Ho ba Teng ha Messia le Puso ea Hae
“Jesu eo ea nketsoeng leholimong a le har’a lōna, o tla be a tle ka mokhoa oo le ’moneng a e-ea ka oona.”—LIKETSO 1:11.
1, 2. (a) Mangeloi a mabeli a ile a tšelisa baapostola ba Jesu joang ha a ne a nyolohela leholimong? (b) Tebello ea ho khutla ha Kreste e phahamisa lipotso life?
BANNA ba 11 ba ne ba eme mothipoloheng o ka bochabela oa Thaba ea Mehloare, ba shebile marung. Nakoana pele ho moo Jesu Kreste o ne a nyolohile a le har’a bona, sebōpeho sa hae sa nyamela ho fihlela se tširoa ke maru. Lilemong tseo a li qetileng a e-na le bona, banna bana ba ne ba bone ha Jesu a fana ka bopaki bo bongata ba hore ke Messia; ba ne ba bile teng esita le lefung la hae le bohloko le tsohong ea hae e ileng ea baka nyakallo. Joale o ne a se a ile.
2 Hang-hang ho ile ha hlaha mangeloi a mabeli ’me a bua mantsoe ana a tšelisang: “Banna ba Galilea, le ntse le emetse’ng, le lelaletse leholimong? Jesu eo ea nketsoeng leholimong a le har’a lōna, o tla be a tle ka mokhoa oo le ’moneng a e-ea leholimong ka oona.” (Liketso 1:11) Ke ho khothatsang hakaakang—ho nyolohela ha Jesu leholimong ha hoa ka ha bolela hore o ne a se a sa tsotelle lefatše le moloko oa batho! Ho fapana le seo, Jesu o ne a tla khutla. Ntle ho pelaelo mantsoe ana a ile a tlatsa baapostola ka tšepo. Kajeno batho ba limillione ba nka tšepiso ea hore Kreste o tla khutla e le ea bohlokoa haholo. Ba bang ba bua ka eona e le “Ho Tla Labobeli” kapa “Ho Bōea.” Leha ho le joalo, ba bangata ba bonahala ba ferekane hore na ha e le hantle ho khutla ha Kreste ho bolela eng. Kreste o khutla ka tsela efe? Neng? Hona see se ama bophelo ba rōna joang kajeno?
Mokhoa oo Kreste a Tla Khutla ka Oona
3. Batho ba bangata ba lumela eng ka ho khutla ha Kreste?
3 Ho latela buka An Evangelical Christology, “ho tla labobeli kapa ho khutla ha Kreste (parousia) ho theha ’muso oa Molimo, qetellong, ka ho totobetseng, le ka ho sa feleng.” Batho ba bangata ba lumela hore ho khutla ha Kreste ho tla bonahala ka ho hlakileng, ho bonoe ka tsela ea sebele ke bohle ba leng polaneteng ena. E le ho tšehetsa khopolo ena, ba bangata ba supa ho Tšenolo 1:7, e balehang tjena: “Bonang, o tla ka maru, ’me mahlo ’ohle a tla ’mona, le bona ba mo hlabileng.” Empa na re tlameha ho nka temana ee joalokaha e ngotsoe?
4, 5. (a) Re tseba joang hore Tšenolo 1:7 ha e nkoe ka moelelo oa sebele? (b) Mantsoe a Jesu a tiisa kutloisiso ee joang?
4 Hopola, buka ea Tšenolo e ngotsoe ka “lipontšo.” (Tšenolo 1:1, NW) Temana ena e tlameha e le tšoantšetso; ntle le moo, ke joang “ba mo hlabileng” ba ka bonang ha Kreste a khutla? E se e ka ba lilemo tse makholo a 20 ba shoele! Ho feta moo, mangeloi a boletse hore Kreste o tla khutla “ka mokhoa oo” a ileng a tsamaea ka oona. O ile a tsamaea joang? Na o ne a shebelletsoe ke ba limillione? Che, ke ba ’maloa feela ba tšepahalang ba ileng ba bona ketsahalo eo. ’Me ha mangeloi a bua le bona, na ha e le hantle baapostola ba ne ba shebile leeto la Kreste ho ea fihla leholimong? Che, ba ile ba tširoa ke leru hore ba se ke ba bona Jesu. Nakoana ka mor’a moo, o tlameha a ile a kena maholimong a moea e le motho oa moea, ea sa bonahaleng mahlong a batho. (1 Ba-Korinthe 15:50) Kahoo, haeba ho thoe baapostola ba bone ho hongata, ba bone feela qaleho ea leeto la Jesu; ba ne ba ke ke ba bona phello ea lona, e leng ho khutlela ha hae ponahalong ea leholimo ea Ntate oa hae, Jehova. Sena ba ne ba ka se lemoha feela ka mahlo a bona a tumelo.—Johanne 20:17.
