Khanya e Eketsehileng ea Ntlo ea Jehova
‘Ke tla tlatsa ntlo ena ka khanya, ho bolela Jehova oa makhotla.’—HAGGAI 2:7.
1. Moea o halalelang o amana joang le tumelo le mosebetsi?
HA Paki e ’ngoe ea Jehova e ntse e bolela ka ntlo le ntlo e ile ea kopana le mofumahali e mong oa Mopentekonta ea ileng a re, ‘Re na le moea o halalelang, empa ke lōna ba etsang mosebetsi.’ Ka masene, o ile a hlalosetsoa hore motho ea nang le moea o halalelang, ho itlela feela hore a susumelletsehe ho etsa mosebetsi oa Molimo. Jakobo 2:17 e re: “Tumelo, le eona, ha e se na mesebetsi, e shoele ka boeona.” Ka thuso ea moea oa Jehova, Lipaki tsa hae li hlaoletse tumelo e matla, ’me o ‘tlatsitse ntlo ea hae ka khanya’ ka ho li lokisetsa ho etsa mesebetsi e lokileng—haholo-holo oa ho ‘bolela litaba tsena tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.’ Ha mosebetsi ona o entsoe ho isa moo Jehova a khotsofetseng, ‘joale bofelo bo tla tla.’—Matheu 24:14.
2. (a) Ho ameha ka botebo mosebetsing oa Jehova ho tla tlisa tlhohonolofatso efe? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho thabela eng kapa eng eo ho ka bonahalang eka ke ‘ho lieha’?
2 Mantsoeng ana a Jesu, re utloisisa hore mosebetsi oa rōna kajeno o tlameha ho tsepamisoa ho bolelleng ba bang “litaba tse molemo tse khanyang tsa Molimo ea thabileng,” tse behiloeng tlhokomelong ea rōna. (1 Timothea 1:11) Ha ka thabo re ameha ka botebo haholoanyane tšebeletsong ea Jehova, bofelo bo tla bonahala bo e-tla kapele haholoanyane. Ho Habakuke 2:2, 3, re bala mantsoe ana a Jehova: ‘Ngola tšenolo, e betle mamatjaneng, hore ea balang a e bale habonolo; hobane tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea [siuoa ke nako, NW].’ E, “tšenolo eo” e tla phethahala ‘le haeba e ka lieha.’ Selemong sena sa bo83 sa puso ea ’Muso ea Jesu, ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore re nakong ea tieho hona joale. Leha ho le joalo, na ha rea lokela ho thabela hore ebe bofelo ha bo e-s’o tle? Ka tsela e bonahalang eka ke ka mohlolo, leshomeng lena la lilemo la bo-1990, lithibelo tsa ho boleloa ha litaba tse molemo li tlositsoe Europe Bochabela, likarolong tsa Afrika le linaheng tse ling. Ho bonahalang eka ke ‘ho lieha,’ ho lumella nako ea hore “linku” tse eketsehileng li bokelloe masimong ana a sa tsoa buloa.—Johanne 10:16.
3. Ke hobane’ng ha kutloisiso ea rōna e nchafalitsoeng mabapi le “moloko ona” e lokela ho re susumelletsa ho etsa mosebetsi oa Molimo ka potlako?
3 Moprofeta enoa o re: “E ke ke ea siuoa ke nako.” Jesu o boletse hore moloko o khopo oa hona joale o ne o ke ke oa feta ho fihlela “lintho tsena tsohle li etsahala.” (Matheu 24:34) Na kutloisiso ea rōna e nchafalitsoeng ea mantsoe a hae e bolela hore mosebetsi oa rōna oa boboleli ha oa potlaka hakaalo?a Linnete li bontša hore boemo bo fapane! Moloko oa mehleng ea rōna o tetebela boemong ba bokhopo le tšenyeho tseo ho seng tse kileng tsa lekana le tsona historing eohle ea pele. (Bapisa le Liketso 2:40.) Re lokela ho etsa mosebetsi oa rōna ka potlako. (2 Timothea 4:2) Boprofeta bohle bo mabapi le nako ea matšoenyeho a maholo bo bontša hore a tla tla ka tšohanyetso, ka ho panya ha leihlo, ka lenyele—joaloka lesholu. (1 Bathesalonika 5:1-4; Tšenolo 3:3; 16:15) “Ka lebaka lena le lōna ipakeng le le ba itokisitseng, hobane ka hora eo le sa nahaneng hore ke eona, Mora oa motho oa tla.” (Matheu 24:44) Ha moloko ona oa batho ba sa tšabeng Molimo o le haufi le ho timetsoa, ruri ha rea lokela ho batla ho lahla tšepo ea rōna ea bohlokoa ea bophelo bo sa feleng ka ho khutlela “ho ipitikeng seretseng” sa pherekano ea lefatše!—2 Petrose 2:22; 3:10; Luka 21:32-36.
