Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ezekiele—I
KE SELEMO sa 613 B.C.E. Moprofeta Jeremia o Juda, ka sebete o phatlalatsa hore haufinyane Jerusalema e tla ahloloa le hore naha ea Juda e tl’o etsoa lesupi. Morena Nebukadnezare oa Babylona o se a isitse Bajuda ba bangata kholehong. Har’a bona ke Daniele e mocha le metsoalle ea hae e meraro, e sebetsang lekhotleng la Bakalde. Boholo ba Bajuda ba kholehong ba nōkeng ea Kebare “naheng ea Bakalde.” (Ezekiele 1:1-3) Jehova ha a tlohele baholehuoa bao ba se na lenģosa. O khetha Ezekiele ea lilemo li 30 hore e be moprofeta.
Buka ea Ezekiele e qetiloe ho ngoloa ka 591 B.C.E., ’me e ngotsoe ka lilemo tse 22. Ezekiele o hlokolosi haholo ha a ngola. O bolela linako tse mabapi le boprofeta ba hae, o bile o bolela letsatsi le khoeli hammoho le selemo. Karolo e qalang ea molaetsa oa Ezekiele e bua haholo ka ho oa le ho timetsoa ha Jerusalema. Karolo ea bobeli e bua ka liphatlalatso tse eang ho lichaba tse e pota-potileng ’me karolo ea ho qetela e bua ka ho tsosolosoa ha borapeli ba Jehova. Sehlooho sena se tšohla lintlha-khōlō tsa Ezekiele 1:1–24:27, e buang ka lipono, boprofeta le litšoantšiso tse bontšang hore na Jerusalema e ne e tla hlaheloa ke eng.
“KE U ENTSE MOLEBELI”
Ka mor’a ho bontšoa pono e hlollang ea terone ea Jehova, Ezekiele oa rongoa. Jehova o re ho eena: “Ke u entse molebeli ho ba ntlo ea Iseraele, u tla utloa polelo e tsoang molomong oa ka ’me u ba fe temoso e tsoang ho ’na.” (Ezekiele 3:17) E le hore a profete ka ho thibelloa ha Jerusalema le tse neng li tla tsoaloa ke ho thibelloa hoo, Ezekiele o laeloa hore a etse litšoantšiso tse peli. Ha a bua ka naha ea Juda a sebelisa Ezekiele Jehova o re: “Ke ’na enoa! Ke le tlisetsa sabole, ’me ka sebele ke tla timetsa libaka tsa lōna tse phahameng.” (Ezekiele 6:3) Ho baahi ba naha o re: “Moqhaka [oa tlokotsi] o tla tla ho [lōna].”—Ezekiele 7:7.
Ka 612 B.C.E., Ezekiele o isoa Jerusalema ka pono. O bona lintho tse manyala hakaakang li etsahala ka tempeleng ea Molimo! Ha Jehova a romella makhotla a hae a leholimo a phethahatsang kahlolo (a emetsoeng ke “banna ba tšeletseng”) ho bontša khalefo ea hae ho bakoenehi, ke feela batho ba ‘tšoailoeng liphatleng’ ba tla pholoha. (Ezekiele 9:2-6) Leha ho le joalo, “mashala a mollo”—e leng melaetsa ea Molimo ea timetso e tšoanang le mollo—a tlameha ho hasanngoa motseng pele. (Ezekiele 10:2) Le hoja ‘Jehova a tla tlisa tsela ea ba khopo holim’a lihlooho tsa bona,’ o tšepisa Baiseraele ba qhalakaneng hore o tla ba bokella.—Ezekiele 11:17-21.
Moea oa Molimo o khutlisetsa Ezekiele Kalde. Tšoantšiso e bontša Morena Tsedekia le sechaba ba baleha Jerusalema. Baprofeta ba bohata ba banna le ba basali baa nyatsuoa. Barapeli ba litšoantšo baa lahloa. Juda e tšoantšoa le sefate sa morara se se nang thuso. Selotho sa ntsu le sefate sa morara se bontša litholoana tse bosula tsa hore ebe Jerusalema e ile ea batla thuso ho Egepeta. Selotho sena se qetella ka ho fana ka tšepiso ea hore ‘Jehova o tla tlosa lekala le bonolo a le ise holim’a thaba e phahameng.’ (Ezekiele 17:22) Leha ho le joalo, Juda ho ke ke ha e-ba le “lere la borena la ho busa.”—Ezekiele 19:14.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:4-28—Koloi ea leholimo e tšoantšetsa eng? Koloi ena e tšoantšetsa karolo ea leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e entsoeng ka libōpuoa tsa moea tse tšepahalang. Li fuoa matla ke moea oa Jehova o halalelang. Mopalami oa koloi, ea tšoantšetsang Jehova, o khanya ka tsela e ke keng ea hlalosoa. Mookoli o tsotehang o bontša hore o na le khutso.
