Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esaia—I
“KE tla roma mang, ’me ke mang ea tla ea bakeng sa rōna?” Esaia mora oa Amoze o arabela memo ena ea Jehova ka ho re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.” (Esaia 1:1; 6:8) Ka nako eo, o ile a amohela kabelo ea ho ba moprofeta. Mesebetsi ea Esaia ea boprofeta e tlalehiloe bukeng ea Bibele e bitsoang ka lebitso la hae.
Buka ea Esaia e ngotsoeng ke moprofeta enoa ka boeena, e akaretsa nako ea lilemo tse 46, ho tloha hoo e ka bang ka 778 B.C.E. ho fihlela nakoana e itseng ka mor’a 732 B.C.E. Le hoja buka ena e bua ka liphatlalatso tse khahlanong le Juda, Iseraele le linaha tse e pota-potileng, taba e ka sehloohong eo e buang ka eona hase kahlolo. Ho e-na le hoo, e bua ka ‘poloko e tsoang ho Jehova Molimo.’ (Esaia 25:9) Ha e le hantle, lebitso Esaia ka bolona le bolela “Poloko ea Jehova.” Sehloohong sena ho tla tšohloa lintlha-khōlō tsa Esaia 1:1–35:10.
“HO TLA KHUTLA MASALA FEELA”
Bibele ha e bolele hore na ebe molaetsa oa boprofeta o tlalehiloeng likhaolong tsa pele tse hlano tsa buka ea Esaia o builoe pele Esaia a behoa hore e be moprofeta kapa o builoe ka mor’a moo. (Esaia 6:6-9) Leha ho le joalo, ho hlakile hore Juda le Jerusalema li kula moeeng “ho tloha bohatong ba leoto ho ea fihla hloohong.” (Esaia 1:6) Borapeli ba litšoantšo bo jele setsi. Baeta-pele ba tletse bobolu. Basali baa ikhohomosa. Batho ha ba sebeletse Molimo oa ’nete ka tsela eo a e ratang. Esaia o laeloa hore a ee ’me a bue “ka ho pheta-pheta” le batho ba se nang kutloisiso kapa ba sa batleng tsebo.
Mabotho a kopaneng a Iseraele le a Syria a tšosa ka hore a tla futuhela Juda. A sebelisa Esaia le bana ba hae “joaloka lipontšo le joaloka mehlolo,” Jehova o tiisetsa Juda hore selekane se pakeng tsa Iseraele le Syria se ke ke sa atleha. (Esaia 8:18) Leha ho le joalo, khotso e sa feleng e tla tla feela ka puso ea “Khosana ea Khotso.” (Esaia 9:6, 7) Hape Jehova o tla ahlola Assyria, e leng sechaba seo a se sebelisang e le “molamu oa bohale ba [hae].” Qetellong Juda e tla isoa botlamuoeng, empa “ho tla khutla masala feela.” (Esaia 10:5, 21, 22) Ho tla ba le toka ea sebele pusong ea ‘lekala la tšoantšetso le tsoang kutung ea Jese.’—Esaia 11:1.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:8, 9—Morali oa Sione o tla ‘siuoa joang joaloka lephephe serapeng sa morara, joaloka motlotloane oa ho lebela tšimong ea likomkomere’? Sena se bolela hore ha Assyria e futuha, Jerusalema e tla bonahala e se na mokhoa leha e le ofe oa ho itšireletsa, e tla ba joaloka lephephe serapeng sa morara kapa joaloka motlotloane o oang habonolo tšimong ea likomkomere. Empa Jehova oa e thusa ’me kahoo ha a e lumelle hore e tšoane le Sodoma le Gomora.
1:18—Mantsoe a reng: “Tloong ’me re lokiseng litaba pakeng tsa rōna” a bolela’ng? Ena hase memo ea hore ho buisanoe ka litaba tse itseng ebe ho lumellanoa ka lintho tseo mahlakore ka bobeli a ka sekisetsang ho tsona. Ho e-na le hoo, temana ena e bua ka ho theha lekhotla la boahloli bakeng sa ho phetha toka, e leng lekhotla leo ho lona Moahloli ea lokileng, Jehova, a fang Baiseraele monyetla oa ho fetoha le ho itlhoekisa.
