Khaolo ea 7
Timetso e Profetiloeng ea Lefatše e Tla Tla Neng?
1. Molimo o na le morero ofe o moholo bakeng sa batho?
E TLA BA topoloho e kaakang ho bona ntoa, bonokoane, le tšilafatso ea lefatše li felisoa! E tla ba ho thabisang hakaakang ho phela tlas’a puso e lokileng kannete, moo ho ka bang le tšireletseho e feletseng bakeng sa motho le lelapa la hae! Bibele e bontša hore Molimo o tla netefatsa lintho tsena. Empa neng?
2. (a) Ha “letsatsi la Jehova” le e-tla, le tla makatsa bo-mang? (b) Re ka qoba joang hore hoo ho re etsahalle?
2 Mabapi le timetso ea lefatše e hlekelang Tsamaiso e Ncha ea Molimo tsela, moapostola Pauluse o re: “Letsatsi la Morena [Jehova] le tla hlaha joale ka lesholu la bosiu.” O-oa phaella: “Empa ha e le lōna, banab’eso, ha le lefifing hore letsatsi leo le ka le oela ka sehlōhō joale ka lesholu.” (1 Ba-Thessalonika 5:2, 4, bapisa NW) Ka hona ha “letsatsi la Jehova” le fihla, ba hlōlehang ho utloa litemoso ba tla tšoana le liphoofolo tse tšoasitsoeng ke leraba ka tšohanyetso. Empa ha ho hlokahale hore hoo ho u etsahalle. Joalokaha lengolo le bontša, ho na le batho ba ‘seng lefifing.’ Hona ho tsoaloa ke hobane baa batlisisa ’me ba tebisa pelong seo Lentsoe la Molimo le se buang ka mehla ea rōna.—Luka 21:34-36.
3, 4. (a) Bohlokoa bo feletseng ba liketsahalo tsa lekholo la bo20 la lilemo bo hlalosoa hokae? (b) Ke lintlha life tse hlano tsa sehlooho tse ngotsoeng ka boprofeteng ba Bibele tseo re tla li hlahloba?
3 Bibele e hlalosa ka ho hlaka liketsahalo tsa lekholo lena la bo20 la lilemo. Empa hona e ho entse lilemo tse likete tse ka bang peli pele! Ha liketsahalo tse ngata ka botsona li tsebisahala, ke Bibele feela e supang bohlokoa ba tsona bo feletseng.
4 Ka Bibeleng litaba tsa boprofeta tse buang ka mehla ea rōna li qaqisa tse latelang: (1) Selemo se tobileng sa ha Molimo o ne o tla fana ka “borena ba motho” ho eo “a ratang ho mo fa bona.” (2) Liketsahalo tsa bohlokoa tse neng li tla etsahala ka nako e tsejoang e le ‘ho fela ha tsamaiso ea lintho.’ (3) Liphetoho tse hlokomelehang tsa bolumeli ka nako eo. (4) Ho phonyoha hoa bonyane ba bang ba moloko o boneng ho qaleha hoa ‘ho fela hoa tsamaiso ea lintho.’ (5) Phetoho e tsotehang litabeng tsa lefatše e le pontšo ea ho qetela ea hore timetso ea lefatše e haufi. A re hlahlobeng lintlha tsena.
(1) Selemo se Tšoailoeng—1914 C.E.
5. Lipaki tsa Jehova li lemohile e sa le pele hakae hore Bibele e supa 1914 C.E. e le selemo sa bohlokoa?
5 E sa le khale hoo e ka bang ka 1876, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore boprofeta ba Bibele bo tšoaile selemo sa 1914 C.E. e le nako ea ha ho ne ho tla etsahala liketsahalo tse khōlō tse neng li tla ba le phello ea nako e telele litabeng tsa batho. Tsa phatlalatsa ka bophara lebaka la ’nete ena.
6. (a) Ke eng se buuoang ho Daniele 4:2, 3, 17? (b) “Eo” Jehova a mo neang “borena” ke mang?
6 Ha u phetla Bibele ea hao ho Daniele khaolo ea 4, u tla fumana boprofeta bo senolang morero oa Molimo mabapi le borena holim’a lefatše. Morero o potelletseng ka phethahatso ea boprofeta boo o boletsoe e le hore “ba utloang ba tsebe hoba Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona.” (Litemana 2, 3, 17) Enoa “eo” Mookameli ea phahameng a mo neang “borena” ke Kreste Jesu. ’Me buka ea ho qetela ea Bibele e bolela ka nako ea ha a neoa “mebuso ea lefatše” e le Morena oa leholimo. (Tšenolo 11:15; 12:10) Hona ho bolela hore, boprofeta ba Daniele bo sebetsana le nako ea ha Molimo o ne o tla kena lipakeng litabeng tsa batho ka ho fana ka “mebuso ea lefatše” ho Jesu Kreste. Boprofeta bo bontša hore hoo ho ne ho tla etsahala neng?
7. (a) Ke toro efe ea boprofeta e hlalosoang ho Daniele 4:10-16? (b) E ile ea sebetsa joang ho Morena Nebukadnezare?
