Tseko ea Jehova le Lichaba
“Molumo o ea ea le pheletsong ea lefatše, hobane Jehova o na le tseko le lichaba.”—JEREMIA 25:31.
1, 2. (a) Juda ho ile ha etsahala eng ka mor’a lefu la Morena Josiase? (b) Morena oa ho qetela oa Juda e ne e le mang, hona o ile a utloisoa bohloko joang ka lebaka la ho se tšepahale ha hae?
NAHA ea Juda e ne e talimane le linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Morena e mong ea molemo, Josiase, ka nakoana o ile a liehisa bohale bo tukang ba Jehova. Empa ho ile ha latela eng ha Josiase a bolaoa ka 629 B.C.E.? Marena a ileng a mo hlahlama a ile a hlompholla Jehova.
2 Morena oa ho qetela oa Juda, Tsedekia, mora oa bone oa Josiase, o ile a tsoela pele, joalokaha 2 Marena 24:19 e bolela, ho “etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsoeng ke [moholoane oa hae] Jojakime.” Phello e bile efe? Nebukadnezare o ile a hlasela Jerusalema, a hapa Tsedekia, a bolaea bara ba hae ka pel’a mahlo a hae, a mo foufatsa, ’me a mo isa Babylona. Ho feta moo, Bababylona ba ile ba hapa lijana tse sebelisoang borapeling ba Jehova, ba chesa tempele le motse. Baphonyohi e ile ea e-ba batšoaruoa Babylona.
3. Ho qalile nako efe ha ho felisoa Jerusalema ka 607 B.C.E., hona ho ne ho lokela hore ho etsahale eng bofelong ba nako eo?
3 Selemo seo, 607 B.C.E., ha sea tšoaea feela ho etsoa lesupi ha Jerusalema empa hape se ile sa tšoaea ho qaleha ha “mehla ea lichaba,” eo ho buuoang ka eona ho Luka 21:24. Nako ena ea lilemo tse 2 520 e ile ea fela lekholong la rōna la lilemo, ka selemo sa 1914. Nako eo e ne e se e le ea hore Jehova, ka Mor’a hae ea beiloeng teroneng, Jesu Kreste, ea moholo ho feta Nebukadnezare, a lihe le ho phethahatsa kahlolo lefatšeng le senyehileng. Ho ahloloa hona ho qala ka se tšoanang le Juda mehleng ena, se tšoanang le eona se ipolelang hore se emela Molimo le Kreste lefatšeng.
4. Hona joale ho botsoa lipotso life mabapi le boprofeta ba Jeremia?
4 Na re bona ho tšoana lipakeng tsa pherekano ea nakong ea lilemo tsa ho qetela tsa Juda tlas’a marena a eona—ka liketsahalo tse senyang tse bileng li amang le lichaba tsa boahelani—le pherekano e ho Bokreste-’mōtoana kajeno? Ka sebele rea e bona! Joale, boprofeta ba Jeremia bo bontša eng mabapi le hore na ebe Jehova o tla sebetsa litaba joang kajeno? A re boneng.
5, 6. (a) Ho tloha ka 1914, boemo bo leng ho Bokreste-’mōtoana bo ile ba tšoana joang le boemo bo leng Juda pele e timetsoa? (b) Jeremia oa kajeno o fane ka molaetsa ofe ho Bokreste-’mōtoana?
5 Setsebi sa Brithani sa mathematics e bile e le rafilosofi Bertrand Russell o ile a bolela tjena lilemong tse ka bang 40 tse fetileng: “Ho tloha ka 1914, motho e mong le e mong ea hlokometseng liketsahalo tsa lefatše o amehile ka ho teba ka seo ho bonahalang eka ke khato e reriloeng esale pele e lebisang koluoeng e khōloanyane.” ’Me setsebi litabeng tsa puso Jeremane Konrad Adenauer o itse: “Tšireletseho le khutso li ile tsa nyamela bophelong ba batho ho tloha ka 1914.”
