Khaolo ea Leshome le Metso e Tšeletseng
Marena Ana a Loantšanang a Tla Tloha a Timela
1, 2. Ho tsebahala ha morena oa leboea ho ile ha fetoha joang ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše?
HA RAFILOSOFI le rahistori oa Mofora Alexis de Tocqueville a ne a nahanisisa ka moea oa lipolotiki oa United States le Russia, o ile a ngola ka 1835: “E ’ngoe e sebelisa bolokolohi e le mokhoa o ka sehloohong oa ho etsa lintho; e ’ngoe e sebelisa khatello. . . . Litsela tsa tsona ha [li] tšoane; leha ho le joalo, ho bonahala e ’ngoe le e ’ngoe e romiloe ka morero o sa tsejoeng oa Bomolimo oa hore ka letsatsi le leng e laole bokamoso ba halofo ea lefatše.” Polelo ee e boletsoeng esale pele e ile ea nepahala hakae ka lebaka la Ntoa ea II ea Lefatše? Rahistori J. M. Roberts oa ngola: “Ha ho pelaelo hore qetellong ea Ntoa ea bobeli ea Lefatše bokamoso ba lefatše bo ile ba bonahala eka bo tla qetella bo laoloa ke mekhoa ea puso e ’meli e meholo le e sa tšoaneng ka ho feletseng, o mong o thehiloe ho seo e neng e le Russia, o mong o thehiloe United States of America.”
2 Nakong ea lintoa tse peli tsa lefatše, Jeremane e ne e bile sera se ka sehloohong sa morena oa boroa—e leng ’Muso oa Lefatše oa Manyesemane le Maamerika—’me e ne e le boemong ba morena oa leboea. Leha ho le joalo, ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, sechaba seo se ile sa arohana. Jeremane Bophirimela e ile ea fetoha mphato oa morena oa boroa, ’me Jeremane Bochabela eona e ile ea imatahanya le puso e ’ngoe e matla—e leng lichaba tsa Bokomonisi tse neng li eteletsoe pele ke Soviet Union. Lichaba tsena, kapa puso ena ea bopolotiki, li ile tsa ema e le morena oa leboea, ea hanyetsang ka matla selekane sa Manyesemane le Maamerika. Ho qothisana lehlokoa pakeng tsa marena ana a mabeli ho ile ha fetoha Ntoa ea Mantsoe e ileng ea tsoela pele ho tloha ka 1948 ho fihlela ka 1989. Pele ho moo, morena oa leboea oa Jeremane o ne a sebelitse “khahlanong le selekane se halalelang.” (Daniele 11:28, 30) Lichaba tsa Bokomonisi li ne li tla itšoara joang malebana le selekane see?
BAKRESTE BA ’NETE BAA KHOPTJOA EMPA BAA HLŌLA
3, 4. “Ba etsang bokhopo khahlanong le selekane” ke bo-mang, ’me ba bile le kamano efe le morena oa leboea?
3 Lengeloi la Molimo le ile la re: “Ba etsang bokhopo khahlanong le selekane, [morena oa leboea] o tla ba lebisa bokoenehing ka mantsoe a qhekellang.” Lengeloi la eketsa ka ho re: “Empa ha e le sechaba se tsebang Molimo oa sona, se tla hlōla ’me se sebetse ka mokhoa o atlehileng. ’Me ha e le ba nang le temohisiso har’a sechaba, ba tla fana ka kutloisiso ho ba bangata. ’Me ka sebele ba tla etsoa hore ba khoptjoe ka sabole le ka malakabe, ka kholeho le ka ho tlatlapuoa, ka matsatsi a itseng.”—Daniele 11:32, 33.
4 “Ba etsang bokhopo khahlanong le selekane” e ka ba baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana feela, ba bolelang hore ke Bakreste empa ba silafatsa lebitso la Bokreste ka liketso tsa bona. Bukeng ea hae e bitsoang Religion in the Soviet Union, Walter Kolarz o re: “[Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše] ’Muso oa Soviet Union o ile oa etsa boiteko ba ho sebelisa thuso ea Likereke ea lintho tse bonahalang le ea melao ea boitšoaro ho sireletsa naha.” Ka mor’a ntoa baeta-pele ba kereke ba ile ba leka ho boloka setsoalle seo, ho sa tsotellehe leano la ho se lumele boteng ba Molimo la ’muso oo joale e neng e se e le morena oa leboea. Kahoo, ho feta leha e le neng pele, Bokreste-’mōtoana bo ile ba fetoha karolo ea lefatše lena—e leng bokoenehi bo nyonyehang mahlong a Jehova.—Johanne 17:16; Jakobo 4:4.