7 Toro ea boprofeta e ho Daniele e hlalosa sefate se seholo se ileng sa rengoa ’me sa tlangoa ka mahlaahlela a tšepe le a koporo ho fihlela ‘ngoaha o feta hasupa’ holim’a sona. Nakong eo, se ne se tla neoa “pelo ea phoofolo.” (Daniele 4:10-16) Hona ho ne ho bolela eng? Molimo o ile oa etsa hore Daniele a hlalose: Nebukadnezare, morena oa Babylona, o ne a tla lahleheloa ke kelello ’me a tlosoe teroneng ea hae a be a lelekoe har’a batho ho ea phela joaloka phoofolo. Kamorao ho lilemo tse supileng kelello ea morena e ne e tla khutla. Hona ho hlile hoa etsahalla morena, ’me o ile a khutlisetsoa teroneng ea hae e le ea lumelang boholo ba borena ba Molimo. (Daniele 4:21-37) Leha ho le joalo, sena sohle se ne se e-na le tlhaloso e kholoanyane, ’me ka lebaka leo se tlalehiloe ka Bibeleng.
8. (a) Tlhaloso e khōloanyane ea boprofeta e amana le ’muso ofe? (b) Phethahatsong e khōloanyane, ke eng e emeloang ke ho rengoa hoa sefate, ’me ‘e ile ea neoa pelo ea phoofolo’ joang?
8 Tlhaloso e khōloanyane e amana le bobusi bo matla haholoanyane bo neng bo tla ruisa lintho tsohle tse phelang lefatšeng molemo. Ka bona, boprofeta bo re, ho ne ho tla ba le “lijo tsa bohle” ’me tšireletso e be teng le bakeng sa liphoofolo le linonyana. (Daniele 4:12) Bobusi feela bo neng bo ka fana ka melemo ena kannete ke ’Muso oa Molimo. Melao-metheo e lokileng ea puso ena e ile ea bontšoa ke histori ea Juda, ka marena a eona Jerusalema. Empa ka lebaka la ho se tšepahale, Jehova a tlohella Juda hore e hapuoe ke Babylona ka 607 B.C.E. Ho ile hoa tšoana leha sefate sa toro se ne se remiloe ’me kutu ea sona e tlamiloe ka mahlaahlela hore se se ke sa hōla. Mebuso ea lichaba e busitse lefatše ho tloha ka nako eo ho se khathatso e tsoang ho Molimo. Kaha mebuso ena ea lichaba e emeloa ke ‘libatana’ ka Bibeleng, ho ile hoa tšoana leha lengeloi le tsoang leholimong le ne le etsa tsebiso: “A fuoe pelo ea phoofolo, ’me ngoaha o fete holim’a hae hasupa.” (Daniele 4:16; 8:1-8, 20-22) Empa qetellong, ‘mengoaha eo e supileng’ ea bobusi ba mebuso e kang libatana, e ne e tla fela. Joale “mahlaahlela” a ne a tla tlosoa, ’me “sefate” se ne se tla hōla hape ha puso ea lefatše e qala ho sebelisoa ke eo Jehova a neng a tla mo nea “mebuso ea lefatše.”
9, 10. (a) Ha ho lekanyetsoa bolelele ba ‘mengoaha e supileng,’ “nako” ka ’ngoe e ipaka hore e telele hakae, ’me Bibele e ho bontša joang? (b) ‘Mengoaha e supileng’ e qalile neng, e nka lilemo tse kae, ’me e fela neng?
9 ‘Mengoaha eo e supileng’ e ne e le melelele hakae? E ne e feta hole lilemo tse supileng, hobane makholo a lilemo hamorao Jesu Kreste o ile a bontša hore ‘linako tsena tse beetsoeng lichaba’ li ne li sa ntsane li tsoela pele. Li ne li tšoere puso ea lefatše ho tloha ha Babylona e hapa Jerusalema ka 607 B.C.E. ’me li ne li tla tsoela pele ho etsa joalo ka nakoana.—Luka 21:24.
10 Hlokomela ka bouena kamoo Bibele e buang ka “linako” tsa boprofeta. Tšenolo 11:2, 3 e bontša hore matsatsi a 1 260 a etsa likhoeli tse 42, kapa lilemo tse tharo le halofo. Tšenolo 12:6, 14 e bolela matsatsi a palo eona eo (1 260) empa e bua ka oona e le “nako e ’ngoe [1], le ka linako [2], ho isa mahareng a nako e ’ngoe,” kapa “linako” tse tharo le halofo. E ’ngoe le e ’ngoe ho “linako” tseo ke matsatsi a 360 (3 1/2 × 360 = 1 260). Letsatsi le leng le le leng la “linako” tsena tsa boprofeta le emela selemo kaofela ho latela molao-motheo o reng, “selemo se le seng se eme bakeng sa tsatsi le le leng.” (Numere 14:34; Ezekiele 4:6) Kahoo ‘mengoaha e supileng’ e lekana le lilemo tse 2 520 (7 × 360). Ha ho baloa ho tloha hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 607 B.C.E., ha ’muso oa Molimo oa tšoantšetso oa Juda o ne o theoloa ke Babylona, lilemo tse 2 520 li re fihlisa hoetla (karolong e ka leboea ea lefatše) ka 1914 C.E. (606 1/4 + 1913 3/4 = 2 520) Ke selemo seo ka sona “mebuso ea lefatše” e neng e lokela hore e beoe ho Jesu Kreste.
