Khaolo ea Borobong
Tšepa Jehova ha U Tobane le Tsietsi
1. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tla rua molemo kajeno ka ho hlahloba Esaia khaolo ea 7 le ea 8?
ESAIA khaolo ea 7 le ea 8 li senola likarabelo tse peli tse sa tšoaneng. Ka bobeli Esaia le Akaze e ne e le litho tsa sechaba se inehetseng ho Jehova; bobeli ba bona ba ne ba e-na le likabelo tseo ba li filoeng ke Molimo, e mong e le moprofeta, e mong e le morena oa Juda; ’me ka bobeli ba ile ba tobana le tšokelo e tšoanang—ho hlaseloa ha Juda ke mabotho a sera a matla ho e feta. Leha ho le joalo, Esaia o ile a tobana le tšokelo eo a tšepile Jehova, empa Akaze eena o ile a inehela tšabong. Ke hobane’ng ha ba ile ba arabela ka litsela tse sa tšoaneng? Kaha kajeno Bakreste ba pota-potiloe ka ho tšoanang ke mabotho a tletseng bora, ba lokela ho hlahloba likhaolo tsena tse peli tsa Esaia ho fumana hore na li fupere lithuto life.
Ho Tobana le Qeto
2, 3. Esaia o fana ka kakaretso efe mantsoeng a hae a selelekela?
2 Feela joaloka moetsi oa litšoantšo ea etsang moralo oa setšoantšo se secha ka hore a thale metoa e seng mekae e pharaletseng, Esaia o qala tlaleho ea hae ka lipolelo tse seng kae tse pharaletseng tse tšoaeang tšimoloho le qetello ea liketsahalo tseo a tla tloha a li pheta: “Matsatsing a Akaze mora oa Jothame mora oa Uzia, morena oa Juda, Rezine morena oa Syria le Peka mora oa Remalia, morena oa Iseraele, ba futuhela Jerusalema bakeng sa ho e loantša, ’me ha aa ka a khona ho e loantša.”—Esaia 7:1.
3 Ke lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Akaze ke mohlahlami oa ntat’ae, Jothame, e le morena oa Juda. Rezine, morena oa Syria, le Peka, morena oa ’muso o ka leboea oa Iseraele, ba hlasela Juda, ’me mabotho a bona a hlasela ka bohale bo tšosang. Qetellong, ba tla thibella Jerusalema ka boeona. Leha ho le joalo, thibello eo e tla nyopa. (2 Marena 16:5, 6; 2 Likronike 28:5-8) Hobane’ng? Re tla ithuta seo hamorao.
4. Ke hobane’ng ha pelo ea Akaze le lipelo tsa batho ba hae li tletse tšabo?
4 Qalong ea ntoa, ho ile ha “tlaleheloa ba ntlo ea Davida, ha thoe: ‘Syria e itšetlehile ka Efraime.’ Pelo ea hae le lipelo tsa batho ba hae tsa qala ho thothomela, joaloka lifate tsa moru ha li tsukutloa ke moea.” (Esaia 7:2) E, hoa tšosa ho Akaze le batho ba hae ho hlokomela hore Basyria le Baiseraele ba ikopantse hammoho ’me hona joale mabotho a bona a hlomme liahelo naheng ea Efraime (ea Iseraele). A bohōle ba leeto la matsatsi a mabeli kapa a mararo feela ho tloha Jerusalema!
5. Batho ba Molimo kajeno ba tšoana le Esaia ka tsela efe?
5 Jehova o bolella Esaia: “Ka kōpo, tloha u khahlanyetse Akaze, uena le mora oa hao Sheare-jashube, qetellong ea kotopo letamong le ka holimo pel’a tsela e khōlō ea tšimo ea mohlatsoi.” (Esaia 7:3) Nahana feela! Nakong eo ka eona morena a lokelang ho batla moprofeta oa Jehova le ho kōpa tataiso, moprofeta o lokela ho ea batla morena! Leha ho le joalo, ka pelo e ratang Esaia o mamela Jehova. Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba Molimo ba tsamaea ka boithatelo ho ea batla batho ba tletseng tšabo ka lebaka la likhatello tsa lefatše lena. (Matheu 24:6, 14) Ke ho khotsofatsang hakaakang hore ebe selemo le selemo ba makholo a likete baa arabela ha ba eteloa ke baboleli bana ba litaba tse molemo ’me ba itšoarella ka letsoho le sireletsang la Jehova!
6. (a) Ke molaetsa ofe o khothatsang oo moprofeta a o fetisetsang ho Morena Akaze? (b) Kajeno boemo ke bofe?