6 Kajeno, joaloka mehleng ea Jeremia, ho atamela ha bofelo ba tsamaiso ea lintho ho tšoauoa ka ho tšolloa ha mali a mangata a se nang molato, ho hlokomelehang haholo lintoeng tse peli tsa lefatše tsa lekholo lena la lilemo. Lintoa tsena li ile tsa loanoa, haholo-holo ke lichaba tsa Bokreste-’mōtoana, tse ipolelang hore li rapela Molimo oa Bibele. Ke boikaketsi bo bokaakang! Ha ho makatse hore ebe Jehova o rometse Lipaki tsa hae ho bona hore li bolele sena, ka mantsoe a Jeremia 25:5, 6: “Sokolohang hle e mong le e mong mekhoeng e mebe ea hae, le bolotsaneng ba liketso tsa lōna . . . le se ke la tsamaela melimo esele ho e sebeletsa le ho e khumamela, le se ke la mphephetsa ka liketso tsa matsoho a lōna, ’me etlaba ha ke na ho le hlahisetsa bobe.”
7. Ke bopaki bofe bo bontšang hore Bokreste-’mōtoana bo hlokomolohile litemoso tsa Jehova?
7 Leha ho le joalo, lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li hlōlehile ho sokoloha. Sena se ile sa bonahatsoa ke ho etsa ha tsona mahlabelo a tsoelang pele ho molimo oa ntoa Korea le Vietnam. ’Me li tsoela pele ho tšehetsa ka lichelete barekisi ba lefu, baetsi ba lihlomo. Linaha tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa fana ka karolo e khōloanyane ea hoo e batlang e e-ba lidolara tse trilione (R3,2 bilione) tse sebelisoang lihlomong selemo le selemo lilemong tsa bo-1980. Ho tloha ka 1951 ho ea ho 1991, chelete e ileng ea sebelisetsoa mabotho United States feela e ile ea feta liphaello tsa likoporasi tsohle tsa Amerika li kopantsoe hammoho. Esale ho phatlalatsoa ho fela ha Ntoa ea Mantsoe, ho ’nile ha fokotsoa libetsa tsa nuclear tse siiloeng ke nako, empa ho sa ntsane ho setse libaka tse khōlō tsa ho etsa libetsa tse kotsi haholoanyane ’me ho sa tla hlahisoa tse ling. Tsena li ka ’na tsa sebelisoa ka letsatsi le leng.
Kahlolo Khahlanong le Bokreste-’mōtoana bo Lumellang Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe
8. Mantsoe a Jeremia 25:8, 9 a tla phethahala joang ho Bokreste-’mōtoana?
8 Mantsoe a Jehova a tsoelang pele, a fumanoang ho Jeremia 25:8, 9, hona joale a sebetsa ka ho khetheha ho Bokreste-’mōtoana, bo hlōlehileng ho phelela litekanyetso tsa Bokreste tsa ho loka: “Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ereka ha le sa ka la utloa lentsoe la ka, bonang, ke ea romela ho lata merabe eohle ea Leboea, ho bolela Jehova, le eena Nebukadrezare, morena oa Babylona, mohlanka oa ka, ’me ke tla ba tlisa ho loantša lefatše lena le baahi ba lona, le lichaba tsohle tsena tse mathōkong, ke li neele anathema, ke li bee makatso, le sesomo, le tšenyeho ka ho sa feleng.” Kahoo, ho qala ka batho ba ipolelang hore ke ba Molimo, e leng Bokreste-’mōtoana, mahlomola a maholo a tla qala, qetellong a anele lefatšeng ka bophara, ‘lichabeng tsohle tse mathōkong.’
9. Boemo ba moea ba Bokreste-’mōtoana bo mpefetse ka litsela life mehleng ea rōna?
9 Ho ne ho na le nako eo Bibele e neng e hlomphuoa ke Bokreste-’mōtoana, ha lenyalo le bophelo ba lelapa li ne li talingoa e le mohloli oa thabo hoo e batlang e le lefatšeng lohle, ha batho ba ne ba tsoha hoseng ’me ba fumana khotsofalo mosebetsing oa bona oa letsatsi le letsatsi. Ba bangata ba ne ba ikhatholla ka ho bala le ho ithuta Lentsoe la Molimo ka khanya ea lebone bosiu. Empa kajeno, likamano tsa botona le botšehali tse sa lekanyetsoang ho molekane a le mong, tlhalo, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le botahoa, botlokotsebe, meharo, botsoa mosebetsing, ho lemalla ho shebella TV, le boitšoaro bo bong bo bobe li sentse bophelo ka tekanyo e nyarosang. Sena se etella pele thipitlo eo Jehova Molimo a tla tloha a e lihela ho Bokreste-’mōtoana bo lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.
