Khaolo ea Mashome a Mabeli a Metso e Tšeletseng
“Ha ho Moahi ea Tla re:‘Kea Kula’”
1. Ke hobane’ng ha mantsoe a Esaia 33:24 e le a tšelisang?
“PŌPO eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” Ke kamoo moapostola Pauluse a boletseng kateng. (Baroma 8:22) Ho sa tsotellehe tsoelo-pele e finyelletsoeng saenseng ea phekolo ea meriana, ho kula le lefu li tsoela pele ho hlasela moloko oa batho. Kahoo, tšepiso eo e leng sehlohlolo sa karolo ee ea boprofeta ba Esaia ke e babatsehang hakaakang! Nahana ka nako eo ka eona ho seng ho se “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Tšepiso ee e tla phethahala neng hona joang?
2, 3. (a) Sechaba sa Iseraele se kula ka tsela efe? (b) Assyria e sebeletsa e le “molamu” oa Molimo oa taeo joang?
2 Esaia o ngola nakong eo ka eona batho ba Molimo ba selekane ba kulang moeeng. (Esaia 1:5, 6) Ba ikakhetse ka setotsoana bokoenehing le boitšoarong bo bobe hoo ba hlokang taeo e matla e tsoang ho Jehova Molimo. Assyria e sebeletsa e le “molamu” oa Jehova bakeng sa ho fana ka taeo eo. (Esaia 7:17; 10:5, 15) Taba ea pele, ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome o ka leboea o oela ho Baassyria ka selemo sa 740 B.C.E. (2 Marena 17:1-18; 18:9-11) Lilemo tse seng kae hamorao, Morena Sankeribe oa Assyria o tsoa letšolo ho futuhela ’muso oa Juda o ka boroa. (2 Marena 18:13; Esaia 36:1) Ha lebotho le matlahali la Assyria le haola le naha, ho bonahala thipitlo e feletseng ea Juda e le e ke keng ea qojoa.
3 Empa Assyria, e se e tšela meeli e behiloeng ea ho laea batho ba Molimo, joale e se e hahamalla takatso ea eona e meharo ea ho hapa lefatše. (Esaia 10:7-11) Na Jehova o tla e lumella hore e tsoele pele ho tšoara batho ba hae ka tsela e sehlōhō e sa fuoe kotlo? Na sechaba se tla folisoa ho kuleng ha sona ha moea? Ho Esaia khaolo ea 33, re bala kamoo Jehova a arabang lipotso tsena kateng.
Ho Tlatlapa Motlatlapi
4, 5. (a) Assyria e tla fetoheloa ke lintho joang? (b) Esaia o etsa thapelo efe lebitsong la batho ba Jehova?
4 Boprofeta bo qala tjena: “Ho malimabe uena ea tlatlapang, empa u sa tlatlapuoe, le uena ea sebetsang ka bolotsana, empa ho se ba u sebetsang ka bolotsana! Hang ha u qeta ho ba motlatlapi, u tla tlatlapuoa. Hang ha u qeta ho sebetsa ka bolotsana, ba tla u sebetsa ka bolotsana.” (Esaia 33:1) Esaia o bua le motlatlapi ka ho toba, e leng Assyria. Ha se le sehlohlolong sa matla a sona, sechaba seo se leqhoko se bonahala e le se ke keng sa hlōloa. Se ‘tlatlapile empa ho se ea se tlatlapileng,’ se ripitlile metse ea Juda, esita le ho hahara matlotlo a ntlo ea Jehova—’me se bonahala se etsa seo ka bolokolohi! (2 Marena 18:14-16; 2 Likronike 28:21) Leha ho le joalo, joale lintho li tla fetoha. Ka sebete Esaia oa phatlalatsa, “U tla tlatlapuoa.” Boprofeta boo ke bo tšelisang hakaakang ho ba tšepahalang!