4. Ke boemo bofe bo entseng hore ho hlokahale phepelo e eketsehileng ea ‘lijo ka nako e tšoanetseng,’ ’me tlhokahalo ee e khahlamelitsoe joang?
4 Tumellanong le boprofeta ba Jesu, ka 1914 ho bile le “tšimoloho ea bohloko bo hlabang ba mahlomola” ha moloko oa batho o kenella ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Masoabi, litlokotsi le ho ba khahlanong le molao li eketsehile ho tla fihlela kajeno. (Matheu 24:3-8, 12) Ka nako e tšoanang, Jehova o laetse sehlopha se tlotsitsoeng sa lekhoba le tšepahalang le le masene ho fana ka “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng” bakeng sa ba ntlo ea Monghali oa bona, Kreste. (Matheu 24:45-47) A le teroneng ea hae maholimong, Morena enoa oa Bomesia hona joale o laola lenaneo le hlollang la phepo ea moea lefatšeng lohle.
“Phepelo ea Lijo” ka Bongata
5. ‘Sejo’ se ka sehloohong se fumana tlhokomelo efe?
5 Nahana ka tokisetso ea “phepelo ea lijo.” (Luka 12:42) Sejo se ka sehloohong mefuteng e sa tšoaneng ea lijo tsa Bokreste ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Ho ruta Bibele ka katleho, phetolelo e nepahetseng e balehang habonolo ke tlhokahalo e ka sehloohong. Ho theosa le lilemo tlhokahalo ena e ’nile ea khotsofatsoa mohato ka mohato, haholo-holo ho tloha ka 1950 ha Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e ne e lokolloa ka Senyesemane. Ka 1961 New World Translation ea Bibele eohle e ne e se e fumaneha, ’me kapele likhatiso li ile tsa hlaha ka lipuo tse ling tse ka sehloohong. Meqolo e 3 e ileng ea lokolloa selemong sa tšebeletso sa 1996 e etsa hore e be 27 ha e kopanngoa, e 14 ho eona ke Bibele e feletseng. E le hore ho ka sebetsanoa le mosebetsi ona oa Bibele, esita le oa lithuso tsa Bibele, hona joale Bakreste ba inehetseng ba 1174 ke bafetoleli ba nako e tletseng linaheng tse 77.
6. Mokhatlo o khahlamelitse tlhokahalo ea lingoliloeng tsa Bibele joang?
6 Bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa lebotho lena la bafetoleli, makala a Mokhatlo oa Watch Tower a hatisang a 24 a ’nile a hatisa lingoliloeng ka bongata boo ho seng mohla li kileng tsa hatisoa ka bona. Ho finyella seo, mechine ea khatiso ea rotary e eketsehileng, e hatisang ka potlako, e tsoela pele ho kenngoa makaleng a maholo. Palo ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! tse hatisoang e ’nile ea nyoloha khoeli le khoeli, ha li kopanngoa kaofela li fihla likoping tse 943 892 500, keketseho ea 13,4 lekholong ka selemo. Ha ho kopanngoa Libibele tsohle le libuka tse sekoahelo se thata tse hatisoang United States, Brazil, Finland, Italy, Japane, Jeremane, Korea, le Mexico feela li eketsehile ka karolo ea 40 lekholong ho tloha ka 1995 ho ea likoping tse 76760098 ka 1996. Makala a mang le ’ona a entse tlatsetso e khōlō haholo keketsehong e akaretsang khatisong ea lingoliloeng.
