Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Meraro
Lula U Lebeletse Jehova
1, 2. (a) Esaia khaolo ea 30 e fupere eng? (b) Joale re tla hlahloba lipotso life?
HO ESAIA khaolo ea 30, re bala liphatlalatso tse ling tse eketsehileng tsa Molimo khahlanong le ba khopo. Leha ho le joalo, karolo ena ea boprofeta ba Esaia e totobatsa litšobotsi tse ling tsa Jehova tse thabisang. Ha e le hantle, litšobotsi tsa Jehova li hlalositsoe ka tsela e hlakileng hoo, ka tsela ea tšoantšetso, re ka bonang boteng ba hae bo tšelisang, ra utloa lentsoe la hae le tataisang le ho angoa ke letsoho la hae le folisang.—Esaia 30:20, 21, 26.
2 Leha ho le joalo, batho ba habo Esaia, baahi ba Juda ba koenehileng, ba hana ho khutlela ho Jehova. Ho fapana le hoo, ba tšepa motho. Jehova o ikutloa joang ka see? Hona karolo ee ea boprofeta ba Esaia e thusa Bakreste joang kajeno hore ba lule ba lebeletse Jehova? (Esaia 30:18) A re boneng.
Ketso e Booatla le Qetello ea Tlokotsi
3. Jehova o pepesa leano lefe?
3 Ho se ho fetile nako e itseng baeta-pele ba Juda ba ntse ba loha leano ka sephiring la ho fumana tsela ea ho phema ho kena tlas’a taolo ea Assyria. Leha ho le joalo, Jehova o ntse a shebile. Joale o pepesa leano la bona: “‘Ho malimabe bara ba manganga,’ ho bolela Jehova, ‘ba batlang ho phetha morero, empa eseng o tsoang ho ’na; le ho tšolla nyehelo e mokelikeli, empa eseng ka moea oa ka, e le hore ba phaelle sebe holim’a sebe; ba theohelang Egepeta.’”—Esaia 30:1, 2a.
4. Batho ba Molimo ba koenehileng ba behile Egepeta sebakeng sa Molimo joang?
4 Baeta-pele bao ba ntseng ba loha leano ba nyaroha hakaakang ha ba utloa hore morero oa bona o senotsoe! Ho ea Egepeta ho ea etsa selekane le eona hase feela khato ea ho bontša lehloeo ho Assyria; empa ke ho fetohela Jehova Molimo. Mehleng ea Morena Davida, sechaba se ne se talima Jehova e le qhobosheane ’me se tšabela ‘moriting oa mapheo a hae.’ (Pesaleme ea 27:1; 36:7) Joale se “itšireletsa qhobosheaneng ea Faro le ho tšabela moriting oa Egepeta.” (Esaia 30:2b) Se behile Egepeta sebakeng sa Molimo! Ke bohlaba-phio bo bokaakang!—Bala Esaia 30:3-5.
5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho etsa selekane le Egepeta e le phoso e tšabehang? (b) Ke leeto lefe leo pejana batho ba Molimo ba ileng ba le nka le totobatsang booatla ba leeto lee la ho ea Egepeta?
5 Joalokaha eka o araba tlhahiso leha e le efe ea hore ho ea Egepeta e mpa e le leeto la tšohanyetso feela, Esaia o fana ka makolopetso a eketsehileng. “Phatlalatso khahlanong le liphoofolo tsa boroa: Naheng ea mahlomola le maemo a thata, ea tau le lengau le rorang, ea marabe le noha ea mollo e fofang, ba belesa maruo a bona mahetleng a liesele tse hōlileng ka ho feletseng, le phepelo ea bona liloteng tsa likamele.” (Esaia 30:6a) Ka ho hlakileng, leeto leo le reriloe esale pele. Baemeli ba hlophisa mokoloko oa likamele le liesele, tseo ba li belesang thepa e theko e boima ’me ba li isa Egepeta ba haola lefeelleng le tletseng litau tse rorang le linoha tse chefo. Qetellong, baemeli bao ba fihla moo ba eang teng ’me ba fa Baegepeta matlotlo ao ba tlileng le ’ona. Ba nahana hore ba rekile tšireletso. Leha ho le joalo, Jehova o re: “E tla ba tse se nang molemo bakeng sa batho. Baegepeta ke lefeela-feela, ’me ba ke ke ba thusa ka letho. Ka hona ke bitsitse enoa: ‘Rahaba—ba loketse ho lula ba khutsitse.’” (Esaia 30:6b, 7) “Rahaba,” e leng “phoofolo ea tonanahali ea leoatle,” e ne e tšoantšetsa Egepeta. (Esaia 51:9, 10) E tšepisa ntho ena le eane empa ha ho le e ’ngoe eo e e phethahatsang. Selekane seo Juda e se entseng le eona ke phoso e tšabehang.