11. Bo-rahistori ba re’ng ka bohlokoa ba selemo sa 1914?
11 Hoba li phatlalatse ka ho hlaka hore Bibele e ne e supa 1914, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tlameha ho ema mashome-shome a lilemo pele li bona phello. Mathoasong a 1914 khutso ea lefatše e ile ea etsa hore ba bangata ba bone eka ha ho letho le tlang ho etsahala. Empa pele lehlabula (karolong e ka leboea ea lefatše) le fela, tšepo ea Lipaki e ile ea lokafatsoa ha lefatše le hohlomela ntoeng eo ho neng ho se e kileng ea tšoana le eona. Ha a hlahloba buka 1914, rahistori A. L. Rowse o ile a ngola: “Haeba ho kile hoa e-ba le selemo se ileng sa tšoaea bofelo ba mehla le qaleho ea e meng, e bile 1914. Selemo seo se ile sa felisa lefatše la khale ka boikutlo ba lona ba tšireletseho ’me sa qalisa mehla ea kajeno, e tšoauoang ka ho se sireletsehe hoo e leng bohobe ba rōna ba letsatsi le letsatsi.”44 Tlaleho ea ramolao oa Lenyesemane Winston Churchill e ile ea hlokomela: “Kulo e ileng ea betsoa ka la 28 Phupjane, 1914, Sarajevo, e ne e qhalile lefatše la tšireletseho le la ho nahana ka mokhoa o molemo . . . Ha ho mohla lefatše le kileng la tšoana le pele ho tloha ka nako eo. . . . E bile moo litaba li fetohang, ’me lefatše la maobane le babatsehang, le khutsitseng, le le letle le ne le nyametse, le se le ke ke la hlola le hlaha hape.”45 Selemo seo, se tšoailoeng ke boprofeta ba Bibele makholo-kholo a lilemo e sa le pele, ruri se ile sa ipaka ho ba moo litaba li fetohang teng historing.
12. Lebaka la morusu o moholo litabeng tsa batho ka 1914 le kamorao ho moo e bile lefe?
12 Qalehong ho ka ’na hoa bonahala e le mohlolo hore ho beoa teroneng hoa Kreste ho ne ho tla tšoauoa ka ntoa eo ho seng e kileng ea tšoana le eona lefatšeng. Empa u se ke ua lebala hore “morena oa lefatše” ke Satane Diabolose. (Johanne 14:30) O ne a sa batle ho bona ’Muso oa Molimo o laola litaba tsa lefatše. Ho tlosa tlhokomelo ’Musong, a fehla batho hore ba kene ntoeng hore ba phahamise borena boo ba ipolelang hore ba na le bona. Ho feta moo, Bibele e bontša hore Satane le bademona ba hae ba ile ba leka ho timetsa puso ea ’Muso ha e qala. Ka phello efe? “Ntoa ea e-ba teng leholimong . . . drakone e kholo, e leng noha ea khale, e bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela, ea liheloa; ea lahleloa ntle, ea liheloa lefatšeng, le mangeloi a eona.” Kaha Satane o ne a saletsoe ke ‘nako e seng e kae’ feela bohale ba hae bo bile boholo. (Tšenolo 12:3-12) Lilemo tse makholo a leshome le metso e robong pele, Bibele e ile ea hlalosa ka nepo hore na phello e tla ba efe.
(2) Liketsahalo tsa Bohlokoa bo Khethehileng
13. Ke eng e entseng hore Jesu a bue ka ‘pontšo ea ho ba teng hoa hae le ea ho fela hoa tsamaiso ea lintho’?
13 Ka selemo sa 33 C.E., Jesu o hlalositse ka ho qaqa ‘pontšo ea ho ba teng hoa hae le ea ho fela hoa tsamaiso ea lintho.’ Ena e tlalehiloe ho Mattheu likhaolo 24 le 25, Mareka 13, le Luka 21. Ha a ne a e-na le sehlopha sa barutuoa ba hae Jerusalema, Jesu o ne a profetile timetso ea tempele e moo. Eaba barutuoa ba hae baa botsa: “Ak’u re bolelle: lintho tsee li tla etsahala neng? Pontšo e tla ba efe ea ho tla ha hao le ea ho fela ha mehla ea kajeno?”—Matheu 24:1-3, TLP.
