Buka ea Bibele ea 25—Lillo
Mongoli: Jeremia
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Haufi le Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 607 B.C.E.
1. Buka ea Lillo e beiloe sehlopheng sefe?
BUKA ena ea Mangolo a bululetsoeng ka sebele e reiloe lebitso le e loketseng. Ke sello se bontšang bohloko bo tebileng ka baka la tlokotsi e ileng ea etsahala historing ea batho ba khethiloeng ba Molimo, ha Jerusalema e timetsoa ke Nebukadnezare, morena oa Babylona ka 607 B.C.E. Ka Seheberu buka ena e bitsoa ka lentsoe la eona la pele,ʼEh·khahʹ!, le bolelang “Joang!” Bafetoleli ba Septuagint ea Segerike ba bitsa buka ena Threʹnoi, e bolelang “Likoli-tsa-malla; Lillo.” Talmud ea Bababylona e sebelisitse lentsoe Qi·nohthʹ, le bolelang “Likoli-tsa-malla; Lithoko tse bohloko.” Ke Jerome, ea neng a ngola ka Selatine, ea ileng a e bitsa Lamentationes, e leng moo ho hlahang sehlooho sa Senyesemane Lamentations.
2. Ke joang Lillo li bokelletsoeng le ho beoa ka Bibeleng?
2 Liphetolelong tsa Sesotho tsa Bibele, Lillo li latela Jeremia, empa libukeng tsa Seheberu tse halalelang, li fumanoa sehlopheng sa mangolo a Sejode se bitsoang Hagiographa, kapa Mangolo, hammoho le Sefela sa Salomone, Ruthe, Moeklesia, le Esthere—sehlotšoana se neng se tsejoa e le Meghil·lohthʹ (Meqolo). Libibeleng tsa mehleng ena tsa Seheberu, buka ena e beiloe pakeng tsa Ruthe kapa Esthere le Moeklesia, empa ho boleloa hore likoping tsa boholo-holo e ne e latela Jeremia, joalokaha ho le joalo Bibeleng ea rōna kajeno.
3, 4. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Jeremia ke eena mongoli oa eona?
3 Buka ha e fane ka lebitso la mongoli oa eona.a Empa leha ho le joalo, ha ho na pelaelo hore e ne e le Jeremia. Ho Septuagint ea Segerike, buka e na le selelekela sena: “’Me ha etsahala hore, ka mor’a hore Jerusalema e isoe botšoaruoeng ’me Jerusalema e entsoe lesupi, Jeremia o ile a lula fatše ’me a lla ka sello sena bakeng sa Jerusalema ’me a re.” Jerome o ile a nka mantsoe ana e le a kentsoeng ka bolotsana ’me ka hona a a tlohela phetolelong ea hae. Leha ho le joalo, ho bolela hore Jeremia ke mongoli oa Lillo ke neano e amoheloang ke Bajode ’me ho tiisoa ke phetolelo ea Sesyria, Vulgate ea Selatine, Targum ea Jonathan, le Talmud ea Sebabylona, har’a tse ling.
4 Ba bang ba nyatsang ba ile ba leka ho paka hore Jeremia ha a ka a ngola Lillo. Leha ho le joalo, A Commentary on the Holy Bible e qotsa e le bopaki ba ho ngola ha Jeremia “litlhaloso tse qaqileng tsa Jerusalema ho likhao. 2 le 4, tseo bopaki bo bontšang hore ke litsǒantšo tse ngotsoeng ka pene tsa paki e boneng ka mahlo; ka ho tšoanang le boikutlo bo matla ba kutloelo-bohloko le moea oa boprofeta oa lithoko bukeng eohle, hammoho le mokhoa oa tsona, lipolelo, le khopolo, tseo kaofela e leng botho ba Jeremia.”b Ho na le lipolelo tse ngata tse tšoanang ho Lillo le Jeremia, joaloka ea bohloko bo tebileng ba ‘leihlo le tšollang meokho’ (Lillo 1:16; 2:11; 3:48, 49; Jer. 9:1; 13:17; 14:17) le tsa ho nyonya baprofeta le baprista ka baka la tšenyo ea bona. (Lillo 2:14; 4:13, 14; Jer. 2:34; 5:30, 31; 14:13, 14) Litemana tsa Jeremia 8:18-22 le 14:17, 18 li bontša hore Jeremia o ne a lla ka mokhoa o tšoanang le o ho Lillo.
