Khaolo ea Leshome le Metso e Mehlano
Morero oa Jehova Khahlanong le Lichaba
1. Esaia o tlaleha phatlalatso efe ea kahlolo khahlanong le Assyria?
JEHOVA a ka sebelisa lichaba ho laea batho ba hae ka lebaka la bokhopo ba bona. Leha ho le joalo, ha a tlohelle lichaba tseo feela ka ho ba sehlōhō ha tsona ho sa hlokahaleng, ho ikhohomosa ha tsona le ho hloea ha tsona borapeli ba ’nete. Ka hona, nako e telele esale pele o bululela Esaia hore a tlalehe ‘phatlalatso khahlanong le Babylona.’ (Esaia 13:1) Leha ho le joalo, Babylona e tla ba tšokelo nakong e tlang. Mehleng ea Esaia, Assyria e hatella batho ba Molimo ba selekane. Assyria e timetsa ’muso o ka leboea oa Iseraele ’me e senya karolo e khōlō ea Juda. Empa tlhōlo ea Assyria ke e fokolang. Esaia oa ngola: “Jehova oa mabotho o hlapantse, a re: ‘Ka sebele feela joalokaha ke rerile, ho tla etsahala . . . e le hore ke robe Moassyria naheng ea ka le hore ke mo hatakele lithabeng tsa ka; le hore joko ea hae e tlohe holim’a bona le hore mojaro oa hae o tlohe mahetleng a bona.’” (Esaia 14:24, 25) Nakoana ka mor’a hore Esaia a bolele boprofeta bona, tšokelo ea Assyria ho Juda ea tlosoa.—2 Marena 19:35-37.
2, 3. (a) Mehleng ea boholo-holo, Jehova o otlolla letsoho la hae khahlanong le bo-mang? (b) Ho bolela eng hore Jehova o otlolla letsoho la hae khahlanong le ‘lichaba tsohle’?
2 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka lichaba tse ling tseo e leng lira tsa batho ba Molimo ba selekane? Le tsona li lokela ho ahloloa. Esaia oa phatlalatsa: “Ona ke morero o reretsoeng lefatše lohle, ’me lena ke letsoho le otlolletsoeng lichabeng tsohle. Etsoe Jehova oa mabotho o rerile, ke mang ea ka senyang hoo? Letsoho la hae le otlolotsoe, ke mang ea ka le khutlisang?” (Esaia 14:26, 27) “Morero” oa Jehova hase keletso feela tjee. Ke qeto ea hae e tiileng, ke taelo ea hae. (Jeremia 49:20, 30) “Letsoho” la Molimo ke matla a hae ao a a sebelisang. Litemaneng tse qetellang ho Esaia khaolo ea 14 le khaolo ea 15 ho isa ho ea 19, morero oa Jehova o khahlanong le Filistia, Moabe, Damaseka, Ethiopia le Egepeta.
3 Leha ho le joalo, Esaia o bolela hore letsoho la Jehova le otlolohile khahlanong le ‘lichaba tsohle.’ Kahoo, le hoja boprofeta bona ba Esaia bo ile ba qala ho phethahala mehleng ea boholo-holo, ha e le hantle bo boetse boa sebetsa “nakong ea bofelo” ha Jehova a otlolla letsoho khahlanong le mebuso eohle ea lefatše. (Daniele 2:44; 12:9; Baroma 15:4; Tšenolo 19:11, 19-21) Nako e telele esale pele, Molimo ea matla ’ohle, Jehova, ka kholiseho o senola morero oa hae. Ha ho ea ka khutlisang letsoho la hae le otlolotsoeng.—Pesaleme ea 33:11; Esaia 46:10.
“Noha e Fofang ea Mollo” Khahlanong le Filistia
4. Makolopetso a mang a phatlalatso ea Jehova khahlanong le Filistia ke afe?
4 Tlhokomelo e lebisoa ho Bafilista pele. “Ka selemo seo Morena Akaze a shoeleng ka sona ha hlaha phatlalatso ena: ‘U se ke ua thaba, Uena Filistia, mang kapa mang ea ho uena, kahobane feela lere la ea u otlang le robehile. Etsoe motsong oa noha ho tla tsoa noha e chefo, ’me litholoana tsa eona e tla ba noha ea mollo e fofang.’”—Esaia 14:28, 29.
5, 6. (a) Ke ka tsela efe Uzia a ileng a tšoana le noha ho Bafilista? (b) Ezekiase o ipaka e le eng ho Filistia?
5 Morena Uzia o ne a le matla ka ho lekaneng hore a thibele tšokelo e neng e hlahisoa ke Filistia. (2 Likronike 26:6-8) Ho bona, o ne a tšoana le noha, ’me lere la hae le ile la ’na la otla moahisani eo ea tletseng bora. Ka mor’a lefu la Uzia—‘lere la hae le ile la robeha’—Jothame ea tšepahalang o ile a busa, empa “batho ba ne ba sa ntse ba etsa ka mokhoa o senyang.” Ka mor’a moo, Akaze e ile ea e-ba morena. Lintho li ile tsa fetoha, ’me Bafilista ba atleha ho hlasela Juda ka ntoa. (2 Likronike 27:2; 28:17, 18) Leha ho le joalo, lintho li boetse lia fetoha joale. Ka 746 B.C.E., Morena Akaze oa shoa ’me Ezekiase e monyenyane o lula teroneng. Haeba Bafilista ba nahana hore lintho li tla tsoela pele ho ba tsamaela hantle, ba fositse ka ho feletseng. Ezekiase o ipaka e le sera se bolaeang. Setloholo sa Uzia (‘tholoana’ e tsoang “motsong” oa hae), Ezekiase, se tšoana le “noha e fofang ea mollo”—se potlakela ho hlasela, se otla joaloka lehalima ’me se hlaba habohloko, joalokaha eka se tšela liphofu tsa sona mahloko a noha.