5 Nakong eo e tšosang, ho tla hlokahala hore barapeli ba tšepahalang ba Jehova ba retelehele ho eena bakeng sa thuso. Kahoo, Esaia oa rapela: “Jehova, re bontše mohau. Re u tšepile. E-ba letsoho la rōna [la matla le tšehetso] hoseng ho hong le ho hong, e, poloko ea rōna nakong ea mahlomola. Batho ba balehile ha ho utloahala molumo oa morusu. Lichaba li qhalakantsoe ha u tsoha.” (Esaia 33:2, 3) Ka ho loketseng, Esaia o rapella hore Jehova a lopolle batho ba Hae joalokaha A entse ka makhetlo-khetlo nakong e fetileng. (Pesaleme ea 44:3; 68:1) ’Me nakoana ka mor’a hore Esaia a etse thapelo ena o bolela esale pele kamoo Jehova a tlang ho e arabela kateng!
6. Ho tla etsahala’ng ka Assyria, hona ke hobane’ng ha see se loketse?
6 “Thepa ea lōna [Baassyria] e hapuoeng e tla bokelloa joalokaha maphele a bokana, joaloka sehlopha sa litsie se futuhelang se seng.” (Esaia 33:4) Juda e tloaelane le tšenyo e bakoang ke tlhaselo ea likokoanyana. Leha ho le joalo, lekhetlong lena ke lira tsa Juda tse tlang ho timetsoa. Assyria e tla hlōloa ka tsela e tlotlollang, ’me masole a eona a tla tlameha ho baleha, a siele baahi ba Juda khapo e khōlō hore ba inkele eona! Ke ho loketseng hore ebe Assyria, e tsebahalang ka sehlōhō sa eona, e tla tlatlapuoa.—Esaia 37:36.
Assyria ea Kajeno
7. (a) Ke eng eo kajeno e ka bapisoang le sechaba sa Iseraele se kulang moeeng? (b) Ke eng e tla sebeletsa e le “molamu” oa Jehova bakeng sa ho timetsa Bokreste-’mōtoana?
7 Boprofeta ba Esaia bo sebetsa joang mehleng ea rōna? Sechaba sa Iseraele se kulang moeeng se ka bapisoa le Bokreste-’mōtoana bo sa tšepahaleng. Feela joalokaha Jehova a ile a sebelisa Assyria e le “molamu” ho otla Iseraele, kahoo o tla sebelisa “molamu” ho otla Bokreste-’mōtoana—hammoho le likarolo tse ling tsohle tsa ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, “Babylona e Moholo.” (Esaia 10:5; Tšenolo 18:2-8) “Molamu” oo e tla ba lichaba tseo e leng litho tsa Machaba a Kopaneng—e leng mokhatlo oo ho Tšenolo o tšoantšetsoang ke sebata se ’mala o sekareleta, se nang le lihlooho tse supileng le linaka tse leshome.—Tšenolo 17:3, 15-17.
8. (a) Ke mang ea ka bapisoang le Sankeribe kajeno? (b) Ke bo-mang bao Sankeribe oa kajeno a tlang ho iteta sefuba ho ba hlasela, hona e le ka phello efe?
8 Ha Assyria ea kajeno e futuhela bolumeli bohle ba bohata, e tla bonahala e le e ke keng ea thijoa. Ka boikutlo bo kang ba Sankeribe, Satane Diabolose o tla iteta sefuba ho hlasela—eseng feela mekhatlo ea bokoenehi e lokeloang ke kotlo empa le Bakreste ba ’nete. Ba limilione ba tsoileng lefatšeng la Satane, le akarelletsang Babylona e Moholo, ba ema ka lehlakoreng la ’Muso oa Jehova hammoho le masala a bara ba Jehova ba moea ba tlotsitsoeng. A halefisitsoe ke hore Bakreste ba ’nete ba hana ho mo tlotlisa, “molimo oa tsamaiso ena ea lintho,” e leng Satane, o tla tsoa letšolo ho ba hlasela. (2 Bakorinthe 4:4; Ezekiele 38:10-16) Le hoja ho se pelaelo hore tlhaselo ena e tla ba e tšosang, ho ke ke ha hlokahala hore batho ba Jehova ba thothomele ke tšabo. (Esaia 10:24, 25) Ba na le tiiso e tsoang ho Molimo ea hore e tla ba ‘poloko ea bona nakong ea mahlomola.’ O tla ba namolela, a timetse Satane le bongata ba hae. (Ezekiele 38:18-23) Feela joaloka mehleng ea boholo-holo, ba lekang ho tlatlapa batho ba Molimo ke bona ba tla tlatlapuoa! (Bapisa le Liproverbia 13:22b.) Lebitso la Jehova le tla halaletsoa, ’me baphonyohi ba tla putsoa ka lebaka la ho batla “bohlale le tsebo [le] ho tšaba Jehova.”—Esaia 33:5, 6.
