Buka ea Bibele ea 26—Ezekiele
Mongoli: Ezekiele
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Babylona
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 591 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 613 ho ea ho hoo e ka bang ka 591 B.C.E.
1. Maemo a ba isitsoeng botšoaruoeng Babylona e ne e le afe, ’me ke liteko life tse ncha tseo ba ileng ba thulana le tsona?
SELEMONG sa 617 B.C.E., Jojakine, morena oa Juda, o ile a nehela Jerusalema ho Nebukadnezare, ea ileng a nka batho ba ka sehloohong ba naha le matlotlo a ntlo ea Jehova le a ntlo ea morena ’me a a isa Babylona. Har’a bathoptjoa e ne e le lelapa la morena le mahosana; banna ba linatla, bahale; litsebi tsa mesebetsi le lihahi; le Ezekiele mora oa Busi moprista. (2 Mar. 24:11-17; Ezek. 1:1-3) Ka lipelo tse nyahameng, bathoptjoa bana ba Baiseraele ba qetile leeto la bona le boima ho tloha naheng e maralla, liliba, le likhohlo ho ea naheng ea masabasaba a bataletseng. Joale ba lula pel’a nōka ea Kebare har’a ’muso o matla, ba pota-potiloe ke batho ba nang le meetlo eo ba sa e tsebeng le borapeli ba bohetene. Nebukadnezare o ile a lumella Baiseraele ho iketsetsa matlo a bona, ho ba le bahlanka, le ho etsa mesebetsi ea khoebo. (Ezek. 8:1; Jer. 29:5-7; Esdr. 2:65) Haeba ba ne ba le mahlaha-hlaha, ba ne ba atleha haholo moruong. Na ba ne ba tla oela marabeng a bolumeli ba Bababylona le leratong la lintho tse bonahalang? Na ba ne ba tla tsoela pele ba bontša borabele khahlanong le Jehova? Na ba ne ba tla amohela ho isoa ha bona kholehong e le taeo e tsoang ho eena? Ba ne ba tla thulana le liteko tse ncha naheng ea bona ea botšoaruoa.
2. (a) Ke baprofeta bafe ba bararo ba neng ba hlahelletse lilemong tse bohloko pele ho timetso ea Jerusalema? (b) Ka ho hlokomelehang, Ezekiele o bitsoa mang, ’me lebitso la hae le bolela’ng? (c) Ezekiele o profetile mahareng a lilemo life, ’me ke eng e tsejoang ka bophelo ba hae le lefu la hae?
2 Lilemong tseo tse bohloko tse etelletseng pele ho timetsoa ha Jerusalema, Jehova ha a ka a itlhokisa litšebeletso tsa moprofeta kapa leha e le hona ho hlokisa Baiseraele moprofeta. Jeremia o ne a beiloe Jerusalema ka boeona, Daniele o ne a le lekhotleng la borena la Babylona, ’me Ezekiele e ne e le moprofeta ho batšoaruoa ba Bajode ba leng Babylonia. Ezekiele e ne e le moprista le moprofeta, likarolo tse khethollang tse ileng tsa thabeloa ke Jeremia le Zakaria hamorao. (Ezek. 1:3) Bukeng eohle ea hae ka makhetlo a fetang 90 o bitsoa “mor’a motho,” ntlha ea bohlokoa ha re ithuta boprofeta ba hae kahobane, Mangolong a Segerike a Bokreste, Jesu ka ho tšoanang o bitsoa “Mor’a motho” ka makhetlo a batlileng ho ba 80. (Ezek. 2:1; Matt. 8:20) Lebitso la hae Ezekiele (ka Seheberu, Yechez·qeʼlʹ) le bolela “Molimo oa Matlafatsa.” Ebile ka selemo sa bohlano sa ho tšoaroa ha Jojakine, 613 B.C.E., ha Ezekiele a rongoa ke Jehova ho ba moprofeta. Re bala ka eena a sa ntsane a le mosebetsing oa hae selemong sa bo27 sa botšoaruoa, lilemo tse 22 hamorao. (Ezek. 1:1, 2; 29:17) O ne a nyetse, empa mosali oa hae a shoa letsatsing leo Nebukadnezare a qalileng ho thibella Jerusalema la ho qetela ka lona. (24:2, 18) Letsatsi le mokhoa oa ho shoa ha Ezekiele ha li tsejoe.
3. Ho ka boleloa eng ka bongoli ba Ezekiele, haesita le ho kenyelletsoa ha buka ea Ezekiele mangolong a halalelang le bonnete ba eona?
3 Ha ho na khanyetso hore Ezekiele o fetse a ngola buka e nang le lebitso la hae le hore e na le sebaka se loketseng Mangolong a libuka tse halalelang. E ile ea kenyelletsoa mangolong a halalelang mehleng ea Esdrase ’me e ngotsoe libukeng tsa mehleng ea pele ea Bokreste, ka ho hlokomelehang mangolong a halalelang a Origen. Bonnete ba eona bo pakoa ke litšoantšo tse tšoanang ka mokhoa o makatsang le tsa Jeremia le Tšenolo.—Ezek. 24:2-12—Jer. 1:13-15; Ezek. 23:1-49—Jer. 3:6-11; Ezek. 18:2-4—Jer. 31:29, 30; Ezek. 1:5, 10—Tšen. 4:6, 7; Ezek. 5:17—Tšen. 6:8; Ezek. 9:4—Tšen. 7:3; Ezek. 2:9; 3:1—Tšen. 10:2, 8-10; Ezek. 23:22, 25, 26—Tšen. 17:16; 18:8; Ezek. 27:30, 36—Tšen. 18:9, 17-19; Ezek. 37:27—Tšen. 21:3; Ezek. 48:30-34—Tšen. 21:12, 13; Ezek. 47:1, 7, 12—Tšen. 22:1, 2.