6 Ena ke tlhaloso e loketseng ka morena e mocha. “Ke [Ezekiase] ea ileng a bolaea Bafilista ho ea fihla Gaza le libakeng tsa eona.” (2 Marena 18:8) Ho latela litlaleho tsa histori ea Morena Sankeribe oa Assyria, Bafilista e ba bafo ba Ezekiase. “Ba tlaase”—e leng ’muso oa Juda o seng o fokola—ba thabela tšireletseho le nala, ha Filistia e qetoa ke tlala.—Bala Esaia 14:30, 31.
7. Ke phatlalatso efe ea tumelo eo Ezekiase a lokelang ho e phatlalletsa manģosa a teng Jerusalema?
7 Ho bonahala eka manģosa a teng Juda—mohlomong a batla ho theha selekane khahlanong le Assyria. A lokela ho bolelloa eng? “Ke eng seo mang kapa mang a tla se bua ha a araba manģosa a sechaba?” Na Ezekiase o lokela ho batla tšireletso lilekaneng tsa basele? Che! O lokela ho bolella manģosa: “Jehova o ralile motheo oa Sione, ’me ba hlorileng ba batho ba hae ba tla tšabela ho eona.” (Esaia 14:32) Morena o lokela ho tšepa Jehova ka ho feletseng. Motheo oa Sione o tiile. Motse oo o tla lula e le sebaka se sireletsehileng tšokelong ea Assyria.—Pesaleme ea 46:1-7.
8. (a) Lichaba tse ling kajeno li ’nile tsa tšoana le Filistia joang? (b) Joalokaha a entse nakong e fetileng, Jehova o entse’ng ho tšehetsa batho ba hae kajeno?
8 Joaloka Filistia, lichaba tse ling kajeno li hanyetsa barapeli ba Molimo ka mabifi. Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste li ’nile tsa koalloa literonkong le likampong tsa mahloriso. Li ’nile tsa thibeloa. Tse ’maloa li ile tsa bolaoa. Bahanyetsi ba tsoela pele ho “hlasela ka matla moea oa ea lokileng.” (Pesaleme ea 94:21) Sehlopha sena sa Bakreste se ka ’na sa bonahala e le sa “ba tlaase” le sa “mafutsana” ho lira tsa sona. Leha ho le joalo, ka tšehetso ea Jehova, se thabela nala ea moea, ha lira tsa sona li qetoa ke tlala. (Esaia 65:13, 14; Amose 8:11) Ha Jehova a otlolla letsoho la hae khahlanong le Bafilista ba kajeno, bana “ba tlaase” ba tla sireletseha. Hokae? Kamanong ea bona le “ntlo ea Molimo,” eo Jesu e leng lejoe le tiileng la sekhutlo la motheo oa eona. (Baefese 2:19, 20) ’Me ba tla ba tlas’a tšireletso ea “Jerusalema ea leholimo,” e leng ’Muso oa Jehova oa leholimo, oo Jesu Kreste e leng Morena oa oona.—Baheberu 12:22; Tšenolo 14:1.
Moabe ea Khutsisoa
9. Phatlalatso e latelang e lebisoa ho mang, hona batho baa ba ipakile e le lira tsa batho ba Molimo joang?
9 Ka bochabela ho Leoatle le Shoeleng ke moahisani e mong hape oa Iseraele—Moabe. Ho fapana le Bafilista, Bamoabe ba amana le Iseraele, ka hore ke litloholo tsa mora oa mor’abo Abrahama, Lota. (Genese 19:37) Ho sa tsotellehe kamano eo, Moabe e tsebahala ka ho hloea Iseraele. Ka mohlala, morao koana mehleng ea Moshe, morena oa Moabe o ile a hira moprofeta Balaame, a tšepile hore o tla rohaka Baiseraele. Ha seo se hlōleha, Moabe e ile ea sebelisa boitšoaro bo bobe le borapeli ba Baale ho tšoasa Iseraele. (Numere 22:4-6; 25:1-5) Ka hona, hase ho makatsang hore ebe joale Jehova o bululela Esaia hore a tlalehe “phatlalatso khahlanong le Moabe”!—Esaia 15:1a.
10, 11. Ho tla etsahala’ng ka Moabe?
10 Boprofeta ba Esaia bo lebisitsoe ho metse le libaka tse ngata tsa Moabe, ho akarelletsa Are, Kire (kapa Kire-haresethe) le Dibone. (Esaia 15:1b, 2a) Bamoabe ba tla llela bohobe ba morara o omisitsoeng ba Kire-haresethe, boo e ka ’nang eaba ke sona sehlahisoa se seholo motseng oo. (Esaia 16:6, 7) Sibma le Jazere, tse tummeng ka temo ea lifate tsa morara, li tla hlaseloa ka tšohanyetso. (Esaia 16:8-10) Eglathe-shelishia, eo e ka ’nang eaba lebitso la eona le bolela “Khomo ea Sethole e Lilemo li Tharo,” e tla tšoana le namane e tiileng e llang habohloko. (Esaia 15:5) Joang ba naha bo tla omella athe “metsi a Dimone” a tla tlala mali ka lebaka la ho bolaoa ha Bamoabe. “Metsi a Nimrime” a tla fetoha “lesupi feela,” ebang ke ka kutloisiso ea tšoantšetso kapa ea sebele—mohlomong kahobane mabotho a sera a thibeletse linōka tsa ’ona.—Esaia 15:6-9.
11 Bamoabe ba tla itlama ka lesela la mokotla, e leng seaparo sa ho siama. Ba tla beola lihlooho tsa bona ho tšoantšetsa ho hlajoa ke lihlong le ho ba mahlomoleng. Ba tla ‘kuta’ litelu, ho bontša ho sareloa le ho tlotloloha ka ho feteletseng. (Esaia 15:2b-4) Esaia ka boeena, a kholisehile hore likahlolo tsena li tla phethahala, o ameha maikutlo ka ho teba. Ho tšoana le likhoele tse sisinyehang tsa harepa, litho tsa hae tsa ka hare li sisinngoa ke qenehelo ka lebaka la molaetsa oa bomalimabe o khahlanong le Moabe.—Esaia 16:11, 12.