5, 6. “Sechaba se tsebang Molimo oa sona” e ne e le bo-mang, ’me ba ile ba tsoella joang tlas’a morena oa leboea?
5 Ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete—“sechaba se tsebang Molimo oa sona” le “ba nang le temohisiso”? Le hoja ka nepo ba ne ba ‘ipeha tlas’a ba phahameng ba nang le matla a ho laela,’ Bakreste ba neng ba phela tlas’a puso ea morena oa leboea e ne e se karolo ea lefatše lena. (Baroma 13:1; Johanne 18:36) Ba le seli ho lefa “lintho tsa Sesare ho Sesare,” ba ile ba boela ba nehelana ka “lintho tsa Molimo ho Molimo.” (Matheu 22:21) Botšepehi ba bona bo ile ba qholotsoa ka lebaka la sena.—2 Timothea 3:12.
6 Ka lebaka leo, Bakreste ba ’nete ba ile ba ‘khoptjoa’ ba ba ba “hlōla.” Ba ile ba khoptjoa ka hore ba ile ba feta mahlorisong a matla ka ho fetisisa, ba bang ba ba ba bolaoa. Empa ba ile ba hlōla ka hore boholo ba bona bo ile ba lula bo tšepahala. Ba ile ba hlōla lefatše, hantle feela joalokaha Jesu a ile a le hlōla. (Johanne 16:33) Ho feta moo, ha ho mohla ba ileng ba khaotsa ho bolela, le haeba ba ne ba iphumana ba le chankaneng kapa likampong tsa mahloriso. Ka ho etsa joalo, ba ile ba “fana ka kutloisiso ho ba bangata.” Ho sa tsotellehe mahloriso linaheng tse ngata tse neng li busoa ke morena oa leboea, palo ea Lipaki tsa Jehova e ile ea eketseha. Ka lebaka la botšepehi ba “ba nang le temohisiso,” karolo e eketsehang ka linako tsohle ea “bongata bo boholo” e hlahile linaheng tseo.—Tšenolo 7:9-14.
BATHO BA JEHOVA BAA TŠEKOA
7. Ke ‘thuso efe e nyenyane’ eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba neng ba phela tlas’a morena oa leboea ba ileng ba e fumana?
7 Lengeloi le ile la re: “Ha [batho ba Molimo] ba etsoa hore ba khoptjoe ba tla thusoa ka thuso e nyenyane.” (Daniele 11:34a) Ho hlōla ha morena oa boroa ntoeng ea bobeli ea lefatše ho ne ho feletse ka hore Bakreste ba neng ba phela tlas’a morena oa lireng, ba imolohe ho se hokae. (Bapisa le Tšenolo 12:15, 16.) Ka ho tšoanang, ba neng ba hlorisoa ke morena oa mohlahlami, ba ne ba imoloha khafetsa. Ha Ntoa ea Mantsoe e ntse e kokobela, baeta-pele ba bangata ba ile ba hlokomela hore Bakreste ba tšepahalang hase tšokelo, kahoo ba ba ngolisa ka molao. Thuso e ile ea hlaha hape ho bongata bo boholo boo palo ea bona e ntseng e ata, bo ileng ba arabela boboleling bo tšepahalang ba batlotsuoa eaba boa ba thusa.—Matheu 25:34-40.