6 Ha Esaia a ntse a hlalosa leeto leo baemeli bana ba le nkang, mohlomong bamameli ba hae ba hopola leeto le tšoanang le ileng la nkuoa mehleng ea Moshe. Baholo-holo ba bona ba ile ba haola hona ‘lefeelleng leo le tšabehang.’ (Deuteronoma 8:14-16) Leha ho le joalo, mehleng ea Moshe Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta ba tsoa kholehong. Lekhetlong lena baemeli ba ea Egepeta, ’me ha e le hantle, ba ea khatellong. Ke ketso e booatla hakaakang! E se eka le ka mohla re ke ke ra etsa qeto e booatla joalo ’me ra tela tokoloho ea rōna ea moea bakeng sa bokhoba!—Bapisa le Bagalata 5:1.
Ho Hanyetsa Molaetsa oa Moprofeta
7. Ke hobane’ng ha Jehova a laela Esaia hore a ngole fatše temoso ea Hae ho Juda?
7 Jehova o bolella Esaia hore a ngole fatše molaetsa oo a sa tsoa o phatlalatsa e le hore ‘o tle o sebetse letsatsing le tlang, hore e be bopaki ho isa nakong e sa lekanyetsoang.’ (Esaia 30:8) Hore Jehova ha a amohele ha lilekane tse entsoeng le batho li etelletsoa pele ho feta ho itšetleha ka Eena ho tlameha ho tlalehoa fatše molemong oa meloko e tlang—ho akarelletsa le moloko oa rōna kajeno. (2 Petrose 3:1-4) Empa ho na le ho hong ho etsang hore ho hlokahale hore tlaleho eo e ngoloe hang-hang. “Ke sechaba se tletseng borabele, bara ba se nang ’nete, bara ba sa kang ba rata ho utloa molao oa Jehova.” (Esaia 30:9) Sechaba se qheletse temoso ea Molimo thōko. Kahoo, e tlameha ho ngoloa fatše e le hore hamorao se se ke sa latola hore se ile sa fuoa temoso e loketseng.—Liproverbia 28:9; Esaia 8:1, 2.
8, 9. (a) Baeta-pele ba Juda ba leka ho silafatsa baprofeta ba Jehova ka tsela efe? (b) Esaia o bontša joang hore ha ho letho le tla mo tšosa?
8 Joale Esaia o fana ka mohlala oa boitšoaro ba sechaba bo bontšang borabele. “Ba [itse] ho ba bonang, ‘Le se ke la bona,’ le ho ba nang le lipono, ‘Le se ke la re bonela lintho leha e le life tse nepahetseng. Re bolelleng lintho tse rorisang ho tlōlisa; re boneleng lintho tse thetsang.’” (Esaia 30:10) Ka ho laela baprofeta ba tšepahalang hore ba khaotse ho bua se “nepahetseng,” kapa sa ’nete, ’me ho e-na le hoo ba bue se “rorisang ho tlōlisa” le se “thetsang,” kapa sa bohata, baeta-pele ba Juda ba bontša hore ba batla ho tsikinyetsoa litsebe. Ba batla ho rorisoa, eseng ho nyatsuoa. Ho ea ka maikutlo a bona, moprofeta leha e le ofe ea sa ikemisetsang ho profeta ho ea ka takatso ea bona o lokela ho ‘kheloha tsela; ho fapoha tsela.’ (Esaia 30:11a) O lokela ho bua se monate litsebeng kapa a khaotse ho bolela ka ho feletseng!
