‘Ke Eme Qhooeng’
“’Me a tsoela pele ho hooa joalo ka tau: ‘Holim’a qhooa, Jehova, ke ntse ke eme motšehare ’ohle, ’me toreng ea ka ea bolebeli ke eme ka masiu ’ohle.”—ESAIA 21:8, NW.
1, 2. (a) Charles T. Russell o ne a e-na le pakane efe? (b) Lingoliloeng tsa Bibele li ne li tla mo thusa joang ho finyella pakane ea hae?
MONNA ea lilemo li 21 ea tšabang Molimo ea phelang leboea-bochabela ho United States o ne a e-na le sepheo se itseng. E ne e le pakane ea hae ho pepesa lithuto tsa bohata tsa bolumeli tsa mehleng ea hae, haholo-holo lithuto tsa tlhokofatso ea ka ho sa feleng le ho reroa ha liketsahalo tse tla isa polokong ea motho. Hape, o ne a batla ho buella ’nete ka sehlabelo le sepheo le mokhoa oa ho tla ha Kreste. O ne a tla etsa sena sohle joang? Ka ho khantša leseli la Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, litumelong tsa bolumeli.—Pesaleme ea 43:3; 119:105.
2 Monna eo ke Charles T. Russell, mookameli oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower, ka 1873 a rera ho hatisa libuka tsa bolumeli e le tsela ea ho hlakisa ’nete ea Bibele. Ho babali ba tšepahalang, likhatiso li ne li tla senola mashano a lithuto tsa Bokreste-mōtoana. Lithuto leha e le life tse patehileng li ne li ke ke tsa phonyoha khanya e matlahali ea Bibele. (Ba-Efese 5:13) Ka nako eona eo, libuka tsena li ne li tla khantša leseli ‘litabeng tsa pholoho’ ho haha tumelo ea babali. (Tite 1:9; 2:11; 2 Timothea 1:13) Na ho na le mohlala oa nakong e fetileng oa cheseho ea ’nete ea Bibele e ileng ea susumetsa Russell patlong ea hae?—Bapisa 2 Marena 19:31.
Bakreste ba Pele: Babuelli ba Lentsoe la Molimo
3. Kreste Jesu o beile joang mohlala oa ho buella ’nete?
3 Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba bueletse tšebeliso ea Lentsoe la Molimo har’a Bajode le Balichaba. E ne e ka ba eme qhooeng, ba phatlalatsa ’nete ho bohle ba neng ba tla utloa. (Mattheu 10:27) Jesu Kreste Moetapele oa bona, o beile mohlala. O itse: “Ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete.” (Johanne 18:37) Le hoja a ne a phethahetse, o hanne ho tšepa hlalefo ea hae kapa mehopolo ea botho. Ho e-na le hoo, lithuto tsa hae li ne li hlaha ho Moruti oa hae e Moholo, Jehova Molimo. O ile a bolella sehlopha sa Bajode hore: “Ha ke etse letho ke inotši, ke mpa ke bolela litaba tseo, joalo ka ha Ntate a nthutile.” (Johanne 8:28; bona hape Johanne 7:14-18.) Ho latela tlaleho ea Litaba tse Molemo tsa boboleli ba hae ba lefatšeng, Jesu o qotsitse (kapa a bua likhopolo tse tšoanang) ho tsoa karolong e ’ngoe ea Mangolo a Seheberu.—Luka 4:18, 19 (Esaia 61:1, 2); Luka 23:46 (Pesaleme ea 31:5).
4. Fana ka mehlala ea kamoo Jesu a sebelisitseng Lentsoe la Molimo ho ruta ’nete.
4 Esita le kamor’a lefu le tsoho ea hae, Kreste o ne a ntse a sebelisa Lentsoe la Molimo ho ruta ’nete. Ka mohlala, ha Kleopa le metsoalle ea hae ba khutla Jerusalema ho ea Emmausse, Jesu a thusa barutuoa bao ho bea mabaka ka Mangolo. Tlaleho e’a bolela: “Eaba o qala ka Moshe, a isa ho baprofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong ’ohle tseo a boletsoeng ka tsona.” (Luka 24:25-27) Hamorao letsatsing lona leo, Jesu a itlhahisa ho baapostola ba hae ba 11 le barutuoa ba hae ho haha tumelo ea bona. Joang? Ka ho sebelisa Mangolo ka bohlale. Luka o’a ngola: “Ea e-ba hona [Jesu] a bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo. A ntoo re ho bona: Ho no ho ngoliloe joalo, ’me ho no ho tšoanela hore Kreste a utloisoe bohloko, ’me a tsohe ka letsatsi la boraro.”—Luka 24:45, 46.
