Mehla ea Daniele ea Boprofeta le Tumelo ea Rōna
“Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ea lebelang, ’me a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makholo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano!”—DANIELE 12:12.
1. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hlōleha ho fumana thabo ea sebele, hona thabo ea ’nete e amahanngoa le eng?
MOTHO e mong le e mong o batla ho thaba. Leha ho le joalo, kajeno ke batho ba seng bakae feela ba thabileng. Hobane’ng? Lebaka le leng ke hore ba bangata ba batla thabo libakeng tse fosahetseng. Thabo e batloa linthong tse kang thuto, maruo, mosebetsi, kapa ho hahamalla matla. Leha ho le joalo, mantsoeng a qalang a Thuto ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a amahanya thabo le ho ela hloko ha motho tlhoko ea hae ea moea, mohau, ho hloeka pelong, le litšoaneleho tse joalo. (Mattheu 5:3-10, NW) Thabo eo Jesu a buileng ka eona ke ea sebele ’me ea tšoarella.
2. Ho ea ka boprofeta, thabo e ne e tla tlisoa ke eng nakong ea bofelo, hona see se hlahisa lipotso life?
2 Bakeng sa masala a tlotsitsoeng nakong ea bofelo, thabo e amahanngoa le ntho e ’ngoe e eketsehileng. Bukeng ea Daniele, rea bala: “E-ea, Daniele, hobane litaba tseo li tla sala li koahetsoe, li tiisitsoe ho isa nakong ea bofelo. Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ea lebelang, ’me a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makholo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano!” (Daniele 12:9, 12) Matsatsi ana a 1 335 a ile a akaretsa nako e kae? Ke hobane’ng ha batho ba phetseng nakong ea ’ona ba thabile? Na ho na le moo a amanang le tumelo ea rōna kajeno? Re thusoa ho araba lipotso tsena haeba re nahana ka se ileng sa etsahala nakong ea ha Daniele a ngola mantsoe ana, hang ka mor’a hore Iseraele e lokolloe botlamuoeng Babylona ’me e le selemong sa boraro sa Cyruse morena oa Persia.—Daniele 10:1.
Tsosoloso e Tlisa Thabo
3. Ke ketso efe ea Morena Cyruse e ileng ea tlisa nyakallo e khōlō ho Bajode ba tšepahalang ka 537 B.C.E., empa Cyruse ha a ka a fa Bajode tokelo efe?
3 Ho Bajode, ho lokolloa Babylona e bile ketsahalo ea nyakallo e khōlō. Ka mor’a hore Bajode ba mamelle lilemo tse ka bang 70 khōlehong, Cyruse e Moholo o ile a ba mema hore ba khutlele Jerusalema ho ea haha tempele ea Jehova bocha. (Esdrase 1:1, 2) Ba ileng ba arabela ba ile ba qala leeto la bona ka litebello tse phahameng, ba fihla naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. Leha ho le joalo, Cyruse ha a ka a ba mema hore ba tsosolose ’muso o tlas’a taolo ea setloholo sa Morena Davida.
4, 5. (a) ’Muso oa Davida o ile oa ketoloa neng? Hobane’ng? (b) Jehova o ile a fana ka tiiso efe ea hore borena ba Davida bo ne bo tla tsosolosoa?
4 Taba ena e ne e le ea bohlokoa. Makholo a lilemo a ka bang mahlano pele ho sena, Jehova o ile a tšepisa Davida: “Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla ’ne li tiee pel’a hao ka ho sa feleng, le terone ea hao e tla tiisoa ka mehla.” (2 Samuele 7:16) Ho soabisang ke hore, litloholo tse ngata tsa Davida tsa borena li ile tsa ipaka li tletse bofetoheli, ’me molato oa sechaba oa mali o ile oa ba moholo hoo ka 607 B.C.E., Jehova a ileng a lumella hore ’muso oa Davida o ketoloe. Ntle ho nakoana ea ha Jerusalema e le tlas’a Maccabees, e ile ea busoa ke lichaba lisele ho tloha ka nako eo ho fihlela ha e felisoa ka lekhetlo la bobeli ka 70 C.E. Ka hona, ka 537 B.C.E., “linako tse behiloeng tsa lichaba,” tseo ka tsona ho seng mora oa Davida ea neng a tla busa e le morena, li ne li ntse li tsoela pele.—Luka 21:24, NW.