7. Esaia 54:2 e bontša ho potlaka ho hoholoanyane joang kajeno?
7 Boholo ba keketseho ena bo tsoetsoe ke hore ka bo-1990 ho tlosoe lithibelo tseo Lipaki tsa Jehova li neng li li etselitsoe Europe Bochabela le Afrika. Ho lapela lijo tsa moea ho hoholo libakeng tsena. Ka lebaka leo mokhosi ona o hlajoa ka potlako e eketsehileng: “U atolose setša sa tente ea hao, u menolle masela a boaho ba hao, u se ke ua hana, u lelefatse lithapo tsa hao, u tiise lithakhisa tsa hao.”—Esaia 54:2.
8. Ke karabelo efe e etsoang ka seatla se bulehileng e thusang ho fana ka tšehetso ea chelete?
8 Kahoo, ho ’nile ha hlokahala hore ho a mangata a makala a Mokhatlo a 104 mehaho e eketsoe. Ka lebaka la boemo ba moruo bo hlobaetsang masimong a mangata a sa tsoa buloa, karolo e khōlō ea litšenyehelo tsa katoloso ena e lefelloa ka menehelo ea mosebetsi oa lefatše ka bophara e tsoang linaheng tse ruileng haholoanyane. Hoa thabisa hore ebe liphutheho le batho ka bomong ba ’nile ba arabela ka pelo eohle moeeng oa Exoda 35:21: “Motho ka mong ea elelitsoeng ke pelo ea hae le bohle ba pelo li ithatetseng, ba fihla ba tlisetsa Jehova likabelo [bakeng sa mosebetsi oo, NW].” Re nka monyetla ona ho leboha bohle ba ’nileng ba nka karolo ho faneng hona ho etsoang ka seatla se bulehileng.—2 Bakorinthe 9:11.
9. Baroma 10:13, 18 e phethahatsoa joang kajeno?
9 Ka 1996 lingoliloeng tsa Mokhatlo oa Watch Tower ka sebele li ’nile tsa tlotlisa lebitso la Jehova le merero ea hae ho isa lipheletsong tsa lefatše. Ha e le hantle ho joalokaha moapostola Pauluse a boletse esale pele. Ha a qotsa boprofeta ba Joele le Pesaleme ea 19, o ile a ngola: “‘E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.’ Leha ho le joalo kea botsa, Ha baa ka ba hlōleha ho utloa, na ba ile ba hlōleha? Le hona, ha e le hantle, ‘molumo oa bona o ile oa tsoa ho kenella lefatšeng lohle, le lipolelo tsa bona ho isa lipheletsong tsa lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’” (Baroma 10:13, 18) Ka ho tlotlisa lebitso la bohlokoa la Jehova ka tsela eo, batho ba hae ba ’nile ba phetha karolo e khōlō mabapi le ho tlatsa ntlo ea hae ea borapeli ka khanya. Leha ho le joalo, phatlalatso ee e ’nile ea atleha joang haholo-holo ka 1996? Ka kōpo hlahloba chate e latelang leqepheng la 18 ho ea ho la 21.
Ho Kotula Lefatšeng ka Bophara
10. U hlokomela litšobotsi life tse hlaheletseng mosebetsing oa batho ba Jehova, joalokaha o akarelitsoe chateng e leqepheng la 18 ho ea ho 21?
10 Ha ho mohla mantsoe a Jesu a ho Luka 10:2 a kileng a e-ba matla ho feta kajeno: “Ka sebele kotulo e khōlō, empa basebetsi ha ba bakae. Ka hona kōpang Mong’a kotulo hore a romele basebetsi kotulong ea hae.” Na u arabela taelong eo? Ba limilione ho pota lefatše baa arabela. Sena se tiisoa ke tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba ’Muso ba 5413 769 ba ileng ba tlaleha tšebeletso ea tšimo ka 1996. Ho feta moo, bara le barali babo rōna ba bacha ba 366 579 ba ile ba kolobetsoa. Re nka bana bao e leng “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” e le letlotlo le lekaakang, bao hona joale ba kopanelang ho ‘tlatseng ntlo ea Jehova ea borapeli ka khanya’!—Haggai 2:7.