8. Ke joang ba bang ba ileng ba ikopanya le sechaba sa Molimo “ka qhekello”?
8 Ba bang ba neng ba bolela hore ba thahasella ho sebeletsa Molimo nakong ea lilemo tsa Ntoa ea Mantsoe ba ne ba se na sepheo se setle. Lengeloi le ne le ile la lemosa: “Ba bangata ba tla ikopanya le bona ka qhekello.” (Daniele 11:34b) Ba bangata ba ile ba bontša hore ba thahasella ’nete empa ba ne ba sa batle ho inehela ho Molimo. Ntle ho moo, ba bang ba neng ba bonahala ba amohela litaba tse molemo, ha e le hantle e ne e le limpimpi tsa ba boholong. Tlaleho e tsoang naheng e ’ngoe ea baleha: “Ba bang ba batho bana ba sa tšepahaleng e ne e le Makomonisi a pelo li thata a neng a khukhunetse ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Morena, eaba a iketsa a chesehang haholo ’me a ne a bile a behiloe maemong a phahameng a tšebeletso.”
9. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a lumella Bakreste ba bang ba tšepahalang hore ba “khoptjoe” ka lebaka la likhukhuni?
9 Lengeloi le ile la tsoela pele: “’Me ba bang ba ba nang le temohisiso ba tla etsoa hore ba khoptjoe, e le hore ho etsoe mosebetsi oa ho tšeka ka lebaka la bona le ho hloekisa le ho soeufatsa, ho fihlela ka nako ea bofelo; hobane e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng.” (Daniele 11:35) Likhukhuni tsena li ile tsa tšoarisa ba bang ba tšepahalang. Jehova o ile a lumella lintho tse joalo hore li etsahale ho tšeka le ho hloekisa batho ba hae. Feela joalokaha Jesu ‘a ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona,’ kahoo, bana ba tšepahalang ba ile ba ithuta mamello ka ho lekoa ha tumelo ea bona. (Baheberu 5:8; Jakobo 1:2, 3; bapisa le Malakia 3:3.) Ka tsela eo, ‘baa tšekoa, baa hloekisoa le ho soeufatsoa.’
10. Ke eng se boleloang ke poleloana “ho fihlela ka nako ea bofelo”?
10 Batho ba Jehova ba ne ba tla khoptjoa le ho tšekoa “ho fihlela ka nako ea bofelo.” Ha e le hantle, ba lebeletse ho hlorisoa ho fihlela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho e khopo. Leha ho le joalo, ho hloekisoa le ho soeufatsoa ha batho ba Molimo kahobane morena oa leboea a ile a kena-kenana le bona, ho ne ho tla etsahala ka “nako e behiloeng.” Kahoo, ho Daniele 11:35 e tlameha ebe “nako ea bofelo” e amana le ho fela ha nako e itseng e hlokahalang hore batho ba Molimo ba tšekoe ha ba ntse ba mameletse tlhaselo ea morena oa leboea. Ho totobetse hore ho khoptjoa ho ile ha fela ka nako e behiloeng ke Jehova.
MORENA OA IPHAHAMISA
11. Lengeloi le ile la re’ng ka boikutlo ba morena oa leboea mabapi le bobusi ba Jehova?
11 Mabapi le morena oa leboea, lengeloi le ile la phaella ka ho re: “Ka sebele morena o tla etsa ho ea ka thato ea hae, ’me o tla iphahamisa le ho itlotlisa holim’a molimo e mong le e mong; ’me [ha a hana ho amohela bobusi ba Jehova] o tla bua lintho tse hlollang khahlanong le Molimo oa melimo. Ka sebele o tla atleha ho fihlela nyatso e felile; hobane ntho e etselitsoeng qeto e lokela ho etsoa. A ke ke a nahana ka Molimo oa bo-ntat’ae; ’me a ke ke a nahana ka takatso ea basali le ka molimo e mong le e mong, empa o tla itlotlisa holim’a e mong le e mong.”—Daniele 11:36, 37.
12, 13. (a) Morena oa leboea o ile a hana “Molimo oa bo-ntat’ae” ka tsela efe? (b) “Basali” bao morena oa leboea a sa kang a nahana ka “takatso” ea bona ke bafe? (c) Morena oa leboea o ile a tlotlisa “molimo” ofe?
