Tlhōlo ea Borapeli ba ’Nete ea Atamela
“Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle.”—ZAKARIA 14:9.
1. Phihlelo ea Bakreste ba tlotsitsoeng e bile efe Ntoeng ea I ea Lefatše, ’me see se ile sa boleloa joang esale pele?
NTOENG ea pele ea lefatše, lichaba tse loantšanang li ile tsa kenya Bakreste ba tlotsitsoeng mathateng a mangata le literonkong. Mahlabelo a bona a thoriso ho Jehova a ne a thibetsoe haholo, ’me ba oela boemong ba botlamuoa ba moea. Sena sohle se ile sa boleloa esale pele ho Zakaria 14:2, e hlalosang ho hlasela ha machaba Jerusalema. Motse oa boprofeta bona ke “Jerusalema ea leholimo,” ’Muso oa Molimo oa leholimo le moo “terone ea Molimo le ea Konyana” li leng teng. (Baheberu 12:22, 28; 13:14; Tšenolo 22:3) Batlotsuoa ba Molimo ba lefatšeng ba ne ba emela motse oo. Ba tšepahalang har’a bona ba ile ba pholoha tlhaselo eo, ba hana ho itumella ho lelekoa ‘motseng ona.’a
2, 3. (a) Borapeli ba Jehova bo ile ba hlōla joang ho tloha ka 1919? (b) Ho tloha ka 1935, ke tsoelo-pele efe e etsahetseng?
2 Ka 1919 batlotsuoa ba tšepahalang ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba bona, ’me hang-hang ba ile ba sebelisa hamolemo nako ea khotso e ileng ea latela ntoa. E le manģosa a Jerusalema ea leholimo, ba ile ba e-ba le monyetla o motle oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ho thusa ho bokella litho tse setseng tsa ba 144 000. (Matheu 24:14; 2 Bakorinthe 5:20) Ka 1931 ba ile ba amohela lebitso le loketseng la Mangolo la Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10, 12.
3 Ho tloha ka nako eo, Lipaki tsa Molimo tse tlotsitsoeng le ka mohla ha lia ka tsa hetla morao. Esita le Hitler ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lipolotiki le ntoa oa Bonazi o ne a ke ke a li khutsisa. Ho sa tsotellehe mahloriso a lefatše ka bophara, mosebetsi oa tsona o hlahisitse litholoana lefatšeng lohle. Haholo-holo ho tloha selemong sa 1935, “bongata bo boholo” ba machaba, bo boletsoeng esale pele bukeng ea Tšenolo, bo ikopantse le tsona. Bana le bona ke Bakreste ba inehetseng, ba kolobelitsoeng ’me ba “hlatsoitse liaparo tse telele tsa ka holimo tsa bona le ho li soeufatsa maling a Konyana,” Jesu Kreste. (Tšenolo 7:9, 14) Leha ho le joalo, hase batlotsuoa, ba nang le tšepo ea bophelo ba leholimo. Tšepo ea bona ke ho rua seo Adama le Eva ba se lahlileng, e leng, bophelo bo phethahetseng e le batho lefatšeng la paradeise. (Pesaleme ea 37:29; Matheu 25:34) Kajeno, bongata bo boholo ke lisoule tse ka holimo ho limilione tse hlano. Borapeli ba ’nete ba Jehova boa hlōla, empa tlhōlo ea bona ea ho qetela e sa ntse e e-tla.
Melata Tempeleng ea Molimo ea Moea
4, 5. (a) Bongata bo boholo bo rapela Jehova hokae? (b) Bo thabela litokelo life, hona e le phethahatsong ea boprofeta bofe?
4 Joalokaha ho boletsoe esale pele, bongata bo boholo “bo rapela [Molimo] motšehare le bosiu ka tempeleng ea hae.” (Tšenolo 7:15, bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Kaha hase Baiseraele ba moea, ba baprista, ho ka etsahala hore ebe Johanne o ile a ba bona ba eme tempeleng lebaleng le kantle la Balichaba. (1 Petrose 2:5) Tempele ea Jehova ea moea e fetohile e khanyang hakaakang, marako a eona a tletse letšoele lena le mo rorisang, hammoho le masala a Iseraele ea moea!
5 Bongata bo boholo ha bo sebeletse Molimo bo le boemong bo tšoantšetsoang ke lebala le ka hare la boprista. Ha bo boleloe bo lokile ka morero oa ho ba bara ba Molimo ba nketsoeng ka lapeng ba moea. (Baroma 8:1, 15) Leha ho le joalo, ka ho sebelisa tumelo thekollong ea Jesu, ba na le boemo bo hloekileng ka pel’a Jehova. Ba boleloa ba lokile ka morero oa ho ba metsoalle ea hae. (Bapisa le Jakobo 2:21, 23.) Le bona ba na le tokelo ea ho hlahisa mahlabelo a amohelehang aletareng ea Molimo ea moea. Kahoo, boprofeta ba Esaia 56:6, 7 bo ntse bo phethahala ka tsela e khanyang ho bongata bona bo boholo: ‘Ha e le bana ba [melata, NW] ba khomaretseng Jehova, ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, ke tla ba tlisa thabeng ea ka e halalelang, ke ba thabise ka tlung ea ka ea thapelo; licheso tsa bona le mahlabelo a bona li tla amoheloa hantle aletareng ea ka, hobane ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo ho lichaba kaofela.’