14. Bolela liketsahalo tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a li akarellelitseng ‘pontšong.’
14 Ha a arabela, Jesu o itse: “Le tla utloa lintoa le melumo ea lintoa; le mpe le bone hore le se ke la tšoha; tseo tsohle e ka khona li etsahale, empa le moo ha e e-so ho be bona bofelo. Hobane sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong; litlala li tla ba teng, le mafu a akaretsang, le litšisinyeho tsa lefatše ka nģa tse ngata. Empa tseo tsohle e tla ba qalo feela ea tlokotsi.” Joalokaha Luka 21:11 e bontša, o boetse a bolela ‘mafu a akaretsang ka nģa tse ngata.’ A lemosa ka “ngatafalo ea bokhopo.” ’Me ka lebaka la sena, o boletse hore “lerato la ba bangata le tla tapa.” Hape, ntho ea bohlokoa, a profeta: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:4-14.
15, 16. (a) Na ho na le boprofeta leha e le bofe ba Jesu bo phethahalitsoeng pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.? (b) Re tseba joang hore ho tlameha ho ba le phethahatso e ’ngoe, e bile e le ea bohlokoa haholoanyane?
15 Empa ho ka ’na hoa botsoa potso: ‘Na bo bong ba boprofeta boo ha boa ka ba phethahala pele Jerusalema e timetsoa ke Baroma ka selemo sa 70 C.E.?’ E, ho bile joalo ka bo bong. Empa ho hongata e ne e le hona ho tla tla, joalokaha boprofeta ka bo bona bo bontša. Ke ’nete, Jesu o ne a arabela potso ea se neng se amme barutuoa ba hae hona hoo. Empa a sebelisa monyetla oo ho fana ka boitsebiso ba nako e telele ka nako ea ha “Mor’a motho” a ne a tla tla “ka matla le ka khanya e kholo” le ha “ ’muso oa Molimo” o ne o tla be o le haufi.—Luka 21:27, 31.
16 Ha e le hantle, lintho tsena ha lia ka tsa etsahala nakong ea timetso ea Jerusalema ka 70 C.E. Buka ea ho qetela ea Bibele, e ngotsoeng hoo e ka bang ka 96 C.E., e bontša hore liketsahalo tsena tse mabapi le ’Muso e ne e le hona li tlang. (Tšenolo 1:1; 11:15-18; 12:3-12) Ka puo ea tšoantšetso Tšenolo e bontša hore lintoa, litlala, le mafu a seoa tseo Jesu a li profetileng, e ne e tla ba liketsahalo tsa kamoso, ’me e le ka tekanyo e sa tloaelehang. Li ne li tla tšoaea nako ea ha Kreste a ne a tla qala a be a phethe ho hlōla hoa hae bahanyetsi bohle ba ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 6:1-8) ’Nete ea hore likarolo tse ling tsa boprofeta ba Jesu li ile tsa phethahala lekholong la pele la lilemo e bo hatisa e le ba ’nete, e fana ka lebaka le utloahalang bakeng sa ho tšepa hore se seng sohle seo Jesu a se buileng se tla etsahala.
17. Na maemo lefatšeng kajeno a fapane haholo le seo a neng a le sona pele ho 1914?
17 Na boprofeta boo bo bone phethahatso e khōloanyane le e feletseng lekholong lee la bo20 la lilemo? Batho ba se nang tsebo ba ka tlaase ho lilemo tse 70 ba ka ’na ba ikutloa hore mehla ea rōna e tloaelehile hobane ha ba hopole nako ea ha lintho li kile tsa e-ba kahosele. Empa batho ba baholo, le ba tsebang histori ba tseba kahosele. Joalokaha buka e ’ngoe ea histori e ile ea bolela mabapi le liketsahalo tsa 1914: “Ke linaha tse leshome le metso e mehlano feela tse sa kang tsa ameha ntoeng . . . Empa har’a tsona ho ne ho se naha e khōlō e neng e ka ba le matla a ho namola bakeng sa khotso. Ho ne ho se mohla hona ho kileng hoa etsahala historing ea lefatše; ha ho ntoa e neng e kile ea e-ba khōlō hakaalo. Boprofeta ba Bibele e Halalelang: ‘Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla ’me ’muso o mong o loantše ’muso o mong,’ bo hlile ba phethahala.”46
18. Ke hobane’ng ha re ne re tla be re fositse ha re ne re ka fihlela qeto ea hore ntoa e akaretsang e ne e le eona feela “pontšo”?
18 Empa lintho tse joalo e ne e se tsona feela karolo ea seo Jesu a se boletseng hore e tla ba “pontšo.” Ha a sebelisa papiso, o itse: “Bonang sefate sa feiga le lifate tsohle. Ha le li bona li se li hlahisa mahlaku, le ee le tsebe le lōna hoba lehlabula le haufi. Ka mokhoa o joalo le lōna, etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo li e-so ho hlahe.” (Luka 21:29-32) Haeba u ne u ka bona sefate se le seng feela se e-na le mahlaku pele ho nako, u ne u ke ke ua nahana hore lehlabula le haufi. Empa ha u bona lifate tsohle li hlahisa mahlaku ka nako ea teng, u-ua tseba hore na ho bolela eng. Ka ho tšoanang, Jesu o profetile hore ‘ho ba teng hoa hae’ le ‘ho fela hoa tsamaiso ea lintho’ li ke ke tsa tšoauoa ka ntoa feela empa le ka lintho tse ngata tse etsahalang kaofela bophelong ba moloko o le mong.