6 Esaia o fumana Akaze a le ka ntle ho marako a Jerusalema, moo morena a ntseng a hlahloba phepelo ea metsi a motse e le ho itokisetsa thibello e lebeletsoeng. Esaia o mo fa molaetsa oa Jehova: “Itebele ’me u se ke ua khathatseha. U se ke ua tšoha, ’me u se ke ua lumella hore pelo ea hao e tšosoe ke lintlha tse peli tsa mafatsa ana a kubellang, ka lebaka la bohale bo tukang ba Rezine le Syria le mora oa Remalia.” (Esaia 7:4) Ha bahlaseli ba ne ba futuhela Juda pejana, bohale ba bona bo ne bo tuka malakabe. Hona joale ke ‘lintlha tse peli tsa mafatsa a kubellang’ feela. Ha ho hlokahale hore Akaze a tšohe Rezine, morena oa Syria kapa Peka, morena oa Iseraele, mora oa Remalia. Hoa tšoana le kajeno. Ka makholo a lilemo, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba hlorisa Bakreste ba ’nete ka sehlōhō. Leha ho le joalo, hona joale Bokreste-’mōtoana bo tšoana le lefatsa le seng le le haufi le ho cha lore! Bofelo ba bona bo haufi.
7. Ke hobane’ng ha lebitso la Esaia le la mora oa hae a fana ka lebaka la ho ba le tšepo?
7 Mehleng ea Akaze, hase molaetsa oa Esaia feela o fanang ka tšepo ho batho ba tšepang Jehova empa esita le moelelo oa lebitso la Esaia le la mora oa hae o fana ka tšepo. Ke ’nete hore Juda e kotsing, empa lebitso Esaia, le bolelang “Poloko ea Jehova,” le bontša hore Jehova o tla fana ka topollo. Jehova o bolella Esaia hore a tsamaee le mora oa hae Sheare-jashube, eo lebitso la hae le bolelang “Ho Tla Khutla Masala Feela.” Esita le ha ’muso oa Juda o oa qetellong, ka mohau Molimo o tla khutlisetsa masala naheng.
Hase Ntoa Feela Tjee e Pakeng Tsa Lichaba
8. Ke hobane’ng ha tlhaselo ea Jerusalema e se ntoa feela tjee e pakeng tsa lichaba?
8 A sebelisa Esaia, Jehova o senola leqheka la lira tsa Juda. Sena ke seo li se rerang: “A re futuheleng Juda re e qhaqhe ’me re ikhapele eona ka litlhaselo tse phunyeletsang; ’me re etse hore morena e mong a buse ka har’a eona, mora oa Tabiele.” (Esaia 7:5, 6) Merero ea selekane sa Syria le Iseraele ke ho hlōla Juda le ho beha motho oa tsona sebakeng sa Akaze, mora oa Davida. Ka ho hlakileng, joale tlhaselo ea Jerusalema hase ntoa e pakeng tsa lichaba feela tjee. E fetohile ntoa pakeng tsa Satane le Jehova. Hobane’ng? Hobane Jehova Molimo o ile a etsa selekane le Morena Davida, kahoo a mo tiisetsa hore bara ba hae ba ne ba tla busa batho ba Jehova. (2 Samuele 7:11, 16) E ka ba ho hlōla ho hokaakang ha Satane haeba a ka khona ho beha lesika le leng la borena teroneng Jerusalema! A ka ba a sitisa morero oa Jehova oa hore leloko la Davida le hlahise mojalefa oa ka ho sa feleng, “Khosana ea Khotso.”—Esaia 9:6, 7.
Tiisetso e Lerato ea Jehova
9. Ke tiisetso efe e lokelang ho etsa hore Akaze hammoho le Bakreste kajeno ba be sebete?
9 Na leqheka la Syria le Iseraele le tla atleha? Che. Jehova oa phatlalatsa: “Seo se ke ke sa ema se tiile, leha e le hore se tla etsahala.” (Esaia 7:7) A sebelisa Esaia, Jehova o bolela hore hase feela hore thibello ea Jerusalema e tla nyopa empa “pele ho fela lilemo tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano Efraime e tla robakanngoa hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba.” (Esaia 7:8) E, pele lilemo tse 65 li fela Iseraele e ke ke ea hlola e e-ba teng joaloka sechaba.a Tiisetso ena, e tsamaeang le kemiso e tobileng ea nako, e lokela ho etsa hore Akaze a be sebete. Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba Molimo ba matlafatsoa ke ho tseba hore nako e saletseng lefatše la Satane ea fela.
10. (a) Bakreste ba ’nete ba ka etsisa Jehova joang kajeno? (b) Jehova o fa Akaze monyetla ofe?