5 Bibele e ruta hore Jesu o tla khutla ka tsela e tšoanang. Jesu ka boeena pejana ho lefu la hae o itse: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona.” (Johanne 14:19) O boetse a bolela hore “’muso oa Molimo ha o tle ka ho lemohuoa ho totobetseng.” (Luka 17:20, NW) Joale, ke ka kutloisiso efe ‘mahlo ’ohle a tlang ho ’mona’? E le ho arabela, pele ho hlokahala hore re be le kutloisiso e hlakileng ea lentsoe leo Jesu le balateli ba hae ba le sebelisitseng mabapi le ho khutla ha hae.
6. (a) Ke hobane’ng ha mantsoe a kang “ho khutla,” “ho fihla,” “ho bōea,” le “ho tla” e se liphetolelo tse lekaneng tsa lentsoe la Segerike pa·rou·siʹa? (b) Ke eng e bontšang hore pa·rou·siʹa, kapa “ho ba teng,” e nka nako e telele ho feta feela ketsahalo e fetang?
6 ’Nete ke hore, Kreste o etsa ho fetang feela ho “khutla.” Lentsoe lena, joaloka “ho tla,” “ho fihla,” kapa “ho bōea,” le bolela ketsahalo e le ’ngoe e etsahalang ka nako e khutšoaane. Empa lentsoe la Segerike leo Jesu le balateli ba hae ba le sebelisitseng le bolela ho eketsehileng ho feta sena. Lentsoe lena ke pa·rou·siʹa, leo ha e le hantle le bolelang “ho ba haufi” kapa “ho ba teng.” Litsebi tse ngata lia lumela hore lentsoe lena ha le akaretse feela ho fihla empa le ho ba teng ho neng ho tla latela—joaloka ketelo ea molao e etsoang ke motho ea emetseng ’Muso o itseng. Ho ba teng hona ha se ketsahalo ea nakoana; ke nako e itseng e khethehileng, nako e tšoailoeng. Ho Mattheu 24:37-39, (NW) Jesu o ile a bolela hore “ho ba teng [pa·rou·siʹa] ha Mor’a motho” ho ne ho tla tšoana le “mehleng ea Noe” e ileng ea qetella ka Moroallo. Noe o ne a haha areka a bile a lemosa batho ba khopo ka mashome a lilemo pele Moroallo o fihla ’me o fiela tsamaiso ea lefatše leo e senyehileng. Joale, ka ho tšoanang, ho ba teng ho sa bonahaleng ha Kreste ke ha nako ea mashome a itseng a lilemo pele le hona ho qetella ka timetso e khōlō.
7. (a) Ke eng se pakang hore pa·rou·siʹa ha e bonahale mahlong a batho? (b) Mangolo a hlalosang hore ho khutla ha Kreste ho tla bonahala ho “mahlo ’ohle” a tla phethahatsoa joang hona e le neng?
7 Ntle ho pelaelo, pa·rou·siʹa ha e bonahale ka tsela ea sebele mahlong a batho. Haeba e ne e bonahala, ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka qeta nako e ngata hakaalo, joalokaha re tla bona, a neha balateli ba hae pontšo e tla ba thusa hore ba lemohe ho ba teng ha hae?a Leha ho le joalo, ha Kreste a tl’o felisa tsamaiso ea lefatše la Satane, ’nete ea hore o teng e ne e tla bonahala ka ho hlakileng ho bohle. Ke ka nako eo “mahlo ’ohle a tla ’mona.” Esita le bahanyetsi ba Jesu ba tla lemoha, ka masoabi, hore puso ea Kreste ke ea sebele.—Bona Mattheu 24:30; 2 Ba-Thessalonika 2:8; Tšenolo 1:5, 6.