5 Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lebala tšepiso ea hae ho Davida. Ka letoto la lipono le litoro, o ile a senola ka moprofeta oa hae Daniele boitsebiso bo qaqileng bo mabapi le liketsahalo tse tlang tsa lefatše tse neng li tla etsahala ka makholo a lilemo ho tloha nakong ea ha Babylona e busa lefatše ho fihlela nakong ea ha morena oa leloko la Davida a boela a busa ’musong oa batho ba Jehova. Boprofeta bona, bo tlalehiloeng ho Daniele likhaolo 2, 7, 8, le 10-12, bo ile ba tiisetsa Bajode ba tšepahalang hore, qetellong, terone ea Davida ka sebele e ne ‘e tla tiisoa ka mehla.’ Ka sebele, ’nete e joalo e senotsoeng e ile ea thabisa Bajode bana ba ileng ba khutlela naheng ea habo bona ka 537 B.C.E.!
6. Re tseba joang hore bo bong ba boprofeta ba Daniele bo ne bo tla phethahala mehleng ea rōna?
6 Batho ba bangata ba hlalosang Bibele ba bolela hore boprofeta ba Daniele bo ile ba phethahala hoo e ka bang ka ho feletseng pele ho tsoalo ea Jesu Kreste. Empa ka ho hlakileng sena hase ’nete. Ho Daniele 12:4, lengeloi le bolella Daniele: “Uena Daniele, u koahele taba tseo, u manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ea bofelo; ba bangata ba tla e bala, ’me tsebo e tla eketseha.” Haeba buka ea Daniele e ne e tla koaholloa—moelelo oa eona o senoloe ka ho feletseng—nakong ea bofelo feela, ka sebele bonyane bo bong ba boprofeta ba eona bo tlameha ho sebetsa nakong eo.—Bona Daniele 2:28; 8:17; 10:14.
7. (a) Linako tse behiloeng tsa lichaba li ile tsa fela neng, hona ka nako eo ho ile ha hlokahala hore ho arajoe potso efe? (b) Ke bo-mang bao e neng e se “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?
7 Ka 1914 linako tse behiloeng tsa lichaba li ile tsa fela, ’me ha qaleha nako ea bofelo ba lefatše lena. ’Muso oa Davida o ile oa tsosolosoa, eseng Jerusalema oa lefatšeng, empa o sa bonahale ‘marung a leholimo.’ (Daniele 7:13, 14) Ka nako eo, ka lebaka la hore “mofoka” oa batho ba iketsang eka ke Bakreste o ne o tlōkoma, boemo ba Bokreste ba ’nete bo ne bo sa hlaka—bonyane mahlong a batho. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore ho arajoe potso ea bohlokoa: “Ana ke mang mohlanka ea khabane, ea bohlale?” (Mattheu 13:24-30; 24:45) Lefatšeng ke mang ea neng a tla emela ’Muso oa Davida o tsosolositsoeng? Eseng banab’abo Daniele ba nama, e leng Bajode. Ba ile ba lahloa hobane ba ne ba haelloa ke tumelo ’me ba nka Messia e le tšitiso e khopang. (Ba-Roma 9:31-33) Ho hang lekhoba le tšepahalang ha lea ka la fumanoa har’a mekhatlo e hlophisitsoeng ea Bokreste-’mōtoana! Mesebetsi ea bona e khopo e ile ea paka hore Jesu ha a ba tsebe. (Mattheu 7:21-23) Joale, ke mang?
8. Ke bo-mang ba ipakileng ho ba “mohlanka ea khabane, ea bohlale” nakong ea bofelo? Re tseba joang?
8 Ka ntle ho pelaelo leha e le efe, ke sehlotšoana sa baena ba Jesu ba tlotsitsoeng bao ka 1914 ba neng ba tsejoa e le Liithuti tsa Bibele empa ho tloha ka 1931 ba ile ba tsejoa e le Lipaki tsa Jehova. (Esaia 43:10) Ke bona feela ba tsebahalitseng ka ’Muso o tsosolositsoeng lelokong la Davida. (Mattheu 24:14) Ke bona feela ba ikarotseng lefatšeng ’me ba phahamisa lebitso la Jehova. (Johanne 17:6, 14) ’Me ke ho bona feela boprofeta ba Bibele bo mabapi le batho ba Molimo mehleng ea qetello bo phethahalitsoeng. Har’a boprofeta bona ho na le letoto la linako tsa boprofeta tse thathamisitsoeng ho Daniele khaolo 12 le kopanyeletsang matsatsi a 1 335 a neng a tla tlisa thabo.
