Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Mene
Ha ho Thuso Lefatšeng Lena
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha baahi ba Jerusalema ba tšohile? (b) Ha ho talingoa tsieleho ea Jerusalema, ke lipotso life tse loketseng?
BAAHI ba Jerusalema ba tšohile—’me ke ka lebaka le utloahalang! Assyria, eo e neng e le ’muso o matla ka ho fetisisa mehleng eo, e hlasetse ‘metse eohle ea Juda e etselitsoeng liqhobosheane ’me e e hapile.’ Joale, sesole se matla sa Assyria se sokela motse-moholo oa Juda. (2 Marena 18:13, 17) Morena Ezekiase le baahi ba bang bohle ba Jerusalema ba tla etsa joang?
2 Kaha metse e meng ea naha ea hae e se e oele, Ezekiase oa tseba hore Jerusalema e ke ke ea o besa oa tuka ho lebotho le matlahali la Assyria. Ho feta moo, Baassyria ba tumme ka ho ba sehlōhō le ho ba mabifi ka tsela e ikhethang. Lebotho la sechaba seo ke le tšosang hoo ka linako tse ling ba lireng ba tšolang tlhako morong ba sa leke le ho itoanela feela! Ha ho nahanoa ka maqakabetsi ao Jerusalema e leng ho ’ona, baahi ba eona ba ka retelehela hokae ho batla thuso? Na ho na le tsela leha e le efe eo ba ka phonyohang ho lebotho la Assyria ka eona? Hona batho ba Molimo ba kene boemong bo joalo joang? E le hore re arabe lipotso tsena, re lokela ho hetla morao le ho bona kamoo Jehova a ileng a sebelisana le sechaba sa hae sa selekane kateng lilemong tse fetileng.
Bokoenehi Iseraele
3, 4. (a) Sechaba sa Iseraele se ile sa aroha ho ba mebuso e ’meli neng hona joang? (b) Jeroboame o ile a tlosa ’muso oa meloko e leshome o ka leboea ka leoto lesele joang?
3 Ho tloha nakong ea ha Iseraele e tloha Egepeta ho fihlela ha mor’a Davida, Solomone, a e-shoa—e leng lilemo tse ka holimonyana ho 500—meloko e 12 ea Iseraele e ne e le sechaba se le seng se momahaneng. Ka mor’a lefu la Solomone, Jeroboame o ile a etella meloko e leshome e ka leboea pele hore e fetohele ntlo ea Davida, ’me ho tloha nakong eo sechaba se ile sa arohana ho ba mebuso e ’meli. E ne e le ka selemo sa 997 B.C.E.
4 Jeroboame e ile ea e-ba eena morena oa pele oa ’muso oa Iseraele o ka leboea, ’me o ile a lebisa bafo ba hae tseleng ea bokoenehi ka ho beha baprista bao e seng ba molao le tsamaiso ea borapeli ba namane sebakeng sa baprista ba leloko la Arone le borapeli ba Jehova ba molao. (1 Marena 12:25-33) Sena e ne e le se nyonyehang ho Jehova. (Jeremia 32:30, 35) Ka lebaka lena le a mang, o ile a lumella Assyria hore e buse Iseraele. (2 Marena 15:29) Morena Hoshea o ile a leka ho roba joko ea Assyria ka ho etsa ’momori le Egepeta, empa leano leo le ile la hlōleha.—2 Marena 17:4.
Iseraele e Retelehela Setšabelong sa Bohata
5. Iseraele e retelehela ho mang ho batla thuso?
5 Jehova o batla ho etsa hore Baiseraele ba boele ba hlaphoheloe.a Kahoo o romela moprofeta Esaia ka temoso e latelang: “Ho malimabe ba theohelang Egepeta ho batla thuso, ba itšetlehang ka lipere, le ba tšepang likoloi tsa ntoa, kahobane li le ngata, le lipere tsa ntoa, kahobane li le matla haholo, empa ba sa talima ho Mohalaleli oa Iseraele ’me ba sa batla Jehova.” (Esaia 31:1) Ke tlokotsi e kaakang! Iseraele e tšepa lipere le likoloi tsa ntoa ho feta Molimo ea phelang, Jehova. Ho ea ka tsela ea Iseraele ea ho nahana ea nama, lipere tsa Egepeta li ngata li bile li matla. Ka sebele Egepeta e tla ba mphato oa bohlokoa khahlanong le lebotho la Assyria! Leha ho le joalo, haufinyane Baiseraele ba tla hlokomela hore ho etsa ha bona selekane ka tsela ea nama le Egepeta ha ho thuse ka letho.