19. (a) Joalokaha ho bontšitsoe chateng e mona, litšobotsi tse sa tšoaneng tsa “pontšo” li phethahalitsoe joang ho tloha ka 1914? (b) Ke hobane’ng ha lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, le tse ling tsa pejana, li sa bōpe “pontšo” eo Jesu a buileng ka eona?
19 Na lintho tseo li etsahetse? Ha u hlahloba chate e mona e reng “Pontšo E Tla Ba Efe?” mohlomong u tla hopola hore u ile ua bala ka lintoa tsa makholong a fetileng a lilemo. Empa Ntoa ea I ea Lefatše e ikhetha ho tse ling tsohle, e le moo lintho li fetohileng teng historing. Mohlomong u tla hopola hape hore, litlala, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše, linako tsa tlōlo ea molao, le boiteko bo sa tloaelehang ba ho hōlisa khotso le tšireletseho li ’nile tsa etsahala pele ho 1914. Empa, ha ho nako leha e le efe historing e boneng lintho tsena tsohle li hlahela moloko o le mong ka bongata bo tšosang hakana. Ka tieo eohle, haeba liketsahalo ho tloha ka 1914 li sa phethahatse pontšo, ho sa hlokahala eng hape? Ntle ho pelaelo, re phela nakong ea ‘boteng’ ba Jesu matleng a ’Muso.
20, 21. Liketsahalo tse amanang le Ntoa ea I ea Lefatše li ipakile joang hore ke “qalo feela ea tlokotsi,” joalokaha Jesu a profetile?
20 Ho hlaha hoa litšobotsi tsa “pontšo” ha hoa ka hoa bolela hore ’Muso oa Molimo o ne o tla potlakela ho felisa bokhopo lefatšeng. Joalokaha Jesu a profetile, ‘tseo tsohle e ne e tla ba qalo feela ea tlokotsi.’ (Mattheu 24:8) Tse ling li ne li tla latela. The World Book Encyclopedia e re: “Ntoa ea I ea Lefatše le phello ea eona li khannetse ho oeng ho hoholo haholo hoa moruo historing mathoasong a bo1930. Liphello tsa ntoa le mathata a ho boelana le khotso li ile tsa isa morusung hoo e ka bang sechabeng se seng le se seng.”47 Lilengoana hamorao Ntoa ea II ea Lefatše ea qhoma. E ne e tšabeha haholo ho feta ea pele. Ho tloha ka nako eo, ho atile ho se tsotelle bophelo le thepa, ’me ho tšaba bonokoane ho fetohile karolo ea bophelo ba letsatsi le letsatsi. Boitšoaro bo behelletsoe ka thōko. Sepenya sa baahi se hlahisitse mathata a sa rarolloeng. Tšilafatso e senya botle ba bophelo ’me e bile e bo bea kotsing. Hape ho na le tšokelo ea tlokotsi ea nuclear.
21 ‘Qalo ee ea tlokotsi’ e simolohile neng? Star ea London e ile ea hlokomela: “Rahistori e mong lekholong le hlahlamang la lilemo a ka ’na a fihlela qeto ea hore letsatsi leo lefatše le ileng la hlanya ka lona e bile . . . [ka] 1914.”48 Selemo seo, 1914, e ne e le khale se tšoailoe ke boprofeta ba Bibele.
(3) Liphetoho Tse Hlokomelehang Tsa Bolumeli
22. (a) Jesu o ile a amahanya boprofeta ba hae ba ngatafalo ea bokhopo le ho tapa hoa lerato le eng? (b) Lithuto tsa baruti li tlatselitse joang boemong boo?
22 Har’a liketsahalo tse ling tsa bohlokoa tseo Jesu a neng a itse li tla tšoaea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ ke tse latelang: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata, ’me ba tla thetsa batho ba bangata. ’Me lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:11, 12) Jesu o amahantse ngatafalo ea bokhopo le ho tapa hoa lerato le tšusumetso ea baprofeta ba bohata—baruti ba bolumeli bao ka bohata ba ipolelang hore ba buella Molimo. Pejana, buka ena e fane ka bopaki ba hore baruti ba tšehelitse lintoa tsa lichaba, ba nyenyefatsa litekanyetso tsa Bibele tsa boitšoaro ka hore li feletsoe ke nako, ’me ba bolela hore likarolo tse ling tsa Bibele ke leshano. Ka phello efe? Ho “tapa” hoa lerato bakeng sa Molimo le melao ea oona. Hona e bile lebaka le leholo la ho senyeha hoa boitšoaro, hammoho le ho se tsotelle borena le ho se amehe ka batho ba bang.—2 Timothea 3:1-5.
23, 24. Bolumeli bo etsahalletsoe ke eng lilemong tsa morao tjee?