Matsatsi a 1 260
9, 10. Ke liketsahalo life tse ileng tsa tšoaea “nako e le ’ngoe, le linako, ho isa mahareng a nako e ’ngoe” ho Daniele 7:25, hona ke mangolong afe a mang moo ho boleloang nako e tšoanang?
9 Ho Daniele 12:7, re bala ka nako ea pele ea boprofeta: “Ho setse nako e le ’ngoe, le linako, ho isa mahareng a nako e ’ngoe; etlare ha qhalanyo ea sechaba e fela, hoo hohle ho tla etsahala.”a Nako e tšoanang e boletsoe ho Tšenolo 11:3-6, e bolelang hore lipaki tsa Molimo li ne li tla bolela li apere lesela le mahoashe ka lilemo tse tharo le halofo ebe lia bolaoa. Hape ho Daniele 7:25, rea bala: “O tla bua lipuo tse loantšang Mookameli ea phahameng, o tla hlorisa bahalaleli ba Mookameli ea phahameng, a be le morero oa ho fetola linako le molao, ’me bahalaleli ba tla neeloa matsohong a hae ka nako, le ka linako tse nang le lehare la nako.”
10 Boprofeteng bona ba bobeli, “o” ke ’muso oa bohlano oa lefatše ho tloha ho Babylona. Ke “lenakana,” leo nakong ea puso ea lona Mor’a motho a amohelang “’muso, le hlompho, le borena.” (Daniele 7:8, 14) Lenaka lena la tšoantšetso, leo pele e neng e le ’muso oa Brithani, le ile la hōla ka ntoa ea pele ea lefatše ho ba ’muso o kopanetsoeng oa Manyesemane le Maamerika, oo hona joale o laoloang ke United States. Ka linako kapa lilemo tse tharo le halofo, ’muso ona o ne o tla tšoenya bahalaleli le ho leka ho fetola linako le molao. Qetellong, bahalaleli ba ne ba tla neheloa matsohong a oona.—Bona le Tšenolo 13:5, 7.
11, 12. Ke liketsahalo life tse lebisitseng ho qaleheng ha matsatsi a 1 260 a boprofeta?
11 Boprofeta boo bohle bo tšoanang bo ile ba phethahatsoa joang? Ka lilemo tse ngata pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, baena ba Jesu ba tlotsitsoeng ba ile ba lemosa phatlalatsa hore 1914 e tla ba bofelo ba linako tse behiloeng tsa lichaba. Ha ntoa e qhoma, ho ile ha hlaka hore temoho eo e ile ea hlokomolohuoa. Satane o ile a sebelisa “sebata” sa hae, mokhatlo o hlophisitsoeng oa lefatše oa lipolotiki o neng o busoa ke ’Muso oa Manyesemane ka nako eo, ka boiteko ba ho ‘fetola linako le molao,’ ho busetsa morao nako ea hore ’Muso oa Molimo o buse. (Tšenolo 13:1, 2) O ile a hlōleha. ’Muso oa Molimo o ile oa hlongoa leholimong, hōle moo batho ba ke keng ba kena-kenana le oona.—Tšenolo 12:1-3.
12 Bakeng sa Liithuti tsa Bibele, ntoa e ile ea bolela nako ea ho lekoa. Ho tloha ka January 1914 li ’nile tsa bontša Photo-Drama of Creation, nehelano e thehiloeng Bibeleng e ileng ea lebisa tlhokomelo boprofeteng ba Daniele. Lehlabuleng la selemo seo Karolong e ka Leboea ea Lefatše, ntoa e ile ea qhoma. Ka October, linako tse behiloeng li ile tsa fela. Bofelong ba selemo, masala a tlotsitsoeng a ne a lebeletse mahloriso, joalokaha ho bonoa tabeng ea hore temana ea selemo e ileng ea khethoa bakeng sa 1915 e ne e le potso eo Jesu a ileng a e botsa barutuoa ba hae, “Na le khona ho noela senoelong sa ka?” e thehiloeng ho Mattheu 20:22, King James Version.
13. Liithuti tsa Bibele li ile tsa bolela joang li apere lesela le mahoashe nakong ea matsatsi a 1 260, hona ho etsahetse’ng qetellong ea nako eo?