4. Boprofeta ba Ezekiele bo bile le phethahatso efe e khōlō?
4 Bopaki bo tsoelang pele ka bonnete ba eona bo fumanoa phethahatsong e matla ea boprofeta ba Ezekiele khahlanong le lichaba tsa boahisani, tse kang Tyre, Egepeta, le Edomo. Ka mohlala, Ezekiele o ile a profeta hore Tyre e tla senngoa, ’me karolo ea bona e ile ea phethahala ha Nebukadnezare a hapa motse ka mor’a ho o thibella ka lilemo tse 13. (Ezek. 26:2-21) Khohlano ena ha ea ka ea bolela ho felisoa ho felletseng ha Tyre. Leha ho le joalo, kahlolo ea Jehova e ne e le hore Tyre e lokela ho felisoa ka ho felletseng. Ka Ezekiele o ne a ile a profeta hore: “Ke tla fiela lerōle la hae, ke mo etse lefika le hlobotseng. . . . Ba lahlele majoe a hao le lifate tsa hao le lerōle la hao metsing.” (26:4, 12) Sena sohle se ile sa phethahatsoa lilemo tse ka holimo ho 250 hamorao ha Alexandere e Moholo a futuhela motse oa sehleke-hleke oa Tyre. Masole a Alexandere a ile a hohola masupi a setseng a motse o neng o le naheng e ommeng ’me a a lahlela leoatleng, ba etsa tselana e bolelele ba limithara tse 800 ho ea fihla motseng oa sehleke-hleke. Ka hona ka thibello ena e rarahaneng, ba heletsa marako a phahameng ka limithara tse 46 hore ba tsebe ho hapa motse ka 332 B.C.E. Batho ba likete-kete ba ile ba bolaoa, ’me ba bang ba bangata ba rekisoa e le makhoba. Joalokaha Ezekiele a profetile hape, Tyre e ile ea fetoha ‘lefika le hlobotseng le nģalo eo ho aloang matlooa ho eona.’ (26:14)a Mose oane oa Naha e Tšepisitsoeng, Baedomo ba balotsana le bona ba ile ba timetsoa, ho phethahatsa boprofeta ba Ezekiele. (25:12, 13; 35:2-9)b Hape, boprofeta ba Ezekiele bo mabapi le ho timetsoa ha Jerusalema le ho tsosolosoa ha Iseraele le bona bo ile ba ipaka bo nepile.—17:12-21; 36:7-14.
5. Bajode ba ile ba arabela joang boprofeteng ba mathomo ba Ezekiele?
5 Lilemong tse qalang tsa mosebetsi oa hae oa boprofeta, Ezekiele o ile a bolela likahlolo tse tiileng tsa Molimo khahlanong le Jerusalema e sa tšepahaleng le ho lemosa batšoaruoa khahlanong le borapeli ba litšoantšo. (14:1-8; 17:12-21) Bajode ba leng botlamuoeng ba ne ba sa bontše matšoao leha e le afe a pako. Banna ba bona ba ikarabellang ba ne ba tloaetse ho botsa Ezekiele, empa ba ne ba sa natse melaetsa e tsoang ho Jehova eo Ezekiele a neng a e fetisetsa ho bona. Ba ile ba tsoela pele ka borapeli ba bona ba litšoantšo le mesebetsi ea lintho tse bonahalang. Ho lahleheloa ke tempele, motse oa bona o halalelang, le lesika la bona la marena e bile ketsahalo e ileng ea ba tšosa haholo, empa ke ba ’maloa feela ba ileng ba hlaphoheloa hore ba ikokobetse le ho baka.—Pes. 137:1-9.
6. Boprofeta ba morao ba Ezekiele bo hatisa eng, ’me ke joang ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ho totobatsoang?
6 Boprofeta ba Ezekiele lilemong tsa morao bo ile ba hatisa tšepo bakeng sa tsosoloso. Hape ba hlasela lichaba tse ahisaneng le Juda ka baka la ho thabela ho oa ha eona. Ho kokobetsoa ha tsona, hammoho le ho tsosolosoa ha Iseraele, ho ne ho tla halaletsa Jehova pel’a mahlo a tsona. Ka kakaretso, morero oa botšoaruoa le tsosoloso e ne e le ona: ‘Lōna batho, Bajode le lichaba, le tla tseba hore ke ’na Jehova.’ (Ezek. 39:7, 22) Ho halaletsoa hona ha lebitso la Jehova ho totobatsoa bukeng ena eohle, ka makhetlo a fetang 60 ho hlaha polelo ena: “Lōna [kapa, bona ba] le tla tseba hore ke ’na Jehova.”—6, 7, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.