10. Hlalosa boemo ba Bokreste-’mōtoana ka mor’a hore Jehova a phethahatse likahlolo tsa hae.
10 Jehova oa phatlalatsa, joalokaha re bala ho Jeremia khaolo 25, litemana 10 le 11: “Ke tla khutsisa ho bona lentsoe la thabo le lentsoe la nyakallo, lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, molumo oa leloala le leseli la lebone. Lefatše lena lohle le tla etsoa tšenyeho le makatso.” Ka sebele ho tla makatsa ho bona litempele tse khōlō le matlo a borena a mabotho-botho a Bokreste-’mōtoana a heleha. Timetso eo e tla ba khōlō hakae? Nakong ea Jeremia, thipitlo ea Juda le lichaba tsa boahelani e ile ea nka lilemo tse 70, tseo Pesaleme ea 90:10 e li hlalosang e le nako e tloaelehileng ea bophelo. Ho phethahatsa kahlolo ha Jehova kajeno e tla ba ho feletseng, ho sa feleng.
Kahlolo Khahlanong le Babylona e Moholo
11. Ho tla sebelisoa bo-mang ha ho felisoa Bokreste-’mōtoana? Hobane’ng?
11 Joalokaha ho boletsoe esale pele ho Tšenolo 17:12-17, nako e tla tla ea hore Jehova a qale ketso ea hae e sa tloaelehang ka hore a kenye lipelong tsa “linaka tse leshome”—litho tse hlophiselitsoeng ntoa tsa Machaba a Kopaneng—“ho phetha morero oa oona” oa ho ripitla ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. See se tla etsahala joang? Ho na le litsela tse ’maloa tseo “linaka tse leshome” tsa Tšenolo khaolo 17, ho latela mantsoe a temana ea 16, li ka ’nang tsa “hloea seotsoa . . . ’me li se chese mollong.” Ke ’nete hore lihlomo tsa nuclear li ’nile tsa eketseha ’me li ntse li eketseha libakeng tse ngata moo boemo bo leng kotsi lefatšeng. Empa re tlameha ho ema ’me re bone kamoo Jehova a tla kenya lipelong tsa babusi ba lipolotiki ho phethahatsa kahlolo ea hae.
12. (a) Ho etsahetse’ng ka Babylona ka mor’a hore e felise Jerusalema? (b) Ho tla etsahala eng ka lichaba ka mor’a timetso ea Bokreste’mōtoana?
12 Mehleng ea boholo-holo Babylona e ile ea latsoa bohale bo tukang ba Jehova. Tumellanong le hoo, ho qala ka Jeremia khaolo 25, temana ea 12, boprofeta bo talima lintho ho tsoa boemong ba morao tjena, bo fetohileng. Kaha Nebukadnezare le Babylona ha ba sa le boemong ba Mophethahatsi oa Kahlolo oa Jehova, hona joale ba se ba akarelelitsoe ho lichaba tsohle tsa lefatše. Sena se tšoana le boemo kajeno. “Linaka tse leshome” tsa Tšenolo khaolo 17 li tla etsa bolumeli ba bohata lesupi, empa hamorao le tsona li tla timetsoa hammoho le ‘marena a mang ’ohle a lefatše,’ joalokaha ho hlalositsoe ho Tšenolo khaolo 19. Jeremia 25:13, 14 e hlalosa kamoo Babylona, hammoho le “lichaba tsohle” tse ’nileng tsa tšoara batho ba Jehova hampe, li ahloloang kateng. Jehova o ne a ile a sebelisa Nebukadnezare e le mophethahatsi oa kahlolo ha a otla Juda. Empa eena le marena a mang a ileng a latela a Babylona ba ile ba iphahamisa ka boikhohomoso khahlanong le Jehova, ka mohlala, joalokaha ho bontšitsoe, ka ho sebelisa lijana tsa tempele ea Jehova hampe. (Daniele 5:22, 23) ’Me ha Bababylona ba timetsa Jerusalema, lichaba tse ahisaneng le Juda—Moabe, Ammone, Tyre, Edomo, le tse ling—li ile tsa thaba ’me tsa soma batho ba Molimo. Le tsona li tlameha ho kotula puseletso e li tšoanetseng e tsoang ho Jehova.
