Khaolo ea Bone
Ntlo ea Jehova e Phahamisetsoa Holimo
1, 2. Ke mantsoe afe a ngotsoeng leboteng la mohaho oa Machaba a Kopaneng, ’me mohloli oa ’ona ke ofe?
“BA TLA tea lisabole tsa bona hore e be mehoma. ’Me marumo a bona e be lisekele tse faolang limela: sechaba se ke ke sa phahamisetsa se seng sabole. Hape ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.” Mantsoe ana a ngotsoe leboteng la mohaho oa Machaba a Kopaneng New York City. Ka lilemo tse mashome, ho ne ho ntse ho sa tsejoe mohloli oo mantsoe ao a qotsitsoeng ho oona. Kaha sepheo sa Machaba a Kopaneng ke ho sebeletsa hore ho be le khotso lefatšeng lohle, e bile ho utloahalang ho etsa qeto ea hore mantsoe ao a qotsitsoeng a qapiloe ke bathehi ba Machaba a Kopaneng, ka 1945.
2 Leha ho le joalo, ka 1975 lebitso la Esaia le ile la kenyelletsoa leboteng ka tlas’a mantsoe ao a qotsitsoeng. Joale ho ile ha hlaka hore mantsoe ao ha aa qaptjoa mehleng ea kajeno. Ha e le hantle, a ne a tlalehiloe e le boprofeta lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng ho seo hona joale e leng khaolo ea 2 ea buka ea Esaia. Ka lilemo tse likete, barati ba khotso ba ’nile ba ipotsa hore na lintho tseo Esaia a li boletseng esale pele li tla etsahala joang hona neng. Ha ho sa hlokahala hore re ’ne re ipotse. Kajeno re bona phethahatso e hlollang ea boprofeta bona ba boholo-holo ka pel’a rōna.
3. Ke lichaba life tse teang lisabole tsa tsona hore e be mehoma?
3 Ke lichaba life tse teang lisabole tsa tsona hore e be mehoma? Ka sebele, hase lichaba le lipuso tsa kajeno tsa lipolotiki. Ho fihlela joale lichaba tsena li entse lisabole, kapa libetsa, bakeng sa ho loana le ho boloka “khotso” ka likhoka. Ha e le hantle, kamehla tšekamelo e ’nile ea e-ba hore lichaba li tee mehoma ea tsona hore e be lisabole! Boprofeta ba Esaia bo phethahala ho baemeli ba tsoang lichabeng tsohle, batho ba rapelang Jehova, “Molimo oa khotso.”—Bafilippi 4:9.
Lichaba Tse Phallelang Borapeling bo Hloekileng
4, 5. Ke eng seo litemana tse qalang tsa Esaia khaolo ea 2 li se bolelang esale pele, hona ke eng e hatisang ho tšepahala ha mantsoe ao?
4 Esaia khaolo ea 2 e qala ka mantsoe ana: “Ntho eo Esaia mora oa Amoze a ileng a e bona mabapi le Juda le Jerusalema: Karolong e qetellang ea matsatsi thaba ea ntlo ea Jehova e tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba, ’me ka sebele e tla phahamela maralla; lichaba tsohle li tla phallela ho eona.”—Esaia 2:1, 2.
5 Hlokomela hore seo Esaia a se bolelang esale pele hase ntho e inahaneloang feela tjee. Esaia o laeloa hore a tlalehe liketsahalo tse tla etsahala—joang kapa joang. Eng kapa eng eo Jehova a e rerang ‘ka sebele e tla atleha.’ (Esaia 55:11) Ka ho hlakileng, e le ho hatisa ho tšepahala ha tšepiso ea hae, Molimo o ile a bululela moprofeta Mikea, oa mehleng ea Esaia, hore bukeng ea hae a tlalehe boprofeta bo tšoanang le bo boletsoeng ho Esaia 2:2-4.—Mikea 4:1-3.
