Khaolo ea Leshome le Metso e Mene
Ho Tsebahala ha Marena Ana a Mabeli Hoa Fetoha
1, 2. (a) Ke eng e ileng ea etsa hore Antiochus IV a ikokobeletse litaelo tsa Roma? (b) Syria e ile ea fetoha profinse ea Roma neng?
MORENA ANTIOCHUS IV oa Syria o futuhela Egepeta ’me o ipeha boreneng ba eona. Ka kōpo ea Morena Ptolemy VI oa Egepeta, Roma e romela Moemeli Caius Popilius Laenas Egepeta. O tloha ka sehlopha se seholo haholo sa likepe tsa ntoa le litaelo tse tsoang Senateng ea Roma tsa hore Antiochus IV a lahle borena ba hae Egepeta le hore a tlohe naheng eo. Ha ba le Eleusis, motsaneng o mong oa Alexandria, morena oa Syria le moemeli oa Roma ba buisana lifahleho li talimane. Antiochus IV o kōpa nako ea hore a buisane le baeletsi ba hae, empa Laenas o seha selikalikoe ’me o likaliketsa morena enoa ka sona a bile a mo bolella hore a arabe pele a se tlōla. Ka lihlong, Antiochus IV o ikokobeletsa litaelo tsa Roma ’me o khutlela Syria ka 168 B.C.E. Kahoo, hoo ho felisa khohlano e neng e le teng pakeng tsa morena oa leboea oa Syria le morena oa boroa oa Egepeta.
2 Roma e le eona e tšoereng marapo litabeng tsa Bochabela bo Hare, e tsoela pele ho fa Syria litaelo. Kahoo, le hoja marena a mang a lesika la borena la Seleucus e le ’ona a busang Syria ka mor’a lefu la Antiochus IV ka 163 B.C.E., ha a sa lutse boemong ba “morena oa leboea.” (Daniele 11:15) Qetellong Syria e fetoha profinse ea Roma ka 64 B.C.E.
3. Roma e ile ea phahamela Egepeta neng hona joang?
3 Lesika la borena la Ptolemy la Egepeta le tsoela pele le le boemong ba “morena oa boroa” ka nako e ka holimonyana ho lilemo tse 130 ka mor’a lefu la Antiochus IV. (Daniele 11:14) Ntoeng ea Actium, ka 31 B.C.E., ’musi oa Roma Octavian o hlōla mabotho a ntoa a kopaneng a mofumahali oa ho qetela oa lesika la Ptolemy—Cleopatra VII—le nyatsi ea hae ea Moroma, Mark Antony. Ka mor’a hore Cleopatra a ipolaee selemong se latelang, Egepeta le eona e fetoha profinse ea Roma ’me ha e sa phetha karolo ea morena oa boroa. Ka selemo sa 30 B.C.E., Roma e se e phahametse Syria le Egepeta ka bobeli. Na joale re ka lebella hore babusi ba bang ba phethe likarolo tsa morena oa leboea le morena oa boroa?
MORENA E MOCHA O ROMA “MOLEFISI”
4. Ke hobane’ng ha re ka lebella hore ’musi e mong a nke karolo ea hore a tsejoe e le morena oa leboea?
4 Nakong ea selemo ka 33 C.E., Jesu Kreste o ile a re ho barutuoa ba hae: “Ha le re heli! ’me le bona ntho e nyonyehang e bakang lesupi, joalokaha ho builoe ka eona ka Daniele moprofeta, e eme sebakeng se halalelang, . . . joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng.” (Matheu 24:15, 16) Jesu ha a qotsa Daniele 11:31, o ile a lemosa balateli ba hae ka “ntho e nyonyehang e bakang lesupi” ea nakong e tlang. Boprofeta bona bo amang morena oa leboea bo fanoe lilemo tse ka bang 195 ka mor’a lefu la Antiochus IV, morena oa ho qetela oa Syria ea ileng a phetha karolo eo. Ka sebele, ’musi e mong o ne a tla tlameha ho nka karolo ea hore a tsejoe e le morena oa leboea. Ebe e ne e tla ba mang?
5. Ke mang ea ileng a ema e le morena oa leboea, a nka sebaka se neng se kile sa nkoa ke Antiochus IV?
5 Lengeloi la Jehova Molimo le ile la bolela esale pele: “Boemong ba hae [ba Antiochus IV] ho tla ema ea etsang hore molefisi a fete ’musong o motle haholo, ’me o tla robeha ka matsatsi a seng makae, empa eseng ka bohale leha e le ka ntoa.” (Daniele 11:20) Ea ‘emang’ ka tsela ena e bile moemphera oa pele oa Roma, Octavian, ea neng a tsejoa e le Sesare Augustase.—Bona sehlooho se reng, “E Mong oa Hlomphuoa, e Mong oa Nyelisoa,” leqepheng la 248.
6. (a) Ke neng ha ho etsoa hore “molefisi” a fete “’musong o motle haholo,” ’me bohlokoa ba see e ne e le bofe? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe Augustase ha aa ka a bolaoa “ka bohale leha e le ka ntoa”? (c) Ho tsebahala ha morena oa leboea ho ile ha fetoha joang?
6 ‘’Muso o motle haholo’ oa Augustase o ne o akarelletsa ‘naha ea Mokhabiso’—e leng profinse ea Roma ea Judea. (Daniele 11:16) Ka 2 B.C.E., Augustase o ile a roma “molefisi” ka ho laela hore ho ngolisoe, kapa ho baloe sechaba, mohlomong e le hore a ka tseba palo ea baahi ka morero oa ho lefisa lekhetho le ho ngolisetsa sesole. Ka lebaka la molao-taelo ona, Josefa le Maria ba ile ba ea Bethlehema ho ea ngolisa, e leng ho ileng ha fella ka hore Jesu a tsoalloe sebakeng seo se neng se boletsoe esale pele. (Mikea 5:2; Matheu 2:1-12) Ka August 14 C.E.—“ka matsatsi a seng makae,” kapa nakoana ka mor’a ho ntša taelo ea ho ngolisa—Augustase o ile a shoa a le lilemo li 76, a sa bolaoe “ka bohale” matsohong a ’molai kapa “ka ntoa,” empa a bolaoa ke ho kula. Ka sebele morena oa leboea o ne a se a fetohile kamoo a neng a tsebahala kateng! Joale morena enoa e ne e se e le ’Muso oa Roma o neng o emeloa ke baemphera ba oona.
‘HO EMA EA NYELISOANG’
7, 8. (a) Ke mang ea ileng a ema setulong sa Augustase e le morena oa leboea? (b) Ke hobane’ng ha mohlahlami oa Augustase Sesare a ile a fuoa “ho hlompheha ha ’muso” ka lekhonono?
