Khaolo ea Leshome le Metso e Supileng
“Babylona e Oele!”
1, 2. (a) Sehlooho sa Bibele ka kakaretso ke sefe, empa ke sehlooho sefe sa bohlokoa se tlatsetsang se hlahang ho Esaia? (b) Bibele e tšohla sehlooho sa ho oa ha Babylona ka ho pharaletseng joang?
BIBELE e ka ’na ea tšoantšoa le pina e telele e nang le sehlooho se seholo le lihloohoana tse kenyelelitsoeng ho etsa hore pina ha e feletse e be e ikhethang. Ka tsela e tšoanang, Bibele e na le sehlooho se seholo—e leng ho tlosoa ha qoso bobusing ba Jehova ka puso ea ’Muso oa Bomesia. E boetse e na le lihlooho tse ling tsa bohlokoa tse hlahang khafetsa. Se seng sa tsona ke ho oa ha Babylona.
2 Sehlooho seo se kenyelletsoa ho Esaia khaolo ea 13 le ea 14. Se hlaha hape khaolong ea 21 ’me se boetse se hlaha khaolong ea 44 le ea 45. Lilemo tse lekholo hamorao, Jeremia o tšohla sehlooho sena haholoanyane, ’me buka ea Tšenolo e se phethela ka tsela e hlollang. (Jeremia 51:60-64; Tšenolo 18:1–19:4) Seithuti se seng le se seng se tiileng sa Bibele se lokela ho ameha ka sehloohoana sena sa bohlokoa se tlatsetsang sa Lentsoe Molimo. Esaia khaolo ea 21 ea thusa tabeng ena, kaha e fana ka boitsebiso bo hlasimollang ka ho oa ho profetiloeng ha ’muso oo o moholo oa lefatše. Hamorao, re tla bona hore Esaia khaolo ea 21 e hatisa sehlooho se seng sa bohlokoa sa Bibele—se re thusang ho lekanyetsa ho falimeha ha rōna re le Bakreste kajeno.
“Pono e Thata”
3. Ke hobane’ng ha Babylona e bitsoa “lefeella la leoatle,” hona lebitso leo le supa eng ka bokamoso ba eona?
3 Esaia khaolo ea 21 e qala ka mantsoe a tlhokomeliso: “Phatlalatso khahlanong le lefeella la leoatle: Joaloka meea ea sefefo ea boroa ha e leba pele, e hlaha lefeelleng, naheng e tšabehang.” (Esaia 21:1) Babylona e lutse holim’a Nōka ea Eufrate, karolo e ’ngoe ea eona e ka bochabela e pakeng tsa linōka tse peli tse khōlō e leng Eufrate le Tigrise. E hōjana le leoatle la sebele. Joale, ke hobane’ng ha e bitsoa “lefeella la leoatle”? Hobane sebaka sa Babylona se ne se atisa ho ba le meroallo selemo le selemo, e leng ho neng ho se fetola “leoatle” le leholo, le mokhoabo. Leha ho le joalo, Bababylona ba ’nile ba laola lefeella lena le mokhoabo ka ho etsa marang-rang a liforo, melatsoana le likotopo tse tsamaisang metsi. Ka bohlale ba sebelisa a mang a metsi ana e le tsela e ’ngoe ea ho sireletsa motse. Leha ho le joalo, ha ho boiteko leha e le bofe ba batho bo tla sireletsa Babylona kahlolong ea Molimo. E ne e le lefeella—e tla boela e fetoha lefeella. E tobane le tlokotsi, e tlang joaloka lifefo tse matla tseo ka linako tse ling li puputlang Iseraele li tsoa lefeelleng le tšabehang le ka boroa.—Bapisa le Zakaria 9:14.
4. Pono ea “Babylona e Moholo” e ho Tšenolo e akarelletsa “metsi” le “lefeella” joang, hona “metsi” ao a bolela eng?
4 Joalokaha re ithutile Khaolong ea 14 ea buka ena, Babylona ea boholo-holo e na le mphato oa eona ea tšoanang le eona kajeno—“Babylona e Moholo,” ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ho Tšenolo, Babylona e Moholo le eona e hlalosoa e amana le “lefeella” le “metsi.” Moapostola Johanne o isoa lefeelleng ho ea bontšoa Babylona e Moholo. O bolelloa hore e ‘lula holim’a metsi a mangata’ a emelang “batho le matšoele le lichaba le maleme.” (Tšenolo 17:1-3, 5, 15) Tšehetso ea batho ka kakaretso e ’nile ea e-ba eona e thusang bolumeli ba bohata hore bo tsoele pele, empa “metsi” ao ha a na ho bo sireletsa qetellong. Joaloka mphato oa bona oa nakong e fetileng, bo tla qetella e le lefeela, bo hlokomolohiloe, ebile e le lesupi.
