Matahoa a Moea—Ke Bo-mang?
“Ho malimabe moqhaka o ikhantšang oa matahoa a Efraime.”—ESAIA 28:1.
1. Ba bangata ba ’nile ba ba le tšepo ea eng, empa na litebello tsa bona li tla phethahatsoa?
RE PHELA linakong tse hlollang. Batho ba bangata ba ’nile ba thabisoa ke liphetoho tse matla tsa lipolotiki ho pota lefatše le ha ba bona Machaba a Kopaneng a kenella litabeng haholoanyane. Ka December 1989 Detroit Free Press e itse: “Ha lefatše le kena lilemong tsa bo-1990, ho hlahile khotso.” Makasine oa Soviet o ile oa phatlalatsa: “Re itokisetsa ho tea lisabole mehoma,” athe mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng o ile a phatlalatsa tjena: “Qhoebeshano e pakeng tsa mebuso e meholo ea lefatše ha e sa le eo.” E, ho ’nile ha ba le litebello tse matla, ’me ntle ho pelaelo, boemo ba lefatše bo ntse bo fetoha. Morao-rao tjena, ntoa ea Gulf e bontšitse kamoo liphetoho li ka ’nang tsa etsahala kapele ka teng. Empa na lefatše lee le tla ke le finyelle nako ea khotso ea sebele le tšireletseho, hammoho le melemo e tlisoang ke eona? Karabo ke che. Ha e le hantle, tlokotsi e tšabehang e tla sisinya lefatše ho fihlela metheong ea lona e larile ka pele! Ke tlokotsi eo bolumeli bo amehang ka ho teba ho eona.
2. Boemo bo teng kajeno bo ile ba tšoantšetsoa joang Iseraeleng ea boholo-holo le Juda?
2 Tlokotsi ena e ile ea tšoantšetsoa ke liketsahalo tse etsahetseng Iseraele ea boholo-holo le Juda lekholong la borobeli le la bosupa la lilemo B.C.E. Morao koo, batho ba ne ba nahana hore mohlomong ba finyelletse khotso. Empa Molimo, o sebelisa moprofeta oa oona Esaia, o ile oa ba lemosa hore tšepo ea bona ea khotso ke thetso, e neng e tla pepesoa haufinyane. Ka ho tšoanang kajeno, Jehova, a sebelisa Lipaki tsa hae, o lemosa batho hore ba thetsitsoe haeba ba lebelletse ho finyella khotso ea ka ho sa feleng ka boiteko ba batho. A re baleng temoso ea boprofeta ea Jehova ’me re bone kamoo e sebetsang ka teng kajeno. E fumanoa khaolong ea 28 ea Esaia ’me e ngotsoe pele ho 740 B.C.E., mohlomong nakong ea puso ea Morena Pekah ea khopo oa Iseraele le Morena Akaze oa mofetoheli oa Juda.
“Matahoa a Efraime”
3. Esaia o ile a bolela qoso efe e tšosang?
3 Temaneng ea 1 khaolong ea 28, re tšosoa ke polelo ena e makatsang: “Ho malimabe moqhaka o ikhantšang oa matahoa a Efraime, ho malimabe palesa e ponang ea seroalo sa hae sa bokhabane, e hlorong ea sekhutlo se nonneng sa ba hlōloang ke veine!” E tlameha e be Baiseraele ba ile ba tšoha hakaakang ha ba utloa qoso ee e matla! ‘Matahoa aa a Efraime’ e ne e le bo-mang? ‘Moqhaka oa bona o ikhantšang’ e ne e le eng? ‘Tlhōrō ea sekhutlo se nonneng’ ke eng? Habohlokoahali, mantsoe ana a bolela eng ho rōna kajeno?
4. (a) Efraime le tlhōrō ea sekhutlo se nonneng e ne e le eng? (b) Ke hobane’ng ha Iseraele e ne e ikutloa e sireletsehile?