23 Ka lebaka la maemo a joalo, ba limillione ba tlohetse mekhatlo e hlophisitsoeng ea bolumeli. Ba bang ba retelehela Bibeleng ’me ba lumellana le litsela tsa eona. Ba bang ba ikhula ka masoabi le ho teneha. Ba bangata ba fetoha lira tsa bolumeli. Moqolotsi e mong oa litaba o itse: “Ha ho seo motho a ka se etsang ha e se ho makatsoa ke hore na ke likhathatso tse ngata hakaakang tse metseng bolumeling. ’Me ke seoelo bora ba lefatše ba lipolotiki bo eeng bo fehle takatso e matla ea lenyora la mali la ntoa ea bolumeli.” Ka baka la sena, a botsa: “Ke hobane’ng ha bolumeli bo sa felisoe?”49
24 Ho oa hoa malumeli a maholo ho na le bopaki bo botle. Ka mohlala, tlaleho e buang ka Italy e bontša hore ha karolo ea 95 lekholong e itsebahatsa e le Bak’hatholike, “ba bang teng kerekeng ka Sontaha ho hakanngoa hore ba ka tlaase ho karolo ea 20 lekholong.”50 Tlaleho e ’ngoe e senola hore palo ea baprista lefatšeng lohle e theohile ka ba 25 000 ka lilemo tse leshome.51 United States phuputso ea kereke e ile ea bolela pele ho nako ‘phokotseho ea hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong bopristeng ba K’hatholike ba Amerika ka selemo sa 2 000.”52 U.S.News & World Report e hlokometse “ho oa ho hoholo palong ea banna ba kenang liseminaring tsa K’hatholike” United States, ho tloha tlhorong ea 48 992 ho ea ho 11 262 ka lilemo tse ka tlaase ho tse 20.53 The New York Times e tlalehile hore lefatšeng lohle “palo ea baitlami ba basali e theohile ho tloha ho 181 421 ho ea ho 121 370” ka lilemo tse 15.54 Boemo boa tšoana malumeling a mangata.
25. (a) Ha ho bapisoa, Bibele e bontša hore ho tla etsahala eng ka nako ee mabapi le borapeli ba ’nete? (b) Barapeli ba Molimo oa ’nete ba bokelloa tlas’a tataiso ea mang, ’me e le motheong ofe? (c) Batho ba lichaba tsohle ba thulanngoa le tseko efe?
25 Ha ho bapisoa, Bibele e bontša hore “bongata bo boholo” bo tsoang lichabeng tsohle bo ne bo tla huleloa borapeling ba Jehova mehleng ena ea bofelo. Jesu o profetile pokello ena, a bolela hore o tla arola batho, e-bang ke bakeng sa ho pholosoa “mahlomoleng a maholo” kapa ‘ho felisoa ka ho sa feleng.’ (Tšenolo 7:9, 10, 14; Esaia 2:2-4; Mattheu 25:31-33, 46, NW) Ke eng e arolang batho bakeng sa ho phonyoha? Bibele e-ea arabela: “Lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) ’Me batho ba ne ba tla tseba joang hore na thato ea Molimo ke eng? Ka ho arabela mosebetsing oa lefatše ka bophara oa ho ruta oo Jesu a o profetileng ha a re: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” (Mattheu 24:14) Ho bolela hona ho thulanya batho ba lichaba tsohle le tseko ena: Na ba emela bobusi ba Molimo? Kapa, ba emela khothaletso ea Satane ea Edeneng, na ba batla bobusi bo itaolang ba batho? Jehova o nea batho monyetla oa hore ba khethe.
26, 27. (a) Mosebetsi ona oa bopaki o se o entsoe haholo hakae? (b) Ke hobane’ng ha karabelo ea motho molaetseng oa ’Muso e le taba e tebileng?
26 Bopaki bo etsoang lefatšeng lohle ba ’Muso bo fanoa ka matla a ntseng a eketseha. Linaheng tse fetang 200, Lipaki tsa Jehova tse limillione li etela batho malapeng a bona ’me li ithaopela ho ithuta Bibele le bona ntle ho tefello. Lingoliloeng tseo li li sebelisang ke lingoliloeng tsa Bibele tse tsamaisoang ka ho fetisisa lefatšeng. Ha e le hantle, li har’a lingoliloeng tsa mofuta ofe kapa ofe tse tsamaisoang hohle. ’Me tsena li fumaneha ka lipuo tse ka bang 190.
27 Mosebetsi ona oa ho arola o ’nile oa tsoela pele ka lilemo tse ngata. Hona joale o haufi le ho fela. Ho ea ka Lentsoe la Molimo, ba hanneng puso ea ’Muso oa oona, hammoho le ba iphapanyetsang monyetla oa ho ithuta ka Oona, ba tla felisoa. (Mattheu 25:34, 41, 46, NW; 2 Ba-Thessalonika 1:6-9) Bakeng sa ba bang ba itsebahatsang e le batšehetsi ba ’Muso oa Molimo, hona ho tla tšoaea nako ea topollo e khōlō. Empa kahlolo ee e tla tla neng?
