Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Mehlano
Morena le Likhosana Tsa Hae
1, 2. Ho ka boleloa’ng ka taba e ngotsoeng ea Moqolo oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng?
HO ELELLA qetellong ea lilemo tsa bo-1940, ho ile ha fumanoa pokello e ikhethang ea meqolo mahaheng a haufi le Leoatle le Shoeleng, Palestina. E ile ea tsebahala e le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng ’me ho lumeloa hore e ngotsoe neng-neng pakeng tsa 200 B.C.E. le 70 C.E. O tsebahalang ka ho fetisisa har’a eona ke moqolo oa Esaia o ngotsoeng ka Seheberu letlalong le tšoarellang. Moqolo ona o batla o feletse, ’me taba e ngotsoeng ho oona e fapana hanyenyane le ea libuka tsa Bamasorete tse ngotsoeng ka letsoho lilemo tse ka bang 1 000 hamorao. Kahoo, moqolo ona o bontša ho nepahala ha ho kopitsoa ha taba e ngotsoeng ea Bibele.
2 Ntlha e ikhethang Moqolong ona oa Esaia oa Leoatle le Shoeleng ke hore karolo eo kajeno e tsebahalang e le Esaia khaolo ea 32 e tšoailoe ka “X” ka thōko ho mōla ke mongoli. Ha re tsebe hore na ke hobane’ng ha mongoli a ile a beha letšoao lena, empa hoo re ho tsebang ke hore ho na le ho hong ho ikhethang ka karolo ena ea Bibele e Halalelang.
Ho Busa ka ho Loka le ka Toka
3. Ke tsamaiso efe e profetiloeng bukeng ea Esaia le ea Tšenolo?
3 Esaia khaolo ea 32 e qala ka boprofeta bo hlollang bo phethahalang ka ho babatsehang mehleng ea rōna: “Bonang! Morena o tla busa ka ho loka; ha e le likhosana, li tla busa e le likhosana bakeng sa toka.” (Esaia 32:1) E, “Bonang!” Mohoo ona o re hopotsa mohoo o tšoanang o fumanoang bukeng ea ho qetela ea boprofeta ea Bibele: “Ea lutseng teroneng a re: ‘Bona! Ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.’” (Tšenolo 21:5) Buka ea Bibele ea Esaia hammoho le ea Tšenolo, tseo e ’ngoe ea tsona e ngotsoeng lilemo tse ka bang 900 pele ho e ’ngoe, ka bobeli li fana ka tlhaloso e nyakallisang ea tsamaiso e ncha—“leholimo le lecha,” le entsoeng ka Morena, Kreste Jesu, ea behiloeng teroneng maholimong ka 1914 le babusi-’moho le eena ba 144 000 “ba rekiloeng lefatšeng”—ho kopanyelletsa le “lefatše le lecha,” e leng mokhatlo oa batho o momahaneng, oa lefatše lohle.a (Tšenolo 14:1-4; 21:1-4; Esaia 65:17-25) Tokisetso ena eohle e khona ho ba teng ka lebaka la sehlabelo sa Kreste sa thekollo.
4. Ke eng e ralang motheo oa lefatše le lecha e teng hona joale?
4 Ka mor’a hore a bone pono ea ho tiisoa ha ho qetela ha babusi bana ba 144 000, moapostola Johanne oa tlaleha: “Ka talima, ’me, bonang! bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, bo tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle, bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana.” Bona ke bona bongata bo boholo bo ralang motheo oa lefatše le lecha—boo hona joale bo baloang ka limilione, bo ’nileng ba bokelloa lehlakoreng la masala a seng makae a ba 144 000, ao boholo ba ’ona a seng a hōlile. Bongata bona bo boholo bo tla phonyoha matšoenyeho a maholo a ntseng a atamela ka potlako ’me lefatšeng la Paradeise bo tla kopana le ba bang ba tšepahalang ba tsositsoeng bafung hammoho le ba bang ba libilione ba tla fuoa monyetla oa ho bontša tumelo. Bohle ba bontšang tumelo ba tla hlohonolofatsoa ka bophelo bo sa feleng.—Tšenolo 7:4, 9-17.
