Tšepa Jah Jehova!
“Le tšepe Jehova, lōna batho, ka mehla eohle, hobane Jah Jehova, ke Lefika la ka mehla eohle.”—ESAIA 26:4, NW.
1, 2. Ke pina efe ea thabo le thoriso e boleloang ho Esaia 26:1-6, ’me hobane’ng?
HO KOKOBETSOA ha ‘motse oa lichaba tse matla’ ho tlisa pina ea tlhōlo! (Esaia 25:3) Ka ho loketseng he, boprofeta bo ho Esaia khaolo ea 26, litemana 1 ho ea ho 6 li fana ka pina ea thabo ea thoriso ho Morena ea Phahameng Jehova. Le hona joale e binoa “naheng ea Juda,” Juda e bolelang “e Rorisoang.” Le hona mona, King James Version e sebelisa mantsoe “MORENA JEHOVA” moo lebitso la Molimo le phetoang habeli. Empa mantsoe a pina ena ke a hlollang hakaakang joalokaha a ngotsoe ho New World Translation, e ngotseng ka nepo lebitso la Molimo ka makhetlo ’ohle ao le hlahang ka oona!
2 Joale mamela pina eo e monate: “Re na le motse o matla. O [Jehova] beha poloko ka boeona e le lerako la tširelo. Bulang menyako, lōna batho, sechaba se lokileng se nang le boitšoaro bo tšepahalang se ke se kene. Tšekamelo e tšehelitsoeng hantle o tla e sireletsa khotsong e sa feleng, hobane motho o entsoe hore a tšepe uena. Tšepang Jehova, lōna sechaba, ka mehla le mehla, hobane Jah Jehova ke Lefika la ka ho sa feleng. Hobane o kokobelitse ba lutseng linģalong tse phahameng, motseng o phahameng. Oa o theola, o o theolela lefatšeng; o etsa hore o thetse lerōle. Leoto le tla o hatakela, e leng maoto a ba hlorisoang, mehato ea ba tujoang.” Ke thabo e kaakang ho ba har’a ba nang le tšepo ba binang pina ee—e leng Lipaki tsa Jehova!
3. (a) “Sechaba se lokileng” ke eng, ’me ke bo-mang ba kenang “menyakong” ea sona e butsoeng? (b) Ke joang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o hatelang pele o kopane ho sa tsotellehe boiteko ba sera ba ho o senya?
3 Morena Jehova—Jah Jehova—ka sebele o tla kokobetsa baikhohomosi ’me a loele ba mo tšepileng kamehla. Le hoja ka nako e ’ngoe e kile ea e-ba “e monyenyane,” Iseraele oa moea o fetohile “sechaba se matla”, “sechaba se lokileng.” ‘Menyakong’ ea Jehova e butsoeng ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang motse, ho boetse ho kene letšoele le leholo la metsoalle e amohelehang e fetang limillione tse tharo. Ba kopane, ba bōpa boena ba machaba bo nang le palo ea baahi ba fetang ba bonyane linaha tse 57 tsa lichaba tse bōpang seo ho thoe’ng ke Machaba a Kopaneng. Empa “sechaba” sa Molimo hammoho le ba kopanelang le sona se hlile se kopane. Lefatšeng ka bophara, tšekamelo ea sona ke ho mamela melao-metheo ea hae e lokileng. “Marako” a tlhophiso a “sechaba” sa Molimo a fana ka tširelo khahlanong le boiteko ba Satane ba ho senya boitšoaro ba sona bo tšepahalang ba ho tšehetsa ’nete. Sera se ke ke sa senya mohato o tšepahalang o hatelang pele oa batho ba Molimo! Tšepo ea rōna kamehla e ho ‘Jah Jehova, Lefika la ka ho sa eeng kae.’—Esaia 54:17; 60:22.
4, 5. (a) “Motse o phahameng” ke eng, ’me ke joang batho ba Jehova ba o hatakelang ka tsela ea tšoantšetso? (b) Boprofeta ba Esaia 26:10 bo phethahala haholo neng, hona joang? (c) Boprofeta bona bo boetse bo sebetsa joang hape?
