Khaolo ea Leshome le Metso e Robeli
Seo re ka Ithutang Sona ka ho se Tšepahale
1. E ka ’na eaba ho ba ka hare ho motse oa boholo-holo o thibeletsoeng ho ne ho le joang?
AK’U nahane hore na ho ne ho le joang ho ba motseng oa boholo-holo o thibeletsoeng. Ka ntle ho marako ke sera—se matla le se sehlōhō. Ua tseba hore se se se hapile metse e meng. Joale se ikemiselitse ho hlōla le ho tlatlapa motse oa lōna le ho beta le ho bolaea baahi ba oona. Mabotho a sera a matla haholo hore le ka a loantša; tšepo feela eo le nang le eona ke hore marako a motse a tla a thibela ho kena. Ha u talima ka nģ’ane ho marako, u bona litora tsa ho thibella tseo sera se tlileng le tsona. Se boetse se na le likofuto tsa ho thibella tse khonang ho betsa majoe ho silakanya tšireletso ea lōna. U bona thepa ea sona e heletsang marako le lilere tseo se li sebelisang ha se hlasela, bahlabani ba sona ba fulang metsu le likoloi tsa sona tse huloang ke lipere le masole a sona a mangata. Ke pono e tšosang hakaakang!
2. Ho thibelloa ho hlalositsoeng ho Esaia khaolo ea 22 ho etsahala neng?
2 Ho Esaia khaolo ea 22, re bala ka ho thibelloa ho joalo—ho thibelloa ha Jerusalema. Ho etsahala neng? Ho thata ho qoolla ketsahalo leha e le efe ea ho thibelloa eo litšobotsi tsohle tse hlalositsoeng mona li ileng tsa phethahala ho eona. Kamoo ho bonahalang kateng, boprofeta bona bo utloisisoa hamolemo e le tlhaloso e akaretsang ea liketsahalo tse sa tšoaneng tsa ho thibelloa tse tlelang Jerusalema, e le temoso e akaretsang ea se larileng ka pele.
3 Baahi ba Jerusalema ba etsa’ng ha ba tobane le ho thibelloa hoo Esaia a ho hlalosang? Joaloka batho ba Molimo ba selekane, na ba ipiletsa ho Jehova hore a ba pholose? Che, ba bontša boikutlo bo booatla haholo, bo kang bo fumanoang kajeno ho ba bangata ba ipolelang hore ba rapela Molimo.
Motse oa Thibelloa
4 Ho Esaia khaolo ea 21, molaetsa ka mong oa kahlolo ho e meraro o ile oa kenyelletsoa ka lentsoe “Phatlalatso.” (Esaia 21:1, 11, 13) Khaolo ea 22 le eona e qala ka tsela e tšoanang: “Phatlalatso ea phula ea pono: Joale, molato ke’ng ka lōna hore ebe le hloeletse marulelong kaofela ha lōna?” (Esaia 22:1) “Phula ea pono” e bolela Jerusalema. Motse oo o bitsoa phula hobane le hoja o phahame, o pota-potiloe ke lithaba tse o phahametseng. O amahanngoa le “pono” hobane ke moo ho fanoang ka lipono le litšenolo tse ngata tsa bomolimo teng. Ka lebaka lena, baahi ba motse ba lokela ho ela hloko mantsoe a Jehova. Ho fapana le hoo, ba mo hlokomolohile ’me ba khelohetse borapeling ba bohata. Sera se thibeletseng motse ke kofuto ea Molimo ea kahlolo khahlanong le batho ba hae ba tsoileng tseleng.—Deuteronoma 28:45, 49, 50, 52.
5 Hlokomela hore baahi ba Jerusalema ba ‘hloeletse marulelong a matlo a bona kaofela ha bona.’ Mehleng ea boholo-holo, marulelo a matlo a Baiseraele a ne a bataletse ’me malapa a ne a atisa ho bokana ho ’ona. Esaia ha a bolele hore na ke hobane’ng ha ba etsa joalo lekhetlong lena, empa mantsoe a hae a bontša ho se amohele seo. Kahoo, e ka ’na eaba ba hloeletse marulelong ho ea ipiletsa ho melimo ea bona ea bohata. Ena ke tloaelo ea bona lilemong tse etellang pele ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E.—Jeremia 19:13; Sofonia 1:5.