6:8a—Ke hobane’ng ha ho sebelisitsoe liemeli “’na” le “rōna” moo? Seemeli “’na” se emela Jehova Molimo. Seemeli se ka bongateng e leng “rōna” se bontša hore ho na le motho e mong ea nang le Jehova. Ho hlakile hore, motho enoa ke “Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši.”—Johanne 1:14; 3:16.
6:11—Esaia o ne a bolela’ng ha a ne a botsa: “E tla ba halelele hakae, Jehova?” Esaia o ne a sa botse hore na o ne a tla lokela ho nka nako e kae a isa molaetsa oa Jehova ho batho ba sa o thabeleng. Ho e-na le hoo, o ne a batla ho tseba hore na ho kula ha sechaba moeeng ho ne ho tla tsoela pele ho hlompholla lebitso la Molimo halelele hakae.
7:3, 4—Ke hobane’ng ha Jehova a ile a boloka Morena Akaze ea khopo? Marena a Syria le a Iseraele a ne a rerile ho ketola Morena Akaze oa Juda setulong ’me a behe ’musi eo e leng senqaloka sa bona, mora oa Tabiele—monna eo e neng e se oa lesika la Davida. Leano lena la Diabolose le ne le tla ama ho sebetsa ha selekane sa ’Muso se neng se entsoe le Davida. Jehova o ile a boloka Akaze e le hore a sireletse lesika leo “Khosana ea Khotso” e tšepisitsoeng e neng e tla hlaha ho lona.—Esaia 9:6.
7:8—Efraime e ile ea “robakanngoa” joang nakong ea lilemo tse 65? Ho lelekoa ha sechaba ’musong oa meloko e leshome le hore basele ba lule naheng eo hape ho ile ha qala “matsatsing a Peka morena oa Iseraele,” nakoana ka mor’a hore Esaia a fane ka boprofeta bona. (2 Marena 15:29) Ho ile ha tsoela pele nako e telele ka mor’a moo ho fihlela matsatsing a Esare-hadone Morena oa Assyria, mora le mohlahlami oa Sankeribe. (2 Marena 17:6; Esdrase 4:1, 2; Esaia 37:37, 38) Taba ena ea hore ebe batho ba ile ba ’na ba fallisoa Assyria ba isoa Samaria ba boele ba tlosoe Samaria ba isoe Assyria e ile ea lumella hore ho fete nako ea lilemo tse 65 tse boletsoeng ho Esaia 7:8.
11:1, 10—Jesu Kreste e ka ba ‘lekala le hlahang kutung ea Jese’ le “motso oa Jese” joang? (Baroma 15:12) Jesu o ile a ‘hlaha kutung ea Jese’ ka tsela ea nama. E ne e le oa lesika la Jese ka mora oa Jese e leng Davida. (Matheu 1:1-6; Luka 3:23-32) Leha ho le joalo, ho amohela matla a borena ho ama kamano ea Jesu le baholo-holo ba hae. Kaha Jesu o filoe matla le bolaoli ba ho fa batho ba mamelang bophelo bo sa feleng lefatšeng, e ba ‘Ntate oa bona oa ka ho sa Feleng.’ (Esaia 9:6) Kahoo, o boetse ke “motso” oa baholo-holo ba hae, ho akarelletsa Jese.
Seo re Ithutang Sona:
1:3. Ho hana ho phela tumellanong le seo ’Mōpi oa rōna a se hlokang ho rōna ho bolela hore re fetoa ke poho kapa esele ka tsebo. Ka lehlakoreng le leng, ho ananela sohle seo Jehova a re etselitseng sona ho tla re thibela ho itšoara ka mokhoa o hlokang kutloisiso ho be ho re thibele ho mo tlohela.
1:11-13. Litšebeletso tsa boikaketsi tsa bolumeli le lithapelo tse etsoang ka makōkō ha li khahlise Jehova. Liketso tsa rōna le lithapelo tsa rōna li lokela ho tsoa pelong e nang le sepheo se setle.
1:25-27; 2:2; 4:2, 3. Bokhoba le ho etsoa lesupi ha Juda li ne li lokela ho fela ha masala a bakileng a khutlela Jerusalema le ha borapeli ba ’nete bo tsosolosoa. Jehova o hauhela bafosi ba bontšang pako.
2:2-4. Ho kopanela ha rōna ka mafolofolo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa ho thusa batho ba tsoang lichabeng tsohle hore ba ithute litsela tsa khotso le ho phehella ho ba le khotso le batho ba bang.