5. Ke ka ho sebelisa mabaka afe re fihlang nakong ea ho ngoloa ha eona?
5 Ho lumeloa hore nako eo e ngotsoeng ka eona e ka ba kapele ka mor’a ho oa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. Sehlōhō sa ho thoptjoa le ho chesoa ha motse oa Jerusalema se ne se hopoleha hantle kelellong ea Jeremia, ’me bohloko ba hae bo bontšoa ka ho totobetseng. Mohlalosi e mong o boletse hore ha ho tšobotsi leha e le efe ea bohloko e bontšoang ka ho felletseng karolong e itseng feela, empa e khutla joalo joalo lithokong tse ngata. O re: “Khopolo ena e ferekaneng . . . ke bopaki bo bong bo matla haholo ba hore buka ena e haufi le liketsahalo le maikutlo ao e a hlalosang.”c
6. Ke eng se khahlang ka mokhoa le ho ngoloa ha Lillo?
6 Tsela eo Lillo e ngotsoeng ka eona e khahla seithuti sa Bibele haholo. Ho na le likhaolo tse hlano, ke hore, lipina tse hlano tsa lithoko. Tse ’nè tsa pele li ngotsoe ho latela alfabeta ea Seheberu, temana ka ’ngoe e qala ka e ’ngoe ea litlhaku tse 22 tsa alfabeta ea Seheberu ka ho latellana. Ha ka lehlakoreng le leng, khaolo ea boraro e e-na le litemana tse 66, ho etsang hore litemana tse 3 tse latellanang li qale ka tlhaku e tšoanang pele li fetela tlhakung e latelang. Thoko ea bohlano ha e latele alfabeta ea Seheberu, le hoja e e-na le litemana tse 22.
7. Jeremia o bontša bohloko bofe, empa ke tšepo efe e salang?
7 Buka ea Lillo e hlalosa bohloko bo boholo ka ho thibelloa, ho thoptjoa le ho senngoa ha Jerusalema ke Nebukadnezare, ’me ha ho buka e ’ngoe e e fetang ka ho qaqisa le ho bontša kutloelo-bohloko. Mongoli o bontša maikutlo a tebileng a bohloko ka baka la timetso, mahloreho, le pherekano tseo a li bonang. Tlala ea sekoboto, sabole, le lintho tse tšosang li tliselitse motse tšabo e khōlō—tsena tsohle e le kotlo e tobileng e tsoang ho Molimo, ka baka la libe tsa batho, baprofeta, le baprista. Leha ho le joalo, tšepo le tumelo ho Jehova tsa sala, ’me ho eena ho ea lithapelo bakeng sa ho tsosolosoa ha oona.
LITABA TSE KA HARE TSA LILLO
8. Ke timetso efe e hlalosoang thokong ea pele, empa ke joang Jerusalema ea mothofalitsoeng a itlhalosang?
8 “O ituletse joang o ’notši, motse o nong o tletse batho?” Ka mantsoe ao thoko ea pele e kenyelletsa sello sa eona. Morali oa Sione e ne e le mofumahali, empa baratuoa ba hae ba ne ba mo lahlile ’me batho ba hae ba ile kholehong. Liheke tsa hae li tlohetsoe li se na baahi. Jehova o mo otlile ka baka la bongata ba libe tsa hae. O felletsoe ke khanya ea hae. Lira tsa hae li mo tšeha ka baka la ho oa ha hae. O oele ka tsela e makatsang ’me ha a na ea mo tšelisang, ’me batho ba hae ba setseng ba bolaoa ke tlala. Eena (Jerusalema ea mothofalitsoeng) oa botsa: ‘Na bohloko bo ka ba teng bo joalo ka boo ke hlahetsoeng ke bona?’ O otlolla matsoho a hae ’me o re: “Jehova o lokile, hobane ke ikhantšelitse litaelo tsa hae.” (1:1, 12, 18) O rapela Jehova hore a tlise timetso holim’a lira tse nyakaletseng tsa hae, joalokaha a entse ho eena.
9. (a) Timetso ea Jerusalema e tsoa ho mang? (b) Jeremia o bua joang ka sesomo se phaelletsoeng holim’a eona le boemo bo bobe motseng?