6. Boprofeta ba Esaia bo phethahala neng?
6 Boprofeta ba Esaia bo lokela ho phethahala neng? “Karolong e qetellang ea matsatsi.” New International Version e baleha tjena: “Matsatsing a ho qetela.” Mangolo a Segerike a Bakreste a boletse esale pele litšobotsi tse neng li tla khetholla mehla ena. Tse ling tsa tsona ke lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, likhaello tsa lijo le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.”a (2 Timothea 3:1-5; Luka 21:10, 11) Ho phethahala ha boprofeta bo joalo ho fana ka bopaki bo bongata ba hore re phela “karolong e qetellang ea matsatsi,” e leng matsatsi a ho qetela a tsamaiso ea joale ea lefatše. Ka hona, ka ho utloahalang, re ne re tla lebella ho bona lintho tseo Esaia a li boletseng esale pele li phethahala mehleng ea rōna.
Thaba eo ho Rapelloang ho Eona
7. Esaia o etsa papiso efe ea boprofeta?
7 Ka mantsoe a seng makae, Esaia o etsa papiso e hlakileng ea boprofeta. Re bona thaba e phahameng, eo tlhōrōng ea eona ho nang le ntlo e khanyang, tempele ea Jehova. Thaba ena e phahametse hōle lithaba le maralla a e potolohileng. Leha ho le joalo, ha e tlise bomalimabe kapa hona ho tšosa; ea ipiletsa. Batho ba lichaba tsohle ba labalabela ho nyolohela thabeng ea ntlo ea Jehova; ba phallela ho eona. Ho bonolo ho bona sena ka mahlo a kelello, empa se bolela’ng?
8. (a) Mehleng ea Esaia, maralla le lithaba li ne li amahanngoa le eng? (b) Ho phallela ha lichaba ‘thabeng ea ntlo ea Jehova’ ho tšoantšetsa eng?
8 Mehleng ea Esaia, hangata maralla le lithaba li ne li amahanngoa le borapeli. Ka mohlala, li sebeletsa e le libaka tsa borapeli ba litšoantšo le tsa lihalalelo tsa melimo ea bohata. (Deuteronoma 12:2; Jeremia 3:6) Leha ho le joalo, ntlo kapa tempele ea Jehova e khabisitse tlhōrō ea Thaba ea Moria e Jerusalema. Baiseraele ba tšepahalang ba nka leeto le eang Jerusalema ka makhetlo a mararo ka selemo ’me ba nyolohela Thabeng ea Moria ho ea rapela Molimo oa ’nete. (Deuteronoma 16:16) Kahoo ho phallela ha lichaba ‘thabeng ea ntlo ea Jehova’ ho tšoantšetsa ho bokelleloa ha lichaba tse ngata borapeling ba ’nete.
9. “Thaba ea ntlo ea Jehova” e emela eng?
9 Ho hlakile hore kajeno batho ba Molimo ha ba bokane thabeng ea sebele e nang le tempele ea majoe. Tempele ea Jehova e Jerusalema e ile ea felisoa ke mabotho a Roma ka 70 C.E. Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a hlakisa hore tempele e Jerusalema le tabernakele e tlileng pele ho eona e ne e le tsa tšoantšetso. Li ne li emela ntho ea sebele ea moea, e khōloanyane, “tente ea ’nete, e hlomiloeng ke Jehova, eseng motho.” (Baheberu 8:2) Tente eo ea moea ke tokisetso ea ho atamela Jehova ka borapeli bo thehiloeng sehlabelong sa thekollo sa Jesu Kreste. (Baheberu 9:2-10, 23) Tumellanong le sena, “thaba ea ntlo ea Jehova” e boletsoeng ho Esaia 2:2 e emela borapeli bo hloekileng ba Jehova bo phahamisitsoeng mehleng ea rōna. Ba amohelang borapeli bo hloekileng ha ba bokane sebakeng leha e le sefe sa sebele; ba bokana bonngoeng borapeling.
Ho Phahamisoa ha Borapeli bo Hloekileng
10, 11. Ke ka kutloisiso efe borapeli ba Jehova bo phahamisitsoeng mehleng ea rōna?
