Jehova ke Molimo oa Lilekane
‘Ke tla etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda.’—JEREMIA 31:31.
1, 2. (a) Jesu o ile a theha mokete ofe bosiung ba la 14 Nisane, 33 C.E.? (b) Jesu o ne a bua ka selekane sefe se amanang le lefu la hae?
BOSIUNG ba la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a keteka Paseka le baapostola ba hae ba 12. Kaha o ne a tseba hore ke lekhetlo la ho qetela a e-ja le bona le hore o ne a tla tloha a e-shoa matsohong a lira tsa hae, Jesu o ile a nka monyetla ka ketsahalo ena hore a hlalosetse barutuoa ba hae ba haufi-ufi lintho tsa bohlokoa tse ngata.—Johanne 13:1–17:26.
2 Ke nakong ena moo, ka mor’a ho leleka Judase Iskariota, Jesu a ileng a theha mokete oa bolumeli oo e leng oona feela mokete oa selemo le selemo oo Bakreste ba laetsoeng ho o keteka—e leng Sehopotso sa lefu la hae. Tlaleho e re: “Ha ba ntse ba tsoela pele ho ja, Jesu a nka bohobe ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.’ Hape, a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, ao ka sebele a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.’” (Matheu 26:26-28) Balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho ikhopotsa lefu la hae ka mokhoa o itekanetseng o hlomphehang. ’Me Jesu o ile a bua ka selekane se amanang le lefu la hae. Tlalehong e ho Luka, se bitsoa “selekane se secha.”—Luka 22:20.
3. Ho botsoa lipotso life mabapi le selekane se secha?
3 Selekane se secha ke eng? Haeba ke selekane se secha, na seo se bolela hore ho na le selekane sa khale? Na ho na le lilekane leha e le life tse ling tse amanang le sona? Tsena ke lipotso tsa bohlokoa hobane Jesu o itse mali a selekane a ne a tla tšolloa “bakeng sa tšoarelo ea libe.” Kaofela ha rōna re hloka tšoarelo e joalo ka matla.—Baroma 3:23.
Selekane le Abrahama
4. Ke tšepiso efe ea boholo-holo e re thusang ho utloisisa selekane se secha?
4 Ho utloisisa selekane se secha, re tlameha ho khutlela morao lilemong tse ka bang 2000 pele ho tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng ho isa nakong ea ha Tera le lelapa la hae—ho akarelletsa le Abrame (eo hamorao e bileng Abrahama) le mosali oa Abrame Sarai, (eo hamorao e bileng Sara)—ba falla Ure ea Bakalde e ruileng ba e-ea Harane e ka leboea ho Mesopotamia. Ba ile ba lula moo ho fihlela Tera a e-shoa. Joale, ka taelo ea Jehova, Abrahama ea lilemo li 75 o ile a tšela Nōka ea Eufrate ’me a ea ka boroa-bophirimela naheng ea Kanana ho ea phela bophelo ba bo-hloma-u-hlomole litenteng. (Genese 11:31–12:1, 4, 5; Liketso 7:2-5) Seo se etsahetse ka 1943 B.C.E. Ha Abrahama a ne a sa ntse a le Harane, Jehova o ne a ile a re ho eena: “Ke tla u etsa sechaba se seholo, ke u hlohonolofatse, ’me ke tla holisa lebitso la hao, ’me u tla fetohela ba bang lehlohonolo. Ke tla hlohonolofatsa ba u hlohonolofatsang, ke rohake ba u rohakang, ’me mefuta eohle ea lefatše e tla hlohonolofalla ho uena.” Hamorao, ka mor’a hore Abrahama a tšelele Kanana, Jehova o ile a eketsa: “Lefatše lena ke tla le nea [peō ea, NW] hao.”—Genese 12:2, 3, 7.
5. Tšepiso ea Jehova ho Abrahama e amana le boprofeta bofe ba bohlokoa historing?
5 Tšepiso eo Abrahama a neng a e etsetsoa e ne e amana le e ’ngoe ea litšepiso tsa Jehova. Ka sebele, e ile ea etsa Abrahama motho ea hlaheletseng historing ea batho, mohokahanyi phethahatsong ea boprofeta ba pele bo kileng ba tlalehoa. Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe serapeng sa Edene, Jehova o ile a ba ahlola, ’me ketsahalong eona eo a bua le Satane, ea neng a khelositse Eva, a re: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.” (Genese 3:15) Selekane sa Jehova le Abrahama se ile sa bontša hore Peō eo ka eona mesebetsi ea Satane e neng e tla etsoa lefeela e ne e tla hlaha lelokong la mopatriareka eo.
6. (a) Tšepiso ea Jehova ho Abrahama e ne e tla phethahatsoa ka mang? (b) Selekane sa Abrahama ke eng?
6 Kaha tšepiso ea Jehova e ne e amana le peō, ho ne ho hlokahala hore Abrahama a be le mora eo ka eena Peō e neng e tla tla. Empa eena le Sara ba ne ba hōlile ’me ba ntse ba se na bana. Leha ho le joalo, qetellong Jehova o ile a ba hlohonolofatsa, ka mohlolo a tsosolosa matla a bona a ho ba le bana, ’me Sara o ile a tsoalla Abrahama mora, e leng Isaka, kahoo a boloka tšepiso ea peō e phela. (Genese 17:15-17; 21:1-7) Lilemo hamorao, ka mor’a ho leka tumelo ea Abrahama—esita le ho isa ntlheng ea ho ikemisetsa ha hae ho nyehela mora oa hae ea ratoang, Isaka, hore e be sehlabelo—Jehova o ile a boela a bolella Abrahama tšepiso ea hae: “Ke tla u hlohonolofatsa, ’me ho atiseng ke tla atisa moloko oa hao, o be ka ka linaleli tsa maholimo, le lehlabathe le lebopong la leoatle, ’me moloko oa hao o tla rua likhoro tsa lira tsa oona. Lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa [peōng ea, NW] hao, ka baka la hobane u mametse lentsoe la ka.” (Genese 22:15-18) Tšepiso ena e entsoeng e atisa ho bitsoa selekane sa Abrahama, ’me selekane se secha sa morao se ne se tla amana haufi-ufi le eona.
7. Peō ea Abrahama e ile ea qala ho ata joang, ’me ke maemo afe a ileng a etsa hore e be baahi ba Egepeta?
7 Ka mor’a nako e itseng, Isaka o ile a ba le mafahla a bashanyana, Esau le Jakobo. Jehova o ile a khetha Jakobo hore e be moholo-holo oa Peō e Tšepisitsoeng. (Genese 28:10-15; Baroma 9:10-13) Jakobo o ne a e-na le bara ba 12. Ho hlakile hore joale e ne e le nako ea hore peō ea Abrahama e qale ho ata. Ha bara ba Jakobo ba se ba le baholo, bongata ba bona ba e-na le malapa a bona, kaofela ha bona tlala e ile ea ba qobella ho fallela Egepeta, moo ka tataiso ea bomolimo, Josefa, mora oa Jakobo a neng a se a lokisitse tsela. (Genese 45:5-13; 46:26, 27) Ka mor’a lilemo tse seng kae, tlala e neng e le Kanana e ile ea kokobela. Empa litho tsa lelapa la Jakobo li ile tsa lula Egepeta—qalong e le baeti empa hamorao e le makhoba. Ha ea ka ea e-ba ho fihlela ka 1513 B.C.E., lilemo tse 430 ka mor’a hore Abrahama a tšele Eufrate, moo Moshe a ileng a ntša litloholo tsa Jakobo Egepeta a li isa tokolohong. (Exoda 1:8-14; 12:40, 41; Bagalata 3:16, 17) Joale Jehova o ne a tla lebisa tlhokomelo e khethehileng selekaneng sa hae le Abrahama.—Exoda 2:24; 6:2-5.
“Selekane sa Khale”
8. Jehova o ile a theha eng le litloholo tsa Jakobo Sinai, ’me see se ne se amana joang le selekane sa Abrahama?
8 Ha Jakobo le bara ba hae ba ne ba fallela Egepeta, e ne e le lelapa le akarelletsang beng ka bona ba haufi, empa litloholo tsa bona li ile tsa tloha Egepeta e le sehlopha se seholo sa meloko e mengata. (Exoda 1:5-7; 12:37, 38) Pele Jehova a ba tlisa Kanana, o ile a ba lebisa ka boroa mosikong oa thaba e bitsoang Horebe (kapa, Sinai) e Arabia. O ile a etsa selekane le bona sebakeng seo. Se ile sa bitsoa “selekane sa khale” ha se bapisoa le “selekane se secha.” (2 Bakorinthe 3:14) Ka selekane sa khale, Jehova o ile a phethahatsa karolo e qalang ea tšepiso ea hae ho Abrahama.
9. (a) Jehova o ile a tšepisa lintho life tse ’nè ka selekane sa Abrahama? (b) Selekane sa Jehova le Iseraele se ile sa bula litebello life tse ling, hona motheong ofe?
9 Jehova o ile a hlalosetsa Iseraele litumellano tsa selekane sena: “Ekare ha le ka fela la utloa lentsoe la ka, la boloka selekane sa ka, le tla ba letlotlo la ka la sebele har’a lichaba tse ling kaofela, etsoe lefatše lohle e le la ka. Le tla ba ho ’na ’muso oa baprista, le sechaba se [halalelang, NW].” (Exoda 19:5, 6) Jehova o ne a tšepisitse hore peō ea Abrahama e tla (1) ba sechaba se seholo, (2) e hlōle lira tsa eona, (3) e je naha ea Kanana lefa, ’me (4) e be mocha oa ho hlohonolofatsa lichaba. Joale o ile a senola hore eona ka boeona e ne e tla ja mahlohonolo ana lefa e le sechaba sa hae se khethehileng, Iseraele, “’muso oa baprista, le sechaba se [halalelang, NW]” haeba ba ne ba ka mamela litaelo tsa hae. Na Baiseraele ba ile ba lumela ho kena selekaneng see? Ba ile ba arabela ka ntsoe-leng: “Tsohle tseo Jehova a li buileng re tla li etsa.”—Exoda 19:8.
10. Jehova o ile a hlophisa Baiseraele ho ba etsa sechaba joang, ’me o ne a lebeletse eng ho bona?
10 Kahoo, Jehova o ile a hlophisa Baiseraele ho ba etsa sechaba. O ile a ba fa melao e laolang borapeli le bophelo ba sechaba. O ile a boela a fana ka tabernakele (hamorao a fana ka tempele e Jerusalema) le baprista bakeng sa ho etsa tšebeletso e halalelang ka tabernakeleng. Ho boloka selekane sena ho ne ho bolela ho mamela melao ea Jehova ’me ka ho khethehileng, ho rapela eena feela. Molao oa pele ho e Leshome e neng e le ka sehloohong ke o reng: “Ke ’na Jehova, Molimo oa hao, o u ntšitseng lefatšeng la Egepeta, tlung ea bohlanka. U se ke ua ba le melimo e meng pel’a sefahleho sa ka.”—Exoda 20:2, 3.
Litlhohonolofatso Tse Tlang ka Selekane sa Molao
11, 12. Litšepiso tsa selekane sa khale li ile tsa phethahatsoa ka litsela life ho Iseraele?