LITABA TSE KA HARE TSA EZEKIELE
7. Kamoo ho leng ka teng, buka ea Ezekiele e oela likarolong life tse tharo?
7 Kamoo ho leng ka teng buka ena e arotsoe likarolo tse tharo. Ea pele, likhaolo 1 ho ea ho 24, li na le litemoso tsa timetso e tiileng ea Jerusalema. Karolo ea bobeli, likhaolo 25 ho ea ho 32, li na le boprofeta ba ho timetsoa ha lichaba tse ngata tsa bohetene. Karolo ea ho qetela, likhaolo 33 ho ea ho 48, li na le boprofeta ba tsosoloso, bo fihlang tlhōrōng ka pono ea tempele e ncha le motse o halalelang. Karolo e khōlō ea boprofeta bona e hlophisitsoe ho ea ka nako ea ho phethahala ha bona hammoho le ka sehlooho sa litaba tsa bona.
8. Ezekiele o bona eng ponong ea hae ea pele?
8 Jehova o roma Ezekiele e le seboholi (1:1–3:27). Ponong ea hae ea pele, ka 613 B.C.E., Ezekiele o bona moea oa sefefo o tsoang leboea, le leru le leholo le tsoakaneng le mollo. Har’a tsona ho hlaha libōpuoa tse phelang tse ’ne tse nang le mapheo, li e-na le sefahleho sa motho, tau, poho, le ntsu. Li na le ponahalo e kang ea mashala a mollo a hlenneng, ’me sebōpuoa ka seng se ne se na le lebili le leng ka har’a lebili le leng le bophahamo bo tšosang, ’me mabili a tletse mahlo ka hohle. A tsamaela mahlakoreng ’ohle ka kutloano e tšoanang. Ka holimo ho lihlooho tsa libōpuoa tse phelang e ne e le ho kang sebaka, ’me ka holimo ho sebaka e ne e le terone eo ho eona ho nang le “ponahalo ea khanya ea Jehova.”—1:28.
9. Ho ameha eng thōmong ea Ezekiele?
9 Jehova o bitsa Ezekiele ea oeleng ka sefahleho ka boikokobetso: “Mor’a motho, ema ka maoto a hao.” Joale o mo roma e le moprofeta bakeng sa Iseraele le lichaba tsa marabele tse e pota-potileng. Ho ne ho sa tsotellehe hore na ba ela temoso hloko kapa che. Bonyane ba ne ba tla tseba hore moprofeta oa Morena Jehova o kile a ba teng har’a bona. Jehova o etsa hore Ezekiele a je buka e phuthiloeng, e hlabosang joaloka mahe a linotši molomong oa hae. O mo bolella hore: “Mor’a motho, ke u beile seboholi sa ntlo ea Iseraele.” (2:1; 3:17) Ezekiele o tlameha ho fana ka temoso ka botšepehi, kapa ho seng joalo o tla shoa.
10. Ke pontšo efe bakeng sa Iseraele eo Ezekiele a etsang tšoantšiso ea eona?
10 Ho tšoantšetsa ho thibelloa ha Jerusalema (4:1–7:27). Jehova o laela Ezekiele ho ngola setšoantšo sa Jerusalema lekoteng. A emise tšoantšetso ea lerako le thibellang e le pontšo ho Iseraele. Ho hatisa ntlha ena, o lokela ho robala pel’a lekote lena ka matsatsi a 390 ka lehlakoreng la hae le letšehali le ka matsatsi a 40 ka lehlakoreng la hae le letona, ha ka nako eo a phela feela ka lijo tse fokolang haholo. Hore Ezekiele o hlile a etsa karolo eo ea tšoantšiso ho bontšoa ke boipiletso ba hae bo hlakileng ho Jehova hore ho fetoloe libeso tsa ho pheha.—4:9-15.
11. (a) Ke joang Ezekiele a tšoantšetsang qetello e tsoalang tlokotsi ea thibello? (b) Ke hobane’ng ha ho ke ke ha e-ba le topollo?
11 Jehova o etsa hore Ezekiele a etse pontšo ea ho fela ho bohloko ha thibello ka hore a beole moriri le litelu tsa hae. Karolo ea boraro ea tsona o lokela ho e chesa, karolo e ’ngoe ea boraro a e pome ka thipa, ’me karolo e ’ngoe ea boraro a e akhele moeeng. Ka hona, qetellong ea thibello, baahi ba bang ba Jerusalema ba tla shoa ke tlala ea sekoboto, mafu a seoa, le ka sabole, ’me ba setseng ba tla qhalanyetsoa lichabeng. Jehova o ne a tla e timetsa. Ka baka la’ng? Ka baka la borapeli ba eona bo khopisang le bo nyontšang ba litšoantšo. Maruo a ke ke a ba pholosa. Letsatsing la khalefo e tukang ea Jehova, batho ba Jerusalema ba tla lahlela silevera ea bona literateng, “’me ba tla tseba hoba ke ’na Jehova.”—7:27.
12. Ke manyala afe a bonoang ke Ezekiele ponong ea hae ea Jerusalema e koenehileng?
12 Pono ea Ezekiele ea Jerusalema e koenehileng (8:1–11:25). Joale ke 612 B.C.E. Ponong Ezekiele o isoa hōle Jerusalema, moo a bonang lintho tse manyala tse etsahalang tempeleng ea Jehova. Lebaleng la eona, ho na le setšoantšo se manyala se tsosang poulelo ea Jehova. Ha Ezekiele a phunya leboteng, o fumana banna ba baholo ba 70 ba rapela ka pel’a libatana tse tšabehang ka bobe le litšoantšo tse manyala. Ba itšireletsa ka hore: “Jehova ha a re bone, Jehova o furaletse lefatše lena.” (8:12) Hekeng e ka leboea, basali ba llela molimo oa bohetene Tammuze. Empa ha ho felle moo! Monyakong oa tempele ka boeona, ho na le banna ba 25, ba furalletse tempele, ba rapela letsatsi. Ba nyefola Jehova pontšeng, ’me ka sebele o tla itšoara ka khalefo!