(4) “Moloko Ona O Ke Ke Oa Feta”
28. Jesu o itse timetso e profetiloeng ea lefatše e ne e tla tla nakong efe?
28 “Ha e le letsatsi leo le hora eo,” Jesu o itse, “ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.” Empa Jesu o ile a fana ka sesupa-nako se thusang ha a re: “Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” (Mattheu 24:34, 36) Kahoo litšobotsi tsohle tse sa tšoaneng tsa “pontšo,” hammoho le ‘mahlomola a maholo,’ li tlameha ho etsahala bophelong ba moloko o le mong—moloko oa 1914. Hona ho bolela hore batho ba bang ba boneng liketsahalo tsa 1914, ha ‘ho fela hoa tsamaiso ea lintho’ ho qala, ba ne ba tla be ba ntse ba phela ha e fela ha ‘mahlomola a maholo’ a otla. Ba hopolang liketsahalo tsa 1914 joale baa tsofala. Boholo ba bona bo se bo shoele. Empa Jesu o re tiiselitse hore “moloko ona o ke ke oa feta” pele ho timetsoa tsamaiso ena e khopo.—Mattheu 24:21.
29. Ka ho lumella hore ho tloha ka 1914 liketsahalo li tsoelepele ho fihla ntlheng eo li leng ho eona, Molimo o nolofalelitse batho hore ba etse qeto e nepahetseng joang?
29 Molimo o bile le mamello e kaakang hore o fane ka monyetla ona o eketsehileng bakeng sa pako! (2 Petrose 3:9) Ka lekhetlo la pele historing, mathata a hloellane ka tekanyo e khōlō haholo—ntoa, tšilafatso, sepenya sa baahi, le tse ling. Leha e le life feela ho tsona li ka tlisa tšenyo e feletseng. Ka ho lumella bopaki bo joalo hore bo phaellane, Molimo o nolofalelitse batho ho bona hore motho ha a na likarabo. Le teng, ho boleloa hoa “evangeli ea ’muso” ho thusitse batho ba lipelo li tšepehang hore ba hlokomele hore ’Muso oa Molimo ke oona tšepo feela bakeng sa khotso ea ’nete le tšireletseho. Kahoo Molimo o ba fa nako ea hore ba itsebahatse hore ba ka lehlakoreng la oona la tseko e khōlō.
(5) Pontšo ea ho Qetela
30. Ke pontšo efe ea ho qetela ea bohaufi ba timetso ea lefatše eo Bibele e e qaqisang?
30 Empa ho na le ketsahalo e le ’ngoe hape e tla tla e le pontšo e sa foseng ea hore timetso ea lefatše e haufi. Moapostola Pauluse o ngotse ka eona: “Letsatsi la Jehova le tla hantle joaloka lesholu bosiu. Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo . . . ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.”—1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, NW; Luka 21:34, 35.
31, 32. (a) Na “khotso le tšireletseho” tseo babusi ba lipolotiki ba li bolelang e tla ba tsa ’nete? (b) Ke hobane’ng ha e ne e tla ba ho kotsi ho khelosoa ke tsona?
31 Baeta-pele ba lefatše baa tseba hore ntoa ea nuclear e bolela pheliso e feletseng. Hape, mathata a tebileng a kang tšilafatso, sepenya sa baahi, le mathata a ka lapeng a hloka tlhokomelo le chelete. Ka hona ba batla ho kokobetsa likamano tse senyehileng tsa machaba. Bopaki ba sena ke hore Machaba a Kopaneng a bitse 1986 ‘selemo sa machaba sa khotso le tšireletseho.’ Hona, ntle ho pelaelo, ke bohato bo isang phethahatsong ea mantsoe a qotsitsoeng kaholimo a Pauluse. Ha e le hantle, lipuisano tsa poelano tsa bopolotiki le lilekane ha li etse phetoho ea letho ea sebele ho batho ho ba etsa hore ba ratane. Ha li felise bonokoane, leha e le hore li felisa boloetse le lefu. Empa boprofeta bo bontša hore nako e-ea tla ea ha lichaba li tla bolela hore li finyelletse “khotso le tšireletseho” ka tekanyo e itseng. Ha hoo ho etsahala, joale “timetso ea tšohanyetso” e tla ‘oela hang’ bakhelosi bao ba batho, hammoho le bohle ba beileng tšepo ea bona ho bona.
32 Empa ho tla ba le baphonyohi. Na u tla ba e mong?
[Lebokose le leqepheng la 78, 79]
“Pontšo e Tla ba Efe?”
“Sechaba se Seng se Tla Tsohela Sechaba se Seng Matla”—
“Ntoa ea I ea Lefatše e kentse lekholo la lilemo la Ntoa e Feletseng, ka kutloisiso ea pele e feletseng ea lentsoe—ntoa ea lefatše. . . . Ha ho mohla pele ho 1914-1918 ntoa . . . e ileng ea koahela karolo e khōlō hakana ea lefatše. . . . Ha ho mohla polao e neng e bile khōlō hakana le ho se khetholle hakana.”—World War I, ea H. Baldwin.
Ntoa ea I ea Lefatše e bolaile batho ba loanang le ba sa loaneng ba limillione tse 14; Ntoa ea II ea Lefatše e bolaile ba limillione tse 55. Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše ho phetholoa hoa mebuso ka likhoka, borabele, le lintoa tse makholo-kholo li bolaile batho ba ka bang limillione tse ka bang 35.