9 Bahanyetsi ba Esaia baa phehella: “Felisang Mohalaleli oa Iseraele molemong oa rōna.” (Esaia 30:11b) Esaia a ke a khaotse ho bua ka lebitso la Jehova, “Mohalaleli oa Iseraele”! Tlotla ena ka boeona ea ba tena kahobane litekanyetso tsa Jehova tse phahameng li senola boemo ba bona bo nyatsehang. Esaia o itšoara joang? Oa phatlalatsa: “Sena ke seo Mohalaleli oa Iseraele a se boletseng.” (Esaia 30:12a) A sa tsilatsile, Esaia o bua ’ona mantsoe ao bahanyetsi ba hae ba sa batleng ho a utloa. Ha ho letho le tla mo tšosa. Ke mohlala o motle hakaakang ho rōna! Ha ho tluoa tabeng ea ho phatlalatsa molaetsa oa Molimo, Bakreste ha baa lokela ho sekisetsa le ka mohla. (Liketso 5:27-29) Joaloka Esaia, ba tsoela pele ho phatlalatsa: ‘Sena ke seo Jehova a se boletseng’!
Liphello Tsa Borabele
10, 11. Liphello tsa bofetoheli ba Juda e tla ba life?
10 Juda e hanne lentsoe la Molimo, e tšepile leshano, ’me e itšetlehile ka “se mano.” (Esaia 30:12b) Liphello e tla ba life? Ho e-na le hore Jehova a tlohelle boemo bo le kamoo sechaba se lakatsang kateng, o tla etsa hore sechaba seo se khaotse ho ba teng! Sena se tla etsahala ka tšohanyetso le ka ho feletseng, joalokaha Esaia a hatisa seo ka papiso. Borabele ba sechaba sena bo joaloka “karolo e khephohileng e seng e tla oela fatše, lekukuno leboteng le phahamiselitsoeng holimo, le ka ’nang la oa ka tšohanyetso, hang-hang.” (Esaia 30:13) Feela joalokaha lekukuno le ntseng le hōla le leboteng le phahameng le tla qetella le entse hore lebota le oe, ka ho tšoanang ho eketseha ha borabele ba batho ba mehleng ea Esaia ho tla etsa hore sechaba se oe.
11 Esaia o sebelisa papiso e ’ngoe ho bontša hore timetso e tlang e tla ba e feletseng: “Ka sebele motho o tla le heletsa joalokaha ho pshatloa nkho e khōlō ea libōpi, e silakanngoang ho se ea e qenehelang, hoo ho ke keng ha fumanoa har’a likarolo tsa eona tse silakantsoeng lengeta leo ka lona ho ka bokelloang mollo ifo kapa ha khuoa metsi mokhoabong.” (Esaia 30:14) Timetso ea Juda e tla ba e feletseng hoo ho seng letho la bohlokoa le tla sala—leha e se e le sekotoana sa pitsa ea letsopa se seholo ho lekana ho kha molora o chesang ifo kapa ho kha metsi mokhoabong. Ke qetello e soabisang hakaakang! Timetso e tlelang ba hanyetsang borapeli ba ’nete kajeno le eona e tla tla ka tšohanyetso ebile e tla ba e feletseng.—Baheberu 6:4-8; 2 Petrose 2:1.
Memo ea Jehova e Qheleloa Thōko
12. Batho ba Juda ba ka qoba timetso joang?
12 Leha ho le joalo, ho bamameli ba Esaia timetso eo ke e ka qojoang. Ho na le mokhoa oa ho phonyoha. Moprofeta oa hlalosa: “Sena ke seo ’Musi Morena Jehova, Mohalaleli oa Iseraele, a se boletseng: ‘Ka hore le khutle ’me le phomole le tla pholosoa. Matla a lōna e tla ba ho lula le sa khathatseha ’me le e-na le tšepo.’” (Esaia 30:15a) Jehova o ikemiselitse ho sireletsa batho ba hae—haeba ba bontša tumelo ka ho ‘phomola,’ kapa ba khaotsa ho leka ho fumana poloko ka ho etsa lilekane le batho, ’me ba ‘lula ba sa khathatseha,’ kapa ba bontša ho tšepa matla a Molimo a sireletsang ka ho se inehele tšabong. Esaia o re ho batho bao, “Empa le ne le sa rate.”—Esaia 30:15b.
