Bajode
Tlhaloso: Kamoo le sebelisoang kateng ka tloaelo kajeno, lentsoe lena le bolela batho ba Baheberu le ba bang ba sokolohetseng Bojodeng. Bibele e boetse e hlokomelisa ka ’nete ea hore ho na le Bakreste bao e leng Bajode moeeng, ’me e le ba etsang “Iseraele oa Molimo.”
Na Bajode ba tlhaho kajeno ke sechaba se khethiloeng sa Molimo?
Bajode ba bangata ba lumela joalo. Encyclopaedia Judaica, (Jerusalema, 1971, Moq. 5, kar. 498) e re: “SECHABA SE KHETHILOENG, tlhaloso e tloaelehileng ea batho ba Iseraele, e fanang ka maikutlo a hore sechaba sa Iseraele se ema kamanong e khethehileng le ea bohlokoa ho Molimo oa bokahohle. Maikutlo ana ebile oona a setsing historing eohle ea monahano oa Bajode.”—Bona Deuteronoma 7:6-8; Exoda 19:5.
Ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba na le maikutlo a joalo. Karolo ea “Bolumeli” ea Atlanta Journal and Constitution (January 22, 1983, leq. 5-B) e tlalehile: “Ho fapana le lithuto tsa likereke ka makholo-kholo a lilemo tsa hore Molimo o ‘lahlile sechaba sa oona sa Iseraele’ ’me a se nkela sebaka ka ‘Iseraele e mocha,’ eena [Paul M. Van Buren, moruti oa bolumeli univesithing ea Temple e Philadelphia] o bolela hore joale likereke li tiisa hore ‘selekane pakeng tsa Molimo le sechaba sa Bajode ke sa ka ho sa feleng. Phetoho ena e makatsang e entsoe ke Maprostanta le Mak’hatholike, ka mahlakore ka bobeli ho Atlantic.’” The New York Times (February 6, 1983, leq. 42) ea phaella: “‘Ho na le ho nkeha maikutlo ka lehlakoreng la hore litokelo tsa ho bolela evangeli li holim’a Iseraele le tumelo ea hore sohle se etsoang ke Iseraele se tlameha ho tšehetsoa, hobane Molimo o eme le Iseraele,’ kamoo ho boletseng Timothy Smith, moprofesa oa bolumeli univesithing ea Johns Hopkins le ’moleli oa evangeli oa Wesele.” Ba bang ba Bokreste-’mōtoana ba lebelletse hore qetellong Iseraele eohle ea tlhaho e tla sokoloha ’me e bolokoe. Ba bang ba na le maikutlo a hore ka linako tsohle ho ’nile hoa e-ba le tlamo e sa kang ea khaotsa lipakeng tsa Molimo le Iseraele, ka hona ba bea lebaka la hore ke Balichaba feela ba lokelang ho boelanngoa le Molimo ka Kreste.
Nahana: Kamor’a botlamuoa Babylona, ha Iseraele e ne e khutlisetsoa naheng ea eona, sechaba se ne se lokela ho tsosolosa borapeli ba ’nete naheng eo se e filoeng ke Molimo. O mong oa merero ea pele e ileng ea etsoa ebile ho tsosolosa tempele ea Jehova Jerusalema. Leha ho le joalo, haesale Jerusalema e timetsoa ke Baroma ka 70 C.E., ha ho mohla tempele e kileng ea tsosolosoa. Ho e-na le hoo, sebakeng seo tempele e neng e le ho sona ho eme sehalalelo sa Masolomone. Haeba Bajode, ba bolelang hore ba tlas’a Molao oa Moshe, ba ne ba le Jerusalema kajeno e le sechaba se khethiloeng sa Molimo, na tempele e nehetsoeng borapeling ba oona e ka be e sa tsosolosoa?
Matt. 21:42, 43: “Jesu a re ho bona [baprista ba baholo le baholo ba Bajode Jerusalema]: Ana ha lea ka la bala Mangolong taba e reng: Lejoe leo bahahi ba le lahlileng, ke lona le entsoeng la motheo, la sekhutlo? Le entsoe le joalo ke Morena, ’me ke le makatsang mahlong a rōna. Ka baka leo ke re ho lōna: ’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.”
Matt. 23:37, 38: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.”
Na selekane sa Molimo le Abrahama se fana ka tiiso ea hore Bajode e ntse e le sechaba se khethiloeng sa Molimo?
Ba-Gal. 3:27-29: “Lōna bohle ba kolobelitsoeng ho Kreste, le apere Kreste. Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste. ’Me ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.” (Kahoo, ponong ea Molimo, haesale ho tsoaloa lesikeng la Abrahama ho rerang hore na leloko la Abrahama le etsoa ke bafe.)
Na Bajode bohle ba tla sokolleloa tumelong ea Bokreste ’me ba finyelle poloko ea ka ho sa feleng?
