Khaolo ea Leshome le Metso e Mehlano
Marena Ana a Qothisanang Lehlokoa a Kena Lekholong la Bo20 la Lilemo
1. Rahistori e mong o re baeta-pele ba Europe lekholong la bo19 la lilemo e ne e le bo-mang?
RAHISTORI Norman Davies oa ngola: “Europe e tsoetse pele ho feta neng kapa neng lekholong la leshome le metso e robong la lilemo.” Oa eketsa: “Europe e ile ea e-ba le matla a e susumetsang ho feta leha e le neng pele: matla a theknoloji, matla a moruo, matla a tsoelo-pele, matla pakeng tsa lik’honthinente.” Davies o bolela hore “sethathong,” baeta-pele ba “‘lekholo la lilemo la matla’ le atlehileng Europe e ne e le Great Britain . . . ’me mashome a lilemo hamorao ea e-ba Jeremane.”
‘A SEKAMETSE HO ETSENG SE SEBE’
2. Ho feleng ha lekholo la bo19 la lilemo, ke mebuso efe e neng e nkile likarolo tsa “morena oa leboea” le “morena oa boroa”?
2 Ha lekholo la bo19 la lilemo le le makhatheng a ho fela, ’Muso oa Jeremane e ne e le “morena oa leboea” ’me Brithani e le boemong ba “morena oa boroa.” (Daniele 11:14, 15) Lengeloi la Jehova le ile la re: “Ha e le marena ana a mabeli, lipelo tsa ’ona li tla sekamela ho etseng se sebe, ’me tafoleng e le ’ngoe a tla ’ne a bue leshano.” Le ile la tsoela pele: “Empa ha ho letho le tla atleha, hobane bofelo e sa ntse e le ba nako e behiloeng.”—Daniele 11:27.
3, 4. (a) Ke mang eo e ileng ea e-ba moemphera oa pele oa ’Muso oa Jeremane, ’me ho ile ha thehoa selekane sefe? (b) K’heisara Wilhelm o ile a latela leano lefe?
3 Ka la 18 January, 1871, Wilhelm I e ile ea e-ba moemphera oa pele oa ’Muso oa Jeremane. O ile a khetha Otto von Bismarck hore e be tona-khōlō. Kaha Bismarck o ne a habile ho ntšetsa pele ’muso ona o mocha, o ile a qoba likhohlano le lichaba tse ling ’me a etsa selekane le Austria-Hungary le Italy, se tsejoang e le Selekane sa Linaha tse Tharo. Empa kapele-pele lithahasello tsa morena enoa e mocha oa leboea li ile tsa thulana le tsa morena oa boroa.
4 Ka mor’a lefu la Wilhelm I le mohlahlami oa hae, Frederick III, ka 1888, Wilhelm II ea lilemo li 29 o ile a lula setulong sa borena. Wilhelm II, kapa K’heisara Wilhelm, o ile a qobella Bismarck hore a itokolle mosebetsing eaba o latela leano la ho atolosetsa tšusumetso ea Jeremane lefatšeng ka bophara. Rahistori e mong o re: “Tlas’a Wilhelm II, [Jeremane] e ile ea e-ba le moea oa boikhohomoso le oa khatello.”
