Buka ea Bibele ea 31—Obadia
Mongoli: Obadia
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 607 B.C.E.
1. Ke eng se bontšang hore molaetsa o ne o le bohlokoa, e seng lenģosa le jereng molaetsa?
LITEMANENG tse 21 feela, Obadia, buka e khutšoanyane haholo Mangolong a Seheberu, e phatlalatsa kahlolo ea Molimo e ileng ea qetella ka ho fela ha sechaba, le hoja ka nako e tšoanang e profeta tlhōlo qetellong bakeng sa ’Muso oa Molimo. Mantsoe a kenyelletso ka bonolo a re: “Tšenolo ea Obadia.” Hore na o tsoetsoe neng hona hokae, le hore na ke molokong ofe, lintlha tse qaqileng ka bophelo ba hae—ha ho boleloe letho ka tsena. Ka ho hlakileng, ho khetholla moprofeta enoa ha se ntho ea bohlokoa; molaetsa ke oona oa bohlokoa, ’me ho joalo ka nepo, hobane joalokaha Obadia ka boeena a boletse, hore ke “taba [“tlaleho,” NW] e tsoang ho Jehova.”
2. Boprofeta ba Obadia bo lebisitsoe naheng efe, hona ke eng se neng se etsa hore baahi ba eona ba ikutloe ba sireletsehile?
2 Tlaleho ena e tobisitsoe haholo ho Edomo. Naha ea Edomo, eo hape e tsejoang e le Thaba ea Seire, e atolohela ka boroa ho tloha Leoatleng le Shoeleng mabapa le Araba, ke naha e sa batallang ea maloti a phahameng le lilomo tse tebileng. Lintlheng tse ling maloti ka bochabela ho Araba a fihla bophahamong ba limithara tse 1 700. Setereke sa Temane se ne se tsebisahala ka bohlale le sebete sa batho ba sona. Sebaka seo naha ea Edomo e neng e le ho sona, ka tšireletso ea sona ea tlhaho, se ne se etsa hore baahi ba sona ba ikutloe ba sireletsehile le ho ikhohomosa.a
3. Na Baedomo ba ile ba tšoara Baiseraele joaloka banab’abo bona?
3 Baedomo e ne e le bana ba Esau, ngoan’abo Jakobo. Lebitso la Jakobo le ile la fetoleloa ho Iseraele, ’me ka hona Baedomo ba ne ba amana haufi le Baiseraele; hoo ba neng ba ba talima e le ‘bana ba bona.’ (Deut. 23:7) Leha ho le joalo, boitšoaro ba Edomo bo ne bo sa bontše ho hang hore ke bana ba motho. Pelenyana Baiseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a romela kōpo ho morena oa Baedomo hore ba lumelloe ho feta ka khotso naheng ea hae, empa e le pontšo ea lehloeo, Baedomo ba ba hanela ba sa bontše boikutlo leha e le bofe bo botle ’me ba tšehetsa ho hana ha bona ka hore ba ba bontše likhoka. (Num. 20:14-21) Le hoja Davida a ile a ba hapa le ho ba etsa bafo ba hae, hamorao ba ile ba etsa morero oa bolotsana le Baammone le Bamoabe khahlanong le Juda mehleng ea Josafate, ba fetohela mor’a Josafate Morena Jorame, ba busa batšoaruoa ba Iseraele ho tloha Gaza ho ea Tyre, le ho hlasela Juda mehleng ea Morena Akaze ho hapa batšoaruoa ba eketsehileng.—2 Likron. 20:1, 2, 22, 23; 2 Mar. 8:20-22; Amose 1:6, 9; 2 Likron. 28:17.
4. (a) Ke ketso efe e nyatsehang eo ho bonahalang hore e fane ka motheo oa molaetsa oa Obadia oa kahlolo ea Edomo? (b) Ke bopaki bofe bo fanang ka tlhahiso ea hore 607 B.C.E. ho ka etsahala hore e be nako eo ho ngotsoeng ka eona?