13. Monna ea apereng line le banna ba tšeletseng ba tšoereng libolaea ba neoa litaelo life?
13 Joale bona! Banna ba tšeletseng ba hlaha ba tšoere libolaea tseo ba ka thuhang ka tsona. Har’a bona ho na le monna oa bosupa ea apereng line, ea nang le lenaka la enke la mongoli. Jehova o laela monna enoa ea apereng line hore a pholletse le motse ’me a behe letšoao liphatleng tsa batho ba llang le ba bobolang ka baka la lintho tse manyala tse etsoang har’a ’ona. Ho latelang, o bolella banna ba tšeletseng hore ba kene ’me ba bolaee e mong le e mong, “maqheku, le bahlankana, le likharebe, le bana ba banyenyane, le basali,” ba sa beoang letšoao. Ba phetha sena, ba qala ka baholo ba ka pel’a ntlo. Monna ea apereng line o fana ka tlaleho: “Ke entse kamoo u ntaetseng kateng.”—9:6, 11.
14. Qetellong pono e bontša eng ka khanya ea Jehova le likahlolo tsa hae?
14 Ezekiele o boela a bona khanya ea Jehova, e phahamela likerubime. Kerubime e fehla mashala a mollo o hlenneng pakeng tsa mabili, ’me monna ea apereng line oa a nka, ’me o a tšollela motseng. Ha e le ka ba qhalantsoeng ba Iseraele, Jehova o tšepisa ho ba bokella hape le ho ba nea moea o mocha. Empa ho thoe’ng ka barapeli baa ba bohata ba khopo ba leng Jerusalema? “Ke tla bea molato oa metsamao ea bona lihloohong tsa bona,” ho bolela Jehova. (11:21) Khanya ea Jehova e bonahala e theohela motseng, ’me Ezekiele o tsoela pele ho phetela batšoaruoa pono eo.
15. Ke ka papiso efe e tsoelang pele Ezekiele a bontšang bonnete ba ho isoa ha baahi ba Jerusalema botšoaruoeng?
15 Boprofeta bo tsoelang pele mabapi le Jerusalema Babylona (12:1–19:14). Ezekiele o fetoha motšoantšisi ponong e ’ngoe ea boprofeta. Nakong ea motšehare, o ntša thoto ea hae ea botšoaruoa tlung ea hae, ’me bosiu o tsoa ka lesoba le phuntsoeng leboteng la motse, sefahleho sa hae se khurumelitsoe. O hlalosa sena e le pontšo: “Ba tla falla, ba ee kholehong.” (12:11) Baprofeta bao ba lithoto ba ileng ba latela meea ea bona! Baa hoeletsa, “Khotso!” nakong eo ho se nang khotso. (13:10) Le haeba Noe, Daniele, le Jobo ba ne ba ka ba Jerusalema, ba ne ba ke ke ba pholosa sephefumolohi leha se le seng haese tsa bona feela.
16. Ho hloka thuso ha Jerusalema ho tšoantšetsoa joang, empa ke hobane’ng ha ho tla ba le tsosoloso?
16 Motse o joaloka sefate sa morara se se nang thuso ea letho. Lehong la sona ha le na thuso bakeng sa ho etsa lipalo, esita le ho etsa tsona lithakhisa! Se chele lintlheng ka bobeli ’me hare se tlabotsoe ke mocheso oa letsatsi—ha se na molemo oa letho. Jerusalema e fetohile e se nang tumelo le e se nang thuso hakaakang! E belehetsoe naheng ea Bakanana, e ile ea tholoa ke Jehova joaloka lesea le lahluoeng. O ile a e hōlisa le ho kena selekaneng sa lenyalo le eona. O ile a e khabisa, “ho fihla boemong ba borena.” (16:13, NW) Empa e fetohile letekatse, e retelehela lichabeng tse fetang. E ile ea rapela litšoantšo tsa tsona le ho chesa bara ba eona mollong. Qetello ea eona e tla ba timetso matsohong a lichaba tsona tsena, baratuoa ba eona ba bonyatsi. Bobe ba eona bo feta hōle ba bana babo eona, Sodoma le Samaria. Esita leha ho le joalo, Jehova, Molimo o mohau, o tla e etsetsa pheko le ho e tsosolosa ho ea ka selekane sa hae.
17. Ke eng seo Jehova a se bontšang ka selotho sa ntsu le sefate sa morara?
17 Jehova o nea moprofeta selotho le ho mo hlalosetsa sona. Se bontša bothoto ba hore Jerusalema e retelehele Egepeta bakeng sa thuso. Ntsu e khōlō (Nebukadnezare) ea tla ’me e roba ntlha (Jojakine) ea sefate se phahameng sa kedare, ’me e e isa Babylona, sebakeng sa eona e jala sefate sa morara (Tsedekia). Sefate sa morara se lebisa makala a sona ho ntsu e ’ngoe (Egepeta), empa na sea atleha? Se fotholoa ka metso! Jehova ka boeena o tla nka lehlomela le bonolo ho tsoa ntlheng e phahameng ea sefate sa kedare ’me a le hlome thabeng e phahameng. Moo le tla hōla ho ba kedare e khōlō bakeng sa bolulo ba “linonyana tsohle, tsohle tse nang le lipheo.” Bohle ba tla lokela ho tseba hore ke Jehova ea entseng hoo.—17:23, 24.