12. Mantsoe a Esaia khahlanong le Moabe a ile a phethahala joang?
12 Boprofeta boo bo tla phethahala neng? Haufinyane. “Lena ke lentsoe leo Jehova a le buileng malebana le Moabe pele. Joale Jehova o buile, a re: ‘Ka lilemo tse tharo, ho ea ka lilemo tsa mosebetsi ea hiriloeng, khanya ea Moabe le eona e tla nyelisoa ka moferefere o moholo oa mofuta o mong le o mong, ’me ba setseng e tla ba ba seng bakae ba sa reng letho, ba se nang matla.’” (Esaia 16:13, 14) Tumellanong le sena, ho na le bopaki ba ho epolloa ha lintho tsa khale bo bontšang hore lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Moabe e ile ea e-ba mahlomoleng a tebileng le hore libaka tse ngata tsa eona li ile tsa hloka baahi. Tiglathe-pilesere III o ile a bua ka Salamanu oa Moabe e le e mong oa babusi ba ileng ba mo ntšetsa sethabathaba. Sankeribe o ile a amohela sethabathaba se tsoang ho Kammusunadbi, morena oa Moabe. ’Musi Esare-hadone le ’musi Ashurbanipale ba Assyria ba ile ba bolela hore marena a Moabe, Musuri le Kamashaltu ke bafo ba bona. Lilemong tse makholo tse fetileng, Bamoabe ba ile ba khaotsa ho ba teng e le sechaba. Lithako tsa metse eo ho nahanoang hore ke ea Moabe li ’nile tsa fumanoa, leha ho le joalo ho tla fihlela joale ho epolotsoe bopaki bo fokolang feela ba lintho tse ka bonoang mabapi le sera sena sa Iseraele se kileng sa e-ba matla.
“Moabe” ea Kajeno ea Timela
13. Ke mokhatlo ofe kajeno o ka bapisoang le Moabe?
13 Kajeno ho na le mokhatlo oa lefatše ka bophara o tšoanang le Moabe ea boholo-holo. Ke Bokreste-’mōtoana, e leng karolo e ka sehloohong ea “Babylona e Moholo.” (Tšenolo 17:5) Moabe hammoho le Iseraele e ne e le litloho-tloholoana tsa ntat’a Abrahama, Tera. Ka ho tšoanang, Bokreste-’mōtoana, joaloka phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno, bo bolela hore bo thehiloe phuthehong ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo. (Bagalata 6:16) Leha ho le joalo, Bokreste-’mōtoana—joaloka Moabe—bo bolile, bo khothalletsa boitšoaro bo bobe ba moea le ho rapela melimo e meng ho fapana le Molimo a le mong oa ’nete, Jehova. (Jakobo 4:4; 1 Johanne 5:21) E le sehlopha, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba hanyetsa baboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso.—Matheu 24:9, 14.
14. Ho sa tsotellehe morero oa Jehova khahlanong le “Moabe” ea kajeno, ho na le tšepo efe ho litho ka bomong tsa mokhatlo oo?
14 Qetellong Moabe e ile ea khutsisoa. Ho tla etsahala ntho e tšoanang ka Bokreste-’mōtoana. Jehova o tla bo etsa lesupi, a sebelisa se tšoanang le Assyria kajeno. (Tšenolo 17:16, 17) Leha ho le joalo, ho na le tšepo bakeng sa batho ba “Moabe” ea kajeno. Hona ha a ntse a profeta khahlanong le Moabe, Esaia o re: “Ka sebele terone e tla tiisoa ka thata ka mosa o lerato; e mong o tla lula ho eona ka ’nete tenteng ea Davida, a ahlola ’me a batla toka ’me a potlaka ho lokeng.” (Esaia 16:5) Ka 1914, Jehova o ile a tiisa terone ea Jesu, ’Musi oa lesika la Morena Davida. Borena ba Jesu ke pontšo ea mosa o lerato oa Jehova, ’me bo phethahatsa selekane sa Molimo le Morena Davida, e tla ba ba ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 72:2; 85:10, 11; 89:3, 4; Luka 1:32) Ba bangata ba ikokobelitseng ba tsoile “Moabe” ea kajeno ’me ba ikokobelletsa Jesu e le hore ba tle ba fumane bophelo. (Tšenolo 18:4) Ke ho khothatsang hakaakang ho bana ho tseba hore Jesu o tla “hlakisetsa lichaba toka”!—Matheu 12:18; Jeremia 33:15.
Damaseka e Fetoha Lithako Tse Senyehang
15, 16. (a) Ke mehato efe e bontšang bora eo Damaseka le Iseraele li e nkang khahlanong le Juda, hona e le ka phello efe ho Damaseka? (b) Ke mang ea akarelletsoang phatlalatsong e khahlanong le Damaseka? (c) Bakreste kajeno ba ka ithuta eng mohlaleng oa Iseraele?
15 Ho latelang, Esaia o tlaleha “phatlalatso khahlanong le Damaseka.” (Bala Esaia 17:1-6.) Damaseka, e ka leboea ho Iseraele, ke “hlooho ea Syria.” (Esaia 7:8) Nakong ea puso ea Morena Akaze oa Juda, Rezine oa Damaseka ea entseng selekane le Peka oa Iseraele o hlasela Juda. Leha ho le joalo, ka kōpo ea Akaze, Tiglathe-pilesere III oa Assyria o loantša Damaseka, oa e hlōla ’me o isa baahi ba eona ba bangata botlamuoeng. Ka mor’a moo, Damaseka e khaotsa ho ba tšokelo ho Juda.—2 Marena 16:5-9; 2 Likronike 28:5, 16.