6. Ke hobane’ng ha ho retelehela ha Iseraele ho Egepeta e le pontšo e pepenene ea ho haelloa ke tumelo ho Jehova?
6 Ho ea ka selekane sa Molao, baahi ba Iseraele le ba Juda ba kamanong ea boinehelo le Jehova. (Exoda 24:3-8; 1 Likronike 16:15-17) Ka ho retelehela ho Egepeta ho ea batla thuso, Iseraele e senola hore e haelloa ke tumelo ho Jehova le hore ha e hlomphe melao eo e leng karolo ea selekane se halalelang. Hobane’ng? Hobane litumellano tsa selekane li akarelletsa tšepiso ea Jehova ea ho sireletsa batho ba hae haeba ba mo fa boinehelo bo khethehileng. (Levitike 26:3-8) Tumellanong le tšepiso eo, Jehova o ipakile khafetsa hore ke “qhobosheane ea bona nakong ea mahlomola.” (Pesaleme ea 37:39; 2 Likronike 14:2, 9-12; 17:3-5, 10) Ho feta moo, a sebelisa Moshe, eo e neng e le mokena-lipakeng oa selekane sa Molao, Jehova o ile a bolella marena a Iseraele a nakong e tlang hore a se ke a ikekeletsa lipere. (Deuteronoma 17:16) Ho mamela taelo ena ho ne ho tla bontša hore marena ana a tšepetse ho “Mohalaleli oa Iseraele” bakeng sa tšireletso. Ka masoabi, babusi ba Iseraele ha ba na tumelo ea mofuta oo.
7. Ke eng seo Bakreste ba ka ithutang sona kajeno ka ho hloka tumelo ha Iseraele?
7 Ho na le thuto ho sena bakeng sa Bakreste kajeno. Iseraele e ile ea tšepa tšehetso e bonahalang ea Egepeta ho fapana le tšehetso e matla ho feta eo hōle eo Jehova a fanang ka eona. Ka ho tšoanang kajeno, Bakreste ba ka ’na ba lekoa hore ba behe tšepo ea bona mehloling e bonahalang ea tšireletso—chelete e bolokiloeng bankeng, ho ba le boemo sechabeng, ho ba ba tsebahalang lefatšeng—ho fapana le ho beha tšepo ea bona ho Jehova. Ke ’nete hore lihlooho tsa malapa tsa Bakreste li nka ka ho teba boikarabelo ba tsona ba ho hlokomela ba malapa a tsona ka lintho tse bonahalang. (1 Timothea 5:8) Empa ha li behe tumelo ea tsona linthong tse bonahalang. ’Me li itebela khahlanong le “ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.” (Luka 12:13-21) “Sebaka [feela] se phahameng sa tšireletso linakong tsa mahlomola” ke Jehova Molimo.—Pesaleme ea 9:9; 54:7.
8, 9. (a) Le hoja maano a Iseraele a ka ’na a bonahala e le maqheka a bohlale, phello e tla ba efe, hona hobane’ng? (b) Ho na le phapang efe pakeng tsa litšepiso tsa batho le litšepiso tsa Jehova?
8 Ha e le hantle, Esaia o soma baeta-pele ba Iseraele ba entseng selekane le Egepeta, o re: “O boetse o bohlale ’me o tla tlisa tlokotsi, ’me ha aa hula mantsoe a hae; ka sebele o tla tsohela ntlo ea baetsi ba bobe matla le thuso e etsoang ke ba tloaetseng ho etsa se kotsi.” (Esaia 31:2) Baeta-pele ba Iseraele ba ka ’na ba nahana hore ba bohlale. Empa na ’Mōpi oa bokahohle ha a bohlale ka ho fetisisa? Ho ea ka ponahalo ea ka ntle, leano la Iseraele la ho batla thuso ho Egepeta le bonahala e le leqheka le bohlale. Leha ho le joalo, ho etsa selekane se joalo sa bopolotiki ho bolela ho etsa bofebe ba moea ponong ea Jehova. (Ezekiele 23:1-10) Ka lebaka leo, Esaia o re Jehova o tla “tlisa tlokotsi.”