1:5-11—Libōpuoa tse phelang tse ’nè ke bo-mang? Ponong ea hae ea bobeli ea koloi, Ezekiele o bolela hore libōpuoa tse phelang tse ’nè ke likerubime. (Ezekiele 10:1-11; 11:22) Tlhalosong ena ea morao, o re sefahleho sa poho ke “sefahleho sa kerubime.” (Ezekiele 10:14) Sena se loketse hobane poho e tšoantšetsa matla ’me likerubime ke libōpuoa tsa moea tse matla.
2:6—Ke hobane’ng ha khafetsa Ezekiele a bitsoa “mor’a motho”? Jehova o bitsa Ezekiele tjena ho hopotsa moprofeta enoa hore ke motho oa nama le mali, e le ho totobatsa phapang e khōlō e teng pakeng tsa lenģosa la motho le Molimo eo e leng Mohloli oa molaetsa. Jesu Kreste le eena o bitsoa ka tsela ena ka makhetlo a ka bang 80 Likosepeleng, e leng se bontšang ka ho hlaka hore Mor’a Molimo o ne a tlile lefatšeng e le motho e seng e le sebōpuoa sa moea se apereng ’mele oa nama.
2:9–3:3—Ke hobane’ng ha moqolo oa koli-ea-malla le sello o ne o latsoeha hamonate ho Ezekiele? Se neng se etsa hore moqolo o latsoehe hamonate ho Ezekiele ke boikutlo boo a neng a e-na le bona ka thomo ea hae. Ezekiele o ne a thabela ho sebeletsa Jehova e le moprofeta.
4:1-17—Na Ezekiele o hlile a etsa se neng se tšoantšetsa ho thibelloa ha Jerusalema hoo e neng e le hona ho tla tla? Taba ea hore Ezekiele o ile a kōpa hore a mpe a sebelise libeso lisele bakeng sa ho apeha le taba ea hore Jehova o ile a amohela kōpo ea hae e bontša hore ehlile moprofeta o ile a etsa se neng se tšoantšetsa ketsahalo eo. O ne a tla robala ka lehlakore le letšehali ho tšoantšetsa lilemo tse 390 tsa phoso ea ’muso oa meloko e leshome—ho tloha qalong ea oona ka 997 B.C.E. ho fihlela ha Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. O ne a tla robala ka lehlakore le letona ho tšoantšetsa lilemo tse 40 tsa sebe sa Juda, ena e ne e le nako ea ho tloha ha Jeremia a khethoa ho ba moprofeta ka 647 B.C.E. ho fihlela ka 607 B.C.E. Ka matsatsi ana ’ohle a 430 Ezekiele o ne a phela ka lijo tse nyenyane le metsi a manyenyane haholo, ka tsela ea boprofeta sena se ne se bontša hore nakong eo Jerusalema e thibeletsoeng, ho tla ba le tlala e khōlō.
5:1-3—Ke sefe se bontšoang ke hore moriring oo Ezekiele a neng a lokela ho o hasanya moeeng o ile a nka o seng mokae eaba o o phuthela melekeng ea seaparo sa hae? Sena se ne se bontša hore ho na le masala a tla khutlela Juda ebe a tsosolosa borapeli ba ’nete ka mor’a hore Juda e etsoe lesupi ka lilemo tse 70.—Ezekiele 11:17-20.
17:1-24—Lintsu tse khōlō tse peli ke bo-mang, letlobo le lenyenyane la kedare le khuoa joang ’me “le bonolo” le isoang sebakeng se seng ke Jehova lona ke mang? Lintsu tse peli li emela babusi ba Babylona le ba Egepeta. Ntsu ea pele e hloella ntlheng ea sefate sa kedare, e leng ’musi oa ’muso oa leloko la borena la Davida. Ntsu ena e kha ntlha ea letlobo le lenyenyane ka hore e tlose Morena Jojakine oa Juda litulong ebe e beha Tsedekia. Ho sa tsotellehe kano eo a e nkileng ea hore o tla tšepahala, Tsedekia o kōpa thuso ho ntsu e ’ngoe, morena oa Egepeta, empa sena ha se mo thuse ka letho. O tla isoa botlamuoeng ’me a shoelle Babylona. Jehova o boetse o kha “le bonolo,” e leng Morena oa Bomesia. Enoa o isoa “holim’a thaba e phahameng le e telele,” holim’a Thaba ea Sione ea leholimo, moo e tla ba “kedare e khōlō,” e tla fana ka litlhohonolofatso tsa sebele lefatšeng.—Tšenolo 14:1.
