Khaolo ea Boraro
Letsatsi la Jehova ke Taba ea Bohlokoa
1, 2. (a) Ke taba efe ea bohlokoa e boleloang ke baprofeta ba 12 kaofela ha bona? (b) Ba bang ba baprofeta ba 12 ba ile ba bua ka letsatsi la Jehova ka ho toba joang?
“LETSATSI le leholo la Jehova le haufi. Le haufi, ’me le potlakile haholo.” (Sofonia 1:14) Nako le nako baprofeta ba Molimo ba ne ba lemosa ka letsatsi la Jehova le atamelang. Hangata ba ne ba bolela kamoo ho tla ha lona ho lokelang ho ama bophelo ba batho ba letsatsi le letsatsi, mekhoa ea bona le boitšoaro ba bona. Ka linako tsohle melaetsa ea bona e ne e hloka hore batho ba nke khato ka potlako. Haeba u ne u ikutloetse ha ba bolela melaetsa eo, u ka be u ile ua etsa joang?
2 Ha u bala libuka tsa baprofeta ba 12, u tla fumana hore kaofela ha bona ba ile ba bua ka letsatsi la Jehova ka ho toba kapa ka tsela e sa tobang.a Kahoo, pele u hlahloba boitsebiso ba bohlokoa bo boletsoeng ke baprofeta bana likhaolong tse latelang, ak’u nahane ka taba eo ba ntseng ba e pheta-pheta: e leng letsatsi la Jehova. Har’a baprofeta bana, ba tšeletseng ba ile ba sebelisa polelo ena ka ho toba kapa ba sebelisa lipolelo tse tšoanang le eona. Joele o ile a hlalosa “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova” ka mokhoa o hlakileng. (Joele 1:15; 2:1, 2, 30-32) Amose o ile a bolella Baiseraele hore ba itokisetse ho kopana le Molimo oa bona, etsoe letsatsi la Jehova e ne e tla ba letsatsi la lefifi. (Amose 4:12; 5:18) Hamorao, Sofonia o ile a bua mantsoe a qotsitsoeng serapeng sa 1. ’Me nakoana pele Jerusalema e timetsoa, Obadia o ile a lemosa hore “letsatsi la Jehova khahlanong le lichaba tsohle le haufi.”—Obadia 15.
3. Ke hobane’ng ha re ka re baprofeta ba ileng ba profeta ka mor’a hore sechaba se khutle botlamuoeng ba ne ba bua ka letsatsi la Jehova?
3 Ntle ho moo, u tla hlokomela hore baprofeta ba babeli ba ileng ba romeloa ho Bajuda ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng, ba ile ba sebelisa lipolelo tse tšoanang le ena. Zakaria o ile a bua ka letsatsi leo ka lona ho neng ho tla ho felisoa lichaba tsohle tse neng li hlasela Jerusalema. O ile a hlalosa ka mokhoa o hlakileng se neng se tla etsahala ka “letsatsi le leng le tsejoang e le la Jehova.” (Zakaria 12:9; 14:7, 12-15) ’Me Malakia o ile a lemosa batho ba Molimo hore “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova” lea tla.—Malakia 4:1-5.
4. Ba bang ba baprofeta ba 12 ba ile ba re’ng ha ba bua ka letsatsi la Jehova?
4 Le hoja baprofeta ba bang ho bana ba 12 ba sa ka ba sebelisa polelo e reng “letsatsi la Jehova,” ba ile ba bua ka lona ka tsela e sa tobang. Hosea o ile a bolela hore Jehova o ne a tla lokisa litaba le Iseraele ’me hamorao a li lokise le Juda. (Hosea 8:13, 14; 9:9; 12:2) Hangata melaetsa ena e ne e amana le seo Jehova a ileng a se etsa hona nakong eo. Ka mohlala, Jonase o ile a phatlalatsa kahlolo ea Molimo ea motse oa Ninive, ’me Mikea o ile a hlalosa se neng se tla etsahala ha Molimo a nka khato ka lichaba tse mo fetohetseng. (Jonase 3:4; Mikea 1:2-5) Nahume o ile a tšepisa hore Jehova o ne a tla iphetetsa ho lira tsohle tsa Hae. (Nahume 1:2, 3) Habakuke o ile a hoeletsa a batla toka ’me o ile a hlalosa “letsatsi la mahlomola.” (Habakuke 1:1-4, 7; 3:16) Ho hlakile hore melaetsa e meng libukeng tsena, e ne e bolela lintho tse neng li tla ama Bakreste ba ’nete. Ka mohlala, Hagai, e leng e mong oa baprofeta ba ileng ba profeta ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng Babylona, o ile a bolela esale pele hore lichaba li ne li tla sisinngoa. (Hagai 2:6, 7) Moapostola Pauluse o ile a qotsa mantsoe a Hagai 2:6 ha a khothalletsa Bakreste hore ba fumanoe ba le boemong bo botle ha Molimo a tlosa maholimo a khopo a tšoantšetso.—Baheberu 12:25-29; Tšenolo 21:1.