Ho Qala Neng?
8. Ke ketsahalo efe e tšoaeang qalo ea ho ba teng ha Kreste, hona e etsahetse hokae?
8 Ho ba teng ha Messia ho qala ka ketsahalo e phethahatsang sehlooho se iphetang sa boprofeta bo amang Messia. O behoa teroneng e le Morena leholimong. (2 Samuele 7:12-16; Esaia 9:6, 7; Ezekiele 21:26, 27) Jesu ka boeena o bontšitse hore ho ba teng ha hae ho ne ho tla amana le borena ba hae. Lipapisong tse ’maloa, o ile a itšoantša le monghali ea sieang lehae la hae le makhoba, a kena leetong ka nako e telele ho ea “fatšeng le hole” moo a amohelang “borena.” O ile a fana ka papiso e ’ngoe e joalo e le karolo ea karabelo ea hae potsong ea baapostola mabapi le hore na pa·rou·siʹa ea hae e ne e tla qala neng; e ’ngoe o fane ka eona hobane “ba ne ba lekanya hobane ’muso oa Molimo o tla hlaha kapele.” (Luka 19:11, 12, 15; Mattheu 24:3; 25:14, 19) Kahoo nakong ea ha e le motho lefatšeng, ho beoa ha hae teroneng ho ne ho sa le hōle, ho ne ho tla etsahala “fatšeng le hole” le leholimong. Ho ne ho tla etsahala neng?
9, 10. Ke bopaki bofe bo teng ba hore hona joale Kreste oa busa leholimong, hona o qalile puso ea hae neng?
9 Ha barutuoa ba Jesu ba ne ba ’motsa: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” Jesu o ile a arabela ka ho ba fa tlhaloso e qaqileng ea nako eo e tlang. (Mattheu, khaolo 24, NW; Mareka, khaolo 13; Luka, khaolo 21; bona le 2 Timothea 3:1-5; Tšenolo, khaolo 6.) Pontšo ena e fana ka setšoantšo se hlakileng sa nako e tletseng khathatso. Ke nako e tšoauoang ka lintoa tsa machaba, tlōlo ea molao e ntseng e e-ja setsi, bophelo bo ntseng bo theoha ba lelapa, mafu a seoa, tlala, le litšisinyeho tsa lefatše—eseng mathata a sebaka ka seng empa e le likoluoa tse akaretsang lefatše. Na see se utloahala e se ntho e ncha? Letsatsi le leng le le leng le fetang le tiisa hore lekholo la bo20 la lilemo le lokela tlhaloso ea Jesu ka ho felletseng.
10 Bo-rahistori baa lumela hore 1914 e bile phetoho e khōlō historing ea motho, selemo sa bohlokoa seo ka mor’a sona mathata a mangata ho ana a ileng a tsoa taolong, a hōla ho akaretsa lefatše lohle. E, liketsahalo tse etsahetseng lefatšeng tse phethahatsang boprofeta ba Bibele kaofela li supa 1914 e le selemo seo ka sona Jesu a ileng a qala ho busa joaloka Morena leholimong. Ho feta moo, boprofeta bo ho Daniele khaolo 4 bo fana ka bopaki ba nako bo lebisang hona selemong seo—1914—e le nako eo ka eona Morena ea tlotsitsoeng oa Jehova a tlang ho qala puso ea hae.b
Ke Hobane’ng ha e E-ba Nako ea Mathata?
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha ho le thata hore ba bang ba lumele hore hona joale Kreste oa busa leholimong? (b) Re ka etsa papiso efe ho bontša se ileng sa etsahala ka mor’a hore Jesu a behoe teroneng e le Morena?