13. Baeta-pele ba Juda ba tšepile eng, hona na tšepo e joalo e loketse?
13 Joale Esaia oa qaqisa: “Eaba le re: ‘Che, empa re tla baleha re palame lipere!’ Ke ka lebaka leo le tlang ho baleha. ‘Re tla kalla lipere tse lebelo!’ Ke ka lebaka leo ba le lelekisang ba tlang ho ba lebelo.” (Esaia 30:16) Bajuda ba nahana hore ke lipere tse lebelo, ho fapana le Jehova, tse tla etsa hore ba bolokehe. (Deuteronoma 17:16; Liproverbia 21:31) Leha ho le joalo, moprofeta o hanyetsa seo ka ho re tšepo ea bona e tla ba lelea kahobane lira tsa bona li tla ba tsometsa. Esita le bongata ha bo na ho ba thusa. “Ba sekete ba tla thothomela ka lebaka la khalemelo e matla ea a le mong; ka lebaka la khalemelo e matla ea ba bahlano le tla baleha.” (Esaia 30:17a) Mabotho a Juda a tla tšosoa le ho balehisoa ke mohoo oa ba seng bakae feela ba lireng.a Qetellong, ke masala feela a tla sala, a tla sala a le mang, “joaloka palo tlhōrōng ea thaba le joaloka pontšo leralleng.” (Esaia 30:17b) Tumellanong le boprofeta, ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E., ke masala feela a ileng a phonyoha.—Jeremia 25:8-11.
Matšeliso Nakong ea ho Nyatsuoa
14, 15. Mantsoe a ho Esaia 30:18 a tšelisa baahi ba Juda ba mehleng ea boholo-holo le Bakreste ba ’nete kajeno joang?
14 Ha mantsoe ana a matla a ntse a luma litsebeng tsa bamameli ba Esaia, boikutlo boo a fanang molaetsa oa hae ka bona boa fetoha. Tšokelo ea tlokotsi e betlela tšepiso ea litlhohonolofatso tsela. “Ka hona Jehova o tla lebella hore a le bontše mohau, ka hona o tla ema hore a le bontše mohau. Etsoe Jehova ke Molimo oa kahlolo. Ho thaba bohle ba mo lebeletseng.” (Esaia 30:18) Ke mantsoe a khothatsang hakaakang! Jehova ke Ntate ea nang le kutloelo-bohloko ea labalabelang ho thusa bana ba hae. O thabela ho bontša mohau.—Pesaleme ea 103:13; Esaia 55:7.
15 Mantsoe ana a khothatsang a sebetsa ho masala a Bajuda ao ka mohau a lumelloang ho phonyoha timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E. le ho a seng makae a khutlelang Naheng e Tšepisitsoeng ka 537 B.C.E. Leha ho le joalo, mantsoe ao a moprofeta ke a tšelisang le ho Bakreste kajeno. Re hopotsoa hore Jehova o tla “ema” molemong oa rōna, ’me a felise lefatše lena le khopo. Barapeli ba tšepahalang ba ka kholiseha hore Jehova—“Molimo oa kahlolo”—ha a na ho lumella lefatše la Satane hore le tsoele pele leha e le ka letsatsi le le leng feela halelele ho feta kamoo toka e hlokang kateng. Kahoo, “ba mo lebeletseng” ba na le lebaka le leholo la ho thaba.
Jehova o Tšelisa Batho ba Hae ka ho Araba Lithapelo
16. Jehova o khothatsa ba tepeletseng joang?
16 Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba tepeletse hobane topollo e sa tla kapele joalokaha ba ne ba tšepile. (Liproverbia 13:12; 2 Petrose 3:9) E se eka ba ka khothatsoa ke mantsoe a latelang a Esaia, a totobatsang tšobotsi e ’ngoe e ikhethang ea botho ba Jehova. “Ha batho ba leng Sione ba lula Jerusalema, ho hang u ke ke ua lla. Ruri o tla u bontša mohau ha mohoo oa hao o utloahala; hang ha a o utloa o tla u araba.” (Esaia 30:19) Ka mantsoe ana Esaia o senola boikutlo bo bonolo ka ho khaotsa ho sebelisa “le” e ka bongateng temaneng ea 18 a fetohela ho “u” e ka bonngoeng temaneng ea 19. Ha Jehova a tšelisa ba mahlomoleng, o sebetsana le motho ka mong. Joaloka Ntate, ha a botse mora ea tepeletseng hore, ‘Ke hobane’ng u sa be matla joaloka mor’eno?’ (Bagalata 6:4) Ho e-na le hoo, o mamela e mong le e mong ka hloko. Ha e le hantle, “hang ha a o utloa o tla u araba.” Ke mantsoe a khothatsang hakaakang! Ba tepeletseng ba ka matlafala haholo haeba ba rapela Jehova.—Pesaleme ea 65:2.