16 Mohlomong ka lebaka la selekane sa Iseraele le Damaseka, phatlalatso ea Jehova khahlanong le Damaseka e boetse e akarelletsa lipolelo tsa kahlolo khahlanong le ’muso o ka leboea o sa tšepahaleng. (Esaia 17:3-6) Iseraele e tla tšoana le tšimo e behileng lijo-thollo tse fokolang nakong ea kotulo kapa joaloka sefate sa mohloaare seo litholoana tse ngata tsa sona li hlohloriloeng makaleng. (Esaia 17:4-6) Ke mohlala o motle hakaakang ho ba inehetseng ho Jehova! O lebeletse boinehelo bo feletseng ’me o amohela feela tšebeletso e halalelang e tlohang pelong. ’Me o hloile ba loantšang barab’abo bona.—Exoda 20:5; Esaia 17:10, 11; Matheu 24:48-50.
Ho Tšepa Jehova ka ho Feletseng
17, 18. (a) Ba bang Iseraeleng ba arabela joang liphatlalatsong tsa Jehova, empa ka kakaretso karabelo e ba efe? (b) Liketsahalo tsa kajeno li tšoana joang le tsa mehleng ea Ezekiase?
17 Joale Esaia o re: “Letsatsing leo motho oa lefatše o tla talima ho Moetsi oa hae, ’me mahlo a hae a tla talima Mohalaleli oa Iseraele. A ke ke a talima ho lialetare, mosebetsi oa matsoho a hae; ’me a ke ke a talima seo menoana ea hae e se entseng, ebang ke lipalo tse halalelang kapa liluloana tsa libano.” (Esaia 17:7, 8) E, ba bang Iseraeleng ba ela hloko phatlalatso ea Jehova ea temoso. Ka mohlala, ha Ezekiase a romella baahi ba Iseraele memo ea hore ba kopane le Juda ho keteka Paseka, Baiseraele ba bang ba etsa tumellanong le seo ’me ba nka leeto la ho ea ka boroa ho ea kopana le barab’abo bona borapeling bo hloekileng. (2 Likronike 30:1-12) Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba baahi ba Iseraele ba soma manģosa a tlisitseng memo eo. Naha eo e koenehile hoo e ke keng ea phekoloa. Kahoo, morero oa Jehova khahlanong le eona oa phethahala. Assyria e timetsa metse ea Iseraele, naha e fetoha lesupi, makhulo a fetoha a sa beheng letho.—Bala Esaia 17:9-11.
18 Ho thoe’ng kajeno? Iseraele e ne e le sechaba sa bokoenehi. Kahoo, tsela eo ka eona Ezekiase a ileng a leka ho thusa batho ka bomong ba sechaba seo hore ba khutlele borapeling ba ’nete e re hopotsa kamoo Bakreste ba ’nete kajeno ba lekang kateng ho thusa batho ka bomong ba mokhatlong oa bokoenehi oa Bokreste-’mōtoana. Ho tloha ka 1919, baromuoa ba “Iseraele ea Molimo” ba ’nile ba pholletsa le Bokreste-’mōtoana, ba memela batho ho kopanela borapeling bo hloekileng. (Bagalata 6:16) Ba bangata ba ’nile ba hana. Ba bangata ba ’nile ba soma manģosa ana. Leha ho le joalo, ba bang ba arabetse hantle. Hona joale ba baloa ka limilione, ’me ba thabela ho ‘talima ho Mohalaleli oa Iseraele’ le ho rutoa ke eena. (Esaia 54:13) Ba tlohela ho rapela lialetareng tse litšila—ho inehela ho melimo e entsoeng ke batho le ho e tšepa—’me ka cheseho ba retelehela ho Jehova. (Pesaleme ea 146:3, 4) Ho tšoana le Mikea oa mehleng ea Esaia, e mong le e mong oa bona o re: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka. Molimo oa ka o tla nkutloa.”—Mikea 7:7.
19. Jehova o tla khalemela bo-mang, hona see se tla bolela eng ho bona?
19 Ba fapane hakaakang le ba behang tšepo ea bona ho motho ea shoang! Pefo e mabifi le meferefere li hlasela moloko oa batho matsatsing ana a bofelo. “Leoatle” la moloko oa batho o se nang botsitso le o tletseng borabele le fehla ho se khotsofale le bofetoheli. (Esaia 57:20; Tšenolo 8:8, 9; 13:1) Jehova o tla “khalemela” letšoele lena le lerata. ’Muso oa hae oa leholimo o tla felisa mekhatlo eohle le batho ka bomong ba bakang likhathatso, ’me bana ba tla ‘lelekisoa . . . joaloka setsokotsane sa meutloa ka pel’a moea oa sefefo.’—Esaia 17:12, 13; Tšenolo 16:14, 16.
20. Ho sa tsotellehe ho ‘tlatlapuoa’ ke lichaba, Bakreste ba ’nete ba na le kholiseho efe?
20 Phello e tla ba efe? Esaia o re: “Ka shoalane, bonang! ho na le tšabo ea tšohanyetso. Pele e e-ba hoseng—ha e sa le eo. Ena ke kabelo ea ba re nkelang thepa ka mahahapa, le karolo ea ba re tlatlapang.” (Esaia 17:14) Ba bangata ba tlatlapa batho ba Jehova, ba ba tšoara ka thata le ka tsela e hlokang tlhompho. Kaha Bakreste ba ’nete hase karolo ea malumeli a lefatše a ka sehloohong—ebile ha ba lakatse ho ba karolo ea ’ona—batho ba nyatsa-nyatsang ba leeme le bahanyetsi ba chesehang ka ho feteletseng ba ba talima e le ba ka hlaselehang habonolo. Empa batho ba Molimo ba kholisehile hore “hoseng” hoo ka hona matšoenyeho a bona a tla fela ho atamela ka potlako.—2 Bathesalonika 1:6-9; 1 Petrose 5:6-11.