10 Mohlomong sefahleho sa Akaze se bontša ho ba lekhonono, kaha ka Esaia, Jehova o re: “Ntle le hore le be le tumelo, le ke ke la hlola halelele.” Ka mamello ea hae, Jehova o “tsoela pele ho bua hape le Akaze.” (Esaia 7:9, 10) Ke mohlala o motle hakaakang! Kajeno, le hoja ba bangata ba sa arabele hantle molaetseng oa ’Muso, re lokela ho etsisa Jehova ka ho ‘tsoela pele ho bua le bona hape’ ha re ntse re ba etela khafetsa-khafetsa. Jehova o boetse o bolella Akaze: “Ikōpele pontšo ho Jehova Molimo oa hao, u etse hore e be e tebileng joaloka Sheole kapa u e phahamise joaloka libaka tse holimo.” (Esaia 7:11) Akaze a ka kōpa pontšo, ’me Jehova o tla e phetha e le tiiso ea hore o tla sireletsa ba ntlo ea Davida.
11. Ke tiisetso efe e fumanoang polelong ea Jehova e reng “Molimo oa hao”?
11 Hlokomela hore Jehova o re: ‘Ikōpele pontšo ho Molimo oa hao.’ Ka sebele Jehova o mosa. Tlaleho e bontša hore Akaze o se a ntse a rapela melimo ea bohata ’me o latela mekhoa e nyonyehang ea bohetene. (2 Marena 16:3, 4) Ho sa tsotellehe seo, hape ho sa tsotellehe hore Akaze o tletse tšabo, Jehova o ntse a ipitsa Molimo oa Akaze. Sena se re tiisetsa hore Jehova ha a potlakele ho lahla batho. O ikemiselitse ho fana ka thuso ho ba etsang phoso kapa bao tumelo ea bona e seng e fokola. Na tiisetso ee ea lerato la Molimo e tla susumetsa Akaze hore a amohele thuso ea Jehova?
Ho Tloha ho Belaeleng ho ea ho se Mameleng
12. (a) Akaze o ba le boikutlo bofe ba boikhohomoso? (b) Ho e-na le ho retelehela ho Jehova, Akaze o retelehela ho mang ho kōpa thuso?
12 Akaze o araba ka ho hloka tlhompho: “Nke ke ka e kōpa, kapa ka leka Jehova.” (Esaia 7:12) Hase hore mona Akaze o mamela mantsoe a molao a reng: “Le se ke la leka Jehova Molimo oa lōna.” (Deuteronoma 6:16) Makholo a lilemo hamorao, Jesu o qotsa molao oona oo ha Satane a mo leka. (Matheu 4:7) Leha ho le joalo, tabeng ea Akaze, Jehova o mo memela hore a khutlele borapeling ba ’nete ’me o ithaopela ho matlafatsa tumelo ea hae ka ho etsa pontšo. Leha ho le joalo, Akaze o khetha ho batla tšireletso hosele. Mohlomong ke hona nakong ena moo morena a romelang chelete e ngata Assyria, a kōpa thuso khahlanong le lira tsa hae tse ka leboea. (2 Marena 16:7, 8) Ho sa le joalo, lebotho la Syria le Iseraele le lika-liketsa Jerusalema ’me lea e thibella.
13. Re bona phetoho efe temaneng ea 13, hona e bontša eng?
13 A nahanne ka ho hloka tumelo ha morena, Esaia o re: “Ka kōpo, mamelang Lōna ba ntlo ea Davida. Na ke ntho e nyenyane ho lōna hore le khathatse batho, hoo le ka boelang la khathatsa Molimo oa ka?” (Esaia 7:13) E, Jehova a ka khathatsoa ke ho hlompholloa ho sa khaotseng. Hape hlokomela hore joale moprofeta o re, “Molimo oa ka,” eseng “Molimo oa hao.” Ke phetoho e tšosang hakaakang! Ha Akaze a lahla Jehova ’me a retelehela ho Assyria, o lahleheloa ke monyetla o babatsehang oa ho tsosolosa kamano ea hae le Molimo. E se eka le ka mohla re ke ke ra tela kamano ea rōna le Molimo ka ho sekisetsa seo re se lumelang se thehiloeng Mangolong e le hore re fumane melemo ea nakoana.
Pontšo ea Emanuele
14. Jehova o bontša ho tšepahalla selekane sa hae le Davida joang?
14 Jehova o lula a ntse a tšepahalla selekane sa hae le Davida. Ho ile ha fanoa ka pontšo, ho tla fanoa ka pontšo hape! Esaia o tsoela pele: “Jehova o tla le fa pontšo: Bonang! Ruri moroetsana o tla ima, ’me o tla tsoala mora, ’me ka sebele o tla mo reha lebitso la Emanuele. O tla be a se a ntse a ja sereleli le mahe a linotši ka nako ea ha a khona ho lahla se sebe le ho khetha se molemo. Etsoe pele moshanyana eo a khona ho lahla se sebe le ho khetha se molemo, naha ea marena a mabeli ao le ikutloang le e-na le tšabo e kulisang ka lebaka la ’ona e tla tloheloa ka ho feletseng.”—Esaia 7:14-16.