10 Moprofeta o bolela hore “thaba ea ntlo ea Jehova,” kapa borapeli bo hloekileng, e ne e tla “tiisoa ka thata ka holim’a litlhōrō tsa lithaba” ’me e ‘phahamele maralla.’ Nako e telele pele ho mehla ea Esaia, Morena Davida o ile a nyollela areka ea selekane Thabeng ea Sione Jerusalema, e neng e le bophahamo ba limithara tse 760 ka holim’a leoatle. Areka e ile ea lula moo ho fihlela e fetisetsoa tempeleng e phethiloeng Thabeng ea Moria. (2 Samuele 5:7; 6:14-19; 2 Likronike 3:1; 5:1-10) Kahoo, mehleng ea Esaia areka e halalelang e ne e se e phahamisitsoe ka tsela ea sebele ’me e kentsoe ka tempeleng, e le boemong bo phahametseng maralla a mangata a potolohileng moo a neng a sebelisetsoa borapeli ba bohata.
11 Ka ho hlakileng, ka kutloisiso ea moea, haesale borapeli ba Jehova bo ntse bo phahametse mekhoa ea bolumeli ea batho ba sebeletsang melimo ea bohata. Leha ho le joalo, mehleng ea rōna Jehova o phahamiselitse borapeli ba hae holimo leholimong, ka holim’a mefuta eohle ea borapeli bo sa hloekang, e, ka holimo-limo ho “maralla” ’ohle le “litlhōrō tsa lithaba.” Joang? Haholo-holo ka ho bokella hammoho batho ba batlang ho mo rapela “ka moea le ’nete.”—Johanne 4:23.
12. “Bara ba ’muso” ke bo-mang, hona ho bile le ho bokella hofe?
12 Kreste Jesu o ile a bua ka “qetello ea tsamaiso ea lintho” e le nako ea kotulo eo ka eona mangeloi a neng a tla bokella “bara ba ’muso”—ba nang le tšepo ea ho busa le Jesu khanyeng ea leholimo. (Matheu 13:36-43) Ho tloha ka 1919, Jehova o matlafalitse “ba setseng” ba bara bana hore ba kopanele mosebetsing oa kotulo le mangeloi. (Tšenolo 12:17) Kahoo, qalong, “bara ba ’muso,” barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng, ke bona ba bokelloang. Ebe joale ba kopanela mosebetsing o eketsehileng oa ho bokella.
13. Jehova o hlohonolofalitse masala a tlotsitsoeng joang?
13 Nakong ena ea kotulo, Jehova o thusitse masala a tlotsitsoeng ka mokhoa o tsoelang pele ho utloisisa le ho sebelisa Lentsoe la hae, Bibele. Sena le sona se tlatselitse ho phahamiseng borapeli bo hloekileng. Le hoja ‘lefifi le koahetse lefatše, ’me botšo bo boholo bo koahetse lichaba,’ batlotsuoa ba ‘khanya e le maseli’ har’a moloko oa batho, kaha ba hlatsoitsoe le ho hloekisoa ke Jehova. (Esaia 60:2; Bafilippi 2:15) Kaha ba ‘tletse tsebo e nepahetseng ea thato ea hae ka bohlale bohle le kutloisiso ea moea,’ bana ba tlotsitsoeng ka moea ba “khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona.”—Bakolose 1:9; Matheu 13:43.
14, 15. Ho phaella ho bokelloeng ha “bara ba ’muso,” ke ho bokella hofe ho bileng teng, hona Hagai o boletse see esale pele joang?
14 Ho feta moo, ba bang ba phalletse ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’ Bana bao Jesu a ba bitsang “linku tse ling” tsa hae, ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Johanne 10:16; Tšenolo 21:3, 4) Ho qala ka bo-1930, ba ile ba hlahella ba le likete, eaba ba hlahella ba le likete tse makholo, ’me hona joale ba limilione! Ponong e ileng ea fuoa moapostola Johanne, ba hlalosoa e le “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.”—Tšenolo 7:9.