Temoso ho ba se Nang Tumelo
9. (a) “Bahale” ba Juda le “manģosa a khotso” ba tla etsa eng? (b) Moassyria o tla itšoara joang mabapi le mehato ea ho bōpa khotso e nkoang ke Juda?
9 Leha ho le joalo, qetello ea ba se nang tumelo Juda e tla ba efe? Esaia o fana ka tlhaloso e tepeletsang ea timetso ea bona e tlisoang ke Assyria e ntseng e atamela. (Bala Esaia 33:7.) “Bahale” ba Juda ba sesole ba hoeletsa ka lebaka la ho tšaba Assyria e atamelang. “Manģosa a khotso,” e leng baemeli ba rometsoeng ho ea tšoara lipuisano tsa khotso le Baassyria ba ratang ntoa, aa songoa le ho tlotlolloa. A tla lla habohloko ka lebaka la ho hlōleha ha ’ona. (Bapisa le Jeremia 8:15.) Moassyria ea sehlōhō ha a na ho a utloela bohloko. (Bala Esaia 33:8, 9.) Ka ho hloka qenehelo o tla hlokomoloha lilekane tseo a li entseng le baahi ba Juda. (2 Marena 18:14-16) Moassyria o tla ‘eisa metse’ ea Juda, a e talime e le nyeliso le tello, a sa natse bophelo ba batho. Boemo e tla ba bo sithabetsang hoo e tla ka naha ka boeona e siame. Lebanone, Sharone, Bashane le Karmele le tsona li tla siama ka lebaka la ho etsoa lesupi hoo.
10. (a) “Bahale” ba Bokreste-’mōtoana ba tla ipaka e le ba hlōlehang joang? (b) Ke mang ea tla sireletsa Bakreste ba ’nete letsatsing la mahlomola a Bokreste-’mōtoana?
10 Ha ho pelaelo hore ho tla hlaha maemo a tšoanang haufinyane ha lichaba li qala tlhaselo ea tsona khahlanong le bolumeli. Joaloka mehleng ea Ezekiase, ho loantša mabotho ana a senyang ka ntoa ea libetsa ho ke ke ha thusa letho. “Bahale” ba Bokreste-’mōtoana—bo-ralipolotiki ba bona, baeletsi ba bona ba lichelete le batho ba bang ba nang le tšusumetso—ba tla sitoa ho bo thusa. ‘Lilekane’ kapa litumellano tsa bopolotiki le tsa lichelete, tse reretsoeng ho sireletsa lithahasello tsa Bokreste-’mōtoana li tla rojoa. (Esaia 28:15-18) Lehlaphahlapha la ho leka ho thibela tšenyo ka ho tšoara lipuisano le tla hlōleha. Mesebetsi ea khoebo e tla emisa, ha thepa le matsete a Bokreste-’mōtoana a nkoa ka mahahapa kapa a senngoa. Ha ho letho leo motho leha e le ofe ea ntseng a e-na le maikutlo a botsoalle ka Bokreste-’mōtoana a tla se etsa haese ho emella thōko le ho siama ka lebaka la ho fela ha bona. (Tšenolo 18:9-19) Na Bokreste ba ’nete bo tla timetsoa hammoho le ba bohata? Che, hobane Jehova ka boeena o fana ka tiiso ena: “‘Joale ke tla ema,’ ho bolela Jehova, ‘joale ke tla iphahamisa; joale ke tla phahama.’” (Esaia 33:10) Qetellong, Jehova o tla namolela ba tšepahalang, joaloka Ezekiase, ’me o tla emisa tlhaselo ea Assyria.—Pesaleme ea 12:5.
11, 12. (a) Mantsoe a Esaia 33:11-14 a phethahala neng hona joang? (b) Mantsoe a Jehova a fana ka temoso efe kajeno?