6 Esaia o tsoela pele: “U ne u tletse moferefere, motse o morusu, motse o thabileng. Batho ba hao ba bolailoeng hase ba bolailoeng ka sabole, kapa ba shoeletseng ntoeng.” (Esaia 22:2) Matšoele-tšoele a khobokane motseng, ’me o tletse pherekano. Literateng batho ba entse lerata ’me ba tšohile. Leha ho le joalo, ba bang ba thabile, mohlomong hobane ba ikutloa ba sireletsehile kapa ba nahana hore kotsi eo ea feta.a Empa ho thaba ka nako ena ke booatla. Ba bangata motseng ba tlil’o shoa lefu le sehlōhō ho feta la ho bolaoa ka bohale ba sabole. Motse o thibeletsoeng o khaohantsoe le mehloli ea lijo e ka thōko. Pokello e ka hare ho motse ea qepha. Ho lapa ha batho le sepenya ho lebisa mafung a seoa. Ka hona, ba bangata Jerusalema ba tla bolaoa ke tlala ea bo-ja-likata le mafu a seoa. Sena se etsahala ka 607 B.C.E. esita le ka 70 C.E.—2 Marena 25:3; Lillo tsa Jeremia 4:9, 10.b
7 Maqakabetsing ana, babusi ba Jerusalema ba fana ka ketello-pele efe? Esaia oa araba: “Bahatelli bohle ba hao ba balehile ka nako e le ’ngoe. Ba entsoe batšoaruoa ho sa hlokahale seqha. Batho bohle ba hao ba fumanoeng ba entsoe batšoaruoa hammoho. Ba ne ba balehetse hōle.” (Esaia 22:3) Babusi le banna ba matla baa baleha ’me hamorao baa tšoaroa! Baa hapuoa ba bile ba isoa botlamuoeng ba sa ka ba koroloa le ka seqha. Sena se etsahala ka 607 B.C.E. Ka mor’a hore ho phunyeletsoe lerako la Jerusalema, Morena Tsedekia oa baleha bosiu, a e-na le banna ba hae ba matla. Sera se utloela ka sena, sea ba lelekisa, ’me se ba fumana thoteng ea Jeriko. Banna ba matla baa qhalakana. Tsedekia oa tšoaroa, oa foufatsoa, o tlangoa ka mahlaahlela a koporo, ’me o hulanngoa ho isoa Babylona. (2 Marena 25:2-7) Ke phello e bohloko hakaakang ea ho se tšepahale ha hae!
Ho Tepeletsoa ke Tlokotsi
8 Boprofeta bona bo ama Esaia ka ho teba. O re: “Khaotsang ho ntalimisisa. Ke tla bontša bohloko ka ho lla. Le se ke la tsitlella ho ntšelisa ka lebaka la ho tlatlapuoa ha morali oa sechaba sa heso.” (Esaia 22:4) Esaia o ile a sareloa ka lebaka la qetello e profetiloeng ea Moabe le Babylona. (Esaia 16:11; 21:3) Hona joale ho tepella ha hae le mahlomola a hae li matla le ho feta ha a nahana ka tlokotsi e tlelang batho ba habo. Ha a tšelisehe. Hobane’ng? “Etsoe ke letsatsi la pherekano le la ho hatakela le la ho tsietsa leo ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, a nang le lona phuleng ea pono. Ho na le moheletsi oa lerako, le mohoo thabeng.” (Esaia 22:5) Jerusalema e tla tlala pherekano. Batho ba tla lelera hohle ba tletse tšabo, ba se na morero. Ha sera se qala ho phunyelletsa marako a motse, ho tla ba le “mohoo thabeng.” Na see se bolela hore baahi ba motse ba tla ipiletsa ho Molimo tempeleng ea hae e halalelang e Thabeng ea Moria? Ho ka etsahala. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho se tšepahale ha bona, ho ka etsahala hore ebe seo se mpa se bolela hore mehoo ea bona ea ho tšoha e tla utloahala lithabeng tse ba pota-potileng.