Ba-Roma 11:25, 26: “Banab’eso, ha ke rate hore le se ke la tseba sephiri sena, le tle le se ke la ipona le le bohlale; ke ho re, ho thatafala ho hlahetse ba-Iseraele ka nģa e ’ngoe, ho tlala ha ba-lichaba ho be ho kene. ’Me ka mokhoa oo [“ke kamoo,” TEV; “kahoo,” CC, By; houʹtos, ka Segerike], ba-Iseraele bohle ba tla bolokeha.” (Hlokomela hore ho bolokeha hoa “ba-Iseraele bohle” ha ho finyelloe ka tšokoloho ea Bajode bohle, empa ka ‘ho tla’ hoa batho ba lichaba tsa Balichaba. Bafetoleli ba bang ba ngola temana ea 26 tjena: “’Me kamor’a sena Iseraele eohle e tla bolokeha.” Empa A Manual Greek Lexicon of the New Testament [Edinburgh, 1937, G. Abbott-Smith, leq. 329] e hlalosa houʹtos e le “ka tsela ena, kahoo, ka hona.”)
Ho fihla kutloisisong e nepahetseng ea se ngotsoeng ho Ba-Roma 11:25, 26, re lokela ho hlokomela le lipolelo tsena tsa pejana tse ho Ba-Roma: “Hobane eo e leng mo-Jode, hase eo e leng eena kantle, le lebollo hase le etsoang kantle, nameng; empa mo-Jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea, e seng ke letere.” (2:28, 29) “Hase bohle ba tsoileng ho Iseraele e leng ba-Iseraele.”—9:6.
Na hoa hlokahala hore Bajode ba lumele ho Jesu Kreste e le hore ba bolokehe?
Esaia 53:1-12 e hlile ea bolela ka lefu la Messia hore ‘le tla jara libe tsa ba bangata le ho rapella batlōli.’ Daniele 9:24-27 e amahantse ho tla hoa Messia le lefu la hae le ‘ho felisoa hoa sebe le tlōlo.’ (JP) Lirapa tsena ka bobeli li bontša hore ho ne ho hlokahala hore Bajode ba rapelloe le ho tšoareloa joalo. Na ba ka lebella ho hana Messia ’me ba ’na ba amoheloa ke Ea mo rōmileng?
Lik. 4:11, 12: “[Ka Jesu Kreste, moapostola Petrose o ile a susumetsoa ke moea o halalelang hore a re ho babusisi ba Bajode le baholo ba Jerusalema:] Ke eena e leng lejoe le nyatsitsoeng ke lōna lihahi, le entsoeng lejoe la ntlha la motheo. ’Me ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.” (Le hoja sechaba sa Iseraele oa tlhaho se se se sa thabele mohau o khethehileng oa Molimo, tsela e bulehetse Bajode ka bomong, joalokaha e bulehetse batho ba lichaba tsohle, ho rua molemo ka poloko e fumanoang ka Jesu Messia.)
Na liketsahalo tse etsahalang kajeno Iseraele li phethahatsong ea boprofeta ba Bibele?
Ezek. 37:21, 22: “Morena Jehova o re: Bonang, ke tla ea nka bana ba Iseraele lichabeng tseo ba ileng ho tsona, ke ba phuthe ka ’nģa tsohle, ke ba busetse naheng ea bona. Ke tla ba etsa sechaba se le seng lefatšeng, lithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena oa bona e tla ba morena a le mong.” (Kajeno Iseraele hase sechaba se tlas’a morena a le mong oa lesika la borena la Davida. ’Muso oa bona ke riphabliki.)
Esa. 2:2-4: “Ho tla etsahala mehleng ea bofelo, hoba thaba ea ntlo ea Jehova e tla beoa hlorong ea lithaba, e okamele maralla, ’me lichaba kaofela li tla phallela teng. Lichaba tse ngata li tla ea, li re: Tlong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova, ka tlung ea Molimo oa Jakobo, o tle o re rute mekhoa ea oona, re tsamaee litseleng tsa oona . . . ’me ba tla tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma, le marumo a bona ba a tee lisekele; sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.” (Jerusalema kajeno, moo ho neng ho eme tempele ha ho sa na ‘ntlo ea Molimo oa Jakobo,’ empa, ho e-na le hoo, ho eme sehalalelo sa Masolomane. ’Me Iseraele le bao e ahisaneng le bona ha ba itšisinye ho “tea liphehla tsa bona tsa ntoa mehoma.” Bakeng sa ho pholoha ba itšetlehile ka ho ba malala a laotsoe ntoeng.)