9 Litšepiso tsa batho li tumme ka ho ba tse sa tšepahaleng, ’me tšireletso ea batho ha e na botsitso. Ka lehlakoreng le leng, ha ho hlokahale hore Jehova a ‘hule mantsoe a hae.’ O tla fela a phethahatse litšepiso tsa hae. Lentsoe la hae ha le khutlele ho eena le le feela.—Esaia 55:10, 11; 14:24.
10. Ho tla etsahala’ng ka Egepeta hammoho le Iseraele?
10 Na Baegepeta ba tla ipaka e le tšireletso e tšepahalang ho Iseraele? Che. Esaia o bolella Iseraele: “Leha ho le joalo, Baegepeta ke batho ba lefatše, hase Molimo; le lipere tsa bona ke nama, hase moea. Jehova o tla otlolla letsoho la hae, ’me ea fanang ka thuso o tla khoptjoa, le ea thusoang o tla oa, ’me ka nako e tšoanang kaofela ha bona ba tla fela.” (Esaia 31:3) Ea fanang ka thuso (Egepeta) hammoho le ea thusoang (Iseraele) ba tla khoptjoa, ba oe, ’me ba fele ha Jehova a otlolla letsoho la hae ho phethahatsa kahlolo ea hae a sebelisa Assyria.
Ho oa ha Samaria
11. Iseraele e iketselitse tlaleho efe ea sebe, hona phello e ba efe?
11 Ka mohau oa hae Jehova o romela baprofeta ka makhetlo-khetlo ho ea khothalletsa Iseraele hore e bake ’me e khutlele borapeling bo hloekileng. (2 Marena 17:13) Ho sa tsotellehe sena, Iseraele e phaella sebeng sa eona sa borapeli ba namane ka ho kopanela bonoheng, borapeling bo litšila ba Baale le ho sebeliseng lipalo tse halalelang le libaka tse phahameng. Baiseraele ba bile ba “fetisa bara ba bona le barali ba bona mollong,” ba etsetsa melimo ea bademona mahlabelo ka litholoana tsa nama ea bona. (2 Marena 17:14-17; Pesaleme ea 106:36-39; Amose 2:8) E le hore a felise bokhopo ba Iseraele, Jehova oa laela: “Ka sebele Samaria le morena oa eona ba tla khutsisoa, joaloka lekala le ponngoeng le ka holim’a metsi.” (Hosea 10:1, 7) Ka 742 B.C.E., mabotho a Assyria a hlasela Samaria, motse-moholo oa Iseraele. Ka mor’a ho thibelloa ka lilemo tse tharo, Samaria ea oa, ’me ka 740 B.C.E., ’muso oa meloko e leshome o khaotsa ho ba teng.
12. Jehova o laetse hore ho etsoe mosebetsi ofe kajeno, hona ho etsahala’ng ka ba hlokomolohang temoso?
12 Mehleng ea rōna Jehova o laetse hore ho etsoe mosebetsi oa boboleli lefatšeng lohle e le ho lemosa “moloko oa batho hore hohle ba lokela ho baka kaofela.” (Liketso 17:30; Matheu 24:14) Ba hanang tokisetso ea Molimo ea poloko ba tla ba joaloka “lekala le ponngoeng,” ba felisoe joaloka sechaba sa bokoenehi sa Iseraele. Ka lehlakoreng le leng, ba tšepileng Jehova “ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Ka hona, ke ho bohlale hakaakang ho qoba liphoso tse entsoeng ke ’muso oa Iseraele oa boholo-holo! A re tšepeng Jehova ka ho feletseng bakeng sa poloko.
Matla a Jehova a Sireletsang
13, 14. Jehova o tšoaretse Sione mantsoe afe a tšelisang?
13 Motse-moholo oa Juda, Jerusalema, o lutse lik’hilomithara tse seng kae ho tloha moeling o ka boroa oa Iseraele. Baahi ba Jerusalema ba hlokomela se etsahaletseng Samaria. Joale ba iphumana ba sokeloa ke sona sera seo se tšosang se timelitseng moahisani oa bona ea ka leboea. Na ho na le seo ba tla ithuta sona ho se etsahaletseng Samaria?