Utloa Lentsoe la Molimo le Tataisang ka ho Bala Lentsoe la Hae
17, 18. Jehova o fana ka tataiso joang, esita le linakong tse thata?
17 Ha Esaia a ntse a tsoela pele ka puo ea hae, o hopotsa bamameli ba hae hore ho tla tla mahlomola. Batho ba tla fumana “bohobe ka sebōpeho sa mahlomola le metsi ka sebōpeho sa khatello.” (Esaia 30:20a) Mahlomola le khatello tseo ba tlang ho li utloa ha ba ntse ba thibeletsoe li tla tšoana le bohobe le metsi. Leha ho le joalo, Jehova o ikemiselitse ho pholosa ba lipelo li lokileng. “Morupeli oa lōna e Moholo ha a sa tla hlola a ipata, ’me mahlo a lōna a tla bona Morupeli oa lōna e Moholo. Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.”—Esaia 30:20b, 21.b
18 Jehova ke ‘Morupeli e Moholo.’ Ha ho ea lekanang le eena ka ho ba tichere. Leha ho le joalo, ke joang batho ba ka mo ‘bonang’ le ho mo “utloa”? Jehova o itšenola ka baprofeta ba hae, bao mantsoe a bona a tlalehiloeng ka Bibeleng. (Amose 3:6, 7) Kajeno, ha barapeli ba tšepahalang ba bala Bibele, ho ba joalokaha eka lentsoe la Molimo le kang la ntate le ba bolella tsela eo ba lokelang ho tsamaea ka eona ’me le ba phehella hore ba lokise tsela ea bona ea boitšoaro e le hore ba tsamaee ho eona. Mokreste e mong le e mong o lokela ho mamela ka hloko ha Jehova a bua a sebelisa maqephe a Bibele le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng tse hlahisoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) E se eka e mong le e mong a ka ikitlaeletsa ho bala Bibele, kaha hoo ho ‘bolela bophelo ho eena.’—Deuteronoma 32:46, 47; Esaia 48:17.
Nahanisisa ka Litlhohonolofatso Tsa Nako e Tlang
19, 20. Ke litlhohonolofatso life tse boloketsoeng ba arabelang lentsoeng la Morupeli e Moholo?
19 Ba utloang lentsoe la Morupeli e Moholo ba tla lahla litšoantšo tsa bona tse betliloeng, ba li nke e le lintho tse nyonyehang. (Bala Esaia 30:22.) Joale bao ba utloileng ba tla thabela litlhohonolofatso tse babatsehang. Tsena li hlalosoa ke Esaia, joalokaha li tlalehiloe ho Esaia 30:23-26, e leng boprofeta bo thabisang ba tsosoloso bo qalang ho phethahala ha masala a Bajuda a khutla botlamuoeng ka 537 B.C.E. Kajeno, boprofeta bona bo re thusa ho bona litlhohonolofatso tse hlollang tseo Mesia a fanang ka tsona paradeiseng ea moea hona joale esita le Paradeiseng ea sebele e tlang ho tla.
20 “Ka sebele o tla fana ka pula bakeng sa peō ea lōna eo le e jalang mobung, le bohobe e le lihlahisoa tsa naha, bo tlang ho nona bo be mafura. Letsatsing leo liphoofolo tsa lōna tse ruiloeng li tla fula makhulong a maholo. Likhomo le liesele tse hōlileng ka ho feletseng tse lemang naha li tla ja furu e nōkiloeng ka sorele, e olōsitsoeng ka kharafu le fereko.” (Esaia 30:23, 24) Bohobe bo ‘nonneng bo mafura’—e leng lijo tse matlafatsang—e tla ba lijo tseo motho a phelang ka tsona letsatsi le leng le le leng. Naha e tla beha litholoana ka bongata hoo esita le liphoofolo li tlang ho rua molemo. Mehlape ea bona e tla ja “furu e nōkiloeng ka sorele”—furu e hlabosang e boloketsoeng liketsahalo tse khethehileng. Lijo tsena li bile li ‘olōsitsoe’—e leng seo ka tloaelo se etsoang lijo-thollong tse reretsoeng ho sebelisoa ke batho. Ke boitsebiso bo thabisang hakaakang boo Esaia a fanang ka bona mona ho tšoantša litlhohonolofatso tse enneng tsa Jehova molokong oa batho o tšepahalang!
