Lithuto Tse Tsoang Mangolong: Zakaria 1:1–14:21
Jehova o Susumetsa Moea oa Batho ba Hae
QETELLONG ea 538 B.C.E. kapa mathoasong a 537 B.C.E., Cyruse morena oa Persia o ile a ntša taelo ea hore Bajode ba tlohe Babylona ho khutlela Jerusalema ho ea ‘tsosolosa ntlo ea Jehova.’ (Esdrase 1:3) Leha ho le joalo, ka 520 B.C.E., tempele e ne e ntse e e-s’o tsosolosoe. Kahoo, Jehova a hlahisa moprofeta Zakaria ho sebetsa ’moho le Haggai ho susumetsa moea oa batho.
Mantsoe a bululetsoeng a Zakaria a ile a boela a matlafatsa Bajode ba tšepahalang ha a bontša hore Jehova o ne a ba tšehelitse le hore o ne a tla hlohonolofatsa mosebetsi oa bona. Buka ena ea Bibele e-ea re susumetsa le rōna hobane e na le boprofeta ba Messia, haesita le boprofeta bo bong bo ntseng bo phethahala nakong ea rōna.a E boetse e re fa lithuto tsa bohlokoa.
Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Hae
Jehova o amehile ka batho ba hae. Ka mor’a hore Molimo o laee Bajode ’me ba lumele hore taeo ea oona e ne e lokile, Zakaria o ba le lipono tse tharo tse bontšang kameho ea Hae e tsoelang pele ka bona. Ho ea pele, o bona lipere tse nang le bakalli ba mangeloi. Lengeloi le leng le khathatsehile ke hore e be lichaba tse bakileng tlokotsi ea Bajode li “phomotse.” Ho ea bobeli, Jehova o etsa qeto ea ho khorola “manaka a mane”—mebuso e matla e qhalantseng batho ba hae. ’Me pono ea boraro ka ho hlakileng e hlalosa tlhokomelo e lerato, e sireletsang ea Jehova ho Jerusalema.—1:1–2:13.
Ha ho lea mong ea tla khona ho sitisa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. Ponong ea bone, Satane, mohanyetsi e moholo oa batho ba Jehova, o nyatsoa pepenene. (Bapisa Tšenolo 12:10.) Ho ea bohlano, Zakaria o ithuta hore batho ba Molimo ba tla etsa thato ea Oona ho sa tsotellehe lithaba tsa litšitiso. Ka tsela efe? “Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla!”—3:1–4:14.
Bahlanka ba Molimo ba ‘hloile bobe.’ (Pesaleme ea 97:10, 11) Ponong ea botšelela, Molimo o phatlalatsa bomalimabe holim’a baetsalibe bao ho fihlela ka nako eo ba neng ba ntse ba e-s’o ka ba otloa. ’Me ho ea bosupa, se emeloang ke bokhopo se isoa “lefatšeng la Shinare,” setsing sa bolumeli ba bohata ba Babylona. A sebaka se setle bakeng sa sona! Bokhopo ha bo eo har’a batho ba Jehova, ba bo hloileng. Ka mor’a moo, Zakaria o bona likoloi tse ’nè tse huloang ke lipere—makhotla a moea a mangeloi a rometsoeng ho ea sireletsa bahlanka ba Molimo lefatšeng.—5:1–6:8.
Seo Boprofeta bo se Tšoantšetsang
Ho phethahala ha lentsoe la Jehova la boprofeta hoa thabisa ’me ho matlafatsa tumelo. See ke ’nete hakaakang ka seo boprofeta ba Zakaria bo se tšoantšetsang bakeng sa mehla ea rōna! A sebelisa silevera le gauda tse nehetsoeng ke Bajode ba kholehong, o lokela ho etsetsa Moprista e Moholo Joshua moqhaka o moholo. Ho feta moo, “ba leng hōle [Babylona] ba tla tla, ba hahe ntlo ea Jehova,” joalokaha ba bangata ba ile ba tloha ho Babylona e Moholo ho tla thusa mosebetsing oa tempele ka mor’a 1919. Ho lokisoa ha likhopolo tse fosahetseng mabapi le ho itima lijo ho ile ha lebisa tlhalosong ea boemo bo thabisang bo neng bo e-tla Jerusalema. Ho ile ha boleloa esale pele hore ‘banna ba leshome ba tsoang lichabeng tsohle’ ba ne ba tla kopanela le Bajode ba moea borapeling ba ’nete. (Ba-Galata 6:16; Tšenolo 7:4-10) Jehova o re: “U tšèle litlatse, morali oa Jerusalema!” Morena oa hae o tla a kaletse esele ’me “o tla bolela khotso ho lichaba.”—6:9–9:11.
Molimo le Balisa
Balebeli ba na le boikarabelo bo boima ’me ba lokela ho sebeletsa ka cheseho. Ka mor’a hore a tšepise ho lopolla batho ba hae, Jehova o bontša khalefo ea hae khahlanong le balisa ba sa tšepahaleng. “Balisa ba bararo” ba silafatsa mohlape ho isa bohōleng boo Molimo o robang selekane sa oona le batho ba oona. Jerusalema o tla fetoha “lejoe le boima.” Mang kapa mang ea mo hlaselang o “tla tsoa kotsi.” Empa “lihloho tsa Juda”—ba etsang mosebetsi oa bolebeli har’a batho ba khethiloeng ba Molimo—ba tlameha ho ba “joale ka serumula sa mollo,” ba be le cheseho e ikhethang.—9:12–12:14.
