Khaolo ea Boraro
‘A re Lokiseng Litaba’
1, 2. Ke bo-mang bao Jehova a bapisang babusi le batho ba Jerusalema le ba Juda le bona, hona ke hobane’ng ha see se loketse?
BAAHI ba Jerusalema ba ka ’na ba ikutloa ba e-na le tšekamelo ea ho itokafatsa ka mor’a hore ba utloe ho nyatsuoa ho tlalehiloeng ho Esaia 1:1-9. Ha ho pelaelo hore ka boikhohomoso ba ka rata ho bua ka mahlabelo ’ohle ao ba a nyehelang ho Jehova. Leha ho le joalo, temana ea 10 ho isa ho ea 15 li fana ka karabo ea Jehova e bontšang hore boikutlo bo joalo ke ba lefeela. E qala tjena: “Utloang lentsoe la Jehova, lōna bahatelli ba Sodoma. Mamelang molao oa Molimo oa rōna, lōna batho ba Gomora.”—Esaia 1:10.
2 Batho ba Sodoma le Gomora ha baa ka ba timetsoa feela ka lebaka la mekhoa ea bona e feteletseng ea likamano tsa botona le botšehali empa hape ba ile ba timetsoa ka lebaka la boikutlo ba bona ba ho ba le lipelo tse thata le ba boikakaso. (Genese 18:20, 21; 19:4, 5, 23-25; Ezekiele 16:49, 50) E tlameha ebe bamameli ba Esaia ba ile ba tšoha ha ba utloa ba bapisoa le batho ba metse eo e rohakiloeng.a Empa Jehova o bona batho ba hae kamoo ba leng kateng, ’me Esaia ha a bebofatse molaetsa oa Molimo e le hore “litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.”—2 Timothea 4:3.
3. Jehova o bolela’ng ha a re o “khathetse” ke mahlabelo a batho, ’me ke hobane’ng ha ho le joalo?
3 Hlokomela kamoo Jehova a ikutloang kateng ka borapeli ba sechaba sa hae boo e leng tloaelo feela. “‘Mahlabelo a lōna a mangata a ntsoela molemo oa eng?’ ho bolela Jehova. ‘Ke khathetse ke linyehelo tse feletseng tsa secheso tsa lipheleu le mafura a liphoofolo tse fepehileng hantle; ha kea khahloa ke mali a lipohoana le likonyana tse tona le liphooko.’” (Esaia 1:11) Batho ba lebetse hore Jehova ha aa itšetleha ka mahlabelo a bona. (Pesaleme ea 50:8-13) Ha a hloke letho leo batho ba ka mo nehang lona. Kahoo haeba batho ba nahana hore ba etsetsa Jehova mosa ka ho fana ka linyehelo tsa bona tse sa ntšoeng ka pelo eohle, ba fositse. Jehova o sebelisa mokhabo-puo o matla. Poleloana ena, “Ke khathetse” e ka boela ea fetoleloa e le “Ha ke sa batla letho” kapa “Ke khachehile.” Na u tseba boikutlo ba ho khora lijo hoo e reng ha u bona tse ling feela ebe ua teneha? Jehova o ne a ikutloa joalo ka linyehelo tseo—o ne a teneha ka ho feletseng!
4. Esaia 1:12 e totobatsa joang hore ho tla ha batho tempeleng Jerusalema ke halefeela?
4 Jehova o tsoela pele: “Ha le ntse le kena ho tla bona sefahleho sa ka, ke mang ea batlileng seo matsohong a lōna, hore le hatakele mabala a ka?” (Esaia 1:12) Na hase molao oa Jehova ka boeena o hlokang hore batho ba ‘kene ho tla bona sefahleho sa hae,’ ke hore, ba be teng tempeleng ea hae e Jerusalema? (Exoda 34:23, 24) E, empa ba tla moo ka tloaelo feela tjee, ba mpa ba phetha molao feela oa ho fana ka borapeli bo hloekileng, ba se na sepheo se setle. Ho Jehova, ha ba ntse ba etela mabaleng a hae hangata hoo ho tšoana le ha ba ntse ba a ‘hatakela’ feela, ba sa finyelle letho haese ho baka tšenyo fatše moo ba hatang teng.