5. Ho tla joang hore Babylona e tume ka ho “sebetsa ka bolotsana” le ka ho ba “motlatlapi”?
5 Mehleng ea Esaia Babylona ha e e-s’o be ’muso oa lefatše, empa Jehova o se a ntse a bona esale pele hore ha nako ea eona e fihla, e tla sebelisa matla a eona hampe. Esaia o tsoela pele: “Ke boleletsoe pono e thata: Ea sebetsang ka bolotsana o sebetsa ka bolotsana, le motlatlapi oa tlatlapa.” (Esaia 21:2a) Ka sebele Babylona e tla tlatlapa e be e sebetsane ka bolotsana le lichaba tseo e li hlōlang, ho akarelletsa le Juda. Bababylona ba tla tlatlapa Jerusalema, ba senye tempele ea eona, ’me ba ise baahi ba eona botlamuoeng Babylona. Moo, batlamuoa bana ba tsielehileng ba tla sebetsoa ka bolotsana, ba songoe ka lebaka la tumelo ea bona ’me ba ke ke ba fuoa tšepo ea hore ba tla ke ba khutlele naheng ea habo bona.—2 Likronike 36:17-21; Pesaleme ea 137:1-4.
6. (a) Jehova o tla felisa ho feheloa hofe? (b) Ke lichaba life tseo ho boletsoeng esale pele hore li tla hlasela Babylona, hona see se phethahala joang?
6 E, Babylona e hlile e loketsoe ke “pono [ena] e thata,” e leng ho bolelang linako tse thata tse tla e tlela. Esaia o tsoela pele: “Nyoloha, Uena Elame! Thibella, Uena Media! Ke felisitse ho feheloa hohle ho bakoang ke eena.” (Esaia 21:2b) Ba hateletsoeng ke ’muso ona o sebetsang ka bolotsana ba tla lokoloha. Qetellong, ho feheloa ha bona ho tla fela! (Pesaleme ea 79:11, 12) Tokoloho ee e tla tlisoa ke eng? Esaia o bolela lichaba tse peli tse tla hlasela Babylona: Elame le Media. Lilemo tse makholo a mabeli hamorao, ka 539 B.C.E., Cyruse oa Mopersia o tla etella pele lebotho le kopaneng la Bapersia le Bamede ho futuhela Babylona. Ha e le Elame eona, babusi ba Persia ba tla rua bonyane karolo e ’ngoe ea naha eo pele ho 539 B.C.E.a Ka hona mabotho a Persia a tla akarelletsa Baelame.
7. Pono ea Esaia e mo ama joang, e leng ho tšoantšetsang eng?
7 Hlokomela kamoo Esaia a hlalosang phello eo pono ena e bang le eona ho eena kateng: “Ke ka lebaka leo letheka la ka le tletseng bohloko bo boholo. Ke tšoeroe ke ho tsitsipana, joaloka ho tsitsipana ha mosali ea belehang. Ke ferekane hoo ke sa utloeng; ke tšoenyehile hoo ke sa boneng. Pelo ea ka ea lelera; ke tšositsoe ke ho tlakasela. Mantsiboea ao ke neng ke ikamahanya le ’ona a entsoe ntho e nthothometsang.” (Esaia 21:3, 4) Ho bonahala eka moprofeta o thabela lihora tsa mantsiboea, e leng nako e ntle ea ho nahanisisa ka khutso. Empa joale nako ea shoalane ha e sa khahlisa, ho e-na le hoo e tlisa feela tšabo, bohloko le ho thothomela. O tšoaroa ke ho tsitsipana ho kang ha mosali ea belehang, ’me pelo ea hae ea “lelera.” Setsebi se seng se fetolela poleloana ena e le “pelo ea ka e otla ka potlako,” se bontša hore poleloana eo e bolela “ho uba ho sa tloaelehang ha pelo ho kang ho bakoang ke feberu.” Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola a joalo? Kamoo ho bonahalang kateng, maikutlo a Esaia ke a boprofeta. Bosiung ba la 5/6 October, 539 B.C.E., Bababylona ba tla tleloa ke tšabo e joalo.
