Tlhōlo ea ho Qetela ea Mikaele, Khosana e Khōlō
“Ka nako eo Mikaele o tla ema, khosana eo e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno.”—DANIELE 12:1, NW.
1. Babusi ba bangata ba lefatše ba bonahalitse boikutlo bofe ka bobusi ba Jehova, hona morena oa leboea ha aa fapana le bona joang?
“JEHOVA ke mang hore ke utloe lentsoe la hae, ’me ke lokolle Iseraele?” (Exoda 5:2) Ana ke mantsoe a phephetsang a Faro ho Moshe. E le ha Faro a hana ho amohela Bomolimo bo phahameng ba Jehova, o ne a ikemiselitse ho boloka Iseraele bokhobeng. Babusi ba bang ba bonahalitse nyeliso e tšoanang ho Jehova, ’me marena a boprofeta ba Daniele hase mekhelo. (Esaia 36:13-20) Ka sebele, morena oa leboea o entse ho eketsehileng. Lengeloi le re: “O tla ikholisa, a phahamele holim’a melimo eohle, ’me o tla seba Molimo oa melimo ka linyefolo tse makatsang. . . . A ke ke a hlokomela melimo ea bo-ntat’ae, leha e le molimo o thabeloang ke basali, ’me a ke ke a re letho ka molimo ofe le ofe, empa o tla ikhohomosetsa eona kaofela.”—Daniele 11:36, 37.
2, 3. Morena oa leboea ha aa amohela “melimo ea bo-ntat’ae” ’me a khetha ho rapela “molimo” o mong joang?
2 Phethahatsong ea mantsoe ana a boprofeta, morena oa leboea ha a amohele “melimo ea bo-ntat’ae” (kapa, “melimo ea hae ea baholo-holo ba shoeleng,” The New English Bible), ebang ke melimo ea bohetene ea Roma kapa melimo ea Boraro-bo-bong ea Bokreste-’mōtoana. Hitler o ile a sebelisa Bokreste-’mōtoana ho phethahatsa merero ea hae empa ka ho hlakileng o ne a rerile hore kereke ea Jeremane e bo nkele sebaka. Mohlahlami oa hae o ile a thoholetsa ho se lumele ho Molimo ka ho feletseng. Ka hona morena oa leboea o ikentse molimo, ‘o iphahamisetsa ka holimo ho bohle.’
3 Boprofeta bo tsoela pele: “O tla hlompha molimo oa liqhobosheane nģalong ea oona; molimo o sa kang oa tsejoa ke bo-ntat’ae, a o hlomphe ka ligauda le lisilevera, ka majoe a bohlokoa le ka likhabiso tse ling.” (Daniele 11:38) Ha e le hantle, morena oa leboea o ile a beha tšepo ea hae tsamaisong ea kajeno ea sesole ea saense, “molimo oa liqhobosheane.” Ho pholletsa le nako ea bofelo, o batlile poloko ka “molimo” ona, a etsa leruo le lengata sehlabelo aletareng ea oona.
4. Morena oa leboea o bile le katleho efe?
4 “Ke ka molimo osele a tla futuhela liqhobosheane tse thata; ba o rapelang o tla ba hlonepha ka hlompho e khōlō, a ba bee ho busa ba bangata, a ba abele linaha, e be moputso oa bona.” (Daniele 11:39) Kaha o tšepile “molimo osele” oa sesole, morena oa leboea o “atlehile,” a ipaka ho ba ’muso o susumetsang tšabo oa sesole “mehleng ea qetello.” (2 Timothea 3:1) Ba neng ba tšehetsa khopolo ea hae ba ile ba putsoa ka ho thusoa lipolotiking, licheleteng, le sesoleng ka linako tse ling.
“Mehleng ea Qetello”
5, 6. Morena oa boroa ‘o sutulitse’ joang, hona morena oa leboea o ile a itšoara joang?
5 Daniele 11:40a e baleha tjena: “Mehleng ea qetello, morena oa Boroa o tla thulana le eena.” Temana ena le tse latelang li ’nile tsa talingoa e le tseo e leng hona li tla phethahala nakong e tlang. Leha ho le joalo, haeba “mehleng ea qetello” mona e bolela se tšoanang le seo e se bolelang ho Daniele 12:4, 9, re lokela ho lebella hore mantsoe ana a phethahatsoe ho pholletsa le mehla ea qetello. Na morena oa boroa o ‘sutumelitse’ morena oa leboea nakong ee? E, ka sebele. Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, selekane sa khotso se etselitsoeng ho fana ka kotlo ka sebele e ne e le ho ‘sutumetsa,’ ho phephetsa boiphetetso. Ka mor’a tlhōlo ea hae ntoeng ea bobeli ea lefatše, morena oa boroa o ile a tobisa libetsa tse tšosang tsa nuclear ho sera sa hae ’me a hlophisa selekane se matla sa sesole, NATO, khahlanong le eena. Ha lilemo li ntse li feta, ho “sutumetsa” ha hae ho ile ha kopanyeletsa bompi-mpi ho sebelisoa theknoloji e akareletsang tšebeliso ea thepa e tsoetseng pele haesita le ho hlasela ka sesole.
6 Morena oa leboea o ile a itšoara joang? “Morena oa Leboea o tla boela a futuhe ho ea mo patela, ka makoloi, le ka ba kaletseng lipere, le ka likepe tse ngata; o tla tsoela linaheng, a roallele, a hohoretse.” (Daniele 11:40b) Histori ea mehleng ea qetello e bonahalitse ho nama ha morena oa leboea. Ntoeng ea bobeli ea lefatše, “morena” oa Bonazi o ile a tšela meeli ea hae ho kenella linaheng tse mo pota-potileng. Bofelong ba ntoa eo, mohlahlami oa hae oa “morena” o ile a haha ’muso o matla ka ntle ho meeli ea hae. Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, morena oa leboea o ile a loana le sera sa hae lintoeng tse pakeng tsa linaha tse ling le bofetoheli khahlanong le ’muso Afrika, Asia, le Latin America. O ile a hlorisa Bakreste ba ’nete, a lekanyetsa (empa a hlile a sa khaotse) mosebetsi oa bona. ’Me tlhaselo ea hae ea sesole le ea lipolotiki e ile ea etsa hore a laole linaha tse ngata. Sena se joalokaha lengeloi le ile la profeta: “O tla tla le naheng e khahlehang, ’me ho tla oa ba le bangata.”—Daniele 11:41a.
7. Ho bile le meeli efe ha morena oa leboea a atoloha?
7 Leha ho le joalo, le hoja—ho tsoa ponong ea sera sa hae—morena oa leboea a bonahala a kenya tšabo, ha aa hlōla lefatše. “Ho tla phonyoha matsohong a hae ba-Edomo, le ba-Moabe, le ba baholo ho bana ba Ammone.” (Daniele 11:41b) Linakong tsa pele, Edomo, Moabe, le Ammone li ne li le pakeng tsa Egepeta le Syria. Ho ka nkoa hore li emela lichaba kapa mekhatlo e hlophisitsoeng kajeno eo morena oa leboea a li shebileng empa a hlōlehileng ho li tlisa tlas’a tšusumetso ea hae.
‘Egepeta e ke ke ea Phonyoha’
8, 9. Tšusumetso ea morena oa leboea e utloahetse joang, esita le ho sera sa hae se seholo?
8 Lengeloi le tsoela pele ho re: “O tla isa letsoho la hae linaheng tse ngata, le eona naha ea Egepeta e ke ke ea phonyoha. O tla ikhapela maruo a ligauda le a lisilevera, le a tsohle tse lakatsehang tseo Egepeta a nang le tsona; ba-Lybia le ba-Ethiopia ba tla latela mehlala ea hae.” (Daniele 11:42, 43) Esita le morena oa boroa, “Egepeta,” ha a ka a phonyoha liphellong tsa leano la morena oa leboea tsa ho batla ho atoloha. Ka mohlala, o ile a hlōloa hampe Vietnam. Joale ho thoe’ng ka “ba-Libia le ba-Ethiopia”? Baahisani bana ba Egepeta ea boholo-holo ba ka tšoantšetsa lichaba tseo ho latela jeokrafi e leng baahisani ba “Egepeta” ea kajeno ’me ka linako tse ling li ’nile tsa latela ‘mehlala’ ea morena oa leboea.
9 Na morena oa leboea o ile a busa holim’a ‘matlotlo a patiloeng a Egepeta’? Ka sebele ha aa hlōla morena oa boroa, ’me ho fihlela ka 1993 boemo ba lefatše bo ne bo bontša eka a ke ke a etsa joalo. Empa o bile le tšusumetso e matla tseleng eo morena oa boroa a sebelisitseng matlotlo a hae a lichelete ka eona. Ka lebaka la ho tšaba sera sa hae, morena oa boroa o fana ka chelete e ngata selemo le selemo bakeng sa ho boloka sesole se susumetsang tšabo, sesole sa metsing, le sa moeeng. Ke bohōleng bona ho ka boleloang hore morena oa leboea o ‘busitse,’ a laola, boemong ba leruo la morena oa boroa.
Letšolo la ho Qetela la Morena oa Boroa
10. Lengeloi le hlalosa ho fela ha bora pakeng tsa marena aa a mabeli joang?
10 Na bora bo pakeng tsa marena a mabeli bo tsoela pele ka ho sa feleng? Che. Lengeloi le ile la bolella Daniele: “Empa Bochabela le Leboea, ho tla tsoa melumo e tlang ho mo tšosa, ’me o tla futuha ka khalefo e khōlō ho ea bolaea le ho senya ba bangata. O tla emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa maoatle, mabapa le thaba e khethehileng, e khanyang: leha ho le joalo, o tla fela, ho se ea mo thusang.”—Daniele 11:44, 45.
11, 12. Ke liketsahalo life tsa haufinyane tsa lipolotiki tse amanang le bora pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa, hona re tla ithuta eng?
11 Liketsahalo tsena ke hona li tla etsahala nakong e tlang, kahoo re ke ke ra bolela ka mokhoa o qaqileng hore na boprofeta bona bo tla phethahatsoa joang. Morao tjena, boemo ba lipolotiki mabapi le marena ana a mabeli bo fetohile. Bora bo mabifi pakeng tsa United States le linaha tsa Europe Bochabela bo kokobetse. Ho feta moo, Soviet Union e ile ea fela ka 1991 ’me ha e sa le teng.—Bona tokollo ea Molula-Qhooa, March 1, 1992, maqephe 4, 5.
12 Hona joale morena oa leboea ke mang? Na re lokela ho mo amahanya le e ’ngoe ea linaha tseo e neng e le karolo ea Soviet Union ea khale? Kapa seo a neng a le sona se fetohile ka ho feletseng, joalokaha a ’nile a etsa ka makhetlo pele? Re sitoa ho bolela. Morena oa leboea e tla ba mang ha Daniele 11:44, 45 e phethahala? Na bora bo pakeng tsa marena ana a mabeli bo tla ba teng hape? ’Me ho thoe’ng ka liqubu tse khōlō tsa nuclear tse ntseng li le teng linaheng tse ngata? Ke nako feela e tla fana ka likarabo lipotsong tsena.
13, 14. Re tseba eng ka bokamoso ba marena a mabeli?
13 Ntho e ’ngoe feela eo re e tsebang. Haufinyane, morena oa leboea o tla etsa letšolo la ho hlasela le tla qholotsoa ke hore “Bochabela le Leboea, ho tla tsoa melumo e tlang ho mo tšosa.” Letšolo lena le tla etella pele “bofelo” ba hae. Re ka ithuta ho eketsehileng ka “melumo” ena haeba re nahana ka boprofeta bo bong ba Bibele.
14 Leha ho le joalo, pele, hlokomela hore liketso tsena tsa morena oa leboea ha ho boleloe hore li khahlanong le morena oa boroa. Ha a felisoe ke sera sa hae se seholo. Ka ho tšoanang, morena oa boroa ha a felisoe ke morena oa leboea. Morena ea ka boroa (ea hlalosoang ke boprofeta bo bong e le lenaka la ho qetela le tla hlaha ho sebata) o felisoa “e seng ka letsoho la motho” ka ’Muso oa Molimo. (Daniele 7:26; 8:25) Ha e le hantle, marena ’ohle a lefatše qetellong a tla felisoa ke ’Muso oa Molimo ntoeng ea Armageddone, ’me ka ho hlakileng sena ke se etsahalang le ho morena oa leboea. (Daniele 2:44; 12:1; Tšenolo 16:14, 16) Daniele 11:44, 45 e hlalosa liketsahalo tse lebisang ntoeng ena ea ho qetela. Ha ho makatse hore ebe ‘ho ke ke ha ba le mothusi’ ha morena oa leboea a felisoa!
15. Ke lipotso life tse peli tseo re sa ntseng re tla buisana ka tsona?
15 Joale, ke bofe boprofeta bo bong bo fanang ka leseli “melumong” e susumetsang morena oa leboea hore a “timetse ba bangata.” Hona “ba bangata” ke bafe bao a tla ba timetsa?
Tlaleho e Tsoang Bochabela
16. (a) Ke ketsahalo efe e ikhethang e tlamehang ho etsahala pele ho Armageddone? (b) “Marena a bochaba-tsatsi” ke bo-mang?
16 Pele ho ntoa ea ho qetela, Armageddone, sera se seholo sa borapeli ba ’nete se tlameha ho felisoa—Babylona e Moholo ea kang seotsoa, ’muso oa lefatše ka bophara oa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 18:3-8) Timetso ea hae e tšoantšetsoa ke ho tšeloa ha nkho ea botšelela ea bohale ba Molimo nōkeng ea tšoantšetso ea Eufrate. Nōka ea psha “hore ho tle ho lokisoe tsela ea marena a bochaba-tsatsi.” (Tšenolo 16:12) Marena aa ke bo-mang? Hase afe kapa afe ntle le Jehova Molimo le Jesu Kreste!a
17. (a) Bibele e re bolella eng ka timetso ea Babylona e Moholo? (b) Tlaleho e “tsoang bochabela” e ka ipaka e le eng?
17 Timetso ea Babylona e Moholo e hlalosoa ka ho hlakileng bukeng ea Tšenolo: “Linaka tse leshome tseo u li boneng [‘marena’ a busang mehleng ea qetello], ho sebata [sebata se ’mala oa sekarelata, se emelang mokhatlo oa Machaba a Kopaneng], li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” (Tšenolo 17:16) Ke ’nete hore, lichaba ‘li rusolla linama tse ngata’! (Daniele 7:5) Empa ke hobane’ng ha babusi ho kopanyeletsa le morena oa leboea, ba tla felisa Babylona e Moholo? Hobane ‘Molimo o kenya lipelong tsa bona hore ba phethe morero oa hae.’ (Tšenolo 17:17) Tlaleho e tsoang “Bochabela” e ka bolela ketso ena ea Jehova, ha, ka tsela eo a e khethang, a kenya lipelong tsa baeta-pele ba batho hore ba ripitle seotsoa se seholo sa bolumeli.—Daniele 11:44.
Tlaleho e Tsoang Leboea
18. Morena oa leboea o ne a na le pakane efe e ’ngoe, hona see se etsa hore a be hokae ha a felisoa?
18 Empa ho boetse ho na le ntho e ’ngoe eo morena oa leboea a shebisitseng bohale ba hae ho eona. Lengeloi le bolela hore o tla “emisa tente tsa hae tsa borena pakeng tsa maoatle, mabapa le thaba e khethehileng, e khanyang.” (Daniele 11:45) Mehleng ea Daniele, leoatle le leholo e ne e le la Mediterranean, ’me thaba e halalelang e ne e le Sione, eo pele e neng e le moo tempele ea Molimo e hahiloeng teng. Ka hona, phethahatsong ea boprofeta, morena ea halefileng oa leboea o etsa letšolo la sesole khahlanong le batho ba Molimo! Ka kutloisiso ea moea kajeno, ho ba ha hae “pakeng tsa maoatle, mabapa le thaba e khethehileng” ho etsa hore a be naheng ea moea ea bahlanka ba Molimo ba tlotsitsoeng, ba tsoang ‘leoatleng’ la batho ba ikarotseng ’me ba na le tšepo ea ho busa Thabeng ea Sione ea leholimo le Jesu Kreste.—Esaia 57:20; Ba-Heberu 12:22; Tšenolo 14:1.
19. Joalokaha ho bontšitsoe ke boprofeta ba Ezekiele, re ka tseba tlaleho e susumetsang tlhaselo ea Gogo joang? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
19 Ezekiele, ea tšoanang le Daniele, o boetse a profeta ka tlhaselo ea batho ba Molimo “mehleng ea qetello.” O ile a bolela hore tlhaselo e ne e tla simolloa ke Gogo oa Magogo, ea emelang Satane Diabolose. (Ezekiele 38:16) Ka tšoantšetso, Gogo o hlaha ka lehlakoreng lefe? Ka Ezekiele, Jehova o re: “U tla tloha hae ha eno, pheletsong ea Leboea.” (Ezekiele 38:15) Ka hona, tlaleho e tsoang “Leboea” e ka ba mashano a Satane a susumeletsang morena oa leboea le marena a mang ’ohle hore a hlasele batho ba Jehova.b—Bapisa le Tšenolo 16:13, 14; 17:14.
20, 21. (a) Ke hobane’ng ha Gogo a tla susumetsa lichaba, ho kopanyeletsa le morena oa leboea, hore li hlasele batho ba Molimo? (b) Na tlhaselo ea hae e tla atleha?
20 Gogo o hlophisa tlhaselo ena ea makhaola-khang ka lebaka la katleho ea “Iseraele oa Molimo,” eo, hammoho le bongata bo boholo ba linku tse ling, e seng e se karolo ea lefatše la hae. (Ba-Galata 6:16; Johanne 10:16; 17:15, 16; 1 Johanne 5:19) Gogo o nyemotsa “sechaba se phuthiloeng lichabeng, se ruileng mehlape le mesebetsi [ea moea].” (Ezekiele 38:12; Tšenolo 5:9; 7:9) Phethahatsong ea mantsoe ana, kajeno batho ba Jehova ba atleha ho feta leha e le neng pele. Linaheng tse ngata tsa Europe, Afrika, le Asia moo pele ba neng ba thibetsoe, hona joale ba rapela ka bolokolohi. Pakeng tsa 1987 le 1992, hoo e ka bang “tse lakatsehang” tse fetang millione li tsoile lichabeng ho tla tlung ea Jehova ea borapeli ba ’nete. Moeeng, ba ruile ’me ba na le khotso.—Haggai 2:7; Esaia 2:2-4; 2 Ba-Korinthe 8:9.
21 Kaha o talima naha ea moea ea Bokreste e le “lefatše leno le ahlameng” le ka haptjoang habonolo, Gogo o etsa boiteko bo matla ba ho felisa tšitiso ena ea hore a laole moloko oa batho ka ho feletseng. (Ezekiele 38:11) Empa oa hlōleha. Ha marena a lefatše a hlasela batho ba Jehova, ‘a tla felisoa.’ Joang?
Morena oa Boraro
22, 23. Ha Gogo a hlasela, ke mang ea tla ema bakeng sa batho ba Molimo, hona e le ka liphello life?
22 Ezekiele o bolela hore tlhaselo ea Gogo ke letšoao le bontšang hore Jehova Molimo a eme molemong oa batho ba hae ’me a felise makhotla a Gogo “lithabeng tsa Iseraele.” (Ezekiele 38:18; 39:4) Sena se re hopotsa seo lengeloi le se bolellang Daniele: “Ka nako eo Mikaele o tla ema, khosana eo e khōlō e emeng molemong oa bara ba sechaba sa heno. ’Me ka sebele ho tla hlaha nako ea tsieleho e-s’o kang e ba teng ho tloha ha ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo. ’Me ka nako eo sechaba sa hao se tla pholoha, e mong le e mong ea fumanoang a ngotsoe bukeng.”—Daniele 12:1, NW.
23 Ka 1914, Jesu—mohlabani oa leholimo Mikaele—o ile a fetoha Morena oa ’Muso oa Molimo oa leholimo. (Tšenolo 11:15; 12:7-9) Ho tloha ka nako eo, o ’nile a ema ‘molemong oa bara ba sechaba sa Daniele.’ Leha ho le joalo, haufinyane, o tla “ema” ka lebitso la Jehova e le Morena ea sa bonahaleng oa Mohlabani, a tlisa ‘phetetso ho ba sa tsebeng Molimo, le ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.’ (2 Ba-Thessalonika 1:8) Lichaba tsohle tsa lefatše, ho kopanyeletsa le marena a boprofeta ba Daniele, li tla “ikotla lifuba ka lillo.” (Mattheu 24:30, BPN) Kaha li tla be li ntse li na le mehopolo e mebe ka ‘sechaba sa Daniele,’ li tla felisoa ka ho sa feleng matsohong a ‘Mikaele, khosana e khōlō.’—Tšenolo 19:11-21.
24. Thuto ena ea boprofeta ba Daniele e lokela ho ba le phello efe ho rōna?
24 Na ha re laba-labele ho bona tlhōlo eo e khōlō ea Mikaele le Molimo oa hae Jehova? Hobane tlhōlo eo e tla bolela “ho phonyoha,” poloko, bakeng sa Bakreste ba ’nete. (Bapisa le Malakia 4:1-3.) Ka hona, kaha re lebeletse nako e tlang ka taba-tabelo, re hopola mantsoe a moapostola Pauluse: “U bolele lentsoe, u phehelle nako ha e tšoaneleha, leha e sa tšoanelehe.” (2 Timothea 4:2) E se eka re ka itšoarella ka tieo Lentsoeng la bophelo ’me ka mafolo-folo ra batla linku tsa Jehova ha nako e tšoanelehang e sa ntsane e tsoela pele. Re se re tla fihla kholeng peisong ea bophelo. Re se re bona moputso. E se eka bohle re ka ikemisetsa ho mamella ho fihlela qetellong ’me ka hona ra ba har’a ba tla bolokeha.—Mattheu 24:13; Ba-Heberu 12:1.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., maqephe 229-30.
b Ka lehlakoreng le leng, tlaleho e tsoang “Leboea” e ka ipaka e tsoa ho Jehova, ka lebaka la mantsoe a hae ho Gogo: “Ke tla u khutlisa, ke kentse mautlana mehlahareng ea hao.” “Ke u nyolle pheletsong ea Leboea, ke u tlise ho loantša lithaba tsa Iseraele.”—Ezekiele 38:4; 39:2; bapisa le Pesaleme ea 48:2.
Na Ua Utloisisa?
◻ Morena oa boroa o sutumelitse morena oa leboea joang ho pholletsa le nako ea qetello?
◻ Ke eng seo ho sa ntsaneng ho hlokahala hore re ithute sona ka phello ea bora pakeng tsa marena a mabeli?
◻ Ke liketsahalo life tse peli pele ho Armageddone tseo ka sebele li tla ama morena oa leboea?
◻ ‘Mikaele, khosana e khōlō,’ o tla sireletsa batho ba Molimo joang?
◻ Re lokela ho arabela joang thutong ea rōna ea boprofeta ba Daniele?
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Morena oa leboea o rapetse molimo o fapaneng le melimo ea baholo-holo ba hae ba shoeleng
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Ka holimo letsohong le letšehali le bohareng: UPI/Bettmann; ka tlaase letsohong le letšehali: Reuters/Bettmann; ka tlaase letsohong le letona: Jasmin/Gamma Liaison