5. Liketso tse ling tsa borapeli tseo Bajuda ba li etsang ke life, hona ke hobane’ng ha li fetohile “moroalo” ho Jehova?
5 Ha ho makatse hore ebe joale Jehova o sebelisa puo e batlang e le matla le ho feta! “Khaotsang ho tlisa linyehelo tse ling hape tsa lijo-thollo tsa lefeela. Libano—li manyala ho ’na. Khoeli e thoasitseng le sabatha, ho bitsoa ha kopano—nke ke ka mamella tšebeliso ea matla a boselamose hammoho le seboka se hlomphehang. Moea oa ka o hloile likhoeli tsa lōna tse thoasitseng le linako tsa lōna tsa mokete. Li fetohile moroalo ho ’na; ke khathetse ke ho li mamella.” (Esaia 1:13, 14) Linyehelo tsa lijo-thollo, libano, Lisabatha le liboka tse hlomphehang kaofela ha tsona ke karolo ea Molao oa Molimo ho Iseraele. Mabapi le ‘likhoeli tse thoasitseng,’ Molao o laela ka ho hlakileng hore li ketekoe, empa butle-butle ho ’nile ha thehoa litloaelo tse molemo tse amanang le mokete oo. (Numere 10:10; 28:11) Khoeli e thoasitseng e talingoa e le sabatha ea khoeli le khoeli, eo ka eona batho ba neng ba khaotsa ho sebetsa ’me ba bile ba bokana hammoho bakeng sa ho rutoa ke baprofeta le baprista. (2 Marena 4:23; Ezekiele 46:3; Amose 8:5) Mekete e joalo ha ea fosahala. Bothata ke ho e etsa feela ka sepheo sa mponeng. Ho feta moo, Bajuda ba retelehela ‘matleng a boselamose,’ litloaelong tsa ho sebetsana le meea, hona ha ba ntse ba boloka Molao oa Molimo ka mokhoa oa tloaelo.b Kahoo, liketso tsa bona tsa ho rapela Jehova ke “moroalo” ho eena.
6. Jehova o “khathetse” ka kutloisiso efe?
6 Leha ho le joalo, Jehova o ne a ka ikutloa a “khathetse” joang? Etsoe o na le ‘bonatla bo boholo . . . Ha a khathale kapa ho tepella.’ (Esaia 40:26, 28) Jehova o sebelisa mokhabo-puo o hlakileng ho re nolofaletsa hore re utloisise maikutlo a hae. Na u se u kile ua jara moroalo o boima nako e telele hoo u neng u shoele ke mokhathala ’me u labalabela feela hore u o hlohlolle? Ke kamoo Jehova a ikutloang kateng ka liketso tsa boikaketsi tsa borapeli tsa batho ba hae.
7. Ke hobane’ng ha Jehova a khaolitse ho mamela lithapelo tsa batho ba hae?
7 Joale Jehova o bua ka ketso e tebileng ka ho fetisisa le e etsoang ke motho ka mong har’a liketso tsohle tsa borapeli. “Ha le otlolla matsoho, ke le patela mahlo. Esita le hoja le etsa lithapelo tse ngata, ha kea mamela; matsoho a lōna a tletse tšollo ea mali.” (Esaia 1:15) Ho phahamisa liatla, ho otlolla matsoho a shebisitsoe holimo, ke pontšo ea kōpo e tiileng. Ho Jehova, mokhoa ona o fetohile o sa boleleng letho, kaha matsoho a batho bana a tletse tšollo ea mali. Pefo e jele setsi naheng. Ho hatella ba se nang matla e se e le kobo-anela. Ke ntho e nyonyehang hore batho ba bolileng joalo, ba baithati, ba rapele Jehova ’me ba kōpe tlhohonolofatso. Hase feela Jehova a reng, “Ha kea mamela”!
8. Bokreste-’mōtoana bo etsa phoso efe kajeno, hona Bakreste ba bang ba oela lerabeng le tšoanang joang?
8 Mehleng ea rōna, ka ho tšoanang Bokreste-’mōtoana bo hlōlehile ho fumana kamohelo ea Molimo ka lithapelo tsa bona tsa lefeela tse pheta-phetoang le “mesebetsi” e meng ea bona ea bolumeli. (Matheu 7:21-23) Ke habohlokoahali hore re se ke ra oela lerabeng le tšoanang. Ka linako tse ling, Mokreste o khutlela mokhoeng oa ho tloaela ho etsa sebe se tebileng, ebe joale o ipehela lebaka la hore haeba feela a pata seo a se etsang ’me a eketsa mosebetsi oa hae ka phuthehong ea Bokreste, ka tsela e itseng liketso tsa hae li tla koahela sebe sa hae. Mesebetsi e joalo e etsoang ka tloaelo feela ha e khahlise Jehova. Ho na le pheko e le ’ngoe feela bakeng sa ho kula moeeng, joalokaha litemana tse latelang tsa Esaia li bontša.
Pheko Bakeng sa ho Kula Moeeng
9, 10. Bohloeki ke ba bohlokoa hakae borapeling ba rōna ho Jehova?