LETSATSI LA JEHOVA—KE ENG?
5, 6. Baprofeta ba re letsatsi la Jehova le tla ba joang?
5 Hoa utloahala haeba u ipotsa hore na ebe letsatsi la Jehova le tla ba joang. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na letsatsi la Jehova le ama tsela eo ke phelang ka eona hona joale esita le bokamoso ba ka?’ Joalokaha baprofeta ba bontšitse, letsatsi la Jehova ke nako eo ka eona Jehova a phethisang kahlolo ho lira tsa hae, ke letsatsi la ntoa. Mohlomong ka letsatsi leo le tšosang ho tla etsahala mehlolo maholimong. “Letsatsi le khoeli li tla fifala, ’me linaleli li tla honyetsa khanya ea tsona.” (Joele 2:2, 11, 30, 31; 3:15; Amose 5:18; 8:9) Ho tla etsahala’ng lefatšeng lee leo re phelang ho lona? Mikea o ile a re: “Lithaba li tla qhibiliha tlas’a [Jehova], le likhohlo li tla arohana, joaloka boka ba linotši ka lebaka la mollo, joaloka metsi a tšolleloang sebakeng se motheō.” (Mikea 1:4) E ka ’na eaba tlhaloso ena e phethahala ka tsela ea tšoantšetso, empa se boletsoeng mona se etsa hore re hlokomele hore ha Molimo a nka khato, lefatše le baahi ba lona ba tla oeloa ke tlokotsi. Empa hase batho bohle ba tla oeloa ke tlokotsi. Baprofeta bana ba ile ba bolela hore ba “batlang se molemo” ba tla hlohonolofatsoa haholo ’me ba tsoele pele ba phela.—Amose 5:14; Joele 3:17, 18; Mikea 4:3, 4.
6 Baprofeta ba bang ho bana ba 12 ba ile ba hlalosa letsatsi la Jehova ka mokhoa o hlakileng haholoanyane. Habakuke o ile a bontša ka ho hlaka kamoo Jehova a tla thuhakanya “lithaba tsa ka ho sa feleng” a kokobetse “maralla a hlolang ka nako e sa lekanyetsoang,” ’me lintho tsena ka nepo li tšoantšetsa mekhatlo ea batho, e ka ’nang ea bonahala eka e tla ba teng ka ho sa feleng. (Habakuke 3:6-12) E, letsatsi la Jehova “ke letsatsi la khalefo, letsatsi la mahlomola le la bohloko bo boholo, letsatsi la sefefo le la lesupi, letsatsi la lefifi le la botšo, letsatsi la maru le la botšo bo boholo.”—Sofonia 1:14-17.
7. Ke koluoa efe e boletsoeng esale pele, ’me e ka ’na ea phethahala joang?
7 Ak’u nahane feela hore na ba loantšang Molimo ba tla oeloa ke koluoa e kaakang! “Nama ea motho e tla bola, a ntse a eme ka maoto; ’me mahlo a hae a tla bolla ka har’a mekoti ea ’ona, ’me leleme la hae le tla bolla ka har’a molomo oa hae.” (Zakaria 14:12) Ebang pono ena e tla phethahala ka tsela ea sebele kapa che, e bontša hore ba bangata ba tla hlaheloa ke tlokotsi. Le haeba e sa phethahale ka tsela ea sebele, ha lira tsa Molimo li se li sa khone ho nyefola, ho tla tšoana le hore maleme a tsona a bolile. ’Me kaha leano leha e le lefe la ho iketsa khokanyan’a-phiri khahlanong le batho ba Molimo le tla nyopa, ho tla tšoana le ha ba sa bone mahlong.