Kahlolo Khahlanong le “Lichaba Kaofela”
13. Ho boleloa’ng ka “senoelo sena sa veine ea khalefo,” hona ho etsahala eng ka ba noelang senoelong seo?
13 Kahoo, Jeremia oa phatlalatsa, joalokaha ho tlalehiloe khaolong ea 25, litemana 15 le 16: “Jehova, Molimo oa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senoelo sena sa veine ea khalefo se letsohong la ka, u tle u se nose lichaba kaofela tseo ke u romelang ho tsona; hore li tle li noe, li thekesele, li hlanye pontšeng ea lerumo leo ke le romelang har’a tsona.” Ke hobane’ng ha e le ‘senoelo sa veine ea khalefo ea Jehova’? Ho Mattheu 26:39, 42 le Johanne 18:11, Jesu o ile a bua ka “senoelo” e le se tšoantšetsang thato ea Molimo bakeng sa hae. Ka ho tšoanang, senoelo se sebelisoa ho tšoantšetsa thato ea Jehova ea hore lichaba li noe phetetso ea hae ea bomolimo. Jeremia 25:17-26 e thathamisa lihlopha tsena tsa lichaba tse tšoantšetsang lichaba kajeno.
14. Ho ea ka boprofeta ba Jeremia, ke bo-mang ba noelang senoelong sa veine ea khalefo ea Jehova, hona see se tšoantšetsa eng mehleng ea rōna?
14 Ka mor’a hore Bokreste-’mōtoana, joaloka Juda, bo ‘etsoe tšenyeho, le makatso, le sesomo, le thohako,’ timetso e emetse ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata. Ka mor’a moo lefatše lohle, joalokaha le tšoantšelitsoe ke Egepeta, le tlameha ho noa senoelo sa veine ea khalefo ea Jehova! E, “marena kaofela a Leboea, a leng haufi le a leng hole, e mong le e mong, le mebuso eohle ea lefatše e bophareng ba lefatše” a tlameha ho noa. Qetellong, “morena oa Sheshake o tla noa ka mor’a bona.” Empa ‘morena enoa oa Sheshake’ ke mang? Sheshake ke lebitso la tšoantšetso, le nang le moelelo o patehileng, kapa letšoao, bakeng sa Babylona. Joalokaha Satane e ne e le morena ea sa bonahaleng oa Babylona, kahoo esale “morena oa lefatše” ho tla fihlela kajeno, joalokaha Jesu a bontšitse. (Johanne 14:30) Kahoo, Jeremia 25:17-26 e tšoana le Tšenolo likhaolo 18 ho ea ho 20 tabeng ea ho hlakisa tatellano ea liketsahalo tsa ha senoelo sa khalefo ea Jehova se fetisoa. Pele, puso ea lefatše ea bolumeli ba bohata e tlameha ho timetsoa, ho latele mebuso ea lipolotiki, joale ebe Satane ka boeena o koalloa sekoting.—Tšenolo 18:8; 19:19-21; 20:1-3.
15. Ho tla etsahala joang ha ho utloahala mohoo oa “khotso le tšireletseho”?
15 Ho ’nile ha buuoa haholo ka khotso le tšireletseho ho tloha ha ho ne ho hopoloa hore Ntoa ea Mantsoe e felile, ’me ho setse ’muso o le mong feela o matlahali. Joalokaha ho boletsoe ho Tšenolo 17:10, ’muso oo o matlahali, hlooho ea bosupa ea sebata, o tlameha ho “ba teng ho se hokae.” Empa “ho se hokae” hoo ho se ho ntse ho le haufi le ho fela. Haufinyane, mehoo eohle ea “khotso le tšireletseho” ea lipolotiki e tla lebisa ho “timetso ea tšohanyetso e [tla] ba oela holimo ka potlako.” Ho rialo moapostola Pauluse.—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, NW.
16, 17. (a) Haeba leha e le bafe ba leka ho balehela kahlolo ea Jehova, phello e tla ba efe? (b) Haufinyane thato ea Jehova lefatšeng e tla phethahala ka tsela efe e senyang?
16 Tsamaiso eohle ea lefatše ea Satane, ho qala ka Bokreste-’mōtoana, e tlameha ho noa senoelong sa phetetso ea Jehova. Taelo ea hae e tsoelang pele ho Jeremia, e tlalehiloeng ho khaolo 25, litemana 27 ho ea ho 29, e tiisa sena: “U ba bolelle, u re: Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Noang, le tahoe, le hlatse, ’me le oe le se na ho tsoha pel’a lerumo leo ke le romelang har’a lōna. Etlare ha ba ka hana ho nka senoelo letsohong la hao ho noela teng, ebe moo u ba bolellang, u re: Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Ho noa le tla noa. Hobane bonang, motse ona o bitsoang ka lebitso la ka ke tla simolla ka oona ho hlahisa bobe; ’me lōna le be le ka phema kotlo na? Le ke ke la e phema, hobane ’na ke memela baahi bohle ba lefatše lerumo, ho bolela Jehova oa makhotla.”