12 Ha morena oa leboea a phethahatsa mantsoe ana a boprofeta, o ile a hana “Molimo oa bo-ntat’ae,” ea kang molimo oa Boraro-bo-bong oa Bokreste-’mōtoana. Lichaba tsa Bokomonisi li ile tsa buella pepenene thuto ea hore Molimo ha a eo. Kahoo, morena oa leboea o ile a iketsa molimo, a ‘itlotlisa holim’a e mong le e mong.’ Morena enoa o ile a “etsa ho ea ka thato ea hae,” a sa nahane ka “takatso ea basali,” e leng linaha tse tlas’a hae, tse kang Vietnam Leboea, tse neng li sebeletsa joaloka makhabunyane a ’muso oa hae.
13 Ha lengeloi le tsoela pele ka boprofeta bona, le ile la re: “Boemong ba hae o tla tlotlisa molimo oa liqhobosheane; ’me ka khauta le ka silevera le ka majoe a bohlokoa le ka lintho tse lakatsehang o tla tlotlisa molimo eo bo-ntat’ae ba sa kang ba mo tseba.” (Daniele 11:38) Ha e le hantle, morena oa leboea o ile a beha tšepo ea hae ho “molimo oa liqhobosheane,” e leng tsebo ea moraro-rao litabeng tsa ntoa. O ile a batla poloko ka “molimo” enoa, a nyehela leruo le lengata haholo aletareng ea hae.
14. Morena oa leboea o ile a “sebetsa ka mokhoa o atlehileng” joang?
14 “O tla sebetsa ka mokhoa o atlehileng khahlanong le liqhobosheane tse tiisitsoeng ka ho fetisisa, hammoho le molimo osele. Mang kapa mang ea mo etseng hloko o tla etsa hore a ateloe ke khanya, ’me ka sebele o tla etsa hore a buse har’a ba bangata; ’me o tla arola naha ka tefello.” (Daniele 11:39) Morena oa leboea, a tšepile “molimo osele” oa hae oa ntoa, o ile a sebetsa “ka mokhoa o atlehileng” haholo, a bontša hore ke ’muso o tšosang oa sesole “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:1) Ba neng ba tšehetsa likhopolo tsa hae ba ne ba putsoa ka tšehetso ea lipolotiki le ea lichelete, esita le ea sesole ka linako tse ling.
‘HO SUTUTSANA’ NAKONG EA BOFELO
15. Morena oa boroa o ile a ‘sututsana’ le morena oa leboea joang?
15 Lengeloi le ile la re ho Daniele: “Nakong ea bofelo morena oa boroa o tla kopanela le eena ho sututsaneng.” (Daniele 11:40a) Na morena oa boroa o ‘sutulitse’ morena oa leboea “nakong ea bofelo”? (Daniele 12:4, 9) Ho joalo, ka sebele. Ka mor’a ntoa ea pele ea lefatše, selekane sa khotso se neng se entsoe ka morero oa ho otla morena oa leboea—e leng Jeremane—seo a ileng a qobelloa ho kena ho sona, ha e le hantle e ne e le ‘ho sututsa,’ ho hlohlelletsa boiphetetso. Ka mor’a hore morena oa boroa a hlōle ntoeng ea bobeli ea lefatše, o ile a shebisa lihlomo tsa hae tse tšosang tsa nyutlelie ho eo a qothisanang lehlokoa le eena ’me a hlophisa selekane se matla sa sesole se bitsoang North Atlantic Treaty Organization (NATO) khahlanong le eena. Mabapi le mosebetsi oa NATO, rahistori e mong oa Brithani o re: “E ne e le kofuto e ka sehloohong ea ‘ho khina’ USSR, eo joale e neng e talingoa e le tšokelo e ka sehloohong ea khotso ea Europe. Mosebetsi oa eona o ile oa nka lilemo tse 40 ’me o ile oa etsoa ka katleho e ke keng ea latoloa.” Ha lilemo tsa Ntoa ea Mantsoe li ntse li feta, ‘ho sututsa’ ha morena oa boroa ho ile ha akarelletsa bohloela bo etsoang ka theknoloji e phahameng, leqheka la ho loana ka lipuisano pakeng tsa linaha le ka ho hlasela ka ntoa.