11 Leha ho le joalo, ba bang baa ipotsa, ‘Haeba Messia oa busa leholimong ke hobane’ng ha lefatše le na le likhathatso tse kaale? Na puso ea hae ha e atlehe?’ Papiso e ka ’na ea thusa. Naha e busoa ke mopresidente ea khopo. O thehile tsamaiso e nang le tšusumetso e phallelang likarolong tsohle tsa naha. Empa ho tšoaroa likhetho; ’me li hlōloa ke motho ea molemo. Joale ho tla etsahala eng? Joalokaha ho etsahala linaheng tse ling tsa puso ea sechaba ka sechaba, ho feta nako ea ho fetola lintho e nkang likhoeli tse ’maloa pele mopresidente e mocha a behoa setulong. Banna baa ba babeli ba tla etsa joang nakong e joalo? Na hang-hang motho ea molemo o tla hlasela ’me a felise lintho tsohle tse mpe tseo mopresidente oa pele a li entseng naheng eohle? Na ho e-na le hoo o ne a ke ke a ameha ka motse-moholo pele, a thehe kabinete e ncha ’me a khaole maqhaama le metsoalle ea mopresidente oa pele le batšehetsi ba bolotsana? Ka tsela ena, nakong ea ha a laola lintho ka ho felletseng, o tla be a sebetsa ho tsoa setulong sa borena se hloekileng, le se atlehang. Ha e le ka mopresidente e mobe, na o ne a ke ke a sebelisa nako e khutšoaane e mo saletseng hore a iphumanele naheng ee maruo ’ohle a bolotsana ao a ka a fumanang pele a lahleheloa ke matla ka ho felletseng?
12 Ha e le hantle, hoa tšoana le ka pa·rou·siʹa ea Kreste. Tšenolo 12:7-12 e bontša hore ha Kreste a etsoa Morena leholimong, pele o ile a ntša Satane le bademona leholimong, kahoo a hloekisa sebaka sa Puso ea Hae. Kaha a fumane tlhōlo eo esaleng a e letetse, Satane o itšoara joang ka nako ee ‘e seng ekae’ pele Kreste a sebelisa matla a hae ka ho felletseng mona lefatšeng? Joaloka mopresidente eo e mobe, o leka ho fumana sohle seo a ka se khonang tsamaisong ena ea khale. Ho e-na le ho batla chelete, o batla batho ba tla mo latela. O batla ho arola batho ba bangata kamoo a ka khonang ho Jehova le Morena oa Hae ea busang.
13. Mangolo a bontša joang hore qalo ea puso ea Kreste e ne e tla ba nako e tletseng likhathatso mona lefatšeng?
13 Ha ho makatse hore, qalo ea puso ea Messia e bolela nako ea ‘bomalimabe lefatšeng.’ (Tšenolo 12:12) Ka ho tšoanang, Pesaleme ea 110:1, 2, 6 e bontša hore Messia o qala puso ea hae ‘har’a lira tsa hae.’ Ke feela qetellong moo a felisang “lichaba” ka ho felletseng, hammoho le karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea tsamaiso e senyehileng ea Satane hore e se hlole e ba teng!
Nakong ea ha Messia a Busa Lefatše
14. Messia o tla khona ho etsa eng ka mor’a hore a felise tsamaiso e khopo ea Satane ea lintho?
14 Ka mor’a ho timetsa tsamaiso ea Satane le bohle ba e tšehetsang, Morena oa Messia, Jesu Kreste, qetellong o tla ba boemong ba ho phetha boprofeta bo hlollang ba Bibele bo hlalosang Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete. Esaia 11:1-10 e re thusa ho bona hore na Messia e tla ba ’musi oa mofuta ofe. Temana 2 e re bolella hore “Moea oa Jehova o tla lula holim’a hae . . . , moea oa bohlale le oa kelello, moea oa keletso le oa matla.”
15. ‘Moea oa matla’ o tla bolela eng pusong ea Messia?
15 Nahana hore na ‘moea oa matla’ o tla bolela eng pusong ea Jesu. Ha a le lefatšeng, o ne a na le tekanyo ea matla a tsoang ho Jehova, a neng a mo nolofalletsa hore a etse mehlolo. ’Me o ile a bontša takatso e tsoang botebong ba pelo ea ho batla ho thusa batho, a re, “Kea rata.” (Mattheu 8:3) Empa mehlolo ea hae nakong eo e ne e bontša esale pele hore na o tla etsa eng ha a busa leholimong. Jesu o tla etsa mehlolo lefatšeng ka bophara! Batho ba kulang, ba foufetseng, ba sa utloeng litsebeng, ba holofetseng, le lihlotsa ba tla phekoloa ka ho felletseng. (Esaia 35:5, 6) Nala ea lijo, tse abuoang ka ho leka-lekana, e tla felisa tlala ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 72:16) Ho thoe’ng ka ba limillione tse se nang palo ba leng mabitleng bao Molimo a thabelang ho ba hopola? “Matla” a Jesu a tla akarelletsa matla a ho ba tsosa, le ho neha e mong le e mong monyetla oa ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng! (Johanne 5:28, 29) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe matla ana a maholo, Morena oa Messia o tla ’ne a ikokobetse ka linako tsohle. O “thabela ho tšaba Jehova.”—Esaia 11:3.