5. Ka Pentakonta ea 33 C.E., Petrose o latetse joang mohlala oa Kreste oa ho sebelisa Mangolo?
5 Ka ho latela Mohlala oa eona, ka 33 C.E. phutheho ea Bokreste ea simolla boboleli ba phatlalatsa ka ho sebelisa Mangolo. Tulo: sebakeng se bulehileng ka ntle ho ntlo Jerusalema. Hoba ba utloe molumo oa “moea o fokang ka sefefo” tlung eo, sehlopha sa Bajode ba likete-kete ba Jerusalema le baromuoa ba Bajode ba bokana sebakeng sena. Petrose o tsamaela pele—baapostola ba bang ba 11 ba mo lika-likile, ’me a qala ho bua ka lentsoe le matla: “Banna ba Judea, le lōna bohle ba aheletseng Jerusalema, tsebang, ’me le mamele litaba tsa ka hantle.” Ha Petrose a supa se ‘boletsoeng ke moprofeta Joele’ le se ‘boletsoeng ke Davida’ o hlalosa mohlolo o sa tsoa etsahala le hore “Jesu eo [ba] mo thakhisitseng, Molimo o mo entse Morena le Kreste.”—Liketso 2:2, 14, 16, 25, 36.
6. (a) Hlalosa se etsahetseng sebokeng sa sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo. (b) Liphutheho li ne li tsebisoa joang ka qeto ea sehlopha se busang hona ka melemo efe?
6 Ha Bakreste ba pele ba ne ba hloka boitsebiso bo hlakileng ka tumelo le boitšoaro, sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo le sona se ne se sebelisa Mangolo hantle. Ka mohlala, ha sehlopha se busang se bokana ka 49 C.E. morutuoa Jakobo, eo e neng e le molula-setulo, a lebisa tlhokomelo ea bona lengolong la bohlokoa le fumanoang ho Amose 9:11 le 12. A re: “Banna ba heso, ’mameleng. Simone o le phetetse kamoo Molimo o qalileng ho etela lichaba kateng, hore o ikhethele har’a tsona sechaba se khethetsoeng lebitso la ’ona. Litaba tsa boprofeta li lumellana teng, joalo ka ha ho ngoliloe.” (Liketso 15:13-17) Sehlopha sohle sa lumellana le taba ea Jakobo ’me sa ngola qeto ea sona e theiloeng mangolong hore e isoe liphuthehong tsohle hore li e bale. Liphello ea e-ba life? Bakreste “ba thaba haholo ka baka la khothatso ea bona,” hape “liphutheho li ne li itiisa tumelong, ’me li ne li anafala ka matsatsi ’ohle.” (Liketso 15:22-31; 16:4, 5) Kahoo phutheho ea pele ea Bakreste ea e-ba “tšiea le motheo oa ’nete.” Empa ho thoe’ng ka histori ea eona mehleng ena? Na C. T. Russell le metsoalle ea hae ea liithuti tsa Bibele ba ne ba tla etsisa mohlala ona o motle, oa lekholo la pele la lilemo? Ba ne ba tla buella ’nete joang?—1 Timothea 3:15.
Limakasine tse Nang le Pono e Fihlang Hōle
7. (a) Morero oa Zion’s Watch Tower e ne e le ofe? (b) E ne e talimile mang bakeng sa tšehetso?
7 Phupu 1879 e bone ho hlaha ha sesebelisoa se seholo sa Russell bakeng sa leseli la thuto ea Bibele—Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence. Tokollo ea pele e tsebahalitse morero oa eona oa sehlooho: “Joaloka ha lebitso la eona le bontša, e ikemiselitse ho ba qhooa moo litaba tsa thahasello le molemo li ka tsebisoang ‘mohlatsoana,’ ’me hape le ‘Herald of Christ’s Presence,’ bakeng sa ho fana ‘ka lijo nakong ea teng’ ho ‘bahlanka.’” Ho tšepa Molimo o matla ’ohle e ne e le motheo oa makasine ona. Tokollo ea ’ona ea bobeli e hlalositse hore: “Re lumela hore motšehetsi oa ‘Zion’s Watch Tower’ ke JEHOVA, ’me ha ho le joalo, e ke ke ea kōpa lithuso ho batho. Ha Ea bolelang hore: ‘Gauta kaofela le silevera ke tsa ka’ a hlōleha ho fana ka lichelete tse hlokahalang, re tla utloisisa hore e tla be e le nako ea ho khaotsa ho e hatisa.’”