LEBAKA LA HORE MOLIMO EA LERATO A NKE KHATO
8, 9. (a) U lokela ho nahanisisa lintlha life hore u utloisise lebaka le etsang hore Jehova a nke khato ka ba khopo? (b) Ho tšepahala ha hao bophelong ba letsatsi le letsatsi ho amana joang le khato eo Jehova a tla e nka?
8 Mohlomong u kile ua utloa batho ba re: ‘Ke joang Molimo ea lerato a ka bakelang lira tsa hae tlokotsi e kaalo? Na hoa hlokahala hore Molimo a senye lefatše joalo? Na Jesu ha aa ka a re khothalletsa hore re tsoele pele ho rata lira tsa rōna ’me re ipake hore re bara ba Ntate ea maholimong?’ (Matheu 5:44, 45) Ha u araba lipotso tsena, u ka ’na ua nahanisisa hore na ho tlile joang hore batho ba be mathateng tjena. Molimo o bōpile batho ba pele ba babeli ka setšoantšo sa hae le ka sebōpeho sa hae—ba ne ba phethahetse. Leha ho le joalo, ba ile ba bakela batho sebe le lefu e leng se ammeng bophelo ba rōna. Ba ile ba ema le Satane Diabolose tsekong ea hore na ke mang eo e leng eena feela ea nang le tokelo e feletseng ea ho busa batho. (Genese 1:26; 3:1-19) Ka lilemo tse makholo tse fetileng, Satane o lekile ho paka hore batho ba ke ke ba sebeletsa Jehova haeba ba ka ekoa hore ba mo furalle. Ua tseba hore Satane o hlōtsoe tabeng ena. Jesu Kreste le bahlanka ba bang ba Jehova ba bangata ba ile ba tšepahala ho Molimo ’me ba bontša hore ba mo sebeletsa ka lerato. (Baheberu 12:1-3) Ha ho pelaelo hore le uena u tseba ba bangata ba sebeletsang Molimo ka botšepehi, na ha ho joalo?
9 Ho feta moo, le uena ua ameha tsekong ena e tla fela ha Jehova a felisa bokhopo. Ka mohlala, ha u ntse u bala libuka tsena tse 12, u tla hlokomela hore baprofeta ba bang ba ne ba bua ka bophelo bo mabothobotho boo batho ba hlokomolohileng borapeli ba Jehova ba neng ba bo phela. Baprofeta ba ile ba eletsa batho ba Molimo hore ba ‘behe lipelo tsa bona litseleng tsa bona’ ba be ba fetole tsela eo ba phelang ka eona. (Hagai 1:2-5; 2:15, 18; Amose 3:14, 15; 5:4-6) E, baprofeta ba ne ba bontša batho hore na ba lokela ho phela joang. Ba ileng ba amohela keletso eo ba ile ba bontša hore Jehova ke ’Musi oa bona, ka tsela eo ba paka hore Satane o leshano. Jehova o tla bontša botšepehi ho batho ba joalo ha a felisa lira tsa hae.—2 Samuele 22:26.
10. Seo Mikea a se boneng se bontša joang hore ho loketse hore Jehova a nke khato?
10 Ho na le lebaka le leng le etsang hore Molimo a nke khato. Nahana ka se ileng sa etsahala lilemong tsa bo-700 B.C.E. ha Mikea a ne a profeta Juda. A bua joalokaha eka ke eena sechaba, o tšoantša boemo ba sechaba sa Juda le serapa sa morara kapa sa lifate tsa litholoana ka mor’a kotulo, ha lifate li hlohloriloe morara kapa lifeiga kaofela. Ho ne ho le ka mokhoa ona sechabeng sa Juda, batho ba lokileng ba ne ba hlile ba fokola haholo ka palo. Baiseraele ba ne ba tsoma Baiseraele ba bang, ba lalla bakeng sa ho tšolla mali. Baeta-pele le baahloli ba bona ba ne ba ichebile bobona. (Mikea 7:1-4) U ne u tla ikutloa joang haeba u ne u phela boemong bo joalo? Mohlomong u ne u tla qenehela batho ba etsoang hampe empa ba se na molato. Kahoo, ha ho pelaelo hore Jehova o qenehela batho ba hatelloang ho feta kamoo re ba qenehelang kateng! Kajeno Jehova o ntse a shebisisa batho. U nahana hore o bona eng? Bahatelli ba hanyapetsa batho ba bang ’me ba hlasela baahelani ba bona ka mabifi. Ba tšepahalang bona ba hlile baa fokola ha ba bapisoa le palo ea baahi bohle ba lefatše. Empa ha ho hlokahale hore re nyahamisoe ke sena. A susumetsoa ke lerato la hae ho ba etsoang hampe, Jehova o tla ahlola ka toka.—Ezekiele 9:4-7.