11 Ba sa tšepahaleng ba ke ke ba tšepa hore ba tla fumana tšireletso e joalo. Jehova o re: “Le emotse joang bo omileng; le tla tsoala litlhaka. Moea oa lōna, joaloka mollo, o tla le qeta. Lichaba li tla tšoana le kalaka e chesitsoeng. Joaloka meutloa e remiloeng, li tla chesoa ka mollo. Lōna batho ba hōle haholo, utloang seo ke tla se etsa! Lōna ba haufi, le tsebe matla a ka. Sione baetsalibe ba tšohile; ho thothomela ho tšoere bakoenehi: ‘Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe mollong o timetsang? Ke mang ho rōna ea ka lulang ka nako leha e le efe khanareng e tšoarellang halelele?’” (Esaia 33:11-14) Ho hlakile hore mantsoe ana a sebetsa nakong eo ka eona Juda e tjamelaneng le sera se secha, Babylona. Ka mor’a lefu la Ezekiase, Juda e khutlela litseleng tsa eona tse khopo. Lilemong tse mashome a seng makae tse latelang, boemo ba Juda bo mpefala ho isa bohōleng ba hore sechaba sohle se lokeloe ke mollo oa bohale ba Molimo.—Deuteronoma 32:22.
12 Merero le maano a khopo a etsoang ke batho ba sa mameleng e le hore ba qobe kahlolo ea Molimo a ipaka e le a se nang thuso joaloka litlhaka. Ha e le hantle, moea oa boikhohomoso le oa borabele oo sechaba se nang le oona ke oona o tla hle o qholotse liketsahalo tse tla lebisa timetsong ea sona. (Jeremia 52:3-11) Ba khopo ba tla “tšoana le kalaka e chesitsoeng”—e leng ho bolelang timetso e feletseng! Ha ba ntse ba nahana ka timetso ena e atamelang, baahi ba Juda ba marabele ba tleloa ke tšabo e nyarosang. Mantsoe a Jehova ho Juda e sa tšepahaleng a bontša boemo ba litho tsa Bokreste-’mōtoana kajeno. Haeba li sa ele hloko temoso ea Molimo, li letetsoe ke bokamoso bo lerootho.
‘Ho Tsamaea ka ho Loka ho Tsoelang Pele’
13. “Ea tsamaeang ka ho loka ho tsoelang pele” o tšepisoa eng, hona see se ile sa phethahala joang ho Jeremia?
13 Ho bontša phapang, Jehova o tsoela pele ho re: “Ho na le ea tsamaeang ka ho loka ho tsoelang pele le ea buang se lokileng, ea hanang phaello ea ho hloka toka e tsoang ho ba bolotsana, ea hlohlorang matsoho hore a se ke a nka tjotjo, ea ithibang litsebe hore li se ke tsa mamela tšollo ea mali, le ea ikoalang mahlo hore a se ke a bona se sebe. Ke eena ea tla lula phahameng; sebaka sa hae se phahameng sa tšireletso e tla ba libaka tse mafika tseo ho leng thata ho li atamela. Ka sebele o tla fuoa bohobe ba hae; phepelo ea hae ea metsi e ke ke ea fela.” (Esaia 33:15, 16) Joalokaha moapostola Petrose a hlalosa hamorao, “Jehova o tseba ho lopolla batho ba boinehelo ba bomolimo tekong, empa ho bolokela batho ba sa lokang letsatsi la kahlolo hore ba khaoloe.” (2 Petrose 2:9) Jeremia o ile a lopolloa joalo. Nakong ea ha Babylona e thibeletse motse, batho ba ile ba tlameha “ho ja bohobe bo bekhiloeng le ka ho tšoenngoa ke lipelaelo.” (Ezekiele 4:16) Basali ba bang ba ile ba ba ba ja nama ea bana ba bona. (Lillo Tsa Jeremia 2:20) Leha ho le joalo, Jehova o ile a tiisa hore Jeremia o lula a bolokehile.