9 Ke sera sa mofuta ofe se sokelang Jerusalema? Esaia oa re bolella: “Elame e nkile khohlopo, koloing ea ntoa ea motho oa lefatše, hammoho le sepane sa lipere tsa ntoa; ’me Kire e koaholotse thebe.” (Esaia 22:6) Lira li hlometse ka ho feletseng. Li na le ba fulang metsu bao likhohlopo tsa bona li tletseng metsu. Bahlabani ba lokisa lithebe tsa bona bakeng sa ntoa. Ho na le likoloi le lipere tse koetliselitsoeng ntoa. Lebotho leo le akarelletsa masole a tsoang Elame, e ka boroa ho moo hona joale e leng Kou ea Persia, le a tsoang Kire, eo mohlomong e leng haufi le Elame. Ho boleloa ha linaha tsena ho bontša sebaka se hōle seo bahlaseli bana ba tsoang ho sona. Ho boetse ho bontša hore e ka ’na eaba Baelame ba fulang metsu ba ne ba le teng lebothong le ileng la sokela Jerusalema mehleng ea Ezekiase.
Boiteko ba ho Itšireletsa
10 Esaia o hlalosa boemo bo tsoelang pele: “Likhohlo tsa hao tse khethehileng ka ho fetisisa li tla tlala likoloi tsa ntoa, ’me ruri lipere tsa ntoa li tla ema hekeng, ’me e mong o tla tlosa lesira la Juda.” (Esaia 22:7, 8a) Likoloi le lipere li tlala hohle khohlong e ka ntle ho motse oa Jerusalema ’me li itokisetsa ho hlasela liheke tsa motse. “Lesira la Juda” le tlosoang ke eng? Mohlomong ke heke ea motse, eo ho senngoa ha eona e leng letšoao la tlokotsi ho basireletsi.c Ha lesira lena la tšireletso le se le tlositsoe, motse o pepesehetse bahlaseli ba oona.
11 Joale Esaia o lebisa tlhokomelo boitekong ba batho ba ho itšireletsa. Ntho ea pele eo ba e nahanang—ke libetsa! “Letsatsing leo u tla ema ka nģ’a pokello ea lihlomo tsa ntlo ea moru, ’me ka sebele le tla bona makhalo a Motse oa Davida, etsoe a tla ba mangata. Le tla bokella metsi a letamo le ka tlaase.” (Esaia 22:8b, 9) Libetsa li bolokoa pokellong ea lihlomo tsa ntlo ea moru. Pokello ena ea lihlomo e ile ea hahuoa ke Solomone. Kaha e ne e hahuoe ka likedare tse tsoang Lebanone, e ile ea tsebahala ka hore ke “Ntlo ea Moru oa Lebanone.” (1 Marena 7:2-5) Ho hlahlojoa mapetso a marakong. Ho bokelloa metsi—e leng khato ea bohlokoa ea ho itšireletsa. Batho ba hloka metsi hore ba phele. Ka ntle ho oona, motse o ke ke oa ema. Leha ho le joalo, hlokomela hore ha ho thoe letho ka hore ba talima ho Jehova bakeng sa topollo. Ho e-na le hoo, ba tšepa mehloli ea bona ea tšehetso. E se eka le ka mohla re ke ke ra etsa phoso eo!—Pesaleme ea 127:1.
12 Ho ka etsoa’ng ka mapetso ao a lerakong la motse? “Le tla bala matlo a Jerusalema. Le tla boela le heletse matlo e le ho etsa hore lerako le se ke la fihleloa.” (Esaia 22:10) Ho hlahlobisisoa matlo ho bona hore na ke afe a ka heletsoang e le hore a hlahise thepa ea ho koala mapetso. Bona ke boiteko ba ho thibela sera ho hapa lerako.
Batho ba se Nang Tumelo
13 “Pakeng tsa marako a mabeli le tla etsa beisine e khakeletsang bakeng sa metsi a letamo la khale. Ka sebele le ke ke la talima Moetsi oa lona e Moholo, ’me le ke ke la bona ea le entseng khale.” (Esaia 22:11) Boiteko ba ho bokella metsi, bo hlalositsoeng mona le temaneng ea 9, bo re hopotsa khato eo Morena Ezekiase a ileng a e nka ho sireletsa motse ho Baassyria ba hlaselang. (2 Likronike 32:2-5) Leha ho le joalo, boprofeteng bona ba Esaia batho ba motse ha ba na tumelo ka ho feletseng. Ho fapana le Ezekiase, ha ba nahane letho ka ’Mōpi ha ba ntse ba sebetsana le ho sireletsa motse.