11. (a) Ka letsatsi la Jehova ho tla etsahala’ng ka ba mo tšabang? (b) Molaetsa oa Jonase o lemosang o ile oa ama Baninive joang?
11 Ho hlakile hore ka letsatsi la Jehova, lira tsa hae li tla timetsoa ’me ba mo tšabang le ba mo sebeletsang ba tla pholosoa.b Mikea o ile a bolela esale pele hore lichaba li ne li tla phallela thabeng ea ntlo ea Jehova, e leng ho neng ho tla etsa hore ho be le khotso le bonngoe lefatšeng lohle. (Mikea 4:1-4) Na batho ba ile ba fetola mokhoa oo ba phelang ka oona mehleng eo kahobane baprofeta ba ne ba phatlalatsa letsatsi la Jehova? Ba bang ba ile ba fetoha. Hopola hore ha Jonase a bolela kahlolo ea Ninive, baahi ba mabifi le ba khopo ba motse oo ba ile “ba qala ho beha tumelo ho Molimo” ’me ‘ba khutla litseleng tsa bona tse mpe.’ Ka lebaka leo, Jehova ha aa ka a ba tlisetsa tlokotsi ka nako eo. (Jonase 3:5, 10) Ka sebele molaetsa oa letsatsi la Jehova le atamelang o ile oa ama bophelo ba Baninive!
LETSATSI LEO LE U AMA JOANG?
12, 13. (a) Baprofeta ba 12 ba ne ba profeta ka lichaba life? (b) Ke hobane’ng ha re ka re baprofeta ba 12 ba ne ba profeta lintho tseo ho neng ho tla feta nako e telele pele li phethahala?
12 Motho e mong a ka ’na a re: ‘Empa baprofeta bao ba phetse khale haholo, melaetsa ea bona e buang ka letsatsi la Jehova e nkama ka eng?’ Ke ’nete hore baprofeta bao ba phetse lilemong tse ngata tse fetileng esita le pele Jesu a tsoaloa, leha ho le joalo, re lokela ho nahanisisa kamoo seo ba se buileng ka letsatsi la Jehova se ntseng se sebetsa kateng le lilemong tsena tsa bo-2000. Seo ba se buileng ka letsatsi le leholo la Jehova se ka re tsoela molemo ka litsela life? Ho na le ntho ea bohlokoa e re thusang ho lemoha kamoo molaetsa oa bona o re amang kateng le kamoo o ka re ruisang molemo kateng. Ntho eo ke hore re hlokomele hore baprofeta bana ba ne ba lemosa ka ho tla ha letsatsi la Jehova khahlanong le Iseraele, Juda le lichaba tse haufi hammoho le mebuso e meng ea lefatše mehleng eo.c Taba ea bohlokoa ke hore boprofeta boo bo ile ba phethahala! Baassyria ba ile ba fela ba hlasela Samaria, Juda e ile ea etsoa lesupi ka 607 B.C.E., ’me lichaba tse leqhoko tse haufi li ile tsa ripitloa ka potlako. Qetellong, ’muso oa lefatše oa Assyria le oa Babylona e ile ea oa, ’me sena sohle se ne se phethahatsa boprofeta bo neng bo boletse lintho tsena ka ho toba.
13 Joale, nahana ka se ileng sa etsahala ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., nako e telele ka mor’a hore karolo e khōlō ea boprofeta bona e phethahale ka lekhetlo la pele. Ka letsatsi leo, moapostola Petrose o ile a re ho tšolloa ha moea o halalelang oa Molimo ho ne ho phethahatsa boprofeta ba Joele. Ka mor’a moo Petrose o ile a qotsa bukeng ea Joele, a re: “Letsatsi le tla fetoha lefifi le khoeli e fetohe mali pele letsatsi le leholo le le khanyang haholo la Jehova le fihla.” (Liketso 2:20) Sena se bontša hore e ne e le hona tse ling tsa lintho tse boletsoeng boprofeteng bo buang ka letsatsi la Jehova li tla phethahala. Boprofeta ba Joele bona bo ile ba phethahala ka lekhetlo la bobeli ka 70 C.E. ha lebotho la Roma le ripitla Jerusalema, ’me ka sebele ena e ile ea e-ba nako ea lefifi le mali.