4 Kaha Efraime e ne e le leloko le leholo ka ho fetisisa ho meloko e leshome ea Iseraele, ka linako tse ling lentsoe “Efraime” le ne le bolela ’muso ’ohle o ka leboea. Kahoo, ha e le hantle “matahoa a Efraime” e ne e le matahoa a Iseraele. Motse-moholo oa Iseraele e ne e le Samaria, e neng e le qhobosheaneng ea tlhōrō ea sekhutlo se nonneng. Kahoo polelo e reng ‘tlhōrō ea sekhutlo se nonneng’ e lebisitsoe ho Samaria. Ha mantsoe ana a ne a ngoloa, ’muso oa Iseraele o ne o senyehile bolumeling. Ho feta moo, o ne o kenetse selekane sa lipolotiki le Syria ho loantša Juda, ka baka leo joale o ne o ikutloa o sireletsehile. (Esaia 7:1-9) Boemo boo bo ne bo le haufi le ho fetoha. Tlokotsi e ne e atamela, ke kahoo Jehova a ileng a phatlalatsa ‘bomalimabe ho moqhaka o ikhantšang oa matahoa a Efraime.’
5. (a) Moqhaka o ikhantšang oa Iseraele e ne e le eng? (b) Matahoa a Efraime e ne e le bo-mang?
5 “Moqhaka o ikhantšang” e ne e le eng? Moqhaka ke pontšo ea matla a borena. Ka ho hlakileng, “moqhaka o ikhantšang” e ne e le boemo ba Iseraele joaloka ’muso o arohileng, le o sa busoeng ke Juda. Ho ne ho tla etsahala ntho e ’ngoe e neng e tla felisa boipuso ba Iseraele bo hlomphehang. Kahoo, “matahoa a Efraime” e ne e le bo-mang? Ntle ho pelaelo, ho ne ho na le matahoa a sebele Iseraeleng, kaha Samaria e ne e le setsi sa borapeli bo silafetseng ba bohedene. Leha ho le joalo, Bibele e bua ka mofuta o mong oa botahoa o mobe le ho feta. Ho Esaia 29:9, rea bala: “Ba tahiloe, empa e seng ke veine; ba thekesela, empa e seng hoba ba hlōtsoe ke joala.” Botahoa bona e ne e le ba moea, botahoa bo litšila, bo bolaeang. Ka ho hlakileng baeta-pele ba Iseraele—haholo-holo baeta-pele ba eona ba bolumeli—e ne e le matahoa a joalo a moea.
6. Iseraele ea boholo-holo e ne e tahiloe ke eng?
6 Sesosa sa botahoa ba moea ba Iseraele ea boholo-holo e ne e le sefe? Haholo-holo, e ne e le selekane seo e se entseng le Syria sa ho loantša Juda, e leng ho ileng ha neha baeta-pele ba sechaba boikutlo bo botle ba tšireletseho. Botahoa bona ba moea bo ile ba tlosa Iseraele boemong ba sebele ba ho nahana lintho. Joaloka letahoa la sebele, e ne e e-na le tšepo le hoja ho ne ho se lebaka la ho ba le tšepo. Ho feta moo, ka boikhohomoso Iseraele e ne e roetse selekane sa eona se tahang seo e se entseng le Syria, joaloka moqhaka oa botle. Empa, joalokaha Esaia a bolela, e ne e le moqhaka o ponang o neng o ke ke oa hlola o tšoarella ka nako e telele.
7, 8. Ho sa tsotellehe maikutlo a eona a matle, Iseraele ea boholo-holo e ne e le haufi le ho hlaheloa ke eng?
7 Esaia o hatisa sena khaolong ea 28, temana ea 2: “Bonang, Morena [Jehova] o ea rōma sera se matla, se sa sitoeng ke letho, se joale ka sefefo sa lifako, le joale ka setsokotsane se senyang hohle, le joale ka moroallo oa metsi a maholo a tlalang hohle; o tla lihela moqhaka oo fatše ka matla.” ‘Sera see se matla se sa sitoeng ke letho’ e ne e le mang? Mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, e ne e le ’Muso o matla oa Assyria. ’Muso ona oa lefatše o sehlōhō, o hlokang mohau o ne o tla tlela Iseraele joaloka sefefo sa lialuma sa metsi a matla, le a likhohola. Phello e ne e tla ba efe?