14 Esaia o tsoela pele: “Letsatsing leo ’Musi Morena Jehova oa mabotho, o tla batla hore ho be le ho lla le ho siama le ho beola le ho itlama ka lesela la mokotla. Empa, bonang! thabo e khaphatsehang le nyakallo, ho bolaoa ha likhomo le ho hlajoa ha linku, ho jeoa ha nama le ho nooa ha veine, ‘A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.’” (Esaia 22:12, 13) Baahi ba Jerusalema ha ba bontše ho soabela borabele ba bona khahlanong le Jehova. Ha ba lle, ha ba kute moriri, leha e le hona ho apara lesela la mokotla e le pontšo ea pako. Ha ba ne ba ka etsa seo, mohlomong Jehova o ne a tla ba sireletsa masetla-pelong a tlang. Ho fapana le hoo, ba inehella menate ea nama. Ba bangata kajeno ba hlokang tumelo ho Molimo ba na le boikutlo bo joalo. Kaha ha ba na tšepo—ebang ke ea ho tsoha bafung kapa ea ho phela lefatšeng la Paradeise nakong e tlang—ba hahamalla bophelo ba ho inehella ho khotsofatsa litakatso tsa bona, ba re: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Ke ho hloka ponelo-pele ho hokaakang! Haeba feela ba ne ba ka tšepa Jehova, ba ne ba tla ba le tšepo ea ka ho sa feleng!—Pesaleme ea 4:6-8; Liproverbia 1:33.
15 Baahi ba thibeletsoeng ba Jerusalema ha ba na ho sireletseha. Esaia o re: “Jehova oa mabotho o itšenotse litsebeng tsa ka: ‘“Phoso ena e ke ke ea koaheloa bakeng sa lōna ho fihlela le shoa,” ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, o boletse.’” (Esaia 22:14) Ka lebaka la bothata ba lipelo tsa batho, ha ba na ho tšoareloa. Joang kapa joang, lefu le tla tla. Ena ke taba ea sebele. E boletsoe ke ’Musi Morena Jehova oa mabotho. Phethahatsong ea mantsoe a Esaia a boprofeta, Jerusalema e sa tšepahaleng e tleloa ke tlokotsi habeli. E timetsoa ke mabotho a Babylona ’me hamorao ke a Roma. Ka ho tšoanang, tlokotsi e tla tlela Bokreste-’mōtoana bo sa tšepahaleng, boo litho tsa bona li ipolelang hore li rapela Molimo empa ha e le hantle li mo latola ka mesebetsi ea tsona. (Tite 1:16) Libe tsa Bokreste-’mōtoana, hammoho le tsa malumeli a mang a lefatše a hlomphollang litsela tse lokileng tsa Molimo, li “khobokellane ho ea fihla leholimong.” Joaloka phoso ea Jerusalema e koenehileng, phoso ea bona e khōlō hoo e ke keng ea koaheloa.—Tšenolo 18:5, 8, 21.
Motsamaisi oa Moithati
16 Joale moprofeta o tlosa tlhokomelo ea hae ho sechaba se sa tšepahaleng o e lebisa ho motho ea sa tšepahaleng. Esaia oa ngola: “Sena ke seo ’Musi Morena, Jehova oa mabotho, a se boletseng: ‘E-ea, u kene ho motsamaisi enoa, ho Shebna, ea okametseng ntlo, “Ke eng eo u e thahasellang moo, ’me ke mang eo u mo thahasellang moo, hoo u icheketseng sebaka sa lepato?” O cheka sebaka sa hae sa lepato moo ho phahameng; o ichekela sebaka sa bolulo lefikeng.’”—Esaia 22:15, 16.
17 Shebna, ke ‘motsamaisi ea okametseng ntlo,’ mohlomong ntlo ea Morena Ezekiase. Kahoo, o boemong ba ho ba le tšusumetso, ke eena ea hlahlamang morena. Ho lebeletsoe ho hongata ho eena. (1 Bakorinthe 4:2) Empa, ha a lokela hore ebe o ela hloko ka ho fetisisa litaba tsa sechaba, Shebna o hahamalla ho ipatlela thoriso. O ichekela lebitla le majabajaba—le tšoanang le la morena—sebakeng se phahameng lefikeng. Ha Jehova a hlokomela sena, o bululela Esaia hore a lemose motsamaisi enoa ea sa tšepahaleng: “Bona! Jehova o u lahlela fatše ka ho lahla ka mabifi, Uena monna ea shahlileng, ’me oa u shakarela. Ruri o tla u phuthela ka thata, joaloka bolo naheng e pharaletseng. U tla shoella moo, ’me moo likoloi tsa khanya ea hao e tla ba ho se hlomphehe ha ntlo ea mong’a hao. Ke tla u sutumelletsa hōle le moo u emeng teng; motho o tla u liha sebakeng sa hao sa bolaoli.” (Esaia 22:17-19) Ka lebaka la boikhabi ba hae, Shebna ha a na ho ba leha e se e le lebitla le tloaelehileng feela Jerusalema. Ho e-na le hoo, o tla betsoa joaloka bolo, a shoelle naheng e hōle. Sena se fana ka temoso ho bohle ba fuoeng matla a ho laela har’a batho ba Molimo. Tšebeliso e mpe ea matla e tla etsa hore ba lahleheloe ke matla ao a ho laela ’me mohlomong ba be ba tlosoe boemong boo.