16. Morena oa leboea o ile a itšoara joang ha a sututsoa ke morena oa boroa?
16 Morena oa leboea o ile a itšoara joang? “Morena oa leboea o tla mo futuhela ka likoloi le ka banna ba lipere le ka likepe tse ngata; ’me ka sebele o tla kena linaheng ’me a hohole ’me a fete.” (Daniele 11:40b) Histori ea matsatsi a bofelo e bontšitse leano la morena oa leboea la ho eketsa linaha tseo a li busang. Nakong ea ntoa ea bobeli ea lefatše, “morena” oa Bonazi o ile a tlōla meeli ea hae a kena linaheng tsa boahisani. Ha ntoa eo e lala, “morena” oa mohlahlami o ile a haha ’muso o moholo. Nakong ea Ntoa ea Mantsoe, morena oa leboea o ile a loana le eo a qothisanang lehlokoa le eena lintoeng tseo ba neng ba jela paate ho tsona le liphetohelong Afrika, Asia le Latin America. O ile a hlorisa Bakreste ba ’nete, a sitisa mosebetsi oa bona, empa ho hang ha aa ka a o emisa. ’Me litlhaselo tsa hae tsa ntoa le tsa lipolotiki li ile tsa etsa hore a laole linaha tse ngata. Sena ke sona seo lengeloi le neng le se profetile: “Hape, o tla hle a kene naheng ea Mokhabiso [e leng lefa la moea la batho ba Jehova], ’me ho tla ba le linaha tse ngata tse tla etsoa hore li khoptjoe.”—Daniele 11:41a.
17. Ke eng se neng se sitisa leano la morena oa leboea la ho eketsa linaha tseo a li busang?
17 Leha ho le joalo, morena oa leboea ha aa ka a atleha ho hapa lefatše. Lengeloi le ile la bolela esale pele hore: “Bana ke bona ba tla phonyoha letsohong la hae, Edomo le Moabe le karolo e ka sehloohong ea bara ba Ammone.” (Daniele 11:41b) Linakong tsa boholo-holo, Edomo, Moabe le Ammone li ne li le pakeng tsa sebaka se busoang ke morena oa boroa oa Egepeta le sebaka se busoang ke morena oa leboea oa Syria. Linakong tsa kajeno li emela mekhatlo le lichaba tseo morena oa leboea a neng a li habile empa a ile a hlōleha ho li hemela.
EGEPETA HA E PHONYOHE
18, 19. Morena oa boroa o ile a utloa tšusumetso ea eo a qothisanang lehlokoa le eena ka litsela life?
18 Lengeloi la Jehova le ile la tsoela pele: “[Morena oa leboea] o tla ’ne a otlolle letsoho la hae khahlanong le linaha; ’me ha e le naha ea Egepeta, e ke ke ea phonyoha. Ka sebele o tla busa holim’a matlotlo a patiloeng a khauta le silevera le holim’a lintho tsohle tse lakatsehang tsa Egepeta. ’Me Balibya le Baethiopia ba tla mo latela.” (Daniele 11:42, 43) Le eena morena oa boroa, e leng “Egepeta,” ha aa ka a phonyoha maano a morena oa leboea a ho eketsa linaha tseo a li busang. Ka mohlala, Vietnam, sekola se ile sa ea ka mahlong ho morena oa boroa. Ho thoe’ng ka “Balibya le Baethiopia”? Ho latela jeokrafi, baahisani bana ba Egepeta ea boholo-holo ba ka tšoantšetsa hantle lichaba tse ahisaneng le “Egepeta” (e leng morena oa boroa) ea kajeno. Ka linako tse ling, e ’nile ea e-ba balateli ba morena oa leboea kapa ea e-ba—‘ba mo latelang.’
19 Na morena oa leboea o busitse ‘holim’a matlotlo a patiloeng a Egepeta’? Ka sebele o bile le tšusumetso e matla tseleng eo morena oa boroa a sebelisitseng chelete ea hae ka eona. Ka lebaka la ho tšaba eo a qothisanang lehlokoa le eena, morena oa boroa o sebelisitse chelete e ngata ho boloka lebotho le tšosang la sesole le thepa ea ntoa ea fatše, metsing le moeeng. Ntlheng ena, morena oa leboea ‘o busitse,’ kapa o laotse tšebeliso ea matlotlo a morena oa boroa.