9 “Morena [“Jehova,” NW] o khurumelitse morali oa Sione ke’ng ka khalefo?” (2:1) Thoko ea bobeli e bontša hore Jehova ka sebele sa hae ke eena ea rapalalitseng botle ba Iseraele. O entse hore mokete le Sabbatha li lebalehe, ’me o sentse aletare ea hae le sehalalelo sa hae. Oho, ke pono e utloisang bohloko hakaakang Jerusalema! Jeremia oa khotsa: “Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a luma, sebete sa ka se tšolohela fatše, ka baka la leqeba la morali oa sechaba sa ka.” (2:11) O tla tšoantša morali oa Jerusalema le eng? O tla tšelisa morali oa Sione joang? Baprofeta ba hae ba ipakile ba se na thuso hape e le ba sa khotsofatseng. Joale ba fetang ka tsela ba mo tšeha ka ho mo soma, ba re: “A ke oo motse oo ba neng ba o bitsa botle bo phethehileng, thabo ea lefatše lohle?” (2:15) Lira tsa hae li ahlamisitse melomo li tea meloli le ho tsikitlanya meno, li re, “Re mo metsitse; ruri, ke lona letsatsi leo re neng re ntse re le lebeletse.” Bana ba hae ba ilibana ka baka la ho lapa, ’me basali ba ja bana ba bona. Litopo tsa batho li hasane literateng. “Ha hoa ka ha e-ba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la khalefo ea Jehova.”—2:16, 22.
10. E le motheo oa tšepo, ke litšoaneleho life tsa Molimo tseo Jeremia a li bolelang?
10 Thoko ea boraro, ea litemana tse 66, e hatisa tšepo ea Sione mohaung oa Molimo. Ka lipolelo tse ngata tsa tšoantšiso moprofeta o bontša hore Jehova ke eena ea tlisitseng batho ba hae kholehong le ho hlokisa naha baahi. Ka baka la boemo bo bohloko haholo, mongoli o kōpa Molimo hore o hopole hloreho ea hae ’me o bontša hore o lumela mosa oa Jehova le mehauhelo ea hae. Litemana tse tharo ka ho latellana li qala ka lentsoe “Molemo” le ho bontša kamoo ho loketseng ka teng ho letela poloko ea Jehova. (3:25-27) Jehova o hlahisitse bohloko ba ho shoeloa, empa hape o tla bontša mohau. Empa hona joale, ho sa tsotellehe ho ipolela ha bona, ba entse borabele, Jehova ha a e-s’o tšoarele; o thibetse lithapelo tsa batho ba hae ’me o li entse “lithōle le manyala.” (3:45) Ka meokho e bohloko moprofeta o hopola kamoo lira tsa hae li neng li mo tsoma joaloka nonyana. Leha ho le joalo, Jehova a atamela haufi le eena mokoting ’me a re: “U se ke ua tšaba.” O kōpa Jehova hore a arabe linyefolo tsa sera: “U ba lelekise ka khalefo, u ba timetse ka tlas’a maholimo, Jehova.”—3:57, 66.
11. Ke ka tsela efe khalefo e tukang ea Jehova e tšolletsoeng holim’a Sione, hona ka lebaka lefe?
11 “Na khauta e hlile ea fifala joang?” (4:1) Thoko ea bone e llela khanya e fifetseng ea tempele ea Jehova, eo majoe a eona a lahletsoeng literateng. Bara ba bohlokoa ba Sione ba fetohile ba se nang molemo, joaloka mehope ea letsopa. Ha ho na metsi leha e le bohobe, ’me ba hōlileng ba e-ja tse monate joale ba lokela ho ‘paqama lithotobolong.’ (4:5) Kotlo e khōlō ho feta ea sebe sa Sodoma. Banazari, bao ka nako e ’ngoe ba neng ‘ba hloekile ho fetisa lehloa, ba neng ba le basoeu ho fetisa lebese,’ joale “tšobotsi ea bona e ntšo ho fetisa botšo,” ’me ba omeletse. (4:7, 8) Ho ka be ho bile molemo ho bolaoa ka lerumo ho e-na le ho shoa ka baka la tlala, ka nako eo basali ba neng ba pheha bana ba bona! Jehova o tšolotse khalefo ea hae e chesang. Ho etsahetse ntho eo ho seng ea neng a ka e kholoa—sera se kene ka liheke tsa Jerusalema! Ka baka la’ng? “Ke ka baka la sebe sa baprofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae,” ba ileng ba tšolla mali a lokileng. (4:13) Sefahleho sa Jehova ha sea ba sheba. Leha ho le joalo, phoso ea morali oa Sione e fihla bofelong ba eona, ’me a ke ke a boela a isoa kholehong. Joale ke nako ea hao, morali oa Edomo, ho noa senoelo se babang sa Jehova!