14. Bakreste kajeno ba ka lula ba ‘tsamaea ka ho loka ho tsoelang pele’ joang?
14 Bakreste kajeno le bona ba lokela ‘ho tsamaea ka ho loka ho tsoelang pele,’ kamehla ba latele litekanyetso tsa Jehova. (Pesaleme ea 15:1-5) Ba lokela ‘ho bua se lokileng’ ’me ba lahle leshano le ho se tšepahale. (Liproverbia 3:32) Ho qhekella le ho amohela tjotjo e ka ’na eaba ho tloaelehile linaheng tse ngata, empa hoa nyonyeha ho ba “tsamaeang ka ho loka ho tsoelang pele.” Bakreste ba boetse ba lokela ho lula ba e-na le “matsoalo a tšepahalang” litšebelisanong tsa khoebo, ba le hlokolosi ho qoba litsela tse belaetsang kapa tse bolotsana. (Baheberu 13:18; 1 Timothea 6:9, 10) ’Me ea ‘ithibileng litsebe hore li se ke tsa mamela tšollo ea mali le ea ikoetseng mahlo hore a se ke a bona se sebe’ o tla ba hlokolosi khethong ea hae ea ’mino le boithabiso. (Pesaleme ea 119:37) Ka letsatsi la hae la kahlolo, Jehova o tla sireletsa le ho matlafatsa barapeli ba hae, ba phelang ka litekanyetso tse joalo.—Sofonia 2:3.
Ho Bona Morena oa Bona
15. Ke tšepiso efe e tla matlafatsa batlamuoa ba Bajuda ba tšepahalang?
15 Ho latelang, Esaia o fana ka tlhaloso ena e khanyang ka bokamoso: “Mahlo a hao a tla bona morena botleng ba hae; a tla bona naha e hōle. Pelo ea hao e tla bua ka lentsoe le tlaase ka ntho e tšosang: ‘Mongoli o hokae? Ea lefang o hokae? Ea balang litora o hokae?’ U ke ke ua bona batho ba nyelisang, batho ba puo e tebileng hoo u ke keng ua e mamela, ba leleme le kokotletsang hoo u sa utloisiseng.” (Esaia 33:17-19) Tšepiso ea Morena oa Bomesia oa nakong e tlang le ’Muso oa hae e tla matlafatsa Bajuda ba tšepahalang nakong ea lilemo tse mashome-shome tsa botlamuoa Babylona, le hoja ba ka bonela ’Muso oo hōle feela. (Baheberu 11:13) Ha qetellong puso ea Mesia e e-ba ea sebele, khatello ea Babylona e tla ba ntho e hopoleloang leroothong. Baphonyohi ba tlhaselo ea Moassyria ba tla botsa ka thabo: “Ba kae bahlanka ba mohatelli, ba neng ba re khafisa, ba re lefisa, ba re lefisa sethabathaba?”—Esaia 33:18, Moffatt.
16. Batho ba Molimo ba khonne ho “bona” Morena oa Bomesia ho tloha neng, hona e le ka phello efe?
16 Le hoja mantsoe a Esaia a fana ka tiiso ea ho khutlisoa botlamuoeng Babylona, Bajuda ka bomong ba botlamuoeng ba tla lokela ho emela tsoho ea bafu e le hore ba thabele phethahatso e feletseng ea karolo ena ea boprofeta. Ho thoe’ng ka bahlanka ba Molimo kajeno? Ho tloha ka 1914, batho ba Jehova ba khonne ho “bona,” kapa ho lemoha, Morena oa Bomesia, Jesu Kreste, ka botle bohle ba hae ba moea. (Pesaleme ea 45:2; 118:22-26) Ka lebaka leo, ba lopolotsoe khatellong le taolong ea tsamaiso e khopo ea Satane. Tlas’a Sione, e leng setulo sa ’Muso oa Molimo, ba thabela tšireletso ea sebele ea moea.
17. (a) Ho etsoa tšepiso efe mabapi le Sione? (b) Litšepiso tsa Jehova mabapi le Sione li phethahala joang ’Musong oa Bomesia le ho batšehetsi ba oona ba lefatšeng?
