Ke Hokae Moo U ka Fumanang Tšepo ea Sebele?
OACHE ea hao e eme ’me ho bonahala eka e robehile. Ha u batla ho e lokisa, u talimana le likhetho tse ngata. Ho na le lipapatso tse ngata tsa ba lokisang lioache, ’me kaofela ha tsona li bua lintho tse kholisang, tse ling ha li kholise. Empa ho thoe’ng haeba u fumana hore moahelani oa hao ke eena motho ea bohlale ea qapileng oache eo lilemong tse fetileng? Ho feta moo, u utloa hore a ka thabela ho u thusa ho e lokisa ntle ho tefo. Joale ho ne ho tla ba bonolo ho etsa khetho, na ha ho joalo?
Joale, bapisa oache eo le matla ao u nang le ’ona a ho ba le tšepo. Haeba u fumana hore u lahleheloa ke tšepo—joalokaha e lahlehela ba bangata linakong tsena tse thata—u tla leba kae bakeng sa thuso? Batho ba bangata ba ipolela e le ba ka lokisang mathata, empa litlhahiso tse ngata tseo ba fanang ka tsona e ka ba tse ferekanyang le tse ikhanyetsang. Joale ke hobane’ng ha u sa lebe ho moetsi oa batho, ea ba entseng ba e-na le matla a ho ba le tšepo tšimolohong? Bibele e re ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna” ebile o ikemiselitse ho re thusa.—Liketso 17:27; 1 Petrose 5:7.
Tlhaloso e Tebileng Haholoanyane ea Tšepo
Tlhaloso ea Bibele ea tšepo e pharaletse ebile e tebile ho feta e tloaelehileng ea lingaka, litsebi tsa saense le litsebi tsa kelello. Mantsoe a pele a sebelisitsoeng ka Bibeleng, a fetoletsoeng e le “tšepo” a bolela ho leta ka taba-tabelo le ho lebella se molemo. Ha e le hantle, tšepo e likarolo li peli. E amana le takatso ea ntho e itseng e molemo hammoho le motheo oa ho lumela hore ntho e itseng e molemo e tla tla. Tšepo e fanoeng ka Bibeleng hase feela tjee monahano o lakatsehang. E na le motheo o tiileng oa taba e bileng e nang le bopaki.
Tabeng ena, tšepo e tšoana le tumelo, e lokelang ho thehoa nthong e nang le bopaki—eseng tumelo e se nang mabaka. (Baheberu 11:1) Leha ho le joalo, Bibele e fana ka phapang pakeng tsa tumelo le tšepo.—1 Bakorinthe 13:13.
Ho etsa mohlala: Haeba u kōpa motsoalle oa hao eo u mo tšepang hore a u thuse ka ntho e itseng, u ka tšepa hore u tla u thusa. Tšepo ea hao e na le mabaka kaha u lumela ho motsoalle oa hao—u mo tseba hantle, ’me u ’nile ua mo bona a etsa lintho tse mosa le ho fana ka seatla se bulehileng nakong e fetileng. Tumelo ea hao le tšepo ea hao lia tsamaisana, ebile e ’ngoe e itšetlehile ka e ’ngoe, empa li fapane. U ka ba le tšepo e joalo ho Molimo joang?
Motheo oa Tšepo
Molimo ke mohloli oa tšepo ea sebele. Mehleng ea Bibele, Jehova o ne a bitsoa “tšepo ea Iseraele.” (Jeremia 14:8) Tšepo leha e le efe ea sebele eo batho ba hae ba neng ba e-na le eona e ne e tsoa ho eena; ka hona, e ne e le tšepo ea bona. Tšepo e joalo e ne e sa tsoe takatsong feela tjee. Molimo o ne a ba file motheo o tsitsitseng oa hore ba be le tšepo. Ha a sebelisana le bona ka lilemo tse makholo, o ile a iketsetsa tlaleho e ntle ea ho etsa litšepiso le ho li phethahatsa. Moeta-pele oa bona Joshua o ile a re ho Iseraele: “Le tseba hantle . . . hore ha ho lentsoe leha le le leng mantsoeng ’ohle a molemo ao Jehova Molimo oa lōna a le boleletseng ’ona le hlōlehileng ho phethahala.”—Joshua 23:14.
Lilemo tse likete hamorao, tlaleho eo e ntse e le ’nete. Bibele e tletse ka litšepiso tse babatsehang tsa Molimo hammoho le tlaleho e nepahetseng ea histori ea hore li ile tsa phethahala. Litšepiso tsa hae li tšepahala hoo ka linako tse ling li tlalehoang joalokaha eka ha li etsoa li ne li se li ntse li etsahetse.
Ke lona lebaka leo ka lona re ka buang ka Bibele e le buka e fanang ka tšepo. Ha u ithuta ka tlaleho ea litšebelisano tsa Molimo le batho, mabaka a etsang hore u behe tšepo ea hao ho eena a tla ’ne a hōle. Moapostola Pauluse o ngotse: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”—Baroma 15:4.
Ke Tšepo Efe eo Molimo a re Fang Eona?