4 Ha re ntse re tsebahatsa temoso ea hore Jehova o tla tloha a rapalatsa “motse o phahameng,” “Babylona e Moholo,” ke ho khothatsang ho bona ba tujoang le bafumanehi ba lefatše ba amohela litaba tse molemo tsa ’Muso. (Tšenolo 18:2, 4, 5) Ka tšoantšetso, le bona ba hatakela “motse o phahameng,” e seng ka ho kopanela mosebetsing oa ho timetsa, empa hobane le bona ba kopanetse ho boleleng letsatsi la liphetetso tsa Jehova holim’a tsamaiso eo e silafetseng. (Esaia 61:1, 2) Joale ka lilemo tse mashome-shome, Lipaki tsa Jehova li bontšitse mosa esita le ho batho ba khopo ka ho ba etela malapeng a bona ka molaetsa oa ’Muso o bolokang bophelo. Empa phello ebile joalokaha ho boletsoe ho Esaia 26:10: “Motho e mobe ha a ka hauheloa, a ke ke a ithuta ho loka; esita leha a le naheng ea toka, e ’ne e be motho ea khopo, ’me ha a talime boholo ba Jehova.”
5 Boprofeta bona ba tsosoloso bo phethahala haholo kajeno. Le hoja ba filoe monyetla, ke batho ba ’maloa ba batlang ho fetola bophelo ba bona hore ba fumane mosa oa Jehova “naheng ea toka.” Ba nyefolang Jehova le Lipaki tsa hae tse tšepahalang ba ke ke ba bona “boholo ba Jehova,” hobane ba ke ke ba pholoha ho thabela mahlohonolo a hlollang a tla tšolleloa batho hoba lebitso la Jehova le halaletsoe. (Esaia 11:9) Boprofeta bo boetse bo ka sebetsa lefatšeng la Paradeise har’a ba tsositsoeng mabitleng. Leha e le bafe ba hanang ho iphaphatha le litekanyetso tsa Molimo, joalokaha li tla be li hlakisitsoe ‘libukeng’ tsa bomolimo tsa nako eo, mabitso a bona a ke ke a ngoloa “bukeng ea bophelo.”—Tšenolo 20:12, 15; bapisa Ezekiele 33:11.
Jehova o Fana ka Khotso
6. Ke mantsoe afe ao batho ba Jehova ba tšepahalang ba a hoeletsang ka thabo, hona hobane’ng?
6 Leha ho le joalo, batho ba Molimo ba tšepahalang, ba thahasella ka matla ho bona Jah Jehova a phahamisoa. Ba mo kōpa hore a ‘nehe batho ba hae khotso’, ’me ba hoa ka thabo: “U atisitse sechaba, Jehova, u atisitse sechaba, u itlotlisitse, u suthisitse meeli eohle ea naha.” (Esaia 26:12, 15) Linaheng tse 210 ho pota lefatše, Jehova o ntse a tsoela pele ho eketsa batho ba kang linku sechabeng sa hae sa moea. Metsoalle e mecha e makholo a likete e-ea kolobetsoa. Likhoeling tse ngata ho finyeletsoe tlhōro ea bo-pula-maliboho ba khethehileng, ba kamehla le ba thusang ba fetang halofo ea millione. Liholo tsa ’Muso tse eketsehileng le Liholo tsa Kopano li ntse li hahuoa. Makala a Watch Tower a atolosa Mahae a ’ona a Bethele le lifektri ’me a eketsa thepa ea khatiso. Khōlo e tsoela pele!
7. Ke eng se ikarabellang ka keketseho ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o kang motse?
7 Keketseho ena e etsahala kahobane “Morena oa Khotso” o tsamaisa litaba tsa lefatše tsa batho ba Molimo mona lefatšeng. Joalokaha Esaia a boletse pelenyana boprofeteng ba hae: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.” (Esaia 9:6, 7)) Mantsoe ao a phethahalitsoe haholo hakaakang kajeno! Ba tšepang Jehova ba se ba latsoitse khotso, toka, le ho loka, tsa puso eo ea horena. E ba bokelletse hammoho bonngoeng bo lerato bo thabeloang feela ke barutuoa ba ’nete ba Jesu. (Johanne 13:34, 35) Ho feta moo, ba talimile pele ka cheseho nakong e atamelang ka potlako ha ’Muso oa Jesu le “tsebo ea Jehova” li tla tlala lefatšeng lohle.—Esaia 11:9; Daniele 2:35, 44, 45.