8. Joalokaha ho profetiloe, Bababylona ba itšoara joang, le hoja lira tsa bona li le ka ntle ho marako?
8 Ha masiu a ntse a roalellana bosiung boo ba tlokotsi, Bababylona ha ba nahane letho le tšosang. Lilemo tse makholo a mabeli pele ho moo, Esaia o bolela esale pele: “Tafole e ke e lokisoe, ho hlophisoe sebaka sa litulo, ho jeoe, ho nooe!” (Esaia 21:5a) E, Morena Belshatsare ea ikakasang o entse mokete. Ho hlophisitsoe litulo bakeng sa matona a hae a sekete, hammoho le basali ba hae ba bangata le lirethe tsa hae tse ngata. (Daniele 5:1, 2) Ba leng moketeng oo o lerata baa tseba hore ho na le lebotho la ntoa ka ntle ho marako, empa ba lumela hore motse oa bona ha o kenehe. Marako a motse a maholohali le foro e tebileng e tletseng metsi li etsa hore e be o ke keng oa hapuoa; melimo ea oona e mengata e etsa hore hoo e be ho ke keng ha nahanoa le hanyenyane feela. Kahoo, ha ‘ho jeoeng, ho nooeng!’ Belshatsare oa tahoa, mohlomong ebile hase eena feela ea tahiloeng. Hore liofisiri tse khōlō li ne li tahiloe ho bontšoa ke hore ho hlokahala hore li tsosoe, joalokaha mantsoe a latelang a Esaia a boprofeta a bontša.
9. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ho ‘tlotsoe thebe’?
9 “Emang, lōna likhosana, tlotsang thebe.” (Esaia 21:5b) Moketjana o fela ka tšohanyetso. Likhosana li lokela ho tsoha! Moprofeta Daniele ea tsofetseng le eena oa bitsoa, ’me o bona kamoo Jehova a etsang hore Morena Belshatsare oa Babylona a be boemong ba ho tšoha ka tsela e tšoanang le eo Esaia a e hlalositseng kateng. Matona a morena a thulana ka lihlooho ha mabotho a kopaneng a Bamede, Bapersia le Baelame a phunyeletsa mekoallo e sireletsang motse. Babylona e oa ka potlako! Leha ho le joalo, ho ‘tlotsa thebe’ ho bolela eng? Ka linako tse ling Bibele e bitsa morena oa sechaba thebe ea sona hobane ke eena mosireletsi le mohlokomeli oa naha.b (Pesaleme ea 89:18) Kahoo mohlomong temana ena ea Esaia e bolela esale pele hore ho hlokahala morena e mocha. Hobane’ng? Hobane Belshatsare oa bolaoa “bosiung bona boo.” Kahoo, ho hlokahala hore ho ‘tlotsoe thebe,’ kapa ho khethoe morena e mocha.—Daniele 5:1-9, 30.
10. Barapeli ba Jehova ba ka fumana matšeliso afe phethahatsong ea boprofeta ba Esaia bo mabapi le ea sebetsang ka bolotsana?
10 Bohle ba ratang borapeli ba ’nete ba fumana matšeliso tlalehong ena. Babylona ea kajeno, Babylona e Moholo, e sebetsa ka bolotsana ebile ke motlatlapi feela joaloka mphato oa eona oa boholo-holo. Ho fihlela la kajeno baeta-pele ba bolumeli ba ntse ba etsa ’momori oa ho thibela Lipaki tsa Jehova, ho li hlorisa, kapa ho li ahlola ka makhetho a boima. Empa joalokaha boprofeta bona bo re hopotsa, Jehova o bona liketso tsohle tse joalo tsa bolotsana, ’me a ke ke a lumella hore li etsahale feela ho sa fanoe ka kotlo bakeng sa tsona. O tla felisa malumeli ’ohle a mo emelang hampe le a tšoarang batho ba hae hampe. (Tšenolo 18:8) Na eo ke ntho e ka etsahalang? E le hore re hahe tumelo ea rōna, re lokela ho hlokomela feela kamoo litemoso tsa hae tse mabapi le ho oa ha Babylona ea boholo-holo hammoho le ho oa ha mphato oa eona oa kajeno li seng li ntse li phethahetse kateng.