8. Hlalosa keketseho ea Molula-Qhooa leseling la Esaia 60:22 le Zakaria 4:10.
8 Zion’s Watch Tower, eo hona joale e bitsoang Molula-Qhooa, e hatisitsoe e sa khaotse ka lilemo tse fetang 107. E eketsehile ho tloha ho likopi tse 6 000 tsa makasine o tsoang hanngoe ka khoeli ka puo e le ’ngoe ho ea ho likopi tsa limakasine tse tsoang habeli ka khoeli tse 12 315 000 tse fumanehang ka lipuo tse 103.—Bapisa Esaia 60:22; Zakaria 4:10.
9. Ke hobane’ng ha sehlooho sa Watch Tower se ne se loketse?
9 Sehlooho, Watch Tower, ebile khetho e loketseng e entsoeng ke Russell. Hangata lentsoe le sebelisitsoeng Mangolong a Seheberu e le “qhooa” le bolela “toreng ea bolebeli” kapa “sebaka se hlaheletseng” moo molula-qhooa kapa seboholi se ka bonang sera habonolo se sa le hōle ’me se lemose e sa le pele ka kotsi e tlang. Ka ho loketseng, ka lilemo tsa pele tse 59 tsa ho hatisoa hoa ’ona, leqephe la pele le ne le e-na le sehlooho se ipiletsang se qotsitsoeng ho Esaia 21:11, 12, NW, se reng: ‘Molula-qhooa nako ea bosiu ke efe?’ “Meso e ea hlaha.”
10. Ke mang ea sebeletsang e le molula-qhooa oa Esaia 21:11, ’me o tsebahatsa molaetsa ofe?
10 Molula-qhooa oa boprofeta ba Esaia o ne a lokela ho nka bohato ka potlako. Boemong ba lefatše le tletseng bokhopo, le lefifi, Russell a tsebisa ka thabo litaba tse molemo tsa ‘meso’ e tlang. Puso ea Jesu Kreste eo Lilemo tse Sekete ea khotso ke sehlooho sa makasine o amoheloang ka thabo. Empa pele “meso” e hlaha sehlopha se sebetsang joaloka molula-qhooa—masala a Iseraele oa moea—ka sebete a hlokomelisa ka ho tla hoa “bosiu” ho neng ho tla fihlela ka khitla ‘ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’Ohle’ ka Harmagedone.—Tšenolo 16:14-16.
11, 12. (a) Mantsoe a Esaia 21:8 a bontša joang hore sehlopha sa molula-qhooa sea tšepahala le hore se falimehile? (b) Tlaleho ea kajeno e hlaha ka moemeli ofe, ’me haholo-holo e tsebahatsoa joang?
11 Pelenyana, ho Esaia 21:8, NW, re tsebisoa molula-qhooa ea tšepahalang ka mantsoe ana: “’Me a tsoela pele ho hooa joalo ka tau: ‘Holim’a qhooa, Jehova, ke ntse ke eme motšehare ’ohle, ’me toreng ea ka ea bolebeli ke eme ka masiu ’ohle.’”
12 Ak’u nahane molula-qhooa ea emeng qhooeng e phahameng a inamela pele a talimme hōle hoseng, a tsamaea har’a lefifi la bosiu—se falimehile kamehla. Joale u na le mohopolo o batsi oa se boleloang ke lentsoe la Seheberu bakeng sa “molula-qhooa” (mits·pehʹ) joalokaha le sebelisitsoe ho Esaia 21:8. Ha e le mona molula-qhooa a falimehile hakaale, ke mang ea phetseng hantle kelellong ea ka belaelang tlaleho ea ho lebela hoa hae? Ka ho tšoanang kajeno, sehlopha sa molula-qhooa se ikitlaelitse ka matla ho hlahlobisisa Mangolo ho bona seo Jehova a se boloketseng tsamaiso ena ea lintho. (Jakobo 1:25) Molula-qhooa enoa o tsebahatsa molaetsa oo ka lentsoe le phahameng le le hlokang tšabo, haholo-holo o sebelisa maqephe a Molula-Qhooa. (Bapisa Amose 3:4, 8.) Makasine ona o ke ke oa tšaba ho buella ’nete!—Esaia 43:9, 10.