Jehova o hloile baikaketsi. Ka phuthehong ea Molimo, batho leha e le bafe ba phehellang ho ‘bua leshano’ baa ‘hlajoa,’ ba lelekoa joaloka bakoenehi. “Karolo tse peli” lefatšeng li tla khaoloa, ha karolo ea boraro e tla hloekisoa ka mollo. Tumellanong le sena, karolo e khōlō ea ba ipolelang hore ke Bakreste—ba Bokreste-’mōtoana—e ’nile ea khaoloa ke Jehova. Ho tloha ka 1919 ho ea pele, ke Bakreste ba fokolang ba tšepahalang feela, ba tlotsitsoeng ba ’nileng ba rapela lebitso la Jehova ’me ba ikokobeletsa mokhoa oa hae oa ho hloekisa.—13:1-9.
Batho ba Jehova ba ka tšepa tšireletso ea hae. Ha bahanyetsi ba leka ho timetsa barapeli ba ’nete, Molimo o tla sireletsa batho ba oona ’me o felise letšoele la batho ba Satane. Ho aroloa ha Thaba ea Mehloare ho fella ka phula ea tšoantšetso eo ho eona batlotsuoa ba latsoang tšireletso tlas’a ’Muso oa Jehova oa bokahohleng le puso ea Messia Mora oa hae. Ho tla ba le leseli bakeng sa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo le lefifi bakeng sa lichaba. Batho ba tlameha ho khetha: Hore na ba rapela Jehova ’moho le batho ba hae kapa ba timela ka ho sa feleng.—14:1-21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Puisano ea temana ka temana ea boprofeta ba Zakaria e fumanoa bukeng ea Paradise Restored to Mankind—By Theocracy! e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 31]
LITEMANA TSA BIBELE LIA HLAHLOJOA
o 1:3—Le hoja Bajode ba ile ba khutla Babylona ka 537 B.C.E., ba ile ba boela ba phehelloa ho khutlela ho Molimo ka kutlo le borapeli ba moea oohle. Ba ne ba tla fana ka bopaki bo totobetseng ba ho khutla hona ka hore ba kopanele mosebetsing oa tsosoloso ho fihlela tempele e phethiloe.
o 2:1-5—Mohlomong, mohlankana o ne a metha Jerusalema e le hore ho ka hahoa lerako la tšireletso ho e pota-pota. Empa lengeloi la Molimo le ile la bontša hore khōlo ea motse e ne e ke ke ea lekanyetsoa ka lerako. Ho ne ho se motho ea neng a ka thibela khōlo e tsoelang pele ea Jerusalema. Jehova e ne e tla ba tšireletso ea eona, joalokaha le kajeno a sireletsa masala a tlotsitsoeng ao e tlang ho ba karolo ea Jerusalema e Mocha oa leholimo.—Tšenolo 21:2.
o 6:11-15—Ho roesoa moqhaka ha Moprista e Moholo Joshua ha hoa ka ha mo etsa morena le moprista, kaha o ne a se lelokong la borena la Davida. Ho e-na le hoo, ho ile ha etsa Joshua motho eo ho latela boprofeta a tšoantšetsang Messia, eo ka eena boprofeta bo amanang le “Lehlomela” bo phethahatsoang ka ho felletseng. (Zakaria 3:8; Jeremia 23:5) Joshua o ile a thusa hore ho phethoe mosebetsi oa ho tsosolosa tempele ea Jerusalema. Morena le Moprista oa leholimo, Jesu Kreste, o tlisa mosebetsi oa tempele ea moea sephethong.
o 11:4-11—Batho ba seka linku e ne e le “linku tse bolaoang” ka hore balisa ba busang ba ne ba ba qhekella. Ka lere le leng le bitsoang “Mohau” le le leng le bitsoang “Litlamo,” Zakaria o ile a itšoara joaloka molisa ea nkileng lere ho alosa mohlape le molamu ho qhala libatana. (Pesaleme ea 23:4) O ne a tšoantšetsa Jesu, ea neng a rometsoe ho ba molisa oa moea empa ea ileng a hanoa ke Bajode. Joalokaha Zakaria a ile a roba lere la Mohau, Molimo o ile oa khaotsa ho sebelisana ka mohau le Bajode, oa roba selekane sa oona le bona. ’Me joalokaha Zakaria a ile a roba lere la Litlamo, ho felisa ha Molimo selekane sa Molao le Iseraele ho ile ha siea Bajode ba se na tlamo ea kopano ea puso ea Molimo. Ho se kopane ha bolumeli ba bona ho ile ha ba tlisetsa koluoa ka ho timetsoa ha Jerusalema ke Baroma ka 70 C.E.
o 12:11—E ka ’na eaba “lillo tsa Hadadrimmone” li supa tšiamo ka lefu la Morena Josiase oa Juda. Hadadrimmone ho bonahala e ne e le setša se phuleng ea Megiddo, moo a ileng a bolaoa ntoeng e neng e loanoa le Faro Neko. Lefu la Josiase le ile la lleloa, Jeremia a pheta-pheta mantsoe a le mang ’me libini li ne li hlalosa morena lipineng tsa koli ea malla.—2 Likronike 35:20-25.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Joalokaha Zakaria a ile a bolela esale pele, batho ba lichaba tsohle hona joale ba kopanela le Iseraele oa moea