“E Oele!”
11. (a) Mosebetsi oa molebeli ke ofe, hona ke mang eo e ’nileng ea e-ba molebeli ea mafolofolo kajeno? (b) Likoloi tsa ntoa tsa liesele le tsa likamele li emela eng?
11 Joale Jehova o bua le moprofeta. Esaia oa tlaleha: “Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: ‘E-ea, u behe molebeli hore a bolele seo a se bonang.’” (Esaia 21:6) Mantsoe ana a kenyelletsa sehlooho se seng sa bohlokoa sa khaolo ena—se buang ka molebeli. Sena ke se thahasellisang ho Bakreste bohle ba ’nete kajeno, kaha Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ba ‘lule ba lebetse.’ Ha ho mohla “lekhoba le tšepahalang le le masene” le kileng la khaotsa ho bolela seo le se bonang mabapi le ho atamela ha letsatsi la Molimo la kahlolo le likotsi tsa lefatše lena le bolileng. (Matheu 24:42, 45-47) Molebeli ea ponong ea Esaia o bona eng? “A bona koloi ea ntoa e nang le sepane sa lipere tsa ntoa, koloi ea ntoa ea liesele, koloi ea ntoa ea likamele. A ela hloko ka tieo, ka ho mamelisisa.” (Esaia 21:7) E ka ’na eaba likoloi tsena tsa ntoa tse tsamaeang ka bonngoe li emela mokoloko oa likoloi tse eang ntoeng li matha ka lebelo la lipere tse koetlisitsoeng. Likoloi tsa ntoa tsa liesele le tsa likamele ka ho loketseng li emela mebuso e ’meli, oa Media le oa Persia, e tla ikopanya tlhaselong ena. Ho feta moo, histori e netefatsa hore lebotho la ntoa la Persia le ne le sebelisa liesele hammoho le likamele ntoeng.
12. Molebeli oa ponong ea Esaia o bonahatsa litšobotsi life, hona ke bo-mang ba hlokang litšobotsi tsee kajeno?
12 Joale, molebeli o tlameha ho fana ka tlaleho. “A hoeletsa joaloka tau: ‘Jehova, ke eme holim’a tora ea ho lebela kamehla motšehare, ’me ke eme sebakeng sa ka sa ho lebela ka masiu ’ohle. Bonang! ho tla koloi ea ntoa ea banna, hammoho le sepane sa lipere tsa ntoa!’” (Esaia 21:8, 9a) Molebeli oa ponong o hooa ka sebete, “joaloka tau.” Ho hlokahala sebete ho phatlalatsa molaetsa oa kahlolo khahlanong le sechaba se matla joaloka sa Babylona. Ho hlokahala ho hong hape—mamello. Molebeli o ema sebakeng sa hae sa ho lebela motšehare le bosiu, a sa itumelle hore a khaotse ho falimeha. Ka ho tšoanang, ho ile ha hlokahala hore sehlopha sa molebeli matsatsing ana a ho qetela se be le sebete le mamello. (Tšenolo 14:12) Bakreste bohle ba ’nete ba hloka litšobotsi tsena.
13, 14. (a) Ho etsahala’ng ka Babylona ea boholo-holo, ’me ke ka kutloisiso efe melimo ea eona ea litšoantšo e rojoang? (b) Babylona e Moholo e ile ea oa ka tsela e tšoanang joang hona neng?
13 Molebeli oa ponong ea Esaia o bona koloi ea ntoa e ntse e atamela. Molaetsa o re’ng? “A qala ho bua a re: ‘E oele! Babylona e oele, ’me litšoantšo tsohle tse betliloeng tsa melimo ea eona o li robile a li lahlela fatše!’” (Esaia 21:9b) Ke tlaleho e thabisang hakaakang! Qetellong, motlatlapi enoa oa batho ba Molimo ea bolotsana o oele!c Leha ho le joalo, ke ka kutloisiso efe litšoantšo tsa Babylona tse betliloeng le tsa melimo ea eona li robiloeng? Na bahlaseli bao e leng Bamede le Bapersia ba tla kena litempeleng tsa Babylona ’me ba thumakanye melimo ea litšoantšo e se nang palo? Che, ha ho hlokahale ntho ea mofuta o joalo. Melimo ea litšoantšo ea Babylona e tla rojoa ka hore e tla pepesoa e le e se nang matla a ho sireletsa motse. ’Me Babylona e tla oa ha e se e sitoa ho tsoela pele ho hatella batho ba Molimo.