15 Moprofeta Hagai o ile a bua esale pele ka ho hlahella ha bongata bona bo boholo. O ile a ngola: “Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng, ‘Hang hape—ka mor’a nakoana e seng kae—’me ke sisinya maholimo le lefatše le leoatle le mobu o omileng. Ke tla sisinya lichaba tsohle, ’me lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle [ba ikopanyang le Bakreste ba tlotsitsoeng borapeling bo hloekileng] li tla kena; ’me ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya,’ ho boletse Jehova oa mabotho.” (Hagai 2:6, 7) Ho ba teng ha ‘bongata bona bo boholo’ bo ntseng bo eketseha le metsoalle ea bona e tlotsitsoeng ho phahamisa, e, ho tlotlisa borapeli bo hloekileng ka tlung ea Jehova. Le ka mohla ha ho e-s’o ka ho e-ba le tlaleho ea batho ba bangata hakana ba kopaneng borapeling ba Molimo oa ’nete, ’me sena se tlotlisa Jehova le Morena oa hae ea lutseng teroneng, Jesu Kreste. Morena Solomone o ile a ngola: “Ho na le mokhabo oa morena ha batho ba le bangata.”—Liproverbia 14:28.
Ho Phahamisoa Borapeli Bophelong ba Batho
16-18. Ke liphetoho life tseo ba bang ba li entseng e le hore ba rapele Jehova ka tsela e amohelehang?
16 Jehova o lokela ho nehoa tlotla eohle bakeng sa ho phahamisoa ha borapeli bo hloekileng mehleng ea rōna. Ho ntse ho le joalo, ba mo atamelang ba fuoa tokelo ea ho kopanela mosebetsing ona. Feela joalokaha ho hloa thaba ho hloka boiteko, ka ho tšoanang, ho ithuta ka litekanyetso tse lokileng tsa Molimo le ho phela tumellanong le tsona ho hloka boiteko. Joaloka Bakreste lekholong la pele la lilemo, bahlanka ba Molimo kajeno ba tlohetse mekhoa ea bophelo le litloaelo tse sa lumellaneng le borapeli ba ’nete. Lihlola, barapeli ba litšoantšo, bafebi, masholu, batho ba meharo, matahoa le ba bang ba fetotse litsela tsa bona ’me ba ‘hlatsoitsoe hore ba hloeke’ mahlong a Molimo.—1 Bakorinthe 6:9-11.
17 Mohlala oa sena ke phihlelo ea mosali e mong e mocha ea ileng a ngola: “Ka nako e ’ngoe ke ne ke lahlehile ke bile ke se na tšepo. Ke ne ke phela bophelo ba boitšoaro bo bobe le botahoa. Ke ne ke tšoeroe ke mafu a amanang le likamano tsa botona le botšehali. Hape ke ne ke rekisa lithethefatsi ke bile ke sa tsotelle letho.” Ka mor’a hore a ithute Bibele, o ile a etsa liphetoho tse khōlō e le hore a lumellane le litekanyetso tsa Molimo. Hona joale o re: “Ke thabela khotso ea kelello, boitlhompho, tšepo ka bokamoso, lelapa la sebele ’me se molemo ka ho fetisisa, ke thabela kamano le Ntate oa rōna, Jehova.”
18 Esita le ka mor’a hore ba fumane boemo bo amohelehang ka pel’a Jehova, bohle ba lokela ho tsoela pele ba phahamisa borapeli bo hloekileng ka ho etsa hore e be bona bo ka sehloohong bophelong ba bona. Lilemong tse likete tse fetileng, a sebelisa Esaia, Jehova o ile a bolela kholiseho ea hae ea hore kajeno ho ne ho tla ba le matšoele-tšoele a chesehelang ho etsa hore borapeli ba hae e be eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba ’ona. Na u har’a ’ona?
Batho ba Rutoang Tsela ea Jehova
19, 20. Batho ba Molimo ba rutoa eng, hona hokae?
19 Jehova o re bolella ho eketsehileng ka ba amohelang borapeli bo hloekileng kajeno. O re: “Ka sebele lichaba tse ngata li tla ea ’me li re: ‘Tloong, ’me re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ntlong ea Molimo oa Jakobo; o tla re rupela ka litsela tsa hae, ’me re tla tsamaea litseleng tsa hae.’ Etsoe molao o tla tsoa Sione, ’me lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.”—Esaia 2:3.