21. Hlalosa kamoo litlhohonolofatso tse tlang e tla ba tse feletseng kateng.
21 “Thabeng e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng le leralleng le leng le le leng le phahameng ho tla ba le melapo.” (Esaia 30:25a)c Esaia o fana ka tlhaloso e loketseng ho totobatsa kamoo litlhohonolofatso tsa Jehova e leng tse feletseng kateng. Metsi ha a haelle—e leng sesebelisoa sa bohlokoa se sa tl’o phalla mabalane feela empa le thabeng e ’ngoe le e ’ngoe, esita le “thabeng e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng le leralleng le leng le le leng le phahameng.” E, tlala e tla ba ntho ea nako e fetileng. (Pesaleme ea 72:16) Ho feta moo, moprofeta o lebisa tlhokomelo linthong tse phahameng le ho feta lithaba. “Khanya ea khoeli e tolokileng e tla tšoana le khanya ea letsatsi le khanyang; khanya ea letsatsi le khanyang e tla ba joalo hasupa, joaloka khanya ea matsatsi a supileng, letsatsing la ha Jehova a tlamisa ho sithabela ha batho ba hae ’me a folisa leqeba le lebe le bakiloeng ke chapo ea hae.” (Esaia 30:26) Ke tlhōrō e hlollang hakaakang ea boprofeta boo bo khanyang! Khanya ea Molimo e tla khanya ka botle bohle ba eona. Litlhohonolofatso tse boloketsoeng barapeli ba Molimo ba tšepahalang li tla feta hōle—ka makhetlo a supileng—ntho leha e le efe eo ba kileng ba e latsoa pele.
Kahlolo le Thabo
22. Ho fapana le litlhohonolofatso tse tlang ho tlela ba tšepahalang, ke eng seo Jehova a se boloketseng ba khopo?
22 Boikutlo boo Esaia a fanang molaetsa ka bona bo boetse boa fetoha. Joalokaha eka o batla ho hapa tlhokomelo ea bamameli ba hae, o re: “Bonang! Lebitso la Jehova le tla le tsoa hōle, le tuka ke bohale ba hae ’me le na le maru a teteaneng. Ha e le molomo oa hae, o tletse nyatso, ’me leleme la hae le tšoana le mollo o timetsang.” (Esaia 30:27) Ho tla fihlela joale, Jehova o emeletse thōko, o lumeletse lira tsa batho ba hae ho latela tsela ea tsona. Joale oa atamela—joaloka sefefo se tsamaeang le lialuma se ntseng se atamela—ho tla liha kahlolo. “Moea oa hae o tšoana le molapo o phoroselang o fihlang molaleng, hore a hlokohle lichaba ka sefe e se nang thuso; ’me tōmo e etsang hore motho a lelere e tla ba mohlahareng oa lichaba.” (Esaia 30:28) Lira tsa batho ba Molimo li tla pota-potoa ke “molapo o phoroselang,” li ‘hlokohloe ka mabifi ka sefe,’ ’me li tšoaroe ka “tōmo.” Li tla timetsoa.
23. Ke eng se tlisetsang Bakreste kajeno “ho thaba ha pelo”?
23 Boikutlo boo Esaia a fanang molaetsa ka bona bo boetse boa fetoha ha a hlalosa boemo bo thabisang ba barapeli ba tšepahalang bao ka letsatsi le leng ba tlang ho khutlela naheng ea habo bona. “Le tla ba le pina e kang ea bosiung ba ha motho a ikhalaletsa bakeng sa mokete, le ho thaba ha pelo ho kang ha ea tsamaeang a e-na le lekolilo hore a kene thabeng ea Jehova, ho Lefika la Iseraele.” (Esaia 30:29) Kajeno Bakreste ba ’nete ba latsoa “ho thaba ha pelo” ha ba nahana ka kahlolo ea lefatše la Satane; tšireletso eo ba e fuoang ke Jehova, ‘Lefika la poloko;’ le litlhohonolofatso tse tlang tsa ’Muso.—Pesaleme ea 95:1.
24, 25. Boprofeta ba Esaia bo hatisa joang hore kahlolo e tlelang Assyria ke ea sebele?