13 Ka hona, ho tloha ka December 1914, sehlotšoana sena sa lipaki se ile ‘sa bolela se apere lesela le mahoashe,’ ka boikokobetso sa mamella ha se ntse se phatlalatsa likahlolo tsa Jehova. Lefu la C. T. Russell, mopresidente oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, ka 1916, le ile la makatsa ba bangata. Ha moea oa ntoa o ntse o kekela, li ile tsa tobana le khanyetso e ntseng e eketseha. Tse ling li ile tsa kenngoa teronkong. Batho ba kang, Frank Platt oa Engelane le Robert Clegg oa Canada, ba ile ba hlokofatsoa ke balaoli ba sehlōhō. Qetellong ka June 21, 1918, J. F. Rutherford, mopresidente e mocha hammoho le batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society, ba ile ba ahloleloa ho hlola nako e telele teronkong ka liqoso tsa bohata. Ka hona, bofelong ba nako ena ea boprofeta, “lenakana” le ile la bolaea mosebetsi o hlophisitsoeng oa boboleli.—Daniele 7:8, King James Version.
14. Lintho li ile tsa fetoha joang bakeng sa masala a tlotsitsoeng ka 1919 le ka mor’a moo?
14 Buka ea Tšenolo e profeta se ileng sa etsahala ka mor’a moo. Ka mor’a ho qeta nako e khutšoaane a sa etse letho—e boletsoeng esale pele hore ke matsatsi a mararo le halofo a ho shoela seterateng—masala a tlotsitsoeng a ile a phela ’me a ba mafolo-folo hape. (Tšenolo 11:11-13) Ka March 26, 1919, mopresidente le batsamaisi ba Watch Tower Bible and Tract Society ba ile ba lokolloa, ’me hamorao ba ile ba hlakoloa liqoso tsa bohata ka ho feletseng. Hang ka mor’a ho lokolloa, masala a tlotsitsoeng a ile a qala ho hlophisa bocha mosebetsi o eketsehileng. Ka hona, phethahatsong ea bomalimabe ba pele ba Tšenolo, ba ile ba tsoa sekoting sa ho se sebetse joaloka litsie tsa moea tse setsoeng morao ke mosi o mongata, o emelang bokamoso bo lefifi bakeng sa bolumeli ba bohata. (Tšenolo 9:1-11) Lilemong tse seng kae tse ileng tsa latela, ba ile ba ōtloa moeeng ’me ba lokela se larileng ka pele. Ka 1921 ba ile ba hatisa buka e ncha, The Harp of God, e etselitsoeng ho thusa ba bacha linneteng le bana ho ithuta linnete tsa motheo tsa Bibele. (Tšenolo 12:6, 14) Lintho tsena tsohle li etsahetse nakong e ’ngoe ea bohlokoa.
Matsatsi a 1 290
15. Re ka bala joang hore matsatsi a 1 290 a qalile neng? Nako ee e ile ea fela neng?
15 Lengeloi le ile la re ho Daniele: “Leha ho le joalo, ho qala ka nako ea ho felisoa ha sehlabelo sa ka mehla, le sa peo ea manyala a bofeliso, ho tla feta matsatsi a sekete se le seng se nang le makholo a mabeli a mashome a robileng mono o le mong.” (Daniele 12:11) Tlas’a Molao oa Moshe, “sehlabelo sa ka mehla” se ne se chesoa aletareng tempeleng e Jerusalema. Bakreste ha ba nehele mahlabelo a licheso, empa ba nehela sehlabelo sa ka mehla sa moea. Pauluse o ne a bua ka sona ha a re: “A re hlahiseng ka mehla ho Molimo ka eena sehlabelo sa poko, e leng tholoana ea melomo e bolelang lebitso la hae.” (Ba-Heberu 13:15; bapisa le Hosea 14:2.) Sehlabelo sena sa ka mehla se ile sa amoheloa ka June 1918. Joale, “manyala” ke eng—e leng tšobotsi ea bobeli eo re lokelang ho lebisa tlhokomelo ho eona? E ne e le Selekane sa Lichaba, se ileng sa buelloa ke mebuso e ileng ea hlōla qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše.b Se ne se le manyala hobane baeta-pele ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba se beha sebakeng sa ’Muso oa Molimo, ba nka Selekane e le tšepo feela ea motho bakeng sa khotso. Selekane se ile sa thehoa ka January 1919. Haeba re bala matsatsi a 1 290 (lilemo tse tharo, likhoeli tse supileng) ho tloha ka nako eo, re fihla ho September 1922.