20 Jehova ha a tlohelle batho ba hae hore ba lelere joaloka linku tse lahlehileng. Ka Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, o fetisetsa “molao” oa hae le “lentsoe” la hae ho bona e le hore ba ithute litsela tsa hae. Tsebo ena e ba hlomella hore ba ‘tsamaee litseleng tsa hae.’ Ka lebaka la lipelo tse tletseng kananelo hape e le tumellanong le taelo ea bomolimo, ba buisana ka litsela tsa Jehova. Ba bokana hammoho likopanong tse khōlō le ka lihlopha tse nyenyane—Liholong tsa ’Muso le malapeng a batho—e le hore ba mamele ’me ba ithute litsela tsa Molimo. (Deuteronoma 31:12, 13) Kahoo ba etsisa mohlala oa Bakreste ba pele, ba neng ba kopana hammoho ho khothatsana le ho susumelletsana hore ba ateloe ke ‘lerato le mesebetsi e metle.’—Baheberu 10:24, 25.
21. Bahlanka ba Jehova ba kopanela mosebetsing ofe?
21 Ba mema ba bang hore ba ‘nyolohele’ borapeling bo phahamisitsoeng ba Jehova Molimo. See se lumellana hantle hakaakang le taelo eo Jesu a ileng a e fa barutuoa ba hae pejana ho ho nyolohela leholimong! O ile a ba bolella: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Li tšehelitsoe ke Molimo, ka ho bontša kutlo Lipaki tsa Jehova li ea lefatšeng lohle, lia ruta li bile li etsa barutuoa le ho ba kolobetsa.
Lisabole e ba Mehoma
22, 23. Ke eng seo Esaia 2:4 e se bolelang esale pele, hona mosebeletsi e mong oa Machaba a Kopaneng o ile a re’ng ka sona?
22 Joale re tla temaneng e latelang, eo karolo e ’ngoe ea eona e ngotsoeng leboteng la mohaho oa Machaba a Kopaneng. Esaia oa ngola: “Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba ’me a lokise litaba lichabeng tse ngata. Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:4.
23 Ho finyella sena e ne e ke ke ea e-ba ntho e bonolo feela tjee. Federico Mayor, motsamaisi-kakaretso oa Mokhatlo oa Machaba a Kopaneng oa Thuto, Saense le Setso, o kile a re: “Limpe tsohle tsa ntoa, tseo kajeno re li bonang malapeng ka thepa ea elektronike e hlahisang litšoantšo, ha ho bonahale li khona ho thibela tsoelo-pele ea mabotho a maholo a ntoa a thehiloeng le a ’nileng a tšehetsoa ka makholo a mangata a lilemo. Meloko ea kajeno e na le mosebetsi oa Bibele oo e batlang e le oo e ke keng ea o khona oa ‘ho tea lisabole tsa eona hore e be mehoma’ le ho etsa phetoho ea ho tloha tšekamelong ea ntoa—e ’nileng ea e-ba teng ho tloha nakong e sa hopoleheng—ho ea boikutlong ba ho ba le khotso. Ho finyella sena e ne e tla ba ketso ea bohlokoa ka ho fetisisa le e khabane ka ho fetisisa eo ‘motse oa lefatše lohle’ o neng o ka e finyella, le lefa la bohlokoa ka ho fetisisa ho litloholo tsa rōna.”
24, 25. Mantsoe a Esaia a phethahala ho bo-mang, hona ka tsela efe?
24 Ha ho mohla lichaba ka kakaretso li tla finyella pakane ena e phahameng. Ho hang li ke ke tsa e fihlela. Mantsoe a Esaia a phethahatsoa ke batho ba tsoang lichabeng tse ngata, ba kopaneng borapeling bo hloekileng. Jehova o ‘lokisitse litaba’ har’a bona. O rutile batho ba hae hore ba phelisane ka khotso. Ka sebele, lefatšeng lena le arohaneng le le tletseng likhohlano, ka tšoantšetso ba ‘teile lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.’ Joang?
25 Ka mohlala, ha ba nke lehlakore lintoeng tsa lichaba. Pejana ho lefu la Jesu, banna ba hlometseng ba ile ba tla ho tla mo tšoara. Ha Petrose a hlatha ka sabole hore a sireletse Mong’a hae, Jesu o ile a re ho eena: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Ho tloha ka nako eo, balateli ba Jesu ba hatang moo a hatileng teng ba teile lisabole tsa bona hore e be mehoma ’me ba hanne ho nka libetsa hore ba bolaee batho ba bang le ho tšehetsa mosebetsi oa ntoa ka litsela tse ling. Ba ‘phehella khotso le batho bohle.’—Baheberu 12:14.