14 Ho thoe’ng ka Babylona e Moholo? Ka ho loha leano la ho hatella batho ba Molimo nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, e ile ea atleha ho ba kenya botlamuoeng ka nakoana. Mosebetsi oa bona oa ho bolela o ne o batla o emisitse ka ho feletseng. Mopresidente le basebetsi ba bang ba ka sehloohong ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba koalloa teronkong ka liqoso tsa bohata. Empa ka 1919 ho ile ha e-ba le phetoho e tsotehang. Basebetsi bao ba ile ba lokolloa teronkong, ofisi ea ntlo-khōlō e ile ea boela ea buloa, ’me mosebetsi oa ho bolela oa tsosolosoa. Kahoo, Babylona e Moholo e ile ea oa hobane e ile ea felloa ke matla a ho thibela batho ba Molimo.d Ho Tšenolo, lengeloi le phatlalatsa ho oa hona habeli le sebelisa mantsoe a phatlalatso a ho Esaia 21:9.—Tšenolo 14:8; 18:2.
15, 16. Ke ka kutloisiso efe batho ba habo Esaia e leng “ba potsoeng,” ’me re ka ithuta eng boitšoarong ba Esaia mabapi le bona?
15 Esaia o phethela molaetsa ona oa boprofeta ka mantsoe a kutloelo-bohloko ho batho ba habo. O re: “Lōna batho ba ka ba potsoeng le mora oa seotlo sa ka, seo ke se utloileng ho Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, ke le tlalehetse sona.” (Esaia 21:10) Ka Bibeleng, ho pola ho atisa ho tšoantšetsa ho lauoa le ho hloekisoa ha batho ba Molimo. Batho ba Molimo ba selekane e tla ba ‘bara ba seotlo,’ moo koro e poleloang teng ho e ntša ’mōkōng, e le hore ho sale feela lithollo tse hloekileng, tse lakatsehang. Esaia ha a ba tšehe ka taeo ena. Ho e-na le hoo, o utloela ‘bara bana ba seotlo’ ba nakong e tlang bohloko, bao ba bang ba bona ba tla qeta bophelo bohle ba bona e le batlamuoa naheng esele.
16 Mohlomong sena se ka sebeletsa e le khopotso ea bohlokoa ho rōna bohle. Ka phuthehong ea Bokreste kajeno, ba bang ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho hlokela bafosi kutloelo-bohloko. ’Me ba fumanang taeo hangata le bona ba ka ’na ba e-ba le tšekamelo ea ho hlonamisoa ke eona. Leha ho le joalo, haeba re hopola hore Jehova o laea batho ba hae e le hore a ba hloekise, re ke ke ra nyenyefatsa taeo leha e le hona ho nyenyefatsa ba e amohelang ka boikokobetso kapa hona ho e qhelela thōko ha re e fuoa. A re amoheleng taeo ea bomolimo e le pontšo ea lerato la Molimo.—Baheberu 12:6.
Ho Botsa Molebeli
17. Ke hobane’ng ha ka nepo Edomo e bitsoa “Duma”?
17 Karolo ea bobeli ea molaetsa oa boprofeta o ho Esaia khaolo ea 21 e totobatsa setšoantšo sa molebeli. E qala ka ho re: “Phatlalatso khahlanong le Duma: Ho na le ea nkhoeletsang a le Seire: ‘Molebeli, bosiu bo tla sa neng? Molebeli, bosiu bo tla sa neng?’” (Esaia 21:11) Duma ee e hokae? Kamoo ho bonahalang kateng ho ne ho e-na le metse e ’maloa e neng e bitsoa joalo mehleng ea Bibele, empa ha ho le o mong oa eona oo ho buuoang ka oona mona. Duma ha e Seire, e leng lebitso le leng la Edomo. Leha ho le joalo, “Duma” e bolela “Khutso.” Kahoo, ho bonahala eka joalokaha ho bile joalo phatlalatsong e fetileng, sebaka seo se fuoa lebitso le bontšang bokamoso ba sona. Edomo, eo ka nako e telele e bileng sera sa batho ba Molimo se ratang ho iphetetsa, e tla qetella e khutsitse—e khutsitse lefung. Leha ho le joalo, pele seo se etsahala, ka tabatabelo ba bang ba tla botsa ka bokamoso.