5. Marena aa a mabeli a ile a lula “tafoleng e le ’ngoe” joang, ’me ke eng seo a ileng a se bua moo?
5 Ha Morena Nicholas II oa Russia a mema seboka sa khotso The Hague, Netherlands, ka la 24 August, 1898, ho ne ho foka moea oa tsitsipano ea machaba. Seboka sena le se ileng sa se latela ka 1907 li ile tsa etsa hore ho thehoe Lekhotla la Bonamoli la Kamehla The Hague. Ka ho ba litho tsa lekhotla lena, ’Muso oa Jeremane esita le oa Great Britain e ile ea iponahatsa eka e rata khotso. E ile ea lula “tafoleng e le ’ngoe,” e iponahatsa eka e na le botsoalle, empa ‘lipelo tsa eona li sekametse ho etseng se sebe.’ Leqheka la ho rarolla mathata a lichaba ka lipuisano la ho ‘bua leshano tafoleng e le ’ngoe’ le ne le ke ke la ntšetsa pele khotso ea sebele. Tabeng ea takatso ea tsona ea bopolotiki, ea khoebo le ea sesole, ‘ho ne ho se letho le ka atlehang’ hobane bofelo ba marena ana a mabeli “e sa ntse e le ba nako e behiloeng” ke Jehova Molimo.
“KHAHLANONG LE SELEKANE SE HALALELANG”
6, 7. (a) Morena oa leboea o ile a “khutlela naheng ea hae” joang? (b) Morena oa boroa o ile a nka khato efe ka tšusumetso e hōlang ea morena oa leboea?
6 Lengeloi la Molimo ha le tsoela pele le ile la re: “’Me [morena oa leboea] o tla khutlela naheng ea hae ka thepa e ngata haholo, ’me pelo ea hae e tla ba khahlanong le selekane se halalelang. ’Me o tla sebetsa ka mokhoa o atlehileng ’me ka sebele a khutlele naheng ea hae.”—Daniele 11:28.
7 K’heisara Wilhelm o ile a khutlela “naheng,” kapa boemong ba lefatše, ea morena oa boholo-holo oa leboea. Joang? Ka ho hōlisa puso ea boemphera eo morero oa eona e neng e le ho atolosa ’Muso oa Jeremane le ho atolosa tšusumetso ea oona. Wilhelm II o ile a phehella lipakane tsa ho etsa likolone Afrika le libakeng tse ling. Kaha o ne a batla ho qholotsa bophahamo ba Brithani leoatleng, o ile a qala ho haha sesole se matla sa metsing le likepe tsa ntoa tse matla. The New Encyclopædia Britannica e re: “Ka nako e ka holimonyana ho lilemo tse leshome, matla a sesole sa metsing le a likepe tsa ntoa tsa Jeremane ha ea ka ea hlola e e-ba a sa hlokomeleheng empa a ile a hōlisoa ho fihlela moo a ileng hlahlama a Brithani.” E le hore Brithani e boloke bophahamo ba eona, e ile ea lokela ho atolosa morero oa eona oa sesole sa metsing le oa likepe tsa ntoa. Brithani e ile ea boela ea kena lipuisanong tsa entente cordiale (tumellano ea setsoalle) le Fora hape ea kena tumellanong e tšoanang le Russia, kahoo tsa theha Tumellano ea Linaha tse Tharo. Joale Europe e ne e arotsoe ka lihlopha tse peli tse loantšanang—e le Selekane sa Linaha tse Tharo ka lehlakoreng le leng le Tumellano ea Linaha tse Tharo ka ho le leng.
8. Ho ile ha tla joang hore ’Muso oa Jeremane o be le “thepa e ngata haholo”?
8 ’Muso oa Jeremane o ile oa latela leano la khatello, le ileng la etsa hore Jeremane e be le “thepa e ngata haholo” hobane e ne e le eona e ka sehloohong Selekaneng sa Linaha tse Tharo. Austria-Hungary le Italy e ne e le linaha tsa Roma e K’hatholike. Ka lebaka leo, Selekane sa Linaha tse Tharo se ne se boetse se amoheloa ke mopapa, athe morena oa boroa eena, ka Tumellano ea hae ea Linaha tse Tharo eo e seng ea Bok’hatholike, o ne a sa amoheloe ke mopapa.
9. Morena oa leboea o ne a le “khahlanong le selekane se halalelang” joang botebong ba pelo ea hae?
9 Ho thoe’ng ka batho ba Jehova? E ne e le khale ba phatlalatsa hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li tla fela ka 1914.a (Luka 21:24) Selemong seo, ’Muso oa Molimo o matsohong a Mojalefa oa Morena Davida, e leng Jesu Kreste, o ile oa hlongoa maholimong. (2 Samuele 7:12-16; Luka 22:28, 29) Khale koana ka March 1880, makasine ea Molula-Qhooa (ea Senyesemane) e ile ea amahanya puso ea ’Muso oa Molimo le ho fela ha “linako tse behiloeng tsa lichaba,” kapa “linako tsa Balichaba.” (King James Version) Empa pelo ea morena oa leboea oa Jeremane e ne e le ‘khahlanong le selekane se halalelang sa ’Muso.’ Ho e-na le ho amohela puso ea ’Muso, K’heisara Wilhelm o ile ‘a sebetsa ka mokhoa o atlehileng’ ka ho ntšetsa pele merero ea hae ea ho busa lefatše. Leha ho le joalo, ka ho etsa joalo o ile a jala moea oa Ntoa ea I ea Lefatše.
MORENA OA “NYAHAMA” NTOENG
10, 11. Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qala joang, ’me ke joang see se etsahetseng ka “nako e behiloeng”?
10 Lengeloi le boletse esale pele hore: “Ka nako e behiloeng [morena oa leboea] o tla khutla, ’me ka sebele o tla futuhela boroa; empa lekhetlo la ho qetela le ke ke la tšoana le lekhetlo la pele.” (Daniele 11:29) “Nako e behiloeng” ea Molimo ea ho felisa puso ea Balichaba lefatšeng e ile ea fihla ka 1914 ha a hloma ’Muso oa leholimo. Ka la 28 June selemong seo, Khosana ea Austria Francis Ferdinand le mosali oa hae ba ile ba bolaoa ka tšohanyetso Sarajevo, Bosnia, ke sekhukhuni sa Serbia. Ke eona tlhase e ileng ea qhomisa Ntoa ea I ea Lefatše.
11 K’heisara Wilhelm o ile a khothalletsa Austria-Hungary hore e iphetetse ho Serbia. Austria-Hungary e kholisehile hore Jeremane e tla e tšehetsa, e ile ea phatlalatsa ntoa khahlanong le Serbia ka la 28 July, 1914. Empa Russia e ile ea phallela Serbia. Ha Jeremane e phatlalatsa ntoa khahlanong le Russia, Fora (eo e neng e le motsoalle oa eona Tumellanong ea Linaha tse Tharo) e ile ea tšehetsa Russia. Eaba joale Jeremane e phatlalatsa ntoa khahlanong le Fora. E le hore Jeremane e betle khoro ea ho kena Paris, e ile ea hlasela Belgium, eo Brithani e neng e tiisitse hore e tla lula e sa jele paate. Kahoo, Brithani e ile ea phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane. Lichaba tse ling li ile tsa ameha, ’me Italy eona e ile ea hlanohela ka lehlakoreng le leng. Nakong ea ntoa, Brithani e ile ea etsa Egepeta naha e tšireletsong ea eona e le hore e thibele morena oa leboea hore a se ke a thiba Suez Canal eaba o hlasela Egepeta, e leng naha ea boholo-holo ea morena oa boroa.
12. Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ke ka tsela efe lintho li sa kang tsa ‘tšoana le lekhetlong la pele’?
12 The World Book Encyclopedia e re: “Ho sa tsotellehe boholo le matla tsa Brithani le batlatsi ba eona, Jeremane e ile ea bonahala e le mothating oa ho hlōla ntoa.” Likhohlanong tsa nakong e fetileng tse neng li le pakeng tsa marena ana a mabeli, ’Muso oa Roma, e le morena oa leboea, o ne o ’nile oa hlōla kamehla. Empa lekhetlong lena, ‘lintho li ne li sa tšoane le pele.’ Ntoa e ile ea hlōla morena oa leboea. Ha lengeloi le fana ka lebaka la sena le ile la re: “Ka sebele likepe tsa Kitime li tla mo futuhela, ’me o tla lokela ho nyahama.” (Daniele 11:30a) “Likepe tsa Kitime” e ne e le eng?