18 Leha ho le joalo, Shebna o tla tlosoa boemong ba hae joang? A sebelisa Esaia, Jehova oa hlalosa: “Letsatsing leo ke tla bitsa mohlanka oa ka, e leng, Eliakime mora oa Hilkia. Ke tla mo apesa seaparo sa hao se selelele sa ka holimo, ’me ke mo tlame ka tieo ka leqhama la hao, ’me ke fane ka puso ea hao letsohong la hae; o tla fetoha ntate oa moahi oa Jerusalema le oa ntlo ea Juda. Ke tla beha senotlolo sa ntlo ea Davida lehetleng la hae, o tla bula ’me ho se ke ha e-ba le ea koalang, o tla koala ’me ho se ke ha e-ba le ea bulang.” (Esaia 22:20-22) Ha a nkela Shebna sebaka, Eliakime o tla fuoa liaparo tsa mosebetsi tsa motsamaisi hammoho le senotlolo sa ntlo ea Davida. Bibele e sebelisa lentsoe “senotlolo” ho tšoantšetsa bolaoli, puso, kapa matla. (Bapisa le Matheu 16:19.) Mehleng ea boholo-holo, moeletsi oa morena, ea fuoang linotlolo, o ne a ka ’na a laola liphaposi tsa ntlo ea borena ka kakaretso, esita le ho etsa qeto ea hore na ke bo-mang ba khetheloang ho sebeletsa morena. (Bapisa le Tšenolo 3:7, 8.) Kahoo, mosebetsi oa motsamaisi ke oa bohlokoa, ’me ho lebeletsoe ho hongata ho mang kapa mang ea o etsang. (Luka 12:48) E ka ’na eaba Shebna o na le bokhoni, empa kaha ha a tšepahale, Jehova o tla beha e mong sebakeng sa hae.
Lithakhisa Tse Peli Tsa Tšoantšetso
19 Qetellong, Jehova o sebelisa puo ea tšoantšetso ho hlalosa kamoo Shebna a amohuoang matla kateng ’me a fuoa Eliakime. O re: “‘Ke tla mo [Eliakime] khokhothela joaloka thakhisa sebakeng se tšoarellang, ’me o tla ba joaloka terone ea khanya ho ntlo ea ntat’ae. Ba tla leketlisa khanya eohle ea ntlo ea ntat’ae holim’a hae, litloholo le mahlōmela, lijana tsohle tsa mofuta o monyenyane, lijana tsa mofuta oa sekotlolo hammoho le lijana tsohle tsa linkho tse khōlō. Letsatsing leo,’ ho bolela Jehova oa mabotho, ‘ho tla tlosoa thakhisa [Shebna] e khokhothetsoeng sebakeng se tšoarellang, ’me e tla khaoloa e oe, ’me mojaro o holim’a eona o felisoe, etsoe Jehova o boletse hoo.’”—Esaia 22:23-25.
20 Litemaneng tsena thakhisa ea pele ke Eliakime. E tla ba “terone ea khanya” ho ntlo ea ntat’ae, Hilkia. Ho fapana le Shebna, ha a na ho hlompholla ntlo ea ntat’ae kapa botumo ba hae bo botle. Eliakime e tla ba setšehetso se tšoarellang sa lijana tsa ntlo, ke hore, sa ba bang ba sebeletsang morena. (2 Timothea 2:20, 21) Ka lehlakoreng le leng, thakhisa ea bobeli e bolela Shebna. Le hoja a ka ’na a bonahala a sireletsehile, o tla tlosoa. Motho leha e le ofe ea tsoelang pele ho itšetleha ka eena o tla oa.