5-7. “Likhosana” tse boletsoeng esale pele li phetha karolo efe mohlapeng oa Molimo?
5 Leha ho le joalo, hafeela lefatše lena le tletseng lehloeo le ntse le le teng, litho tsa bongata bo boholo li tla ’ne li hloke tšireletso. Ka kakaretso e fanoa ke “likhosana” tse ‘busang bakeng sa toka.’ Ke tokisetso e babatsehang hakaakang! “Likhosana” tsena li hlalosoa ka ho tsoelang pele mantsoeng a hlollang a boprofeta ba Esaia: “E mong le e mong e tla ba sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.”—Esaia 32:2.
6 Hona joale nakong ena ea tsieleho lefatšeng ka bophara, ho hlokahala “likhosana,” e, baholo ba tla ‘ela hloko mohlape oohle,’ ba hlokomele linku tsa Jehova ’me ba sebelise toka tumellanong le melao-motheo ea Jehova e lokileng. (Liketso 20:28) “Likhosana” tse joalo li tlameha ho finyella litšoaneleho tse boletsoeng ho 1 Timothea 3:2-7 le Tite 1:6-9.
7 Boprofeteng ba hae bo boholo bo hlalosang “qetello [e bakang mahlomola] ea tsamaiso ea lintho,” Jesu o ile a re: “Le bone hore le se ke la tšoha.” (Matheu 24:3-8) Ke hobane’ng ha balateli ba Jesu ba sa tšosoe ke maemo a kajeno a lefatše a kotsi? Lebaka le leng ke hobane “likhosana”—ebang ke batlotsuoa kapa “linku tse ling”—li sireletsa mohlape ka botšepehi. (Johanne 10:16) Li hlokomela bara le barali babo tsona ka sebete, ho sa tsotellehe maemo a tšosang a kang a lintoa tsa merabe le a ho timetsoa ha merabe e itseng ka ho feletseng. Lefatšeng lena le sohlokehileng moeeng, li netefatsa hore meea e tepeletseng e khatholloa ke linnete tse matlafatsang tsa Lentsoe la Molimo, Bibele.
8. Jehova o koetlisa le ho sebelisa “likhosana” tseo e leng karolo ea linku tse ling joang?
8 Lilemong tse 50 tse fetileng, “likhosana” li ile tsa hlahella ka ho hlaka. “Likhosana” tseo e leng karolo ea linku tse ling li ntse li koetlisoa e le sehlopha se tsoelang pele sa “morenana” e le hore ka mor’a matšoenyeho a maholo, tse tšoanelehang har’a tsona li tle li lokele ho khetheloa ho sebeletsa boemong ba tsamaiso ‘lefatšeng le lecha.’ (Ezekiele 44:2, 3; 2 Petrose 3:13) Ka ho fana ka tataiso ea moea le khatholoho ha li etella pele tšebeletsong ea ’Muso, li ipaka li le “joaloka moriti oa lefika,” e leng ho tlisetsang mohlape o rapelang ’moho le tsona khatholoho.b
9. Ke maemo afe a bontšang hore ho hlokahala “likhosana” kajeno?
9 Matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko a lefatše la Satane le khopo, Bakreste ba inehetseng ba hlile ba hloka tšireletso e joalo. (2 Timothea 3:1-5, 13) Ho foka lifefo tse matla tsa lithuto tsa bohata le mashano a sothiloeng. Lifefo tse fokang li tla ka sebōpeho sa lintoa tsa lichaba le tsa mahae haesita le litlhaselo tse tobileng khahlanong le barapeli ba Jehova Molimo ba tšepahalang. Lefatšeng le aparetsoeng ke komello ea moea, Bakreste ba hlile ba hloka melapo ea metsi a ’nete e hloekileng, e sa tsoakoang e le hore ba time lenyora la bona la moea. Ka thabo, Jehova o tšepisitse hore Morena oa hae ea busang, a sebelisa barab’abo ba tlotsitsoeng le “likhosana” tse fanang ka tšehetso tseo e leng karolo ea linku tse ling, o tla fana ka khothatso le tataiso ho ba tepeletseng le ba nyahameng nakong ena eo li hlokahalang ka eona. Kahoo Jehova o tla tiisa hore ho tla rena ho loka le toka.
Ho Ela Hloko ka Mahlo, Litsebe le Lipelo
10. Jehova o entse litokisetso life e le hore batho ba hae ba ka ‘bona’ hape ba ‘utloa’ lintho tsa moea?
10 Bongata bo boholo bo arabetse joang tokisetsong ea Jehova ea puso ea Molimo? Boprofeta bo tsoela pele: “Mahlo a ba bonang a ke ke a koaleha, le litsebe tsa ba utloang li tla ela hloko.” (Esaia 32:3) Ha lilemo li ntse li feta, Jehova o ’nile a fa bahlanka ba hae ba bohlokoa thupelo ’me a ba isa khōlong e feletseng. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le liboka tse ling tse tšoaroang liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara; likopano tsa setereke, tsa linaha le tsa machaba; hammoho le koetliso e khethehileng ea “likhosana” ea ho tšoara mohlape ka tlhokomelo e lerato kaofela li tlatselitse ho haheng mokhatlo oa bara ba motho ba limilione o momahaneng lefatšeng ka bophara. Kae kapa kae moo balisa bana ba leng teng lefatšeng, ba tsebe li lethoethoe ho utloa liphetoho leha e le life kutloisisong ea lentsoe la ’nete le tsoelang pele. Ka matsoalo a koetlisitsoeng ke Bibele, ba lula e le malala-a-laotsoe bakeng sa ho utloa le ho mamela.—Pesaleme ea 25:10.
11. Ke hobane’ng ha batho ba Molimo hona joale ba bua ka kholiseho, ba sa kokotletse ka ho hloka kholiseho?
11 Joale boprofeta boa lemosa: “Lipelo tsa ba potlakang ho tlōla li tla ela tsebo hloko, esita le maleme a ba kokotletsang a tla potlakela ho bua lintho tse hlakileng.” (Esaia 32:4) A ho se be le ea mong ea potlakelang ho etsa liqeto ka se nepahetseng le se fosahetseng. Bibele e re: “Na u bone motho ea lepotlapotla mantsoeng a hae? Ho na le tšepo bakeng sa ea hlokang kelello ho feta bakeng sa hae.” (Liproverbia 29:20; Moeklesia 5:2) Pele ho 1919, esita le batho ba Jehova ba ne ba silafalitsoe ke likhopolo tsa Babylona. Empa ho qala ka selemo seo, Jehova o ’nile a ba fa kutloisiso e hlakileng haholoanyane ea merero ea hae. Ba fumane hore linnete tseo a li senotseng hase tse tlileng ka lepotlapotla, empa ke tse nahanisisitsoeng hantle, ’me hona joale ba bua ka kholiseho ka tumelo ea bona, ha ba kokotletse ka ho hloka kholiseho.
“Ea se Nang Kelello”
12. ‘Ba se nang kelello’ ke bo-mang kajeno, hona ba lekhonatha ka tsela efe?
12 Boprofeta ba Esaia bo latelang bo bontša phapang: “Ea se nang kelello ha ho sa tla hlola ho thoe o fana ka seatla se bulehileng; ha e le motho ea hlokang boitšoaro, ho ke ke ha thoe oa hlompheha; kahobane ea se nang kelello o tla bua tsa ho se be le kelello feela.” (Esaia 32:5, 6a) “Ea se nang kelello” ke mang? Joalokaha eka ke ka morero oa ho hatisa taba, Morena Davida o fana ka karabo habeli: “Ea se nang kelello o itse ka pelong ea hae: ‘Jehova ha a eo.’ Ba entse ka mokhoa o senyang, ba itšoere ka mokhoa o manyala mesebetsing ea bona. Ha ho ea etsang se molemo.” (Pesaleme ea 14:1; 53:1) Ke ’nete hore ba ngangellang ho latola boteng ba Molimo ba bolela hore Jehova ha a eo. Ha e le hantle, “ba bohlale” le ba bang ba itšoarang joalokaha eka Molimo ha a eo, ba lumela hore ha ho motho eo ba ikarabellang ho eena. ’Nete ha e eo ho batho ba joalo. Ba lekhonatha lipelong tsa bona. Ha ba tsebe litaba tse molemo tsa lerato. Ho fapana le Bakreste ba ’nete, ba lieha ho thusa bahloki ba mahlomoleng kapa ba hlōleha ho ba thusa ka ho feletseng.
13, 14. (a) Bakoenehi ba kajeno ba sebetsa se kotsi joang? (b) Bakoenehi ba leka ho amoha ba lapileng le ba nyoriloeng eng, empa qetello e tla ba efe?
13 Ba bangata ba bao ba se nang kelello ba hloea ba tšehetsang ’nete ea Molimo. “Pelo ea hae e tla sebetsa se kotsi, ho sebetsa bokoenehi le ho bua se khelohileng khahlanong le Jehova.” (Esaia 32:6b) See ke ’nete hakaakang ka bakoenehi ba mehleng ea kajeno! Linaheng tse ’maloa Europe le Asia, bakoenehi ba ikopantse le bahanyetsi ba bang ba ’nete, ba bua mashano a se nang litsoako ho ba boholong, ka sepheo sa ho etsa hore Lipaki tsa Jehova li haneloe kapa li thibeloe. Ba bonahatsa moea oa ‘lekhoba le lebe,’ leo Jesu a ileng a profeta ka lona: “Haeba lekhoba leo le lebe le ka re ka pelong ea lona, ‘Mong’a ka oa lieha,’ ’me le ka qala ho otla makhoba-’moho le lona ’me le ka ja la noa le ba tsebahalang e le matahoa, mong’a lekhoba leo o tla tla ka letsatsi leo le sa le lebellang le ka hora eo le sa e tsebeng, o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa ’me o tla le abela karolo ea lona le baikaketsi. Ke moo ho lla ha lona le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.”—Matheu 24:48-51.
14 Ho sa le joalo, mokoenehi o “etsa hore moea oa ea lapileng o lape, ’me o etsa hore le ea nyoriloeng a hloke se nooang.” (Esaia 32:6c) Lira tsa ’nete li leka ho amoha batho ba lapetseng ’nete lijo tsa moea, ’me li leka ho thibela ba nyoriloeng ho noa metsi a khathollang a molaetsa oa ’Muso. Empa qetello e tla ba eo Jehova a e bolellang batho ba hae a sebelisa e mong oa baprofeta ba hae: “Ka sebele ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, etsoe ‘ke na le uena ho u lopolla,’ ho bolela Jehova.”—Jeremia 1:19; Esaia 54:17.
15. Kajeno ke bo-mang ba “hlokang boitšoaro” ka ho khetheha, hona ke ‘lipolelo life tsa bohata’ tseo ba li khothalelitseng, ’me e le ka phello efe?
15 Ho tloha bohareng ba lekholo la bo20 la lilemo, boitšoaro bo bobe bo ’nile ba tsoa taolong ka ho totobetseng linaheng tsa Bokreste-’mōtoana. Hobane’ng? Boprofeta bo ile ba bolela lebaka le leng esale pele: “Ha e le motho ea hlokang boitšoaro, likofuto tsa hae li mpe; o fane ka keletso bakeng sa liketso tsa boitšoaro bo hlephileng, ho timetsa ba hlorileng ka lipolelo tsa bohata, esita le ha mofutsana a bua se nepahetseng.” (Esaia 32:7) Phethahatsong ea mantsoe ana, baruti ba bangata ka ho khetheha ba amohetse boikutlo ba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe mabapi le ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ho phela ha batho hammoho ba sa nyalana, bosodoma—ha e le hantle, “bohlola le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong.” (Baefese 5:3) Kahoo, ba “timetsa” mehlape ea bona ka lipolelo tsa bona tsa bohata.
16. Ke eng se etsang hore Bakreste ba ’nete ba thabe?
16 Ka lehlakoreng le leng, ho phethahala ha mantsoe a latelang a moprofeta ke ho khathollang hakaakang! “Ha e le ea fanang ka seatla se bulehileng, o fane ka keletso bakeng sa lintho tse fanoeng ka seatla se bulehileng; ’me o tla emela lintho tse fanoeng ka seatla se bulehileng.” (Esaia 32:8) Jesu ka boeena o ile a khothalletsa ho fana ka seatla se bulehileng ha a ne a re: “Itloaetseng ho fana, ’me batho ba tla le fa. Ba tla tšela likotleng tsa liaparo tsa lōna tekanyo e ntle, e hlohliloeng, e hlokohliloeng le e tšolohang. Etsoe tekanyo eo le lekanyang ka eona, ba tla le lekanyetsa ka eona ka ho tšoanang.” (Luka 6:38) Moapostola Pauluse le eena o ile a bua ka litlhohonolofatso tse tlelang ba fanang ka seatla se bulehileng ha a ne a re: “Le hopole mantsoe a Morena Jesu, ha a re, ‘Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.’” (Liketso 20:35) Bakreste ba ’nete ha ba thabisoe ke ho fumana leruo la lintho tse bonahalang kapa ho ba le maemo a phahameng sechabeng, empa ba thabisoa ke ho fana ka seatla se bulehileng—ka tsela e tšoanang le kamoo Molimo oa bona, Jehova, a fanang ka seatla se bulehileng kateng. (Matheu 5:44, 45) Ba fumana thabo e khōlō ka ho fetisisa ka ho etsa thato ea Molimo, ka ho fana ka bona ka bobona ka seatla se bulehileng e le hore ba tsebise ba bang “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng.”—1 Timothea 1:11.
17. Ke bo-mang kajeno ba tšoanang le “barali ba sa tsotelleng” bao Esaia a buang ka bona?
17 Boprofeta ba Esaia bo tsoela pele: “Lōna basali ba lutseng ka boiketlo, emang, mamelang lentsoe la ka! Lōna barali ba sa tsotelleng, mamelang polelo ea ka! Pele ho fela selemo le matsatsi a seng makae lōna ba sa tsotelleng le tla ferekana, kahobane kotulo ea morara e tla be e felile empa kotulo ea litholoana e ke ke ea fihla. Thothomelang, lōna basali ba lutseng ka boiketlo! Ferekanang, lōna ba sa tsotelleng!” (Esaia 32:9-11a) Boikutlo ba basali bana bo ka ’na ba re hopotsa ba batho ba kajeno ba bolelang hore ba sebeletsa Molimo empa ba sa chesehele tšebeletso ea hae. Batho ba joalo ba fumanoa malumeling a “Babylona e Moholo, ’mè oa liotsoa.” (Tšenolo 17:5) Ka mohlala, litho tsa malumeli a Bokreste-’mōtoana li hlile li tšoana le “basali” bana bao Esaia a ba hlalosang. Li ‘lutse ka boiketlo,’ ha li natse kahlolo le pherekano e tla li tlela haufinyane.
18. Ke bo-mang ba laeloang hore ba “itlame matheka ka lesela la mokotla,” hona hobane’ng?
18 Joale, ho hlajoa mokhosi o eang ho bolumeli ba bohata: “Hlobolang ’me le be feela, ’me le itlame matheka ka lesela la mokotla. Ikotleng lifuba ka lebaka la ho llela masimo a lakatsehang, ka lebaka la ho llela sefate sa morara se behang litholoana. Naheng ea batho ba ka ho hlaha meutloa feela, lihlahla tse nang le metsu e hlabang, etsoe ba holim’a matlo ’ohle a thabo e khaphatsehang, e, motse o nyakaletseng haholo.” (Esaia 32:11b-13) Polelo “Hlobolang ’me le be feela” e bonahala e sa bolele ho hlobola ka ho feletseng. Tloaelo ea boholo-holo e ne e le ho apara seaparo sa ka ntle holim’a seaparo sa ka tlaase. Hangata seaparo sa ka ntle e ne e le sona sa boitsebahatso. (2 Marena 10:22, 23; Tšenolo 7:13, 14) Ka hona, boprofeta bo laela litho tsa malumeli a bohata hore li hlobole liaparo tsa tsona tsa ka ntle—boitsebahatso ba tsona ba boikhakanyo ba hore ke bahlanka ba Molimo—’me ho e-na le hoo li apare liaparo tsa lesela la mokotla tse tšoantšetsang ho siama ka lebaka la kahlolo ea tsona e seng e atametse. (Tšenolo 17:16) Ha ho litholoana leha e le life tsa bomolimo tse ka fumanoang mekhatlong ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana, bo ipolelang hore ke ‘motse oa Molimo o nyakaletseng haholo,’ kapa har’a litho tse ling kaofela tsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Mosebetsi oa tsona o hlahisa “meutloa feela, lihlahla tse nang le metsu e hlabang” tse bontšang ho hlokomolohuoa le ho lahloa kherehloa.
19. Esaia o pepesa boemo bofe ba “Jerusalema” ea bokoenehi?
19 Tlhaloso ena e lerootho e akarelletsa likarolo tsohle tsa “Jerusalema” ea bokoenehi: “Tora ea bolulo e furaletsoe, pherekano ea motse e tlohetsoe; Ofele le tora ea ho lebela li fetohile linaha tse se nang letho, li fetohile thabo e khaphatsehang ea liqoaha ho isa nakong e sa lekanyetsoang, lekhulo la mehlape.” (Esaia 32:14) E, esita le Ofele e akarelelitsoe. Ofele ke karolo e phahameng ea Jerusalema e fanang ka boemo bo matla ba tšireletso. Ho re Ofele e fetoha naha e se nang letho ho bolela hore motse o fetoha lesupi ka ho feletseng. Mantsoe a Esaia a bontša hore “Jerusalema” ea bokoenehi—Bokreste-’mōtoana—ha ea falimehela ho etsa thato ea Molimo. Ke letsoatlare la moea, e hōle haholo le ’nete le toka—e bontša bobatana ka ho feteletseng.
Phapang e Thabisang!
20. Ho tšolleloa ha moea oa Molimo ho batho ba hae ho ba le phello efe?
20 Ho latelang Esaia o fana ka tšepo e thabisang ho ba etsang thato ea Jehova. Ho etsoa lesupi leha e le hofe ha batho ba Molimo ho tla tšoarella feela “ho fihlela moea o tšolleloa ho rōna ho tsoa holimo, ’me lefeella le fetohile serapa sa lifate tsa litholoana, le serapa sa lifate tsa litholoana se nkoa e le moru oa sebele.” (Esaia 32:15) Ka thabo, ho tloha ka 1919, moea oa Jehova o ’nile oa tšolleloa ka bongata ho batho ba hae, ka tsela ea tšoantšetso oa tsosolosa serapa sa lifate tsa litholoana sa Lipaki tse tlotsitsoeng, e leng ho neng ho tla lateloa ke moru o ntseng o nama oa linku tse ling. Nala le keketseho ke tsona litšobotsi tse itlhommeng pele tsa mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng lefatšeng kajeno. Paradeiseng ea moea e tsosolositsoeng, “khanya ea Jehova, botle ba Molimo oa rōna,” e bonahatsoa ke batho ba hae ha ba ntse ba phatlalatsa ’Muso oa hae o tlang lefatšeng ka bophara.—Esaia 35:1, 2.