13. Ke makasine ofe o ileng oa hlaha ka 1919, ’me o na le morero ofe o tšoanang?
13 Ka la 1 Mphalane, 1919, makasine o mocha oa hlahella lefatšeng: The Golden Age.a Sehlopha sa molula-qhooa se tla sebelisa makasine ’ona e le molekane oa Molula-Qhooa. Le hoja lihlooho tsa oona li ne li sa tl’o kena ka botebo litabeng tsa Bibele joaloka Molula-Qhooa, o ne o tla falimehisa batho ka lithuto tsa bohata tsa bolumeli, timetso e tlang ea tsamaiso ena e khopo ea lintho, le lefatše le lecha la ho loka le tla latela. E, le oona o ne o tla buella ’nete!
14. Sepheo sa Consolation eo hamorao ebileng Awake! e ne e le sefe?
14 Lilemong tse 18 hamorao lebitso la The Golden Age la fetoleloa ho Consolation. Tokollo ea la 6 Mphalane, 1937, ea bolela hore, “Lebitso le lecha le emela ’nete.” Tokollo ea Consolation ea la 22 Phato, 1946, ea e-ba Awake! (Tsoha! hamorao ka Sesotho) Tokollo eo e itse: “Sepheo se seholo sa makasine ona e tla ba ho tšepahala ’neteng.” Ho fihlela kajeno, ha o e-so ho hlōlehe ho phethisisa tšepiso eo. Ka ho khethehileng, Molula-Qhooa le Tsoha! li phahamisa sehlooho sa ’nete hore se bonoe ke bohle. Ka ho etsa joalo, limakasine tsena li latela tsela ea mathomo e sebelisitsoeng ke phutheho ea pele ea Bokreste.—3 Johanne 3, 4, 8.
Molula-Qhooa le Tsoha!: Babuelli ba ’Nete
15. (a) Ke mokhoa ofe oa ho aba lijo tsa moea o tšoanang le oa phutheho ea pele ea Bokreste? (b) Ntle ho ho qotsa litemana tsa Bibele, ke eng hape se hlokahalang? Fana ka mehlala.
15 Kajeno sehlopha sa “mohlanka ea khabane,” sehlopha sa “molula-qhooa” se sebelisa makasine oa Molula-Qhooa tlas’a tataiso ea Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova joaloka mocha o ka sehloohong oa ho fana ka lijo tsa moea “ka nako ea teng.” (Mattheu 24:45) Sena se latela mohlala oa phutheho ea lekholo la pele la lilemo, e ngotseng boitsebiso bo hlakileng ka thuto le boitšoaro tse neng li tla “balloa baena bohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:27) Ho tloha tšimolohong ea ’ona Molula-Qhooa ebile makasine o sebelisang Bibele le ho ruta Bibele. Ka mohlala, tokollo ea pele ea Zion’s Watch Tower e ile ea qotsa kapa ea ngola mangolo a fetang 200 ho tsoa bonyane libukeng tse 30 tsa Bibele. Empa ho hlokahala ho fetang feela ho qotsa litemana tsa Bibele. Batho ba hloka thuso hore ba li utloisise. Molula-Qhooa kamehla o na le kutloisiso e phahameng ea Bibele. Ho tloha ka 1892 ho ea ho 1927 tokollo ka ’ngoe e ne e e-na le ’malo oa beke le beke oa Bibele le puisano ka lengolo la sehlooho ho tsoa ’malong o mong le o mong. Bakeng sa mehlala e meng, bona chate e nang le sehlooho se reng “Lihlooho tse Etsang Histori tsa Molula-Qhooa ka Lilemo tse ling le tse ling tse Leshome.”
16, 17. Ke eng seo mohlophisi oa pele oa Molula-Qhooa a se entseng ho tiisa hore makasine ona o buella ’nete ea Bibele kamehla?
16 Molula-Qhooa o ne o tla boloka joang bohloeki ba molaetsa oa ’ona o ngotsoeng? Mohlophisi oa pele oa makasine, C. T. Russell, a hlahisa melao ho tiisa hore se ngotsoeng ho Molula-Qhooa ke ’nete e neng e utloisisoa nakong eo. O mong oa melao eo o ngotsoe lengolong la hae la thato ea mofu le entsoeng ka la 27 Phupjane, 1907. (Russell o shoele ka la 31 Mphalane, 1916.) Lengolo la hae la thato ea mofu le re:
“Ke laela hore boikarabelo bohle ba ho hlophisa makasine oa ZION’S WATCH TOWER bo tla ba matsohong a komiti ea baena ba bahlano ba komiti, bao ke ba khothatsang hore ba be le kelo-hloko e khōlō le botšepehi ’neteng. Lihlooho tsohle tse hlahang ho ZION’S WATCH TOWER bonyane li tla ba le tumello e phethahetseng ea ba bararo ho ba bahlano, ’me ke phehella hore haeba taba leha e le efe e lumelletsoeng ke ba bararo e tsejoa kapa mohlomong e sa lumellane le maikutlo a setho se le seng sa komiti kapa litho tse peli tsa eona, lihlooho tse joalo li tla emisoa hanyenyane hore ho nahanoe ka tsona ka thapelo le ka puisano ka likhoeli tse tharo pele li hatisoa e le hore ho ka bolokoa bonngoe ba tumelo le tlamo ea khotso tsamaisong ea khatiso ea makasine ona.”
17 Ho latela lengolo la Russell la thato ea mofu, setho ka seng sa Komiti ea Khatiso se ne se lokela “ho tšepahala kahohle lithutong tsa Mangolo,” ’me se bontše litšobotsi tsena, “bophelo bo hloekileng, ho hlaka ’neteng, cheseho bakeng sa Molimo le lerato ho baena le botšepehi ho Molopolli.” Hape Russell a bolela hore “ho ke ke hoa boleloa leha e le ka tsela efe hore lihlooho tse fapaneng tse ngotsoeng litokollong tsena li ngotsoe ke mang . . . e le hore ’nete e tsejoe ’me ho utloisisoe molemo oa eona, le hore ho tsejoe haholo hore Morena ke Hlooho ea kereke le Mohloli oa ’nete.”
18. Ke hobane’ng re ka bala Molula-Qhooa le Tsoha! ka kholiseho?
18 Ho tla fihlela kajeno Sehlopha se Busang se ntse se latela keletso e tšoanang. Sehlooho ka seng sa Molula-Qhooa le Tsoha! esita le leqephe ka leng, ho kopanyeletsa mosebetsi oa botšoantši, li hlahlobisisoa ka hloko ke litho tse khethiloeng tsa Sehlopha se Busang pele li hatisoa. Ho feta moo, ba thusang ho ngola lihlooho tsa Molula-Qhooa ke baholo ba Bakreste ba utloisisang ho teba ha kabelo ea bona. (Bapisa 2 Likronike 19:7.) Ba sebelisa lihora tse ngata ba etsa lipatlisiso tsa Bibele le litšupiso tse ling ho etsa bonnete ba hore se ngoliloeng ke ’nete le hore ka botšepehi se latela Mangolo. (Moeklesia 12:9, 10; 2 Timothea 1:13) Ha ho makatse ha ho lokisetsa sehlooho se le seng sa makasine—seo u ka ’nang ua se bala ka metsotso e 15—ho nka libeke tse peli kapa kaholimo ho khoeli.
19. U ka etsa eng ho buella ’nete ea Bibele?
19 Ka baka leo, u ka bala Molula-Qhooa le Tsoha! ka kholiseho. Empa u ka etsa ho fetang hoo. Ka cheseho e khōlō u ka tsamaisetsa ba bang limakasine tsena e le hore le bona ba ka ithuta ’nete ’me ba fōle molemo ka ho mamela molaetsa oa ‘molula-qhooa ea emeng qhooeng.’ (Esaia 21:8) E, hammoho le molula-qhooa oa mehleng ea ena, le uena u ka buella ’nete ea Bibele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho thahasellisang, pele babali ba bang ba ne ba soabisitsoe ke sekoahelo sa The Golden Age. Ho bona se ne se bonahala joaloka ntho e tloaelehileng. Karabo ea tlaleho ea selemo le selemo ea Mokhatlo oa Watch Tower e re: “Mabapi le taba ena re hlahisa hore nakong eo tokollo ea The Golden Age e simollang ho ne ho e-na le morusu oa bahatisi Greater New York. Matsatsinyana pele ho etsoa tumellano ea ho hatisoa hoa The Golden Age batho ba neng ba sebetsana le mochini oa khatiso o sebelisang mofuta oa pampiri o sebelisitsoeng sekoahelong ha baa ka ba etsa morusu. Kahoo ha bonahala hore mofuta oa sekoahelo le pampiri li ne li khethiloe hobane hoja ho khethiloe e ’ngoe ho ne ho ke ke hoa etsahala hore ho qalisoe ka makasine ona ho hang. Kahoo ha bonahala hore Morena o hauhela tokollo ena e ncha.”
Na U sa Hopola?