4 Lehloeo lena le ile la fihla sehlohlolong ka 607 B.C.E. ha Jerusalema e timetsoa ke makhotla a Babylona. E seng feela hore Baedomo ba ile ba shebella ka boikutlo bo amohelang ketso eo empa ba ile ba khothalletsa bahlōli hore ba ba felise ka ho felletseng. Ba hoa ba re: “Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ea hae!” (Pes. 137:7) Ha ho sebelisoa lotho holim’a thepa e hapiloeng, ba bile har’a ba neng ba aroleloa khapo eo; ’me ha baphonyohi ba Bajode ba leka ho baleha naheng, ba ile ba thiba litsela le ho ba nehela ho lira tsa bona. Ho hlakile hore pefo ena e bontšitsoeng nakong ea timetso ea Jerusalema ebile eona motheo oa mantsoe a kahlolo a tlalehiloeng ke Obadia, ’me ha ho pelaelo hore a ngotsoe nakong eo ketso ena e lihlong ea Baedomo e neng e sa ntse e hopoleha hantle. (Obad. 11, 14) Erekaha Edomo ka boeona e ile ea haptjoa le ho tlatlaptjoa thepa ke Nebukadnezare lilemo tse hlano ka mor’a ho timetsoa ha Jerusalema, e tlameha e be buka ena e ngoliloe pele ho moo; 607 B.C.E. e hlahisoa e le nako eo ho ka etsahalang hore ebe e ngotsoe ka eona.
5. (a) Ke eng e pakang hore tlaleho ea Obadia ke e tšepahalang le ea ’nete? (b) Ke joang Obadia a ileng a tlatsa litšoaneleho tsa moprofeta oa ’nete, ’me ke hobane’ng ha lebitso la hae le loketse?
5 Boprofeta ba Obadia khahlanong le Edomo bo ile ba phethahatsoa—kaofela ha bona! Ha boprofeta bona bo fihla sehlohlolong sa bona, bo re: “Ntlo ea Esau [e tlameha] e be joalo ka matlakala; ba tla e chesa, ba e timetse, ho ke ke ha phela le a mong oa ntlo ea Esau, hobane Jehova o boletse.” (Tem. 18) Edomo e ile ea phela ka sabole ’me e ile ea shoa ka sabole, ha hoa sala le methoaela ea bana ba hae. Ka hona tlaleho e pakoa e le e tšepahalang le ea ’nete. Obadia o ne a e-na le litšoaneleho tsohle tsa moprofeta oa ’nete: O ne a bua ka lebitso la Jehova, boprofeta ba hae bo ne bo tlōtla Jehova, ’me bo ile ba phethahala joalokaha histori e ileng ea latela e ho pakile. Ka ho loketseng lebitso la hae le bolela “Mohlanka oa Jehova.”
LITABA TSE KA HARE TSA OBADIA
6. Jehova o bua joang ka Edomo, hona o tla e theola hokae?
6 Kahlolo holim’a Edomo (Litem. 1-16). Taelong ea Jehova, Obadia o tsebahatsa tšenolo (pono) ea hae. Lichaba li bitsoa ho phuthehela ho loantša Edomo. Molimo o laela hore, “Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!” Ha o tobisa litlhaloso tsa oona ho Edomo ka boeona, o lekanya boemo ba eona. Edomo ke se senyenyane har’a lichaba ’me ea nyatseha, empa leha ho le joalo ea ikakasa. E ikutloa e bolokehile har’a mafaru a phahameng, e kholisehile hore ha ho ea tla e theolela fatše. Leha ho le joalo, Jehova o phatlalatsa hore esita le haeba bolulo ba eona bo ne bo phahame joaloka ba ntsu, esita le haeba sehlaha sa eona se ne se le har’a linaleli ka botsona, e ne e tla theoloa. E tšoaneloa ke kotlo.—Tem. 1.