21 Phihlelo ea Shebna e re hopotsa hore har’a ba ipolelang hore ba rapela Molimo, ba amohelang litokelo tsa tšebeletso ba lokela ho li sebelisa ho sebeletsa ba bang le ho rorisa Jehova. Ha baa lokela ho sebelisa boemo ba bona hampe e le hore ba ithuise kapa ba ipatlele botumo. Ka mohlala, ke khale Bokreste-’mōtoana bo ipolelisa hore ke motsamaisi ea khethiloeng, moemeli oa Jesu Kreste lefatšeng. Leha ho le joalo, feela joalokaha Shebna a ile a hlompholla ntat’ae ka ho ipatlela khanya, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba hlompholotse ’Mōpi ka ho ipokelella maruo le matla. Kahoo, ha nako ea kahlolo ‘e qala ka ntlo ea Molimo’ ka 1918, Jehova o ile a tlosa Bokreste-’mōtoana. Ho ile ha tsebahatsoa motsamaisi e mong—“motsamaisi ea tšepahalang, ea masene”—’me a khetheloa ho okamela ntlo ea Jesu e lefatšeng. (1 Petrose 4:17; Luka 12:42-44) Sehlopha sena se nang le litho tse ngata se ipakile se tšoaneleha ho jara “senotlolo” sa borena sa ntlo ea Davida. Ho tšoana le “thakhisa” e tšepahalang, se ipakile e le setšehetso se tšepahalang ho “lijana” tsohle tse sa tšoaneng, e leng Bakreste ba tlotsitsoeng ba nang le boikarabelo bo sa tšoaneng ba itšetlehileng ka sona bakeng sa ho matlafatsoa moeeng. “Linku tse ling” le tsona, ho tšoana le ‘mojaki ea ka har’a liheke’ tsa Jerusalema ea boholo-holo, li itšetlehile ka “thakhisa” ena, Eliakime oa kajeno.—Johanne 10:16; Deuteronoma 5:14.
22 Eliakime o ile a nkela Shebna sebaka ha Sankeribe le mabotho a hae ba ne ba sokela Jerusalema. Ka ho tšoanang, “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene,” o khethetsoe ho sebeletsa nakong ena ea bofelo, e tla fela ha Satane le makhotla a hae ba futuhela “Iseraele ea Molimo” le metsoalle ea eona ea linku tse ling ka tlhaselo ea ho qetela. (Bagalata 6:16) Joaloka mehleng ea Ezekiase, tlhaselo eo e tla fella ka ho timetsoa ha lira tsa ho loka. Ba itšetlehileng ka “thakhisa [e] sebakeng se tšoarellang,” e leng motsamaisi ea tšepahalang, ba tla phonyoha, feela joalokaha baahi ba tšepahalang ba Jerusalema ba ile ba phonyoha ha Assyria e hlasela Juda. Ka hona, ho bohlale hakaakang ho se itšoarelle ka “thakhisa” ea Bokreste-’mōtoana e tummeng hampe!
23 Ho etsahala’ng ka Shebna? Ha re na tlaleho ea kamoo boprofeta bo buang ka eena, bo tlalehiloeng ho Esaia 22:18, bo ileng ba phethahala kateng. O tšoana le Bokreste-’mōtoana ha a iphahamisa ’me eba joale o hlabisoa lihlong, empa mohlomong eena o ile a ithuta ho hong taeong eo. Moo teng, o fapane hōle le Bokreste-’mōtoana. Ha Rabshake oa Moassyria a laela hore Jerusalema e inehele, motsamaisi e mocha oa Ezekiase, Eliakime, o etella pele moifo o il’o mo khahlametsa. Leha ho le joalo, Shebna o lehlakoreng la hae e le mongoli oa morena. Kamoo ho bonahalang kateng, Shebna o ntse a le tšebeletsong ea morena. (Esaia 36:2, 22) Ke thuto e ntle hakaakang ho ba lahleheloang ke maemo a tšebeletso ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo! Ho e-na le hore ba hloname le ho halefa, ba bontša bohlale ha ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova boemong leha e le bofe boo a ba lumellang ho sebeletsa ho bona. (Baheberu 12:6) Ka ho etsa joalo, ba tla qoba tlokotsi e tla oela Bokreste-’mōtoana. Ba tla thabela kamohelo ea Molimo le tlhohonolofatso ea hae ka ho sa feleng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka 66 C.E., Bajuda ba bangata ba ile ba thaba ha mabotho a Baroma a neng a thibeletse Jerusalema a khutlela morao.