Seo re Ithutang Sona:
2:6-8; 3:8, 9, 18-21. Ha rea lokela ho tšosoa ke ba khopo kapa ra tšaba ho ba bolella molaetsa oa Molimo o akarelletsang temoso e lebileng ho bona. Ha re thulana le batho ba sa natseng molaetsa kapa ba re hanyetsang, re lokela ho ba thata joaloka daemane. Leha ho le joalo, re lokela ho ba seli hore re se ke ra ithatafatsa lipelo, ra ba batho ba se nang kutloelo-bohloko kapa ba sehlōhō. Jesu o ne a utloela batho bao a neng a ba ruta bohloko, le rōna ka tsela e tšoanang re lokela ho susumetsoa ke kutloelo-bohloko ha re ruta ba bang.—Matheu 9:36.
3:15. Ka mor’a ho fuoa taelo, Ezekiele o ile a lula Tel-abibe, a ‘tsielehile ka matsatsi a supileng’ ha a ntse a nahanisisa ka molaetsa oo a neng a lokela ho o phatlalatsa. Na ha rea lokela ho ipha nako ea hore re ithute ka mafolofolo le hore re thuise e le hore re tle re utloisise linnete tsa moea tse tebileng?
4:1–5:4. Ho ne ho hlokahala boikokobetso le sebete hore Ezekiele a etse tšoantšiso ka lipontšo tse peli tsa boprofeta. Le rōna ho hlokahala hore re be ba ikokobelitseng le ba sebete hore re tsebe ho phetha kabelo efe kapa efe eo re e filoeng ke Molimo.
7:4, 9; 8:18; 9:5, 10. Ha rea lokela ho lumella mahlo a rōna ho qenehela batho ba fumanang kahlolo e bohloko ea Molimo kapa hona hore re ba hauhele.
7:19. Ha Jehova a liha kahlolo ea hae holim’a tsamaiso ena ea lintho, ho hang chelete e ke ke ea e-ba le thuso.
8:5-18. Bokoenehi bo ka bolaea motho moeeng. “Ka molomo oa hae mokoenehi o felisa oa habo.” (Liproverbia 11:9) Re lokela ho qhelela thōko esita le mohopolo feela oa ho mamela bakoenehi.
9:3-6. Ho fumana letšoao—bopaki ba hore re bahlanka ba Molimo ba inehetseng le ba kolobelitsoeng le hore re na le botho ba Bokreste—hoa hlokahala e le hore motho a tle a pholohe “matšoenyeho a maholo.” (Matheu 24:21) Bakreste ba tlotsitsoeng, ba emeloang ke monna ea nang le lenaka la mongoli, ba etella pele mosebetsing oa ho tšoaea, e leng mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Haeba re batla ho lula re e-na le letšoao, re tlameha hore ka cheseho re ba thuse ho etsa mosebetsi ona.
12:26-28. Esita le ho ba neng ba soma molaetsa oa hae, Ezekiele o ne a lokela ho re: “Mantsoe leha e le afe a [Jehova] a ke ke a hlola a chechisetsoa morao.” Re tlameha ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa ba bang hore ba tšepe Jehova pele a timetsa tsamaiso ena ea lintho.
14:12-23. Ke boikarabelo ba rōna hore re bone hore rea pholoha. Ha ho na motho e mong ea ka re etsetsang hona.—Baroma 14:12.
18:1-29. Ke rōna ba jarang boikarabello ka litholoana tsa liketso tsa rōna.
“KE TLA O SENYA, KE O SENYE, KE O SENYE”
Selemong sa bosupa ba le botlamuoeng, ka 611 B.C.E., ba hōlileng ba Iseraele ba tla ho Ezekiele hore “ba tl’o botsa Jehova.” Ba bolelloa ka histori ea nako e telele ea borabele ba Baiseraele ’me ba fuoa temoso ea hore ‘Jehova o tla ntša sabole ea hae’ khahlanong le bona. (Ezekiele 20:1; 21:3) Ha a bua le morena oa Iseraele (Tsedekia), Jehova o re: “Rōla tuku, u rōle moqhaka. Hona ho ke ke ha tšoana. Phahamisa se tlaase, se phahameng u se theolele tlaase. Ke tla o senya, ke o senye, ke o senye. Le oona, ka sebele e ke ke ea e-ba oa motho e mong ho fihlela ho tla ea nang le tokelo ea molao [Jesu Kreste], ’me ke tla mo fa eona.”—Ezekiele 21:26, 27.