8 Esaia o tsoela pele ho re: “Moqhaka o ikhantšang oa matahoa a Efraime o tla hatakeloa ka maoto. Palesa e ponang ea seroalo sa hae sa bokhabane, e hlorong ea sekhutlo se nonneng, e tla ba joale ka feiga ea pele, kotulo e e-so ho tle; mofeti a re a sa e bona, a ntše letsoho, a e metse.” (Esaia 28:3, 4) Motse-moholo oa Iseraele, Samaria, o ne o tšoana le feiga e butsoitseng ho Assyria, e loketseng ho khuoa le ho jeoa. Selekane sa Iseraele le Syria se kang moqhaka se ne se tla hatakeloa. Se ne se ke ke sa ba le thuso ha ho fihla letsatsi la kahlolo. Ho hobe le ho feta, khanya ea eona ea boipuso e kang moqhaka e ne e tla hatakeloa tlas’a maoto a sera sa Baassyria. Eo e ne e tla ba koluoa e khōlō hakaakang!
‘Moprista le Moprofeta Baa Thekesela’
9. Ke hobane’ng ha mohlomong Juda e ne e lebelletse ho fumana molaetsa o molemonyana o tsoang ho Jehova ho feta o neng o fumanoe ke Iseraele ea boholo-holo?
9 E, Iseraele e ne e letetsoe ke kahlolo e tšosang, ’me feela joalokaha Jehova Molimo a ne a lemositse, kahlolo eo e ile ea tla ka selemo sa 740 B.C.E. ha Samaria e ne e timetsoa ke Assyria ’me ’muso o ka leboea o khaotsa ho ba sechaba se ipusang. Se ileng sa etsahalla Iseraele ea boholo-holo ke temoso e tšosang ho bolumeli ba bohata bo sa tšepahaleng kajeno, joalokaha re tla bona. Empa ho thoe’ng ka Juda, ’muso o ka leboea o tšoanang le Iseraele? Mehleng ea Esaia tempele ea Jehova e ne e ntse e le Jerusalema, e leng motse-moholo oa Juda. Boprista bo ne bo ntse bo le teng moo, ’me baprofeta ba kang Esaia, Hosea, le Mikea ba ne ba bua ka lebitso la Jehova. Ka hona, Jehova o ne a tšoaretse Juda molaetsa ofe?
10, 11. Ho ne ho e-na le boemo bofe bo manyala Juda?
10 Esaia o tsoela pele ho re bolella: “Batho bana le bona [ke hore, baprista le baprofeta ba Jerusalema] ba thekeselisoa ke veine, joala bo bohale bo etsa hore ba khothometsehe; baprista le baporofeta ba thekeselisoa ke joala.” (Esaia 28:7a, BPN) Ka ho hlakileng, baeta-pele ba bolumeli ba Juda le bona ba ne ba tahiloe. Joaloka Iseraele, mohlomong ba bang e ne e le matahoa ka kutloisiso ea sebele, ’me haeba ho joalo, sena e ne e le mahlabisa-lihlong. Ka ho toba Molao oa Molimo o ne o thibela baprista ho noa seno se bohale ha ba ne ba sebeletsa tempeleng. (Levitike 10:8-11) Botahoa ba sebele ka tlung ea Molimo e ne e tla ba ho hanyetsa Molao oa Molimo ka mokhoa o tšosang.
11 Leha ho le joalo, ho tebileng le ho feta, ho ne ho na le botahoa ba moea Juda. Joalokaha Iseraele e ne e entse selekane le Syria hore li loantše Juda, kahoo Juda e ile ea batla tšireletseho ka ho etsa selekane le Assyria. (2 Marena 16:5-9) Ho sa tsotellehe ho ba teng ha tempele ea Molimo le baprofeta ba oona, Juda e ile ea beha tumelo ho batho le hoja e ne e lokela ho tšepa Jehova. Ho feta moo, kaha e ne e entse selekane seo sa booatla, baeta-pele ba eona ba ne ba sa tsotelle feela joaloka baahisani ba bona ba tahiloeng moeeng ba ka leboea. Boikutlo ba bona bo hlokang boikarabelo bo ne bo le manyala ho Jehova.