18. Phatlalatso e reng, “Hoseng ho tla fihla, hammoho le bosiu,” e phethahala ho Edomo ea boholo-holo joang?
18 Nakong ea ha Esaia a ngola, Edomo e lutse tseleng ea lebotho le matlahali la Assyria. Ba bang Edomo ba labalabela ho tseba hore na bosiu bona ba khatello bo tla ba sa neng. Karabo e ba efe? “Molebeli a re: ‘Hoseng ho tla fihla, hammoho le bosiu.’” (Esaia 21:12a) Lintho ha li tšepise bakeng sa Edomo. Mafube a tla bonahala hōle moo mahlo a bonang ho fella teng, empa e tla ba a nakoana, ebile e le a thetsang. Bosiu—nako e ’ngoe hape e lefifi ea khatello—bo tla latela ka potlako hang-hang ha e qeta ho ba hoseng. Ke setšoantšo se loketseng hakaakang sa bokamoso ba Edomo! Khatello ea Assyria e tla fela, empa Babylona e tla ba ’muso oa lefatše o hlahlamang Assyria ’me e tla ripitla karolo e khōlō ea Edomo. (Jeremia 25:17, 21; 27:2-8) Boemo bona bo tla ipheta-pheta. Khatello ea Babylona e tla lateloa ke khatello ea Persia e ntan’o ba ea Bagerike. Joale ho tla ba le “hoseng” ha nakoana nakong ea puso ea Baroma, ha bo-Heroda—ba tsoang ho Baedomo—ba nka marapo Jerusalema. Empa “hoseng” hoo ha ho na ho tšoarella. Qetellong, Edomo e tla theohela ka ho sa feleng nģalong e khutsitseng, e nyamele historing. Qetellong lebitso Duma le tla e hlalosa ka ho loketseng.
19. Ha molebeli a re, “Haeba le botsa, botsang. Tloong hape!” e ka ’na eaba o bolela eng?
19 Molebeli o phethela molaetsa oa hae o mokhutšoanyane ka mantsoe ana: “Haeba le botsa, botsang. Tloong hape!” (Esaia 21:12b) Polelo “Tloong hape!” e ka ’na ea bolela ‘masiu’ a se nang palo a latellanang a tlelang Edomo. Kapa kaha poleloana eo e ka boela ea fetoleloa e le “khutlela,” e ka ’na eaba moprofeta o fana ka maikutlo a hore Baedomo leha e le bafe ba batlang ho phema timetso ea sechaba ba lokela ho baka le ho “khutlela” ho Jehova. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, molebeli o ba mema hore ba tsoele pele ho botsa.
20. Ke hobane’ng ha phatlalatso e tlalehiloeng ho Esaia 21:11, 12 e le ea bohlokoa ho batho ba Jehova kajeno?
20 Phatlalatso ena e khutšoanyane e ’nile ea bolela ho hongata ho batho ba Jehova mehleng ea kajeno.e Rea utloisisa hore moloko oa batho o keneletse hare-hare bosiung bo lefifi ba bofofu ba moea le ba ho ikarola ho Molimo bo tla lebisa timetsong ea tsamaiso ena ea lintho. (Baroma 13:12; 2 Bakorinthe 4:4) Nakong ena ea bosiu, mahlaseli leha e le afe a tšepo ea hore moloko oa batho o ka ’na oa tlisa khotso le tšireletseho ka tsela e itseng a tšoana le mafube a thetsang a lateloang ke linako tse lefifi le ho feta. Mafube a sebele a atametse—mafube a Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete holim’a lefatše lena. Empa hafeela bosiu bo ntse bo e-s’o se, re lokela ho latela tataiso ea sehlopha sa molebeli ka ho lula re falimehile moeeng ’me ka sebete re phatlalatse ho atamela ha bofelo ba tsamaiso ena e bolileng ea lintho.—1 Bathesalonika 5:6.
Masiu aa Roalellana Thoteng ea Lehoatata
21. (a) E ka ’na eaba ho reriloe hore ho etsoe mokhabo-puo ofe ka polelo e reng, “phatlalatso khahlanong le thota ea lehoatata”? (b) Lihlopha tsa batsamai tsa banna ba Dedane ke eng?