8. Ke eng se bontšoang ke mantsoe a Jehova ho Esaia 26:20, ’me “likamore” li tšoantšoa le eng?
8 Ha keketseho ea ’Muso e fihla tlhōrong, memo ea Jehova ho Esaia 26:20 e-ea utloahala: “E-ea sechaba sa ka, kena kamoreng ea hao, u koale monyako ka mor’a hao! U ipate ho se hokae, ho fihlela khalefo e feta.” Ha ho pelaelo hore ‘likamore’ tsa boprofeta bona li amana haufi le liphutheho tse fetang 54 000 tse kang metse e sebeletsang Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle kajeno. Seo Jehova a se rerileng ha se e-s’o tsejoe. Empa re ka kholiseha hore ha a timetsa batho ba khopo, o tla sireletsa batho ba hae ba mo tšepang, joalokaha a ile a etsa mehleng ea Esaia ka ho khutlisa Moassyria ea sehlōho.—Esaia 10:24-26.
Topollo e Tiisitsoe!
9. (a) Morena Ezekiase o bontšitse tšepo ea hae ho Jehova joang? (b) Ha re hlorisoa kapa re hlapaoloa ke ba hloileng Jehova, karabelo ea rōna e loketseng e lokela ho ba efe?
9 Bahlanka ba Jehova kajeno ba mo tšepa ka lebaka le tšoanang le la Morena Ezekiase. O ile a itšetleha ka ho feletseng ka Jehova e le Morena oa hae ea Phahameng. Kahoo, sehlohlolong sa tšoso ea Moassyria, o ile a rapela Jehova ka mantsoe ana: “Oho Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele, uena ea lutseng holim’a likerubime, ke uena Molimo u ’notši oa mebuso eohle ea lefatše; ke uena ea entseng maholimo le lefatše! Jehova, sekeha litsebe tsa hao, u mamele! Jehova, tutubolla mahlo a hao, ’me u bone; u mamele mantsoe ’ohle ao Sankeribe a a rometseng ho nyelisa Molimo o utloang ka ’ona.” (Esaia 37:16, 17) Ha u hlorisoa, u songoa, kapa u nyefoloa ke ba hloileng Jehova, na thapelo e tšoanang ha e tsoe pelong ea hao? Ka tšepo e feletseng ho Jehova, na ha u mo kōpe ho tlosa nyefolo lebitsong la hae? Ke kamoo Jesu a ileng a ikutloa kateng ha a ne a le haufi le ho shoa thupeng ea tlhokofatso. O ile a ba a kōpa hore senoelo seo a neng a tla tloha a noela ho sona se ‘fetisoe’ ho eena molemong oa nyefolo e khōlō e neng e tla tlisoa ho Ntat’ae.—Mattheu 26:39-44.
10. (a) Thapelo ea Ezekiase e senotse eng ka kameho ea hae e khōlō? (b) Re ka tšoana le Ezekiase joang ha re thulana le liteko pele ho Armageddone?
10 Thapelo ea Ezekiase e bontšitse hore o ne a se na boikutlo ba boithati ha a ne a batla tšireletso khahlanong le Moassyria. O ne a sa leke feela ho ipholosa. Ho e-na le hoo, o ne a amehile ka hore ho tlosoe qoso lebitsong la Jehova le horeneng ba Hae bo Phahameng. Kahoo, o ile a phetha thapelo ea hae ka mantsoe ana: “Joale, Jehova, Molimo oa rōna, u re namolele matsohong a hae, mebuso eohle ea lefatše e tle e tsebe hobane u Molimo u ’notši, uena Jehova!” (Esaia 37:20) Ka ho tšoanang, ha re thulana le liteko pele ho ntoa ea makhaola-khang ea Armageddone, a re hopoleng hore polokeho ea rōna ea botho e latela ho halaletsoa ha lebitso la Jehova. Joalokaha Morena oa rōna ea Phahameng a boletse ka makhetlo a 60 ka moprofeta oa hae Ezekiele: “Ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.”—Ezekiele 38:23.