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha re ka re boprofeta bo buang ka letsatsi la Jehova boa re ama kajeno? (b) Re ka lebella hore letsatsi la Jehova le fihle neng?
14 Leha ho le joalo, ke hona boprofeta ba Joele hammoho le boprofeta bo bong bo buang ka letsatsi la Jehova bo tla phethahala ka lekhetlo la ho qetela ho rōna ba phelang lilemong tsa bo-2000. Joang? Petrose o ile a eletsa Bakreste hore ba lule ba “hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.” Moapostola enoa o ile a tsoela pele a re: “Ho na le maholimo a macha le lefatše le lecha tseo re li letetseng ho ea ka tšepiso ea hae, ’me ho loka ho tla aha ho tsona.” (2 Petrose 3:12, 13) Ka mor’a hore Jerusalema e ripitloe ka 70 C.E., ha hoa ka ha thehoa maholimo a macha (e leng puso e ncha ea Molimo) hammoho le lefatše le lecha (e leng batho ba lokileng tlas’a ’muso oo). Kahoo, boprofeta bo buang ka letsatsi la Jehova bo sa ntsane bo lokela ho phethahala ka tsela e ’ngoe hape. E, boprofeta bona boa re ama kajeno, rōna ba phelang ‘linakong tse mahlonoko’!—2 Timothea 3:1.
15 Sohle se hlalositsoeng ka letsatsi la Jehova libukeng tsena tsa Bibele tse 12 se re hopotsa mantsoe a Jesu Kreste a reng: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.” O ile a re “kapele-pele ka mor’a” hore matšoenyeho ao a maholo a qale, “letsatsi le tla fifala, ’me khoeli e ke ke ea fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha.” (Matheu 24:21, 29) Mantsoe ana a re thusa ho hlokomela hore na letsatsi la Jehova le tla tla neng. Le se le le haufi haholo. Mangolo a bontša hore matšoenyeho a maholo a tla felisa “Babylona e Moholo,” e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Joale, ha mahlomola a maholo a fihla sehlohlolong, letsatsi la Jehova le tla felisa lira tsa Molimo lefatšeng.—Tšenolo 17:5, 12-18; 19:11-21.
16. Tsela e ka sehloohong eo boprofeta ba letsatsi la Jehova bo tla phethahala ka eona ke efe?
16 Lipaki Tsa Jehova li lemohile kamoo boprofeta ba letsatsi la Jehova bo ’nileng ba phethahala kateng. Jerusalema e koenehileng, Samaria e sa tšepahaleng, Baedomo ba tletseng bora, Baassyria ba mabifi le Bababylona, hangata ba ne ba tšoantšetsa litšobotsi tse bolumeling ba bohata le hona e le ka litsela tse sa tšoaneng. Bolumeli bona kaofela bo tla felisoa karolong e qalang ea matšoenyeho a maholo. Joale ha “letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova” le ntse le tsoela pele, linyatsi tsa eona, e leng bo-ralipolotiki le bo-rakhoebo, li tla felisoa.—Joele 2:31.
LE ITOKISE
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Amose a ile a re ho malimabe ba neng ‘ba lakatsa letsatsi la Jehova’? (b) Ho ne ho tla etsahala’ng ka ba sa itokisetsang letsatsi la Jehova?
17 Kahobane melaetsa ena ea kahlolo e ne e tobisitsoe haholo-holo ho bolumeli ba bohata, Bakreste ba bang ba ka ’na ba nahana hore ho phethahala ha boprofeta bona ho ke ke ha ba ama. Leha ho le joalo, seo Amose a ileng a se bolella Baiseraele se tsoela bohle molemo: “Ho malimabe ba lakatsang letsatsi la Jehova!” Baiseraele ba bang mehleng ea Amose ba ne ba nahana hore letsatsi la Jehova le ne le tla ba tlisetsa mahlohonolo feela, ba nahana hore ke letsatsi leo ka lona Molimo a tla emela batho ba hae. Ba ne ba bile ba lakatsa letsatsi leo! Leha ho le joalo, letsatsi la Jehova e ne e “tla ba lefifi, eseng leseli” ho baikakasi. E, Baiseraele bao e ne e le bona bao Jehova a ba halefetseng!—Amose 5:18.