15. Boprofeta bo buang ka Emanuele bo araba lipotso life tse peli?
15 Litaba tse molemo ke tsena ho motho leha e le ofe ea tšabang hore bahlaseli bana ba tla felisa lesika la Davida la marena. “Emanuele” e bolela hore “Molimo o na le Rōna.” Molimo o na le Juda ’me a ke ke a lumella hore selekane sa hae le Davida se etsoe lefeela. Ho phaella moo, Akaze le batho ba hae ha ba bolelloe feela seo Jehova a tlang ho se etsa empa hape ba bolelloa hore na o tla se etsa neng. Pele moshanyana Emanuele a hōla ka ho lekaneng hore a khethe pakeng tsa se setle le se sebe, lichaba tsa lira li tla felisoa. ’Me sena sea etsahala!
16. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha Jehova tlohetse Emanuele a sa tsejoe ka ho hlaka mehleng ea Akaze?
16 Bibele ha e senole hore na Emanuele ke ngoan’a mang. Empa kaha Emanuele e monyenyane o lokela ho sebeletsa e le pontšo ’me hamorao Esaia o bolela hore eena le bana ba hae ba “joaloka lipontšo,” mohlomong Emanuele ke mora oa moprofeta eo. (Esaia 8:18) Mohlomong Jehova o tlohela Emanuele a sa tsejoe ka ho hlaka mehleng ea Akaze e le hore ho se ke ha faposoa meloko e latelang hore e lebise tlhokomelo ho Emanuele e Moholoanyane. Eo ke mang?
17. (a) Emanuele e Moholoanyane ke mang, ’me tsoalo ea hae e ne e bontša eng? (b) Ke hobane’ng ha kajeno batho ba Molimo ba ka hooa ba re, “Molimo o na le rōna”?
17 Ntle le bukeng ea Esaia, lebitso Emanuele le hlaha hanngoe feela ka Bibeleng, ho Matheu 1:23. Jehova o ile a bululela Matheu hore a sebelise boprofeta ba ho tsoaloa ha Emanuele tsoalong ea Jesu, e leng Mojalefa ea loketseng oa terone ea Davida. (Matheu 1:18-23) Tsoalo ea Emanuele oa pele e ne e le pontšo ea hore Molimo o ne a sa lahla ba ntlo ea Davida. Ka tsela e tšoanang, tsoalo ea Jesu, Emanuele e Moholoanyane, e ne e le pontšo ea hore Molimo o ne a sa lahla moloko oa batho kapa selekane sa hae sa ’Muso le ba ntlo ea Davida. (Luka 1:31-33) Kaha joale moemeli ea ka sehloohong oa Jehova o ne a le har’a moloko oa batho, ka sebele Matheu o ne a ka re, ‘Molimo o na le rōna.’ Kajeno, Jesu o busa e le Morena oa leholimo ’me o na le phutheho ea hae lefatšeng. (Matheu 28:20) Ka sebele, batho ba Molimo ba na le lebaka le eketsehileng la ho hooa ka sebete ba re: “Molimo o na le rōna!”
Liphello Tse Eketsehileng Tsa ho se Tšepahale
18. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a latelang a Esaia a tlisetsa bamameli ba hae tšabo? (b) Ke liketsahalo life tse tla etsahala haufinyane?
18 Le hoja mantsoe a Esaia a morao-rao e le a tšelisang, polelo e latelang ea Esaia e tlisetsa bamameli ba hae tšabo: “Jehova o tla tlisa khahlanong le uena le khahlanong le batho ba heno le khahlanong le ba ntlo ea ntat’ao matsatsi ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha matsatsing a ha Efraime a tlohela Juda, e leng morena oa Assyria.” (Esaia 7:17) E, ho tla tlokotsi, e tlisoang ke morena oa Assyria. Mohlomong tebello ea ho busoa ke Baassyria ba tummeng hampe e hlobaetsa Akaze le batho ba hae ka masiu a mangata. Akaze o nahanne hore ho etsa setsoalle le Assyria ho tla mo lokolla ho Iseraele le Syria. Ka sebele, morena oa Assyria o tla arabela kōpo ea Akaze ka hore qetellong a hlasele Iseraele le Syria. (2 Marena 16:9) Mohlomong lena ke lona lebaka leo ka lona Peka le Rezine ba tla tlameha ho khaotsa ho thibella Jerusalema. Kahoo, selekane sa Syria le Iseraele se tla be se hlōlehile ho hapa Jerusalema. (Esaia 7:1) Leha ho le joalo, joale Esaia o bolella bamameli ba hae ba tšohileng hore Assyria, eo ba tšepileng hore e tla ba sireletsa, e tla fetoha mohatelli oa bona!—Bapisa le Liproverbia 29:25.