9 Jehova, Molimo ea nang le kutloelo-bohloko, joale o bontša boikutlo bo mofuthu, bo ipiletsang haholoanyane. “Itlhatsoeng; itlhoekiseng; tlosang bobe ba mesebetsi ea lōna ka pel’a mahlo a ka; khaotsang ho etsa bobe. Ithuteng ho etsa se molemo; batlang toka; lokisang mohatelli; ahlolelang moshanyana ea se nang ntate; buellang nyeoe ea mohlolohali.” (Esaia 1:16, 17) Mona re fumana letoto la litaelo tse robong, kapa melao. Tse ’nè tse qalang ke tse sa thabiseng ka kutloisiso ea hore li ama ho tlosoa ha libe; tse hlano tsa ho qetela ke liketso tse thabisang tse lebisang ho fumaneng tlhohonolofatso ea Jehova.
10 Kamehla ho itlhatsoa le bohloeki e ’nile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea borapeli bo hloekileng. (Exoda 19:10, 11; 30:20; 2 Bakorinthe 7:1) Empa Jehova o batla bohloeki bo tebileng le ho feta, bo fihlang lipelong tsa barapeli ba hae. Habohlokoa ka ho fetisisa ke bohloeki boitšoarong le moeeng, ’me sena ke sona seo Jehova a buang ka sona. Litaelo tse peli tsa pele tse temaneng ea 16 hase pheta-phetane feela tjee. Setsebi sa puo ea Seheberu se fana ka maikutlo a hore “itlhatsoeng” ea pele, e bolela mohato oa ho qala oa ho itlhoekisa, athe “itlhoekiseng” ea bobeli, e bolela boiteko bo tsoelang pele ba ho boloka bohloeki boo.
11. Hore re loantše sebe, ke’ng seo re lokelang ho se etsa, hona ke’ng seo le ka mohla re sa lokelang ho se etsa?
11 Ha ho letho leo re ka le patelang Jehova. (Jobo 34:22; Liproverbia 15:3; Baheberu 4:13) Kahoo taelo ea hae e reng, “Tlosang bobe ba mesebetsi ea lōna ka pel’a mahlo a ka,” e ka bolela ntho e le ’ngoe feela—ho khaotsa ho etsa bobe. Seo se bolela ho se leke ho pata libe tse tebileng, kaha ho etsa joalo ka bohona ke sebe. Liproverbia 28:13 ea lemosa: “Ea koahelang litlōlo tsa hae a ke ke a atleha, empa ea li bolelang ’me a li tlohela o tla bontšoa mohau.”
12. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ‘ithuta ho etsa se molemo’? (b) Baholo ka ho khetheha ba ka sebelisa litaelo tsa ho ‘batla toka’ le ho ‘lokisa mohatelli’ joang?
12 Re ka ithuta ho hongata liketsong tse thabisang tseo Jehova a li laelang temaneng ea 17 ea Esaia khaolo ea 1. Hlokomela hore ha a re feela “etsang se molemo” empa o re “ithuteng ho etsa se molemo.” Ho hlokahala hore motho a be le thuto ea botho ea Lentsoe la Molimo e le hore a utloisise se molemo mahlong a Molimo le hore a batle ho se etsa. Ho feta moo, Jehova ha a re feela “etsang toka” empa o re “batlang toka.” Esita le baholo ba nang le phihlelo ho hlokahala hore ba batlisise ka botlalo Lentsoeng la Molimo e le hore ba fumane mokhoa o nang le toka litabeng tse itseng tse rarahaneng. Joalokaha Jehova a boetse a laela, boikarabelo ba bona hape ke ho ‘lokisa mohatelli.’ Litaelo tsena ke tsa bohlokoa ho balisa ba Bakreste kajeno, kaha ba batla ho sireletsa mohlape ho “liphiri tse hatellang.”—Liketso 20:28-30.
13. Kajeno re ka sebelisa litaelo tse amang moshanyana ea se nang ntate le mohlolohali joang?
13 Litaelo tse peli tsa ho qetela li ama ba bang ba batho ba Molimo ba hlaselehang habonolo—likhutsana le bahlolohali. Lefatše le na le tšekamelo ea ho nka monyetla ka batho ba joalo; ha hoa lokela ho ba joalo har’a batho ba Molimo. Baholo ba lerato ba ‘ahlolela’ bashanyana le banana ba se nang bo-ntate ka phuthehong, ba ba thusa ho fumana toka le tšireletso lefatšeng le batlang ho nka monyetla ka bona le ho ba silafatsa. Baholo ba ‘buella nyeoe’ ea mohlolohali, kapa baa mo ‘loanela,’ joalokaha lentsoe la Seheberu le ka boela la bolela seo. Ka sebele, Bakreste bohle ba batla hore e be mohloli oa setšabelo, matšeliso le toka ho ba hlokang ba leng har’a rōna hobane ke ba bohlokoa ho Jehova.—Mikea 6:8; Jakobo 1:27.