17 Ao ke mantsoe a boima—ka sebele, mantsoe a kenyang tšabo, hobane a buuoa ke ’Musi Morena oa bokahohle bohle, Jehova Molimo. Nakong ea lilemo tse likete, o ’nile a mamella ho nyefoloa, lithohako, le lehloeo tse ’nileng tsa phaelloa lebitsong la hae le halalelang. Empa nako e qeteletse e fihlile ea hore a arabele thapelo eo Mor’a hae ea ratoang, Jesu Kreste, a e rutileng barutuoa ba hae ha a le mona lefatšeng: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:9, 10) Ke thato ea Jehova hore Jesu a nke bohato e le sabole ea Hae ea ho phethahatsa phetetso.
18, 19. (a) Ke mang ea kallang bakeng sa ho hlōla ka lebitso la Jehova, hona o emela eng pele a phetha tlhōlo ea hae? (b) Ha mangeloi a lokolla moea oa sefefo oa khalefo ea Jehova, ho etsahala lintho life tse tšosang holim’a lefatše?
18 Ho Tšenolo khaolo 6, pele re bala ka ho kalla ha Jesu pere e tšoeu “e le ea hlōlang le ea tla hlōla.” (Temana ea 2) Sena se qalile ha a behoa teroneng e le Morena oa leholimo ka 1914. Lipere tse ling le bakalli ba tsona lia mo latela, li tšoantšetsa ntoa e feletseng, tlala, le lefu la seoa tse ileng tsa hlasela lefatše ho tloha ka nako eo. Empa pherekano ee eohle e tla fela neng? Tšenolo khaolo 7 e re bolella hore mangeloi a mane a tšoere “meea e mene ea lefatše” ka tieo ho fihlela Iseraele oa moea le bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle bo bokelloa bakeng sa poloko. (Temana ea 1) Joale ha etsahala joang?
19 Jeremia khaolo 25, ho litemana 30 le 31, e tsoela pele: “Phahameng ea hae Jehova o ea luma, leahong le halalelang la hae o tla phahamisa lentsoe; o purumela ntlo ea hae; molumo o kang oa ba hatang veine o o lumisetsa baahi bohle ba lefatše. Molumo o ea ea le pheletsong ea lefatše, hobane Jehova o na le tseko le lichaba, o tseka le bohle bao e leng nama; o neela ba babe lerumo, ho bolela Jehova.” Ha ho sechaba se sa tl’o noa senoelong sa khalefo ea Jehova. Ka lebaka leo, ho potlakile hore batho bohle ba nang le lipelo tse lokileng ba ikarole bokhopong ba lichaba pele mangeloi a mane a lokolla meea ea sefefo se befileng sa khalefo ea Jehova. E befileng e le kannete, hobane boprofeta ba Jeremia bo tsoela pele litemaneng tsa 32 le 33:
20. Ke pono efe e hatisang botebo ba kahlolo ea Jehova, empa ke hobane’ng ha khato ena e hlokahala?
20 “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla: Bonang, bobe bo ea tsoa sechabeng se seng, bo ee sechabeng se seng, lerōle le tšabehang le ea tsoha likhutlelong tsa lefatše. Tsatsing leo, ba hlabiloeng ke Jehova ba tla ba teng ho nka pheletsong e ’ngoe ea lefatše ho isa pheletsong e ’ngoe ea lefatše, ba sa lleloe, ba sa phutheloe, ba sa epeloe; e tla ba moiteli holim’a lefatše.” Ka sebele ke pono e tšabehang, empa khato ena ea hlokahala e le hore lefatše le ka hloekisoa bokhopo bohle pele ho tlisoa Paradeise e tšepisitsoeng ke Molimo.
Balisa ba Tla Bokolla ’me ba Hooe
21, 22. (a) Ho Jeremia 25:34-36, “balisa” ba Iseraele e ne e le bo-mang, hona ke hobane’ng ha ba ile ba qobelloa hore ba bokolle? (b) Ke balisa bafe kajeno ba lokeloang ke bohale ba Jehova, hona ke hobane’ng ha bo ba loketse ka botlalo?