Ethiopia e Tlisetsa Jehova Mpho
21, 22. Ke sechaba sefe se latelang se fumanang phatlalatso ea kahlolo, hona mantsoe a Esaia a bululetsoeng a phethahala joang?
21 Bonyane ka makhetlo a mabeli, Ethiopia, e ka boroa ho Egepeta, e ’nile ea ameha ho loantšeng Juda. (2 Likronike 12:2, 3; 14:1, 9-15; 16:8) Joale Esaia o bolela esale pele ka kahlolo ea sechaba seo: “Jo! naha ea likokoanyana tse phuphuselang ka mapheo, e sebakeng sa linōka tsa Ethiopia!” (Bala Esaia 18:1-6.)a Jehova o laela hore Ethiopia e tla ‘pongoa, e tlosoe, ’me e khethuloe.’
22 Histori ea lefatše e re bolella hore ho elella qetellong ea lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., Ethiopia e ile ea hlōla Egepeta ’me ea e busa ka lilemo tse ka bang 60. Baemphera ba Assyria Esare-hadone le Ashurbanipale le bona ba ile ba hlasela. Ka lebaka la ho ripitloa ha Thebese ke Ashurbanipale, Assyria e ile ea laola Egepeta, kahoo ea felisa puso ea Ethiopia Phuleng ea Nile. (Bona le Esaia 20:3-6.) Ho thoe’ng ka mehleng ea kajeno?
23. “Ethiopia” ea kajeno e phetha karolo efe, hona ke hobane’ng ha e felisoa?
23 Boprofeteng ba Daniele ba “nakong ea bofelo,” “morena oa leboea” ea leqhoko o hlalosoa a ‘lateloa’ ke Ethiopia le Libya, ke hore li latela tataiso ea hae. (Daniele 11:40-43) Ethiopia e boetse e hlalosoa e le mabotho a ntoa a “Gogo oa naha ea Magogo.” (Ezekiele 38:2-5, 8) Mabotho a Gogo, ho akarelletsa le morena oa leboea, aa felisoa ha a hlasela sechaba se halalelang sa Jehova. Kahoo, letsoho la Jehova le tla boela le otlolloa khahlanong le “Ethiopia” ea kajeno ka lebaka la ho hanyetsa ha eona bobusi ba Jehova.—Ezekiele 38:21-23; Daniele 11:45.
24. Ke ka litsela life Jehova a amohetseng “limpho” ho lichaba?
24 Leha ho le joalo, boprofeta bo boetse bo re: “Ka nako eo Jehova oa mabotho o tla tlisetsoa mpho, e tsoang ho batho ba balelele le ba letlalo le boreleli, esita le ho batho ba tšabehang hohle . . . ho e isa sebakeng sa lebitso la Jehova oa mabotho, Thabeng ea Sione.” (Esaia 18:7) Le hoja lichaba li sa amohele bobusi ba Jehova, ka linako tse ling li ’nile tsa itšoara ka tsela e tsoelang batho ba Jehova molemo. Linaheng tse ling ba boholong ba ’nile ba etsa melao ’me ba fana ka liqeto tsa lekhotla tse fang barapeli ba Jehova ba tšepahalang litokelo tsa molao. (Liketso 5:29; Tšenolo 12:15, 16) ’Me ho na le limpho tse ling hape. “Marena a tla u tlisetsa limpho. . . . Lintho tsa bronze li tla tsoa Egepeta; ka potlako Kushe [Ethiopia] e tla otlolla matsoho a eona ka limpho tse eang ho Molimo.” (Pesaleme ea 68:29-31) Hona joale, “Baethiopia” ba kajeno ba limilione ba tšabang Jehova ba tlisa “mpho” ka sebōpeho sa borapeli. (Malakia 1:11) Ba kopanela mosebetsing o moholohali oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle. (Matheu 24:14; Tšenolo 14:6, 7) Ke mpho e ntlehali hakaakang e ka fuoang Jehova!—Baheberu 13:15.
Pelo ea Egepeta ea Nyahama
25. Ho phethahatsa Esaia 19:1-11, ho etsahala eng ka Egepeta ea boholo-holo?
25 Moahisani ea haufi le Juda ka boroa ke Egepeta, eo e leng sera sa khale sa batho ba Molimo ba selekane. Esaia khaolo ea 19 e hlalosa boemo bo sa tsitsang ba litaba Egepeta nakong ea ha Esaia a ntse a phela. Ho na le ntoa ea lehae Egepeta, “motse khahlanong le motse, ’muso khahlanong le ’muso.” (Esaia 19:2, 13, 14) Bo-rahistori ba fana ka bopaki ba masika a babusi a loantšanang a busang likarolo tse sa tšoaneng tsa naha ka nako e le ’ngoe. Bohlale boo Egepeta e ithorisang ka bona ba ‘melimo ea eona ea lefeela le baupelli’ ba eona bo sitoa ho e sireletsa “letsohong la monghali ea thata.” (Esaia 19:3, 4) Egepeta e hlōloa ke Assyria, Babylona, Persia, Greece le Roma ka ho latellana. Liketsahalo tsena kaofela li phethahatsa boprofeta bo ho Esaia 19:1-11.
26. Phethahatsong e khōloanyane, baahi ba “Egepeta” ea kajeno ba tla itšoara joang mabapi le liketso tsa Jehova tsa kahlolo?