24 Ka mor’a polelo ena ea thabo, Esaia o khutlela molaetseng oa kahlolo ’me o tsebahatsa se tjametsoeng ke khalefo ea Molimo. “Ka sebele Jehova o tla etsa hore ho hlompheha ha lentsoe la hae ho utluoe ’me o tla etsa hore ho theoha ha letsoho la hae ho bonoe, ka bohale bo matla le lelakabe la mollo o timetsang le moroallo le pula e nang ka sefefo le majoe a sefako. Etsoe Assyria e tla tšosoa ke lentsoe la Jehova; o tla e otla ka lere.” (Esaia 30:30, 31) Ka tlhaloso ena e hlakileng, Esaia o hatisa hore kahlolo ea Molimo ho Assyria ke ea sebele. Ha e le hantle, Assyria e eme ka pele ho Molimo ’me e thothometsoa ke ho bona “ho theoha ha letsoho la hae” la kahlolo.
25 Moprofeta o tsoela pele: “Ho tsokotseha ho hong le ho hong ha molamu oa hae oa chapo hoo Jehova a tla etsa hore ho be holim’a Assyria ka sebele ho tla etsoa ka meropa e menyenyane le ka liharepa; ’me o tla ba loantša ka lintoa tseo ho tsona ho tsokoang lihlomo. Etsoe Tofethe ea hae e behiloe ka tlhophiso ho tloha nakong e sa tsoa feta; hape e lokiselitsoe morena. O tebisitse qubu ea eona. Mollo le patsi li ngata. Phefumoloho ea Jehova, joaloka molapo o phoroselang oa sebabole, e tuka khahlanong le eona.” (Esaia 30:32, 33) Tofethe, e Phuleng ea Hinome, e sebelisitsoe mona e le sebaka sa tšoantšetso se tukang mollo. Ka ho bontša hore Assyria e tla felella moo, Esaia o totobatsa timetso ea tšohanyetso le e feletseng e tla tlela sechaba seo.—Bapisa le 2 Marena 23:10.
26. (a) Liphatlalatso tsa Jehova khahlanong le Assyria li sebetsa joang mehleng ea kajeno? (b) Bakreste ba lula ba lebeletse Jehova joang kajeno?
26 Le hoja molaetsa ona oa kahlolo o lebisitsoe ho Assyria, se boleloang ke boprofeta ba Esaia se fetela pele. (Baroma 15:4) Ka puo ea tšoantšetso, Jehova o tla boela a tle a tsoa hōle ho tla hohola, ho hlokohla le ho tšoara bohle ba hatellang batho ba hae ka tōmo. (Ezekiele 38:18-23; 2 Petrose 3:7; Tšenolo 19:11-21) E se eka letsatsi leo le ka tla ka potlako! Khabareng, Bakreste ba letetse ka tabatabelo letsatsi la topollo. Ba matlafatsoa ke ho nahana ka mantsoe a hlakileng a tlalehiloeng ho Esaia khaolo ea 30. Mantsoe ana a khothalletsa bahlanka ba Molimo ho ananela tokelo ea thapelo, ho ikitlaelletsa ho ithuta Bibele le ho nahanisisa ka litlhohonolofatso tse tlang tsa ’Muso. (Pesaleme ea 42:1, 2; Liproverbia 2:1-6; Baroma 12:12) Ka hona, mantsoe a Esaia a re thusa bohle hore re lule re lebeletse Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hlokomela hore hoja Juda e ne e ile ea tšepahala, ho ka be ho etsahetse ho fapaneng le hoo.—Levitike 26:7, 8.
b Ka Bibeleng ke hona mona feela moo Jehova a bitsoang ‘Morupeli e Moholo.’
c Esaia 30:25b ea baleha: “Letsatsing la polao e khōlō ha litora li oa.” Phethahatsong ea pele, e ka ’na eaba sena se ile sa bolela ho oa ha Babylona, ho ileng ha bulela Iseraele tsela ea ho thabela litlhohonolofatso tse boletsoeng esale pele ho Esaia 30:18-26. (Bona serapa sa 19.) Se ka boela sa bolela timetso ka Armagedone, e tlang ho hleka tsela bakeng sa phethahatso e khōlō ka ho fetisisa ea litlhohonolofatso tsena lefatšeng le lecha.
[Litšoantšo tse leqepheng la 305]
Mehleng ea Moshe, Baiseraele ba ile ba baleha Egepeta. Mehleng ea Esaia, Juda e ea Egepeta ho ea kōpa thuso
[Setšoantšo se leqepheng la 311]
“Leralleng le leng le le leng le phahameng ho tla ba le melapo”
[Setšoantšo se leqepheng la 312]
Jehova o tla tla ka ‘bohale ba hae le ka maru a teteaneng’