21 Phatlalatso ea ho qetela ea Esaia khaolo ea 21 e lebisitsoe ho “thota ea lehoatata.” E qala ka ho re: “Phatlalatso khahlanong le thota ea lehoatata: Le tla hlola bosiu morung thoteng ea lehoatata, Lōna lihlopha tsa batsamai tsa banna ba Dedane.” (Esaia 21:13) Ho bonahala eka thota ea lehoatata eo ho buuoang ka eona ke Arabia, kaha phatlalatso ena e lebisitsoe ho meloko e ’maloa ea Maarabia. Poleloana “thota ea lehoatata” ka linako tse ling e fetoleloa e le “mantsiboea,” e leng lentsoe le tšoanang le lona haholo ka Seheberu. Ba bang ba re sena ke mokhabo-puo, joalokaha eka shoalane e lefifi—nako ea khathatso—e haufi le ho oela sebaka sena. Phatlalatso ena e simolla ka ketsahalo e etsahalang bosiu eo ho eona ho hlahelletseng lihlopha tsa batsamai tsa banna ba Dedane, e leng moloko oa Maarabia o ka sehloohong. Lihlopha tse joalo tsa batsamai li tsamaea ka litsela tsa khoebo ho tloha sebakeng se nang le metsi lehoatateng ho ea ho se seng, li nkile linōko, liperela le matlotlo a mang. Empa ke mona re bona li tlameha ho kheloha tseleng eo li tsamaileng ka eona khafetsa ’me li qeta masiu li ipatile. Hobane’ng?
22, 23. (a) Ke boima bofe bo sithabetsang bo haufi le ho oela meloko ea Maarabia, hona e le ka phello efe ho eona? (b) Tlokotsi ee e tla tla kapele hakae, hona e tlisoa ke mang?
22 Esaia oa hlalosa: “Bakeng sa ho khahlanyetsa ea nyoriloeng tlisang metsi. Lōna baahi ba naha ea Tema, khahlanyetsang ea balehang le mo nkele bohobe. Hobane ba balehile ka lebaka la lisabole, ka lebaka la sabole e tsomutsoeng, le ka lebaka la seqha se kobiloeng le ka lebaka la boima ba ntoa.” (Esaia 21:14, 15) E, boima bo sithabetsang ba ntoa bo tla oela meloko ena ea Maarabia. Tema, e leng ho se seng sa libaka tse nang le metsi a mangata ka ho fetisisa tikolohong eo, e tlameha ho tlisetsa baphaphathehi ba ntoa ba hlahetsoeng ke bomalimabe metsi le bohobe. Khathatso ee e tla etsahala neng?
23 Esaia o tsoela pele: “Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: ‘Pele ho fela selemo, ho ea ka lilemo tsa mosebetsi ea hiriloeng, khanya eohle ea Kedare e tla fela. Ba setseng palong ea banna ba fulang ka seqha, banna ba matla ho bara ba Kedare, ba tla fokotseha, etsoe Jehova, Molimo oa Iseraele, o boletse hoo.’” (Esaia 21:16, 17) Kedare ke moloko o hlaheletseng hoo ka linako tse ling o sebelisetsoang ho emela Arabia eohle. Jehova o rerile hore banna ba fulang ka seqha le banna ba matla ba moloko ona ba fokotsehe ka palo hore ho sale masala a seng makae feela. Neng? “Pele ho fela selemo,” eseng ho feta moo, feela joalokaha mosebetsi ea hiriloeng a sa sebetse nako e fetang eo a lefuoang bakeng sa eona. Hore na ha e le hantle sena sohle se ile sa phethahala joang ha ho hlake. Babusi ba babeli ba Assyria—Sargone II le Sankeribe—ba ile ba itlotlisa ka hore ba kokobelitse Arabia. E ka ’na eaba e mong oa bona o ile a timetsa karolo e khōlō ea meloko ena e ikhohomosang ea Maarabia, joalokaha ho ne ho boletsoe esale pele.