19. Ketsahalo ee ea histori e fupere temoso efe bakeng sa Bakreste kajeno?
19 Tlaleho ena ea ’nete ea histori e fupere temoso bakeng sa Bakreste kajeno. Ha re le tlas’a khatello re ka ’na ra lekeha hore re sekisetse melao-motheo ea Bokreste, ’me ka tsela eo re hane tšireletso ea Jehova. Hona ho bontša ho se shebele lintho pele, ebile ho kotsi, joalokaha ho totobatsoa ke mantsoe a Esaia a tsoelang pele. Moprofeta o tsoela pele ho hlalosa seo tlhaselo ea Assyria e tlang ho se etsa naheng eo le ho batho ba eona.
20. “Lintsintsi” le “linotši” ke bo-mang, hona li tla etsa eng?
20 Esaia o arola liphatlalatso tsa hae ka likarolo tse ’nè, ho e ’ngoe le e ’ngoe o bolela esale pele se tlang ho etsahala “ka letsatsi leo”—ke hore, letsatsi leo ka lona Assyria e hlaselang Juda. “Ka letsatsi leo Jehova o tla letsa mololi ho bitsa lintsintsi tse pheletsong ea melatsoana ea Nile ea Egepeta le linotši tse naheng ea Assyria, ’me ka sebele li tla tla ’me li lule, kaofela ha tsona, holim’a liphula tsa melapo e phoroselang e selomong le holim’a mafaru a mafika le holim’a mefero eohle ea meutloa le holim’a libaka tsohle tsa ho nosetsa.” (Esaia 7:18, 19) Joaloka lihlopha tsa lintsintsi le linotši, mabotho a Egepeta le Assyria a tla lebisa tlhokomelo Naheng e Tšepisitsoeng. Ena e ke ke ea e-ba tlhaselo ea nako e khutšoanyane feela. “Lintsintsi” le “linotši” li tla lula, li kene sebakeng se seng le se seng sa naha.
21. Morena oa Assyria o tla tšoana le lehare ka tsela efe?
21 Esaia o tsoela pele: “Letsatsing leo, ka lehare le hiriloeng sebakeng sa Nōka, le ka morena oa Assyria, Jehova o tla beola hlooho le mohoete oa maoto, ’me le tla tlosa le litelu.” (Esaia 7:20) Joale ho buuoa ka Assyria feela, e leng eona tšokelo e ka sehloohong. Akaze o hira morena oa Assyria hore a ‘beole’ Syria le Iseraele. Leha ho le joalo, ‘lehare lena le hiriloeng’ le tsoang tikolohong ea Eufrate le tla hlasela “hlooho” ea Juda ’me le e beole shoere, le be le tlose litelu!
22. Esaia o sebelisa mehlala efe ho bontša liphello tsa tlhaselo ea Assyria e seng e le haufi?
22 Phello e tla ba efe? “Letsatsing leo motho o tla boloka khomo e nyenyane mohlapeng e phela le linku tse peli. Ka lebaka la bongata ba lebese le hlahisoang, o tla ja sereleli; hobane e mong le e mong ea setseng ka har’a naha o tla ja sereleli le mahe a linotši.” (Esaia 7:21, 22) Nakong eo ka eona Baassyria ba tla beng ba ‘beotse’ naha, ho tla sala batho ba fokolang haholo hoo ho tlang ho hlokahala palo e fokolang feela ea liphoofolo bakeng sa ho fana ka lijo. Ho tla jeoa “sereleli le mahe a linotši”—ho se letho le leng, ho se na veine, ho se na bohobe, ho se na lijo tse ling tse tloaelehileng. Joalokaha eka o hatisa tekanyo eo lesupi le tlang ho fihla ho eona, ka makhetlo a mararo Esaia o bolela hore moo e neng e le naha ea bohlokoa, e behang, joale ho tla ba le lihlahla tse meutloa le litlama-tlama. Ho tla hlokahala hore ba itetang sefuba ho ea libakeng tse ka thōko ba nke “metsu le seqha” ho itšireletsa liphoofolong tse hlaha tse laletseng merung. Masimo a tlositsoeng limela a tla fetoha libaka tse hatakeloang ke lipholo le linku. (Esaia 7:23-25) Boprofeta bona bo qala ho phethahala hona mehleng ea Akaze.—2 Likronike 28:20.