13, 14. (a) “Likepe tsa Kitime” tse ileng tsa futuhela morena oa leboea e ne e hlile e le life? (b) Likepe tse ling tsa Kitime li ile tsa tla joang ha ntoa ea pele ea lefatše e tsoela pele?
13 Mehleng ea Daniele, Kitime e ne e le Cyprase. Qalong ea ntoa ea pele ea lefatše, Cyprase e ile ea etsoa karolo ea Brithani. Ho feta moo, ho ea ka The Zondervan Pictorial Encyclopedia of the Bible, lebitso Kitime “le atolositsoe hore le akarelletse linaha tsa [Bophirimela] ka kakaretso, empa [haholo-holo] linaha tsa [Bophirimela] tse sesisang likepe leoatleng.” New International Version e fetolela polelo “likepe tsa Kitime” e le “likepe tsa mabōpo a bophirimela.” Nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, likepe tsa Kitime e ne e le likepe tsa Brithani, tse neng li le lebōpong le ka bophirimela la Europe.
14 Ha ntoa e ntse e tosa, Likepe tsa Ntoa tsa Brithani li ile tsa tlatsoa ke likepe tse ling tsa Kitime. Ka la 7 May, 1915, sabmarine ea Jeremane e bitsoang U-20 e ile ea tebisa sekepe sa maeto a tloaelehileng se bitsoang Lusitania pel’a lebōpo le ka boroa la Ireland. Bafu ba ne ba akarelletsa Maamerika a 128. Hamorao, Jeremane e ile ea etsa hore ntoa ea lisabmarine e kekelle Atlantic. Ka mor’a moo, ka la 6 April, 1917, Mopresidente Woodrow Wilson oa United States o ile a phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane. A tlatsitsoe ke mabotho le likepe tsa ntoa tsa United States, morena oa boroa—eo hona joale e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—o ne a le ntoeng e mahlo-mafubelu le morena eo a qothisanang lehlokoa le eena.
15. Morena oa leboea o ile a “nyahama” neng?
15 Ha morena oa leboea a hlaseloa ke ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika, o ile a “nyahama” ’me ka November 1918 a beha melamu fatše ka lekhonono. Wilhelm II o ile a balehela kholehong Netherlands eaba Jeremane e fetoha rephabliki. Empa morena oa leboea o ne a e-s’o qete.
MORENA O SEBETSA “KA MOKHOA O ATLEHILENG”
16. Ho ea ka boprofeta, morena oa leboea o ne a tla itšoara joang ha a hlōloa?
16 “Ka sebele [morena oa leboea] o tla khutla ’me a nyatse selekane se halalelang ’me a sebetse ka mokhoa o atlehileng; ’me o tla lokela ho khutla ’me o tla nahanela ba furallang selekane se halalelang.” (Daniele 11:30b) Lengeloi le ile la profeta joalo ’me ho ile ha fela ha e-ba joalo.
17. Ke eng e ileng ea etsa hore Adolf Hitler a hlahelle?
17 Ka mor’a hore ntoa e lale ka 1918, linaha tse hlōtseng tsa Brithani le batlatsi ba eona li ile tsa behela Jeremane selekane sa khotso seo morero oa sona e neng e le kotlo. Litumellano tsa selekane sena li ile tsa tletlebisa batho ba Jeremane, ’me rephabliki eo e ncha e ne e tetema ha e qala. Jeremane e ile ea thekesela ka lilemo tse seng kae matšoenyehong a maholo ’me ea hlaseloa ke Ho oa ho Hoholo ha Moruo hoo qetellong ho ileng ha siea ba limilione tse tšeletseng ba hloka mesebetsi. Mathoasong a bo-1930, maemo a ne a loketse hore Adolf Hitler a hlahelle. E ile ea e-ba tona-khōlō ka January 1933 ’me selemong se latelang o ile a lula setulo sa bopresidente ho seo Manazi a ileng a se bitsa ’Muso oa Boraro.b