7 Ha lengeloi le tsoela pele ka boprofeta bona le ile la re: “Boemong ba hae [Augustase] ho tla ema ea tla nyelisoa, ’me ka sebele ba ke ke ba beha holim’a hae ho hlompheha ha ’muso; ’me o tla hle a kene nakong ea ho se be matšoenyehong ’me a nke ’muso ka qhekello. ’Me ha e le matsoho a moroallo, a tla pupetsoa ka lebaka la hae, ’me a tla robeha; joalokaha le Moeta-pele oa selekane a tla robeha.”—Daniele 11:21, 22.
8 Ea neng a “tla nyelisoa” e ne e le Tiberiuse Sesare, mora oa Livia, mosali oa boraro oa Augustase. (Bona sehlooho se reng, “E Mong oa Hlomphuoa, e Mong oa Nyelisoa,” leqepheng la 248.) Augustase o ne a hloile mora enoa oa hae oa le-tla-le-pepiloe ka lebaka la mekhoa ea hae e mebe ’me o ne a sa batle hore e be eena Sesare ea latelang. O ile a fuoa “ho hlompheha ha ’muso” ka lekhonono ka mor’a hore ba bang kaofela bao e neng e ka ba bahlahlami ba shoe. Augustase o ile a inkela Tiberiuse ka molao e le mor’a hae ka 4 C.E. eaba o mo etsa mojalefa boreneng. Ka mor’a lefu la Augustase, Tiberiuse ea lilemo li 54—ea nyelisoang—‘o ile a ema,’ a nka marapo e le moemphera oa Roma le morena oa leboea.
9. Tiberiuse o ile ‘a nka ’muso ka qhekello’ joang?
9 The New Encyclopædia Britannica e re: “Tiberiuse o ile a qhekella Senate ’me ka nako e ka etsang khoeli [ka mor’a lefu la Augustase] ha aa ka a e lumella hore e mo thonyetse boemphera.” O ile a bolella Senate hore ke Augustase feela ea neng a e-na le bokhoni ba ho jara boima ba ho busa ’Muso oa Roma ’me a kōpa litho tsa Senate hore li tsosolose rephabliki ka ho beha matla a joalo a ho laela ho sehlopha sa batho ho e-na le ho a beha ho motho a le mong. Rahistori Will Durant o ngotse: “Kaha ho hang Senate e ne e sa lumele seo a se buang, e ile ea mo qekisa ho fihlela a qetella a amohetse puso.” Durant o ile a phaella: “Leqheka leo le ile la sebetsa hantle mahlakoreng ka bobeli. Tiberiuse o ne a batla puso e kang ea rephabliki e laoloang ke moemphera, ho seng joalo a ka be a ile a fumana tsela ea ho e qoba; Senate e ne e mo tšaba ebile e mo hloile, empa e ne e tšaba ho tsosolosa rephabliki e kang ea pele eo ho neng ho thoe e thehiloe makhotleng a ikemetseng a ketsa-melao empa ho se joalo.” Kahoo, Tiberiuse o ile a ‘nka ’muso ka qhekello.’
10. ‘Matsoho a moroallo a ile a robeha’ joang?
10 “Ha e le matsoho a moroallo”—e leng mabotho a ntoa a mebuso e ka mathōko—lengeloi le ile la re ka ’ona: ‘A tla pupetsoa ’me a robehe.’ Ha Tiberiuse e e-ba morena oa leboea, Germanicus Caesar, mora oa moena oa hae, e ne e le molaoli oa mabotho a Roma Nōkeng ea Rhine. Ka 15 C.E., Germanicus o ile a atleha ka tsela eitseng ha a etelletse pele mabotho a hae khahlanong le mohale oa Jeremane Arminius. Leha ho le joalo, ho hlōla hoo ho honyenyane ho ile ha fumanoa ka tahlehelo e khōlō, ’me ka mor’a moo Tiberiuse o ile a khaotsa ho loana le Jeremane. Ho e-na le hoo, o ile a leka ho thibela merabe ea Jeremane ho momahana ka hore a hlohlelletse ntoa ea lehae. Ka kakaretso, Tiberiuse o ne a rata leano la ho thibela tlhaselo e hlahang mebusong e meng ’me o ne a hlokomela haholo hore meeli e sireletsehile ka thata. Leano lena le ile la atleha haholo. Ka tsela ena “matsoho a moroallo” a ile a laoloa ’me a ‘rojoa.’
11. ‘Moeta-pele oa selekane o ile a rojoa’ joang?
11 E mong ea ileng a “robeha” e ne e le “Moeta-pele oa selekane” seo Jehova Molimo a neng a se entse le Abrahama bakeng sa ho hlohonolofatsa malapa ’ohle a lefatše. Jesu Kreste e ne e le Peō ea Abrahama e tšepisitsoeng selekaneng seo. (Genese 22:18; Bagalata 3:16) Ka la 14 Nisane, 33 C.E., Jesu o ile a ema ka pel’a Ponse Pilato ntlong ea borena ea ’musisi oa Roma e Jerusalema. Baprista ba Bajuda ba ne ba qositse Jesu ka hore ke lehlaba-phio khahlanong le moemphera. Empa Jesu o ile a re ho Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. . . . ’Muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” E le hore ’musisi oa Roma a se ke a lokolla Jesu ea se nang molato, Bajuda ba ile ba hooa: “Haeba u lokolla monna enoa, ha u motsoalle oa Sesare. Motho e mong le e mong ea iketsang morena o bua khahlanong le Sesare.” Ka mor’a hore ba re Jesu a bolaoe, ba ile ba re: “Ha re na morena haese Sesare.” Ho latela molao o khahlanong le “ho hlanohela morena,” oo Tiberiuse a neng a o atolositse hore o akarelletse hoo e ka bang tlhomphollo efe kapa efe e khahlanong le Sesare, Pilato o ile a nehelana ka Jesu hore a ‘rojoe,’ kapa a khokhotheloe thupeng ea tlhokofatso.—Johanne 18:36; 19:12-16; Mareka 15:14-20.
MOHATELLI O “RERA MERERO EA HAE”
12. (a) Ke bo-mang ba ileng ba etsa selekane le Tiberiuse? (b) Tiberiuse o ile ‘a ba matla joang ka ho sebelisa sechaba se senyenyane’?