18 Ka mor’a moo, Amose o hlalosa se neng se tla etsahalla ba lakatsang letsatsi la Jehova. Ak’u nahane ka monna ea balehang tau ’me a re ptjang-ptjang le bere. O baleha bere o balehela ka tlung. Oa hemesela, o koala monyako ebile o itšetleha ka lebota, empa o longoa ke noha. Ho tla ba joalo ka ba hlileng ba sa itokisetsang letsatsi la Jehova.—Amose 5:19.
19. Re lokela ho itokisetsa letsatsi la Jehova ka ho etsa lintho life?
19 Na u hlokomela kamoo tlaleho ee e hlileng e ka u thusang kateng? U hopole hore Amose o ne a bua le batho ba neng ba inehetse ho Molimo. Empa ho ne ho ntse ho hlokahala hore ba fetole liketso tsa bona le maikutlo a bona. Na ha ho molemo hore u itlhahlobe hore na u itokiselitse letsatsi leo la bohlokoa kapa mohlomong ho sa ntsane ho e-na le moo ho hlokahalang hore u fetohe teng? U ka paka joang hore kannete u itokisitse? Ho hlakile hore e ke ke ea e-ba ka hore u hahe sebaka seo u tla itšireletsa ho sona, u se tlatse lijo, u be u ithute ho hloekisa metsi kapa u bokelle lichelete tsa khauta, e leng se ’nileng sa etsoa ke ba bang ba batho ba ikemiselitseng ho pholoha tlokotsi e itseng. Sofonia o re: “Silevera ea bona kapa khauta ea bona e ke ke ea khona ho ba lopolla letsatsing la khalefo ea Jehova.” Kahoo, ho itokisa ho ne ho ke ke ha bolela ho bokella lintho tse bonahalang. (Sofonia 1:18; Liproverbia 11:4; Ezekiele 7:19) Ho e-na le hoo, re lokela ho falimeha moeeng ’me letsatsi le leng le le leng re phele joaloka batho ba itokisitseng. Ho hlokahala re be le boikutlo bo nepahetseng—’me re bontše sena ka liketso. Mikea o ile a re: “Ha e le ’na, ke tla ’ne ke lebelle Jehova. Ke tla letela Molimo oa poloko ea ka.”—Mikea 7:7.
20. Ke lintho life tse ke keng tsa fetola boikemisetso ba rōna ba ho leta?
20 Haeba u ikemiselitse ho leta, u tla be u bontša hore u itokisitse, u lebeletse letsatsi la Jehova. U ke ke ua tšoenyeha ka hore na letsatsi leo le tla tla neng kapa hore na u se u le letetse halelele hakae. Boprofeta bohle bo mabapi le letsatsi leo bo tla phethahala ka nako eo Jehova a reng e loketse ’me bo ke ke ba siuoa ke nako. Jehova o ile a re ho Habakuke: “Pono ena e sa ntse e le bakeng sa nako e behiloeng, e ntse e potlakela bofelong, ’me e ke ke ea bolela leshano. Esita le haeba e ka lieha [ho ea ka pono ea batho], u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako [ho ea ka pono ea Jehova].”—Habakuke 2:3.
21. Seo u tla ithuta sona bukeng ee se ka u ruisa molemo joang?
21 Bukeng ena u tla ithuta kamoo u ka bontšang hore u letetse Molimo oa poloko. U ka lebella hore see se u ruise melemo efe? Bukeng ena ho tla tšohloa haholo-holo karolo ea Bibele eo mohlomong u sa e tloaelang—seo ho thoeng ke Mangolo a Manyenyane a Boprofeta a 12. Kahoo, u tla utloisisa lintlha tse thahasellisang. Ka mohlala, Karolong ea 2, u tla hlahloba kamoo u ka “batlang Jehova” e le hore u ’ne u phele. (Amose 5:4, 6) Ka ho bala libuka tsena tse 12, u ka lemoha kamoo u ka tsebang Jehova haholoanyane le ho utloisisa ka ho eketsehileng bohlokoa ba ho mo sebeletsa ka botlalo. Ka thuso ea baprofeta bana, ha ho pelaelo hore u tla utloisisa botho ba hae ka tsela e tebileng haholoanyane. Karolong ea 3, u tla bona ka ho hlakileng hore na Jehova o lebeletse hore u phelisane joang le ba lelapa la hao le hore na u sebelisane joang le batho ba bang. Sena se ka u thusa hore u itokisetse letsatsi la hae le leholo. Qetellong, Karolong ea 4, u tla hlahloba keletso ea baprofeta bana mabapi le hore na u lokela ho ba le boikutlo bofe ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela, u ithute hape le kamoo likeletso tsa bona li ka amang tšebeletso ea hao ea Bokreste kateng. Ha ho pelaelo hore u tla thaba ha u hlahloba molaetsa oa baprofeta bana mabapi le hore na u ka lebella bokamoso bo joang.