21 Litemana 34 ho ea ho 36 li tsoela pele ho bua ka kahlolo ea Jehova, ha li re: “Bokollang, lōna balisa, le hooe; paqamang moloreng, lōna beng ba mohlape, hobane ho se ho fihlile matsatsi a lōna a ho bolaoa, ’me ke ea le qhalanya, le tle le oe joale ka lefiso le theko e thata. Setšabelo se tla hlokahalla balisa, le ho pholoha ho be sieo ho beng ba mohlape. Mohoo oa balisa o tla phahama le pokollo ea beng ba mohlape, hobane Jehova o tla senya makhulo a bona.”
22 Balisa baa ke bo-mang? Hase baeta-pele ba bolumeli, ba seng ba ntse ba noele bohale ba Jehova. Ke balisa ba mabotho a sesole, bao le bona ba hlalositsoeng ho Jeremia 6:3, ba bokellang mabotho a bona ka bongata khahlanong le Jehova. Ke babusi ba lipolotiki, ba ruisitsoeng ke ho qhekella ba busoang. Bongata ba bana ke bahoebi ba masene, litsebi tsa tšenyeho. Ba sitiloe ho felisa litlala tse ’nileng tsa bolaea batho bohle linaheng tse futsanehileng. Ba ruisa “beng ba mohlape,” ba kang bahoebi ba matla ba libetsa le batho ba meharo ba senyang tikoloho, ha ka nako e tšoanang ba hana ho fana ka thuso ea meriana le lijo tse matlafatsang tse ka batlang litšenyehelo tse nyenyane ho boloka bophelo ba bana ba mashome a limilione ba shoang.
23. Hlalosa boemo ba sebaka se busoang ke Satane ka mor’a liketso tsa Jehova tsa timetso.
23 Ha ho makatse hore Jeremia khaolo 25 e phethela, litemaneng 37 le 38, ka ho bolela sena ka bana bao ka boithati ba ’nileng ba ipatlela khotso ba le bang: “Meaho e lutseng ka khotso e tla senngoa ke bohale ba khalefo ea Jehova. O tla tloha joale ka tau e morung, hore lefatše la bona le tle le fetoloe lesupi ke bohale ba lerumo le bolaeang, le ke bohale ba khalefo ea hae.” Mohlolo ka sebele! Empa, bohale bo tukang ba Jehova ka sebele bo tla bonahatsoa ka Ea hlalosoang ho Tšenolo 19:15, 16 e le “Morena oa marena, le ’Musi oa babusi,” ea alosang lichaba ka lere la tšepe. Joale ho latela eng?
24. Timetso ea bolumeli ba bohata le lefatše la Satane e tla tlisa litlhohonolofatso life ho batho ba lokileng?
24 Na u kile ua pholoha leholiotsoana kapa sefefo se matla? E ka ba phihlelo e tšosang. Empa hoseng ho latelang, le hoja u ka bona maloanlahla hohle ho potoloha, ka tloaelo moea e ba o hloekileng ’me khutso e ba e khathollang hoo u ka lebohang Jehova bakeng sa letsatsi leo le monate o sa tloaelehang. Ka ho tšoanang, ha lifefo tsa mahlomola a maholo li khutsa, u ka talima lefatše u tletse teboho ea hore ua phela ’me u loketse ho nka karolo mosebetsing o tsoelang pele oa Jehova oa ho etsa lefatše le hloekisitsoeng paradeise e hlollang ka botle. Tseko ea Jehova le lichaba e tla be e fihletse pheletsong ea eona e hlollang, e halaletsa lebitso la hae ’me e hleka tsela bakeng sa hore thato ea hae e etsoe lefatšeng tlas’a Puso ea Lilemo tse Sekete ea ’Muso oa Bomessia. E se eka ’Muso oo o ka tla kapele!
Tlhahlobo lirapa 5-24 tsa sehlooho sena
◻ Ke litsela life tsa boikaketsi tsa Bokreste-’mōtoana tseo hona joale li leng kahlolong?
◻ Ke pono efe e atolohileng ea kahlolo e nkoang ho Jeremia 25:12-38?
◻ Lichaba tsohle li fetisetsoa senoelo sefe sa phetetso?
◻ Balisa ba llang le ba hooang ke bafe, hona ke hobane’ng ha ba ferekane?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Jehova o khethile sesebelisoa bakeng sa ho timetsa Bokreste-’mōtoana
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ka mor’a meea ea lifefo ea mahlomola a maholo, ho tla hlaha lefatše le hloekisitsoeng