11. Ke hobane’ng ha kaofela ha rōna re e-na le lebaka la ho tlala thabo?
11 Litlaleho tsa katoloso masimong a sa tsoa buloa lia hlolla. Na ba bang ba rōna ba honohela bao hona joale ba thabelang keketseho e joalo? Ho e-na le hoo, re thaba le bona. Linaha tsohle li bile le qalo e nyenyane. Moprofeta oa mehleng ea Haggai, Zakaria, o ile a ngola: “Ke mang ea ka nyelisang letsatsi la taba tse nyenyane?” (Zakaria 4:10) Re thaba haholo hore ebe linaheng tseo ho tsona mosebetsi oa ho paka o hlophisitsoeng hantle, hona joale ho na le bahoeletsi ba ’Muso ba limilione, ’me tšimo e akaretsoa khafetsa, e akaretsoa esita le beke e ’ngoe le e ’ngoe metseng e meholo e mengata. Na re na le lebaka la ho khoehlisa ha hona joale Jehova a atolosetsa monyetla oa poloko libakeng tseo pele mosebetsi oo o neng o thibetsoe? Le hanyenyane! Jesu o itse: “Tšimo ke lefatše.” (Matheu 13:38) Bopaki bo tsoileng matsoho bo tlameha ho tsoela pele ho fanoa, hantle feela joalokaha barutuoa ba pele ba ile ba fana ka bopaki bo tsoileng matsoho bofelong ba tsamaiso ea Sejuda ea lintho.—Liketso 2:40; 10:42; 20:24; 28:23.
Ho Tsoela Pele ho sa Khaotseng
12. Ke’ng se re susumelletsang ho tsoela pele re “otlolohile”? (Hape bona lebokose, “Ho Kotula ‘Lipheletsong Tsa Lefatše.’”)
12 E, re tlameha hore re se salle morao, re tsoele pele re “otlolohile” le koloi ea Jehova ea leholimo ea mangeloi. (Ezekiele 1:12) Re hopola mantsoe a Petrose: “Jehova ha a liehe mabapi le tšepiso ea hae, joalokaha batho ba bang ba ho nka e le tieho, empa ha a le felle pelo hobane ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” (2 Petrose 3:9) E se eka cheseho e behang mohlala ea barab’abo rōna ba linaheng tse futsanehileng e ka re susumetsa. Tieho leha e le efe eo ho bonahalang eka e teng tabeng ea ho qhoma ha Armagedone e lumella ba likete tse makholo hore ba bokelloe linaheng tsena esita le ba bangata ba masimong a sebetsoang ka ho khotsofatsang. U se ke ua lahleha: “Letsatsi la Jehova le leholo le atametse, le atametse, le bile le akofa ka ho fetisisa.” (Sofonia 1:14) Re lokela hore le rōna re potlakele ho fana ka bopaki ba ho qetela bo tsoileng matsoho!
13, 14. (a) Ho ka boleloa eng ka kabo ea lingoliloeng ka 1996? (b) Liphutheho li ka etsa litokisetso life tse khethehileng selemo ka seng, hona u lokisetsa ho ba le karolo joang?
13 Le hoja makolopetso a sa hlahe chateng ea tšebeletso, ho bile le keketseho e hlokomelehang kabong ea Libibele, libuka le limakasine selemong se fetileng. Ka mohlala, keketseho ea kabo ea limakasine lefatšeng lohle e bile karolo ea 19 lekholong, ka kakaretso ho tsamaisitsoe likopi tse 543 667 923. Limakasine tsa rōna li etsa hore ho be bonolo ho tenyetseha boboleling—literateng, lirapeng tsa boikhathollo, liemelong tsa libese, libakeng tsa khoebo. Litlaleho li bontša hore masimong a mang ao ho ’ona boboleli ba ’Muso bo etsoang khafetsa, litsebi li ’nile tsa khahloa ke boleng ba limakasine tsa rōna ’me li amohela thuto ea Bibele.