22. U ikemiselitse ho nka khato efe ka keletso e fumanoang libukeng tsa baprofeta ba 12?
22 Na u sa hopola mantsoe a Sofonia a hlokang hore motho a nke khato ka potlako a qotsitsoeng qalong ea khaolo ee? (Sofonia 1:14) Molaetsa oa hae o ile oa ama bophelo ba Morena Josiase e monyenyane. Ha Josiase a le lilemo li 16 feela, o ile a qala ho batla Jehova. Ha a le lilemo li 20, o ile a kena letšolong la ho felisa borapeli ba litšoantšo tumellanong le seo Sofonia a ileng a se khothalletsa batho ba Juda le Jerusalema. (2 Likronike 34:1-8; Sofonia 1:3-6) Na temoso e mabapi le letsatsi la Jehova e amme bophelo ba hao joalokaha e ile ea ama bophelo ba Josiase? A re ke re boneng kamoo baprofeta bana ba 12 ba ka thusang e mong le e mong oa rōna kateng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka bobeli, Esaia, ea phetseng ka nako e tšoanang le baprofeta ba sehlopheng sa pele har’a baprofeta bana ba 12, le Ezekiele, ea phetseng ka nako e tšoanang le baprofeta ba sehlopheng sa bobeli, le bona ba ile ba lemosa ka letsatsi la Jehova.—Esaia 13:6, 9; Ezekiele 7:19; 13:5; bona Khaolo ea 2, serapeng sa 4-6, bukeng eona ena.
b Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng bo bontšang hore letsatsi la Jehova le tla ba molemo, ka kōpo bala Hosea 6:1; Joele 2:32; Obadia 17; Nahume 1:15; Habakuke 3:18, 19; Sofonia 2:2, 3; Hagai 2:7; Zakaria 12:8, 9; le Malakia 4:2.
c Baprofeta ba bang ho ba 12 ha baa ka ba profeta ka tlokotsi e neng e tla hlahela sechaba se le seng feela, empa ba ile ba profeta ka tlokotsi e neng e tla hlahela lichaba tse ngata.
U ITHUTILE ENG?
• Ke taba efe ea bohlokoa eo baprofeta ba 12 kaofela ha bona ba buang ka eona?—Joele 1:15; Sofonia 1:7, 14.
• Letsatsi la Jehova e tla ba letsatsi la mofuta ofe?—Joele 2:30, 31; Zakaria 14:12.
• Ke hobane’ng ha Molimo ea lerato a tla nka khato ka batho ba khopo, ’me a etse see joalokaha eka ke ka letsatsi le le leng?—Mikea 7:2-4; Baheberu 12:1-3.
KAMOO U KA RUANG MOLEMO KATENG
• Letsatsi la Jehova le ka u ama joang?—Liketso 2:19, 20; 2 Petrose 3:13.
• U ka lebella hore letsatsi la Jehova le fihle neng?—Matheu 24:21, 29.
• U ka itokisetsa letsatsi la Jehova joang?—Amose 5:4, 6; Habakuke 2:3.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Joaloka sefefo se ka ’nang sa hlasela neng kapa neng, “letsatsi le leholo la Jehova le haufi”
[Setšoantšo se leqepheng la 34]
Ke hobane’ng ha seo Baninive ba ileng ba se etsa ha ba utloa molaetsa oa Jonase se lokela ho re khothatsa?
[Setšoantšo se leqepheng la 39]
Ka Pentekonta ea 33 C.E., Petrose o ile a bontša hore ho ne ho phethahala boprofeta ba Joele. Bo sa ntsane bo phethahala le mehleng ea rōna
[Setšoantšo se leqepheng la 40]
Joaloka Mikea, ikemisetse ho letela Molimo oa poloko