4:4. Jehova o tla tlosa, kapa a hlatsoe, boitšoaro bo litšila le ho ba le molato oa mali.
5:11-13. Ha motho a sa bontše boitšoaro le ho leka-lekana ha a khetha mofuta oa boikhathollo o hana ho sebelisa tsebo.—Baroma 13:13.
5:21-23. Baholo ba Bakreste, kapa balebeli, ba lokela ho qoba ho ‘ipona ba le bohlale.’ Hape ba lokela ho lekanyetsa ha ba ‘noa veine’ ’me ba lokela ho qoba ho ba leeme.
11:3a. Mohlala oa Jesu le lithuto tsa hae li bontša hore ho tšaba Jehova hoa thabisa.
“JEHOVA O TLA BONTŠA JAKOBO MOHAU”
Khaolo ea 13 ho ea ho ea 23 ke likahlolo khahlanong le lichaba. Leha ho le joalo, “Jehova o tla bontša Jakobo mohau” ka ho lumella meloko eohle ea Iseraele hore e khutlele hae. (Esaia 14:1) Molaetsa oa ho etsoa lesupi ha Juda khaolong ea 24 ho ea ho ea 27 o tsamaea le tšepiso ea tsosoloso. Jehova o halefela “matahoa a Efraime [Iseraele]” ka lebaka la ho theha selekane le Syria o bile o halefela “moprista le moprofeta” oa Juda ka hore ba batle ho etsa selekane le Assyria. (Esaia 28:1, 7) Ho phatlalatsoa bomalimabe ho “Ariele [Jerusalema]” ka lebaka la ho ‘theohela Egepeta’ bakeng sa ho ea batla tšireletso. (Esaia 29:1, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW; 30:1, 2) Leha ho le joalo, ho boleloa esale pele hore batho ba bontšang tumelo ho Jehova ba tla bolokeha.
Joaloka ‘taoana e moetse e rorang ka lebaka la phofu ea eona,’ Jehova o tla sireletsa “Thaba ea Sione.” (Esaia 31:4) Ho boetse ho fanoa ka tšepiso e reng: “Bonang! Morena o tla busa ka ho loka.” (Esaia 32:1) Le hoja tšokelo ea Assyria khahlanong le Juda e etsa hore esita le “manģosa a khotso” a lle habohloko, Jehova o tšepisa hore batho ba hae ba tla phekoloa, ‘ba tšoareloe liphoso tsa bona.’ (Esaia 33:7, 22-24) “Jehova o halefetse lichaba tsohle, ’me o halefetse mabotho ’ohle a tsona.” (Esaia 34:2) Juda e ke ke ea lula e le lesupi. “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.”—Esaia 35:1.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
13:17—Ke ka tsela efe Bamede ba ileng ba nka silevera e se letho ba bile ba sa khahloe ke khauta? Bamede le Bapersia ba ne ba nka thoriso eo ba e fumaneng ka lebaka la ho hlōla ntoeng e le ea bohlokoa haholo ho feta lintho tse hapiloeng ntoeng. Sena se ile sa bonahala tabeng ea Cyruse, ea ileng a fa batlamuoa ba khutlileng ntoeng lijana tsa khauta le tsa silevera tseo Nebukadnezare a neng a li hapile tempeleng ea Jehova.
14:1, 2—Ho ile ha tla joang hore batho ba Jehova e be “baholehi ba ba ba tšoereng e le baholehuoa” le ho “laola ba neng ba ba qobella ho sebetsa”? Sena se ile sa phethahala ho batho ba kang Daniele, ea neng a le maemong a phahameng Babylona tlas’a Bamede le Bapersia; Esthere, eo e ileng ea e-ba mofumahali oa Persia; le Mordekai, ea ileng a khethoa ho ba tona-khōlō ea ’Muso oa Persia.
20:2-5—Na kannete Esaia o ile a tsamaea a hlobotse ka ho feletseng ka lilemo tse tharo? Mohlomong Esaia o ile a hlobola seaparo sa hae sa ka ntle feela eaba o tsamaea a “apere liaparo tse fokolang.”—1 Samuele 19:24, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
21:1—Sebaka se bitsoang “lefeella la leoatle” ke eng? Le hoja Babylona e ne e se haufi le leoatle leha e le lefe, e bitsoa joalo. Ke hobane metsi a phallang a nōka ea Eufrate le ea Tigris a ne a baka meroallo sebakeng seo selemo le selemo, ’me seo se ne se fetola sebaka sena “leoatle” le mokhoabo.