26 Leha ho le joalo, hangata Egepeta e tšoantšetsa lefatše la Satane ka Bibeleng. (Ezekiele 29:3; Joele 3:19; Tšenolo 11:8) Ka hona, na “phatlalatso [e] khahlanong le Egepeta” e phatlalatsoang ke Esaia e na le phethahatso e khōloanyane? Ka sebele ho joalo! Mantsoe a qalang a boprofeta boo a lokela ho etsa hore motho e mong le e mong a ele hloko: “Bonang! Jehova o kaletse leru le lebelo ’me o kena Egepeta. Ka sebele melimo ea lefeela ea Egepeta e tla thothomela ka lebaka la hae, ’me pelo ea Egepeta e tla nyahama ka hare ho eona.” (Esaia 19:1) Haufinyane Jehova o tla nka khato khahlanong le mokhatlo oa Satane. Ka nako eo, melimo ea tsamaiso ena ea lintho e tla bonahala e le ea lefeela. (Pesaleme ea 96:5; 97:7) “Pelo ea Egepeta e tla nyahama” ka lebaka la tšabo. Jesu o ile a bolela nako eo esale pele: “Lichaba li tla ba matšoenyehong, li sa tsebe tsela ea ho tsoa ka lebaka la ho luma ha leoatle le ho tsukutleha ha lona, ha batho ba ilibana ke tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.”—Luka 21:25, 26.
27. Ke liqabang life tsa sebaka ka seng tse ileng tsa boleloa esale pele ka “Egepeta,” hona see se phethahala joang kajeno?
27 Ka nako ena e lebisang phethahatsong ea kahlolo ea hae, Jehova o re ka boprofeta: “Ke tla thulanya Baegepeta le Baegepeta, ’me ka sebele ba tla loana e mong khahlanong le mor’abo, e mong khahlanong le motsoalle oa hae, motse khahlanong le motse, ’muso khahlanong le ’muso.” (Esaia 19:2) Ho tloha ha ’Muso oa Molimo o hlongoa ka 1914, ‘pontšo ea ho ba teng’ ha Jesu e ’nile ea tšoauoa ka hore sechaba se tsohele sechaba se seng matla le ’muso o tsohele ’muso o mong matla. Lipolaeano tse sehlōhō tsa merabe, timetso e sehlōhō ea merabe e itseng le ho bitsoang tlhoekiso ea merabe li felisitse bophelo ba batho ba limilione matsatsing ana a ho qetela. “Bohloko ba mahlomola” a joalo bo tla mpefala le ho feta ha bofelo bo ntse bo atamela.—Matheu 24:3, 7, 8.
28. Letsatsing la kahlolo, ke eng seo bolumeli ba bohata bo tla khona ho se etsa ho sireletsa tsamaiso ee ea lintho?
28 “Moea oa Egepeta o tla ferekana ka hare ho eona, ’me ke tla nyopisa morero oa eona. Ka sebele ba tla retelehela ho melimo ea lefeela le ho baupelli le ho ba buisanang le meea le ho litsebi tse bolelang liketsahalo esale pele.” (Esaia 19:3) Ha Moshe a ne a hlaha ka pel’a Faro, baprista ba Egepeta ba ile ba hlabisoa lihlong, ba sitoa ho ipapisa le Jehova ka matla. (Exoda 8:18, 19; Liketso 13:8; 2 Timothea 3:8) Ka ho tšoanang, letsatsing la kahlolo, bolumeli ba bohata bo tla sitoa ho sireletsa tsamaiso ena e bolileng. (Bapisa le Esaia 47:1, 11-13.) Qetellong, Egepeta e ile ea e-ba tlas’a “monghali ea thata,” Assyria. (Esaia 19:4) Sena se tšoantšetsa bokamoso bo lerootho bo tlelang tsamaiso ena ea lintho.
29. Ha letsatsi la Jehova le fihla, bo-ralipolotiki ba tla ba le thuso efe?
29 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka baeta-pele ba lipolotiki? Na ba ka thusa? “Ka sebele likhosana tsa Zooane ke maoatla. Ha e le ba bohlale ho baeletsi ba Faro, keletso ea bona ha e na kahlolo e molemo.” (Bala Esaia 19:5-11.) Ke ho sa utloahaleng hakaakang ho tšepa hore baeletsi ba batho ba tla thusa ka tsela leha e le efe letsatsing la kahlolo! Esita le hoja ba e-na le tsebo eohle ea lefatše, ha ba na bohlale ba bomolimo. (1 Bakorinthe 3:19) Ba furaletse Jehova ’me ba retelehetse ho se bitsoang saense, filosofing, cheleteng, menyakeng le ho melimo e meng ea maiketsetso. Ka lebaka leo, ha ba tsebe merero ea Molimo. Ba thetsitsoe le ho ferekanngoa. Mesebetsi ea bona ke ea lefeela. (Bala Esaia 19:12-15.) “Ba bohlale ba hlabiloe ke lihlong. Ba tšohile ’me ba tla tšoaroa. Bonang! Ba lahlile lentsoe la Jehova, ’me ba na le bohlale bofe?”—Jeremia 8:9.
Pontšo le Bopaki ho Jehova
30. Ke ka tsela efe ‘naha ea Juda e tlang ho fetoha ntho e etsang hore Egepeta e thekesele’?
30 Leha le joalo, le hoja baeta-pele ba “Egepeta” ba fokola, ba “tšoana le basali,” ho ntse ho e-na le batho ba bang ba batlang bohlale ba bomolimo. Batlotsuoa ba Jehova le metsoalle ea bona ba ‘bolela hohle makhabane a Molimo a hlomphehang.’ (Esaia 19:16; 1 Petrose 2:9) Ba etsa sohle seo ba ka se khonang ho lemosa batho ka timetso e tlang ea mokhatlo oa Satane. A bona boemo bona esale pele, Esaia o re: “Naha ea Juda e tla fetoha ntho e etsang hore Egepeta e thekesele. E mong le e mong ea bolelloang ka eona o tšohile ka lebaka la morero oa Jehova oa mabotho oo a mo rerelang oona.” (Esaia 19:17) Manģosa a tšepahalang a Jehova a tsoela pele ho bolella batho ’nete—ho akarelletsa le phatlalatso ea litlokotsi tseo Jehova a li boletseng esale pele. (Tšenolo 8:7-12; 16:2-12) Sena se ferekanya baeta-pele ba lefatše ba bolumeli.
