Ke Mang ea ka Tlisang Khotso ea ka ho sa Feleng?
“Ba tla khoba lisabole tsa bona ho li etsa mehoma, ’me marumo a bona ba a etse lisekele: sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba sabole, leha e le hore ka sebele li sa tla hlola li ithuta ntoa le ka mohla.”
TEMANA e boletsoeng ka holimo e tsoa ho Esaia khaolo ea 2, temana ea 4, phetolelong ea Bibele ea King James. Human Development Report 1994, e hatisitsoeng ke United Nations Development Programme (UNDP) e ile ea qotsa mantsoe ana ’me ea phaella: “Ho ile ha bonahala eka ho phethahala ha boprofeta bona ho ne ho tlile nakong ea ho lala ha ntoa ea mantsoe [ka 1990]. Empa ho fihlela joale sena se ipakile e le tšepo e thetsang.”
Ho Fokotsa Sesole
Lebaka le leng le fokolisang tšepo ea khotso ke hore phetoho boemong ba machaba ba lipolotiki ha ea tsamaisana le ho fokotsoa ho hoholo ha chelete e sebelisoang sesoleng. Ke ’nete hore ho bile le ho fokotseha ho itseng. Ho latela lipalo-palo tsa Machaba a Kopaneng, chelete e sebelisoang sesoleng lefatšeng ka bophara e fokotsehile ho tloha kakaretsong e phahameng ka ho fetisisa ea liranta tse libilione tse 3,6 ka 1987 ho ea ho liranta tse libilione tse 2,96 ka 1992. Ho sa le joalo, liranta tse libilione tse 2,96 ke palo e khōlō haholo. E batla e lekana le kakaretso e kopaneng ea halofo ea moputso oa baahi ba lefatše!
Lebaka le leng le sitisang ho behoa ha lihlomo fatše ke pono ea hore matla a sesole a tlisa tšireletseho. Kahoo, le hoja Ntoa ea Mantsoe e letse, ba bangata lichabeng tse tsoetseng pele moruong ba pheha khang ea hore litšenyehelo tsa tšireletso ea sechaba li tlameha ho lula li phahame. James Woolsey, ha e ne e le motsamaisi oa Central Intelligence Agency ea United States, o ile a bolella Lekhotla la Ketsa-melao ka February 1993: “Re bolaile drakone e khōlō [e leng U.S.S.R.], empa hona joale re phela morung o tletseng mefuta e mengata e makatsang ea linoha tse chefu.”
Linaheng tse tsoelang pele moruong chelete e ngata e sebelisoang bakeng sa sesole e lokafatsoa joaloka mokhoa oa ho thibela tlhaselo e tsoang ho linaha tseo ho hlokometsoeng hore e ka ’na eaba ke lidrakone le linoha tse chefu. Empa ha e le hantle, UNDP e hlokometse hore, “linaha tse tsoelang pele moruong li loanne lintoa tse ’maloa feela tsa machaba, ’me tse ngata li sebelisitse masole a tsona ho hatella batho ba tsona.” Ha e le hantle, tlaleho ea UNDP e hlalositse: “Linaheng tse tsoelang pele moruong, menyetla ea lefu e bakoang ke ho hlokomolohuoa ha sechaba (e kang khaello ea phepo e nepahetseng le mafu a ka thibeloang) e meholo ka makhetlo a 33 ho feta monyetla oa ho shoa ntoeng ea ho hlaseloa ke ba kantle. Leha ho le joalo, ka karolelano, ho na le masole a ka bang 20 bakeng sa ngaka e ’ngoe le e ’ngoe. Ho ka etsahalang ke hore masole a fokotse tšireletseho ea botho ho e-na le ho e eketsa.”
Khoebo ea Libetsa ea Machaba
Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, mebuso e ’meli e meholo ea lefatše e ile ea rekisetsa linaha tse e tlatsang libetsa molemong oa ho tiisa likamano, ho fumana litsi tsa sesole, le ho boloka matla. Mabotho a lichaba tse ngata a ile a e-ba matla. Ka mohlala, hona joale, linaha tse 33 li na le litanka tsa ntoa tse fetang 1000 naha ka ’ngoe.
Ha e le mona Ntoa ea Mantsoe e letse, ho lokafatsoa ha thekiso ea libetsa ka mabaka a bopolotiki le ntoa ho fokotsehile. Leha ho le joalo, tšusumetso ea moruo e lutse e le matla. Ke monyetla oa ho etsa phaello! Ka lebaka leo, ha palo ea libetsa tse batloang ka hare ho naha e fokotseha, baetsi ba libetsa ba phehella mebuso ea bona hore tsela feela ea ho boloka mesebetsi le moruo li le boemong bo botle ke ho rekisetsa linaha tse ling libetsa.
