Puso ea Motho e Lekantsoe Sekaleng
Karolo 1b: Na Re Hlile Re Hloka ’Muso?
HO ITSAMAISA HA SECHABA: bosieo ba matla a bopolotiki leha e le afe, a etsang hore mokhatlo oa batho o ipolelang o lokolohile ka ho felletseng o se be le ’muso.
MOFILOSOFI oa Mogerike Aristotle o ile a bitsa mefuta eohle ea mebuso ea batho e le e amehang molaong ka ho sa tsitsang le ka ho fetohang. Ho ea ka mongoli e mong, o boletse hore “ho tsitsa ha mebuso eohle ho senngoa ke matla a senyang a nako.”
Ka lebaka la maemo a joalo, ha ho makatse ha batho ba bang ba buella hore ho se be le ’muso ho hang, kapa hore bonyane haeba o le teng, e mpe e be ka ho fokolang. Empa ho buella hore ‘ho se be le ’muso’ ha e le hantle ke ho itsamaisa ha sechaba, e leng lentsoe le nkiloeng Segerikeng le bolelang “ho se be le ’musi.”
Lentsoe “ho itsamaisa ha sechaba” le ile la sebelisoa ka 1840, lilemong tse 150 tse fetileng ke mongoli oa lipolotiki oa Fora Pierre-Joseph Proudhon. Empa filosofi ea ho itsamaisa ha sechaba e ile ea hlakisoa hantle lilemong tse 200 pelenyana ke monna oa Lenyesemane Gerrard Winstanley. Joalokaha ho hlalositsoe ho The Encyclopædia Britannica, “Winstanley o ile a rala seo hamorao se ileng sa fetoha melao-motheo har’a batho ba hanyetsang puso: hore matla a na le tšusumetso e senyang; hore thepa e ke ke ea sebelisoa le tokoloho; le hore puso le thepa ke tsona sesosa sa tlōlo ea molao; le hore ke feela sechabeng se hlokang babusi, moo mosebetsi le lihlahisoa li arolelanoang, moo ba ka lokolohang le ho thaba, ba sa sebetse tumellanong le melao e boletsoeng ka holimo empa ba latela matsoalo a bona.”
Empa na phihlelo ha e re rute hore sehlopha se seng le se seng se hloka lintho tsa motheo tseo se ka sebetsang ka tsona? The World Book Encyclopedia ea hlokomela: “Ho tloha mehleng ea boholo-holo, mofuta o itseng oa ’muso e bile karolo ea bohlokoa ea sechaba se seng le se seng.” E hlalosa hore “mefuta eohle ea batho—ho tloha ka lelapa ho isa sechabeng—e na le melao ea boitšoaro e laolang bophelo ba litho tsa eona.” Ho seng joalo ke joang e neng e ka finyella merero ea eona molemong oa litho tsohle tsa eona?
Kahoo batho ba bangata ba tla lumela habonolo khopolo ea hore melao e meng e na le tokelo ea ho sebelisa matla a ho busa le ho etsa liqeto molemong oa batho. Ha ho se ’muso o etsang liqeto sechabeng, motho e mong le e mong o ne a tla lumelloa ho latela seo letsoalo la hae le ’molellang sona, joalokaha Winstanley a boletse. Na sena se ne se tla phahamisa bonngoe? Kapa na hangata ho ne ho ke ke ha etsahala hore motho e mong le e mong a be le tšekamelo ea ho phehella lithahasello tsa hae ’me ka linako tsohle ka ho lematsa litokelo tsa ba bang?
Liphuputso tsa ho itsamaisa ha sechaba li hlōlehile ho ntlafatsa moloko ’ohle oa motho. Boiteko ba batšosi ba lekholong la bo20 la lilemo ho etsa hore sechaba se se busoe, ho senya seo ba nahanang hore se ba ntša kotsi, ha boa ba tsoela molemo.
Ka mantsoe a bonolo, ho bolela hore ‘ho se be le ’muso’ ke ho baka morusu. Kahoo, taba ea bohlokoa hase ‘’muso kapa ho se be le ’muso’ empa ho e-na le hoo, ‘ke ’muso oa mofuta ofe o ka fanang ka liphello tse molemo ka ho fetisisa?’
Tšimoloho ea Puso ea Motho
Puso ea Molimo ke mohlala oa pele oo motho a o behetsoeng tšimong ea Edene lilemong tse 6 000 tse fetileng. ’Mōpi o ile a hatella bohlokoa ba ho itšetleha ha motho ka eena le tataiso ea hae tumellanong le molao-motheo o ileng oa boleloa hamorao ka Bibeleng: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Kapa ho joalokaha maele a Sechaena a bolela: “Ka ntle ho thuso e tsoang Leholimong motho a ke ke a ba a tsamaea mohatonyana feela.”