16. Morena oa Messia e tla ba Moahloli oa mofuta ofe, ’me see se tla fapana joang le linnete tse teng ka baahloli ba batho?
16 Morena enoa e tla boetse e be Moahloli ea phethahetseng. ‘A ke ke a ahlola ka chalimo ea mahlo, leha e le ho khalemela ka ho utloa taba ea ba re.’ Ke moahloli ofe oa motho, oa nakong e fetileng le oa hona joale, ea ka hlalosoang ka tsela eo? Esita le motho ea khonang ho ahlola a ka ahlola feela motheong oa seo a se boneng le seo a se utloang, a sebelisa bohlale le temoho leha e le efe eo a nang le eona. Ka hona, baahloli le lihlopha tsa boahloli tsa lefatše lena la khale ba ka ’na ba isoa koana le koana kapa ba ferekanngoa ke likhang tse etsoang ka bohlale hore li bonahale eka ke ’nete, likhōba tse etsoang ka lekhotleng, kapa bopaki bo hanyetsanang. Hangata ke barui le batho ba matla ba ka khonang ho fana ka bopaki bo khotsofatsang, ha e le hantle ba reka toka. Ha ho joalo tlas’a Moahloli oa Messia! O bona lipelo. Ha ho letho le tla feta a sa le hlokomela. Ho ke ke ha rekisoa toka, e kopaneng le lerato le mohau. E tla rena ka linako tsohle.—Esaia 11:3-5.
Kamoo Puso ea Hae e U Amang ka Teng
17, 18. (a) Ke setšoantšo sefe se khanyang ka bokamoso ba batho se bontšitsoeng ho Esaia 11:6-9? (b) Boprofeta boo bo sebetsa ho bo-mang haholo-holo, hona hobane’ng? (c) Boprofeta boo bo tla ba le phethahatso ea sebele joang?
17 Ho hlakile hore, puso ea Messia e na le tšusumetso e khōlō ho bafo ba eona. E fetola batho. Esaia 11:6-9 e bontša hore na liphetoho tse joalo li pharalletse hakae. Boprofeta bona bo fana ka setšoantšo se amang pelo sa liphoofolo tse kotsi, tse jang liphoofolo tse ling—libere, liphiri, mangau, litau, bo-masumu—li le har’a liphoofolo tse seng kotsi tsa lapeng esita le bana. Empa liphoofolo tsena tse jang liphoofolo tse ling ha li kotsi! Hobane’ng? Temana 9 ea arabela: “’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.”
18 Ha e le hantle, “tsebo ea Jehova” e ke ke ea ba le phello ea letho ho liphoofolo tsa sebele; ka hona, litemana tsena li tlameha li sebetsa haholo-holo ho batho. Puso ea Messia e buella lenaneo la thuto e akaretsang lefatše lohle, le rutang batho ka Jehova le litsela tsa hae, le rutang bohle hore ba tšoare batho ba bang ka lerato, tlhompho, le ka seriti. Paradeiseng e tlang, ka mohlolo Messia o tla busetsa batho phethehong ea ’mele le ea boitšoaro. Litšobotsi tsa bobatana, tse kang tsa liphoofolo tse tšoaeang botho bo sa phethahalang ba batho li tla fela. Hape, ka kutloisiso ea sebele, batho ba tla ba khotsong le liphoofolo—qetellong!—Bapisa le Genese 1:28.