14. Ke molaetsa ofe o molemo o fetisoang ho Esaia 1:16, 17?
14 Jehova o fetisa molaetsa o matla le o molemo hakaakang ka litaelo tsee tse robong! Ka linako tse ling batho ba keneletseng sebeng ba ikholisa hore ho hang ha ba na matla a ho etsa se lokileng. Maikutlo a joalo aa nyahamisa. Ho feta moo, a fosahetse. Ho e-na le hoo, Jehova oa tseba—ebile o batla hore re tsebe—hore ka thuso ea Hae, moetsalibe leha e le ofe a ka khaotsa tsela ea hae ea boetsalibe, a sokoloha, ’me a etsa se lokileng.
Kōpo e Loketseng, e Bontšang Kutloelo-bohloko
15. Ke ka tsela efe ka linako tse ling polelo e reng ‘a re lokiseng litaba pakeng tsa rōna’ e utloisisoang hampe, ’me ha e le hantle e bolela’ng?
15 Joale boikutlo ba Jehova bo utloahala bo e-na le mofuthu le kutloelo-bohloko le ho feta. “‘Joale, tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna,’ ho bolela Jehova. ‘Le hoja libe tsa lōna li ka ba joaloka sekareleta, li tla soeufala joaloka lehloa; le hoja li ka ba khubelu joaloka lesela la krimsone, li tla tšoana le boea.’” (Esaia 1:18) Memo e kenyelletsang temana ena e babatsehang hangata e utloisisoa ka tsela e fosahetseng. Ka mohlala, The New English Bible e re, “A re behelaneng mabaka”—joalokaha eka mahlakore ka bobeli a lokela ho sekisetsa ka tsela e itseng e le hore ho finyelloe tumellano. Ha ho joalo! Jehova ha a na molato, ’me ha ho mohla a kileng a ba molato ho sebelisaneng ha hae le sechaba sena sa marabele, sa baikaketsi. (Deuteronoma 32:4, 5) Temana ena ha e bue ka puisano e pakeng tsa lithaka eo ho eona mahlakore ka bobeli a sekisetsang ho itseng, empa e bua ka lekhotla la boahloli bakeng sa ho phetha toka. Ho joalokaha eka mona Jehova o phephetsa Iseraele hore e ee nyeoeng.
16, 17. Re tseba joang hore Jehova o ikemiselitse ho tšoarela esita le libe tse tebileng?
16 Eo e ka ’na ea e-ba khopolo e tšosang, empa Jehova ke Moahloli ea mohau ka ho fetisisa le ea nang le kutloelo-bohloko. Matla a hae a ho tšoarela ke ao ho seng a ka bapisoang le ’ona. (Pesaleme ea 86:5) Ke eena feela ea ka tlosang libe tsa Iseraele tse “joaloka sekareleta” le ho li hloekisa, a li ‘soeufatse joaloka lehloa.’ Ha ho boiteko ba motho, ha ho mokhoa o hlomamisitsoeng oa mesebetsi ea bolumeli, mahlabelo, kapa lithapelo tse ka tlosang tšilafalo ea sebe. Ke tšoarelo ea Jehova feela e ka hlatsoang sebe. Molimo o fana ka tšoarelo e joalo ho latela litlhokahalo tse behiloeng ke eena, tse akarelletsang pako ea ’nete, e tlohang botebong ba pelo.
17 ’Nete ena ke ea bohlokoa haholo hoo Jehova a e phetang ka mokhoa o fapaneng oa thothokiso—libe tsa “krimsone” li tla ba joaloka boea bo bocha, bo sa fetoloang ’mala, bo bosoeu. Jehova o batla hore re tsebe hore ka sebele ke Ea Tšoarelang libe, esita le tse tebileng haholo, hafeela a fumana hore re bakile e le kannete. Batho ba fumanang ho le thata ho lumela hore sena se ka etsahala ho bona e ka ba hantle hore ba nahane ka mehlala e kang ea Manase. O ile a etsa libe tse tšabehang—ka lilemo tse ngata. Empa leha ho le joalo, o ile a baka ’me a tšoareloa. (2 Likronike 33:9-16) Jehova o batla hore kaofela ha rōna, ho akarelletsa le ba entseng libe tse tebileng, re tsebe hore hase morao haholo hore re ‘lokise litaba’ le eena.
18. Jehova o beha khetho efe ka pel’a batho ba hae ba marabele?
18 Jehova o hopotsa batho ba hae hore ba lokela ho etsa khetho. “Haeba le bontša hore lea rata ’me le fela le mamela, le tla ja karolo e ntle ea naha. Empa haeba le hana ’me le tlala borabele, le tla jeoa ke sabole; etsoe molomo oa Jehova o boletse hoo.” (Esaia 1:19, 20) Mona Jehova o hatisa taba ea boikutlo, ’me o sebelisa mokhabo-puo o mong o hlakileng ho hatisa taba ea hae. Khetho eo Juda e nang le eona ke ena: Ho ja kapa ho jeoa. Haeba e e-na le boikutlo ba ho ikemisetsa ho mamela le ho utloa Jehova, e tla ja tse molemo tse hlahisoang ke naha. Leha ho le joalo, haeba e phehella ho ba le boikutlo ba borabele, e tla jeoa—ke sabole ea lira tsa eona! Ho bonahala e le ntho eo motho a ke keng a e nahana hore batho ba ne ba ka khetha sabole ea lira tsa bona ho e-na le ho khetha mohau oa Molimo le tšoarelo ea hae e khōlō. Leha ho le joalo, seo ke sona se etsahalang ka Jerusalema, joalokaha litemana tse latelang tsa Esaia li bontša.
