Khaolo ea Leshome le Metso e Tšeletseng
Tšepa Jehova Bakeng sa Tataiso le Tšireletso
1, 2. Batho ba Molimo ba tobane le kotsi efe lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., ’me ba bangata ba bona ba sekametse ho retelehela hokae bakeng sa tšireletso?
JOALOKAHA re bone likhaolong tse ka pejana tsa buka ena, batho ba Molimo ba tobane le tšokelo e tšosang lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Baassyria ba nyoretsoeng mali ba ripitla naha e ’ngoe ka mor’a e ’ngoe, ’me ho setse nako e seng kae feela pele ba hlasela ’muso oa Juda o ka boroa. Baahi ba motse ba tla retelehela ho mang bakeng sa tšireletso? Ba kamanong ea selekane le Jehova ’me ba lokela ho itšetleha ka eena bakeng sa thuso. (Exoda 19:5, 6) Seo ke sona seo Morena Davida a ileng a se etsa. O ile a lumela: “Jehova ke lefika la ka le qhobosheane ea ka le Mopholosi oa ka.” (2 Samuele 22:2) Leha ho le joalo, ka ho totobetseng ba bangata lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. ha ba behe tšepo ea bona ho Jehova e le qhobosheane ea bona. Ba sekametse ho batleng thuso ho Egepeta le Ethiopia, ba tšepa hore lichaba tsena tse peli li tla ba sireletsa khahlanong le tšokelo ea tlhaselo ea Assyria. Ba fositse.
2 A sebelisa moprofeta oa hae Esaia, Jehova o lemosa hore ho batla tšireletso ho Egepeta kapa Ethiopia ho tla tlisa tlokotsi. Mantsoe a bululetsoeng a moprofeta a fana ka thuto e molemo ho ba phelang mehleng ea hae ’me le rōna a re fuparetse thuto ea bohlokoa mabapi le bohlokoa ba ho tšepa Jehova.
Naha ea Tšollo ea Mali
3. Hlalosa hore na Assyria e ne e nka ho ba le sesole se matla e le habohlokoa hakae.
3 Baassyria ba ne ba tsebahala ka ho ba le sesole se matla. Buka e reng Ancient Cities e re: “Ba ne ba rapela matla, ’me ba ne ba lebisa lithapelo tsa bona ho melimo ea litšoantšo e meholohali ea lejoe, litau le lipoho tseo litho tsa tsona tse khōlō tsa ’mele, mapheo a tsona a ntsu, le lihlooho tsa tsona tsa batho e neng e le matšoao a matla, sebete le tlhōlo. Ntoa e ne e le mosebetsi oa sechaba, ’me baprista e ne e le bona ba hlohlelletsang ntoa mocha-o-chele.” Ke ka ho utloahalang moprofeta e mong oa Bibele, Nahume, a ileng a hlalosa Ninive, e leng motse-moholo oa Assyria, e le “motse oa tšollo ea mali.”—Nahume 3:1.
4. Baassyria ba ne ba kenya tšabo joang lipelong tsa lichaba tse ling?
4 Maqiti a Assyria a ntoa e ne e le a sehlōhō ka tsela e sa tloaelehang. Litšoantšo tse betliloeng tsa mehleng eo li bontša bahlabani ba Assyria ba hula batlamuoa ka likhoketsane tse kentsoeng linkong kapa melomong. Ba ne ba foufatsa batlamuoa ba bang ka marumo. Mongolo o mong o hlalosa tlhōlo eo ho eona lebotho la Assyria le ileng la khaola batlamuoa ba lona likoto ’me la etsa liqubu tse peli ka ntle ho motse—e ’ngoe e le ea lihlooho ’me e ’ngoe e le ea matsoho le maoto. Bana ba batho ba hlōtsoeng ba ne ba chesoa mollong. E tlameha ebe tšabo e tlisoang ke liketso tse sehlōhō joalo e ile ea tsoela sesole sa Assyria molemo, ka ho tepeletsa ba emeng tseleng ea mabotho a sona hore ba se ke ba itoanela.