◻ Ke hobane’ng ha C. T. Russell a ile a qala ho hatisa lingoloa tsa Bibele?
◻ Bakreste ba pele ba buelletse ’nete joang?
◻ Ke hobane’ng ha lentsoe “Molula-Qhooa” e le sehlooho sa makasine ’ona?
◻ Molula-qhooa oa mehla ena ke mang, ’me o sebelisa eng haholo-holo ho hōlisa lentsoe la hae?
◻ Molula-Qhooa le Tsoha! li buella ’nete joang?
[Lebokose le leqepheng la 13]
Lihlooho tse Etsang Histori tsa Molula-Qhooa, ka Lilemo tse ling le tse ling tse Leshome
1879: “Molimo ke Lerato”—sa buella sehlabelo sa Jesu joaloka motheo oa topollo ea batho
1879: “Lebaka leo Bokhopo bo Lumelletsoeng ka Lona”—sa hlalosa lebaka leo ka lona boteng ba Jesu Kreste bo neng bo ke ke ba bonahala
1880: “’Mele o Mong, Moea o Mong, Tšepo e ’Ngoe”—sa supa 1914 e le ho fela hoa Mehla ea Balichaba
1882: “Moputso oa Sebe ke Lefu”—sa pepesa hore thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng e latola lerato la Molimo
1885: “Ho Iphetola hoa Lintho le Mehla ea Mahlale”—sa pepesa hore khopolo ea ho iphetola hoa lintho ke leshano
1897: “Mangolo a Reng ka Kamano le Meea?”—sa fana ka bopaki ba hore kamano le meea e qalile ho bademona
1902: “Molimo Pele—Likhetho tsa Oona”—sa hatella ho mamela melao ea Molimo ka lapeng le litabeng tsa khoebo
1919: “Ho Lehlohonolo ba sa Tšabeng”—sa tlisa bophelo bo bocha tlhophisong e ncha ea barapeli ba se nang tšabo
1925: “Ho Tsoaloa ha Sechaba”—sa hlakisa hantle boprofeta bo bontšang hore ’Muso oa Molimo o tsoetsoe ka 1914
1931: “Lebitso le Lecha”—ho tloha nakong eo ho ea pele lebitso Lipaki tsa Jehova le tla khetholla Bakreste ba ’nete ho Bokreste-mōtoana ba bokoenehi
1935: “Bongata bo Boholo ba Batho”—sa bontša hore ho bokelloa hoa bao ba ratang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ho ne ho qalile
1938: “Tlhophiso”—sa hlahisa tlhophiso ea sebele ea Puso ea Molimo har’a Lipaki tsa Jehova
1939: “Ho se Nke Lehlakore”—sa matlafatsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle ho mamella likhatello tsa Ntoa ea II ea Lefatše
1942: “Leseli Feela”—sa fana ka tumello ea hore mosebetsi o matla oa bopaki o tsoele pele
1945: “Ho se Sisinyehe Borapeling ba ’Nete”—sa bontša hore Bakreste ba lokela ho tela ho amohela litšelo tsa mali
1952: “Ho Boloka Mokhatlo o Hlophisitsoeng o Hloekile”—sa bontša hore ho khaoloa ho etsoang ke liphutheho ho na le motheo oa Mangolo
1962: “Ho Ipea ka Tlase ho ‘Marena a Maholo’—Ka lebaka la’ng?’—sa fana ka mabaka a utloahalang a hore batho ba ikokobeletse marena a batho
1973: “Ho Boloka Phutheho ea Molimo e Hloekile ‘Nakong ea ho Ahlola ha Oona’ ”—sa khothaletsa ho khaotsa ho tsuba koae
1979: “Ho Chesehela Ntlo ea Jehova”—sa bontša hore ho bolela ka ntlo le ntlo ho latela mohlala oa baapostola
1982: “Baratuoa, . . . Le Ipoloke Leratong la Molimo”—sa hlokomelisa Bakreste ka mesebetsi ea bakoenehi
1984: “Ho Tsamaea le Molimo Lefatšeng le Mabifi”—sa tiisa hore Bakreste ha ba lokela ho nka karolo pefong
1984: “Lesaka la Morao Bakeng sa ‘Linku tse Ling’”—sa hlakisa hore ke joang sehlopha sa lefatšeng se tlisoang bonngoeng le bao ba selekane se secha
1987: “Jubile ea Bokreste e Fihla Tlhorong ea Lilemo tse Sekete”—sa bontša hore ke joang Bakreste ba tšepahalang ba fumanang tokoloho le bophelo