PHUTUHO EA HO QETELA
20. Lengeloi le hlalosa phutuho ea ho qetela ea morena oa leboea joang?
20 Ho qothisana lehlokoa pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa—ebang ke ka ntoa, moruo, kapa ka mekhoa e meng—ho haufi le ho fela. Ha lengeloi la Jehova le senola makolopetso a qhoebeshano eo e leng hona e neng e tla tla, le itse: “Ho tla ba le litlaleho tse tla mo tšoenya [eena morena oa leboea], tse tsoang bochaba-tsatsi le tse tsoang leboea, ’me ka sebele o tla tsoa ka khalefo e khōlō e le hore a felise le ho nehela ba bangata timetsong. ’Me o tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso; ’me o tla lokela ho ea fihla bofelong ba hae, ’me o tla hloka mothusi.”—Daniele 11:44, 45.
21. Ho sa ntse ho tla ithutoa eng ka morena oa leboea?
21 Tsoelo-pele ea morena oa leboea e ile ea thefuleha hampe ha Soviet Union e qhaloa ka December 1991. Morena eo e tla be e le mang ha Daniele 11:44, 45 e phethahala? Na o tla tsebahala e le e ’ngoe ea linaha tseo e leng karolo ea seo e neng e le Soviet Union? Kapa o tla tsebahala ka mokhoa o fapaneng ka ho feletseng, joalokaha ho ’nile ha etsahala ka makhetlo a ’maloa? Na ho qaptjoa ha lihlomo tsa nyutlelie ho etsoang ke lichaba tse eketsehileng ho tla fella ka tlhōlisano e ncha ea lihlomo ebe hoo ho ama hore na morena eo e tla ba mang? Lipotso tsena li tla arabeleha ha nako e ntse e feta. Ke bohlale hore re se ke ra ba le khopolo-taba ka se tla etsahala. Ha morena oa leboea a qala phutuho ea hae ea ho qetela, bohle ba nang le temohisiso e thehiloeng Bibeleng ba tla lemoha phethahatso ea boprofeta ka mokhoa o hlakileng.—Bona sehlooho se reng, “Marena a ho Daniele Khaolo ea 11,” leqepheng la 284.
22. Ho hlaha lipotso life ka tlhaselo ea ho qetela ea morena oa leboea?
22 Leha ho le joalo, rea tseba hore na morena oa leboea o tla tloha a nka khato efe. A susumetsoa ke litlaleho “tse tsoang bochaba-tsatsi le tse tsoang leboea,” o tla futuha ‘e le hore a felise ba bangata.’ Phutuho ee e tobisitsoe ho mang? Hona ke “litlaleho” life tse qalisang tlhaselo e joalo?
O FEREKANNGOA KE LITLALEHO TSE TŠOENYANG
23. (a) Ke ketsahalo efe ea bohlokoa e lokelang ho etsahala pele ho Armagedone? (b) “Marena a tsoang bochaba-tsatsi” ke afe?
23 Nahana seo buka ea Tšenolo e se bolelang ka qetello ea Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Pele ‘ho ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle,’ e leng Armagedone, sera sena se seholo sa borapeli ba ’nete se “tla chesoa ka ho feletseng ka mollo.” (Tšenolo 16:14, 16; 18:2-8) Timetso ea sona e tšoantšetsoa ke ho tšollela sekotlolo sa botšelela sa bohale ba Molimo nōkeng ea Eufrate ea tšoantšetso. Nōka ena ea psha e le hore ‘ho lokisoe tsela ea marena a tsoang bochaba-tsatsi.’ (Tšenolo 16:12) Marena aa ke afe? Ke Jehova Molimo le Jesu Kreste!—Bapisa le Esaia 41:2; 46:10, 11.