Ho Binela Motse o Ratoang Koli-ea-malla
19, 20. (a) Jehova o senola boikutlo ba ho koeneheloa boo a bo utloang joang? (b) Ke ka tsela efe ‘ho loka ho lutseng Jerusalema’?
19 Ho Esaia 1:21-23, re bona tekanyo e feletseng ea bokhopo ba Jerusalema nakong ena. Joale Esaia o qala thoko e bululetsoeng ka mokhoa oa koli-ea-malla, kapa sello: “Motse o tšepahalang o fetohile letekatse hakaakang! O ne o tletse toka; ho loka ho ne ho lula ho oona, empa joale ho lula babolai.”—Esaia 1:21.
20 Motse oa Jerusalema, o oele hakaakang! Eo e kileng ea e-ba mosali ea tšepahalang, joale o fetohile letekatse. Ke’ng e neng e ka senola ka matla a maholo ho feta moo boikutlo ba ho koeneheloa le ba ho soetsoa boo Jehova a bo utloang? “Ho loka ho ne ho lula” motseng ona. Neng? Ha e le hantle, esita le pele Iseraele e e-ba teng, khale koana mehleng ea Abrahama, motse ona o ne o bitsoa Saleme. O ne o busoa ke monna eo e neng e le morena ebile e le moprista. Lebitso la hae, Melkizedeke, le bolela “Morena oa Ho Loka,” ’me ka ho hlakileng le ne le hlile le mo loketse. (Baheberu 7:2; Genese 14:18-20) Lilemo tse ka bang 1 000 ka mor’a Melkizedeke, Jerusalema e ile ea fihla tlhōrōng, tlas’a puso ea Davida le ea Solomone. “Ho loka ho ne ho lula ho [eona],” haholo-holo ha marena a eona a ne a behela batho mohlala ka ho tsamaea litseleng tsa Jehova. Leha ho le joalo, mehleng ea Esaia, linako tse joalo li se li hopoleloa leroothong.
21, 22. Ke’ng se tšoantšetsoang ke manya le joala bo hlapolotsoeng, hona ke hobane’ng ha baeta-pele ba Juda ba tšoaneloa ke tlhaloso e joalo?
21 Ho bonahala eka bothata bo boholo sechabeng bo bakoa ke baeta-pele. Esaia o tsoela pele ka pina ea hae ea koli-ea-malla: “Silevera ea hao e fetohile manya a okolehang. Joala ba hao ba koro bo hlapolotsoe ka metsi. Likhosana tsa hao li manganga ’me ke balekane ba masholu. E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e rata tjotjo ’me e lelekisa limpho. Ha li ahlolele moshanyana ea se nang ntate; esita le nyeoe ea mohlolohali ha e lumelloe hore e fihle ho tsona.” (Esaia 1:22, 23) Lipapiso tse peli tse hlakileng tse latellanang ka potlako li lokisa likelello tsa babali bakeng sa taba e tla latela. Ntlong ea sona ea mosebetsi, setei sa tšepe se okola manya silevereng e qhibilihisitsoeng ’me sea a lahla. Likhosana le baahloli ba Iseraele ba tšoana le manya, eseng silevera. Ba lokela ho lahloa. Ha ba na thuso ea letho joaloka joala bo hlapolotsoeng ka metsi le bo tsoileng monate. Seno se joalo se tšoaneloa feela ke hore se qhaloe!
22 Temana ea 23 e bontša hore na ke hobane’ng ha baeta-pele bao ba lokeloa ke tlhaloso e joalo. Molao oa Moshe o ne o phahamisitse batho ba Molimo, o ba arotse ho lichaba tse ling. Ka mohlala, o ne o entse joalo ka ho laela hore likhutsana le bahlolohali ba sireletsoe. (Exoda 22:22-24) Empa mehleng ea Esaia, moshanyana ea se nang ntate ha a na tšepo e kaalo ea ho fumana kahlolo leha e le efe e molemo. Ha e le mohlolohali, o sitoa ho fumana motho leha e le ofe esita le hore feela a mamele nyeoe ea hae, ho se ho sa thoe letho ka motho ea ka lekang ho mo thusa. Che, baahloli bana le baeta-pele ba phathahane haholo ka ho lelekisa lithahasello tsa bona—ba batla tjotjo, ba lelekisa limpho ’me ke balekane ba masholu, ka ho hlakileng ba sireletsa linokoane ha ka lehlakoreng le leng ba lumella hore bao li ba etsang hampe ba utloe bohloko. Ho ntse ho le joalo, ho hobe le ho feta ke hore ba “manganga,” kapa ba thatafetse, tseleng ea bona ea ho etsa bobe. Ke boemo ba litaba bo soabisang hakaakang!