Batho ba babeli ba pele ba ile ba fihlela qeto e fapaneng. Ba ile ba ikhethela ho tsamaea “ka ntle ho thuso e tsoang Leholimong” ’me qetellong ba ile ba tlameha ho tloha Paradeiseng eo Molimo o ba nehileng eona. Hamorao, ha lelapa la motho le ntse le eketseha, ho ile ha hlokahala melao ho tiisa hore khotso le taolo lia eketseha tokisetsong ena. Hang ha puso ea Molimo e sa amoheloe, puso ea motho e ile ea tlameha ho koala sebaka se feela.—Genese 3:1-5.
Kaofela ea Tšoana—Empa e Fapane
Ho tloha qalong ena e bohloko, mebuso ea batho e bile le mefuta e mengata. Ebang ke e itekanetseng kapa e rarahaneng haholo, kaofela e na le litšobotsi tse tšoanang. Tse ’maloa ke tsena:
Mebuso e hlokomela litlhoko tsa bafo ba eona. ’Muso o hlōlehang ho etsa sena o lahleheloa ke melao ea oona.
Mebuso e beha melao ea boitšoaro, eo haeba bafo ba eona ba sa e latele, e fellang ka kotlo. Molao ona o na le melaoana esita le melao, hammoho le meetlo e ileng ea hōlisoa ka makholo a lilemo. Baahi ba bangata ba utloa molao oa boitšoaro ebang ke ka ho hlokomela melemo e fumanehang ka ho etsa joalo, kaha ba ikutloa hore ‘ke ntho eo ba lokelang ho e etsa,’ hobane ba le tlas’a khatello ea metsoalle, kapa mohlomong ba tla fumana kotlo haeba ba sa etse joalo.
Mebuso e etsa litšebeletso tsa phethahatso, lekhotla la ho etsa melao, le litšebeletso tsa boahloli ka tlhophiso e ’ngoe e itseng. Ho etsoa melao, ho ba le toka, ’me melao e kenngoa tšebetsong.
Mebuso e boloka likamano tse matla tsa moruo bakeng sa khoebo ea lefatše.
Hangata mebuso e boetse e ikamahanya le mofuta o itseng oa bolumeli, ho feta e meng. E etsa joalo ho neha puso ea eona matla a itseng—‘tlhohonolofatso e tsoang leholimong’—eo mohlomong e neng e ke ke ea e-ba le eona.
Ha e le hantle, mebuso e boetse ea fapana. Bo-ramahlale ba lipolotiki ba e arola le ho e hophisa ka litsela tse ngata. The New Encyclopædia Britannica ea ngola: “Ka mohlala, ho na le khethollo ea lihlopha mahareng a mebuso ka lebaka la lenane la babusi—puso ea motho a le mong (morena kapa mohatelli), puso ea batho ba ’maloa (aristocracy kapa oligarchy), le tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba (democracy).”
Ka linako tse ling mebuso e khetholloa ka mefuta ea eona ea melao ea motheo (melao ea palamente, ’muso oa kabinete), ho ea ka melao-motheo ea eona ea matla a lipolotiki (ea meetlo), ho ea ka sebōpeho sa eona sa moruo, kapa ho ea ka tšebeliso ea eona e mpe ea matla. Mosebetsi ona oa litšupiso oa ngola: “Le hoja ho se le o mong o nang le melao e pharalletseng, molao-motheo o mong le o mong o na le matla a itseng.”
Empa ho sa tsotellehe hore na re e khetholla joang, ntho ea bohlokoa eo re lokelang ho e hopola ke hore mefuta e fapaneng ea puso ea motho—ho se mokhelo—kaofela e lekanngoa sekaleng. Sena se tla ba le liphello tse ngata ho rōna bohle.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Ha moapostola Pauluse a ngola ka mebuso e busang ho fihlela joale, o ile a ngola: “Motho ka mong a ikokobetse ka tlas’a borena.” (Ba-Roma 13:1, 7) Kahoo, Bakreste ba latelang tataiso ea Bibele ka hloko ba mamela melao eohle ea naha eo ba phelang ho eona, ha feela e sa hanyetsane le melao ea Molimo e phahameng.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
’Muso oa hlokahala—joalokaha taolo ea sephethe-phethe e hlokahala—ho qoba pherekano