14 Selemo le selemo ka khoeli ea April, hangata liphutheho li hlophisa mosebetsi o khethehileng oa limakasine, oo e leng phutuho ea letsatsi lohle ka ntlo le ntlo le libakeng tsa sechaba. Na phutheho ea heno e tla nka karolo ho see ka April 1997? Ho lokiselitsoe litokollo tse ikhethang tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ’me ho nehelana ha tsona ka boitsebiso bo tšoanang bo hlahang ka nako e le ’ngoe lefatšeng ka bophara ka sebele ho tla ipiletsa! Sehleke-hlekeng sa Cyprase, liphutheho, ka ho sebelisa mantsoe ana e le lepetjo la tsona, “finyella e mong le e mong eo u ka khonang ho mo finyella ka molaetsa oa ’Muso,” li ile tsa ba tsa tsoela pele khoeli e ’ngoe le e ’ngoe ka mosebetsi oa limakasine o joalo o hlophisitsoeng, tsa finyella tlhōrō e ncha ea tse 275 359 tse tsamaisitsoeng ka selemo, e leng keketseho ea karolo ea 54 lekholong.
Melaetsa ea ho Qetela ea Haggai
15. (a) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a romela melaetsa e eketsehileng ka Haggai? (b) Molaetsa oa Haggai oa boraro o lokela ho fetisetsa thuto efe ho rōna?
15 Jehova o ile a roma Haggai, matsatsi a 63 ka mor’a hore a fetise molaetsa oa hae oa bobeli, ka phatlalatso ea boraro eo ha e le hantle kajeno re ka e tebisetsang pelong. Haggai o ile a bua joalokaha eka ka nako eo Bajuda ba ne ba rala motheo oa tempele, oo ha e le hantle ba neng ba o ralile lilemong tse 17 tse fetileng. Hape Jehova o ile a bona ho loketse ho hlophisa tlhoekiso. Baprista le sechaba ba ne ba khoehlisitse, ka hona ba ne ba sa hloeka mahlong a Jehova. Na ho ka etsahala hore ebe batho ba bang ba Jehova ba khoehlisitse kajeno, esita le ho kenella mekhoeng ea lefatše ea ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe le ea ho rata lintho tse bonahalang? “Ho tloha letsatsing lena ho ea pele” ho potlakile hore rōna kaofela re lokisetse lipelo tsa rōna ho tlisetsa lebitso la Jehova khanya, re kholisehile ka tšepiso ea hae: “Ho tloha tsatsing lena, ke tla le hlohonolofatsa.”—Haggai 2:10-19, bapisa le NW; Baheberu 6:11, 12.
16. Ke ‘ho sisinya’ hofe ho leng haufi, hona phello e tla ba efe?
16 Letsatsing lona leo, lentsoe la “Jehova oa makhotla” le ile la tlela Haggai ka lekhetlo la bone le la ho qetela. O ile a tsebahatsa se amehang tabeng ea ha A ‘sisinya leholimo le lefatše,’ a re: ‘Ke tla timeletsa matla a mebuso ea lichaba, ke lihe makoloi le ba tsamaeang ho ’ona; lipere le bapalami ba tsona ba tla oa e mong le e mong ka lerumo la oa habo.’ (Haggai 2:6, 21, 22) Kahoo ho “sisinya” ho tla fihla tlhōrōng ea hona ha Jehova a hloekisa lefatše ka ho feletseng ka Armagedone. Ka nako eo “tse lakatsehang tsa lichaba tsohle” li tla be li tlile, ho etsa motheo oa mokhatlo oa batho ba lefatše le lecha. Ke mabaka a makaakang a ho thaba le ho rorisa Jehova!—Haggai 2:7; Tšenolo 19:6, 7; 21:1-4.
17. Jesu o entsoe hore a be joaloka “reng ea tiiso” joang?
17 Ha a phetha boprofeta ba hae, Haggai oa ngola: ‘Tsatsing leo, ho bolela Jehova oa makhotla, ke tla u nka, uena Zerababele, ’me ke tla u etsa u be joalo ka [reng ea tiiso, NW] hobane ke u khethile, ho bolela Jehova oa makhotla.’ (Haggai 2:23) Hona joale Kreste Jesu ke Morena oa Bomesia le Moprista ea Phahameng oa Jehova ea neng a tšoantšetsoa ke oa boholo-holo, ea kopanyang maholimong mesebetsi eo ’Musisi Zerababele le Moprista e Moholo Joshua ba neng ba e etsa ba arohane Jerusalema oa lefatšeng. Joaloka reng ea molao ea tiiso letsohong la Jehova le letona, Jesu ke eena ea fetohileng “E,” joaloka kofuto ea Jehova bakeng sa ho phethahatsa “litšepiso tsa Molimo” tse ngata. (2 Bakorinthe 1:20; Baefese 3:10, 11; Tšenolo 19:10) Molaetsa oohle oa Bibele oa boprofeta o lebisa tlhokomelo tokisetsong ea Jehova ea Kreste e le Morena le Morekolli oa moprista.—Johanne 18:37; 1 Petrose 1:18, 19.