24:13-16—Ke joang Bajuda ba neng ba tla ba “joaloka ho hlohloroa ha sefate sa mohloaare, joaloka se khoahlapisitsoeng ha ho bokelloa ha morara ho felile”? Feela joalokaha ho e-ba le litholoana tse itseng tse salang sefateng kapa ho e-ba le morara o salang ka mor’a kotulo, ho ne ho tla pholoha batho ba ’maloa feela ha Jerusalema le Juda li timetsoa. Kae kapa kae moo baphonyohi ba neng ba isoa teng, ebang ke “sebakeng sa khanya [e leng Babylona ka Bochabela]” kapa “lihlekehlekeng tsa leoatle [la Mediterranean],” ba ne ba tla tlotlisa Jehova.
24:21—“Lebotho le phahameng” le “marena a lefatše” ke bo-mang? Mohlomong “lebotho le phahameng” ke makhotla a meea e khopo. “Marena a lefatše” ’ona, ke babusi ba lefatše, ba susumetsoang ka matla ke bademona.—1 Johanne 5:19.
25:7—“Sekoahelo se koahetseng lichaba tsohle, le moloho o loheletsoeng hammoho holim’a lichaba tsohle” ke eng? Papiso ena e bua ka lira tse peli tse khōlō ka ho fetisisa tsa moloko oa batho—e leng sebe le lefu.
Seo re Ithutang Sona:
13:20-22; 14:22, 23; 21:1-9. Lentsoe la Jehova la boprofeta le phethahala kamehla, joalokaha le ile la phethahala tabeng ea Babylona.
17:7, 8. Le hoja Baiseraele ba bangata ba sa ka ba mamela, batho ba bang ba ile ba batla thuso ho Jehova. Ka ho tšoanang, batho ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba nka khato ka molaetsa oa ’Muso.
28:1-6. Iseraele e tla oela ho Assyria, empa Molimo o tla tiisa hore batho ba tšepahalang baa pholoha. Likahlolo tsa Jehova ha li siee batho ba lokileng ba se na tšepo.
28:23-29. Jehova o khutlisetsa batho ba tšepahalang tseleng ho ea ka litlhoko tsa bona le maemo a bona.
30:15. Hore Jehova a re boloke ho hlokahala hore re bontše tumelo ka ho ‘phomola,’ kapa ho khaotsa, ho batla ho fumana poloko ka litokisetso tse entsoeng ke batho. Ka ho ‘lula re sa khathatseha,’ kapa re sa tšoha, re boetse re bontša hore re tšepa matla a Jehova a ho re sireletsa.
30:20, 21. Re “bona” Jehova le ho “utloa” lentsoe la hae la poloko ka ho ela hloko seo a se buang ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele, le ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45.
Boprofeta ba Esaia bo Matlafatsa Tšepo ea Rōna Lentsoeng la Molimo
Re leboha Molimo hakaakang ka molaetsa o leng bukeng ea Esaia! Boprofeta bo seng bo phethahetse bo matlafatsa tšepo ea rōna ea hore ‘lentsoe le tsoang molomong oa Jehova le ke ke la khutlela ho eena le se na litholoana.’—Esaia 55:11.
Ho thoe’ng ka boprofeta bo mabapi le Mesia, bo kang bo fumanoang ho Esaia 9:7 le 11:1-5, 10? Na ha bo matlafatse tumelo ea rōna tokisetsong ea Jehova ea ho re pholosa? Buka ena e boetse e na le boprofeta boo ho phethahala ha bona ho hoholo ho ntseng ho etsahala mehleng ea rōna kapa e leng hona ho tla etsahala. (Esaia 2:2-4; 11:6-9; 25:6-8; 32:1, 2) Ka sebele, buka ea Esaia e fana ka bopaki bo bong ba hore “lentsoe la Molimo lea phela”!—Baheberu 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Esaia le bana ba hae ba ne ba le “joaloka lipontšo le joaloka mehlolo Iseraele”
[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]
Jerusalema e ne e tla ba “joaloka lephephe serapeng sa morara”
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Batho ba lichaba ba thusoa joang hore ba ‘tee lisabole tsa bona hore e be mehoma’?