18. (a) Ke melao-motheo efe eo Jehova a e bolelang ho khalemela Bajode ba isitsoeng botšoaruoeng? (b) Ke kahlolo efe e emetseng marena a Juda?
18 Jehova o nyatsa batšoaruoa ba Bajode ka polelo ea bona ea maele, e reng: “Bo-ntat’a bana ba jele morara o bolila, ’me meno a bana a thella.” Che, “sephefumolohi se etsang sebe ke sona se tla shoa.” (18:2, 4, NW) Ea lokileng o tla ’ne a phele. Jehova ha a thabele lefu la ea khopo. O thabela ho bona ea khopo a sokoloha litseleng tsa hae tse mpe ’me a phela. Ha e le ka marena a Juda, joaloka litaoana ba tšoasitsoe sefing ke Egepeta le Babylona. Mantsoe a bona ‘a ke ke a hlola a utloahala thabeng ea Iseraele.’—19:9.
19. (a) Ka mor’a timetso, ke tšepo efe eo Ezekiele a e tsebahatsang? (b) Ke joang a tšoantšang ho se tšepahale ha Iseraele le Juda le phello ea hona?
19 Melaetsa ea kahlolo khahlanong le Jerusalema (20:1–23:49). Nako e se e tsamaile ho fihla ho 611 B.C.E. Baholo ba leng har’a batšoaruoa ba khutlile hape ho tla botsa Ezekiele ka Jehova. Seo ba se utloang ke ho phetoa ha histori e telele ea borabele ba Iseraele le tšebeletso e mpe ea litšoantšo le temoso ea hore Jehova o tla ba tlisetsa kahlolo ea sabole. O tla ‘heletsa, a heletse, a heletse’ Jerusalema. Empa, ho na le tšepo e khanyang! Jehova o tla boloka borena (“moqhaka”) bakeng sa ea neng a tla tla ka “kahlolo [“tokelo ea molao,” NW]” ’me a mo nee bona. (21:26, 27) Ezekiele o pheta lintho tse manyala tse etsoang Jerusalema, “motse oa mali.” Ntlo ea Iseraele e joaloka “manya” ’me a lokela ho bokelloa Jerusalema le ho qhibilihisoa seboping teng. (22:2, 18) Ho se tšepahale ha Samaria (Iseraele) le Juda ho tšoantšetsoa ka bana ba motho ba babeli ba banana. Samaria ea tšoantšoang le Ohola o feba le Baassyria ’me ea bolaoa ke baratuoa ba eona ba bonyatsi. Juda e emeloang ke Oholiba ha ea ka ea ithuta ho seo empa ea etsa ho hobe le ho feta, ea etsa bootsoa pele le Assyria ’me hamorao le Babylona. E tla timetsoa ka ho felletseng, “le tle le tsebe hoba ke ’na Morena Jehova.”—23:49.
20. Ho thibeloa ha Jerusalema ho tšoantšoa le eng, ’me ke pontšo efe e matla eo Jehova a fanang ka eona mabapi le kahlolo ea hae holim’a eona?
20 Ho thibelloa ha ho qetela ha Jerusalema hoa qala (24:1-27). Ke 609 B.C.E. Jehova o tsebisa Ezekiele hore morena oa Babylona o thibelletse Jerusalema ka letsatsi lena la leshome la khoeli ea leshome. O tšoantša motse o marako le pitsa e phehelang e molomo o ahlameng, ’me ka hare e tšetse baahi ba eona ba khethehileng e le nama. Ea beselletsoa! E chesa litšila tsohle tsa manyala a litšebeletso tsa litšoantšo tsa Jerusalema! Ka letsatsi le tšoanang, mosali oa Ezekiele oa shoa, empa ho latela kutlo ea moprofeta ho Jehova, ha a mo llele. Ena ke pontšo ea hore batho ha baa lokela ho llela timetso ea Jerusalema, kahobane ke kahlolo e tsoang ho Jehova, e le hore ba tle ba tsebe hore ke eena mang. Jehova o tla romela mophonyohi ho tla tsebisa ka ho timetsoa ha “thabo ea boikhohomoso ba bona,” Ezekiele a se hlole a bua le batšoaruoa ho fihlela a fihla.—24:25.
21. Ke joang lichaba li tlang ho tseba Jehova le phetetso ea hae?
21 Boprofeta khahlanong le lichaba (25:1–32:32). Jehova o bona esale pele hore lichaba tse ka mathōko li tla thabela ho oa ha Jerusalema le ho sebelisa ketsahalo eo e le tsela ea ho nyefola Molimo oa Juda. Li ke ke tsa tsoela pele li sa fumana kotlo! Ammone e tla neoa batho ba Bochabela, le Moabe ka ho tšoanang. Edomo e tla fetoha lesupi, ’me tefetso e khōlō e tla tlisetsoa Bafilista. Jehova o re kaofela “ba tle ba tsebe hoba ke ’na Jehova, mohla ke beang tefetso ea ka holim’a bona.”—25:17.