18. ‘Polelo ea Jehova oa makhotla’ e qetellang e tla ba le phethahatso e khathollang joang?
18 Ka sebele mehleng ena ea rōna khanya e khōlō ka ho fetisisa e lokela ho fumanoa tempeleng ea Jehova ea moea e khanyang! ’Me kapele, ka mor’a hore Jehova a timetse tsamaiso eohle ea Satane ka ho feletseng, Haggai 2:9 e tla phethahala ka ho thabisang ka ho eketsehileng: “Nģalong ena ke tla bea khotso, ho bolela Jehova oa makhotla.” Khotso qetellong!—khotso e tšoarellang, ea lefatše lohle, e tiisitsoeng ke “reng ea tiiso” ea Jehova, Kreste Jesu, “Morena oa Khotso,” eo ho ngoliloeng tjena ka eena: “Hore a hōlise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng . . . Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.” (Esaia 9:6, 7) Khanya ea ntlo ea Jehova ea borapeli e tla bonahatsoa ka ho sa feleng ho pholletsa le tikoloho e nang le khotso ea bobusi ba hae ba bokahohle. E se eka re ka lula ka tlung eo kamehla!—Pesaleme ea 27:4; 65:4; 84:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Ho Bolokoa ‘Molokong o Khopo’” le “Nako ea ho Falimeha” tokollong ea Molula-Qhooa oa November 1, 1995.
Na U ka Hlalosa?
◻ Kajeno, ntlo ea Jehova e ‘tlala khanya’ joang?
◻ Ke hobane’ng ha le ka mohla ho bolela litaba tse molemo e e-s’o be ho potlakileng ho feta moo?
◻ Tlaleho ea Selemo sa Tšebeletso sa 1996 e fana ka tšusumetso efe ea ho bolela ka potlako?
◻ Kreste o sebeletsa joang e le “reng ea tiiso” ea Jehova?
[Lebokose le leqepheng la 15]
Ho Kotula “Lipheletsong Tsa Lefatše”
HO Esaia 43:6, re bala taelo ena ea Jehova: “U se ke ua thibela; u khutlisetse bara ba ka ba linaheng tse hōle, le barali ba ka lipheletsong tsa lefatše.” Lengolo lena le phethahala ka tsela e khethehileng kajeno Europe Bochabela. Ka mohlala, nahana ka naha eo pele e neng e le ea Bokomonisi ea Moldova. Ho na le metse eo ho eona hoo e ka bang halofo ea baahi hona joale e leng Lipaki. Ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele ho fumana tšimo bakeng sa ho bolela, empa ba etsa boiteko! Bahoeletsi ba bangata liphuthehong tsena ke bana ba batsoali ba neng ba le botlamuoeng Siberia mathoasong a bo-1950. Hona joale malapa a bona a etella pele mosebetsing oa kotulo. Ho bahoeletsi ba 12 565, ba 1917 ba ile ba kolobetsoa selemong sena se fetileng. Liphuthehong tse 43 ho na le bahoeletsi ba ka bang 150 phuthehong ka ’ngoe, ’me lipotoloho li eketsehile ho tloha ho tse ’nè ho ea ho tse robeli selemong se secha sa tšebeletso.