Makasine ea World Watch ea hlalosa: “Ka ho makatsang, ka nako eo mebuso e matla ea lefatše e felisang limisaele tsa eona tse khōlō tsa nyutlelie, ka potlako e khōlō e boetse e batla litsela tsa ho rekisetsa mang kapa mang ea tla reka tse ngata tsa libomo tsa eona tseo e seng tsa nyutlelie hammoho le lithunya.” Li bitsa bokae? Ho latela Stockholm International Peace Research Institute, chelete ea libetsa tseo e seng tsa nyutlelie ha li rekisoa ’marakeng oa machaba ho tloha selemong sa 1988 ho fihlela ka 1992 e bile liranta tse limilione tse likete tse 548. Boholo li ne li romeloa ke United States, e lateloa ke linaha tsa seo e kileng ea e-ba Soviet Union.
Tšoso ea Nyutlelie e Saletse
Ho thoe’ng ka tšoso ea nyutlelie? United States le Soviet Union (kapa linaha tse e hlahlamang) li ile tsa saenela Intermediate-Range Nuclear Forces Treaty ka 1987 le Strategic Arms Reduction Treaties (START) tse peli lilemong tsa 1991 le 1993.
Lilekane tsa START li ile tsa thibela limisaele tse nang le liqhomane tse fetang e le ’ngoe tse tsoibiloang li tloha lefatšeng ’me tsa laela hore ka selemo sa 2003 ho felisoe hoo e ka bang likotara tse tharo tsa thepa eohle e tsamaisang limisaele tse nang le liqhomane. Empa le hoja tšoso ea Ntoa ea III ea Lefatše e nyametse, pokello e khōlō ea libetsa tsa nyutlelie e sa ntse e setse—tse lekaneng ho timetsa bophelo bohle lefatšeng ka makhetlo a mangata-ngata.
Ho qhaqha libetsa tsena ho eketsa menyetla ea bosholu ba nyutlelie. Ka mohlala, Russia, e qhaqha le ho boloka limisaele tse nang le liqhomane tse ka bang 2000 ka selemo ’me e khona ho fumana ho tsona libolo tse boholo ba feisi tsa plutonium tse bitsoang lipete. Pete ea misaele e nang le liqhomane, e hlokang chelete e ngata haholo le theknoloji hore e etsoe, ke motsoako o ka sehloohong oa bomo ea nyutlelie. Kaha hangata lipete tsena li koahetsoe ka lesiranyana la tšepe le thibelang ho ntšoa ha mahlaseli, lesholu le ka nahana ho khoaela e ’ngoe. Sekhukhuni se fumanang pete e lokileng se ka e phuthela ka seqhomisa bakeng sa ho etsa bomo e matla ka ho fetisisa.
Tšabo e ’ngoe ke ho tlala-tlala ha libetsa tsa nyutlelie linaheng tse ngata. Linaha tse hlano tseo ka kakaretso li tsejoang e le tsona tsa matla a nyutlelie—Chaena, Fora, Russia, United Kingdom le United States—le linaha tse ling tse ’maloa ho nahanoa hore le tsona li tseba ho sebelisa libetsa tsa nyutlelie ka potlako.
Ha lichaba tse eketsehileng li ntse li reka libetsa tsa nyutlelie, monyetla oa hore motho e mong o tla li sebelisa oa eketseha. Ke ka lebaka le utloahalang ha batho ba tšaba ho sebelisoa ha libetsa tsena tse tšabehang. Joalokaha buka ea The Transformation of War e bolela, “matla a tsona a maholo hoo li ka fetolang libetsa tse tloaelehileng papali.”
Ho Beha Lihlomo Fatše le Khotso
Empa ho thoe’ng haeba lichaba li ne li ka felisa libetsa tsa tsona tse rarahaneng tsa timetso? Na seo se ne se tla fana ka tiiso ea lefatše le nang le khotso? Le hanyenyane. Rahistori oa sesole John Keegan oa hlokomela: “Ho tloha ka la 9 August 1945, libetsa tsa nyutlelie ha li e-s’o bolaee motho leha a le mong. Ba 50 000 000 ba shoeleng ntoeng ho tloha letsatsing leo, boholo ba bolailoe ke libetsa tsa theko e tlaase, le lithunya tse etsoang ka bongata tse nyenyane, tse bitsang chelete e fokolang ho feta liea-le-moea tsa transistor le libeteri tsa li-dry-cell tse ileng tsa tlala lefatšeng ka nako e tšoanang.”