31. Ho tla joang hore ho buuoe “puo ea Kanana” metseng ea Egepeta (a) mehleng ea boholo-holo? (b) mehleng ea kajeno?
31 Mosebetsi oo oa ho phatlalatsa o ba le phello efe e makatsang? “Letsatsing leo ho tla ba le metse e mehlano naheng ea Egepeta e buang puo ea Kanana ’me e hlapanya ka Jehova oa mabotho. Motse o mong o tla bitsoa Motse oa ho Qhaqha.” (Esaia 19:18) Kamoo ho bonahalang kateng mehleng ea boholo-holo boprofeta bona bo ile ba phethahala ha metseng ea Egepeta ho ne ho buuoa puo ea Seheberu, e neng e buuoa ke Bajuda ba balehetseng moo. (Jeremia 24:1, 8-10; 41:1-3; 42:9–43:7; 44:1) Kajeno, ho na le batho ba naheng ea “Egepeta” ea kajeno ba ithutileng ho bua ‘puo e hloekileng’ ea ’nete ea Bibele. (Sofonia 3:9) O mong oa metse eo e mehlano ea tšoantšetso o bitsoa “Motse oa ho Qhaqha,” e leng ho tšoantšetsang hore karolo e ’ngoe ea ‘puo e hloekileng’ e amana le ho pepesa le “ho qhaqha” mokhatlo oa Satane.
32. (a) Ke “aletare” efe e har’a naha ea Egepeta? (b) Batlotsuoa ba tšoana le “tšiea” e ka thōko ho moeli oa Egepeta joang?
32 Ka lebaka la mosebetsi oa ho bolela oa batho ba Jehova, ka sebele lebitso la hae le leholo le tla tsebahala tsamaisong ena ea lintho. “Letsatsing leo ho tla ba le aletare ea Jehova har’a naha ea Egepeta, sefika sa Jehova ka thōko ho moeli oa eona.” (Esaia 19:19) Mantsoe ana a bontša boemo ba Bakreste ba tlotsitsoeng, ba kamanong ea selekane le Molimo. (Pesaleme ea 50:5) Joaloka “aletare” ba fana ka mahlabelo a bona; joaloka “tšiea le setšehetso sa ’nete,” ba pakela Jehova. (1 Timothea 3:15; Baroma 12:1; Baheberu 13:15, 16) Ba “har’a naha,” kaha bona hammoho le metsoalle ea bona ea “linku tse ling”—ba fumanoa linaheng le lihlekehlekeng tsa leoatle tse fetang 230. Empa “hase karolo ea lefatše.” (Johanne 10:16; 17:15, 16) Ka puo ea tšoantšetso, ba eme moeling o pakeng tsa lefatše lena le ’Muso oa Molimo, ba loketse ho tšela moeli oo le ho amohela moputso oa bona oa leholimo.
33. Ke ka litsela life batlotsuoa e leng “pontšo” le “bopaki” “Egepeta”?
33 Esaia o tsoela pele: “E tla ba pontšo le bopaki ho Jehova oa mabotho naheng ea Egepeta; etsoe ba tla hoeletsa ho Jehova ka lebaka la bahatelli, ’me o tla ba romela mopholosi, e moholo, ea tla ba lopolla.” (Esaia 19:20) E le “pontšo” le “bopaki,” batlotsuoa ba etella pele mosebetsing oa boboleli ’me ba phahamisa lebitso la Jehova tsamaisong ena ea lintho. (Esaia 8:18; Baheberu 2:13) Ho pota lefatše ho utloahala mehoo ea batho ba hateletsoeng, empa ka kakaretso mebuso ea batho e sitoa ho ba thusa. Leha ho le joalo, Jehova o tla romela Mopholosi e Moholo, Morena Jesu Kreste, ho tla lokolla bohle ba bonolo. Ha matsatsi ana a ho qetela a fihla tlhōrōng ea ’ona ntoeng ea Armagedone, o tla tlisetsa batho ba tšabang Molimo tokoloho le litlhohonolofatso tsa ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 72:2, 4, 7, 12-14.
34. (a) Jehova o tla tsebahala joang ho “Baegepeta,” hona ke sehlabelo sefe le mpho efe tseo ba tla mo fa tsona? (b) Jehova o tla otla “Egepeta” neng, hona ke pholiso efe e tla latela?
34 Ka nako e tšoanang, thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle ba fumane tsebo e nepahetseng ’me ba pholohe. (1 Timothea 2:4) Kahoo, Esaia oa ngola: “Ka sebele Jehova o tla tsebahala ho Baegepeta; Baegepeta ba tla tseba Jehova letsatsing leo, ’me ba tla fana ka sehlabelo le mpho ’me ba etse boitlamo ho Jehova ’me ba bo phethe. Ka sebele Jehova o tla otla Egepeta. Ho tla ba le kotlo le pholiso; ba tla khutlela ho Jehova, ’me o tla itumella hore ba mo kōpe ka tieo ’me a ba folise.” (Esaia 19:21, 22) Batho ba lichaba tsohle tsa lefatše la Satane, “Baegepeta” ka bomong, ba fumana monyetla oa ho tseba Jehova le ho mo etsetsa sehlabelo, e leng “litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.” (Baheberu 13:15) Ba etsa kano ho Jehova ka ho inehela ho eena, ’me ba phetha kano ea bona ka ho phela bophelo ba tšebeletso e tšepahalang. Ka mor’a “kotlo” eo Jehova a tlang ho otla tsamaiso ena ea lintho ka eona ka Armagedone, o tla sebelisa ’Muso oa hae ho folisa moloko oa batho. Nakong ea Puso ea Jesu ea Lilemo tse Sekete, moloko oa batho o tla phahamisetsoa phethehong ea moea, ea kelello, ea boitšoaro le ea ’mele—e leng seo e tla ba pholiso ea sebele!—Tšenolo 22:1, 2.
“Ho Hlohonolofatsoe Sechaba sa Ka”
35, 36. Phethahatsong ea Esaia 19:23-25, mehleng ea boholo-holo ho ile ha e-ba le kamano efe pakeng tsa Egepeta, Assyria le Iseraele?