Ntoa Khahlanong le Ashdode
5. Mehleng ea Esaia ’musi ea matlahali oa Assyria e ne e le mang, hona qoso e ile ea tlosoa joang tlalehong ea Bibele?
5 Mehleng ea Esaia ’Muso oa Assyria o ile oa e-ba matla ka tsela e ikhethang tlas’a Morena Sargone.a Ka lilemo tse ngata, bahlahlobisisi ba ile ba hlahisa lipelaelo mabapi le boteng ba ’musi enoa, kaha ba ne ba sa tsebe mohloli leha e le ofe oa lefatše o buang ka eena. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla lithako tsa ntlo ea Sargone ea borena, ’me ha tlosoa qoso tlalehong ea Bibele.
6, 7. (a) Mohlomong ke mabaka afe a etsang hore Sargone a laele hore ho hlaseloe Ashdode? (b) Ho oa ha Ashdode ho ama baahisani ba Filistia joang?
6 Esaia o hlalosa hakhutšoanyane e ’ngoe ea liphutuho tsa sesole tsa Sargone: ‘Tartane a tla Ashdode, a rometsoe ke Sargone morena oa Assyria, ’me a loantša Ashdode a e hapa.’ (Esaia 20:1)b Ke hobane’ng ha Sargone a laela hore motse oa Filistia oa Ashdode o hlaseloe? Hobane Filistia e entse selekane le Egepeta, ’me Ashdode, e nang le tempele ea Dagone, e haufi le tsela e iphaphathang ka lebōpo la leoatle ho tloha Egepeta ho leba Palestina. Kahoo, motse oo o sebakeng se loketseng. Ho o hapa ho ka nkoa e le selelekela sa ho hlōla Egepeta. Ho feta moo, litlaleho tsa Assyria li tlaleha hore Azuri, morena oa Ashdode, o ne a rera ’momori khahlanong le Assyria. Kahoo, Sargone o tlosa morena eo oa lerabele ’me o beha moen’a morena eo, Ahimiti, boreneng. Leha ho le joalo, seo ha se rarolle bothata. Ho qhoma phetohelo e ’ngoe hape, ’me lekhetlong lena Sargone o nka khato e matlanyana. O laela hore Ashdode e hlaseloe, ’me ea thibelloa e bile ea hlōloa. Ho ka etsahala hore ebe Esaia 20:1 e bua ka ketsahalo ena.
7 Ho oa ha Ashdode ho tlisetsa baahisani ba eona tebello e lerootho, haholo-holo Juda. Jehova oa tseba hore batho ba hae ba sekametse ho batleng thuso ho “letsoho la nama,” le kang Egepeta kapa Ethiopia e ka boroa. Ka hona, o laela Esaia hore a fane ka pontšo e tšoantšang temoso eo e potlakileng.—2 Likronike 32:7, 8.
“A Hlobotse ’me a sa Roala Letho Maotong”
8. Esaia o etsa ketso efe ea boprofeta e bululetsoeng?
8 Jehova o bolella Esaia: “Tsamaea, ’me u lokolle lesela la mokotla lethekeng; u role meqathatso.” Esaia o etsa kamoo Jehova a laelang kateng. “Eaba o etsa joalo, a tsamaea a hlobotse ’me a sa roala letho maotong.” (Esaia 20:2) Lesela la mokotla ke seaparo se mahoashe se atisang ho aparoa ke baprofeta, ka linako tse ling ha ba fana ka molaetsa oa temoso. Le boetse le aparoa linakong tsa maqakabetsi kapa ka mor’a ho utloa litaba tsa tlokotsi. (2 Marena 19:2; Pesaleme ea 35:13; Daniele 9:3) Na Esaia o hlile o tsamaea a hlobotse ka kutloisiso ea hore ha ho letho leo a le apereng bakeng sa ho ikoahela? Che ha ho hlile ha ho joalo. Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “hlobotse” le ka boela la bolela hore motho o apere ka tsela e sa koaheleng ’mele hohle kapa e fokolang. (1 Samuele 19:24, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Kahoo, e ka ’na eaba Esaia o mpa feela a hlobotse seaparo sa hae sa ka ntle, ha a ntse a setse ka seaparo se sekhutšoanyane sa ka hare seo ka tloaelo e neng e le sona se bang holim’a ’mele. Batlamuoa ba banna ba atisa ho hlahisoa ka tsela ena litšoantšong tse betliloeng tsa Assyria.