b Ho ea ka rahistori Josephus oa lekholong la pele la lilemo, ka 70 C.E. ho ile ha e-ba le tlala ea bo-ja-likata Jerusalema hoo batho ba neng ba e-ja letlalo, joang le furu. Ketsahalong e ’ngoe e ileng ea tlalehoa, ’mè e mong o ile a halika mor’a hae a ba a mo ja.
c Ka lehlakoreng le leng, “lesira la Juda” le ka ’na la bolela ntho e ’ngoe e sireletsang motse, joaloka liqhobosheane tseo ho bolokoang libetsa ho tsona le tseo masole a lulang ho tsona.
3. Baahi ba Jerusalema ba itšoara joang mabapi le ho thibelloa ho hlalosoang ke Esaia?
4. (a) “Phula ea pono” ke eng, hona ke hobane’ng ha e rehiloe lebitso leo? (b) Boemo ba moea ba baahi ba Jerusalema ke bofe?
5. E ka ’na eaba ke hobane’ng ha batho ba hloella marulelong a bona?
6. (a) Ke maemo afe a teng Jerusalema? (b) Ke hobane’ng ha ba bang ba thabile, empa ke eng e larileng ka pele?
7. Ke eng seo babusi ba Jerusalema ba se etsang nakong eo e thibeletsoeng ka eona, ’me ho etsahala’ng ka bona?
8. (a) Esaia o itšoara joang mabapi le boprofeta bo bolelang esale pele tlokotsi e tlelang Jerusalema? (b) Boemo e tla ba bofe Jerusalema?
9. Hlalosa lebotho le sokelang Jerusalema.
10. Ke phetoho efe eo e leng letšoao la tlokotsi e tlelang motse?
11, 12. Baahi ba Jerusalema ba nka khato efe ea ho itšireletsa?
13. Batho ba leka ho sireletsa phepelo ea metsi joang, empa ke mang eo ba mo lebalang?
14. Ho sa tsotellehe molaetsa oa Jehova oa temoso, batho ba na le boikutlo bofe bo booatla?
15. (a) Molaetsa oa Jehova oa kahlolo khahlanong le Jerusalema ke ofe, hona ke mang ea phethahatsang kahlolo ea hae? (b) Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo tla tleloa ke qetello e tšoanang le ea Jerusalema?
16, 17. (a) Ke mang joale ea fumanang molaetsa oa temoso o tsoang ho Jehova, hona hobane’ng? (b) Ka lebaka la ho lakatsa ha hae lintho tse phahameng, ho tla etsahala eng ka Shebna?
18. Ke mang ea tla nkela Shebna sebaka, hona ho bolela’ng hore o tla fuoa liaparo tsa Shebna tsa mosebetsi le senotlolo sa ntlo ea Davida?
19, 20. (a) Eliakime o tla ipaka e le tlhohonolofatso ho batho ba habo joang? (b) Ho tla etsahala’ng ka ba tsoelang pele ho itšetleha ka Shebna?
21. Ke mang eo joaloka Shebna, a ileng a nkeloa sebaka mehleng ea kajeno, hobane’ng, hona o ile a nkeloa sebaka ke mang?
22. (a) Ke hobane’ng ha ho nkeloa sebaka ha Shebna e le motsamaisi ho tlile ka nako e loketseng? (b) Ke hobane’ng ha ho khethoa ha “motsamaisi ea tšepahalang, ea masene,” ho tlile ka nako e loketseng mehleng ea kajeno?
23. Qetellong ho etsahala’ng ka Shebna, ’me re ka ithuta eng ho see?
[Setšoantšo se leqepheng la 231]
Ha Tsedekia a baleha, oa tšoaroa ’me oa foufatsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 232, 233]
Tebello e lerootho bakeng sa Bajuda ba qabeletsoeng Jerusalema
[Setšoantšo se leqepheng la 239]
Ezekiase o etsa Eliakime “thakhisa sebakeng se tšoarellang”
[Setšoantšo se leqepheng la 241]
Ho tšoana le Shebna, baeta-pele ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba hlompholotse ’Mōpi ka ho ipokellela maruo
[Litšoantšo tse leqepheng la 242]
Mehleng ea kajeno sehlopha sa motsamaisi ea tšepahalang se khethetsoe ho okamela ntlo ea Jesu