7. Edomo e tla senngoa ka tekanyo e kae?
7 Ho tla etsahala eng ka eona? Haeba masholu a ne a ka tlatlapa Edomo, a ne a tla nka feela seo a se batlang. Esita le ba khang morara ba ne ba tla siea e meng bakeng sa ba khoahlapisang. Empa se larileng ka pele bakeng sa bara ba Esau ke se sebe ka ho fetisisa. Matlotlo a bona a tla utsuoa kaofela. Ba neng ba entse selekane le Edomo ke bona ba tla e tsohela matla. Ba neng ba entse setsoalle se haufi le eona ba tla e tšoasa letlooeng joaloka ea se nang temoho. Banna ba eona ba tsebisahalang ka bohlale le bahlabani ba eona ba tsebisahalang ka sebete ba ke ke ba ba le thuso nakong ea tlokotsi ea eona.
8. Ke hobane’ng ha kotlo ea Edomo e le matla hakaale?
8 Empa ke hobane’ng ha ho tlisoa kotlo e bohloko joalo? Ke ka baka la pefo e sehlōhō ea Edomo ho bana ba Jakobo, banab’abo eona! E ile ea thabela ho oa ha Jerusalema ’me ea kopanela le bahlaseli ba eona ho aroloeng ha khapo. Ka molaetsa o matla oa kahlolo, joalokaha eka Obadia o bona liketso tsa eona tse bolotsana, Edomo ea bolelloa: U ne u sa lokela ho thabela tlokotsi ea ngoan’eno. U ne u sa lokela ho thibela paleho ea baphonyohi ba hae le ho ba nehela sera sa bona. Letsatsi la hore u ikarabelle ho Jehova le atametse, ’me u tla bitsoa ho tla ikarabella. Tsela eo u entseng ka eona ke eo le uena u tlang ho etsoa ka eona.
9. Ke tsosoloso efe e boletsoeng esale pele?
9 Tsosoloso bakeng sa ntlo ea Jakobo (Litem. 17-21). Ho fapana le eona, ho fihlile nako ea hore ntlo ea Jakobo e tsosolosoe. Batho ba tla khutlela Thabeng ea Sione. Ba tla felisa ntlo ea Esau joalokaha mollo o felisa matlakala. Ba tla hapa naha e ka boroa, Negebe, hammoho le sebaka se maloti sa Esau le Shefela; ka leboea ba tla nka naha ea Efraime le Samaria, le sebaka ho ea fihla Sarepta; ka bochabela ba tla nka sebaka sa Gileade. Edomo ea moikhohomosi e tla khaotsa ho ba teng, Jakobo o tlameha ho tsosolosoa, ’me “’muso e tla ba oa Jehova.”—Tem. 21.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
10. Ke boprofeta bofe bo bong bo boletseng esale pele ka ho timetsoa ha Edomo, hona ke hobane’ng ha ho le molemo ho bo hlahloba ka nako e tšoanang le ba Obadia?
10 Ho paka ho tiea ha phethahatso ea molaetsa ona oa kahlolo khahlanong le Edomo, Jehova o entse hore liphatlalatso tse tšoanang li boleloe ke baprofeta ba bang. Tse hlahelletseng ho tsona ke tse tlalehiloeng ho Joele 3:19; Amose 1:11, 12; Esaia 34:5-7; Jeremia 49:7-22; Ezekiele 25:12-14; 35:2-15. Ka ho totobetseng liphatlalatso tse entsoeng pejana li ama liketso tsa Edomo tsa lehloeo linakong tse fetileng, athe tsa morao ke lipolelo tse nyatsang boitšoaro ba eona bo ke keng ba tšoareloa, bo suptjoang ke Obadia, nakong eo Bababylona ba neng ba hapa Jerusalema. Ho tla matlafatsa tumelo ea rōna matleng a Jehova a boprofeta haeba re hlahloba kamoo litlokotsi tse boletsoeng esale pele li ileng tsa oela Edomo. Ho feta moo, ho tla haha tšepo ho Jehova joaloka Molimo oo ka mehla o phethahatsang morero oa oona o boletsoeng.—Esa. 46:9-11.