Jehova o Tla Hloekisa Batho ba Hae
23. Jehova o hlalosa maikutlo afe ka bahanyetsi ba hae?
23 Jehova a ke ke a mamella tšebeliso e mpe joalo ea matla ka ho sa feleng. Esaia o tsoela pele: “Ka hona se boleloang ke Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho, Ea Matla oa Iseraele, ke ho re: ‘Eke! Ke tla ikimolla bahanyetsi ba ka, ’me ke tla iphetetsa ho lira tsa ka.’” (Esaia 1:24) Mona Jehova o fuoa litlotla tse tharo, tse hatisang bobusi ba hae bo loketseng le matla a hae a maholo. Phatlalatso e reng “Eke!” mohlomong e bontša hore joale kutloelo-bohloko ea Jehova e kopane le boikemisetso ba ho nka bohato ka khalefo. Ka sebele ho na le lebaka la ho etsa sena.
24. Ke tšebetso efe ea tlhoekiso eo Jehova a e reretseng batho ba hae?
24 Batho ba Jehova ba ikentse lira tsa hae. Ka sebele ba lokeloa ke phetetso ea bomolimo. Jehova o tla “ikimolla” bona, kapa a ba hlohlolle. Na see se bolela ho felisoa ka ho feletseng ha batho ba bitsoang ka lebitso la hae? Che, kaha Jehova o tsoela pele ho re: “Ke tla khutlisa letsoho la ka holim’a hao, ’me ke tla qhibilihisa manya a hao a okolehang joalokaha eka ke ka lokho, ’me ke tla tlosa lilahloa tsa hao kaofela.” (Esaia 1:25) Joale Jehova o sebelisa mokhoa oa ho hloekisa e le papiso. Mehleng ea boholo-holo, hangata mohloekisi o ne a tšela lokho bakeng sa ho arola manya le tšepe ea bohlokoa. Ka tsela e tšoanang, Jehova, ea sa talimeng batho ba hae ba le khopo ka ho feletseng, o tla ba “shapa ka tekanyo e loketseng.” O tla tlosa “lilahloa” feela ho bona—ba manganga, ba sa rateheng, ba hanang ho ithuta le ho mamela.c (Jeremia 46:28) Ka mantsoe ana, Esaia o ba le tokelo ea ho ngola histori esale pele.
25. (a) Jehova o ile a hloekisa batho ba hae joang ka 607 B.C.E.? (b) Jehova o ile a hloekisa batho ba hae neng mehleng ea kajeno?
25 Ka sebele Jehova o ile a fela a hloekisa batho ba hae, a tlosa manya a okolehang a baeta-pele ba bolileng le marabele a mang. Ka 607 B.C.E., nako e telele ka mor’a mehla ea Esaia, Jerusalema e ile ea timetsoa ’me baahi ba eona ba isoa botlamuoeng Babylona ka lilemo tse 70. Ka tsela e itseng, sena se tšoana le bohato boo Molimo a ileng a bo nka nako e telele hamorao. Boprofeta bo ho Malakia 3:1-5, bo ngotsoeng nako e telele ka mor’a botlamuoa ba Babylona, bo ile ba bontša hore Molimo o ne a tla boela a etse mosebetsi oa ho hloekisa. Bo ne bo supa nakong eo ka eona Jehova Molimo a neng a tla tla tempeleng ea hae ea moea a e-na le ‘lenģosa la hae la selekane,’ Jesu Kreste. Ka ho hlakileng sena se etsahetse bofelong ba Ntoa ea I ea Lefatše. Jehova o ile a hlahloba bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, a tšeka ba ’nete ho ba bohata. Ka phello efe?
26-28. (a) Esaia 1:26 e ile ea phethahala joang ka lekhetlo la pele? (b) Boprofeta boo bo phethahetse joang mehleng ea rōna? (c) Boprofeta boo bo ka ruisa baholo molemo joang kajeno?