24. Ke ketso efe ea Jehova e ka ’nang ea tšoenya morena oa leboea?
24 Timetso ea Babylona e Moholo e hlalositsoe ka ho hlaka bukeng ea Tšenolo, e reng: “Linaka tse leshome tseo u li boneng [e leng marena a busang nakong ea bofelo], le sebata [e leng Machaba a Kopaneng], tsena li tla hloea seotsoa ’me li tla se ripitla le ho se hlobolisa, ’me li tla ja kaofela likarolo tse linama tsa sona ’me li tla se chesa ka ho feletseng ka mollo.” (Tšenolo 17:16) Ke hobane’ng ha babusi ba tla timetsa Babylona e Moholo? Hobane ‘Molimo o ho kentse ka lipelong tsa bona ho phetha monahano oa hae.’ (Tšenolo 17:17) Marena ana a akarelletsa morena oa leboea. Ha e le hantle, e ka ’na eaba seo a se utloang ‘se tsoang bochaba-tsatsi’ se bolela eona ketso ena ea Jehova ha a kenya lipelong tsa baeta-pele ba batho hore ba felise seotsoa sena se seholo sa bolumeli.
25. (a) Ke bo-mang bao ka ho khetheha morena oa leboea a habileng ho ba hlasela? (b) Morena oa leboea o “hloma litente tsa hae tsa borena” hokae?
25 Empa ho na le bao morena oa leboea a habileng hore a tšollele khalefo ea hae ho bona ka ho khetheha. Lengeloi le re: “O tla hloma litente tsa hae tsa borena pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso.” Mehleng ea Daniele, leoatle le leholo e ne e le Mediterranean, ’me thaba e halalelang e ne e le Sione, eo e neng e kile ea e-ba sebaka sa tempele ea Molimo. Kahoo, phethahatsong ea boprofeta, morena ea halefileng oa leboea o futuhela batho ba Molimo. Ka kutloisiso ea moea, sebaka se “pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang” se emela boemo ba moea ba bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova. Ba tsoile ‘leoatleng’ la moloko oa batho o ikarohantseng le Molimo ’me ba na le tšepo ea ho busa le Jesu Kreste Thabeng ea Sione ea leholimo.—Esaia 57:20; Baheberu 12:22; Tšenolo 14:1.
26. Joalokaha ho bontšitsoe ke boprofeta ba Ezekiele, e ka ’na eaba mohloli oa litaba “tse tsoang leboea” ke mang?
26 Ezekiele, ea phetseng mehleng ea Daniele, le eena o ile a profeta ka ho hlaseloa ha batho ba Molimo “karolong e qetellang ea matsatsi.” O boletse hore bora bo ne bo tla qaloa ke Gogo oa Magogo, ke hore, Satane Diabolose. (Ezekiele 38:14, 16) Ka puo ea tšoantšetso, Gogo o hlaha hokae? Kamoo Jehova a bolelang ka Ezekiele, o hlaha “likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea.” (Ezekiele 38:15) Ho sa tsotellehe hore na tlhaselo ena e tla ba mpe hakae, e ke ke ea timetsa batho ba Jehova. Ntoa ena e tšosang e tla ba phello ea leqheka la Jehova la ho felisa mabotho a Gogo. Kahoo, Jehova o re ho Satane: ‘Ka sebele . . . ke tla kenya lihakisi mehlahareng ea hao ke u tlise.’ ‘Ke tla . . . etsa hore u tle u tsoa likarolong tse hōle ka ho fetisisa tsa leboea ke u tlise lithabeng tsa Iseraele.’ (Ezekiele 38:4; 39:2) Kahoo, litaba “tse tsoang leboea” tse halefisang morena oa leboea li tlameha ho tsoa ho Jehova. Empa hore na ha e le hantle litlaleho “tse tsoang bochaba-tsatsi le tse tsoang leboea” li tla ba le litaba life qetellong, ke Molimo feela ea tla rera ’me ho tla bonahala.
27. (a) Ke hobane’ng ha Gogo a tla susumetsa lichaba, ho akarelletsa le morena oa leboea, hore li hlasele batho ba Jehova? (b) Tlhaselo ea Gogo e tla fella ka eng?