11. (a) Sankeribe o entse phoso efe, ’me Jehova o ile a re’ng ka see? (b) Ka baka la se etsahetseng ho Sankeribe, ke tšepo efe eo re ka bang le eona?
11 Hoba Ezekiase a rapele, Esaia o ile a tsebisa morena mantsoe ao Jehova a a buileng khahlanong le Sankeribe. Monyefoli eo oa Moassyria o entse phoso e khōlō hakaakang ka ho nyefola Molimo o phelang! Ka Esaia, Jehova o ile a re mabapi le Sankeribe: “U nyelisitse mang, ’me u nyefotse mang? U phahamiselitse mang lentsoe la hao? U emiselitse’ng mahlo a hao holimo? U nyelisitse Mohalaleli oa Iseraele!” ’Me ebile Mohalaleli oa Iseraele ea ileng a nka bohato bosiung boo! Lengeloi le le leng feela la Jehova le ile la ‘bolaea’ masole a Assyria a 185 000, tšiea ea lebotho la Sankeribe. Morena eo oa moikhohomosi o ile a khutlela Ninive ka masoabi ’me lilemo hamorao a bolaoa ke bara ba hae a ntse a phehelletse borapeli ba hae ba litšoantšo. Re ka tšepa Jehova, ra kholiseha hore O tla etsa se tšoanang ho Satane le balateli ba hae bao ka bonyefoli ba hlapaolang le ho hlorisa Lipaki tsa Jehova.—Esaia 37:23, 36-38.
Ho Iphetetsa Bakeng sa “Ba Bolailoeng”
12. (a) Esaia 26:21 e hlalosa joang phetetso e tla etsahala pele ho Armageddone? (b) Ba “bolailoeng” bao ho tla iphetetsoa ka baka la bona esita le pele ho Armageddone ke bafe, hona joang?
12 Eo ebile ketsahalo e tšosang haholo ea ntoa morao koo, empa ketsahalo e tšabehang ka ho fetisisa e tla etsahala nakong ea “mahlomola a maholo.” (Mattheu 24:21) Jehova o re memela ho talima boholo ba polao eo: “Hobane bona, Jehova o se a ea tloha nģalong ea hae ho putsa ba ahileng lefatšeng ka ho lekaneng le bokhopo ba bona; lefatše le tla senola mali a momiloeng ke lona, ’me ha le sa tla pata ba bolailoeng ho lona.” (Esaia 26:21) Pele, Jehova o tla etsa hore mebuso ea lipolotiki e ahlole babuelli ba bolumeli bo hanyetsang. Melingoana oa bona ea bohata e ke ke ea ba pholosa letsatsing leo! Mopapa oa Roma a ’ne a tsoele pele ho bokella malumeli ’ohle a “Babylona e Moholo” bakeng sa lithapelo tsa tumelo e kopanetsoeng. Ha ho le ea mong oa baemeli bana ba tumelo e kopanetsoeng ea hlomphang Molimo oa ’nete o phelang, Jehova. Lithuto tsa bona li fosahetse, ha se tsa Bibele, ’me ho joalo le ka litsela tsa bona. Ba ile ba bolaeana ka makholo-kholo a lilemo. Ba tšolotse mali a Bakreste ba sa rateng pefo. Lekholong lena la bo20 la lilemo, ba bangata ho bafosi bana ba tšehelitse bahatelli ba sehlōho ba fenethileng Lipaki tsa Jehova lichankaneng le likampong tsa mahloriso ka ho thunngoa pontšeng le ka ho bolaoa ka selepe. Joalokaha Jehova a bolela ka ho toba ka baprofeta ba hae, o tla iphetetsa bakeng sa ba “bolailoeng.”—Deuteronoma 32:41, 43; Esaia 1:24; 63:4; Tšenolo 17:15-18; 18:21, 24.