26 Jehova oa araba: “Ke tla boela ke u khutlisetsa baahloli joaloka pele, le baeletsi ba hao joaloka qalong. Ka mor’a sena u tla bitsoa Motse oa ho Loka, Motse o Tšepahalang. Sione e tla lopolloa ka toka, ’me batho ba eona ba khutlang, ba lopolloe ka ho loka.” (Esaia 1:26, 27) Jerusalema ea boholo-holo e ile ea latsoa phethahatso ea pele ea boprofeta bona. Ka mor’a hore batlamuoa ba khutlele motseng oa bona o ratoang ka 537 B.C.E., ho ile ha boela ha e-ba le baahloli le baeletsi ba tšepahalang joaloka ba nakong e fetileng. Moprofeta Hagai le moprofeta Zakaria, moprista Joshua, mongoli Esdrase le ’musisi Zorobabele kaofela ba ile ba tataisa le ho etella pele masala a tšepahalang a khutlileng hore a tsamaee litseleng tsa Molimo. Leha ho le joalo, phethahatso ea bohlokoa le ho feta e etsahetse lekholong la bo20 la lilemo.
27 Ka 1919, batho ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ile ba hlahella nakong ea teko. Ba ile ba lopolloa botlamuoeng ba moea ba Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Phapang e ile ea hlaka pakeng tsa masala ao a tlotsitsoeng a tšepahalang le baruti ba bakoenehi ba Bokreste-’mōtoana. Molimo o ile a boela a hlohonolofatsa batho ba hae, ‘a ba khutlisetsa baahloli le baeletsi’—banna ba tšepahalang ba eletsang batho ba Molimo ho ea ka Lentsoe la hae eseng ho ea ka lineano tsa batho. Kajeno ho na le banna ba joalo ba likete har’a “mohlatsoana” o ntseng o fokotseha le har’a metsoalle ea bona e limilione ea “linku tse ling” tse ntseng li eketseha.—Luka 12:32; Johanne 10:16; Esaia 32:1, 2; 60:17; 61:3, 4.
28 Baholo baa hopola hore ka linako tse ling ba sebeletsa e le “baahloli” ka phuthehong e le hore ba e boloke e hloekile boitšoarong le moeeng le ho lokisa bafosi. Ba amehile ka ho teba ka ho etsa lintho ka tsela ea Molimo, ba etsisa boikutlo ba hae ba ho ba mohau, bo leka-lekanngoang le toka. Leha ho le joalo, litabeng tse ngata, ba sebeletsa e le “baeletsi.” Ho hlakile hore sena se fapane hōle le ho ba likhosana kapa bahatelli, ’me ba leka ka hohle hore le ka mohla ba se ke ba bonahala e le ‘ba renang ka thata holim’a bao e leng lefa la Molimo.’—1 Petrose 5:3.
29, 30. (a) Jehova o phatlalatsa eng ho ba hanang ho rua molemo tšebetsong ea tlhoekiso? (b) Batho ba “hlajoa ke lihlong” ka lifate le lirapa tsa bona ka kutloisiso efe?
29 Ho thoe’ng ka “manya” a boletsoeng boprofeteng ba Esaia? Ho etsahala’ng ka ba hanang ho rua molemo tšebetsong ea Molimo ea ho hloekisa? Esaia o tsoela pele: “Bafetoheli le ba nang le sebe ba tla oa ka nako e tšoanang, ’me ba furallang Jehova ba tla fela. Etsoe ba tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la lifate tse matla tseo le li lakalitseng, ’me le tla soaba ka lebaka la lirapa tseo le li khethileng.” (Esaia 1:28, 29) Ba fetohelang Jehova le ba mo siteloang, ba hlokomolohang melaetsa ea temoso ea baprofeta ba hae ho fihlela metsotso e se e jele babeli, ka sebele baa “oa” ’me baa “fela.” Sena se etsahala ka 607 B.C.E. Leha ho le joalo, lifate le lirapa tsee tseo ho buuoang ka tsona li bolela’ng?
30 Bajudea ba na le bothata bo phehellang ba borapeli ba litšoantšo. Lifate, lirapa le meru hangata li hlahella e le tsa bohlokoa mekhoeng ea bona e litšila. Ka mohlala, barapeli ba Baale le mosali oa hae, Ashtorethe, ba lumela hore nakong ea komello, melimo ena e ’meli e shoele e bile e patiloe. E le ho e susumetsa hore e tsohe ’me e kopanele liphate, ’me e tlise nala naheng, barapeli ba litšoantšo ba bokana hammoho hore ba etse liketso tse feteletseng tsa botona le botšehali tlas’a lifate tse “halalelang” merung kapa lirapeng. Ha lipula le nala li e-ba teng naheng, melimo ena ea bohata e fuoa tlotla; barapeli ba litšoantšo ba ikutloa ba kholisehile ka litumela-khoela tsa bona. Empa ha Jehova a felisa barapeli bana ba litšoantšo ba marabele, ha ho melimo ea litšoantšo e ba sireletsang. Marabele a “hlajoa ke lihlong” ka lifate le lirapa tsena tse se nang thuso.