19. Puso ea Messia e ama bophelo ba batho joang mehleng ee ea qetello?
19 Leha ho le joalo, hopola hore, hona joale Messia oa busa. Esita le hona joale, bafo ba ’Muso oa hae ba ithuta ho phelisana ka khotso, ba phethahatsa Esaia 11:6-9 ka kutloisiso e ’ngoe. Ho feta moo, ka lilemo tse ka bang 80, Jesu o ’nile a phethahatsa Esaia 11:10, NW: “Ho tla etsahala tsatsing leo hore ho be le lehlomela la Jese le tla ema joaloka pontšo ho lichaba. Lichaba li tla retelehela ho lona, ’me nģalo ea ho phomola ha lona e tla ba khanya.” Batho ba lichaba tsohle ba retelehela ho Messia. Hobane’ng? Hobane ha e sale ho tloha ha a qala ho busa, o ’nile a “ema joaloka pontšo.” O ’nile a etsa hore ho ba teng ha hae ho tsebahale lefatšeng ka bophara ka thuso ea lenaneo le leholo la thuto le hlalositsoeng ka holimo. Ha e le hantle, Jesu o ile a bolela esale pele hore mosebetsi oa ho bolela lefatšeng ka bophara e tla ba pontšo e khethehileng ea ho ba teng ha hae pele ho bofelo ba tsamaiso ena ea khale.—Mattheu 24:14.
20. Bafo bohle ba puso ea Messia ba lokela ho qoba boikutlo bofe, hona hobane’ng?
20 Kahoo ho ba teng ha Kreste matleng a ’Muso ha se taba e hōle, e buuoang feela, khang e etsoang ka bohlale ke batho ba ithutetseng thuto ea bolumeli. Puso ea hae e ama bophelo lefatšeng ’me ea bo fetola, joalokaha Esaia a boletse esale pele hore e ne e tla etsa joalo. Jesu o ntšitse bafo ba limillione ba ’Muso oa hae tsamaisong ena e senyehileng ea lefatše. Na u mofo ea joalo? Joale sebeletsa ka cheseho le thabo tse tšoanetseng ’Musi oa rōna! Rea lumela hore, ho bobebe ho khathala, ho kopanela mohoong oa lefatše o somang: “E kae pallo ea ho tla ha hae?” (2 Petrose 3:4) Empa joalokaha Jesu ka boeena a boletse, “ea tiisetsang ho fihlela qetellong, ke eena ea tla bolokeha.”—Mattheu 24:13.
21. Ke joang bohle re ka hōlisang kananelo ea rōna ka tšepo ea Messia?
21 Letsatsi le leng le le leng le fetang le re atametsa haufi le letsatsi le leholo leo ka lona Jehova a tla laela Mora oa Hae hore a etse hore ho ba teng ha hae ho bonahale lefatšeng lohle. Le ka mohla u se ke ua lumella hore tšepo ea hao ka letsatsi leo e fifale. Thuisa ka Bomessia ba Jesu le ka litšoaneleho tsa hae joaloka Morena ea busang. Hape nahana ka ho tebileng ka Jehova Molimo, moqali le mothehi oa tšepo e khōlō ea Messia e boletsoeng ka Bibeleng. Ntle le pelaelo, ha u etsa joalo u tla ikutloa kamoo moapostola Pauluse a ileng a ikutloa ka teng ha a ngola: “A boliba ba monono, le ba bohlale le ba tsebo ea Molimo!”—Ba-Roma 11:33.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Morao ka 1864 motho ea ithutetseng thuto ea bolumeli R. Govett o ile a e beha ka tsela ena: “Ho ’na e bonahala e le ntho ea makhaola-khang. Ho fana ka pontšo ea Ho ba Teng ho bontša hore ke sephiri. Ha re hloke pontšo ho re tsebisa ho ba teng ha ntho eo re e bonang.”
b Bakeng sa makolopetso, bona buka “Let Your Kingdom Come,” maqephe 133-9.
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Kreste o khutla ka mokhoa ofe?
◻ Re tseba joang hore pa·rou·siʹa ea Kreste ha e bonahale ’me e nka nako e telele?
◻ Ho ba teng ha Kreste ho qala neng, hona re tseba see joang?
◻ Messia e tla ba ’Musi oa mofuta ofe oa leholimo?
◻ Puso ea Kreste e ama bophelo ba bafo ba eona joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Tšepo ea hore Jesu o ne a tla khutla e ne e bolela ho hoholo ho baapostola ba hae ba tšepahalang
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
A busa a le leholimong, Jesu o tla etsa mehlolo lefatšeng lohle
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Earth: Based on NASA photo