24. Re ka kholiseha joang hore boprofeta ba Esaia khahlanong le Arabia bo ile ba phethahala?
24 Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore boprofeta bona bo ile ba phethahala ka ho feletseng. Ha ho letho le leng le ka hatisang ntlha ena ka matla ho feta mantsoe a phethang a phatlalatso eo: “Jehova, Molimo oa Iseraele, o boletse hoo.” Ho batho ba mehleng ea Esaia, ho ka ’na ha bonahala eka ha ho mohla Babylona e tla ke e phahamele Assyria ebe ka mor’a moo e ketoloa ka bosiu bo le bong feela nakong ea mokete o tletseng boitšoaro bo hlephileng. Ho ka ’na ha boela ha bonahala eka ho ke ke ha etsahala hore Edomo e matlahali e qetelle e le nģalong e khutsitseng kapa hore bosiu ba mathata le ba bohloki bo tla oela meloko e ruileng ea Maarabia. Empa Jehova o re ho tla etsahala, kahoo hoa etsahala. Kajeno, Jehova o re bolella hore ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata o tla fetoha lefeela. Hona hase feela ntho e ka ’nang ea etsahala; ke ntho ea sebele. Jehova ka boeena o boletse seo!
25. Re ka etsisa mohlala oa molebeli joang?
25 Ka hona, a re tšoaneng le molebeli. A re luleng re falimehile, joalokaha eka re lutse toreng e phahameng ea ho lebela, re shebile hōle moo mahlo a bonang ho fella teng e le hore re bone pontšo leha e le efe ea kotsi e ka hlahang. A re ikamahanyeng haufi-ufi le sehlopha sa molebeli ea tšepahalang, masala a batlotsuoa ba Bakreste a sa ntseng a le lefatšeng kajeno. A re ikopanyeng le ’ona ha ka sebete a ntša mohoo oa seo re se bonang—e leng bopaki bo hlollang ba hore Kreste oa busa leholimong; hore haufinyane o tla felisa bosiu bo bolelele, bo lefifi ba ho ikarola ha moloko oa batho ho Molimo; le hore ka mor’a moo o tla tlisa mafube a sebele, Puso ea Lilemo Tse Sekete lefatšeng la paradeise!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka linako tse ling Morena Cyruse oa Persia o bitsoa “Morena oa Anshane”—kaha Anshane ke sebaka kapa motse o Elame. Baiseraele ba mehleng ea Esaia—lekholong la borobeli la lilemo B.C.E.—mohlomong ba ne ba sa tloaela Persia, empa ba ne ba tla tseba ha ho thoe Elame. E ka ’na eaba sena se hlalosa lebaka leo ka lona mona Esaia a e bitsang Elame ho e-na le Persia.
b Bahlalosi ba bangata ba Bibele ba nahana hore mantsoe, “tlotsang thebe” a bolela tloaelo ea boholo-holo ea sesole ea ho tlotsa lithebe tsa letlalo ka oli pele ho ntoa e le hore marumo a mangata a tle a thelle feela. Le hoja e ka ’na eaba ena ke tlhaloso e ’ngoe, ho lokela ho hlokomeloe hore bosiung boo motse o ileng oa oa ka bona, Bababylona ha baa ka ba e-ba le nako ea ho loana, re se re sa re letho ka ea ho itokisetsa ntoa ka ho tlotsa lithebe tsa bona!
c Boprofeta ba Esaia bo mabapi le ho oa ha Babylona bo nepahetse hoo bahlahlobisisi ba bang ba Bibele ba boletseng hore e tlameha ebe bo ngotsoe ka mor’a ketsahalo eo. Empa joalokaha setsebi sa Moheberu F. Delitzsch se bolela, monahano o joalo ha o hlokahale haeba re lumela hore moprofeta a ka bululeloa hore a bolele liketsahalo lilemo tse makholo esale pele.
e Lilemong tse 59 tse qalang tsa ho hatisoa ha eona, makasine ea Molula-Qhooa e ’nile ea qotsa mantsoe a Esaia 21:11 sekoahelong sa eona. Lengolo lona leo e ile ea e-ba sehlooho sa puo ea ho qetela e ngotsoeng ea Charles T. Russell, eo e neng e le mopresidente oa pele oa Mokhatlo oa Watch Tower. (Bona setšoantšo se leqepheng le etellang lena pele.)
[Setšoantšo se leqepheng la 219]
‘A ho jeoeng, ho nooeng!’
[Setšoantšo se leqepheng la 220]
Molebeli “a hoeletsa joaloka tau”
[Setšoantšo se leqepheng la 222]
‘Ke eme . . . kamehla motšehare le . . . ka masiu ’ohle’