Jerusalema e fumanoa e le molato. Molato oa Ohola (Iseraele) le Oholiba (Juda) oa pepesoa. Ho se ho nehelanoe ka Ohola “matsohong a ba mo ratang ka takatso e matla, matsohong a bara ba Assyria.” (Ezekiele 23:9) Ho timetsoa ha Oholiba ho atametse. Ka 609 B.C.E., ho thibelloa ha Jerusalema ka likhoeli tse 18 hoa qala. Qetellong ha motse o oa, Bajuda ba tla be ba maketse hoo ba sitoang le ho ntša bohloko ba bona. Ezekiele ha aa tšoanela ho bolela molaetsa oa Molimo ho ba ileng botlamuoeng ho fihlela “ea phonyohileng” a mo tlalehela hore motse o timelitsoe.—Ezekiele 24:26, 27.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
21:3—“Sabole” eo Jehova a tla e ntša selateng sa eona ke eng? Morena Nebukadnezare oa Babylona le lebotho la hae ke bona “sabole” eo Jehova a e sebelisang ho phethahatsa kahlolo holim’a Jerusalema le Juda. E akarelletsa le karolo e leholimong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o entsoeng ka libōpuoa tsa moea tse matla.
24:6-14—Mafome a pitseng a emela’ng? Ha Jerusalema e thibelletsoe e tšoantšoa le pitsa e molomo o moholo. Mafome a eona a emela boitšoaro bo litšila bo motseng oo—ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng le tšollo ea mali tseo motse o ikarabellang ka tsona. Ho se hloeke ha eona ho hoholo hoo mafome a sa tloheng leha pitsa e sa tšelang letho e behoa holim’a mashala, ho etsa hore e chese haholo.
Seo re Ithutang Sona:
20:1, 49. Se etsoang ke banna ba hōlileng ba Iseraele se bontša hore ba ne ba e-na le khoao ka seo Ezekiele a neng a se buile. E se eka le ka mohla re ke ke ra ba le pelaelo ka litemoso tse tsoang ho Molimo.
21:18-22. Le hoja Nebukadnezare a ne a sebelisa bonohe, ke Jehova ea ileng a etsa bonnete ba hore ’musi eo oa mohetene o ne a tla loantša Jerusalema. Sena se bontša hore esita le bademona ba ke ke ba thibela baromuoa ba Jehova ho phethahatsa morero oa hae.
22:6-16. Jehova o hloile ho etselletsa, boitšoaro bo hlephileng, ho sebelisa matla hampe le ho nka tjotjo. Re lokela ho ikemisetsa ka matla ho qoba liphoso tsa mofuta ona.
23:5-49. Ho etsa lilekane tsa lipolotiki ho ile ha etsa hore Iseraele le Juda li qetelle li oetse borapeling ba bohata ba lichaba tseo li neng li entse lilekane le tsona. A re itebeleng hore re se ke ra etsa setsoalle le batho ba lefatše ba ka senyang tumelo ea rōna.—Jakobo 4:4.
Molaetsa o Phelang le o Matla
Ke thuto ea bohlokoa hakaakang eo re e fumanang likhaolong tse 24 tse qalang tsa buka ea Bibele ea Ezekiele! Melao-motheo e fumanoang moo e bontša hore na ke sefe se etsang hore batho ba se amoheloe ke Molimo, hore na re ka fumana mohau oa hae joang le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lemosa ba khopo. Boprofeta bo buang ka ho timetsoa ha Jerusalema bo bontša ka ho hlaka hore Jehova ke Molimo ea ‘etsang hore batho ba hae ba tsebe lintho tse ncha pele li hlaha.’—Esaia 42:9.
Boprofeta bo kang bo tlalehiloeng ho Ezekiele 17:22-24 le 21:26, 27 bo ile ba bua ka ho hlongoa ha ’Muso oa Bomesia leholimong. Haufinyane puso eo e tla etsa hore thato ea Molimo e etsahale lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Re ka lebella mahlohonolo a ’Muso ka tumelo e matla le ka kholiseho. Ka sebele, “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Baheberu 4:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Koloi ea leholimo e tšoantšetsa eng?
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka cheseho ho re thusa hore re lule re e-na le “letšoao”