22. Tyre e qoolloa ka ho khethehileng joang, ’me ke joang Jehova a tlang ho halaletsoa mabapi le Sidone?
22 Tyre e qoolloa ka ho khethehileng. Ka boikhohomoso ba eona ka baka la khoebo ea eona e atlehang, e joaloka sekepe se setle har’a maoatle, empa kapele-pele se tla robeha ’me se tebele koeetseng. Ka boikakaso moeta-pele oa eona o re, “Ke ’na Molimo.” (28:9, NW) Jehova o laela moprofeta oa hae ho isa molaetsa oa sello bakeng sa morena oa Tyre: Joaloka kerubime e tlotsitsoeng e ntle, o ne a le Edene, tšimo ea Molimo; empa Jehova o tla mo tlosa thabeng ea Hae kahobane a silafetse, o tla felisoa ke mollo o tsoang ka hare. Jehova o bolela hore O tla halaletsoa hape ka ho timetsa Sidone e tletseng nyefolo.
23. Egepeta e tla tlameha ho tseba eng, hona hona ho tla etsahala joang?
23 Joale Jehova o bolella Ezekiele hore a lebise sefahleho sa hae khahlanong le Egepeta le Faro oa eona le ho profeta khahlanong le tsona. “Nōka [“Nile,” NW] ea ka ke ea ka ruri, ke ’na ke iketselitseng eona,” ho rialo Faro ka makōkō. (29:3) Faro, le Baegepeta ba lumelang ho eena, le bona ba lokela ho tseba hore Jehova ke Molimo, ’me thuto eo e ne e tla phethahatsoa ka timetso ea lilemo tse 40. Mona Ezekiele o kenyelletsa boitsebiso bo itseng boo ha e le hantle a ileng a bo senoleloa hamorao, ka 591 B.C.E. Jehova o tla nehela Egepeta ho Nebukadnezare e le puseletso bakeng sa tšebeletso ea hae ho liha Tyre. (Nebukadnezare o ile a nka khapo e nyenyane Tyre, kahobane batho ba Tyre ba ile ba phonyoha ka leruo la bona le lengata ho ea motseng oa bona oa sehleke-hleke.) Molaetseng oa sello, Ezekiele o tsebisa Nebukadnezare hore o tla hapa Egepeta e ikhohomosang, “ba tle ba tsebe hoba ke ’na Jehova.”—32:15.
24. (a) Boikarabelo ba Ezekiele e le seboholi ke bofe? (b) Ha peho ea ho oa ha Jerusalema e utloahala, ke molaetsa ofe oo Ezekiele a o bolellang ba isitsoeng botšoaruoeng? (c) Ke tšepiso efe ea tlhohonolofatso e totobetsoang khaolong ea 34?
24 Seboholi ho batšoaruoa; boprofeta ba tsosoloso (33:1–37:28). Jehova o hlahloba le Ezekiele boikarabelo ba hae joaloka seboholi. Batho ba re, “Tsela ea Morena [“Jehova,” NW] ha ea loka!” Ka hona Ezekiele o ne a lokela ho ba hlakisetsa kamoo ba neng ba fositse ka teng. (33:17) Empa joale e se e le 607 B.C.E., letsatsi la bohlano la khoeli ea leshome.c Mophonyohi ea tsoang Jerusalema oa fihla ho phetela moprofeta: “Motse o hlōtsoe [“o sentsoe!” NW]”! (33:21) Ezekiele, eo joale a lokolohileng hape ho bua le batšoaruoa, o ba bolella hore likhopolo leha e le life tseo ba nang le tsona mabapi le ho pholosa Juda ke lefeela. Le hoja ba ne ba tla ho Ezekiele ho tla utloa lentsoe la Jehova, ho bona o ne a tšoana le sebini sa lipina tsa lerato, joaloka kheleke e bapalang seletsa se likhole. Ha ba ele taba ea hae hloko. Leha ho le joalo, ha ho phethahala, ba tla tseba hore moprofeta o ne a le teng har’a bona. Ezekiele o khalemela ka tieo balisa ba bohata ba hlokomolohileng mohlape empa ba iphepa bobona. Jehova, Molisa ea Phethahetseng, o tla bokella mohlape o qhalantsoeng le ho o isa makhulong a nonneng a lithaba tsa Iseraele. Moo o tla o tsosetsa molisa a le mong, ‘mohlanka oa hae Davida.’ (34:23) Jehova ka sebele sa hae e tla ba Molimo oa bona. O tla etsa selekane sa khotso le ho ba tšollela lipula tsa tlhohonolofatso.
25. (a) Ke hobane’ng hona e le joang Jehova a tlang ho etsa hore naha e be joaloka Edene? (b) Ke eng se tšoantšetsoang ke pono ea masapo a omelletseng? ea lithupa tse peli?
25 Ezekiele o boela a profeta ka ho etsoa lesupi ha Thaba ea Seire (Edomo). Leha ho le joalo, libaka tsa Iseraele tse entsoeng lesupi li tla hahuoa hape, kahobane Jehova o tla utloela lebitso le halalelang la hae bohloko, ho le halaletsa pel’a lichaba. O tla neha batho ba hae pelo e ncha le moea o mocha, ’me naha ea bona e tla boela e ‘fetohe e ke tšimo ea Edene.’ (36:35) Joale Ezekiele o bona pono ea Iseraele e tšoantšelitsoeng ka khohlo ea masapo a omelletseng. Ezekiele o profetela masapo a eona. Ka mohlolo a qala ho koaheloa ke nama, a e-ba le phefumoloho, le bophelo hape. Ka tsela e tšoanang Jehova o tla bula nģalo ea mapato ea botšoaruoa e leng Babylona le ho khutlisetsa Baiseraele naheng ea bona hape. Ezekiele o nka lithupa tse peli tse emelang matlo a mabeli a Iseraele, Juda le Efraime. Letsohong la hae li fetoha thupa e le ’ngoe. Ka hona, ha Jehova a tsosolosa Iseraele, ba tla kopana selekaneng sa khotso tlas’a mohlanka oa hae “Davida.”—37:24.