Re ikutloa re hloka tšepo haholo neng? Na hase ha re shebane le lefu? Leha ho le joalo, ho ba bangata ke maemong a joalo—ka mohlala, ha moratuoa oa rōna a e-shoa—moo ho bang thata haholo hore ba be le tšepo. Etsoe ke eng e ka hlokisang motho tšepo ho feta lefu? Le pheheletse e mong le e mong oa rōna. Re ka le qoba feela ka nako e itseng, ’me ha re na matla a ho le felisa. Ka nepo Bibele e bitsa lefu “sera sa ho qetela.”—1 Bakorinthe 15:26.
Joale re ka ba le tšepo joang ha re talimane le lefu? Temana ea Bibele e bitsang lefu sera sa ho qetela e boetse e re sera sena se tla “etsoa lefeela.” Jehova Molimo o matla ho feta lefu. O pakile seo ka makhetlo a mangata. Joang? Ka ho tsosa bafu. Bibele e bua ka maemo a fapaneng a robong ao ho ’ona Molimo a ileng a sebelisa matla a hae ho tsosa batho ba shoeleng.
Mohlaleng o ikhethang, Jehova o ile a fa Mora oa hae, Jesu, matla a ho tsosa motsoalle oa hae eo a neng a mo rata, ea neng a bitsoa Lazaro, ea neng a shoele ka matsatsi a mane. Jesu ha aa ka a etsa sena ka sekhukhu, empa o ile a se etsa phatlalatsa, ka pel’a batho ba bangata ba shebelletseng.—Johanne 11:38-48, 53; 12:9, 10.
U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha batho ba ile ba tsosoa bafung? Ho thusitse ka eng kaha ba ile ba tsofala ’me qetellong ba shoa?’ Ke ’nete hore ho bile joalo. Empa ka lebaka la litlaleho tse ka tšeptjoang joaloka tsena tsa tsoho ea bafu, re ka ba le maikutlo a fetang feela ho lakatsa hore baratuoa ba rōna ba shoeleng ba boele ba phele; re na le lebaka la ho lumela hore ba tla tsoha. Ka mantsoe a mang, re na le tšepo ea sebele.
Jesu o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo.” (Johanne 11:25) Ke Eena eo Jehova a tla mo fa matla a ho tsosa bafu lefatšeng lohle. Jesu o itse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Kreste] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) E, bohle ba robetseng lebitleng ba na le tšepo ea ho tsosetsoa bophelong lefatšeng la paradeise.
Moprofeta Esaia o ile a fana ka pono ena e amang maikutlo ka tsoho: “Bafu ba hao ba tla boela ba phele, litopo tsa bona li tsohe. Ba robetseng mobung ba tla tsoha ’me ba hoeletse ka thabo; kaha phoka ea hae ke phoka e khantšang leseli, ’me lefatše le tla tsosa bao e leng khale ba shoele.”—Esaia 26:19, The New English Bible.
Na seo hase tšelise? Bafu ba boemong bo sireletsehileng ka ho fetisisa bo ka nahanoang, joaloka lesea le sirelelitsoeng ka pōpelong ea ’m’a lona. Ka sebele, ba phomotseng lebitleng ba bolokiloe hantle mohopolong o se nang moeli oa Molimo ea Matla ’Ohle. (Luka 20:37, 38) ’Me haufinyane ba tla khutlisetsoa bophelong, ba fihlele lefatšeng le thabileng, le ba amohelang ka tsela e tšoanang le eo lesea le sa tsoa hlaha le amoheloang ka eona ke lelapa le le ratang, leo e leng khale le le emetse! Kahoo, ho na le tšepo esita leha motho a tobane le lefu.
Seo Tšepo e ka U Etsetsang Sona
Pauluse o re ruta ho hongata ka bohlokoa ba tšepo. O bua ka tšepo e le karolo ea bohlokoa ea seaparo sa lihlomo tsa moea—e leng helmete. (1 Bathesalonika 5:8) O ne a bolela’ng ka seo? Mehleng ea Bibele, lesole le ne le roala helmete ea tšepe ntoeng, hangata le e roala ka holim’a katiba e lohiloeng kapa kuoane. Ka lebaka la helmete eo, metsu e otlang hloohong e ne e tla kuba feela ho e-na le hore e bolaee lesole. Ntlha ea Pauluse e ne e le efe? Joalokaha helmete e sireletsa hlooho, tšepo le eona e sireletsa kelello, matla a ho nahana. Haeba u e-na le tšepo e tiileng tumellanong le morero oa Molimo, khotso ea hao ea kelello e ke ke ea senngoa ke tšabo kapa ke ho sithabela ha u tobane le mathata. Ke mang ho rōna ea sa batleng helmete e joalo?