Lipolelo Tse Nepahetseng Tse Boleloang Esale Pele
23. (a) Joale Esaia o laeloa hore a etse eng? (b) Pontšo ea letlapa e tiisoa joang?
23 Joale Esaia o khutlela boemong bo teng hona joale. Ha Jerusalema e sa ntse e thibeletsoe ke lebotho le kopaneng la Syria le Iseraele, Esaia oa tlaleha: “Jehova a re ho ’na: ‘Inkele letlapa le leholo ’me u ngole “Mahere-shalale-hashe-baze” holim’a lona ka pene ea motho ea shoang. A nke ke be le bopaki ba lipaki tse tšepahalang, moprista Uria le Zakaria mora oa Jeberekia.’” (Esaia 8:1, 2) Lebitso Mahere-shalale-hashe-baze le bolela “Potlaka, Uena Khapo! O Tlile ka Potlako ho se Tlatlapuoeng.” Esaia o kōpa banna ba babeli ba hlomphehang sechabeng hore ba pake ho ngola ha hae lebitso lena letlapeng le leholo, e le hore hamorao ba ka tiisa hore tokomane eo ke ea ’nete. Leha ho le joalo, pontšo ena e lokela ho tiisoa ka pontšo ea bobeli.
24. Pontšo ea Mahere-shalale-hashe-baze e lokela ho ba le phello efe ho batho ba Juda?
24 Esaia o re: “Joale ka atamela moprofeta oa mosali, a ima ’me ka mor’a nako a tsoala mora. Joale Jehova a re ho ’na: ‘Mo rehe lebitso la Mahere-shalale-hashe-baze, etsoe pele moshanyana eo a tseba ho re, “Ntate!” le “’Mè!” e mong o tla isa maruo a Damaseka le thepa e hapuoeng Samaria ka pel’a morena oa Assyria.’” (Esaia 8:3, 4) Letlapa le leholo le moshanyana ea qetang ho hlaha ka bobeli e tla ba bopaki ba hore haufinyane Assyria e tla tlatlapa bahatelli ba Juda, Syria le Iseraele. Haufinyane hakae? Pele moshanyana eo a khona ho bitsa mantsoe a pele ao masea a mangata a ithutang ’ona—“Ntate” le “’Mè.” Ho bolela taba e joalo ka nepo esale pele ho ne ho lokela ho haha tšepo ea batho ho Jehova. Kapa ho ne ho ka etsa hore ba bang ba some Esaia le bara ba hae. Ho sa tsotellehe hore na boemo e bile bofe, mantsoe a Esaia a boprofeta aa phethahala.—2 Marena 17:1-6.
25. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa mehla ea Esaia le nako ee?
25 Bakreste ba ka ithuta ho itseng litemosong tse pheta-phetoang tsa Esaia. Moapostola Pauluse o re senoletse hore letotong lena la liketsahalo tsa histori, Esaia o ne a emela Jesu Kreste ’me bara ba Esaia ba ne ba tšoantšetsa barutuoa ba Jesu ba tlotsitsoeng. (Baheberu 2:10-13) A sebelisa balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba lefatšeng, Jesu o ’nile a hopotsa Bakreste ba ’nete ka tlhokahalo ea hore ba ‘lule ba falimehile’ linakong tsena tse mahlonoko. (Luka 21:34-36) Ka nako e tšoanang, bahanyetsi ba sa bakeng ba lemosoa ka ho timetsoa ha bona ho tlang, le hoja hangata litemoso tse joalo li songoa. (2 Petrose 3:3, 4) Ho phethahala ha boprofeta bo amanang le nako mehleng ea Esaia ke tiiso ea hore kemiso ea Molimo bakeng sa mehla ea rōna le eona “ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.”—Habakuke 2:3.
“Metsi” a Senyang
26, 27. (a) Ke liketsahalo life tseo Esaia a li bolelang esale pele? (b) Mantsoe a Esaia a bontša eng bakeng sa bahlanka ba Jehova kajeno?
26 Esaia o ntšetsa litemoso tsa hae pele: “Ka lebaka la hore batho bana ba hanne metsi a Siloe a phallang butle, ’me ho na le thabo e khaphatsehang bakeng sa Rezine le mora oa Remalia; ka hona, bonang! Jehova o tlisa khahlanong le bona metsi a matla le a mangata a Nōka, morena oa Assyria le khanya eohle ea hae. Ka sebele o tla nyolohela likotopong tsohle tsa hae le holim’a mabōpo ’ohle a hae ’me a fetele pele Juda. O tla phalla ’me a fete. O tla fihla molaleng. Mapheo a hae a phukalalitsoeng a tla tlala bophara ba naha ea hao, Uena Emanuele!”—Esaia 8:5-8.
27 “Batho bana,” ’muso o ka leboea oa Iseraele, ba hana selekane sa Jehova le Davida. (2 Marena 17:16-18) Ho bona, se bonahala se fokola joaloka metsi a runyetsang tlaase a Siloe, e leng phepelo ea metsi ea Jerusalema. Ba thabetse ntoa ea bona khahlanong le Juda. Empa ba ke ke ba tloheloa ba sa otloe ka lebaka la nyeliso ena. Jehova o tla lumella Baasyria hore ba ‘phallele,’ kapa ba homele Syria le Iseraele, feela joalokaha haufinyane Jehova a tla lumella karolo ea hona joale ea lefatše ea lipolotiki ho phallela ’muso oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 17:16; bapisa le Daniele 9:26.) Ho latelang, Esaia o re “metsi” a entseng moroallo a tla ‘fetela pele Juda,’ a be a ‘fihle molaleng,’ ho ea fihla Jerusalema, moo ho busang hlooho (morena) ea Juda.b Mehleng ea rōna baphethahatsi ba kahlolo ho bolumeli ba bohata ka tsela e tšoanang ba tla lika-liketsa bahlanka ba Jehova, ba ba pota-pote ho ea “fihla molaleng.” (Ezekiele 38:2, 10-16) Phello e tla ba efe? Ha e le hantle, ho etsahala’ng mehleng ea Esaia? Na Baasyria ba phunyeletsa marako a motse ’me ba felisa batho ba Molimo? Che. Molimo o na le bona.
Le se ke la Tšoha—“Molimo o na le Rōna!”
28. Ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba lira tsa bona, Jehova o tiisetsa Juda eng?
28 Esaia oa lemosa: “E-bang kotsi, Lōna lichaba [tse hanyetsang batho ba Molimo ba selekane], ’me le robakanngoe; mamelang, lōna bohle ba likarolong tse hōle tsa lefatše! Itlameng, ’me le robakanngoe! Itlameng, ’me le robakanngoe! Etsang morero ’me o tla senngoa! Buang lentsoe leha e le lefe, ’me le ke ke la ema, etsoe Molimo o na le rōna!” (Esaia 8:9, 10) Lilemo tse ’maloa hamorao, nakong ea puso ea mora ea tšepahalang oa Akaze, Ezekiase, mantsoe ana aa phethahala. Ha Baasyria ba sokela Jerusalema, lengeloi la Jehova le bolaea ba 185 000 ba bona. Ka ho hlakileng, Molimo o na le batho ba hae le lesika la borena la Davida. (Esaia 37:33-37) Nakong ea ntoa e tlang ea Armagedone, ka tsela e tšoanang Jehova o tla romela Emanuele e Moholoanyane eseng feela bakeng sa ho thumakanya lira tsa Hae empa le ho pholosa bohle ba Mo tšepang.—Pesaleme ea 2:2, 9, 12.
29. (a) Bajuda ba mehleng ea Akaze ba fapana joang le ba mehleng ea Ezekiase? (b) Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova kajeno ba qoba ho kopanela lilekaneng tsa bolumeli le tsa lipolotiki?
29 Ho fapana le Bajuda ba mehleng ea Ezekiase, batho ba mehleng ea Akaze ha ba na tumelo ea hore Jehova o tla ba sireletsa. Ba rata selekane, kapa “morero oa bolotsana,” oo ba o etsang le Baassyria e le eona tšireletso e matla khahlanong le selekane sa Syria le Iseraele. Leha ho le joalo, “letsoho” la Jehova le susumetsa Esaia hore a nyatse ‘tsela ea batho bana,’ kapa mokhoa o ratoang. Oa lemosa: “Ntho eo ba e tšabang le se ke la e tšaba, kapa la thothometsoa ke eona. Jehova oa mabotho—ke Eena eo le lokelang ho mo nka e le ea halalelang, ’me ke eena eo le lokelang ho mo tšaba, ke eena Ea lokelang ho etsa hore le thothomele.” (Esaia 8:11-13) Ba hopotse sena, kajeno bahlanka ba Jehova ba itebela khahlanong le ho etsa morero oa bolotsana le makhotla a bolumeli le lilekane tsa lipolotiki kapa hona ho li tšepa. Bahlanka ba Jehova ba na le tšepo e feletseng matleng a Molimo a sireletsang. Etsoe, ha ‘Jehova a le ka lehlakoreng la rōna, motho oa lefatše a ka re etsa’ng?’—Pesaleme ea 118:6.