18. Hitler o ile a sebetsa “ka mokhoa o atlehileng” joang?
18 Hang-hang ka mor’a hore Hitler a nke marapo, o ile a qalisa tlhaselo e sehlōhō khahlanong le “selekane se halalelang,” se emeloang ke barab’abo Jesu Kreste ba tlotsitsoeng. (Matheu 25:40) Ntlheng ena o ile a sebetsa “ka mokhoa o atlehileng” khahlanong le Bakreste bana ba tšepahalang ’me a hlorisa ba bangata ba bona ka sehlōhō. Hitler o ile a thabela katleho ea moruo le ea likamano le lichaba tse ling ’me o ile a sebetsa “ka mokhoa o atlehileng” le hona ntlheng eo. Ka lilemo tse seng kae feela o ile a etsa Jeremane ’muso o hlaheletseng lefatšeng.
19. Ha Hitler a batla tšehetso, o ile a hoka-hoka bo-mang?
19 Hitler o ile a “nahanela ba furallang selekane se halalelang.” Baa e ne e le bo-mang? Kamoo ho bonahalang kateng, e ne e le baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana, ba neng ba ipolela hore ba na le kamano ea selekane le Molimo empa ba khaolitse ho ba barutuoa ba Jesu Kreste. Hitler o ile a atleha ho ipiletsa ho “ba furallang selekane se halalelang” hore ba mo tšehetse. Ka mohlala, o ile a etsa tumellano le mopapa oa Roma mabapi le tsamaiso ea litaba tsa bolumeli. Ka 1935, Hitler o ile a theha Lekala la Litaba tsa Likereke. Pakane e ’ngoe ea hae e ne e le hore likereke tsa Evangeli li laoloe ke naha.
“MATSOHO” AA TLOHA HO MORENA
20. Ke “matsoho” afe ao morena oa leboea a ileng a a sebelisa, hona e le khahlanong le mang?
20 Kapele-pele Hitler o ile a kena ntoeng, joalokaha lengeloi le ne le boletse ka nepo esale pele: “Ho tla ba le matsoho a tla ema, a tlohang ho eena; ’me ka sebele a tla silafatsa sehalalelo, qhobosheane, ’me a tlose tšobotsi ea kamehla.” (Daniele 11:31a) “Matsoho” e ne e le mabotho a sesole ao morena oa leboea a neng a a sebelisetsa ho loantša morena oa boroa Ntoeng ea II ea Lefatše. Ka la 1 September, 1939, “matsoho” a Manazi a ile a hlasela Poland. Matsatsi a mabeli hamorao, Brithani le Fora li ile tsa phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane e le hore li thuse Poland. Ntoa ea II ea Lefatše e qalile ka tsela eo. Poland e ile ea oa kapele, ’me kapele ka mor’a moo, mabotho a Jeremane a ile a hapa Denmark, Norway, Netherlands, Belgium, Luxembourg le Fora. The World Book Encyclopedia e re: “Qetellong ea 1941, Jeremane ea Bonazi e ne e busa k’honthinente eo.”
21. Litaba li ile tsa hlanamela morena oa leboea joang nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, e leng ho ileng ha fella ka eng?
21 Le hoja Jeremane le Soviet Union li ne li saenetse Tumellano ea Setsoalle, Tšebelisano le Meeli e Hlonngoeng, Hitler o ile a tsoela pele ho hlasela sebaka se pusong ea Soviet Union ka la 22 June, 1941. Ketso ena e ile ea tlisa Soviet Union ka lehlakoreng la Brithani. Lebotho la Soviet Union le ile la itoanela ka matla ho sa tsotellehe ho atamela ka potlako e tšosang ha mabotho a Jeremane. Ka la 6 December, 1941, lebotho la Jeremane le hlile la hlōloa Moscow. Ka letsatsi le hlahlamang, motsoalle oa Jeremane, e leng Japane, o ile a hlasela Pearl Harbor, Hawaii, ka liqhomane. Ha Hitler a utloa sena, o ile a re ho batlatsi ba hae: “Joale ha ho kamoo ntoa e ka re hlōlang kateng.” Ka la 11 December o ile a potlakela ho phatlalatsa ntoa khahlanong le United States. Empa o ile a tella matla a Soviet Union le United States. Ha lebotho la Soviet Union le hlasela le hlaha ka bochabela ’me mabotho a Brithani le Amerika a mo kopela hare a hlaha ka bophirimela, litaba li ile tsa hlanamela Hitler ka potlako. Mabotho a Jeremane a ile a qala ho lahleheloa ke letoto la libaka tseo a li hapileng. Ka mor’a hore Hitler a ipolaee, Jeremane e ile ea inehela ho Brithani le batlatsi ba eona ka la 7 May, 1945.
22. Morena oa leboea o ile a ‘silafatsa sehalalelo le ho tlosa tšobotsi ea kamehla’ joang?
22 Lengeloi le ile la re: “Ka sebele [matsoho a Manazi] a tla silafatsa sehalalelo, qhobosheane, ’me a tlose tšobotsi ea kamehla.” Juda ea boholo-holo, sehalalelo e ne e le karolo ea tempele ea Jerusalema. Leha ho le joalo, ha Bajuda ba lahla Jesu, Jehova o ile a ba lahla le tempele ea bona. (Matheu 23:37–24:2) Ho tloha lekholong la pele la lilemo C.E., tempele ea Jehova eo bara ba tlotsitsoeng ka moea babo Jesu, Moprista ea Phahameng, ba sebeletsang ho eona, e hlile ea e-ba ea moea, eo sehalalelo sa lihalalelo sa eona se leng maholimong ’me lebala la eona la moea le leng lefatšeng. Ho tloha ka bo-1930, “bongata bo boholo” bo ’nile ba rapela le masala a tlotsitsoeng ’me ka lebaka leo ho boleloa hore a sebeletsa ‘tempeleng ea Molimo.’ (Tšenolo 7:9, 15; 11:1, 2; Baheberu 9:11, 12, 24) Linaheng tse taolong ea hae, morena oa leboea o ile a silafatsa lebala la lefatšeng la tempele ka hore a lomahanye meno ho hlorisa masala a batlotsuoa le metsoalle ea ’ona. Mahloriso a ne a le matla hoo ho ileng ha tlosoa “tšobotsi ea kamehla”—eo e leng sehlabelo sa phatlalatsa se rorisang lebitso la Jehova. (Baheberu 13:15) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe bohloko bo fetisisang, Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng hammoho le “linku tse ling,” ba ile ba tsoela pele ka boboleli nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše.—Johanne 10:16.
‘NTHO E NYONYEHANG EA BEHOA’
23. “Ntho e nyonyehang” e ne e le eng lekholong la pele la lilemo?
23 Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e le mothating oa ho lala, ho ile ha hlaha phetoho e ’ngoe, hantle feela joalokaha lengeloi la Molimo le ne le boletse esale pele. “Ka sebele ba tla beha ntho e nyonyehang e etsang lesupi.” (Daniele 11:31b) Jesu le eena o ne a ile a bua ka “ntho e nyonyehang.” Lekholong la pele la lilemo, e ile ea e-ba lebotho la Roma le ileng la ea Jerusalema ka 66 C.E. ho ea emisa bofetoheli ba Bajuda.c—Matheu 24:15; Daniele 9:27.
24, 25. (a) “Ntho e nyonyehang” ke eng mehleng ea kajeno? (b) ‘Ntho e nyonyehang e ile ea behoa’ neng, hona joang?
24 Ke ‘ntho efe e nyonyehang e behiloeng’ mehleng ea kajeno? Ho bonahala eka ke ntho “e nyonyehang” e ikentseng eka ke ’Muso oa Molimo. Ntho ena e ne e le Selekane sa Lichaba, sebata se ’mala o sekarelata se ileng sa theohela ka sekoting, kapa se ileng sa khaotsa ho ba teng e le mokhatlo oa khotso ea lefatše ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma. (Tšenolo 17:8) Leha ho le joalo, “sebata” sena se ne se tla ‘nyoloha ka mohohlong.’ Se ile sa fela sa nyoloha ka la 24 October, 1945 ha ho ne ho thehoa Machaba a Kopaneng ’me litho tsa ’ona e le lichaba tse 50 tse neng li akarelletsa seo e neng e le Soviet Union. Kahoo, “ntho e nyonyehang” eo lengeloi le e boletseng esale pele—e leng Machaba a Kopaneng—e ile ea behoa.
25 Jeremane e ne e bile sera se ka sehloohong sa morena oa boroa nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše ’me e ne e lutse setulong sa morena oa leboea. Ke mang ea latelang ea neng a tla lula setulong seo?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo ea 6 ea buka ena.
b ’Muso o Halalelang oa Roma e ne le oona oa pele, ’me ’Muso oa Jeremane e le oa bobeli.
c Bona Khaolo ea 11 ea buka ena.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, ke mebuso efe e ileng ea nka karolo ea morena oa leboea le morena oa boroa?
• Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, phello ea qhoebeshano ‘lekhetlong la ho qetela ha ea ka ea tšoana le lekhetlong la pele’ joang ho morena oa leboea?
• Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, Hitler o ile a etsa Jeremane ’muso o hlaheletseng lefatšeng joang?
• Ho qothisana lehlokoa pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa ho ile ha fella ka eng nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše?
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 268]
MARENA A HO DANIELE 11:27-31
Morena oa Leboea Morena oa Boroa
Daniele 11:27-30a ’Muso oa Jeremane Brithani, e
(Ntoa ea I ea lateloang ke
Lefatše) ’Muso oa Lefatše
oa Manyesemane
le Maamerika
Daniele 11:30b, 31 ’Muso oa Boraro ’Muso oa Lefatše
oa Hitler(Ntoa oa Manyesemane
ea II ea Lefatše) le Maamerika
[Setšoantšo]
Mopresidente Woodrow Wilson a e-na le Morena George oa V
[Setšoantšo]
Bakreste ba bangata ba ile ba hlorisoa likampong tsa mahloriso
[Setšoantšo]
Baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tšehetsa Hitler
[Setšoantšo]
Koloi eo Khosana Ferdinand a ileng a bolaeloa ka ho eona ka tšohanyetso
[Setšoantšo]
Masole a Jeremane, Ntoa ea I ea Lefatše
[Setšoantšo se leqepheng la 257]
Yalta ka 1945, Tona-khōlō ea Brithani Winston Churchill, Mopresidente oa United States Franklin D. Roosevelt, le Tona-khōlō ea Soviet Union Joseph Stalin, ba ile ba lumellana ka litokisetso tsa ho busa Jeremane, ho theha ’muso o mocha Poland, le ho tšoara seboka sa ho theha Machaba a Kopaneng
[Litšoantšo tse leqepheng la 258]
1. Khosana Ferdinand 2. Likepe tsa ntoa tsa Jeremane 3. Likepe tsa ntoa tsa Brithani 4. “Lusitania” 5. Tokomane ea United States ea phatlalatso ea ntoa
[Litšoantšo tse leqepheng la 263]
Adolf Hitler o ne a ikutloa a kholisehile hore o tla hlōla ka mor’a hore Japane eo e neng e le mphato oa Jeremane ntoeng, e hlasele Pearl Harbor ka liqhomane