Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Tšepa Jehova Bakeng sa Tataiso le Tšireletso
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • Ntoa Khahlanong le Ashdode

      5. Mehleng ea Esaia ’musi ea matlahali oa Assyria e ne e le mang, hona qoso e ile ea tlosoa joang tlalehong ea Bibele?

      5 Mehleng ea Esaia ’Muso oa Assyria o ile oa e-ba matla ka tsela e ikhethang tlas’a Morena Sargone.a Ka lilemo tse ngata, bahlahlobisisi ba ile ba hlahisa lipelaelo mabapi le boteng ba ’musi enoa, kaha ba ne ba sa tsebe mohloli leha e le ofe oa lefatše o buang ka eena. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e ea, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla lithako tsa ntlo ea Sargone ea borena, ’me ha tlosoa qoso tlalehong ea Bibele.

      6, 7. (a) Mohlomong ke mabaka afe a etsang hore Sargone a laele hore ho hlaseloe Ashdode? (b) Ho oa ha Ashdode ho ama baahisani ba Filistia joang?

      6 Esaia o hlalosa hakhutšoanyane e ’ngoe ea liphutuho tsa sesole tsa Sargone: ‘Tartane a tla Ashdode, a rometsoe ke Sargone morena oa Assyria, ’me a loantša Ashdode a e hapa.’ (Esaia 20:1)b Ke hobane’ng ha Sargone a laela hore motse oa Filistia oa Ashdode o hlaseloe? Hobane Filistia e entse selekane le Egepeta, ’me Ashdode, e nang le tempele ea Dagone, e haufi le tsela e iphaphathang ka lebōpo la leoatle ho tloha Egepeta ho leba Palestina. Kahoo, motse oo o sebakeng se loketseng. Ho o hapa ho ka nkoa e le selelekela sa ho hlōla Egepeta. Ho feta moo, litlaleho tsa Assyria li tlaleha hore Azuri, morena oa Ashdode, o ne a rera ’momori khahlanong le Assyria. Kahoo, Sargone o tlosa morena eo oa lerabele ’me o beha moen’a morena eo, Ahimiti, boreneng. Leha ho le joalo, seo ha se rarolle bothata. Ho qhoma phetohelo e ’ngoe hape, ’me lekhetlong lena Sargone o nka khato e matlanyana. O laela hore Ashdode e hlaseloe, ’me ea thibelloa e bile ea hlōloa. Ho ka etsahala hore ebe Esaia 20:1 e bua ka ketsahalo ena.

      7 Ho oa ha Ashdode ho tlisetsa baahisani ba eona tebello e lerootho, haholo-holo Juda. Jehova oa tseba hore batho ba hae ba sekametse ho batleng thuso ho “letsoho la nama,” le kang Egepeta kapa Ethiopia e ka boroa. Ka hona, o laela Esaia hore a fane ka pontšo e tšoantšang temoso eo e potlakileng.—2 Likronike 32:7, 8.

  • Tšepa Jehova Bakeng sa Tataiso le Tšireletso
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • a Bo-rahistori ba bitsa morena enoa Sargone II. Morena e mong oa pejana, eo e neng e se oa Assyria, empa e le oa Babylona, o bitsoa “Sargone I.”

      b “Tartane” hase lebitso empa ke tlotla e khethollang molaoli e moholo oa lebotho la Assyria, eo mohlomong e bileng e leng motho oa bobeli ea nang le matla ka ho fetisisa ’musong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela