Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Daniele
“HOLMAN Illustrated Bible Dictionary e re: “Buka ea Daniele ke e ’ngoe ea libuka tse thahasellisang haholo tsa Bibele. Buka ena e tletse ka linnete tsa ka ho sa feleng.” Tlaleho ea Daniele e qala ka 618 B.C.E. ha Morena Nebukadnezare oa Babylona a fihla Jerusalema ’me a thibella motse ona, ’me a isa “ba bang ba bara ba Iseraele” botlamuoeng Babylona. (Daniele 1:1-3) Har’a bona ho na le Daniele e monyenyane, eo mohlomong a leng ka tlaase ho lilemo tse 20. Ha buka ena e phethoa, Daniele o ntse a le Babylona. Joale ha Daniele a se a ka ba lilemo li 100, Molimo oa mo tšepisa: “U tla phomola, empa u tla ema bakeng sa kabelo ea hao bofelong ba matsatsi.”—Daniele 12:13.
Le hoja tsela eo karolo e qalang ea buka ea Daniele e ngotsoeng ka eona e mo hlahisa e le ’muuoa, tsela eo karolo ea eona ea ho qetela e ngotsoeng ka eona e mo hlahisa e le ’mui. Buka ena e ngotsoe ke Daniele, ’me e bua ka boprofeta bo mabapi le ho ema le ho oa ha mebuso ea lefatše, nako ea ho tla ha Mesia le lintho tse etsahalang mehleng ea rōna.a Moprofeta enoa ea hōlileng o boetse o nahana ka nako e telele eo a e phetseng ’me o pheta liketsahalo tse re khothalletsang hore re be banna le basali ba tšepahalang. Molaetsa oa Daniele oa phela ebile o fana ka matla.—Baheberu 4:12.
RE ITHUTA ENG TLALEHONG EE EA TATELLANO EA LIKETSAHALO HO EA KA NAKO EA TSONA?
Selemo ke 617 B.C.E. Daniele le metsoalle ea hae e meraro e menyenyane, e leng, Shadrake, Meshake le Abednego, ba ka lekhotleng la Babylona. Ha bacha bana ba ntse ba koetlisoa ka lekhotleng ka lilemo tse tharo, ba lula ba ntse ba tšepahetse ho Molimo. Hoo e ka bang lilemo tse robeli hamorao, Morena Nebukadnezare o lora toro e makatsang. Daniele o bolela toro ’me ka mor’a moo oa e hlalosa. Morena oa lumela hore Jehova ke “Molimo oa melimo le Khosi ea marena le Mosenoli oa liphiri.” (Daniele 2:47) Leha ho le joalo, ho e-s’o ho ee kae, ho bonahala eka Nebukadnezare o lebala thuto ena. Ha metsoalle ea Daniele e meraro e hana ho rapela setšoantšo sa setonanahali, morena o laela hore ba akheloe ka sebōping sa mollo. Molimo oa ’nete o pholosa bana ba bararo, joale Nebukadnezare o tlameha ho lumela hore “ha ho molimo e mong ea khonang ho lopolla ho tšoana le enoa.”—Daniele 3:29.
Nebukadnezare o lora toro e ’ngoe ea bohlokoa. O bona sefate se seholohali, sea rengoa ebe se thibeloa ho hōla. Daniele o hlalosa seo toro ena e se bolelang. Karolo e ’ngoe ea toro ena e phethahala ha Nebukadnezare a qala ho hlanya ’me hamorao a hlaphoheloa. Lilemo tse mashone hamorao, Morena Belshatsare o etsetsa matona a hae mokete oa semetletsa ’me ka tello o sebelisa lijana tse neng li nkiloe tempeleng ea Jehova. Bosiung bona boo, Belshatsare oa bolaoa, ’me Dariuse Momede o amohela ’Muso. (Daniele 5:30, 31) Matsatsing a Dariuse, ha Daniele a se a fetile lilemo tse 90, matona a mōna a loha leano la ho bolaea moprofeta enoa ea hōlileng. Empa Jehova o mo pholosa “marōng a litau.”—Daniele 6:27.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
1:11-15—Na meroho ke eona e neng e entse hore lifahleho tsa bacha ba bane ba Judea li bonahale li le ntle? Che. Ha ho lijo tse neng li ka tlisa liphetoho tse joalo ka matsatsi a leshome feela. Ke Jehova ea entseng liphetoho lifahlehong tsa Baheberu bana ba bacha, ke eena ea ba hlohonolofalitseng hobane ba ne ba mo tšepa.—Liproverbia 10:22.
2:1—Nebukadnezare o ile a lora neng toro e mabapi le setšoantšo se seholohali? Tlaleho e re sena se etsahetse “ka selemo sa bobeli sa ho busa ha Nebukadnezare.” E ile ea e-ba morena ka 624 B.C.E. Kahoo selemo sa bobeli sa ho busa ha hae se ne se tla be se qalile ka 623 B.C.E.—lilemo pele a hlasela Juda. Ka nako eo, Daniele o ne a ke ke a ba Babylona hore a hlalose toro eo. Kamoo ho bonahalang kateng, “selemo sa bobeli” se baloa ho tloha ka 607 B.C.E., ha morena oa Babylona a ne a timetsa Jerusalema ’me e e-ba ’musi oa lefatše.
2:32, 39—Ke ka tsela efe ’muso oa silevera o neng o le tlaasana ho hlooho ea khauta, hona ke joang ’muso oa koporo o neng o le tlaasana ho oa silevera? ’Muso oa Medo-Persia, o neng o tšoantšetsoa ke karolo ea silevera ea setšoantšo, o ne o le tlaasana ho Babylona, hlooho ea khauta, ka kutloisiso ea hore ha oa ka oa tlotloa ka hore e be oona o lihang Juda. ’Muso o ileng oa latela e ne e le oa Greece, e neng e tšoantšetsoa ke koporo. Greece le eona e ne e le tlaasana, feela joalokaha boleng ba koporo bo le tlaasana ho ba silevera. Le hoja ’Muso oa Bagerike o ne o busa sebaka se seholohali, ha oa ka oa e-ba le tokelo ea ho lokolla batho ba Molimo botlamuoeng joaloka Medo-Persia.
4:8, 9—Na Daniele ka boeena e ile ea e-ba moprista ea sebelisang boselamose? Che. Poleloana e reng “mookameli oa baprista ba sebelisang boselamose” e mpa e bua ka boemo ba Daniele e le “molaoli ea ka sehloohong oa banna bohle ba bohlale ba Babylona.”—Daniele 2:48.
4:10, 11, 20-22—Sefate se seholohali seo Nebukadnezare a ileng a se lora se ne se tšoantšetsa eng? Qalong sefate sena se ne se tšoantšetsa Nebukadnezare joaloka ’musi oa ’muso oa lefatše. Leha ho le joalo, kaha bobusi ba hae bo ne bo pharalletse “ho isa pheletsong ea lefatše,” e tlameha ebe sefate seo se tšoantšetsa ntho e ’ngoe e khōlō haholo. Daniele 4:17 e amahanya toro le bobusi ba “Ea Phahameng ka ho Fetisisa” molokong oa batho. Kahoo, sefate se ne se boetse se tšoantšetsa bobusi ba bokahohleng ba Jehova, haholo-holo mabapi le lefatše. Ka hona, toro e phethahala ka makhetlo a mabeli—bobusing ba Nebukadnezare le bobusing ba Jehova.
4:16, 23, 25, 32, 33—“Linako tse supileng” li ne li le telele hakae? Liphetoho tsohle tse ileng tsa etsahala ponahalong ea Morena Nebukadnezare li ne li hloka hore “linako tse supileng” e be nako e telele haholo ho feta matsatsi a sebele a supileng. Ho eena, linako tsena e ile ea e-ba lilemo tse supileng tsa matsatsi a 360 selemo ka seng, kapa matsatsi a 2 520. Phethahatsong e khōloanyane, “linako tse supileng” ke lilemo tse 2 520. (Ezekiele 4:6, 7) Li qalile ha Jerusalema e ne e timetsoa ka 607 B.C.E. ’me tsa fela ka 1914 C.E. ha Jesu a ne a behoa teroneng hore e be Morena oa leholimo.—Luka 21:24.
6:6-10—Kaha ha ho hlokahale hore re be boemong bo itseng ba ’mele ha re rapela Jehova, na ho ka be ho sa ka ha e-ba bohlale hore Daniele a rapele sephiring ka matsatsi a 30? Ho ne ho tsebahala hore Daniele o ne a rapela hararo ka letsatsi. Ke ka lebaka leo batho ba neng ba mo reretse bolotsana ba ileng ba loha leano la ho etsa molao o thibelang thapelo. Haeba Daniele a ne a ka fetola tloaelo ea hae ea ho rapela, batho ba ne ba tla nka hore oa sekisetsa ’me seo se ne se tla bontša hore o hlōlehile ho lebisa boinehelo bo khethehileng ho Jehova.
Seo re Ithutang Sona:
1:3-8. Boikemisetso ba Daniele le metsoalle ea hae ba ho lula ba tšepahala ho Jehova bo hatisa bohlokoa ba koetliso eo e tlamehang ebe ba ile ba e fumana ho batsoali ba bona. Ha batsoali ba tšabang Molimo ba etsa hore lintho tsa moea li tle pele bophelong ba bona ba bile ba ruta bana ba bona ho etsa se tšoanang, ha ho pelaelo hore bana ba bona ba tla hlōla liteko le likhatello leha e le life tse ka ’nang tsa hlaha sekolong kapa sebakeng sefe kapa sefe.
1:10-12. Daniele o ile a utloisisa hore na ke hobane’ng ha “molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong” a ne a tšaba morena ’me ha aa ka a hlola a isa kōpo ea hae ho molaoli eo. Leha ho le joalo, hamorao Daniele o ile a ea ho “mohlokomeli,” eo mohlomong a neng a batla a le bonolo. Ha re tobane le maemo a thata, le rōna re lokela ho bontša temohisiso, kutloisiso le bohlale bo tšoanang.
2:29, 30. Joaloka Daniele, re lokela ho isa thoriso eohle ho Jehova ka tsebo leha e le efe, makhabane leha e le afe le bokhoni leha e le bofe boo re ka ’nang ra ba le bona ka lebaka la ho sebelisa litokisetso tsa hae tsa moea.
3:16-18. Baheberu bana ba bararo ba ne ba ke ke ba bua ka kholiseho joalo haeba pejana ba ne ba ile ba sekisetsa tabeng ea bona ea lijo. Le rōna re lokela ho ikitlaelletsa ho ‘tšepahala linthong tsohle.’—1 Timothea 3:11.
4:24-27. Ho bolela molaetsa oa ’Muso, ho akarelletsang ho bolela likahlolo tse bohloko tsa Molimo, ho hloka tumelo le sebete se tšoanang le seo Daniele a ileng a ba le sona ha a ne a tsebisa Nebukadnezare ka se neng se tla mo etsahalla le ka seo morena a neng a lokela ho se etsa e le hore ‘katleho ea hae e ka lelefala.’
5:30, 31. “Polelo ena ea maele khahlanong le morena oa Babylona” e ile ea phethahala. (Esaia 14:3, 4, 12-15) Satane Diabolose, eo boikakaso ba hae bo tšoanang le ba leloko la borena la Babylona, le eena o tla felisoa ka mokhoa o hlabisang lihlong.—Daniele 4:30; 5:2-4, 23.
LIPONO TSA DANIELE LI SENOLA ENG?
Ha Daniele a bona pono ea hae ea pele ka 553 B.C.E., o ka holimo ho lilemo tse 70. Daniele o bona libata tse ’nè tsa litonanahali tse tšoantšetsang ho latellana ha mebuso ea lefatše ho tloha mehleng ea hae ho fihlela mehleng ea rōna. Ponong e bontšang se neng se etsahala leholimong, o bona “e mong ea joaloka mor’a motho” a fuoa “bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang.” (Daniele 7:13, 14) Lilemo tse peli hamorao, Daniele o bona pono e amang Medo-Persia, Greece le ’musi e mong ea fetohang “morena ea sefahleho se bohale bo tšosang.”—Daniele 8:23.
Joale selemo ke sa 539 B.C.E. Babylona e oele, ’me Dariuse Momede ke morena oa ’muso oa Bakalde. Daniele o rapela Jehova mabapi le ho tsosolosoa ha naha ea habo. Ha a ntse a rapela, Jehova o romela lengeloi Gabriele hore le fe Daniele “temohisiso e nang le kutloisiso” mabapi le ho tla ha Mesia. (Daniele 9:20-25) Joale e se e le 536/535 B.C.E. Masala a khutletse Jerusalema. Empa ho na le ba hanyetsang mosebetsi oa ho haha tempele. Taba ena e tšoenya Daniele. Oa e rapella, ’me Jehova o romela lengeloi la boemo bo phahameng ho Daniele. Ha lengeloi lena le qeta ho matlafatsa Daniele le ho mo khothatsa, le pheta boprofeta bo buang ka ho tseka bophahamo pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa. Qhoebeshano e pakeng tsa marena ana a mabeli e qalile nakong ea ha balaoli ba bane ba Alexandere e Moholo ba ne ba arolelana ’muso oa hae ’me e tsoela pele ho fihlela ha Khosana e Khōlō Mikaele ‘a raoha.’—Daniele 12:1.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
8:9—“Mokhabiso” o tšoantšetsa eng? Mona “Mokhabiso” o tšoantšetsa boemo ba lefatšeng ba Bakreste ba tlotsitsoeng nakong ea ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika.
8:25—“Khosi ea likhosana” ke mang? Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu sar, le fetoleloang e le “khosi,” le bolela “e moholo,” kapa “ea ka sehloohong.” Tlotla “Khosi ea likhosana” e sebetsa ho Jehova Molimo feela—e leng eena ea ka Sehloohong har’a likhosana tsohle tsa mangeloi, ho akarelletsa “Mikaele, e mong oa likhosana tse ka pele-pele.”—Daniele 10:13.
9:21—Ke hobane’ng ha Daniele a re lengeloi Gabriele ke “monna”? Ke hobane Gabriele o tlile ho eena a le sebōpehong se kang sa motho, e leng kamoo a ileng a hlaha kateng pejana ponong ho Daniele.—Daniele 8:15-17.
9:27—Ke selekane sefe se ileng ‘sa lula se ntse se sebetsa bakeng sa ba bangata’ ho fihlela qetellong ea beke ea bo70 ea lilemo, kapa ka 36 C.E.? Selekane sa Molao se ile sa tlosoa ka 33 C.E. ha Jesu a khokhotheloa thupeng. Empa ka ho boloka selekane sa Abrahama se ntse se sebetsa ho Iseraele ea nama ho fihlela ka 36 C.E., Jehova o ile a eketsa nako ea ho bontša Bajuda mohau o khethehileng kahobane e ne e le litloholo tsa Abrahama. Selekane sa Abrahama se tsoela pele se ntse se sebetsa mabapi le “Iseraele ea Molimo.”—Bagalata 3:7-9, 14-18, 29; 6:16.
Seo re Ithutang Sona:
9:1-23; 10:11. Daniele e ile ea e-ba “ea khahlehang haholo” ka lebaka la boikokobetso ba hae, ho khothala, boinehelo ba bomolimo le ho phehella ha hae thapelong. Hape litšobotsi tsena li ile tsa mo thusa hore a tšepahale ho Molimo ho fihlela qetellong ea bophelo ba hae. A re ikemisetseng ho latela mohlala oa Daniele.
9:17-19. Esita le ha re rapella hore lefatše le lecha la Molimo le tle, e leng moo ‘ho loka ho tla aha teng,’ na ha rea lokela ho ameha haholo ka ho halaletsoa ha lebitso la Jehova le ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae ho e-na le ho ameha ka ho fela ha mahlomola le mathata a rōna?—2 Petrose 3:13.
10:9-11, 18, 19. Re lokela ho etsisa lengeloi le ileng la tla ho Daniele, ka hore re khothatsane, re matlafatsane ka ho thusana le ka ho tšelisana.
12:3. Matsatsing a ho qetela, “ba nang le temohisiso”—e leng Bakreste ba tlotsitsoeng—ba ’nile ba ‘khanya joaloka maseli’ ’me ba tlisitse “ba bangata ho lokeng,” ho akarelletsa le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling.” (Bafilipi 2:15; Tšenolo 7:9; Johanne 10:16) Batlotsuoa ba tla “khanya joaloka linaleli” ka ho feletseng Pusong ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ha ba kopanela le eena ha a etsa hore batho ba mamelang ba lefatšeng ba rue molemo ka botlalo thekollong. “Linku tse ling” li lokela ho khomarela batlotsuoa ka botšepehi, li ba tšehetse kahohle-hohle.
Jehova ‘o Hlohonolofatsa ba mo Tšabang’
Buka ea Daniele e re ruta eng ka Molimo eo re mo rapelang? Nahana ka boprofeta bo ka bukeng ena—bo seng bo phethahetse le boo e leng hona bo tla phethahala. Ka sebele bo hlalosa Jehova ka ho hlaka e le Mophethahatsi oa lentsoe la hae!—Esaia 55:11.
Tlaleho ea buka ea Daniele e re bontša eng ka Molimo oa rōna? Bacha ba bane ba Baheberu ba ileng ba hana ho ba karolo ea bophelo ba lekhotleng la Babylona ba ile ba fumana ‘tsebo, temohisiso le bohlale.’ (Daniele 1:17) Molimo oa ’nete o ile a romela lengeloi la hae ’me le ile la pholosa Shadrake, Meshake le Abednego sebōping sa mollo. Daniele o ile a lopolloa sekoting sa litau. Jehova ‘o thusa le ho sireletsa ba mo tšepang’ ebile o ‘hlohonolofatsa ba mo tšabang.’—Pesaleme ea 115:9, 13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka e nang le sehlooho se reng Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e tšohlang buka ea Daniele temana ka temana.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ke hobane’ng ha Daniele e ne e le “ea khahlehang haholo”?