17 Esaia o tsoela pele: “Bonang Sione, motse oa liketsahalo tsa rōna tsa mokete! Mahlo a hao a tla bona Jerusalema e le sebaka sa bolulo se se nang khathatso, tente eo ho seng ea tla e phutha. Ha ho mohla lithakhisa tsa eona tsa tente li tla motsuloa, ’me ha ho thapo le e ’ngoe ea eona e tla khaoloa likoto tse peli. Empa teng Ea Hlomphehang, Jehova, ho rōna e tla ba sebaka sa linōka, sa litselana tse pharaletseng tsa metsi. Ha ho sehlopha sa likepe tse tsamaisoang ka masokoana se tlang ho tsamaea teng, ’me ha ho sekepe se seholo se tla feta teng.” (Esaia 33:20, 21) Esaia o re tiisetsa hore ’Muso oa Molimo oa Bomesia o ke ke oa motsuloa kapa oa timetsoa. Ho feta moo, ho hlakile hore tšireletso e joalo e akarelletsa batšehetsi ba tšepahalang ba ’Muso ba teng lefatšeng kajeno. Le haeba ba bangata ba feta litekong tse matla, bafo ba ’Muso oa Molimo ba tiisetsoa hore ha ho boiteko ba ho ba timetsa e le phutheho bo ka atlehang. (Esaia 54:17) Jehova o tla sireletsa batho ba hae ka tsela eo foro kapa kotopo e sireletsang motse ka eona. Sera leha e le sefe se ba futuhelang—esita le se matla joaloka “sehlopha sa likepe tse tsamaisoang ka masokoana” kapa “sekepe se seholo”—se tla tobana le timetso!
18. Jehova o amohela boikarabelo bofe?
18 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha barati ba ’Muso oa Molimo ba ka ikutloa ba kholisehile hakaale ka tšireletso ea Molimo? Esaia oa hlalosa: “Jehova ke Moahloli oa rōna, Jehova ke Mofani oa rōna oa taelo e hlomamisitsoeng, Jehova ke Morena oa rōna; o tla re pholosa.” (Esaia 33:22) Jehova o amohela boikarabelo ba ho sireletsa le ho tataisa batho ba hae, ba hlokomelang boemo ba hae e le ’Musi ea Phahameng ka ho Fetisisa. Bana ba ithaopela ho ikokobeletsa puso ea hae ka Morena oa Bomesia, baa hlokomela hore hase feela hore Jehova o na le matla a ho etsa melao empa o boetse o na le matla a ho e phethahatsa. Leha ho le joalo, kaha Jehova o rata ho loka le toka, puso ea hae, ka Mor’a hae, hase moroalo ho barapeli ba hae. Ho e-na le hoo, ba ‘rua molemo’ ka ho ikokobeletsa matla a hae a ho laela. (Esaia 48:17) Le ka mohla a ke ke a lahla batho ba hae ba tšepahalang.—Pesaleme ea 37:28.
19. Esaia o hlalosa kamoo lira tsa batho ba Jehova ba tšepahalang li hlōlehang ho etsa letho joang?
19 Esaia o bolella lira tsa batho ba Jehova ba tšepahalang: “Liropo tsa hao li tla leketla; lipalo tsa tsona tse tšehetsang seile ea sekepe li ke ke tsa tšoarella ka tieo; ha baa ala seile. Ka nako eo esita le thepa e ngata e hapuoeng e tla aroloa; ba holofetseng ba tla tlatlapa thepa e ngata.” (Esaia 33:23) Sera leha e le sefe se atamelang se tla ipaka e le se hlōlehang ho etsa letho le se se nang thuso khahlanong le Jehova joaloka sekepe sa ntoa seo liropo tsa sona li tlamolohileng, seo palo ea sona e tšehetsang seile e khoehlang le se se nang seile. Ho timetsoa ha lira tsa Molimo ho tla fella ka tlatlapo e khōlō hoo esita le ba holofetseng ba tlang ho kopanela ho li tlatlapeng. Ka hona re ka kholiseha hore a sebelisa Morena Jesu Kreste, Jehova o tla hlōla lira tsa hae nakong ea ‘matšoenyeho a maholo’ a tlang.—Tšenolo 7:14.
Pholiso
20. Batho ba Molimo ba tla fumana pholiso ea mofuta ofe, hona neng?
20 Karolo ena ea boprofeta ba Esaia e qetella ka tšepiso e thabisang: “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’ Batho ba lulang naheng eo e tla ba ba tšoaretsoeng liphoso tsa bona.” (Esaia 33:24) Ho kula hoo Esaia a buang ka hona ka ho khetheha ke ho kula ha moea, kaha ho amahanngoa le sebe, kapa “liphoso.” Qalong ha mantsoe ana a buuoa, Jehova o tšepisa hore ka mor’a hore sechaba se lokolloe botlamuoeng Babylona, se tla folisoa moeeng. (Esaia 35:5, 6; Jeremia 33:6; bapisa le Pesaleme ea 103:1-5.) Ha ba se ba tšoaretsoe libe tsa bona tsa nakong e fetileng, Bajuda ba khutlang ba tla tsosolosa borapeli bo hloekileng Jerusalema.
21. Barapeli ba Jehova kajeno ba fumana pholiso ea moea joang?
21 Leha ho le joalo, boprofeta ba Esaia bo na le phethahatso e ’ngoe ea kajeno. Batho ba Jehova kajeno le bona ba thabetse pholiso ea moea. Ba lokolotsoe lithutong tsa bohata tse kang ea ho se shoe ha moea, Boraro-bo-bong le mollo oa lihele. Ba fumana tataiso boitšoarong, e ba lokollang mekhoeng ea boitšoaro bo litšila le e ba thusang ho etsa liqeto tse nepahetseng. ’Me ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Jesu Kreste, ba boemong bo hloekileng ka pel’a Molimo ’me ba thabela ho ba le letsoalo le hloekileng. (Bakolose 1:13, 14; 1 Petrose 2:24; 1 Johanne 4:10) Pholiso ena ea moea e na le melemo nameng. Ka mohlala, ho qoba boitšoaro bo bobe ba likamano tsa botona le botšehali le ho qoba ho sebelisa lihlahisoa tsa koae ho sireletsa Bakreste mafung a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali le mefuteng e meng e itseng ea kankere.—1 Bakorinthe 6:18; 2 Bakorinthe 7:1.
22, 23. (a) Esaia 33:24 e tla phethahala ka tsela e hlollang joang nakong e tlang? (b) Barapeli ba ’nete kajeno ba ikemiselitse ho etsa joang?
22 Ho feta moo, ho tla ba le phethahatso e khōloanyane ea mantsoe a Esaia 33:24 ka mor’a Armagedone, lefatšeng le lecha la Molimo. Tlas’a puso ea ’Muso oa Bomesia, batho ba tla fumana pholiso e khōlō ’meleng hammoho le moeeng. (Tšenolo 21:3, 4) Nakoana ka mor’a ho timetsoa ha tsamaiso ea lintho ea Satane, ntle ho pelaelo mehlolo e kang eo Jesu a ileng a e etsa ha a le lefatšeng e tla etsahala lefatšeng ka bophara. Lifofu li tla bona, ba sa utloeng litsebeng ba tla utloa, lihlotsa li tla tsamaea! (Esaia 35:5, 6) Sena se tla fa bohle ba phonyohileng matšoenyeho a maholo monyetla oa ho kopanela mosebetsing o hlollang oa ho etsa lefatše paradeise.
23 Hamorao, ha tsoho ea bafu e qala, ha ho pelaelo hore ba tsosetsoang bophelong ba tla tsosoa ba phela hantle ’meleng. Empa ha bohlokoa ba sehlabelo sa thekollo bo ntse bo sebelisoa ka ho tsoelang pele, ho tla ba le melemo e eketsehileng nameng, ho fihlela ha moloko oa batho o se o phahamiselitsoe phethehong. Ka nako eo, ba lokileng ba tla “phela” ka kutloisiso e feletseng. (Tšenolo 20:5, 6) Ka nako eo, ka tsela ea moea esita le ka tsela ea nama, “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Ke tšepiso e hlollang hakaakang! E se eka barapeli bohle ba ’nete kajeno ba ka ikemisetsa ho ba har’a ba tla bona ha e phethahala!
[Setšoantšo se leqepheng la 344]
Esaia o rapela Jehova ka kholiseho
[Litšoantšo tse leqepheng la 353]
Ka lebaka la sehlabelo sa thekollo, batho ba Jehova ba boemong bo hloekileng ka pel’a hae
[Setšoantšo se leqepheng la 354]
Lefatšeng le lecha, ho tla ba le pholiso e khōlō ’meleng