12. Phello ea botahoa ba moea ba Juda e ne e tla ba efe?
12 Esaia o tsoela pele ho re: “Kelello li tšerehantsoe ke ho itlōpa veine, joala bo bohale bo etsa hore ba khothometsehe; ba bona lipono ba ntse ba thekesela, linyeoe ba li ahlōla ba ntse ba ratseèla ke joala. Tafole tsohle li tletse mahlatsa le litšila, ha ho na sebaka le se seng se hloekileng.” (Esaia 28:7b, 8, BPN) Ho ka etsahala hore ba bang ba ne ba hlile ba hlatsetsa ka tempeleng ha ba tahiloe. Empa ho hobe le ho feta, baprista le baprofeta ba neng ba lokela ho fana ka tataiso ea bolumeli ba ne ba hlatsa litšila tsa moea. Ho feta moo, ho sa akarelletsoe ba seng bakae feela ba tšepahalang bao e neng e le mekhelo, likahlolo tsa baprofeta li ne li sothehile, ’me ba ne ba bonela pele lintho tsa bohata bakeng sa sechaba. Jehova o ne a tla otla Juda ka baka la litšila tsena tsa moea.
Matahoa a Moea Kajeno
13. Lekholong la pele la lilemo C.E. ho ne ho e-na le eng e tšoanang le boemo bo neng bo le teng Iseraele le Juda, ’me kajeno ho na le eng e tšoanang?
13 Na boprofeta ba Esaia bo ile ba phethahala ho Iseraele ea boholo-holo le Juda feela? Le hanyenyane. Jesu le moapostola Pauluse ba ile ba qotsa mantsoe a hae a buang ka botahoa ba moea ’me ba a sebelisa ho baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea bona. (Esaia 29:10, 13; Mattheu 15:8, 9; Ba-Roma 11:8) Kajeno, ho hlahile boemo bo tšoanang le ba mehleng ea Esaia—lekhetlong lena bo hlahile Bokreste-’mōtoaneng, mokhatlo oa bolumeli oa lefatše ka bophara o ipolelang hore o emela Molimo. Ho fapana le ho emela ’nete ka tieo le ho itšetleha ka Jehova, Bokreste-’mōtoana, ba K’hatholike le ba Boprostanta, bo beha tšepo ea bona lefatšeng. Ka ho etsa joalo bo ntse bo thekesela, joaloka matahoa a Iseraele le a Juda. Matahoa a moea a lichaba tseo tsa boholo-holo a tšoantšetsa baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana kajeno. A re boneng hore na ha e le hantle a ba tšoantšetsa joang.
14. Ke joang baeta-pele ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba tahiloeng joaloka baeta-pele ba Samaria ea boholo-holo le Jerusalema?
14 Joaloka Samaria le Jerusalema, Bokreste-’mōtoana bo tahiloe ke veine ea lilekane tsa lipolotiki. Ka 1919 e ne e le bona bo li hulang ka pele ho batšehetsi ba Selekane sa Lichaba. Le hoja Jesu a boletse hore Bakreste e ne e ke ke ea e-ba karolo ea lefatše, baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba hlaolela likamano le baeta-pele ba lipolotiki. (Johanne 17:14-16, NW) Veine ea tšoantšetso ea mesebetsi e joalo ke e susumetsang ho baruti. (Bapisa le Tšenolo 17:4.) Ba thabela ha bo-ralipolotiki ba iteanya le bona le ho kopanela botsoalle le batho ba tummeng ba lefatše lena. Ka baka leo, ha ba fane ka tataiso ea ’nete ea moea. Ba hlatsa litšila ho fapana le ho bua molaetsa o hloekileng oa ’nete. (Sofonia 3:9, NW) Kaha pono ea bona e lerootho ebile e ferekane, hase batataisi ba sireletsehileng ba batho.—Mattheu 15:14.
“Molao Holim’a Molao”
15, 16. Batho ba mehleng ea Esaia ba ile ba itšoara joang ha ba utloa litemoso tsa hae?
15 Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Esaia o ile a pepesa tsela e fosahetseng ea baeta-pele ba moea ba Juda ka ho khetheha. Ba ile ba itšoara joang? Ba ne ba hloile ho pepesoa hoo! Ha Esaia a phehella ho bolela litemoso tsa Molimo, baeta-pele ba bolumeli ba ile ba araba: “O tla ruta mang bohlale, o tla utloisa mang thuto? Hleka ke bana ba sa tsoa khoesoa, kapa ba tlositsoeng letsoèlèng?” (Esaia 28:9) E, na Esaia o ne a nahana hore o bua le masea? Baeta-pele ba bolumeli ba Jerusalema ba ne ba inka e le banna ba hōlileng, ba tsebang hantle ho iketsetsa liqeto. Ho ne ho sa hlokahale hore ba mamele likhopotso tsa Esaia tse tenang.
16 Batho bao ba bolumeli ba ne ba bile ba soma mosebetsi oa Esaia oa boboleli. Ba ile ba mo soma: “Molao holim’a molao, molao holim’a molao, taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane.” (Esaia 28:10, BPN) Ba ne ba re: ‘Esaia o ntse a pheta-pheta ntho e le ’ngoe. O luletse ho re: “Sena ke seo Jehova a se laetseng! Sena ke seo Jehova a se laetseng! Ena ke tekanyetso ea Jehova! Ena ke tekanyetso ea Jehova!”’ Seheberung sa pele, Esaia 28:10 ke thothokiso e phetakoang, e batlileng e tšoana le thothokiso e kuruetsang ngoana. ’Me moprofeta o ne a bonahala a le joalo ho baeta-pele ba bolumeli, o ne a pheta-pheta lintho a bile a tletse bongoana.
17. Kajeno ba bangata ba itšoara joang ha ba utloa molaetsa oa temoso o boleloang ke Lipaki tsa Jehova?
17 Lekholong la pele la lilemo C.E., boboleli ba Jesu le barutuoa ba hae bo ne bo utloahala e le bo ipheta-phetang le bo haelloang ke tsebo ka ho tšoanang. Baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ne ba talima batho ba latelang Jesu e le ba rohakehileng, limpara tse haelloang ke tsebo, batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng. (Johanne 7:47-49; Liketso 4:13) Hangata kajeno Lipaki tsa Jehova li talingoa ka tsela e tšoanang. Ha lia ka tsa kena likolo tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana, ’me ha li sebelise litlotla tse phahameng kapa mantsoe a bolumeli joaloka baruti. Kahoo ba boholong Bokreste-’mōtoaneng ba li khella fatše, ba nahana hore li lokela ho tseba boemo ba tsona le ho hlompha baeta-pele bana ba bolumeli haholoanyane.
18. Baeta-pele ba bolumeli ba hlokomoloha eng kajeno?
18 Leha ho le joalo, ho na le ntho e ’ngoe eo baeta-pele ba bolumeli ba e hlokomolohang. Le hoja ba phahameng mehleng ea Esaia ba ne ba hana molaetsa oa hae, o ne a bua ’nete, ’me litemoso tsa hae li ile tsa phethahatsoa! Ka ho tšoanang, litemoso tseo Lipaki tsa Jehova li fanang ka tsona kajeno ke tsa ’nete, li theiloe ka ho tiea Lentsoeng la Molimo la ’nete, Bibele. (Johanne 17:17) Ka hona, li tla phethahatsoa.