16. Qetellong ea matsatsi a 1 290, ho ile ha hlaka joang hore masala a tlotsitsoeng a ne a loketse ho nka khato?
16 Joale ho ile ha etsahala eng? Liithuti tsa Bibele li ne li se li khatholohile, li lokolohile ho Babylona e Moholo, li loketse ho nka khato. (Tšenolo 18:4) Kopanong e ileng ea tšoaroa ka September 1922 Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka ho hloka tšabo li ile tsa qala ho phatlalatsa likahlolo tsa Molimo ho Bokreste-’mōtoana. (Tšenolo 8:7-12) Litsie li ile tsa qala ho loma ka tsela e utloisang bohloko! Ho feta moo, ho ile ha qaleha bomalimabe ba bobeli ba Tšenolo. Lebotho le leholo la bakalli ba lipere ba Bakreste—leo pele le neng le entsoe ka masala a tlotsitsoeng ’me hamorao la eketsoa ke bongata bo boholo—le ile la tlala lefatšeng lohle. (Tšenolo 7:9; 9:13-19) E, ho fela ha matsatsi a 1 290 ho ile ha tlisetsa batho ba Molimo thabo.c Empa ho ne ho sa tla etsahala lihōlo.
Matsatsi a 1 335
17. Matsatsi a 1 335 a ile a qala neng ’me a fela neng?
17 Daniele 12:12 e re: “Ho lehlohonolo [“ho thabile,” NW] ea lebelang, ’me a finyella matsatsing a sekete se le seng se nang le makholo a mararo a mashome a mararo a metso e mehlano!” Matsatsi ana a 1 335, kapa lilemo tse tharo, likhoeli tse robeli le halofo, motheong oa bopaki bo fanoeng a qalile qetellong ea nako eo ho builoeng ka eona pejana. Ha re bala ho tloha ka September 1922, sena se re tlisa mafelong a nako ea selemo (Karolong e ka Leboea ea Lefatše) ka 1926. Ho ile ha etsahala eng nakong ea matsatsi ana a 1 335?
18. Ke liketsahalo life tse bontšang hore morao ka 1922 ho ne ho ntse ho na le khatelo-pele e lokelang ho etsoa?
18 Ho sa tsotellehe liketsahalo tsa bohlokoa ka 1922, motheong oa bopaki bo fanoeng ba bang ba ’nile ba sheba morao ka tlholohelo. Studies in the Scriptures, e ngotsoeng ke C. T. Russell, e ne e ntse e le boitsebiso bo ka sehloohong ba ho ithuta. Ho feta moo, bukana e ileng ea abjoa haholo Millions Now Living Will Never Die e ile ea fana ka maikutlo a hore ka 1925, merero ea Molimo mabapi le ho tsosolosoa ha Paradeise lefatšeng le ho tsosoa ha batho ba boholo-holo ba tšepahalang e ne e tla qala ho phethahala. Ho ne ho bonahala eka mamello ea ba tlotsitsoeng e haufinyane le ho fela. Leha ho le joalo, ba bang ba neng ba ikopantse le Liithuti tsa Bibele ha baa ka ba ikutloa ba tlameha ho kopanela le ba bang litaba tse molemo.
19, 20. (a) Lintho tse ngata li ile tsa fetoha joang bakeng sa batho ba Molimo nakong ea matsatsi a 1 335? (b) Ke liketsahalo life tse ileng tsa tšoaea bofelo ba nako ea matsatsi a 1 335, hona li ile tsa bontša eng mabapi le batho ba Jehova?
19 Ha matsatsi a 1 335 a ntse a feta, sena sohle se ile sa fetoha. E le ho matlafatsa baena, ho ile ha hlophisoa lihlopha tsa ka mehla tsa thuto ea Molula-Qhooa. Ho ile ha hatisoa tšebeletso ea tšimo. Ho qala ka May 1923, e mong le e mong o ile a memeloa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka Labobeli la pele la khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ho ne ho behelloa nako ka thōko nakong ea liboka tsa phutheho tsa har’a beke bakeng sa ho ba khothaletsa mosebetsi ona. Ka August 1923, kopanong ea Los Angeles, California, U.S.A., ho ile ha bontšoa hore setšoantšo sa Jesu sa linku le lipōli se tla phethahala pele ho Puso ea Lilemo tse Sekete. (Mattheu 25:31-40) Ka 1924 ho ile ha qaloa ho sebelisa seteishine sa radio WBBR, se ileng sa sebelisoa ho hasa litaba tse molemo ka maqhubu a moea. Sehlooho “Ho Tsoaloa ha Sechaba” tokollong ea March 1, 1925, ea The Watch Tower, se ile sa fana ka kutloisiso e lokisitsoeng ea Tšenolo khaolo 12. Qetellong, Bakreste ba tšepahalang ba ne ba ka utloisisa ka ho loketseng liketsahalo tsa merusu tsa 1914-19.