14 Mantsoe a latelang a Esaia ke a tšelisang ho baahi ba Jerusalema. O ba tiisetsa hore Jehova o ntse a rata batho ba hae ba selekane, o re: “Sena ke seo Jehova a mpoleletseng sona: ‘Feela joalokaha tau e rora, hammoho le taoana e moetse, ka lebaka la phofu ea eona, ha e bitselitsoe palo e feletseng ea balisa, ’me ho sa tsotellehe mantsoe a bona e sa tšohe ’me ho sa tsotellehe moferefere oa bona e sa iname; ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla theoha ho tla loanela Thaba ea Sione le leralla la eona.’” (Esaia 31:4) Joaloka taoana e emeng holim’a phofu ea eona, ka poulelo Jehova o tla sireletsa motse oa hae o halalelang, Sione. Ha ho boithoriso, mantsoe a sokelang, kapa moferefere leha e le ofe o etsoang ke mabotho a Assyria o tla etsa hore Jehova a tlohele morero oa hae.
15. Jehova o sebetsana le baahi ba Jerusalema ka bonolo le ka kutloelo-bohloko joang?
15 Joale, hlokomela tsela e bonolo le e nang le kutloelo-bohloko eo Jehova a tlang ho sebetsana le baahi ba Jerusalema ka eona: “Joaloka linonyana tse fofang, ka tsela e tšoanang Jehova oa mabotho o tla sireletsa Jerusalema. A e sireletsa, ka sebele o tla boela a e lopolle. A e qenehela, o tla boela a e etse hore e phonyohe.” (Esaia 31:5) Kamehla nonyana e nang le malinyane e seli ho sireletsa malinyane a eona. E ōkaōkela malinyane a eona e phukalalitse mapheo, ’me ka mahlo a nchocho e shebisisa letšoao leha e le lefe la kotsi. Haeba phoofolo e hlaselang e atamela, ka potlako e ubella tlaase ho ea sireletsa malinyane a eona. Ka tsela e tšoanang, Jehova o tla hlokomela baahi ba Jerusalema ka lerato ka lebaka la Baassyria ba hlaselang.
‘Khutlang’
16. (a) Jehova o etsa boipiletso bofe bo lerato ho batho ba hae? (b) Bofetoheli ba batho ba Juda bo totobala neng ka ho khetheha? Hlalosa.
16 Joale Jehova o hopotsa batho ba hae hore ba entse sebe ’me o ba khothalletsa hore ba tlohele litsela tsa bona tse fosahetseng: “Khutlelang ho Eo bara ba Iseraele ba mo fetohetseng ka ho tebileng.” (Esaia 31:6) ’Muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ne o se mong borabeleng ba oona. Batho ba Juda, bao le bona e leng “bara ba Iseraele,” ba ‘entse bofetoheli ka ho tebileng.’ Sena se tla totobala ka ho khetheha ha mor’a Ezekiase, Manase, e e-ba morena, nakoana ka mor’a hore Esaia a phethe molaetsa oa hae oa boprofeta. Ho latela tlaleho ea Bibele, “Manase a ’na a eka Bajuda le baahi ba Jerusalema hore ba etse se sebe ho feta lichaba tseo Jehova a neng a li felisitse.” (2 Likronike 33:9) Nahana ka seo! Jehova o felisa lichaba tsa bohetene hobane li le litšila ka tsela e nyonyehang, empa baahi ba Juda, ba kamanong ea selekane le Jehova, ba bile ba babe ho feta batho ba lichaba tseo.
17. Ke joang maemo kajeno a tšoanang le a neng a le teng Juda pusong ea Manase?
17 Mathoasong a lekholo lena la bo21 la lilemo, ka litsela tse ngata maemo a tšoana le a neng a le teng Juda mehleng ea Manase. Lefatše le ntse le tsoela pele ho arohanngoa ke lehloeo la bolumeli, la merabe le la lichaba. Liketso tse nyarosang tsa ho bolaea, ho hlokofatsa, ho beta le tseo ho thoeng ke tsa tlhoekiso ea morabe li hlokofalitse ba limilione. Ntle ho pelaelo, batho le lichaba—haholo-holo lichaba tsa Bokreste-’mōtoana—ba ‘entse bofetoheli ka ho tebileng.’ Leha ho le joalo, re ka kholiseha hore Jehova ha a na ho lumella bokhopo hore bo tsoele pele ka ho sa feleng. Hobane’ng? Ka lebaka la se ileng sa etsahala mehleng ea Esaia.