13. Jeremia o profeta eng mabapi le “letsatsi la Jehova” ’me mantsoe ao a sebetsa ho bo-mang?
13 Hoba bolumeli ba bohata bo timetsoe, Jehova o tla tlosa ka potlako bahanyetsi bohle ba setseng ba ’Muso oa Kreste. Ho bahanyetsi bohle ba joalo, hammoho le “Babylona e Moholo,” mantsoe a Molimo ho Esaia 13:6, 9 a sebetsa: “Iteleleng, hobane letsatsi la Jehova le haufi, lea tla joalo ka tsenyo e rometsoeng ke Ea matla ’ohle. Bonang, letsatsi la Jehova lea tla, le le thata, le tletse khalefo le bohale bo tukang, le tla etsa lefatše nahathote, le fiele ba bolotsana ba ho lona.” Ho tla ba joalokaha mopesaleme Davida a profetile: “Jehova o boloka bohle ba mo ratang, empa o felisa ba babe kaofela.”—Pesaleme ea 145:20; Tšenolo 19:11-21.
14. Ke mantsoe afe a mang a Esaia ao lichaba li ka etsang hantle ho a ela hloko, ’me hobane’ng?
14 Lichaba tsa lefatše li tla etsa hantle ho ela hloko mantsoe a tsoelang pele a Esaia khaolo 34, litemana 1 ho ea ho 8: “Atamelang, lōna lichaba, le tle le utloe; lōna batho, le mamele! Lefatše a ke le mamele, le tse ho lona kaofela, lefatše le tse tsoang ho lona kaofela! Hobane Jehova o halefetse lichaba tsohle, o halefetse makhotla a tsona kaofela; o li neetse thohako, o li neetse lefu. Bafu ba tsona ba tla lahloa feela, sebolu se tsoe litopong tsa bona, mali a tsona a phalle lithabeng. . . . Hobane Jehova o beile letsatsi la tefetso.” Kajeno libakeng tsa lipolotiki, tsa khoebo e khōlō, le tsa bolumeli ba bohata, ho tletse ho bōla le boitšoaro bo bobe. Empa Jehova o rerile lefatše le hloekileng. Ho etsa sena, o bokella lichaba—bakeng sa pholoho—batho ba ikemiselitseng ho fetola bophelo ba bona hore ba mo sebeletse ka ho loka. Ba bang bohle ba lokela ho timetsoa letsatsing la hae la liphetetso.—Jeremia 25:31-33.
Paradeise ea Khotso
15. Ke eng seo Esaia a se hlalosang ho khaolo 35 mabapi le (a) kajeno? (b) le bokamoso?
15 Ho Esaia khaolo 35, moprofeta oa Molimo o tsoela pele, ka puo e monate ea tšoantšetso, ho hlalosa boemo ba batho ba Jehova ba tsosolositsoeng, bao kajeno ba beang tšepo ea bona ho eena kamehla. Ha ba se ba bokelletsoe paradeiseng ea moea, ba “bona khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.” Ba boetse ba lebelletse paradeise ea sebele le ho phethahatsoa ha tšepiso e reng: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina, hobane metsi a tla kolla naheng e tšehla, melatsoana e phalle mahalaopeng.” (Esaia 35:1, 2, 5, 6) Na u thabela tebello eo? Na u tšepa Jehova, u kholisehile o tla phethahatsa litšepiso tseo?
16, 17. (a) Ke boipiletso bofe bo potlakileng boo Esaia a bo hlalosang ha a hlalosa Paradeise? (b) Batho ba Jehova ba lokela ho arabela joang boipiletsong boo?
16 U e-na le tšepo ho Jehova, u ka kopanela ho khothatseng ba bacha ’neteng, esita le ba bang bao tumelo ea bona e hlokang ho matlafatsa. Bohareng ba tlhaloso ea hae ea Paradeise, moprofeta Esaia o kopanyeletsa le kōpo ena e potlakileng: “A ke le feng matsoho a tepeletseng matla, le tiiseng mangole a tetemang. E-reng ho ba lipelo li tšohileng: Betang pelo, le se ke la tšaba! Bonang, Molimo oa lōna o tla ka phetetso, e leng ho putsa ha Molimo; o tla tla, o le boloke.” (Esaia 35:3, 4) E, re batla ho bona bohle bao lipelo tsa bona li sekametseng ho lokeng ba eketsa tšepo ho Jehova, hore ba tsebe ho ba Paradeiseng lefatšeng.