12 Ha lengeloi lena le ntse le profeta ka Tiberiuse, le ile la re: “Ka lebaka la ho etsa ha bona selekane le eena o tla ntšetsa pele thetso ’me ka sebele a nyolohe ’me a be matla ka ho sebelisa sechaba se senyenyane.” (Daniele 11:23) Ho latela molao oa motheo, litho tsa Senate ea Roma li ne li ‘entse selekane’ le Tiberiuse, ’me ka molao o ne a itšetlehile ka tsona. Empa o ne a le mano ’me ha e le hantle, o ile a fetoha ea “matla ka ho sebelisa sechaba se senyenyane.” Sechaba seo se senyenyane e ne e le Balebeli ba Moemphera oa Roma, ba neng ba lula haufi le marako a Roma. Bohaufi ba bona bo ne bo tšosa litho tsa Senate ’me bo thusa Tiberiuse hore a thibele merusu leha e le efe e khahlanong le matla a hae a ho laela sechaba. Kahoo, ka balebeli ba ka bang 10 000, Tiberiuse o ile a lula a le matla.
13. Tiberiuse o ne a feta baholo-holo ba hae joang?
13 Lengeloi le ile la phaella ka boprofeta: “Nakong ea ho se be matšoenyehong, esita le ho ea karolong e ntle ea profinse o tla kena ’me ha e le hantle a etse seo bo-ntat’ae le bo-ntat’a ntat’ae ba sa kang ba se etsa. O tla hasanya se tlatlapuoeng le se hapuoeng le thepa har’a bona; ’me o tla rera merero ea hae khahlanong le libaka tse etselitsoeng liqhobosheane, empa ho fihlela ka nako e itseng feela.” (Daniele 11:24) Tiberiuse o ne a belaella batho ba bang haholo, ’me puso ea hae e ne e tletse lipolao tse laetsoeng ka molao. Karolo ea ho qetela ea puso ea hae e ile ea e-ba e tšosang, ’me lebaka le leholo la seo e ne e le tlhohlelletso ea Sejanus, eo e neng e le molaoli oa Balebeli ba Moemphera. Qetellong, Sejanus ka boeena o ile a belaelloa ’me a bolaoa. Tiberiuse o ne a feta baholo-holo ba hae tabeng ea ho busa batho ka khatello.
14. (a) Tiberiuse o ile a hasanya “se tlatlapuoeng le se hapuoeng le thepa” liprofinseng tsa Roma joang? (b) Nakong ea ha Tiberiuse a e-shoa o ne a nkoa joang?
14 Leha ho le joalo, Tiberiuse o ile a “hasanya se tlatlapuoeng le se hapuoeng le thepa” liprofinseng tsohle tsa Roma. Nakong ea lefu la hae, lichaba tsohle tse tlas’a hae li ne li thabela nala. Makhetho a ne a le tlaase ’me o ne a khona ho fuparollela ba libakeng tse mathateng seatla. Haeba masole kapa basebeletsi ba phahameng ba ’muso ba ne ba hatella mang kapa mang kapa ba khothalletsa ho se sebetse litaba ka tšoanelo, ba ne ba ka lebella hore moemphera a iphetetse. Tšireletseho ea sechaba e ne e bolokoa ka puso e thata, ’me khoebo e ne e thusoa ke mekhoa e ntlafalitsoeng ea puisano le litsela tse ntlafalitsoeng. Tiberiuse o ne a tiisa hore litaba li ne li tsamaisoa ka toka le ka mokhoa o tsitsitseng ka hare le ka ntle ho Roma. Melao e ile ea ntlafatsoa, ’me melao ea kahisano le boitšoaro e ile ea tiisoa ke liphetoho tse eketsehileng tse neng li qaliloe ke Augustase Sesare. Leha ho le joalo, Tiberiuse o ile a “rera merero ea hae,” hoo rahistori oa Moroma Tacitus a ileng a mo hlalosa e le monna oa moikaketsi, ea tsebang ho ikhakanya. Nakong ea ha Tiberiuse a e-shoa ka March 37 C.E., o ne a nkoa e le mohatelli.
15. Roma e ile ea tsoella joang qetellong ea lekholo la pele la lilemo le qalong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E.?
15 Bahlahlami ba Tiberiuse ba ileng ba phetha karolo ea morena oa leboea ba ne ba akarelletsa Gaiase Sesare (Caligula), Claudiase I, Nero, Vespasian, Tite, Domitian, Nerva, Trajan le Hadrian. The New Encyclopædia Britannica, e re: “Boholo ba nako, bahlahlami ba Augustase ba ile ba ntšetsa pele maano a hae a tsamaiso le mesebetsi ea kaho, le hoja ba ne ba se na boqapi bo bokaalo le boikhantšo bo boholoanyane bo etsoang ka lebaka la se finyelletsoeng.” Buka eona ena e tsoela pele ho re: “Qetellong ea lekholo la 1 la lilemo le qalong ea lekholo la 2 la lilemo Roma e ne e le sehlohlolong sa bophahamo ba eona le palo ea baahi ba eona.” Le hoja ka nako ena Roma e ne e e-na le mathata a itseng ka hare ho ’muso oa eona, khohlano ea eona ea pele le morena oa boroa, e neng e boletsoe esale pele, ha ea ka ea etsahala ho fihlela lekholong la boraro la lilemo C.E.
O TSOHELA MORENA OA BOROA MATLA
16, 17. (a) Ke mang ea ileng a nka karolo ea morena oa leboea eo ho buuoang ka eena ho Daniele 11:25? (b) Ke mang ea ileng a nka boemo ba morena oa boroa, ’me see se etsahetse joang?
16 Lengeloi la Molimo le ile la tsoela pele ka boprofeta, le re: “[Morena oa leboea] o tla tsosa matla a hae le pelo ea hae khahlanong le morena oa boroa ka lebotho la sesole le leholo; ’me morena oa boroa o tla halefa hore a loane ka lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla. ’Me [morena oa leboea] a ke ke a ema, hobane ba tla rera merero khahlanong le eena. ’Me bona ba jang limenyemenye tsa hae ba tla mo liha. Ha e le lebotho la hae la sesole, le tla hoholoa, ’me ka sebele ba bangata ba tla oela fatše ba bolailoe.”—Daniele 11:25, 26.
17 Hoo e ka bang lilemo tse 300 ka mor’a hore Octavian a etse Egepeta profinse ea Roma, Moemphera Aurelian oa Roma o ile a nka boemo ba morena oa leboea. Ho sa le joalo, Mofumahali Septimia Zenobia oa kolone ea Roma ea Palmyra, o ile a nka boemo ba morena oa boroa.a (Bona sehlooho se reng, “Zenobia—Mofumahali oa Mohlabani oa Palmyra,” leqepheng la 252.) Lebotho la Palmyra le ile la kena Egepeta ka 269 C.E. ka boikhakanyo ba hore le e boloka e sireletsehile bakeng sa Roma. Zenobia o ne a batla ho etsa Palmyra motse o busang ka bochabela hape a batla ho busa liprofinse tsa Roma tse ka bochabela. Aurelian a tšositsoe ke takatso e matla ea Zenobia ea bophahamo, o ile a “tsosa matla a hae le pelo ea hae” hore a mo futuhele.
18. Phello ea qhoebeshano pakeng tsa morena oa leboea, Moemphera Aurelian, le morena oa boroa, Mofumahali Zenobia, e ile ea e-ba efe?
18 Zenobia e le eena ’musi, morena oa boroa o ile a “halefa” hore a loane le morena oa leboea “ka lebotho la sesole le leholo ka mokhoa o fetisisang le le matla” tlas’a balaoli ba ntoa ba babeli, Zabdas le Zabbai. Empa Aurelian o ile a hapa Egepeta eaba o qala ho futuhela Asia Minor le Syria. Zenobia o ile a hlōloa Emesa (eo e leng Homs hona joale), eaba o khutlela Palmyra. Ha Aurelian a thibella motse oo, Zenobia o ile a o sireletsa ka matla empa a se ke a atleha. Eena le mora oa hae ba ile ba balehela nģ’a Persia, athe ba tla haptjoa ke Baroma Nōkeng ea Eufrate. Bapalmyra ba ile ba nehelana ka motse oa bona ka 272 C.E. Aurelian ha aa ka a bolaea Zenobia ’me o ile a mo etsa ea ka sehloohong mokolokong oa hae oa tlhōlo o neng o haola Roma ka 274 C.E. O ile a qeta karolo e setseng ea bophelo ba hae e le mosali ea hlomphehang oa Roma.
19. Aurelian o ile a oa joang ‘ka lebaka la merero e khahlanong le eena’?
19 Aurelian ka boeena ‘ha aa ka a ema ka lebaka la merero e neng e le khahlanong le eena.’ Ka 275 C.E., o ile a tsoa ho ea futuhela Bapersia. Ha a ntse a le Thrace a letetse hore a fumane monyetla oa ho tšela mochophoro oa metsi o pakeng tsa maoatle hore a kene Asia Minor, ba neng ba ‘ja lijo tsa hae’ ba ile ba mo rera ’me ba mo ‘liha.’ O ne a tlil’o ahlola mongoli oa hae Eros ka ho tsamaisa litaba hampe. Leha ho le joalo, Eros o ile a qapa letoto la leshano la mabitso a basebeletsi ba itseng ba ’muso ba neng ba khethetsoe ho bolaoa. Basebetsi ba ’muso ha ba bona letoto lena, ba ile ba susumeletseha hore ba rere ho bolaea Aurelian ka tšohanyetso le hore ba hle ba mo bolaee.
20. “Lebotho la sesole” la morena oa leboea le ile la “hoholoa” joang?
20 Mosebetsi oa morena oa leboea ha oa ka oa felisoa ke lefu la Moemphera Aurelian. Babusi ba bang ba Roma ba ile ba latela. Ka nako e itseng, ho ne ho e-na le moemphera oa bophirimela le oa bochabela. Tlas’a banna bana “lebotho la sesole” la morena oa leboea le ile la “hoholoa,” kapa ‘la hasanngoa,’b ’me ba bangata ba ile ba ‘oela fatše e le ba bolailoeng’ ka lebaka la litlhaselo tsa merabe ea Majeremane e tsoang ka leboea. Magoth a ile a phunyeletsa meeli ea Baroma lekholong la bone la lilemo C.E. Litlhaselo li ile tsa tsoela pele li latellana. Ka 476 C.E., moeta-pele oa Mojeremane Odoacer o ile a tlosa moemphera oa ho qetela ea neng a busa Roma. Qalong ea lekholo la botšelela la lilemo, ’Muso oa Roma o ka bophirimela o ne o qhaliloe, ’me marena a Majeremane a ne a busa Britannia, Gaul, Italy, Afrika Leboea le Spain. Karolo e ka bochabela ea ’muso oo e ile ea tšoarella ho fihlela lekholong la bo15 la lilemo.
’MUSO O MOHOLO OA AROLOA
21, 22. Constantine o ile a tlisa liphetoho life lekholong la bone la lilemo C.E.?
21 Le sa fane ka makolopetso a sa hlokahaleng mabapi le ho rojoa ha ’Muso oa Roma, ho ileng ha nka makholo a lilemo, lengeloi la Jehova le ile la tsoela pele ho bolela esale pele liketso tse eketsehileng tsa morena oa leboea le morena oa boroa. Leha ho le joalo, tlhahlobo e khutšoanyane ea liphetoho tse itseng ’Musong oa Roma e tla re thusa ho khetholla marena a mabeli a qothisanang lehlokoa linakong tsa morao.
22 Lekholong la bone la lilemo, Moemphera oa Roma Constantine o ile a amohela Bokreste ba bokoenehi ka molao ka hare ho Naha. O ile a mema a ba a okamela seboka sa kereke Nicaea, Asia Minor, ka 325 C.E. Hamorao, Constantine o ile a tlosa bolulo ba moemphera Roma a bo fallisetsa Byzantium, kapa Constantinople, a etsa motse oo motse-moholo oa hae o mocha. ’Muso oa Roma o ile oa tsoela pele tlas’a puso ea moemphera a le mong ho fihlela lefung la Moemphera Theodosius I, ka la 17 January, 395 C.E.
23. (a) ’Muso oa Roma o ile oa aroloa joang ka mor’a lefu la Theodosius? (b) ’Muso oa Bochabela o ile oa fela neng? (c) Ke mang ea ileng a busa Egepeta ka 1517?
23 Ka mor’a lefu la Theodosius, ’Muso oa Roma o ile oa aroleloa bara ba hae. Honorius o ile a fumana karolo e ka bophirimela, ’me Arcadius a fumana e ka bochabela, Constantinople e le oona motse-moholo oa hae. Britannia, Gaul, Italy, Spain le Afrika Leboea e ne e le tse ling tsa liprofinse tsa karolo e ka bophirimela. Macedonia, Thrace, Asia Minor, Syria le Egepeta e ne le liprofinse tsa karolo e ka bochabela. Ka 642 C.E., motse-moholo oa Egepeta, Alexandria, o ile oa oela ho Basaracen (Maarabia), ’me Egepeta e ile ea fetoha profinse ea bahlahlami ba Mahomede. Ka January 1449, Constantine XI e ile ea e-ba moemphera oa ho qetela oa bochabela. Tlas’a taolo ea Sultan Mehmed II, Maturk a Ottoman a ile a hapa Constantinople ka la 29 May, 1453, a felisa ’Muso oa Bochabela oa Roma. Ka selemo sa 1517, Egepeta e ile ea fetoha profinse ea Turkey. Leha ho le joalo, ka mor’a nako, naha ena ea morena oa boroa oa boholo-holo e ne e tla oela taolong ea ’muso o mong o tsoang lehlakoreng le ka bophirimela.
24, 25. (a) Bo-rahistori ba bang ba bolela hore ke eng e ileng ea tšoaea ho qaleha ha ’Muso o Halalelang oa Roma? (b) Ho ile ha qetella ho etsahetse’ng ka tlotla ea “moemphera” ea ’Muso o Halalelang oa Roma?
24 Karolong e ka bophirimela ea ’Muso oa Roma ho ile ha hlaha mobishopo oa K’hatholike oa Roma, eo ka ho hlokomelehang e neng e le Mopapa Leo I, ea neng a tumme ka ho tiisa matla a ho laela a mopapa lekholong la bohlano la lilemo C.E. Ka mor’a nako, mopapa o ile a inkela matla a ho hlomamisa moemphera oa karolo e ka bophirimela. Sena se ile sa etsahala Roma ka letsatsi la Keresemese ka 800 C.E., ha Mopapa Leo III a beha Morena Charles (Charlemagne) oa Mofrank setulong hore e be moemphera oa ’Muso o mocha oa Roma oa Bophirimela. Ho behoa setulong hona ho ile ha tsosolosa boemphera Roma ’me bo-rahistori ba bang ba bolela hore ho ile ha tšoaea ho qaleha ha ’Muso o Halalelang oa Roma. Ho tloha ka nako eo ho ea pele ho ile ha e-ba le ’Muso oa Bochabela le ’Muso o Halalelang oa Roma o ka bophirimela, eo ka bobeli e neng e ipolela hore ke ea Bokreste.
25 Ha nako e ntse e feta, bahlahlami ba Charlemagne ba ile ba bonahala e le babusi ba se nang thuso. Setulo sa moemphera se bile sa lula se se na motho ka nako e itseng. Ho sa le joalo, Morena Otto I oa Jeremane o ne a hapile boholo ba karolo e ka leboea le e bohareng ea Italy. O ile a phatlalatsa hore ke eena morena oa Italy. Ka la 2 February, 962 C.E., Mopapa John XII o ile a beha Otto I setulong hore e be moemphera oa ’Muso o Halalelang oa Roma. Motse-moholo oa oona o ne o le Jeremane, ’me baemphera e le Majeremane, joalokaha ho ne ho le joalo ka boholo ba bafo ba oona. Makholo a mahlano a lilemo hamorao lelapa la ha Hapsburg la Austria le ile la fumana tlotla ea “moemphera” ’me la e khomarela boholo ba lilemo tse saletseng tsa ’Muso o Halalelang oa Roma.
MARENA A MABELI A BOETSE A BONAHALA KA HO HLAKA
26. (a) Ho ka thoe’ng ka ho oa ha ’Muso o Halalelang oa Roma? (b) Ke mang ea ileng a hlaha e le morena oa leboea?
26 Napoléon I o ile a kakalatsa ’Muso o Halalelang oa Roma ha a hana ho hlompha boteng ba oona ka mor’a hore a hlōle Jeremane selemong sa 1805. Ha Moemphera Francis II a sitoa ho sireletsa ’muso, o ile a itokolla boemong ba ho ba moemphera oa Roma ka la 6 August, 1806, ’me a ea ’musong oa sechaba sa habo e le moemphera oa Austria. Ka mor’a lilemo tse 1 006, ’Muso o Halalelang oa Roma—o neng o thehiloe ke Leo III, eo e neng e le mopapa oa Roma e K’hatholike, le morena oa Mofrank, Charlemagne—o ile oa oa. Ka 1870, Roma e ile ea fetoha motse-moholo oa ’muso oa Italy o sa ikarabelleng ho Vatican. Selemong se hlahlamang, ’muso oa Majeremane o ile oa qala ka Wilhelm I ea ileng a bitsoa sesare, kapa k’heisara. Kahoo, morena oa kajeno oa leboea—e leng Jeremane—o ne a hlaheletse lefatšeng.
27. (a) Ho ile ha tla joang hore Egepeta e be naha e tšireletsong ea Brithani? (b) Ke mang ea ileng a kena boemong ba ho ba morena oa boroa?
27 Empa joale morena oa kajeno oa boroa o ne a tsebahala e le mang? Histori e bontša hore Brithani e ile ea nka puso lekholong la bo17 la lilemo. E le hore Napoléon I a ferekanye litsela tsa khoebo tsa Brithani, o ile a hapa Egepeta ka 1798. Ntoa e ile ea qhoma, ’me selekane sa Brithani le Turkey se ile sa qobella Mafora hore a tsoe Egepeta, e ileng ea tsebahala e le morena oa boroa qalong ea qhoebeshano ena. Lekholong le hlahlamang la lilemo, tšusumetso ea Brithani Egepeta e ile ea hōla. Ka mor’a 1882, Egepeta e ne e se e hlile e itšetlehile ka Brithani. Ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše ka 1914, Egepeta e ne e oetse ho Turkey ’me e ne e busoa ke moemeli kapa letona la ’muso. Leha ho le joalo, ka mor’a hore Turkey e eme le Jeremane ntoeng, Brithani e ile ea tlosa moemeli eo litulong ’me ea phatlalatsa hore Egepeta ke naha e tšireletsong ea Brithani. Ha Brithani le United States of America li ntse le tiisa maqhama butle-butle, li ile tsa fetoha ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika. Li ile tsa kena hammoho boemong ba ho ba morena oa boroa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Kaha mabitso “morena oa leboea” le “morena oa boroa” ke litlotla, a ka bolela ’musi ofe kapa ofe, ho akarelletsa morena, mofumahali, kapa sehlopha sa lichaba.
b Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe ho Daniele 11:26 ho New World Translation of the Holy Scriptures—With References, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ke moemphera ofe oa pele oa Roma ea ileng a ema e le morena oa leboea, ’me o ile a roma “molefisi” neng?
• Ke mang ea ileng a nka boemo ba morena oa leboea ka mor’a Augustase, ’me ‘Moeta-pele oa selekane o ile a rojoa’ joang?
• Qhoebeshano pakeng tsa Aurelian e le morena oa leboea le Zenobia e le morena oa boroa e ile ea fella ka eng?
• Ho ile ha etsahala’ng ka ’Muso oa Roma, ’me ke mebuso efe e ileng ea nka boemo ba marena aa a mabeli qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 248-251]
E MONG OA HLOMPHUOA, E MONG OA NYELISOA
E MONG o ile a fetola rephabliki e tletseng likhohlano ’muso oa lefatše. E mong o ile a eketsa leruo la eona ka makhetlo a mashome a mabeli ka lilemo tse 23. E mong o ile a hlomphuoa ha a e-shoa, empa e mong eena o ile a nyelisoa. Baemphera bana ba babeli ba Roma ba busitse nakong ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae. E ne e le bo-mang? Hona ke hobane’ng ha e mong a ile a hlomphuoa, ha e mong a sa ka a hlomphuoa?
O “FUMANE ROMA E HAHILOE KA LITENE A E SIEA E HAHILOE KA ’MABOLE”
Ka 44 B.C.E., ha Julius Caesar a bolaoa ka tšohanyetso, Gaius Octavian, eo e neng e le setloholo sa moshemane sa khaitseli ea hae, o ne a le lilemo li 18 feela. Kaha e ne e le ngoana eo Julius Caesar a neng a mo nkile ka molao hore e be mora oa hae le mojalefa oa hae e moholo, hang-hang Octavian e monyenyane o ile a ea Roma ho ea batla lefa la hae. Teng o ile a teana le mohanyetsi ea tšosang—molefothenente e moholo oa Caesar, Mark Antony, ea neng a lebeletse hore e tla ba eena mojalefa e moholo. Maqheka a bopolotiki le ntoa ea ho tseka ’muso tse ileng tsa latela li ile tsa nka lilemo tse 13.
E bile feela ka mor’a ho hlōla mabotho a ntoa a kopaneng a Mofumahali Cleopatra oa Egepeta le nyatsi ea hae Mark Antony (ka 31 B.C.E.) moo Octavian a ileng a hlahella e le ’musi oa ’Muso oa Roma eo ho seng ea qothisanang lehlokoa le eena. Selemong se latelang Antony le Cleopatra ba ile ba ipolaea, ’me Octavian o ile a hokahanya Egepeta le ’muso oa hae. Ka tsela eo, mosaletsa oa ’Muso oa Greece o ile oa tlosoa, ’me Roma ea e-ba ’muso oa lefatše.
Ha Octavian a hopola hore bompoli ba Julius Caesar bo ile ba etsa hore a bolaoe ka tšohanyetso, o ile a ba seli hore a se ke a pheta phoso eo. E le hore a se ke a siteloa maikutlo a Baroma ba ratang rephabliki, o ile a pata bompoli ba hae ka ho etsa hore bo bonahale eka ke puso ea rephabliki. O ile a hana litlotla “morena” le “’mampoli.” Ho feta moo, o ile a phatlalatsa boikemisetso ba hae ba ho nehelana ka taolo ea liprofinse tsohle ho Senate ea Roma ’me a ithaopela ho itokolla maemong ao a neng a le ho ’ona. Leano lena le ile la sebetsa. Senate e ananelang e ile ea phehella Octavian hore a tsoele pele maemong a hae le hore a ’ne a laole liprofinse tse ling.
Ho phaella moo, ka la 16 January, 27 B.C.E., Senate e ile ea fa Octavian tlotla “Augustase,” e bolelang “Ea Phahamisitsoeng, Ea Halalelang.” Octavian ha aa ka a amohela tlotla eo feela empa hape o ile a rehella khoeli e ’ngoe ka eena a ba a alima letsatsi le leng khoeling ea February e le hore August e ka ba le matsatsi a lekanang le a July, e leng khoeli e neng e reheletsoe ka Julius Caesar. Ka tsela eo Octavian o ile a fetoha moemphera oa pele oa Roma ’me ka mor’a moo o ile a tsejoa e le Sesare Augustase kapa “Ea Tlotlehang.” Hamorao o ile a boela a nka tlotla “pontifex maximus” (moprista ea phahameng), ’me ka 2 B.C.E.—e leng selemo seo Jesu a tsoetsoeng ka sona—Senate e ile ea mo fa tlotla Pater Patriae, “Ntat’a Naha ea Habo.”
Selemong sona seo “molao-taelo [o ile] oa tsoa ho Sesare Augustase oa hore lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona le ngolisoe; . . . ’me batho bohle ba qala ho tsamaea ho ea ngolisoa, e mong le e mong motseng oa habo.” (Luka 2:1-3) Ka lebaka la molao-taelo ona, Jesu o ile a hlahela Bethlehema ho phethahatsa boprofeta ba Bibele.—Daniele 11:20; Mikea 5:2.
’Muso o tlas’a Augustase o ile oa ikhetha ka botšepehi bo itseng le boemo bo tsitsitseng ba matla a chelete. Augustase o ile a boela a theha tsamaiso e atlehileng ea poso a ba a haha litsela le marokho. O ile a hlophisa sesole bocha, a theha sesole sa metsing sa kamehla, ’me a theha sehlopha se khethehileng sa balebeli se tsejoang e le Balebeli ba Moemphera. (Bafilippi 1:13, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ka tšehetso ea hae, lingoli tse kang Virgil le Horace li ile tsa atleha ’me litsebi tsa ho betla litšoantšo li ile tsa etsa mesebetsi e metle eo hona joale ho thoeng ke ea Baroma le ea Bagerike ba boholo-holo. Augustase o ile a qetela mehaho eo Julius Caesar a neng a e siile ka lehare a ba a tsosolosa litempele tse ngata. Pax Romana (“Khotso ea Roma”) eo a ileng a e theha e ile ea tšoarella ka lilemo tse fetang 200. Ka la 19 August, 14 C.E., ha a le lilemo li 76, Augustase o ile a shoa ’me a etsoa molimo ka mor’a moo.
Augustase o ile a ithorisa ka hore o ne a ‘fumane Roma e hahiloe ka litene ’me a e siea e hahiloe ka ’mabole.’ A sa batle hore Roma e khutlele mehleng ea likhohlano ea rephabliki ea pele, o ne a ikemiselitse ho rupela moemphera ea latelang. Empa o ne a se na boikhethelo bo bokaalo tabeng ea mohlahlami. Mochana oa hae, litloholo tse peli tsa bashemane, mokhoenyana, le mora oa le-tla-le-pepiloe ba ne ba shoele kaofela ha bona, ba siea mora oa hae oa le-tla-le-pepiloe Tiberiuse hore e be eena feela ea ka nkang setulo seo.
“EA TLA NYELISOA”
Pele ho fela khoeli Augustase a shoele, Senate ea Roma e ile ea beha Tiberiuse ea lilemo li 54 setulong sa boemphera. Tiberiuse o ile a phela ’me a busa ho fihlela ka March 37 C.E. Kahoo, e ne e le eena moemphera oa Roma nakong ea tšebeletso ea Jesu ea phatlalatsa.
Ha Tiberiuse e le moemphera, o ne a e-na le botle ba hae le bobe ba hae. Botle bo bong ba hae e ne e le ho se rate ho senya chelete linthong tsa boiketlo feela. Ka lebaka leo, ’muso o ile oa atleha ’me o ne a e-ba le chelete e ka sebelisetsoang ho thusa ka mor’a likoluoa le linakong tsa mathata. Botle ba Tiberiuse ke hore o ne a inka e le motho feela ea tšoanang le ba bang, a hana litlotla tse ngata tsa tlhompho, ’me ka kakaretso o ne a tobisa borapeli ba moemphera ho Augustase ho e-na le ho eena. Ha ho khoeli eo a ileng a e rehella ka eena joaloka Augustase le Julius Caesar, leha e le hore o ile a lumella hore ba bang ba mo tlotle ka tsela eo.
Leha ho le joalo, bobe ba Tiberiuse bo ne bo feta botle ba hae. O ne a belaella batho ba bang ka mokhoa o feteletseng ’me a ikaketsa ha a sebelisana le bona, ’me pusong ea hae ho ne ho atile lipolao tse laetsoeng ka molao—metsoalle ea hae e mengata e ile ea e-ba har’a babolauoa. O ile a atolosa molao oa lèse-majesté (ho hlanohela morena) hore, har’a liketso tsa bofetoheli, o akarelletse mantsoe feela tjee a mo nyefolang. Ho nahanoa hore ka matla a molao ona, Bajuda ba ile ba hatella ’Musisi Ponse Pilato oa Roma hore a laele hore Jesu a bolaoe.—Johanne 19:12-16.
Tiberiuse o ile a bokella Balebeli ba Moemphera tikolohong ea Roma ka ho haha bolulo bo sirelelitsoeng ba sesole ka leboea ho marako a motse. Boteng ba Balebeli bana bo ne bo tšosa Senate ea Roma, eo e neng e le tšokelo pusong ea hae, hape bo ne bo thibela ho hloka taolo leha e le hofe ha batho. Tiberiuse o ile a boela a khothalletsa bompimpi, ’me karolo ea ho qetela ea puso ea hae e ile ea e-ba e tšosang.
Nakong ea lefu la hae, Tiberiuse o ne a nkoa e le mohatelli. Ha a e-shoa, Baroma ba ile ba thaba ’me Senate e ile ea hana ho mo etsa molimo. Ka mabaka ana le a mang, ho Tiberiuse re bona phethahatso ea boprofeta bo bolelang hore “ea tla nyelisoa” o ne a tla hlaha e le “morena oa leboea.”—Daniele 11:15, 21.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Ho ile ha tla joang hore Octavian e be moemphera oa pele oa Roma?
• Ho ka thoe’ng ka se finyeletsoeng ke ’muso oa Augustase?
• Botle ba Tiberiuse le bobe ba hae e ne e le bofe?
• Boprofeta bo mabapi le “ea tla nyelisoa” bo ile ba phethahala joang ho Tiberiuse?
[Setšoantšo]
Tiberiuse
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 252-255]
ZENOBIA—MOFUMAHALI OA MOHLABANI OA PALMYRA
“O NE a le tlhaku ea tekoane . . . Meno a hae a le bosoeu ba phophi ea lebese, ’me mahlo a hae a maholo a maphatšoana, a ne a phatsima ka mokhoa o sa tloaelehang empa a le bonolo bo hohelang ka ho fetisisa. Lentsoe la hae le ne le tiile ’me le utloahala hamonate. Kutloisiso ea hae e kang ea banna e ne e matlafalitsoe le ho khabisoa ke thuto. O ne a tseba leleme la Selatine, ’me ka lehlakoreng le leng a tseba Segerike, Sesyria le Seegepeta ka tsela e tšoanang.” Ena ke tsela eo ka eona rahistori Edward Gibbon a ileng a thothokisa Zenobia—mofumahali oa mohlabani oa motse oa Syria oa Palmyra.
Monna oa Zenobia e ne e le Odaenathus oa lelapa la borena la Palmyra, ea ileng a fuoa tlotla ea moemeli oa Roma ka 258 C.E. kaha a ne a ile a futuhela Persia ka katleho lebitsong la ’Muso oa Roma. Lilemo tse peli hamorao, Moemphera Gallienus oa Roma o ile a fa Odaenathus tlotla ea corrector totius Orientis (’musisi oa Bochabela kaofela). O ile a e fuoa ka lebaka la hore o ne a hlōtse Morena Shāpūr I oa Persia. Qetellong Odaenathus o ile a ipha tlotla ea “morena oa marena.” Ho ka ’na ha boleloa hore Odaenathus o ile a atleha haholo ka lebaka la sebete le bohlale ba Zenobia.
ZENOBIA O HAHAMALLA HO THEHA ’MUSO
Ka 267 C.E., ha Odaenathus a le sehlohlolong sa mosebetsi oa hae, o ile a bolaoa ka tšohanyetso le mojalefa oa hae. Zenobia o ile a nka setulo sa monna oa hae, kaha mora oa hae o ne a le monyenyane haholo hore a ka se nka. Kaha o ne a le motle, a rata bophahamo, a e-na le tsebo ea ho tsamaisa, a tloaetse ho futuha le monna oa hae, a bile a tseba lipuo tse ngata, o ile a atleha ho ikhapela tlhompho le tšehetso ea bafo ba hae. Zenobia o ne a rata ho ithuta ’me o ne a ipokella ka batho ba bohlale. E mong oa baeletsi ba hae e ne e le rafilosofi le seroki Cassius Longinus—eo ho neng ho thoe ke “seliba sa tsebo.” Bukeng e bitsoang Palmyra and Its Empire—Zenobia’s Revolt Against Rome, mongoli Richard Stoneman o re: “Lilemong tse hlano tsa ka mor’a lefu la Odenathus . . . , Zenobia o ne a itsetsepetse e le mofumahali oa Bochabela likelellong tsa batho ba hae.”
Ka lehlakoreng le leng la ’muso oa Zenobia e ne e le Persia, eo eena le monna oa hae ba neng ba e thefutse, ’me ka lehlakoreng le leng e ne e le Roma e makhatheng a ho oa. Mabapi le maemo a neng a le teng ’Musong oa Roma ka nako eo, rahistori J. M. Roberts o re: “Lekholo la boraro la lilemo e ne e le . . . nako e thata bakeng sa Roma meeling e ka bochabela le e ka bophirimela ka ho tšoanang, athe Roma teng ho ne ho qalile nako e ncha ea ntoa ea lehae ’me bahlahlami le bona ba qalile ho tseka litulo. Baemphera ba 22 (ntle ho baikhakanyi) ba ile ba busa ka ho hlahlamana.” Ka lehlakoreng le leng, mofumahali oa Syria e ne e le ’musi ea tsitsitseng ka ho feletseng eo ho seng ea qothisanang lehlokoa le eena sebakeng sa hae. Stoneman o re: “Kaha o ne a laola mesaletsa ea mebuso e ’meli [oa Persia le oa Roma], o ne a ka hahamalla ho theha oa boraro o neng o tla laola eo e ’meli.”
Monyetla oa hore Zenobia a atolose matla a hae a puso o ile oa hlaha ka 269 C.E. ha ho hlaha moikhakanyi e mong Egepeta ea hanyetsang puso ea Roma. Lebotho la Zenobia le ile la potlakela Egepeta, la thumakanya mofetoheli eo ’me la hapa naha eo. Ha a phatlalatsa hore ke eena mofumahali oa Egepeta, o ile a etsa lichelete tsa tšepe tse ngotsoeng lebitso la hae. Joale ’muso oa hae o ile oa atoloha ho tloha nōkeng ea Nile ho ea nōkeng ea Eufrate. Ke mothating ona moo Zenobia a ileng a lula setulong sa “morena oa boroa.”—Daniele 11:25, 26.
MOTSE-MOHOLO OA ZENOBIA
Zenobia o ile a tiisa le ho khabisa motse-moholo oa hae oa Palmyra hoo o ileng oa tšoana le metse e meholo ea Roma. Ho hakanngoa hore baahi ba eona ba ne ba le ka holimo ho 150 000. Mehaho, litempele, lirapa, litšiea le liemahale tsa sechaba tse hlollang ka botle li ile tsa tlala Palmyra, eo e neng e le motse o neng o lika-likiloe ke marako ao ho boleloang hore a ne a le bolelele ba lik’hilomithara tse 21 ho pota. Mathule a litšiea tsa Korinthe a ka holimo ho limithara tse 15 ka bophahamo—a ka bang 1 500—a ne a kolokile tseleng e khōlō. Liemahale le litšoantšo tse bontšang ho tloha sefubeng ho fihlela hloohong tsa bahale le barui ba ileng ba fana ka melemo e itseng li ne li tletse motse. Ka 271 C.E., Zenobia o ile a emisa seemahale sa hae le sa monna oa hae ea shoeleng.
Tempele ea Letsatsi e ne e le o mong oa mehaho e metle ka ho fetisisa ea Palmyra ’me ha ho pelaelo hore e ne e le eona e hlaheletseng litabeng tsa bolumeli tsa motse. E ka ’na eaba Zenobia ka boeena o ne a rapela molimo o amanang le molimo oa letsatsi. Leha ho le joalo, lekholong la boraro la lilemo Syria e ne e le naha ea malumeli a mangata. ’Musong oa Zenobia ho ne ho e-na le ba neng ba ipolela hore ke Bakreste, Bajuda, le barapeli ba letsatsi le khoeli. Boikutlo ba hae e ne e le bofe mabapi le mefuta ee e sa tšoaneng ea borapeli? Sengoli Stoneman se re: “’Musi ea bohlale a ke ke a hlokomoloha mekhoa leha e le efe e bonahalang e le e loketseng ho batho ba hae. . . . Ho ne ho tšeptjoa hore . . . melimo e khobokane ka lehlakoreng la Palmyra.” Kamoo ho bonahalang kateng, ho ne ho se bolumeli boo Zenobia a neng a bo khesa.
Zenobia o ile a ratoa ke batho ba bangata ka lebaka la botho ba hae bo hapang maikutlo. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le karolo eo a ileng a e phetha ea ho emela ’musi oa bopolotiki ea boletsoeng esale pele boprofeteng ba Daniele. Leha ho le joalo, puso ea hae ha ea ka ea tšoarella ka lilemo tse fetang tse hlano. Moemphera oa Roma ea bitsoang Aurelian o ile a hlōla Zenobia ka 272 C.E. ’me ka mor’a moo a tlatlapa Palmyra hoo e sa kang ea hlola e tsoha. Zenobia o ile a hauheloa. Ho boleloa hore o ile a nyaloa ke setho sa Senate ea Roma ’me nako eohle e setseng ea bophelo ba hae o ile a e qeta a ikhutsitse Italy.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Botho ba Zenobia bo hlalositsoe joang?
• Lintho tse ling tsa bohlokoa tseo Zenobia a ileng a li finyella ke life?
• Boikutlo ba Zenobia mabapi le bolumeli e ne e le bofe?
[Setšoantšo]
Mofumahali Zenobia a bua le masole a hae
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 246]
MARENA A HO DANIELE 11:20-26
Morena oa Leboea Morena oa Boroa
Daniele 11:20 Augustase
Daniele 11:21-24 Tiberiuse
Daniele 11:25, 26 Aurelian Mofumahali Zenobia
Ho rojoa likoto ho ’Muso oa Brithani, e
boletsoeng esale pele Majeremane lateloang ke ’Muso
ha ’Muso oa Roma ho oa Lefatše oa
lebisa qalehong ea Manyesemane le
Maamerika
[Setšoantšo]
Tiberiuse
[Setšoantšo]
Aurelian
[Setšoantšo]
Seemahale se senyenyane sa Charlemagne
[Setšoantšo]
Augustase
[Setšoantšo]
Sekepe sa ntoa sa Brithani sa lekholong la bo17 la lilemo
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 230]
[Setšoantšo se leqepheng la 233]
Augustase
[Setšoantšo se leqepheng la 234]
Tiberiuse
[Setšoantšo se leqepheng la 235]
Ka lebaka la molao-taelo oa Augustase, Josefa le Maria ba ile ba nka leeto la ho ea Bethlehema
[Setšoantšo se leqepheng la 237]
Joalokaha ho boletsoe esale pele, Jesu o ile a ‘rojoa’ lefung
[Litšoantšo tse leqepheng la 245]
1. Charlemagne 2. Napoléon I 3. Wilhelm I 4. Masole a Jeremane, Ntoa ea I ea Lefatše