9. Moelelo oa boprofeta oa ketso ea Esaia ke ofe?
9 Ha ho sale ho e-na le khoao mabapi le moelelo oa ketso ea Esaia e sa tloaelehang: “Jehova a tsoela pele ho re: ‘Feela joalokaha mohlanka oa ka Esaia a tsamaile a hlobotse ’me a sa roala letho maotong ka lilemo tse tharo e le pontšo le limakatso khahlanong le Egepeta le khahlanong le Ethiopia, kahoo morena oa Assyria o tla etella pele sehlopha sa baholehuoa ba Egepeta le baholehuoa ba Ethiopia, bashanyana le banna-baholo, ba hlobotse ’me ba sa roala letho maotong, le marao a bona a hlobolisitsoe, bofeela ba Egepeta.’” (Esaia 20:3, 4) E, haufinyane Baegepeta le Baethiopia ba tla isoa botlamuoeng. Ha ho ea tla sala. Esita le “bashanyana le banna-baholo”—bana le ba hōlileng—ba tla amohuoa thepa eohle ea bona ’me ba isoe botlamuoeng. Ka setšoantšo sena se lerootho, Jehova o lemosa baahi ba Juda hore ho ke ke ha thusa letho hore ba behe tšepo ho Egepeta le Ethiopia. Ho oa ha lichaba tsena ho tla lebisa ‘bofeeleng’ ba tsona—ho kokobetsoeng ha tsona ka ho feletseng!
Tšepo ea Fela, Botle Boa Nyamela
10, 11. (a) Juda e tla itšoara joang ha e hlokomela hore Egepeta le Ethiopia ha li na matla ka pel’a Assyria? (b) Ke hobane’ng ha baahi ba Juda ba ka ’na ba sekamela ho tšepeng Egepeta le Ethiopia?
10 Ho latelang, Jehova o hlalosa ka mokhoa oa boprofeta tsela eo batho ba hae ba tlang ho itšoara ka eona ha ba hlokomela hore Egepeta le Ethiopia, tseo ba neng ba tšepile hore li tla ba sireletsa, li iponahalitse li se na matla ka pel’a Baassyria. “Ka sebele ba tla haroha letsoalo ’me ba hlajoe ke lihlong ka Ethiopia e leng tšepo eo ba e lebeletseng le Egepeta e leng botle ba bona. Ka sebele baahi ba sebaka sena se lebōpong la leoatle ba tla re letsatsing leo, ‘Ke kamoo tšepo ea rōna e lebeletsoeng e leng kateng, eo re balehetseng ho eona bakeng sa thuso, e le hore re lopolloe ka lebaka la morena oa Assyria! Re tla phonyoha joang?’”—Esaia 20:5, 6.
11 Juda e bonahala eka ke sebakanyana feela se lebōpong la leoatle ha e bapisoa le mebuso ea Egepeta le Ethiopia. Mohlomong ba bang ba baahi ba “sebaka sena se lebōpong la leoatle” ba hapuoe ke botle ba Egepeta—liphiramide tsa eona tse khahlang, litempele tsa eona tse phahameng le matlo a eona a maholohali a pota-potiloeng ke lirapa tsa lipalesa le tsa litholoana le matangoana. Moralo o hlollang oa mehaho ea Egepeta o bonahala e le bopaki ba ho tsitsa le ho ba teng ka nako e telele. Ka sebele naha ena e ke ke ea timetsoa! Mohlomong, Bajuda ba bile ba khahloa ke ba fulang metsu, makoloi a lipere le bapalami ba lipere ba Ethiopia.