26. Ke ka baka la’ng ha Gogo oa Magogo a hlasela, hona e le ka phello efe?
26 Ho hlasela ha Gogo oa Magogo Iseraele e tsosolositsoeng (38:1–39:29). Joale ho hlaha tlhaselo e tsoang mohloling o mocha! Gogo oa Magogo ea bonang khotso le katleho tse hohelang tsa batho ba Jehova ba tsosolositsoeng, o ba hlasela a befile. O tla mathela ho ba teela hare. Ketsong ena, Jehova o tla phahama ka mollo oa khalefo ea hae. O tla etsa hore bana ba motho ba bolaeane ka sabole le ho ba tlisetsa lefu la seoa le mali le lipula tsa likhohola tse nang le majoe a sefako, mollo, le sebabole. Ba tla shoa ba tseba hore Jehova ke “Mohalaleli oa Iseraele.” (39:7) Batho ba hae joale ba tla besa mollo ka thepa ea ntoa e sentsoeng ea lira le ho epela masapo ‘Khohlong ea Bongata ba Gogo.’ (39:11) Linonyana tse jang nama le libatana tsa naha li tla ja linama tsa ba bolailoeng le ho noa mali a bona. Ho tloha nakong eo ho ea pele batho ba Iseraele ba tla aha tšireletsehong, ho se ea ba tšosang, ’me Jehova o tla tšollela moea oa hae holim’a bona.
27. Ha ponong Ezekiele a etela naha ea Iseraele o bona eng, ’me khanya ea Molimo e bonahala joang?
27 Pono ea Ezekiele ea tempele (40:1–48:35). Re fihla selemong sa 593 B.C.E. Ke selemo sa bo14 ka mor’a ho timetsoa ha tempele ea Salomone, ’me batšoaruoa ba bakileng ba hloka khothatso le tšepo. Ponong Jehova o isa Ezekiele naheng ea Iseraele ’me o mo beha holim’a thaba e telele haholo. Mona, ponong, o bona tempele le “moaho oa motse, ka ’nģa Boroa.” Lengeloi le mo laela sena: “U tle u tsebise ntlo ea Iseraele tsohle tseo u li bonang.” (40:2, 4) Joale o bontša Ezekiele lintlha tsohle tse qaqileng tsa tempele le mabala a eona, ho lekanngoa marako, liheke, likamore tsa balebeli, likamore tsa ho jela, le tempele ka boeona, le Sehalalelo le Sehalalelisiso sa eona. Le isa Ezekiele hekeng e ka bochabela. “’Me ka bona khanya ea Molimo oa Iseraele e e-tla e e-tsoa bochabela; lentsoe la oona le ne le le joalo ka molumo oa metsi a mangata; lefatše le ne le benya ka khanya ea oona.” (43:2) Lengeloi le laela Ezekiele ka ho felletseng mabapi le Ntlo (kapa tempele); aletare le mahlabelo a eona; litokelo le litšoanelo tsa baprista, Balevi, le marenana; le ho abjoa ha naha.
28. Pono ea Ezekiele e bontša eng mabapi le nōka e phallang ho tsoa Ntlong, ’me ke eng se senoloang ka motse le ka lebitso la oona?
28 Lengeloi le khutlisetsa Ezekiele monyakong oa Ntlo, moo moprofeta o bona metsi a tsoang mohatong oa monyako oa Ntlo a phallela ’nģa bochabela, ka lehlakoreng le ka boroa la aletare. A qala e le feela marotholi empa a ea a ntse a eketseha ho fihlela e e-ba nōka e khōlō. Joale a phallela Leoatleng le Shoeleng, moo litlhapi li qalang ho phela hape ’me ho qaleha khoebo ea ho tšoasa litlhapi. Mose ona le oane oa nōka ena e khōlō, lifate li fana ka lijo le pheko ho batho. Joale pono e fana ka mafa a meloko e 12, ho sa hlokomolohuoe mojaki le morenana, ’me e hlalosa motse o halalelang o ka boroa, le liheke tsa oona tse 12 tse rehelletsoeng ka meloko. Motse o tla bitsoa ka lebitso le khanyang ho feta ’ohle: “(Jehova o teng mona).”—48:35.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
29. Ke ka tsela efe Bajode ba isitsoeng botšoaruoeng ba ileng ba rua molemo boprofeteng ba Ezekiele?
29 Lipolelo, lipono, le litšepiso tseo Jehova a li neileng Ezekiele kaofela ha tsona li ile tsa phetoa ka botšepehi ho Bajode ba isitsoeng botšoaruoeng. Le hoja ba bangata ba ile ba soma le ho nyefola moprofeta, ba bang ba ile ba mo lumela. Bana ba ile ba rua melemo e meholo. Ba ile ba matlafatsoa ke litšepiso tsa tsosoloso. Ho fapana le lichaba tse ling tse isitsoeng botšoaruoeng, ba ile ba boloka boitsebahatso ba bona ba bochaba, ’me Jehova a khutlisa masala, ka 537 B.C.E., joalokaha a boletse esale pele. (Ezek. 28:25, 26; 39:21-28; Esdrase 2:1; 3:1) Ba ile ba haha hape ntlo ea Jehova le ho nchafatsa borapeli ba ’nete moo.