Kahoo, ho tloha ka 1914 ho shoele batho ba fetang limillione tse 100 ntoeng!
“Litlala li Tla ba Teng”—
Kamorao ho Ntoa ea I ea Lefatše le Ntoa ea II ea lefatše litlala li hlasetse linaha tse ngata.
Hona joale, ho sa tsotellehe lilemo tsa tsoelopele ea tsa mahlale, hoo e ka bang kotara ea lefatše e-ea lapa. Bana ba hakanyetsoang ho ba limillione tse 12 ba shoa selemo se seng le se seng pele ba phetha selemo sa bona sa pele ka baka la phepo e mpe. Selemo le selemo ba bang ba limillione le bona ba shoa ka lebaka lona leo.
“Mafu a Akaretsang”—
Ha ho lefu le tlalehiloeng la seoa le kileng la lekana le mokakallane oa Spania oa 1918-1919. O ile oa tšoara bonyane batho ba limillione tse 500; hoa shoa ba fetang limillione tse 20.
Liphuputso tsa bongaka li sitiloe ho thibela lintho tse kang lefu la pelo hore li ka fetoha seoa. Kankere ke seoa se hōlang. Palo ea mafu a litšila a tšoaetsanoang likamanong tsa botona kapa botšehali e ntse e ja setsi.
“Litšisinyeho Tsa Lefatše” Libakeng tse Ngata—
Ho itšetlehile ka mehloli, likhakanyetso tsa ba amehileng lia fapana. Empa ho fana ka mehlala e seng mekae feela: Ka 1915 Italy ho shoele ba 30 000 ho ea ho 32 000 tšisinyehong ea lefatše; ka 1920 China ba 100 000 ho ea ho 200 000; ka 1923 Japane ba 95 000 ho ea ho 150 000; ka 1935 India ba 25 000 ho ea ho 60 000; ka 1968 Iran ba 12 000 ho ea ho 20 000; ka 1970 Peru ba 54 000 ho ea ho 70 000; ka 1976 Guatemala ba 20 000 ho ea ho 23 000; ka 1976 China ba 100 000 ho ea ho 800 000. Ho tloha ka 1914 ba bang ba likete-kete ba shoele litšisinyehong tse khōlō tsa lefatše tse baloang ka makholo lefatšeng lohle.
Boitsebiso bo tsoang mehloling e sa tšoaneng bo bontša hore ka karolelano palo ea litšisinyeho tse tšabehang tsa lefatše selemo le selemo ho tloha ka 1914 e bile khōloanyane ka makhetlo a mangata ho feta ka lilemo tse 2 000 pele ho moo.
“Ngatafalo ea Bokhopo”—
U tseba linnete. Tlōlo ea molao e ntseng e ja setsi e ama naha e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng. Bophelo ba hao bo ile ba ameha. Motseng oa heno, ho ’nile hoa etsahala joang likolong? Na ho na le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi sebakeng sa heno? Ho thoe’ng ka ho se tšepahale khoebong? U ikutloa u sireletsehile hakae literateng bosiu?
Ho hloka molao ha hoa fella feela melaong ea batho, empa ho joalo haholo mabapi le molao oa Molimo. (Bona 2 Timothea 3:1-5, 13.)
’Muso oa Molimo o Boleloa Lefatšeng ka Bophara—
Mosebetsi ona o etsoa kamehla ke Lipaki tsa Jehova tse limillione linaheng tse fetang 200.
Ka lilemo tse leshome feela tse fetileng, hoo e ka bang lihora tse libillione tse ’nè (limillione tse likete tse ’ne) li ile tsa neheloa ke Lipaki tsa Jehova boboleling ba phatlalatsa ba molaetsa ona. Nakong eona eo li hatisitse ka lipuo tse ka bang 190, lingoliloeng tse fetang libillione tse 5 tse supang ’Musong oa Molimo e le oona tšepo feela bakeng sa batho.
Ho Boleloa Hoa “Khotso le Tšireletseho”—
Baeta-pele ba hlokomela bohlokoa ba khotso ho qoba koluoa ea nuclear le ho sebetsana le mathata a mang a hōlang. Bohato bo lebisang ntlheng ena ke hore Machaba a Kopaneng a bolele hore 1986 ke selemo sa “khotso, tšireletseho le tšebelisano tsa machaba.”—Seboka-Kakaretso, sehlooho sa 32 sa Lipuisano, karolong ea 39.
Lintho tsee tsohle ke “pontšo” ea eng? Ea hore hona joale re phela ‘ho feleng hoa tsamaiso ea lintho.’ Hore Kreste o nkile terone ea hae ea leholimo ’me o ntša har’a batho ba lichaba tsohle bao kannete ba ratang ho etsa thato ea Molimo. Hore ‘mahlomola a maholo’ a haufi haholo. Bakeng sa lintlha tse ling, bala Mattheu likhaolo 24 le 25, Mareka 13, le Luka 21.