27 Athe Gogo eena, o hlophisa tlhaselo ea hae e mahlo-mafubelu ka lebaka la katleho ea “Iseraele ea Molimo,” eo, hammoho le “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” e seng e se karolo ea lefatše la hae. (Bagalata 6:16; Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; 17:15, 16; 1 Johanne 5:19) “Batho ba bokeletsoeng hammoho ba tsoang lichabeng, ba bokellang leruo [la moea] le thepa,” Gogo o ba shebile ka la moleka. (Ezekiele 38:12) Kaha Gogo o talima boemo ba moea ba Bakreste e le “naha e ka thōko e sabaletseng” e loketseng ho haptjoa, o ikitlaelletsa ho felisa tšitiso ena ea hore a laole moloko oa batho ka ho feletseng. Empa oa hlōleha. (Ezekiele 38:11, 18; 39:4) Ha marena a lefatše, a akarelletsang morena oa leboea, a hlasela batho ba Jehova, a tla ‘fihla bofelong ba ’ona.’
‘MORENA O TLA FIHLA BOFELONG BA HAE’
28. Ke eng eo re e tsebang ka bokamoso ba morena oa leboea le morena oa boroa?
28 Phutuho ea ho qetela ea morena oa leboea ha ea tobisoa ho morena oa boroa. Ka lebaka leo, morena oa leboea ha a felisoe ke sera sa hae se seholo. Ka ho tšoanang, morena oa boroa ha a timetsoe ke morena oa leboea. Morena oa boroa o timetsoa ke ’Muso oa Molimo, ha a timetsoe “ka letsoho” la motho.a (Daniele 8:25) Ha e le hantle, ntoeng ea Armagedone, marena ’ohle a lefatše a tla tlosoa ke ’Muso oa Molimo, ’me ho totobetse hore sena ke sona se etsahalang ka morena oa leboea. (Daniele 2:44) Daniele 11:44, 45 e hlalosa liketsahalo tse lebisang ntoeng eo ea ho qetela. Hase feela morena oa leboea ‘a tla hloka mothusi’ ha a timela!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Khaolo ea 10 ea buka ena.
KE ENG SEO U SE LEMOHILENG?
• Morena oa leboea o ile a fetoha kamoo a neng a tsebahala kateng joang ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše?
• Qetellong ho tla etsahala’ng ka morena oa leboea le morena oa boroa?
• U ruile molemo joang ka ho ela hloko boprofeta ba Daniele mabapi le ho qothisana lehlokoa ha marena aa a mabeli?
[Chate/Setšoantšo se leqepheng la 284]
MARENA A HO DANIELE KHAOLO EA 11
Morena oa Leboea Morena oa Boroa
Daniele 11:5 Seleucus I Nicator Ptolemy I
Daniele 11:6 Antiochus II Ptolemy II
(mosali Laodice) (morali Berenice)
Daniele 11:7-9 Seleucus II Ptolemy III
Daniele 11:10-12 Antiochus III Ptolemy IV
Daniele 11:13-19 Antiochus III Ptolemy V
(morali Mohlahlami:
Cleopatra I) Ptolemy VI
Bahlahlami:
Seleucus IV le
Antiochus IV
Daniele 11:20 Augustase
Daniele 11:21-24 Tiberiuse
Daniele 11:27-30a ’Muso oa Brithani, e
Jeremane (Ntoa lateloa ke
ea I ea Lefatše) ’Muso oa Lefatše
oa Manyesemane
le Maamerika
Daniele 11:30b, 31 ’Muso oa Boraro ’Muso oa
oa Hitler (Ntoa Lefatše oa
ea II ea Lefatše) Manyesemane
le Maamerika
Daniele 11:32-43 Lichaba tsa ’Muso oa
Bokomonisi (Ntoa Lefatše oa
ea Mantsoe) Manyesemane
le Maamerika
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
b Boprofeta ba Daniele khaolo ea 11 ha bo bolele esale pele mabitso a mebuso ea lipolotiki e nkang maemo a morena oa leboea le morena oa boroa ka linako tse sa tšoaneng. A tsebahala feela ka mor’a hore liketsahalo li qale ho etsahala. Ho feta moo, kaha qhoebeshano e etsahala ka mekhahlelo, ho ba le nako eo ho eona e bang sieo—morena e mong oa busa ha e mong a sa itse khoe!
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 271]
[Litšoantšo tse leqepheng la 279]
‘Ho sututsa’ ha morena oa boroa ho akarellelitse bohloela bo etsoang ka theknoloji e phahameng le ho sokela ka ntoa