30. Ke melao-motheo efe e ngotsoeng ho Ezekiele e leng molemo ho rōna kajeno?
30 Melao-motheo e ngotsoeng ho Ezekiele e bohlokoa le ho rōna kajeno. Bokoenehi le tšebeletso ea litšoantšo, hammoho le borabele, li isa ho lahleheloeng ke mohau oa Jehova. (Ezek. 6:1-7; 12:2-4, 11-16) E mong le e mong o tla ikarabella bakeng sa sebe, empa Jehova o tla tšoarela ea furallang tsela ea hae e fosahetseng. Motho ea joalo o tla neoa mohau ’me o tla ’ne a phele. (18:20-22) Bahlanka ba Molimo ba tlameha ho ba liboholi tse tšepahalang joaloka Ezekiele, esita le likabelong tse thata le tlas’a ho songoa le ho nyefoloa. Ha rea lokela ho lumella ba khopo hore ba shoe ba sa ka ba lemosoa, mali a bona a le holim’a lihlooho tsa rōna. (3:17; 33:1-9) Balisa ba batho ba Molimo ba jara boikarabelo bo boima ba ho hlokomela mohlape.—34:2-10.
31. Boprofeta ba Ezekiele bo bolelang esale pele ka ho tla ha Messia ke bofe?
31 Boprofeta bo boholo haholo bukeng ea Ezekiele ke bo mabapi le Messia. O suptjoa e le “ea nang le tokelo ea molao” teroneng ea Davida le ea lokelang ho e neoa. Libakeng tse peli ho boleloa ka eena e le “mohlanka oa ka Davida,” hape e le “molisa,” “morena,” “khosana.” (21:27, NW; 34:23, 24; 37:24, 25, NW) Erekaha e ne e le khale Davida a shoele, Ezekiele o ne a bua ka Ea neng a tla nka likarolo tse peli tsa Mor’a Davida le Morena. (Pes. 110:1; Matt. 22:42-45) Ezekiele, joaloka Esaia, o boletse ka ho jaloa ha lehlomela le bonolo le neng le tla beoa phahameng ke Jehova.—Ezek. 17:22-24; Esa. 11:1-3.
32. Pono ea Ezekiele ea tempele le pono ea Tšenolo ea ‘motse o moholo o halalelang’ li hlahella joang ha li bapisoa?
32 Ke ho thahasellisang ho bapisa pono ea tempele ea Ezekiele le pono ea Tšenolo ea “motse o moholo, Jerusalema ea halalelang.” (Tšen. 21:10) Ho na le likarolo tse sa tšoaneng tse lokelang ho lemohuoa; ka mohlala, tempele ea Ezekiele e ka thōko ’me e ka leboea ho motse, ha Jehova ka boeena e le tempele ea motse ho Tšenolo. Leha ho le joalo, ponong ka ’ngoe ho na le nōka ea bophelo e phallang, ho na le lifate tse beang litholoana tsa khoeli le khoeli le mahlaku a ho folisa, ’me ho na le boteng ba khanya ea Jehova. Pono ka ’ngoe e tlatsetsa ho ananeleng borena ba Jehova le tokisetso ea hae ea poloko bakeng sa ba mo nehelang tšebeletso e halalelang.—Ezek. 43:4, 5—Tšen. 21:11; Ezek. 47:1, 8, 9, 12—Tšen. 22:1-3.
33. Ezekiele e hatisa eng, ’me bao hona joale ba halaletsang Jehova bophelong ba bona ba tla hlaheloa ke eng?
33 Buka ea Ezekiele e hatisa hore Jehova oa halalela. E tsebisa hore ho halaletsoa ha lebitso la Jehova ho bohlokoa ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe. “Ke tla halaletsa lebitso la ka le leholo . . . lichaba li tle li tsebe hoba ke ’na Jehova, mohla ’na, ke leng Morena Jehova, ke ikhalaletsang.” Joalokaha boprofeta bo bontša, o tla halaletsa lebitso la hae ka hore a felise batho bohle ba silafatsang lebitso leo, ho akarelletsa le Gogo oa Magogo. Ba bohlale ke bao hona joale ba halaletsang Jehova bophelong ba bona ka ho finyella litlhokahalo bakeng sa borapeli bo amohelehang. Bana ba tla fumana pholiso le bophelo bo sa feleng nōkeng e phallang ho tsoa tempeleng ea hae. Motse o nang le khanya e fetisisang le botle bo boholo ke o bitsoang “Jehova o teng mona”!—Ezek. 36:23; 38:16; 48:35.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 531, 1136.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 681-2.
c Le hoja mangolo a Masorete a bolela hore mophonyohi ea tsoang Jerusalema o ile a fihla ka selemo sa bo12, mangolo a mang a baleha ka hore e ne e le “selemong sa leshome le motso o le mong,” ’me temana ena e ngotsoe joalo ke Lamsa le Moffatt hammoho le An American Translation.