Mohlala oa haufinyane tjena oa tšebeliso ea libetsa tsa theknoloji ea boleng bo tlaase ke polao e etsahetseng Rwanda, naha eo The World Book Encyclopedia (1994) e reng ka eona: “Boholo ba batho ba moo ke Maroma a K’hatholike . . . Roma e K’hatholike le likereke tse ling tsa Bokreste ke tsona tse tsamaisang boholo ba likolo tsa mathomo le likolo tse phahameng.” Leha ho le joalo, Rwanda batho ba ka bang halofo ea milione ba ile ba bolaoa ke batho ba hlometseng ka lisabole. Ka ho hlakileng, bakeng sa ho tlisa khotso ea lefatše, ho hlokahala ho fetang feela ho fokotsa libetsa tse tloaelehileng le tsa nyutlelie. Hape, ho boetse ho hlokahala ntho e ’ngoe e fetang feela lithuto tse rutoang ke malumeli a lefatše.
Liqhoebeshano Tsa Morabe Lia Eketseha
Haufinyane mokomishinara ea phahameng oa Machaba a Kopaneng bakeng sa baphaphathehi, Sadako Ogata, o itse: “Hang feela ka mor’a Ntoa ea Mantsoe, re ile ra nahana hore mathata ’ohle a ne a tla rarolloa. Ha rea ka ra hlokomela hore Ntoa ea Mantsoe e ne e e-na le tšobotsi e ’ngoe—hore mebuso e meholo ea lefatše e ile ea fana ka taolo kapa ea qobella taolo libakeng tse fapaneng moo e neng e e-na le tšusumetso teng. . . . Kahoo, hona joale ka mor’a Ntoa ea Mantsoe, re bona keketseho ea qhoebeshano ea merabe eo mohlomong e leng ea mefuta ea pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, eo haholo-holo e tlohang melokong e fetileng hape e le e ipatileng.”
Arthur Schlesinger, rahistori le mongoli ea ileng a hapa moputso oa Pulitzer, o hlahisa ntlha e tšoanang: “Mofuta o mong oa lehloeo o nkeloa sebaka ke o mong. Ho ile ha tlosoa litlamo tse thata-thata tsa taolo ea khatello ea maikutlo Europe Bochabela, ’me eaba seo e neng e le Soviet Union se lokolla bora bo bipelitsoeng ba morabe, bochaba, bolumeli le puo bo kenelletseng ka botebo historing le kelellong. . . . Haeba lekholo la bo20 la lilemo e bile lekholo la lilemo la ntoa ea maikutlo, lekholo la bo21 la lilemo le qalisa e le lekholo la lilemo la ntoa ea merabe.”
Mahareng a 1989 le 1992, ho latela khakanyo ea Machaba a Kopaneng, ho bile le liqhoebeshano tse 82 tseo ho tsona ho neng ho loanoa ka lithunya, tseo boholo ba tsona li neng li loana linaheng tse tsoelang pele moruong. Ka 1993, linaha tse 42 li bile le liqhoebeshano tse khōlō ’me linaha tse ling tse 37 li bile le phihlelo ea pefo ea lipolotiki. Ho sa le joalo, Machaba a Kopaneng—ao chelete ea ’ona e seng e batla e fela—a ile a hoatalla ntle ho katleho ho tlisa khotso mererong e 17 feela ea sesole ea ho tlisa khotso. Ka ho hlakileng, moloko oa batho o tlameha ho talima sebakeng se seng bakeng sa lefatše le nang le khotso.
Mathata a Sokelang
Ka ho eketsehileng, ho e-na le ho talima bokamoso ka tšepo, ba bangata ba bontša ho tlala tšabo. Leqephe le kantle la tokollo ea February 1994 la The Atlantic Monthly le akaretsa ponelo-pele e ’ngoe ea lilemo tse mashome tse tlang ka mokhoa ona: “Lichaba li arohana litsekana ka lebaka la keketseho ea baphaphathehi e bakoang ke litlokotsi tsa tikoloho le tsa kahisano. . . . Lintoa li loana ka lebaka la mehloli e haellang ea tlhaho, haholo-holo metsi, ’me ntoa e tsoela pele le tlōlo ea molao ha lihlopha tse hlometseng tse sollang hohle li qoaketsana le masole a tšireletso a lihlopha tse matla.”