21. Ho loka, khutso le tšireletseho li fumanoa hokae kajeno?
21 Joale, mamela tšepiso ea Jehova e khanyang: “Ka sebele toka e tla lula lefeelleng, ’me ho loka ho lule serapeng sa lifate tsa litholoana. Mosebetsi oa ho loka ha ’nete e tla ba khotso; ’me tšebeletso ea ho loka ha ’nete, e be khutso le tšireletseho ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 32:16, 17) See se hlalosa boemo ba moea ba batho ba Jehova kajeno hantle hakaakang! Ho fapana le batho ba bangata, ba arohantsoeng ke lehloeo, pefo le bofutsana bo boholo ka ho fetisisa ba moea, Bakreste ba ’nete ba bonngoeng lefatšeng ka bophara, le hoja ba “tsoa lichabeng tsohle le melokong eohle le bathong bohle le malemeng ’ohle.” Ba phela tumellanong le ho loka ha Molimo ba bile ba sebetsa esita le ho phetha tšebeletso ea bona tumellanong le hona, ba etsa seo ba kholisehile hore qetellong ba tla thabela khotso le tšireletseho tsa sebele ka nako e sa lekanyetsoang.—Tšenolo 7:9, 17.
22. Boemo ba batho ba Molimo bo fapane joang le ba batho ba bolumeling ba bohata?
22 Paradeiseng ea moea, Esaia 32:18 e se e ntse e phethahala. E re: “Sechaba sa ka se tla lula sebakeng sa bolulo sa khotso le bolulong bo tletseng kholiseho e feletseng le libakeng tsa bolulo tseo ho seng khathatso ho tsona.” Empa bakeng sa Bakreste ba bohata, “ka sebele sefako se tla na ha moru o fela ’me motse o kokobela boemong bo kokobelitsoeng.” (Esaia 32:19) E, ho tšoana le sefefo se matla se fokang ka sefako, kahlolo ea Jehova e se e loketse ho otla motse oa bolumeli ba bohata o tletseng bolotsana, ho senya “moru” oa oona oa batšehetsi, ho ba felisetsa ruri!
23. Ke mosebetsi ofe oa lefatšeng ka bophara o haufi le ho phethoa, hona ba kopanelang ho oona ba lokela ho nkoa joang?
23 Karolo ena ea boprofeta e phethela tjena: “Ho thaba lōna ba jalang peō haufi le metsi ’ohle, ba romelang maoto a pholo le a esele.” (Esaia 32:20) Pholo le esele e ne e le lipelesa tse neng li sebelisoa ke batho ba Molimo ba boholo-holo ha ba lema masimo le ha ba jala peō. Kajeno, batho ba Jehova ba sebelisa thepa ea khatiso, lisebelisoa tsa elektronike, mehaho le lipalangoang tsa kajeno, ’me ka holim’a tsohle, mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o momahaneng ho hatisa le ho aba likhatiso tsa Bibele tse libilione. Basebetsi ba baithaopi ba sebelisa likofuto tsena ho jala peō ea ’nete ea ’Muso lefatšeng lohle, ha e le hantle “haufi le metsi ’ohle.” Banna le basali ba limilione ba tšabang Molimo ba se ba ntse ba kotutsoe, ’me ba bang ba bangata le bona ba ikopanya le bona. (Tšenolo 14:15, 16) Ka sebele, kaofela ha bona ba lokela ho nkoa e le ba ‘thabileng’!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mohlomong “morena” eo ho buuoang ka eena ho Esaia 32:1 qalong o ne a bolela Morena Ezekiase. Leha ho le joalo, phethahatso ea sehlooho ea Esaia khaolo ea 32 e amana le Morena, Kreste Jesu.
b Bona Molula-Qhooa, March 1, 1999, leqepheng la 13-18, o hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.
[Litšoantšo tse leqepheng la 331]
Meqolong ea Leoatle le Shoeleng, Esaia khaolo ea 32 e tšoailoe ka “X”
[Litšoantšo tse leqepheng la 333]
‘Khosana’ e ’ngoe le e ’ngoe e joaloka sebaka sa ho ipatela moea, sebaka sa ho itšireletsa pula, metsi lehoatateng le moriti letsatsing
[Setšoantšo se leqepheng la 338]
Mokreste o fumana thabo e khōlō ka ho abela ba bang litaba tse molemo