17 Kahoo a re ke re tšehetseng matsoho a tepeletseng hore a ‘itšoarelle ka matla lentsoeng la bophelo.’ A re tiiseng bohle ba mangole a tetemang, re ba thuse moo ho hlokahalang hore ‘ba tsamaee ka mokhoa o tšoanelang Morena, le ho mo khahlisa ka hohle.’ (Ba-Filippi 2:16; Ba-Kolosse 1:10) E, a re tšeliseng bohle ba tepeletseng pelong, ’me a re khothatsaneng, ha re thulana le liteko kapa mahloriso, re be le “sebete sa ho bolela lentsoe la Molimo re se na tšabo.’ (Ba-Filippi 1:14, NW; 1 Ba-Thessalonika 5:14; Ba-Efese 5:15, 16) Joale, ha letsatsi la Jehova la liphetetso le otla, re ka kholiseha ka tlhohonolofatso ea hae ‘ha a e-tla ho pholosa batho a hae.’ Letsatsing leo, na u tla ba har’a ba tšepileng Jehova hore u bolokehe?
18. Ke tebello efe e khanyang e letetseng ba tšepang Jehova, ’me boikemisetso ba bona ke bofe?
18 Ho ba tšepileng Jehova kamehla, ke tebello e khanyang hakaakang e ba letetseng kamor’a letsatsi leo! Bahatelli ba baetsalibe ba tla be ba le sieo! Lefatšeng le lecha, ba ratang Jah Jehova ba tla khutlisetsoa phethehong e hlokang sebe ke Mora oa hae! Na u laba-labela nako eo? Ho tšepa ha hao Jehova ho tla u fihlisa letsatsing leo le hlollang. E, Tšepang Jehova kamehla, lōna batho, hobane hona ho bolela polokeho!
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Pina ea tlhōlo ea Esaia 26 e re khothalletsa ho etsa joang?
◻ Ke ‘motse ofe o phahameng’ oo batho ba Jehova ba tla o kokobetsa, ’me re o hatekela joang?
◻ Re ithuta eng thapelong ea Ezekiase ha a thulane le tšoso ea Sankeribe?
◻ Ba “bolailoeng” ba Esaia 26:21 ho tla iphetetsoa joang bakeng sa bona?
◻ Liphello e tla ba life ha re tšepa Jehova?
[Lebokose le leqepheng la 19]
Na ho Qosoe Baeta-pele ba Halalelang?
Ha e akaretsa sehlooho se ngotsoeng ke Umberto Siniscalchi ho Il Giornale ea Milan, World Press Review e ea bolela: “Lekhotla le phahameng la Italy la Linyeoe tsa Boipiletso le nyatsuoa haholo, kahobane ka Phupu [1987] le ile la hlakola mangolo a neng a ntšitsoe ho ea tšoara baeta-pele ba bararo ba banka ea Vatican ba neng ba kopanetse bosholung bo soabisang Banco Ambrosiano.” Qeto e neng e theiloe selekaneng sa khale pakeng tsa Vatican le ’muso oa Italy, e lumetse hore molula-setulo oa banka, eo e leng mobishopo e moholo, le motsamaisi oa banka, esita le mohlanka e moholo oa lefapha la lichelete ba se tšoaroe. Tlhahlobo e ekelitse: “Baqosuoa ba bang, le hoja ba sa tšoae qeto ea baahloli phoso, ba lumela hore tlontlollo e lebisoa molao-motheong oa Italy ka ho lumella ba amehileng bosholung ho lula Italy. Bo-ramolao ba bang ba loanela tumellano e lumellang lekhotla la Italy la toka ho qosa Baeta-pele ba Halalelang bakeng sa litlōlo tsa molao tse entsoeng Italy.”