31. Barapeli ba litšoantšo ba talimana le eng e mpe le ho feta ho hlajoa ke lihlong?
31 Leha ho le joalo, Bajudea ba rapelang litšoantšo ba talimana le ho hong ho hobe le ho feta ho hlajoa ke lihlong. Ha a fetola papiso eo, joale Jehova o tšoantša morapeli oa litšoantšo ka boeena le sefate. “Etsoe le tla ba joaloka sefate se seholo seo makhasi a sona a ponang, le joaloka serapa se se nang metsi.” (Esaia 1:30) Papiso ena ke e loketseng tikolohong e chesang, le e omeletseng ea Bochabela bo Hare. Ha ho sefate kapa serapa se ka tšoarellang nako e telele ha se sa fumane metsi ka tsela e tsitsitseng. Ha li omeletse, limela tse joalo li ka chesoa habonolo haholo ke mollo. Joale, ka ho loketseng ho latela papiso e temaneng ea 31.
32. (a) “Monna ea matla” eo ho buuoang ka eena temaneng ea 31 ke mang? (b) Ke ka kutloisiso efe a tla fetoha “thapo,” ke “tlhase” efe e tla mo hotetsa, hona ka phello efe?
32 “Ka sebele monna ea matla o tla fetoha thapo, ’me sehlahisoa sa mosebetsi oa hae e be tlhase; ka bobeli ba tla cha ka nako e tšoanang, ho se ea timang.” (Esaia 1:31) ‘Monna eo ea matla’ ke mang? Polelo ea Seheberu e fetisa maikutlo a matla le leruo. Mohlomong e bolela molateli oa melimo ea bohata ea atlehileng le ea itšepileng boeena. Mehleng ea Esaia, joaloka mehleng ea rōna, ho na le batho ba bangata ba hanang Jehova le borapeli ba hae bo hloekileng. Ba bang ba bile ba bonahala eka ba atlehile. Leha ho le joalo, Jehova o lemosa hore batho ba joalo ba tla tšoana le “thapo,” likhoele tse sa tieang tsa folaxe tse se nang matla le tse omeletseng hoo ka puo ea tšoantšetso li khaohang likoto ha li nkhella mollo feela. (Baahloli 16:8, 9) Se hlahisoang ke mosebetsi oa morapeli oa litšoantšo—ebang ke melimo ea hae ea litšoantšo, leruo la hae kapa ntho leha e le efe eo a e rapelang ho e-na le ho rapela Jehova—se tla tšoana le “tlhase” e hotetsang. Tlhase le thapo ka bobeli li tla cha, li fele, mollong oo ho seng motho ea ka o timang. Ha ho matla bokahohleng bohle a ka ferekanyang likahlolo tse phethahetseng tsa Jehova.
33. (a) Litemoso tsa Molimo tsa kahlolo e tlang li boetse li bontša mohau oa hae ka tsela efe? (b) Hona joale Jehova o fa moloko oa batho monyetla ofe, hona see se ama e mong le e mong oa rōna joang?
33 Na molaetsa oo oa ho qetela o lumellana le molaetsa oa mohau le tšoarelo o temaneng ea 18? Ka sebele ho joalo! Jehova o etsa hore litemoso tse joalo li ngoloe le ho fetisoa ke bahlanka ba hae hobane o mohau. Etsoe, “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) Ke tokelo ea Mokreste e mong le e mong oa ’nete kajeno ho phatlalatsa melaetsa ea Molimo ea temoso ho moloko oa batho e le hore ba bontšang pako ba ka rua molemo tšoarelong ea hae e khōlō ’me ba phela ka ho sa feleng. Jehova o mosa hakaakang ka hore a fe moloko oa batho monyetla oa ho ‘lokisa litaba’ le eena pele metsotso e e-ja babeli!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ea ka neano ea boholo-holo ea Bajuda, Morena Manase ea khopo o ile a laela hore Esaia a bolaoe, a sakhoe likoto. (Bapisa le Baheberu 11:37.) Mohloli o mong o bolela hore, e le hore ho lihuoe kahlolo ena ea lefu, moprofeta oa bohata o ile a sebelisa qoso e latelang khahlanong le Esaia: “O itse Jerusalema ke Sodoma, ’me o phatlalalitse hore likhosana tsa Juda le Jerusalema (ke) batho ba Gomora.”
b Lentsoe la Seheberu bakeng sa “matla a boselamose” hape le fetoleloa e le “se utloisang bohloko,” “se phahametseng matla a tlhaho” le “se fosahetseng.” Ho ea ka Theological Dictionary of the Old Testament, baprofeta ba Baheberu ba ne ba sebelisa lentsoe leo ho nyatsa “bokhopo bo bakoang ke tšebeliso e mpe ea matla.”
c Polelo ena “ke tla khutlisa letsoho la ka holim’a hao” e bolela hore Jehova o tla tlohela ho tšehetsa batho ba hae ’me a ba shape.