Jerusalema ea Lopolloa
18. Rabshake o lemosa Ezekiase ka eng?
18 Marena a Assyria a ile a tlotlisa melimo ea ’ona ka tlhōlo eo a bileng le eona ntoeng. Buka e bitsoang Ancient Near Eastern Texts e na le mengolo ea Ashurbanipale, ’musi oa Assyria ea ileng a bolela hore o ile a tataisoa “ke Ashure, Bele, Nebo, e leng melimo e meholo, likhosi [tsa hae], e tsamaeang (kamehla) lehlakoreng [la hae], [ha] a hlōla masole (a nang le phihlelo) ntoeng . . . ntoeng e khōlō e loanoang pepenene.” Mehleng ea Esaia, Rabshake, ea emelang Morena Sankeribe oa Assyria, o bontša hore le eena o lumela hore melimo ea kenella ntoeng ea batho ha a bua le Morena Ezekiase. O lemosa morena oa Bajuda hore a se ke a itšetleha ka Jehova bakeng sa poloko ’me o bontša hore melimo ea lichaba tse ling e ’nile ea hlōleha ho sireletsa batho ba eona khahlanong le sesole se matla sa Assyria.—2 Marena 18:33-35.
19. Ezekiase o itšoara joang ha Rabshake a mo soma?
19 Morena Ezekiase o itšoara joang? Tlaleho ea Bibele e re: “Eitse hang ha Morena Ezekiase a utloa, kapele-pele a hahola liaparo tsa hae ’me a ikoahela ka lesela la mokotla eaba o kena ka tlung ea Jehova.” (2 Marena 19:1) Ezekiase oa hlokomela hore O mong feela ea ka mo thusang boemong bona bo tšosang. Oa ikokobetsa ’me o talima ho Jehova bakeng sa tataiso.
20. Jehova o tla nka bohato joang molemong oa baahi ba Juda, hona ba lokela ho ithuta eng ho see?
20 Jehova o fana ka tataiso e kōptjoang. A sebelisa moprofeta Esaia, o re: “Ka letsatsi leo e mong le e mong o tla lahla melimo ea hae ea silevera e se nang thuso le melimo ea hae ea khauta e se nang thuso, eo matsoho a lōna a le etselitseng eona e le sebe.” (Esaia 31:7) Ha Jehova a loanela batho ba hae, melimo ea Sankeribe e tla pepesoa seo e leng sona—e le e se nang thuso. Ena ke thuto eo baahi ba Juda ba lokelang ho e nka ka ho teba. Ho sa tsotellehe ho tšepahala ha Morena Ezekiase, naha ea Juda, ho tšoana le Iseraele, e tletse melimo ea litšoantšo. (Esaia 2:5-8) Hore baahi ba Juda ba tsosolose kamano ea bona le Jehova ho tla hlokahala hore ba bakele libe tsa bona ’me ‘e mong le e mong a lahle melimo ea hae e se nang thuso.’—Bona Exoda 34:14.
21. Esaia o hlalosa liketso tsa Jehova tsa kahlolo khahlanong le Moassyria ka tsela ea boprofeta joang?
21 Joale Esaia o hlalosa ka tsela ea boprofeta liketso tsa Jehova tsa kahlolo khahlanong le sera sa Juda se tšajoang: “Moassyria o tla lihuoa ka sabole, eseng ea motho; sabole, eseng ea motho oa lefatše, e tla mo timetsa. O tla baleha ka lebaka la sabole, ’me bahlankana ba hae ba tla etsa mosebetsi o qobelloang.” (Esaia 31:8) Ha nako ea makhaola-khang e fihla, ha ho hlokahale le hore baahi ba Jerusalema ba ntše lisabole tsa bona lilateng tsa tsona. Mokhethoa oa mabotho a Assyria oa timetsoa, eseng ka lisabole tsa batho, empa ka sabole ea Jehova. Ha e le Morena Sankeribe oa Assyria eena, “o tla baleha ka lebaka la sabole.” Ka mor’a hore bahlabani ba hae ba 185 000 ba bolaoe ke lengeloi la Jehova, o khutlela hae. Hamorao, ha a ntse a inametse molimo oa hae Nisroke, o bolaoa ke bara ba hae.—2 Marena 19:35-37.