11, 12. (a) Ke joang ba ‘neng ba le khotsong’ le Edomo ba ileng ba e tsohela matla? (b) Ke ka mehato efe Edomo e ileng ea ‘timeletsoa ruri’?
11 Obadia o boletse esale pele hore ba “entseng selekane” le Edomo, ba “nang le khotso” le eona, ke bona ba tla e hlasela. (Obad. 7) Khotso ea Babylona le Edomo ha ea lula nako e telele. Lekholong la botšelela la lilemo B.C.E., makhotla a ntoa a Bababylona tlas’a Morena Naboniduse a ile a hapa Edomo.b Leha ho le joalo, lekholo la lilemo ka mor’a tlhaselo ea Naboniduse naheng eo, Edomo e ikhopolang e ne e sa ntse e tšepa ho khutla, ’me mabapi le sena, Malakia 1:4 ea tlaleha: “Leha Edomo a ka re: Re thumakantsoe; empa re tla khutla, re be re tsose masupi a senyehileng . . . Jehova oa makhotla o re: Ba tla haha, empa ’na ke tla heletsa.” Ho sa tsotellehe boiteko ba Edomo ba ho hlaphoheloa, lekholong la bone la lilemo B.C.E. baahi ba Nabataea ba ne ba lutse ka ho tsitsitseng naheng eo. Kaha Baedomo ba ne ba sutulelitsoe ka ntle ho naha ea bona, ba ne ba ahile karolong e ka boroa ea Judea, e ileng ea bitsoa Idumea. Ha ho mohla ba kileng ba atleha ho hapa hape naha ea Seire.
12 Ho ea ka Josephus, lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Baedomo ba neng ba entsoe bafo ke morena oa Bajode John Hyrcanus I, ba ile ba qobelloa ho bolla, ’me butle-butle ba kena pusong ea Bojode ka tlas’a ’musisi oa Mojode. Ka mor’a hore Baroma ba timetse Jerusalema ka 70 C.E., lebitso la bona le ile la nyamela historing.c Ho bile joalokaha Obadia a boletse esale pele: ‘U tla timeletsoa ruri, ho isa ka ho sa eeng kae. Ho ke ke ha phela le a mong oa ntlo ea Esau.’—Obad. 10, 18.
13. Ho etsahetse eng ka Bajode, ho fapana le Baedomo?
13 Ho fapana le ho etsoa lesupi ha Edomo, Bajode ba ile ba khutlisetsoa naheng ea habo bona ka 537 B.C.E. tlas’a bobusisi ba Zorobabele, moo ba ileng ba tsosolosa tempele Jerusalema le ho aha ka ho tsitsitseng naheng.
14. (a) Ke temoso efe e fumanoang qetellong e bohloko ea Edomo? (b) Ke eng seo bohle ba tlamehang ho se lumela, joalokaha ho entse Obadia, hona lebaka e le lefe?
14 Ho hlakile hakaakang hore boikhohomoso le boikakaso li isa tlokotsing! E se eka bohle bao ka boikhohomoso ba iphahamisang le ba thabelang khatello e sehlōhō ea bahlanka ba Molimo ba ka ithuta ka qetello e bohloko e ileng ea oela Edomo. A ba ke ba lumele, joalokaha ho entse Obadia, hore “’muso e tla ba oa Jehova.” Ba loantšang Jehova le batho ba hae ba tla felisoa ka ho felletseng le ka ho sa eeng kae, empa ’Muso o moholo ka ho fetisisa oa Jehova le borena ba hae bo sa feleng li tla pakoa li se na molato ka ho sa feleng!—Tem. 21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 679.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, leqephe 682.
c Jewish Antiquities, XIII, 257, 258 (ix, 1); XV, 253, 254 (vii, 9).