Ho Phehella Litsela Tsa Khotso
26, 27. Batho ba Molimo ba ‘batla khotso le ho e phehella’ ka tsela efe? Fana ka mohlala.
26 Khotso ea batho ba Molimo e feta hōle taba ea ho hana ho kopanela ntoeng. Le hoja ba fumanoa linaheng tse fetang 230 ’me ba bua lipuo tse ngata ba bile ba e-na le mekhoa e mengata ea bophelo, ba thabela khotso har’a bona. Mantsoe a Jesu, ao a ileng a a bua ho barutuoa ba hae lekholong la pele la lilemo, a phethahala ho bona kajeno: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:35) Kajeno Bakreste ke “ba bōpang khotso.” (Matheu 5:9, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ba ‘batla khotso ’me baa e phehella.’ (1 Petrose 3:11) Jehova, “Molimo ea fanang ka khotso,” ke eena ea ba tšehetsang.—Baroma 15:33.
27 Ho na le mehlala e susumetsang ea ba ithutileng hore e be ba bōpang khotso. Mohlankana e mong o ngola tjena ka bophelo ba hae ba pele: “Phihlelo e boima e ile ea nthuta ho itšireletsa. E ile ea nketsa hore ke be mabifi le hore ke tlale khalefo ka bophelo. Kamehla ke ne ke qetella ke loana. Letsatsi ka leng, ke ne ke loantša ngoana e mong motseng, ka linako tse ling ka lifeise, ka linako tse ling ka majoe kapa libotlolo. Ke hōtse ke le mabifi haholo.” Leha ho le joalo, qetellong o ile a arabela memong ea ho ea ‘thabeng ea ntlo ea Jehova.’ O ile a ithuta litsela tsa Molimo ’me ea e-ba mohlanka oa Molimo ea ratang khotso.
28. Ke’ng seo Bakreste ba ka se etsang e le hore ba phehelle khotso?
28 Boholo ba bahlanka ba Jehova ha baa hōla ba le mabifi joalo. Ho ntse ho le joalo, esita le linthong tse batlang li le nyenyane—liketso tse mosa, ho tšoarela le kutloelo-bohloko—ba leka ho khothalletsa ho ba le khotso le batho ba bang. Le hoja ba sa phethahala, ba leka ho sebelisa keletso ea Bibele ea hore ba ‘tsoele pele ba mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.’—Bakolose 3:13.
Bokamoso ba Khotso
29, 30. Ho na le tebello efe bakeng sa lefatše?
29 Jehova o entse ntho e hlollang ‘karolong ena e qetellang ea matsatsi.’ O bokeletse batho ba batlang ho mo sebeletsa ho tsoa lichabeng tsohle. O ba rutile ho tsamaea litseleng tsa hae, e leng litsela tsa khotso. Bana ke bona ba tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang ’me ba fetele lefatšeng le lecha la khotso leo ho lona ntoa e tla felisoa ka ho sa feleng.—Tšenolo 7:14.
30 Lisabole—libetsa—li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Mopesaleme o ile a ngola tjena mabapi le nako eo: “Tloong, le bone mesebetsi ea Jehova, kamoo a entseng liketsahalo tse makatsang lefatšeng. O felisa lintoa ho isa pheletsong ea lefatše. O roba seqha ’me o robakanya lerumo; o chesa likoloi mollong.” (Pesaleme ea 46:8, 9) Ka lebaka la tebello e joalo, khothatso e latelang ea Esaia ke e loketseng kajeno joalokaha e ne e loketse ha a ne a e ngola: “Lōna ba ntlo ea Jakobo, tloong re tsamaeeng leseling la Jehova.” (Esaia 2:5) E, a re lumelleng hore leseli la Jehova le khantše tsela ea rōna hona joale, ’me re tla tsamaea tseleng ea hae ho isa ka ho sa feleng.—Mikea 4:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, khaolo ea 11, “Ana ke Matsatsi a Qetello!,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.