Na see se bolela hore khotso ea ka ho sa feleng e ke ke ea finyelloa? Le hanyenyane! Sehlooho se latelang se bontša mabaka ao ka ’ona re ka talimang bokamoso ka tšepo.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Bolumeli—Na Ke Tšusumetso Ea Khotso?
Ha lichaba li e-ea ntoeng, malumeli a lefatše a khaotsa ho ruta ka khotso le kamano ea bara ba motho. Mabapi le boemo nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, molaoli oa mabotho oa Brithani, Frank P. Crozier o itse: “Likereke tsa Bokreste ke tsona tse ka sehloohong tse khothaletsang tšollo ea mali eo re nang le eona, ’me re ile ra li sebelisa ka bolokolohi.”
Karolo ea bolumeli ntoeng e ’nile ea e-ba e tšoanang ho theosa le lilemo. Rahistori oa Mok’hatholike E. I. Watkin o ile a lumela: “Le hoja ho le bohloko ho lumela, molemong oa thuto ea bohata kapa botšepehi ba leshano, re ke ke ra latola kapa ra hlokomoloha ’nete ea histori ea hore ntle ho phetoho Babishopo ba ’nile ba tšehetsa lintoa tsohle tse ileng tsa loanoa ke mebuso ea linaha tsa bona.” Sehlooho sa baphatlalatsi ho Sun ea Vancouver, Canada, se ile sa hlokomela: “Mohlomong ke bofokoli ba malumeli ’ohle a maholo hore kereke e ee le bochaba . . . Ke ntoa efe e kileng ea loana eo ho sa boleloang hore Molimo o ne a le ka lehlakoreng la eona?”
Ka ho hlakileng, ho e-na le ho ba tšusumetso ea khotso, malumeli a lefatše a ’nile a khothaletsa lintoa le lipolao—joalokaha sena se bontšitsoe ka matla ke lipolao tsa Rwanda.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Ho Hloka Molemo Ha Ntoa
Bukeng ea I Found No Peace, e hatisitsoeng ka 1936, moqolotsi oa litaba tsa kantle ho naha Webb Miller o ile a ngola: “Ka ho makatsang, sephethe-phethe se tšosang sa [Ntoa ea I ea Lefatše] ha sea ’makatsa ka lebaka la bobe ba sona le ho hloka molemo ha sona ho fihlela nakong ea lilemo tse robeli hantle hoba se fele.” Nakong eo, o ile a boela a etela lebala la ntoa la Verdun, moo a ileng a bolela hore ho ne ho ile ha shoa banna ba 1050 000.
Miller o ile a ngola: “Nakong ea ntoa, ’na le ba bang ba limilione re ne re ile ra thetsoa. Ntoa ea Lefatše e ne e atlehile feela ho hlahisa lintoa tse ncha. Banna ba limilione tse robeli le halofo ba ne ba shoetse lelea, ba limilione tse mashome ba hlokofalitsoe ke litho tse tšosang tse ke keng tsa boleloa, ’me ba limilione tse makholo ba ne ba fetile har’a mesarelo, tahlehelo le masoabi. ’Me sena sohle se ne se etsahetse tlas’a thetso e tšosang.”
Lilemo tse tharo ka mor’a hore buka ena e hatisoe, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma. The Washington Post e ile ea hlokomela: “Lintoa tsa lekholong la rōna la lilemo la bo20 e bile ‘lintoa ka ho feletseng’ khahlanong le masole le baahi ka tsela e tšoanang. . . . Lintoa tsa boqaba tsa makholong a fetileng a lilemo e ne e se lintoa tsa letho ha ho bapisoa.” Ho latela khakanyo e entsoeng ke mohloli o mong, batho ba limilione tse 197 ba shoele ho tloha ka 1914 lintoeng le liphetohelong tsa ’muso tse entsoeng ke baahi.
Leha ho le joalo, lintoa tsohle le liphetohelo tsa ’muso tse entsoeng ke batho ha lia tlisa khotso kapa thabo. Joalokaha The Washington Post e boletse, “ha ho tsamaiso ea lipolotiki kapa ea moruo eo ho fihlela lekholong lena la lilemo e khutsitseng kapa e khotsofalitseng limilione tse hlokang botsitso.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
’Mè enoa ke e mong oa batho ba makholo a likete ba bolailoeng Rwanda—ba bangata ba bolailoe ke batho ba bolumeli ba bona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Albert Facelly/Sipa Press