12. Ke boipiletso bofe bo ikokobelitseng bo etsoang thokong ea bohlano?
12 Thoko ea bohlano e bula ka boipiletso ho Jehova hore a hopole batho ba hae ba fetohileng likhutsana. Baahi ba Jerusalema ba tšoantšoa ba bua. Ke bo-ntat’a bona moholo ba sitiloeng, ’me joale batho ke bona ba lokelang ho jara bokhopo ba bona. Ba busoa ke bahlanka feela tjee, ’me ba hlokofatsoa ke mahlaba a tlala. Thabo ea lipelo tsa bona e khaolitse, ’me mehobelo ea bona e fetohile ho siama. Lipelo tsa bona li nyahame. Ka boikokobetso ba lumela sena ho Jehova: “Uena, Jehova, u busa ka ho sa feleng, terone ea hao e teng ka mehla le mehla.” Ba hoa: “U re sokollele ho uena, Jehova, etlaba, re sokolohile; u nchafatse litšiu tsa rōna, li be joalo ka mehleng ea pele. Na u re lahletse ruri na? Na u re hlonametse ka ho fetisa na?”—5:19-22.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
13. Buka ea Lillo e bolela tšepo efe, empa leha ho le joalo ke hobane’ng ha e ruisa molemo ho bontšeng kotlo e thata-thata ea Molimo?
13 Buka ea Lillo e bontša hore Jeremia o ne a tšepile Molimo ka ho felletseng. Ho tsoa boikutlong bo tebileng ba masoabi le ho hlōloa ho matla, a se na tšepo ea matšeliso a tsoang mohloling leha e le ofe oa batho, moprofeta o lebeletse poloko e tsoang letsohong la Molimo o moholo oa bokahohleng, Jehova. Buka ea Lillo e lokela ho susumetsa kutlo le botšepehi ho barapeli bohle ba ’nete, ha ka nako e tšoanang e fana ka temoso e tšosang ho ba hlokomolohang lebitso le leholo ka ho fetisisa le seo le se emelang. Histori ha e re bolelle ka motse leha e le ofe o mong o ileng oa timetsoa o ileng oa lleloa ka mantsoe a bohloko le a amang pelo joaloka oona. Ka sebele ho ruisa molemo ho bona tlhaloso ea kotlo e thata-thata ea Molimo ho batho ba tsoelang pele ba rabela, ba satalatsa melala, ’me ba sa bake.
14. Ke litemoso life tsa Molimo le boprofeta bofe ba oona tse bontšoang bukeng ea Lillo tse phethahalitsoeng, hona ke joang buka ena e amanang le mangolo a mang a bululetsoeng?
14 Buka ea Lillo e boetse e molemo ka ho bontša ho phethahala ha litemoso tse ngata tsa Molimo le boprofeta. (Lillo 1:2—Jer. 30:14; Lillo 2:15—Jer. 18:16; Lillo 2:17—Lev. 26:17; Lillo 2:20—Deut. 28:53) Hape hlokomela hore buka ea Lillo e fana ka bopaki bo qaqileng ba ho phethahala ha Deutoronoma 28:63-65. Ho feta moo, buka ena e na le litšupiso tse ngata tse etsang likarolo tse ling tsa Mangolo a halalelang. (Lillo 2:15—Pes. 48:2; Lillo 3:24—Pes. 119:57) Daniele 9:5-14 e tšehetsa ka bopaki Lillo 1:5 le 3:42 ho bontša hore timetso e tlile ka baka la makhopo a batho ka bobona.
15. Buka ea Lillo e supa ‘litšiung life tse nchafalitsoeng’?
15 Kotsi e bohloko e ileng ea oela Jerusalema ke e amang pelo hakaakang! Ho tsena tsohle, buka ea Lillo e bolela tšepo ea hore Jehova o tla bontša mosa le mohau le hore o tla hopola Sione le ho e khutlisa. (Lillo 3:31, 32; 4:22) E bolela tšepo ‘litšiung tse nchafalitsoeng’ joaloka mehleng ea pele ha Marena Davida le Salomone a ne a busa Jerusalema. Ho sa ntse ho e-na le selekane sa Jehova le Davida bakeng sa ’muso o sa feleng! ‘Mohau oa hae ha o fele; o ’ne o be teng ka hosasa ho hong le ho hong.’ O tla tsoela pele ho ba teng bakeng sa ba ratang Jehova ho fihlela ha sebōpuoa se seng le se seng se phelang se tla hooa ka teboho tlas’a ’Muso oa hae o lokileng: “Kabelo ea ka ke Jehova.”—5:21; 3:22-24.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Le hoja ka ho tloaelehileng Libibele tsa lipuo tse ling li akarelletsa Jeremia e le karolo ea lebitso la buka ena, buka ka boeona ha e bolele lebitso la mongoli.
b 1952, e hlophisitsoe ke J. R. Dummelow, leqephe 483.
c Studies in the Book of Lamentations, 1954, Norman K. Gottwald, leqephe 31.