20 Selemo sa 1925 se ile sa fela, empa bofelo bo ne bo e-s’o fihle! Ho tloha lilemong tsa bo-1870, Liithuti tsa Bibele li ’nile tsa sebeletsa li ntse li nahanne ka letsatsi le itseng—pele 1914, joale 1925. Joale li ile tsa hlokomela hore li tlameha ho sebeletsa ho fihlela ha Jehova a rata. Tokollo ea January 1, 1926, ea The Watch Tower e ile ea ba le sehlooho sa bohlokoa “Ke Mang ea Tla Hlompha Jehova?” se ileng sa totobatsa ho feta leha e le neng pele bohlokoa ba lebitso la Molimo. ’Me qetellong, ka May 1926 London, Engelane, kopanong, ho ile ha etsoa qeto e nang le sehlooho se reng “Bopaki ho Babusi ba Lefatše.” Ka ho tobileng e ile ea phatlalatsa ’nete ka ’Muso oa Molimo le timetso e tlang ea lefatše la Satane. Hona kopanong eo, ho ile ha lokolloa buka e bileng le liphello tse sebetsang Deliverance, ea e-ba eona ea pele letotong le ileng la nkela Studies in the Scriptures sebaka. Joale batho ba Molimo ba ne ba shebile pele, eseng morao. Matsatsi a 1 335 a ne a felile.
21. Ho mamella ho pholletsa le nako ea matsatsi a 1 335 ho ile ha bolela eng ho batho ba Molimo nakong eo e fetileng, hona ho phethahatsoa ha boprofeta bo mabapi le nako ena ho bolela eng ho rōna?
21 Ba bang ba ne ba sa ikemisetsa ho etsa liphetoho tumellanong le litokiso tsena, empa ba ileng ba mamella ba ile ba thaba e le kannete. Ho feta moo, ha re sheba morao phethahatsong ea linako tsena tsa boprofeta, le rōna rea thaba hobane kholiseho ea rōna ea matlafatsoa hore sehlotšoana sena sa Bakreste ba tlotsitsoeng se ileng sa phela linakong tsena ka sebele ke mohlanka ea khabane, ea bohlale. Lilemong tse ileng tsa latela ka mor’a moo, mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng o eketsehile haholo, empa mohlanka ea khabane ea bohlale o ntse a le ka sehloohong, a o tataisa. Joale ho thabisa hakaakang ho tseba hore ba tlotsitsoeng le linku tse ling, ba sa emetsoe ke thabo e eketsehileng! Re tla bona sena ha re hlahloba boprofeta bo bong ba Daniele.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa puisano ea kamoo ho ka sebetsoang linako tsena tsa boprofeta, bona Our Incoming World Government—God’s Kingdom, khaolo 8, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bona tokollo ea October 1, 1985, ea Molula-Qhooa, maqephe 8-18.
c Bona tokollo ea January 1, 1991, ea Molula-Qhooa, leqephe 12, le 1975 Yearbook of Jehovah’s Witnesses, leqephe 132.
Na U ka Hlalosa?
◻ Re tseba joang hore bo bong ba boprofeta ba Daniele bo ne bo tla phethahala nakong ea rōna?
◻ Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore masala a tlotsitsoeng ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale”?
◻ Matsatsi a 1 260 a ile a qala ’me a fela neng?
◻ Ke khatholoho le tsosoloso efe eo matsatsi a 1 290 a ileng a li tlisetsa masala a tlotsitsoeng?
◻ Ke hobane’ng ha ba ileng ba mamella ho fihlela qetellong ea matsatsi a 1 335 ba ile ba thaba?
[Lebokose le leqepheng la 11]
LINAKO TSA DANIELE TSA BOPROFETA
Matsatsi a 1 260:
December 1914 ho ea ho June 1918
Matsatsi a 1 290:
January 1919 ho ea ho September 1922
Matsatsi a 1 335:
September 1922 ho ea ho May 1926
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho tloha ka 1919 ho ile ha hlaka hore “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ke masala a tlotsitsoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ntlo-khōlō ea Selekane sa Lichaba Geneva, Switzerland
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
UN photo