Hape, se hlollang ke keketseho e Albania. Sebakeng seo, Lipaki tse seng kae tse tšepahalang li ile tsa mamella mebuso ea bohatelli e sehlōhō ka ho fetisisa ho pholletsa le lilemo tse ka bang 50. Tse ’maloa li ile tsa bolaoa. Sena se re hopotsa tšepiso ea Jesu: “U se ke ua tšaba lintho tseo u tla tloha u utloisoa bohloko ke tsona. Bona! Diabolose o tla ’ne a tsoele pele ho lahlela ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka behoa tekong ka ho feletseng . . . Ipake u tšepahala esita le ho isa lefung, ’me ka sebele ke tla u fa moqhaka oa bophelo.” (Tšenolo 2:10; bona le Johanne 5:28, 29; 11:24, 25.) Hona joale re bona eng Albania? Ka sebele re bona phethahatso e hlollang ea tšepiso ea Jehova e fumanoang ho Esaia 60:22: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng”! Ka 1990 ke mohoeletsi a le mong feela ea ileng a tlaleha tšebeletso Albania. Leha ho le joalo, “basebetsi” ba eketsehileng ba tsoang Italy le linaheng tse ling ba ile ba arabela taelong ea Jesu: “Ka hona e-eang ’me le etse batho . . . , barutuoa, le ba kolobetsa.” (Matheu 28:19; Luka 10:2) Ka nako ea Sehopotso sa lefu la Jesu ka 1996, bahoeletsi ba 773 ba ne ba le mafolo-folo tšimong, ’me bana ba ile ba bokellela batho ba 6523 libokeng tsa bona tsa Sehopotso, e leng palo e fetang ea bahoeletsi ka makhetlo a robeli! Ho ile ha tlalehoa manane a hlollang a batho ba bileng teng ba tsoang libakeng tse ka thōko. Le hoja ho ne ho se bahoeletsi Kukës le Divjakë, ho bile teng ba 192 le ba 230 metseng eo ka ho latellana. Krujë, e nang le mohoeletsi a le mong feela, ho bile teng ba 212. Bahoeletsi ba 30 ba Korçë ba ile ba hira mehaho bakeng sa ba ka holimo ho 300. Ka mor’a hore palo eo e tlale ka holong, ba bang ba 200 ba ile ba tlameha ho khutlisoa hobane ho ne ho se ho se na sebaka. Ka sebele ke tšimo e loketseng kotulo!
Tlaleho e tsoang Romania ke ena: “Ha re ne re ntse re etsa mosebetsi oa ntlo le ntlo, re ile ra kopana le motho ea ileng a re ke e mong oa Lipaki tsa Jehova ’me o ne a lula toropong e nyenyane eo ho eona, ho latela tsebo ea rōna, ho neng ho se na Lipaki. O ile a re bolella hore ntle le eena ho ne ho e-na le batho ba bang ba 15 bao ka lilemo tse ngata ba ’nileng ba tšoara liboka ka Labone le ka Sontaha le hore ba ne ba qalile ho bolela ka ntlo le ntlo. Letsatsing le latelang re ile ra ea toropong eo. Ho ne ho e-na le banna, basali le bana ba 15 ka likamoreng tse peli ba neng ba re emetse ba ileng ba amohela libuka tse 20 le limakasine tsa morao-rao tse 20. Re ile ra ba bontša kamoo lithuto tsa Bibele li khannoang kateng. Re ile ra bina hammoho ’me ra araba lipotso tsa bona tse hlokang ho arajoa ka potlako. Ea neng a etella sehlopha seo pele o ile a tsoa ka litaba: ‘Matsatsing a seng makae a fetileng, ke ile ka rapela Jehova ka meokho hore a re romele molisa, ’me thapelo ea ka e arabetsoe.’ Re ne re thabile haholo, ’me ha re arohana, joaloka khutsana eo qetellong e fumanang ntate, o ile a re: ‘Ke kōpa hore le se ke la re lebala. Le tl’o re bona hape!’ Re ile ra etsa joalo, ’me hona joale ho khannoa lithuto tsa Bibele tse supileng toropong eo. Masimong a mangata a macha, mosebetsi o qalisa ka tsela e hlollang ka lingoliloeng tsa Bibele, e leng se ananeloang haholo, ’me sena se bontša hore mosebetsi ona ke oa bomolimo.”
[Chate e leqepheng la 18-21]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 1996 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
“Tse lakatsehang tsa lichaba” lia bokelloa Lihleke-hlekeng tsa Leoatle (1), Amerika Boroa (2), Afrika (3), Asia (4), Amerika Leboea (5) le Europe (6)