Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Morena le Likhosana Tsa Hae
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • 5-7. “Likhosana” tse boletsoeng esale pele li phetha karolo efe mohlapeng oa Molimo?

      5 Leha ho le joalo, hafeela lefatše lena le tletseng lehloeo le ntse le le teng, litho tsa bongata bo boholo li tla ’ne li hloke tšireletso. Ka kakaretso e fanoa ke “likhosana” tse ‘busang bakeng sa toka.’ Ke tokisetso e babatsehang hakaakang! “Likhosana” tsena li hlalosoa ka ho tsoelang pele mantsoeng a hlollang a boprofeta ba Esaia: “E mong le e mong e tla ba sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.”—Esaia 32:2.

      6 Hona joale nakong ena ea tsieleho lefatšeng ka bophara, ho hlokahala “likhosana,” e, baholo ba tla ‘ela hloko mohlape oohle,’ ba hlokomele linku tsa Jehova ’me ba sebelise toka tumellanong le melao-motheo ea Jehova e lokileng. (Liketso 20:28) “Likhosana” tse joalo li tlameha ho finyella litšoaneleho tse boletsoeng ho 1 Timothea 3:2-7 le Tite 1:6-9.

      7 Boprofeteng ba hae bo boholo bo hlalosang “qetello [e bakang mahlomola] ea tsamaiso ea lintho,” Jesu o ile a re: “Le bone hore le se ke la tšoha.” (Matheu 24:3-8) Ke hobane’ng ha balateli ba Jesu ba sa tšosoe ke maemo a kajeno a lefatše a kotsi? Lebaka le leng ke hobane “likhosana”—ebang ke batlotsuoa kapa “linku tse ling”—li sireletsa mohlape ka botšepehi. (Johanne 10:16) Li hlokomela bara le barali babo tsona ka sebete, ho sa tsotellehe maemo a tšosang a kang a lintoa tsa merabe le a ho timetsoa ha merabe e itseng ka ho feletseng. Lefatšeng lena le sohlokehileng moeeng, li netefatsa hore meea e tepeletseng e khatholloa ke linnete tse matlafatsang tsa Lentsoe la Molimo, Bibele.

       8. Jehova o koetlisa le ho sebelisa “likhosana” tseo e leng karolo ea linku tse ling joang?

      8 Lilemong tse 50 tse fetileng, “likhosana” li ile tsa hlahella ka ho hlaka. “Likhosana” tseo e leng karolo ea linku tse ling li ntse li koetlisoa e le sehlopha se tsoelang pele sa “morenana” e le hore ka mor’a matšoenyeho a maholo, tse tšoanelehang har’a tsona li tle li lokele ho khetheloa ho sebeletsa boemong ba tsamaiso ‘lefatšeng le lecha.’ (Ezekiele 44:2, 3; 2 Petrose 3:13) Ka ho fana ka tataiso ea moea le khatholoho ha li etella pele tšebeletsong ea ’Muso, li ipaka li le “joaloka moriti oa lefika,” e leng ho tlisetsang mohlape o rapelang ’moho le tsona khatholoho.b

       9. Ke maemo afe a bontšang hore ho hlokahala “likhosana” kajeno?

      9 Matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko a lefatše la Satane le khopo, Bakreste ba inehetseng ba hlile ba hloka tšireletso e joalo. (2 Timothea 3:1-5, 13) Ho foka lifefo tse matla tsa lithuto tsa bohata le mashano a sothiloeng. Lifefo tse fokang li tla ka sebōpeho sa lintoa tsa lichaba le tsa mahae haesita le litlhaselo tse tobileng khahlanong le barapeli ba Jehova Molimo ba tšepahalang. Lefatšeng le aparetsoeng ke komello ea moea, Bakreste ba hlile ba hloka melapo ea metsi a ’nete e hloekileng, e sa tsoakoang e le hore ba time lenyora la bona la moea. Ka thabo, Jehova o tšepisitse hore Morena oa hae ea busang, a sebelisa barab’abo ba tlotsitsoeng le “likhosana” tse fanang ka tšehetso tseo e leng karolo ea linku tse ling, o tla fana ka khothatso le tataiso ho ba tepeletseng le ba nyahameng nakong ena eo li hlokahalang ka eona. Kahoo Jehova o tla tiisa hore ho tla rena ho loka le toka.

  • Morena le Likhosana Tsa Hae
    Boprofeta ba Esaia—Leseli Molokong oa Batho I
    • [Litšoantšo tse leqepheng la 333]

      ‘Khosana’ e ’ngoe le e ’ngoe e joaloka sebaka sa ho ipatela moea, sebaka sa ho itšireletsa pula, metsi lehoatateng le moriti letsatsing

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela