-
“Ka Kōpo, Mamela Lentsoe la Jehova”Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
-
-
12. Ka linako tse ling baholo ba tlameha ho etsa’ng e le hore ba sireletse phutheho?
12 Bajuda ba bangata ba ne ba nyefola thuso eo Jehova a neng a ba fa eona nako le nako ka Jeremia. Ka tsela e tšoanang, kajeno motho ea entseng sebe se tebileng a ka ’na a se ke a baka, a ba a hana thuso ea baholo. Maemong a joalo, baholo ba lokela ho latela tataiso ea Mangolo e le hore ba sireletse phutheho, ka hore ba khaole mofosi. (1 Bakor. 5:11-13; sheba lebokose le nang le sehlooho se reng, “Ho Phela ho se na Molao,” se leqepheng la 73.) Empa na seo se bolela hore ha ho sa na tšepo ka motho eo, ’me Jehova a ke ke a hlola a mo amohela? Che. Le hoja e ne e le khale Baiseraele ba fetohetse Molimo, o ile a ’na a re: “Khutlang, lōna bara ba koenehileng. Ke tla folisa boemo ba lōna ba bokoenehi.” (Jer. 3:22)a Jehova o mema bafosi hore ba khutlele ho eena. Ha e le hantle, o ba laela hore ba etse joalo.
-
-
“Ka Kōpo, Mamela Lentsoe la Jehova”Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
-
-
a Mona Jehova o ne a bua le ’muso oa Iseraele o ka leboea. Batho ba ’muso oo oa meloko e leshome ba ne ba bile kholehong ka lilemo tse ka bang 100 ha Jeremia a ne a ba bolella molaetsa ona. O ile a lumela hore ho fihlela mehleng ea hae, sechaba seo se ne se sa ka sa baka. (2 Mar. 17:16-18, 24, 34, 35) Leha ho le joalo, batho ka bomong ba ne ba ka amoheloa ke Molimo ba ba ba khutla kholehong.
-