11 Na litšepiso tsa selekane sa Molao li ile tsa phethahatsoa ho Iseraele? Na Baiseraele ba ile ba fetoha “sechaba se [halalelang, NW]”? Kaha e ne e le litloholo tsa Adama, Baiseraele e ne e le baetsalibe. (Baroma 5:12) Ho ntse ho le joalo, tlas’a Molao, ho ne ho nyeheloa mahlabelo bakeng sa ho koaheloa ha libe tsa bona. Mabapi le mahlabelo a neng a nyeheloa Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe la selemo le selemo, Jehova o ile a re: “Ka letsatsi leo, le tla etsetsoa pheko, le tle le hlatsuoe: le tla hlatsuoa libe tsa lōna tsohle pel’a Jehova.” (Levitike 16:30) Ka lebaka leo, Iseraele e ne e le sechaba se halalelang, se hloekisitsoeng bakeng sa tšebeletso ea Jehova nakong eo ba neng ba tšepahala. Empa boemo bona ba ho hloeka bo ne bo itšetlehile ka ho mamela ha bona Molao le ho tsoela pele ho nyehela mahlabelo.
12 Na Iseraele e ile ea fetoha “’muso oa baprista”? Ho tloha qalong feela, e ne e le ’muso, oo Jehova e neng e le Morena oa oona oa leholimo. (Esaia 33:22) Ho feta moo, selekane sa Molao se ne se akarelletsa tokisetso ea borena ba batho, hoo hamorao Jehova a ileng a emeloa ke marena a busang Jerusalema. (Deuteronoma 17:14-18) Empa na Iseraele e ne e le ’muso oa baprista? Ha e le hantle, e ne e e-na le baprista ba neng ba etsa tšebeletso e halalelang tabernakeleng. Tabernakele (hamorao tempele) e ne e le setsi sa borapeli bo hloekileng ho Baiseraele le ho bao e seng Baiseraele. ’Me sechaba sena e ne e le sona feela mocha oa ’nete e senoletsoeng moloko oa batho. (2 Likronike 6:32, 33; Baroma 3:1, 2) Baiseraele bohle ba tšepahalang, eseng baprista ba Balevi feela, e ne e le “lipaki” tsa Jehova. Iseraele e ne e le “mohlanka” oa Jehova, bakeng sa ho ‘bolela lithoko tsa hae.’ (Esaia 43:10, 21) Batho ba bangata ba ikokobelitseng ba linaha lisele ba ile ba bona matla a Jehova molemong oa batho ba hae ’me ba hohelloa borapeling bo hloekileng. Ba ile ba sokoloha. (Joshua 2:9-13) Empa e ne e le moloko o le mong feela oo ha e le hantle o neng o sebeletsa e le baprista ba tlotsitsoeng.
Basokolohi Iseraeleng
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore basokolohi ba ne ba sa kopanele selekaneng sa Molao? (b) Basokolohi ba ile ba ba tlas’a selekane sa Molao joang?
13 Boemo ba basokolohi ba joalo e ne e le bofe? Jehova o ile a etsa selekane sa hae le Iseraele feela; ba “letšoele le kopakaneng,” le hoja ba ne ba le teng, ha baa ka ba boleloa e le ba kopanelang selekaneng. (Exoda 12:38; 19:3, 7, 8) Matsibolo a bona ha aa ka a akarelletsoa ha ho ne ho lekanyetsoa tefello ea thekollo ea matsibolo a Iseraele. (Numere 3:44-51) Mashome a lilemo hamorao ha naha ea Kanana e ne e aroleloa meloko ea Baiseraele, ha ho letho le neng le beheletsoe ka thōko bakeng sa balumeli bao e seng Baiseraele. (Genese 12:7; Joshua 13:1-14) Hobane’ng? Hobane selekane sa Molao se ne se sa etsoa le basokolohi. Empa banna ba basokolohi ba ne ba bolotsoa ka lebaka la ho mamela Molao. Ba ne ba boloka litaelo tsa oona, ’me ba ile ba rua molemo litokisetsong tsa oona. Basokolohi hammoho le Baiseraele ba ile ba ba tlas’a selekane sa Molao.—Exoda 12:48, 49; Numere 15:14-16; Baroma 3:19.
14 Ka mohlala, haeba mosokolohi a ne a ka bolaea motho a sa rera, joaloka Moiseraele, o ne a ka balehela motseng oa setšabelo. (Numere 35:15, 22-25; Joshua 20:9) Letsatsing la ho Koaheloa ha Libe ho ne ho nyeheloa sehlabelo ‘molemong oa phutheho eohle ea Iseraele.’ E le karolo ea phutheho, basokolohi ba ne ba kopanela liketsahalong tsena ’me ba sireletsoa ka sehlabelo sena. (Levitike 16:7-10, 15, 17, 29; Deuteronoma 23:7, 8) Basokolohi ba ne ba amana haufi le Iseraele tlas’a Molao hoo ka Pentekonta ea 33 C.E. ha ‘senotlolo sa ’muso’ sa pele se ne se sebelisoa molemong oa Bajuda, basokolohi le bona ba ileng ba rua molemo. Ka lebaka leo, “Nikolase, mosokolohi oa Antioke,” e ile ea e-ba Mokreste ’me o ne a le har’a “banna ba supileng ba pakiloeng” ba neng ba khethetsoe ho hlokomela litlhoko tsa phutheho ea Jerusalema.—Matheu 16:19; Liketso 2:5-10; 6:3-6; 8:26-39.
Jehova o Hlohonolofatsa Peō ea Abrahama
15, 16. Selekane sa Jehova le Abrahama se ile sa phethahatsoa joang tlas’a selekane sa Molao?
15 Ha litloholo tsa Abrahama li hlophiselitsoe ho ba sechaba tlas’a Molao, Jehova o ile a li hlohonolofatsa ho latela tšepiso ea hae ho mopatriareka enoa. Ka 1473 B.C.E., Joshua, mohlahlami oa Moshe, o ile a etella Iseraele pele ho ea Kanana. Kabo ea naha e ileng ea latela har’a meloko ena e ile ea phethahatsa tšepiso ea Jehova ea ho fa peō ea Abrahama naha ena. Ha Iseraele e ne e tšepahala, Jehova o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ea ho etsa hore e hlōle lira tsa eona. Sena e bile ’nete ka ho khethehileng pusong ea Morena Davida. Mehleng ea Solomone, mor’a Davida, ho ile ha phethahala karolo ea boraro ea selekane sa Abrahama. “Ba-Juda le ba-Iseraele ba ne ba le bangata, joalo ka lehlabathe le lebopong la leoatle, ba e-ja, ba e-noa, ba nyakalla.”—1 Marena 4:20.
16 Leha ho le joalo, lichaba li ne li tla itlhohonolofatsa joang ka Iseraele, e leng peō ea Abrahama? Joalokaha ho se ho boletsoe, Iseraele e ne e le sechaba sa Jehova se khethehileng, moemeli oa hae har’a lichaba. Pejana Iseraele e kena Kanana, Moshe o ile a re: “Etsang litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.” (Deuteronoma 32:43) Batho ba bangata ba linaha lisele ba ile ba arabela. “Letšoele le kopakaneng” le ile la sala Iseraele morao ha e tsoa Egepeta, le ile la bona matla a Jehova ka mahlo lefeelleng, ’me la utloa memo ea Moshe ea ho thaba. (Exoda 12:37, 38) Hamorao, Ruthe mosali oa Moabe o ile a nyaloa ke Boaze oa Moiseraele ’me ea e-ba moholo-holo oa Mesia. (Ruthe 4:13-22) Jonadabe oa Mokene le litloholo tsa hae le Ebede-Meleke oa Moethiopia ba ile ba ikhetha ka ho khomarela melao-motheo e nepahetseng, le hoja Baiseraele ba tlhaho ba bangata ba ne ba sa tšepahale. (2 Marena 10:15-17; Jeremia 35:1-19; 38:7-13) Tlas’a ’Muso oa Persia, batho ba bangata ba linaha lisele ba ile ba sokoloha ’me ba thusa Iseraele ha e ne e loantša lira tsa eona.—Esthere 8:17, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Ho Hlokahala Selekane se Secha
17. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lahla ’muso oa Iseraele o ka leboea le o ka boroa? (b) Ke’ng se ileng sa etsa hore Bajuda ba lahloe la ho qetela?
17 Ho ntse ho le joalo, e le hore se ka amohela ho phethahala ho feletseng ha tšepiso ea Molimo, sechaba sa Molimo se khethehileng se ne se tlameha ho tšepahala. Se ne se sa tšepahale. Ke ’nete hore tumelo ea Baiseraele ba bang e ne e ikhetha. (Baheberu 11:32–12:1) Leha ho le joalo, sechaba sena se ile sa retelehela melimong ea bohetene ka makhetlo a mangata, se tšepa hore se tla fumana menyetla ea lintho tse bonahalang. (Jeremia 34:8-16; 44:15-18) Batho ka bomong ba ne ba sebelisa Molao hampe kapa ba o hlokomoloha. (Nehemia 5:1-5; Esaia 59:2-8; Malakia 1:12-14) Ka mor’a lefu la Solomone, Iseraele e ile ea arohana ho ba ’muso o ka leboea le o ka boroa. Ha ho totobetse hore ’muso o ka leboea ke oa bofetoheli ka ho feletseng, Jehova o ile a etsa tsebiso ena: “Kahobane u nyelisitse tsebo, ke tla u nyelisa, u se hlole u e-ba moprista oa ka.” (Hosea 4:6) ’Muso o ka boroa le oona o ile oa otloa haboima ka lebaka la ho ipaka o sa tšepahale selekaneng. (Jeremia 5:29-31) Ha Bajuda ba ne ba lahla Jesu joaloka Mesia, ka ho tšoanang Jehova o ile a ba lahla. (Liketso 3:13-15; Baroma 9:31–10:4) Qetellong, Jehova o ile a etsa tokisetso e ncha ea ho phethahatsa selekane sa Abrahama ka ho feletseng.—Baroma 3:20.
18, 19. Jehova o ile a etsa tokisetso efe e ncha e le hore selekane sa Abrahama se ka phethahatsoa ka tsela e feletseng?
18 Tokisetso eo e ncha e ne e le selekane se secha. Jehova o ne a buile ka sona esale pele ha a ne a re: ‘Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda . . . Selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ea Iseraele ka mor’a litšiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao oa ka ka hare ho bona, ke o ngole lipelong tsa bona; ke tla ba Molimo oa bona, bona e be sechaba sa ka.’—Jeremia 31:31-33.
19 Sena ke selekane se secha seo Jesu a neng a bua ka sona ka la 14 Nisane, 33 C.E. Ketsahalong eo, o ile a senola hore selekane se tšepisitsoeng se ne se le haufi le ho thehoa pakeng tsa barutuoa ba hae le Jehova, Jesu e le ’muelli. (1 Bakorinthe 11:25; 1 Timothea 2:5; Baheberu 12:24) Ka selekane sena se secha, tšepiso ea Jehova ho Abrahama e ne e lokela ho phethahala ka tsela e khanyang haholoanyane le e tšoarellang, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
Na U ka Hlalosa?
◻ Jehova o ile a tšepisa eng selekaneng sa Abrahama?
◻ Jehova o ile a phethahatsa selekane sa Abrahama joang ho Iseraele ea nama?
◻ Basokolohi ba ile ba rua molemo joang selekaneng sa khale?
◻ Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala selekane se secha?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka selekane sa Molao, Jehova o ile a phethahatsa karolo e qalang ea selekane sa Abrahama