia a e sebelisitseng e re ruta thuto ea bohlokoa. Jehova e leng Sebōpi, o re bōpa joang rōna bao re leng letsopa? Ho hlakile hore ha a fetole tsela eo re shebahalang ka eona ho etsa hore re be le litšobotsi tse ntle kapa re be seemo se setle. Jehova ha a re koetlise nameng empa o re koetlisa moeeng. Haeba re lumela hore a re bōpe, re tla fetoha ka hare kapa moeeng—e leng sona seo re hlileng re se hlokang e le hore re hlōle tšusumetso ea lefatše. Re bōptjoa ka tsela efe?
16, 17. (a) Hlalosa hore na sebōpi se lokisa letsopa joang e le hore se ka bōpa sejana sa bohlokoa. (b) Lentsoe la Molimo le re thusa joang hore re fetohe batho ba bohlokoa ho Jehova?
16 E le hore sebōpi se bōpe lipitsa tse ntle, se sebelisa letsopa la boleng bo botle. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse peli tseo se lokelang ho li etsa. Ea pele, letsopa le lokela ho hloekisoa. Ka mor’a moo, le lokela ho kopanngoa le metsi a lekaneng ebe lea khojoa e le hore le tsebe ho bōpeha hantle.
17 Hlokomela hore metsi a sebelisetsoa ho hloekisa letsopa le ho etsa hore le be bonolo hantle hoo le ka sebelisetsoang ho etsa sejana esita le se pshoatlehang habonolo. Na rea hlokomela hore na Lentsoe la Molimo le ka etsa mosebetsi o tšoanang le oo joang bophelong ba rōna? Le ka re thusa hore re lahle mokhoa oo re neng re nahana ka oona pele re tseba Molimo ’me re fetohe batho ba bohlokoa mahlong a hae. (Baef. 5:26) Nahana hore na ke hangata hakae re ’nileng ra phehelloa hore re bale Bibele letsatsi le letsatsi le hore re be teng kamehla libokeng tsa Bokreste moo ho tšohloang Lentsoe la Molimo. Ke hobane’ng ha re ’nile ra khothalletsoa hore re etse lintho tsee? Ke hobane ha re etsa joalo re lumela hore Jehova a re bōpe.—Pes. 1:2; Lik. 17:11; Baheb. 10:24, 25.
18. (a) Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re thuise haeba re batla hore Lentsoe la Molimo le re susumetse le be le re fetole? (b) Ke lipotso life tseo re ka ipotsang tsona?
18 Haeba re batla hore Lentsoe la Molimo le re fetole, ha rea lokela ho le bala le ho le tseba feela. Batho ba bangata ba bala Bibele khafetsa, ka lebaka leo baa tseba hore na e re’ng. Mohlomong u kile ua kopana le batho ba mofuta oo tšebeletsong ea tšimo. Ba bang ba bile ba khona ho pheta litemana tsa Bibele ka hlooho.a Leha ho le joalo, sena se ka ’na sa se ke sa ama tsela eo ba nahanang le eo ba phelang ka eona. Ho hlokahala hore ba etse’ng? E le hore Lentsoe la Molimo le susumetse motho le be le mo fetole, o lokela ho le lumella hore le “theohele” pelong. (Bagal. 6:6, NW, ftn.) Kahoo, re lokela ho qeta nako re nahana ka seo re ithutang sona. E ka ba hantle hore re ipotse: ‘Na ke kholisehile hore see hase thuto ea bolumeli feela tjee? Na ke hlokometse hore ke ’nete? Ho feta moo, na ke hlokomela litsela tseo nka sebelisang seo ke ithutang sona ka tsona, eseng feela e le seo nka se rutang ba bang? Na ke nka hore Jehova o bua le ’na ka ho toba?’ Ho nahana le ho thuisa ka lipotso tse kang tseo ho ka re thusa hore re matlafatse kamano ea rōna le Jehova. Lerato leo re mo ratang ka lona le tla eketseha. Ha seo re ithutang sona se ama lipelo tsa rōna, re tla susumelletseha hore re etse liphetoho tse tla thabisa Molimo.—Liprov. 4:23; Luka 6:45.
19, 20. Ke keletso efe ea Bibele eo ha re e mamela re tla rua molemo e le kannete?
19 Ho bala Lentsoe la Molimo kamehla le ho thuisa ka lona ho tla re susumelletsa hore re tsoele pele re etsa seo re seng re qalile ho se etsa, e leng ho ‘hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona, ’me re ikapese botho bo bocha, boo ka tsebo e nepahetseng bo ntseng bo nchafatsoa.’ (Bakol. 3:9, 10) Haeba re hlile re utloisisa se rutoang ke Bibele re bile re sebelisa seo re ithutang sona, seo se tla re susumelletsa hore re apare botho bo bocha ba Bokreste bo tla re sireletsa marabeng a Satane.
20 Moapostola Petrose o ile a re: “Joaloka bana ba mamelang, le khaotse ho ba ka sebōpeho sa litakatso tseo le neng le e-na le tsona pele,” empa “le halalele boitšoarong bohle ba lōna.” (1 Pet. 1:14, 15) Haeba re etsa sohle seo re ka se khonang ho lahla mokhoa oa ho nahana le boikutlo boo re neng re e-na le bona pele ’me re lumela ho fetoha, re tla fumana litlhohonolofatso joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
a Sheba mohlala o fanoeng Molula-Qhooeng oa February 1, 1994, leqepheng la 10, serapeng sa 7.