12. Juda e lokela ho tšepa mang?
12 Ha re nahana ka pontšo ea temoso ea Esaia le ka mantsoe a Jehova a boprofeta, batho leha e le bafe ba ipolelang hore ke batho ba Molimo ba nang le tšekamelo ea ho tšepa Egepeta le Ethiopia ba lokela ho nahana ka ho teba. Ho molemo hakaakang hore ba behe tšepo ho Jehova ho e-na le ho motho oa lefatše! (Pesaleme ea 25:2; 40:4) Ha ’mela o ntse o puta, Juda e hula haboima letsohong la morena oa Assyria, ’me hamorao, e bona tempele ea eona le motse-moholo oa eona li timetsoa ke Babylona. Leha ho le joalo, ho sala “karolo ea leshome,” e leng “peō e halalelang,” joaloka kutu ea sefate sa setonanahali. (Esaia 6:13) Ha nako ea teng e fihla, molaetsa oa Esaia o tla matlafatsa tumelo ea sehlotšoana seo sa ba tsoelang pele ho tšepa Jehova haholo!
Tšepa Jehova
13. Ke likhatello life tse amang bohle—balumeli le bao e seng balumeli—kajeno?
13 Temoso ea Esaia mabapi le kamoo ho tšepa Egepeta le Ethiopia ho sa thuseng letho kateng hase pale feela tjee e sa reng letho. E na le bohlokoa bo sebetsang kajeno. Re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Likoluoa tsa lichelete, ho ata ha bofutsana, ho hloka botsitso ha lipolotiki, merusu ea lehae le lintoa tse nyenyane le tse khōlō li hlahisa liphello tse senyang—eseng feela ho ba hanang bobusi ba Molimo empa le ho barapeli ba Jehova. Potso e tobileng e mong le e mong ke hore, ‘Ke tla retelehela ho mang bakeng sa thuso?’
14. Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova feela?
14 Ba bang ba ka ’na ba khahloa ke bo-ramaqiti ba kajeno ba lichelete, bo-ralipolotiki le bo-rasaense, ba buang ka ho rarolla mathata a batho ba sebelisa bohlale ba batho le theknoloji. Leha ho le joalo, Bibele e bolela ka ho hlaka: “Ho tšabela ho Jehova ho molemo ho feta ho tšepa bahlomphehi.” (Pesaleme ea 118:9) Merero eohle ea batho ea ho tlisa khotso le tšireletseho e tla fetoha ea lefeela ka lebaka le boletsoeng ka nepo ke moprofeta Jeremia: “Ke tseba hantle, Jehova, hore tsela ea motho oa lefatše ha e matleng a hae. Ha ho matleng a motho ea tsamaeang hore a tsamaise mehato ea hae.”—Jeremia 10:23.
15. Tšepo feela ea moloko oa batho o mahlomoleng e lutse hokae?
15 Ka hona, ke habohlokoa hore bahlanka ba Molimo ba se ke ba isoa le khongoana holimo ke matla kapa bohlale leha e le bofe tseo ho bonahalang eka lefatše lena le na le tsona. (Pesaleme ea 33:10; 1 Bakorinthe 3:19, 20) Tšepo feela ea moloko oa batho o mahlomoleng e matsohong a ’Mōpi, Jehova. Ba behang tšepo ea bona ho eena ba tla bolokeha. Joalokaha moapostola Johanne ea bululetsoeng a ile a ngola, “lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bo-rahistori ba bitsa morena enoa Sargone II. Morena e mong oa pejana, eo e neng e se oa Assyria, empa e le oa Babylona, o bitsoa “Sargone I.”
b “Tartane” hase lebitso empa ke tlotla e khethollang molaoli e moholo oa lebotho la Assyria, eo mohlomong e bileng e leng motho oa bobeli ea nang le matla ka ho fetisisa ’musong.
[Setšoantšo se leqepheng la 209]
Baassyria ba ne ba atisa ho foufatsa ba bang ba batlamuoa ba bona
[Litšoantšo tse leqepheng la 213]
Ba bang ba ka ’na ba khahloa ke seo batho ba se finyellang, empa ho molemo ke ho tšepa Jehova