Esa. 35:1, 2: “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joale ka leshoma. A tla mela lipalesa ka ho fetisa, a nyakalle, a thabe, a phokole lifela tsa hlōlo; a tla fuoa khanya ea Lebanone le menono ea Karmele le ea Sharone; batho ba tla bona khanya ea Jehova le boholo ba Molimo oa rōna.” (Iseraele e atlehile ka ho tsotehang ho lemeng meru le ho nosetseng. Empa baeta-pele ba eona ha ba ise tlotla ho Morena Molimo. Joalokaha eo e kileng ea e-ba ’musi, David Ben-Gurion, a itse: “Iseraele e ikemiselitse . . . ho hapa lehoatata le ho le atlehisa ka matla a thuto ea mahlale le ka moea oa bopula-maliboho, le ho fetola naha qhobosheane ea puso ea sechaba ka sechaba.”)
Zak. 8:23: “Tšiung tseo, banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba ba tla itšoarella ka moseho oa kobo ea monna oa mo-Jode, ba re: Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.” (Boprofeta bo supa ho Molimo ofe? Ka puo ea Seheberu lebitso la oona [יהוה, leo ka ho tloaelehileng le fetoleloang e le Jehova] le hlaha ka makhetlo a fetang 130 bukeng ena e le ’ngoe ea Mangolo a Halalelang. Kajeno ha motho a sebelisa lebitso leo, na batho ba fihlela qeto ea hore ke Mojode? Che; hobane ka makholo-kholo a lilemo, tumela-khoela e entse hore batho ba Bajode ka kakaretso ba se ke ba bitsa lebitso la bomolimo la botho. Phetoho ea thahasello ea bolumeli e amanang le Iseraele ea tlhaho kajeno ha e tšoanele boprofeta bona.)
Ebe joale liketsahalo tse etsahalang Iseraele kajeno li ka talingoa joang? E le feela karolo ea liphetoho tsa lefatše lohle e hlileng ea boleloa ke Bibele. Tsena li akarelletsa lintoa, tlōlo ea molao, ho tapa hoa lerato bakeng sa Molimo, le lerato la chelete.—Matt. 24:7, 12; 2 Tim. 3:1-5.
Boprofeta ba ho tsosolosoa hoa Iseraele bo phethahatsoa ho bafe kajeno?
Ba-Gal. 6:15, 16: “Ho bolla le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke hore motho e be ’mōpuoa e mocha. ’Me ha e le bohle ba tlang ho ea ka molao oo, khotso le mohau li be ho bona, le ho Iseraele oa Molimo.” (Ka hona “Iseraele oa Molimo” ha e sa lekanyetsoa motheong oa ho lumellana le se neng se hlokoa ho Abrahama hore bohle ba batona ba lelapa la hae ba bolotsoe. Ho e-na le hoo, joalokaha ho boletsoe ho Ba-Galata 3:26-29, bao e leng ba Kreste le bao e leng bara ba Molimo ba tsoetsoeng ka moea ke ‘bona bao e leng leloko la Abrahama.’)
Jer. 31:31-34: “Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka ’ona ke tlang ho etsa selekane se secha le ntlo ea Iseraele le ntlo ea Juda [’me] . . . Ha ba sa tla ruta e mong le e mong molekane oa hae, ha ho motho ea tla ruta oa habo ka hore: Tseba Jehova! hobane ba tla ntseba kaofela, ho qala ka e monyenyane ho bona ho isa ho e moholo, ho bolela Jehova.” (Selekane seo se secha ha sea ka sa etsoa le sechaba sa Iseraele oa tlhaho, empa se entsoe le balateli ba tšepahalang ba Jesu Kreste bao ho neng ho fetisetsoa tšepo ea ho phela leholimong ka pel’a bona. Ha Jesu a thea Sehopotso sa lefu la hae, o ba neile senoelo sa veine ’me a re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka.” [1 Ba-Kor. 11:25])
Tšen. 7:4: “Ka utloa palo ea ba tšoailoeng e le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba tšoailoeng melokong eohle ea bana ba Iseraele.” (Empa litemaneng tse latelang, ho boleloa “leloko la Levi” le “leloko la Josefa.” Meloko ena e ne e sa akarelletsoa lethathamong la meloko e 12 ea Iseraele oa tlhaho. Ho khahlisang, ha ho boleloa hore batho ba ne ba tla ‘tiisoa lelokong le leng le le leng,’ ha hoa boleloa meloko ea Dane le Efraime. [Bapisa Numere 1:4-16.] Mona e tlameha ebe ho boleloa ka Iseraele oa Molimo oa moea, ka bao Tšenolo 14:1-3 e bontšang hore ba tla kopanela le Kreste ’Musong oa hae oa leholimo.)
Ba-Heb. 12:22: “Le tlile thabeng ea Sione, motseng oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo, liketeng tsa likete tsa mangeloi.” (Ka hona Bakreste ba ’nete ba shebelletse ho phethahala hoa litšepiso tsa Molimo ho “Jerusalema oa leholimo,” e seng ho Jerusalema oa lefatšeng.)