22. Ke eng seo Bakreste ba ka ithutang sona kajeno liketsahalong tse amang Ezekiase le lebotho la Assyria?
22 Ha ho le ea mong, ho akarelletsa le Ezekiase, ea neng a ka bona esale pele kamoo Jehova a neng a tla lopolla Jerusalema kateng lebothong la Assyria. Leha ho le joalo, tsela eo Ezekiase a sebetsanang le qaka ena ka eona e fana ka mohlala o babatsehang ho ba tobanang le liteko kajeno. (2 Bakorinthe 4:16-18) Ka lebaka la botumo bo nyarosang ba Baassyria ba sokelang Jerusalema, ke ho utloahalang hore ebe Ezekiase o ne a tšohile. (2 Marena 19:3) Ho ntse ho le joalo, o ne a e-na le tumelo ho Jehova, ’me a batla tataiso ea Hae, eseng ea batho. Ho etsa ha hae seo e bile tlhohonolofatso e kaakang bakeng sa Jerusalema! Kajeno Bakreste ba tšabang Molimo le bona ba ka ’na ba tšoenyeha maikutlo ka ho teba ha ba le tlas’a khatello. Mabakeng a mangata, ke ho utloahalang hore ebe baa tšoha. Leha ho le joalo, haeba re ‘lahlela matšoenyeho ’ohle a rōna ho Jehova,’ o tla re hlokomela. (1 Petrose 5:7) O tla re thusa hore re hlōle tšabo ea rōna le ho re matlafalletsa ho sebetsana ka katleho le boemo bo bakang khatello.
23. Ke ka tsela efe e leng Sankeribe ea setseng a ikutloa a aparetsoe ke tšabo ho e-na le Ezekiase?
23 Qetellong, ke Sankeribe, eseng Ezekiase, ea salang a ikutloa a aparetsoe ke tšabo. Ke mang eo a ka retelehelang ho eena? Esaia o bolela esale pele: “‘Lefika la hae le tla feta ka lebaka la tšabo e fetisisang, ’me likhosana tsa hae li tšohe ka lebaka la pontšo,’ ho bolela Jehova, eo khanya ea hae e leng Sione le eo sebōpi sa hae se leng Jerusalema.” (Esaia 31:9) Melimo ea Sankeribe—“lefika” la hae, setšabelo seo a tšepetseng ho sona—e sitoa ho mo sireletsa. Ka puo ea tšoantšetso e “feta ka lebaka la tšabo e fetisisang.” Ho feta moo, esita le likhosana tsa Sankeribe ha li thuse hakaalo. Le tsona li oetsoe ke tšabo.
24. Ke molaetsa ofe o hlakileng oo re ka ithutang oona ho se etsahaletseng Moassyria?
24 Karolo ena ea boprofeta ba Esaia e fana ka molaetsa o hlakileng ho mang kapa mang eo e neng e tla ba mohanyetsi oa Molimo. Ha ho sebetsa, matla, leha e le kofuto e ka nyopisang merero ea Jehova. (Esaia 41:11, 12) Ka nako e tšoanang, ba ipolelang hore ba sebeletsa Molimo empa ba mo furalla ho ea batla tšireletso linthong tsa nama ba tla soetseha. Batho leha e le bafe ‘ba sa talimeng ho Mohalaleli oa Iseraele’ ba tla bona ha Jehova a “tlisa tlokotsi.” (Esaia 31:1, 2) Ka sebele, setšabelo feela sa sebele le se tšoarellang ke Jehova Molimo.—Pesaleme ea 37:5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore ebe litemana tse tharo tse qalang ho Esaia khaolo ea 31 li lebisitsoe haholo-holo ho Iseraele. Litemana tse tšeletseng tse qetellang li bonahala li sebetsa ho Juda.
[Setšoantšo se leqepheng la 319]
Ba behang tšepo ea bona linthong tse bonahalang ba tla soetseha
[Setšoantšo se leqepheng la 322]
Joaloka tau e lebetseng phofu ea eona, Jehova o tla sireletsa motse oa hae o halalelang
[Litšoantšo tse leqepheng la 324]
Lefatše le arohantsoe ke lehloeo la bolumeli, la merabe le la lichaba
[Setšoantšo se leqepheng la 326]
Ezekiase o ile a ea ntlong ea Jehova ho ea batla thuso