35 Joale moprofeta o bona esale pele boemo bo bong bo hlollang bo fetohileng: “Letsatsing leo ho tla ba le tsela e khōlō e tsoang Egepeta e eang Assyria, ’me Assyria e tla tla Egepeta, le Egepeta e ee Assyria; ’me ka sebele li tla etsa tšebeletso, Egepeta le Assyria. Ka letsatsi leo Iseraele e tla ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria, e leng, tlhohonolofatso har’a lefatše, kahobane Jehova oa mabotho o tla be a e hlohonolofalitse, a itse: ‘Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka, Egepeta, le mosebetsi oa matsoho a ka, Assyria, le lefa la ka, Iseraele.’” (Esaia 19:23-25) E, ka letsatsi le leng ho tla ba le kamano ea botsoalle pakeng tsa Egepeta le Assyria. Joang?
36 Ha Jehova a namolela batho ba hae lichabeng linakong tse fetileng, ka puo ea tšoantšetso o ile a ba etsetsa litsela tse khōlō tsa bolokolohi. (Esaia 11:16; 35:8-10; 49:11-13; Jeremia 31:21) Boprofeta bona bo ile ba phethahala ka tsela e lekanyelitsoeng ka mor’a hore Babylona e hlōloe ha batlamuoa ba tsoang Assyria le Egepeta, hammoho le ba tsoang Babylona ba khutlisetsoa Naheng e Tšepisitsoeng. (Esaia 11:11) Empa ho thoe’ng ka mehleng ea kajeno?
37. Ke joang ba limilione kajeno ba phelang joalokaha eka ho na le tsela e khōlō pakeng tsa “Assyria” le “Egepeta”?
37 Kajeno, masala a Baiseraele ba moea ba tlotsitsoeng ke “tlhohonolofatso har’a lefatše.” A ntšetsa pele borapeli ba ’nete ’me a phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ho batho ba lichaba tsohle. Tse ling tsa lichaba tsena li tšoana le Assyria, li hlile li ikatetse sesoleng. Lichaba tse ling e batla e le tse nang le mamello haholoanyane, mohlomong joaloka Egepeta—eo ka nako e ’ngoe e kileng ea e-ba “morena oa boroa” boprofeteng ba Daniele. (Daniele 11:5, 8) Batho ba limilione ba tsoang lichabeng tse ikatetseng sesoleng le lichabeng tse batlang li e-na le mamello haholoanyane ba amohetse tsela ea borapeli ba ’nete. Kahoo, batho ba lichaba tsohle ba kopane ho ‘etseng tšebeletso.’ Ha ho na likarohano tsa bochaba har’a bona. Baa ratana, ’me ka sebele ho ka thoe ‘Assyria e tla Egepeta, le Egepeta e ea Assyria.’ Ho joalokaha eka ho na le tsela e khōlō e li kopanyang.—1 Petrose 2:17.
38. (a) Iseraele e “ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria” joang? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a re “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka”?
38 Leha ho le joalo, Iseraele e “ba ea boraro hammoho le Egepeta le Assyria” joang? Qalong ea ‘nako ea bofelo,’ bongata ba ba neng ba sebeletsa Jehova lefatšeng e ne e le litho tsa “Iseraele ea Molimo.” (Daniele 12:9; Bagalata 6:16) Ho tloha ka bo-1930, bongata bo boholo ba “linku tse ling,” bo nang le tšepo ea lefatšeng bo ’nile ba hlahella. (Johanne 10:16a; Tšenolo 7:9) Bo tsoa lichabeng—bo tšoantšetsoa ke Egepeta le Assyria—bo phallela tlung ea Jehova ea borapeli ’me bo mema ba bang hore ba ikopanye le bona. (Esaia 2:2-4) Bo etsa mosebetsi oa ho bolela o tšoanang le o etsoang ke barab’abo bona ba tlotsitsoeng, bo mamella liteko tse tšoanang, bo bonahatsa ho se sekisetse le botšepehi tse tšoanang, ’me bo jella tafoleng e tšoanang ea moea. Ka sebele, batlotsuoa le “linku tse ling” ke “mohlape o le mong, molisa [o] mong.” (Johanne 10:16b) Na ho na le motho ea ka belaellang hore Jehova o khahlisoa ke mosebetsi oa bona, ha a talima cheseho le mamello ea bona? Ha ho makatse hore ebe o phatlalatsa tlhohonolofatso ea hae ho bona, o re: “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka”!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litsebi tse ling li bolela hore polelo “naha ea likokoanyana tse phuphuselang ka mapheo” e bolela litsie tseo ka linako tse ling li tlalang hohle Ethiopia. Tse ling li bontša hore lentsoe la Seheberu bakeng sa tse “phuphuselang,” e leng tsela·tsalʹ, le na le molumo o kang oa lebitso leo Bagalla, e leng batho ba tsoang lesikeng la Kama ba phelang Ethiopia ea kajeno, ba le rehileng seboba, e leng tsaltsalya.
[Setšoantšo se leqepheng la 191]
Bahlabani ba Bafilista ba hlasela lira tsa bona (Setšoantšo sa Egepeta se betliloeng sa lekholong la bo12 la lilemo B.C.E.)
[Setšoantšo se leqepheng la 192]
Setšoantšo se betliloeng lejoeng sa mohlabani kapa molimo oa Moabe (pakeng tsa lekholo la bo11 le la bo8 la lilemo B.C.E.)
[Setšoantšo se leqepheng la 196]
Mohlabani oa Syria o palame kamele (lekholong la borobong la lilemo B.C.E.)
[Setšoantšo se leqepheng la 198]
“Leoatle” la moloko oa batho o tletseng borabele le fehla ho se khotsofale le bofetoheli
[Setšoantšo se leqepheng la 203]
Baprista ba Egepeta ba ile ba sitoa ho ipapisa le Jehova ka matla