30. Qetello ea ba sa tšepeng Jehova e tla ba efe?
30 Esaia o tsoela pele ho pheta-pheta hore Jehova e tla ba “sebaka se halalelang,” tšireletso, bakeng sa ba mo tšepang. Ho fapana le seo, ba mo lahlang ‘ka sebele ba tla khoptjoa ’me ba oe ’me ba robehe, ’me ba oele lerabeng ba tšoasoe’—e leng liketso tse hlano tse hlakileng tse sa sieeng pelaelo ea letho mabapi le qetello ea ba sa tšepeng Jehova. (Esaia 8:14, 15) Lekholong la pele la lilemo, ba lahlang Jesu, ka ho tšoanang ba ile ba khoptjoa ’me ba oa. (Luka 20:17, 18) Phello e tšoanang e letetse bao kajeno ba hlōlehang ho tšepahala ho Morena oa leholimo ea lutseng teroneng, Jesu.—Pesaleme ea 2:5-9.
31. Kajeno Bakreste ba ’nete ba ka latela mohlala oa Esaia le oa ba mamelang thuto ea hae joang?
31 Hase bohle ba ileng ba khoptjoa mehleng ea Esaia. Esaia o re: “Phuthelang bopaki, behang tiiso molaong har’a barutuoa ba ka! Ke tla lebella Jehova, ea patelang ba ntlo ea Jakobo sefahleho sa hae, ’me ke tla mo tšepa.” (Esaia 8:16, 17) Esaia hammoho le ba mamelang thuto ea hae ba ke ke ba lahla Molao oa Molimo. Ba tsoela pele ho tšepa Jehova, esita le hoja batho ba naha ea habo bona ba tlōlang molao ba hana ho mo tšepa, kahoo Jehova o ba patela sefahleho sa hae. E se eka re ka latela mohlala oa ba tšepang Jehova ’me ra ba le boikemisetso bo tšoanang ba ho khomarela borapeli bo hloekileng!—Daniele 12:4, 9; Matheu 24:45; bapisa le Baheberu 6:11, 12.
“Lipontšo” le “Mehlolo”
32. (a) Kajeno ke bo-mang ba sebeletsang “joaloka lipontšo le joaloka mehlolo”? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho hlahella e le ba fapaneng le lefatše?
32 Joale Esaia oa phatlalatsa: “Bonang! ’Na le bana bao Jehova a mphileng bona re joaloka lipontšo le joaloka mehlolo Iseraele e tsoang ho Jehova oa mabotho, ea lulang Thabeng ea Sione.” (Esaia 8:18) E, Esaia, Sheare-jashube le Mahere-shalale-hashe-baze ke lipontšo tsa merero ea Jehova bakeng sa Juda. Kajeno, Jesu le barab’abo ba tlotsitsoeng ba sebeletsa e le lipontšo. (Baheberu 2:11-13) ’Me “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo ikopantse le bona mosebetsing oa bona. (Tšenolo 7:9, 14; Johanne 10:16) Ka ho hlakileng, pontšo ke ea bohlokoa feela haeba e le e hlaheletseng tikolohong eo e leng ho eona. Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba phethahatsa thōmo ea bona e le lipontšo hafeela ba hlaheletse e le ba fapaneng le lefatše lena, ba tšepa Jehova ka ho feletseng ’me ka sebete ba phatlalatsa merero ea hae.
33. (a) Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho etsa eng? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba tla khona ho ema ba tiile?
33 Ka hona, bohle a ba ke ba ele hloko litekanyetso tsa Molimo, eseng tsa lefatše lena. Tsoelang pele ho ba ba hlaheletseng le se na tšabo—le le joaloka lipontšo—le ntšetsa pele thōmo e fanoeng ke Esaia e Moholoanyane, Jesu Kreste: “Phatlalatsa selemo . . . sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna.” (Esaia 61:1, 2; Luka 4:17-21) Ka sebele, ha metsi a entseng moroallo a Assyria a phalla lefatšeng ka bophara—esita le haeba a fihla melaleng ea rōna—Bakreste ba ’nete ba ke ke ba felisoa. Re tla ema re tiile hobane “Molimo o na le rōna.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa lintlha tse eketsehileng mabapi le ho phethahala ha boprofeta bona, bona Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 62 le la 758, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Assyria e boetse e tšoantšoa le nonyana eo mapheo a eona a phukaletseng a ‘tlalang bophara ba naha ea hao.’ Kahoo, kae kapa kae moo naha eo e nammeng ho ea fihla teng, e tla koaheloa ke lebotho la Assyria.
[Setšoantšo se leqepheng la 103]
Esaia o ne a tsamaea le Sheare-jashube ha a ne a fetisetsa molaetsa oa Jehova ho Akaze
[Setšoantšo se leqepheng la 111]
Ke hobane’ng ha Esaia a ile a ngola “Mahere-shalale-hashe-baze” letlapeng le leholo?