Kahlolo
19. Juda e ile ea qobelloa joang hore e ele hloko balichaba ba buang puo e kokotletsang?
19 Ho Esaia 28:11, rea bala: “Ka baka leo, ke ka melomo e kokotletsang le ka puo ea basele a tlang ho bua le sechaba sena.” Thuto ea Esaia e ne e utloahala joaloka puo esele ho Juda. Le hoja Juda ile ea pholoha tšokelo ea Assyria e neng e aparetse Iseraele, ka mor’a nako Jehova o ile a nka khato ea ho loantša Juda a sebelisa molichaba e mong, Nebukadnezare. (Jeremia 5:15-17) Puo ea Babylona e ne e utloahala e le boima ebile e kokotletsa ho Baheberu bao. Empa ba ile ba qobelloa hore ba e mamele ha Jerusalema le tempele ea eona li ne li timetsoa ka 607 B.C.E. ’me baahi ba eona ba hulanngoa ba isoa botlamuoeng ba Babylona. Ka tsela e tšoanang kajeno, haufinyane Bokreste-’mōtoana bo tla lokela ho oeloa ke mahlomola hobane, joaloka Juda ea boholo-holo, bo iphapanyetsa litemoso tsa Jehova.
20, 21. Lipaki tsa Jehova li phatlalatsa eng li sa khaotse, empa baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba hana ho etsa eng?
20 Ka batho ba joalo, boprofeta bo re: “O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ea sebele, ba khathetseng ba tl’o phomola; ke tla fela ke le khatholle.” Leha ho le joalo, ha baa ka ba mamela. Ka baka leo ntsoe la Morena e tla ba lena ho bona: Molao holim’a molao, molao holim’a molao, taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane, etlere ha ba tsamaea ba oe ka sanketse, ba robehe, ba tšoasoe, ba thōpuoe.”—Esaia 28:12, 13, BPN.
21 Feela joalokaha Esaia a ile a bolela molaetsa oa Molimo, Lipaki tsa Jehova li bolella Bokreste-’mōtoana li sa khaotse hore bo lokela ho beha tšepo ea bona lentsoeng la Jehova. Empa bo hana ho mamela. Ho bona, Lipaki li bonahala li bua puo esele. Li bua puo eo bo sa e utloisiseng. Bokreste-’mōtoana bo hana ho phomotsa ea imetsoeng ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo le lefatše le lecha le tlang. Ho fapana le hoo, bo tahiloe ke veine ea kamano eo bo nang le eona le lefatše lena. Bo ikhethela ho tšehetsa litharollo tsa lipolotiki mathateng a batho. Joaloka Bajode ba mehleng ea Jesu, ha boa batla sebaka sa phomolo sa ’Muso, ’me ha bo bolelle ba bang ka sona.—Mattheu 23:13.
22. Jehova o hlokomelisa baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ka eng?
22 Ka hona, mantsoe a Esaia a boprofeta a hlokomelisa baruti hore hase ka mehla Jehova a tlang ho bua ka Lipaki tsa Hae tse ikokobelitseng. Haufinyane, Jehova o tla phethahatsa “molao holim’a molao, taelo holim’a taelo,” ’me liphello li tla tlisetsa Bokreste-’mōtoana koluoa. Baeta-pele ba bona ba bolumeli le mehlape ea bona ba tla ‘robeha, ba tšoasoe, ba thōpuoe.’ E, joaloka Jerusalema ea boholo-holo, litsamaiso tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana li tla felisoa ka ho felletseng. E tla ba ketsahalo e tšosang hakaakang le e sa lebelloang! ’Me e tla ba phello e tšosang hakaakang hobane baruti ba khethile botahoa ba moea ho fapana le likhopotso tsa Jehova!
Na U ka Hlalosa?
◻ Matahoa a Efraime e ne e le bo-mang, hona a ne a tahiloe ke eng?
◻ Meqhaka e ikhantšang ea matahoa a Efraime e ile ea hatakeloa joang?
◻ Ke boemo bofe bo manyala bo neng bo le teng Juda boo Esaia a ileng a bo pepesa?
◻ Kajeno ke hokae moo re bonang botahoa ba moea?
◻ Ke hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo lokela ho ela hloko se etsahetseng sechabeng sa boholo-holo sa Juda?