Pauluse o ile a sebelisa papiso e ’ngoe e hlakileng bakeng sa tšepo e tsamaisanang le thato ea Molimo. O ngotse: “Re na le tšepo ena e le ankora bakeng sa moea, e le ea ’nete ’me e le e tiileng.” (Baheberu 6:19) Kaha Pauluse o ne a ile a pholoha ho robeheloa ke sekepe ka makhetlo a ’maloa, o ne a tseba hantle bohlokoa ba ankora. Ha se tsukutloa ke sefefo se matla, basesisi ba ne ba theola ankora ea sekepe. Haeba e ne e ka fihla fatše ’me ea tšoara ka thata, sekepe se ne se e-na le monyetla oa ho pholoha sefefo seo ho e-na le ho hoholelloa lebōpong ho ea soahlamana mafikeng.
Ka ho tšoanang, haeba ho rōna litšepiso tsa Molimo ke tšepo “ea ’nete le e tiileng,” tšepo eo e ka re thusa ho mamella matšoenyeho a mehla ena e thata. Jehova o tšepisa hore haufinyane ho tla tla nako eo ka eona moloko oa batho o sa tl’o hlola o khathatsoa ke lintoa, bokebekoa, ho sareloa esita le lefu. (Bona lebokose leqepheng la 18.) Ho tšoarella tšepong eo ho ka re thusa ho qoba tlokotsi, ha re fa matla ao re a hlokang hore re phele ka litekanyetso tsa Molimo ho e-na le ho inehela moeeng o tloaelehileng lefatšeng la kajeno o ferekaneng, o tletseng ka boitšoaro bo bobe.
Tšepo eo Jehova a fanang ka eona e boetse e u ama ka ho toba. O batla hore u thabele bophelo ka tsela eo a neng a rerile hore u phele ka eona. Thato ea hae ke hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe.” Joang? Ntho ea pele, motho e mong le e mong o lokela ho ‘fihla tsebong e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Bahatisi ba koranta ena ba u khothalletsa hore u fumane tsebo eo e fanang ka bophelo e mabapi le ’nete ea Lentsoe la Molimo. Tšepo ea hore Molimo o tla u fa seo e feta hōle tšepo leha e le efe eo u ka bang le eona lefatšeng lena.
Ka tšepo e joalo, ha ho hlokahale hore le ka mohla u felloe ke tšepo, kaha Molimo a ka u fa matla ao u a hlokang hore u finyelle lipakane leha e le life tseo u nang le tsona tse tumellanong le thato ea hae. (2 Bakorinthe 4:7; Bafilipi 4:13) Na oo hase oona mofuta oa tšepo eo u e hlokang? Ka hona, haeba u hloka tšepo, haeba u ’nile ua e batla, tiea matla. Tšepo e ka finyelloa. U ka e fumana!
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mabaka a ho ba le Tšepo
Likhopolo tsena tsa Mangolo li ka u thusa hore u hahe maikutlo a ho ba le tšepo:
◼ Molimo o tšepisa bokamoso bo thabileng.
Lentsoe la hae le re lefatše e tla ba paradeise ea lefatše lohle, leo ho lona ho hahileng lelapa la batho ba thabileng le ba bonngoeng.—Pesaleme ea 37:11, 29; Esaia 25:8; Tšenolo 21:3, 4.
◼ Molimo a ke ke a bua leshano.
O hloile mefuta eohle ea leshano. Jehova oa halalela kapa o hloekile ka hohle-hohle, ka hona ho ke ke ha etsahala hore a bue leshano.—Liproverbia 6:16-19; Esaia 6:2, 3; Tite 1:2; Baheberu 6:18.
◼ Molimo o na le matla a sa lekanyetsoang.
Jehova ke eena feela ea matla ’ohle. Ha ho letho bokahohleng le ka mo sitisang ho phethahatsa merero ea hae.—Exoda 15:11; Esaia 40:25, 26.
◼ Molimo o batla hore u phele ka ho sa feleng.
—Johanne 3:16; 1 Timothea 2:3, 4.
◼ Molimo o oa re tšepa.
O khetha ho lebisa tlhokomelo litšobotsing tse ntle le boitekong ba rōna, eseng liphosong le mefokolong ea rōna. (Pesaleme ea 103:12-14; 130:3; Baheberu 6:10) O tšepa hore re tla etsa se nepahetseng ’me oa thaba ha re se etsa.—Liproverbia 27:11.
◼ Molimo o tšepisa hore o tla u thusa ho finyella lipakane tsa bomolimo.
Le ka mohla ha ho hlokahale hore bahlanka ba hae ba ikutloe ba se na thuso. Molimo o fana ka moea oa hae o halalelang ka seatla se bulehileng hore o re thuse, matla a susumetsang ho feta eng kapa eng e teng.—Bafilipi 4:13.
◼ Ho tšepa Molimo ho ke ke ha nkeloa sebaka ka ho hong.
Ha u itšetlehile ka eena ’me u mo tšepa ka ho feletseng, le ka mohla a ke ke a u soetsa.—Pesaleme ea 25:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Joalokaha helmete e sireletsa hlooho, tšepo le eona e sireletsa kelello
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Joaloka ankora, tšepo e nang le motheo o tiileng e ka fana ka botsitso
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Courtesy René Seindal/Su concessione del Museo Archeologico Regionale A. Salinas di Palermo