6. (a) Melata e nyehela mahlabelo a mofuta ofe? (b) Sekotlolo sa metsi lebaleng la boprista se e hopotsa eng?
6 Har’a mahlabelo ao melata ena e a nyehelang ho na le “litholoana tsa melomo [e tšoanang le nyehelo ea phofo e thumisitsoeng] e etsetsang lebitso la [Molimo] polelo ea phatlalatsa” le “ho etsa se molemo le ho arolelana lintho le ba bang.” (Baheberu 13:15, 16) Sekotlolo se seholo sa metsi seo baprista ba neng ba tlameha ho se sebelisa ho itlhatsoa le sona ke khopotso ea bohlokoa ho melata ena. Le eona e tlameha ho ikokobeletsa tokisetso ea ho hloeka moeeng le boitšoarong ha Lentsoe la Molimo le ntse le e hlakela mohato ka mohato.
Se Halalelang le Thepa ea Sona
7. (a) Bongata bo boholo bo talima litokelo tsa boprista bo halalelang joang? (b) Melata e meng e amohetse litokelo life tse eketsehileng?
7 Na Se Halalelang le thepa ea sona li na le seo li se bolelang ho bongata bo boholo boo ba melata? Ha e le hantle, bo ke ke ba hlola bo e-ba boemong bo tšoantšetsoang ke Se Halalelang. Ha boa tsoaloa hape e le bara ba Molimo ba moea ba nang le tokelo ea ho lula leholimong. Na see se etsa hore ba ikutloe ba le mōna kapa ba le meharo? Che. Ho e-na le hoo, ba thabela tokelo ea bona ea ho tšehetsa masala a ba 144 000, ’me ba bontša kananelo e tebileng bakeng sa morero oa Molimo oa ho nkela bara bana ba moea ka lapeng, ba tla kopanela le Kreste ho isa moloko oa batho phethehong. Hape, bongata bo boholo ba melata bo nka mosa o sa tšoanelang o moholo oa Molimo ka ho ba fa tšepo ea lefatšeng ea bophelo bo sa feleng Paradeiseng e le oa bohlokoa. Melata e meng ho ena, joaloka Banethinime ba boholo-holo, e filoe litokelo tsa bolebeli hore e thuse boprista bo halalelang.b (Esaia 61:5) Har’a bana Jesu o khetha “mahosana lefatšeng lohle.”—Pesaleme ea 45:16.
8, 9. Bongata bo boholo bo fumana molemo ofe ha bo hlahloba thepa ea Se Halalelang?
8 Le hoja bongata bo boholo bona ba melata le ka mohla bo ke ke ba kena ho Se Halalelang se tšoantšetsoang ke sa boholo-holo, bo ithuta lithuto tsa bohlokoa thepeng ea sona. Joalokaha ho ne ho hlokahala hore seluloana sa lebone se tšeloe oli joalo-joalo, ka ho tšoanang melata e hloka moea o halalelang ho e thusa ho utloisisa linnete tse tsoelang pele tse tsoang Lentsoeng la Molimo, tse fetisetsoang ho eona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Ho feta moo, moea oa Molimo o e thusa hore e arabele memong ena: “Moea le monyaluoa [masala a tlotsitsoeng] ba ntse ba tsoela pele ho re: ‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea utloang a a re: ‘Tloo!’ ’Me mang kapa mang ea nyoriloeng a a tle; mang kapa mang ea lakatsang a a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Kahoo, seluloana sa lebone ke khopotso ho bongata bo boholo ea hore bo na le tlamo ea ho khanya joaloka Bakreste le ho qoba ntho leha e le efe maikutlong, monahanong le lipolelong kapa liketsong e neng e tla soabisa moea o halalelang oa Molimo.—Baefese 4:30.
9 Tafole ea mahobe a tlhahiso e hopotsa bongata bo boholo hore e le hore bo ka lula bo phetse hantle moeeng, bo tlameha hore kamehla bo iphepe ka lijo tsa moea tse tsoang Bibeleng le ho lingoliloeng tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 4:4) Aletare ea libano e ba hopotsa ka bohlokoa ba ho rapella thuso ea Jehova ka tieo e le hore ba ka lula ba tšepahala. (Luka 21:36) Lithapelo tsa bona li lokela ho akarelletsa lipolelo tse tlohang pelong tsa thoriso le teboho. (Pesaleme ea 106:1) Aletare ea libano le eona e ba hopotsa ka tlhokahalo ea ho rorisa Molimo ka litsela tse ling, tse kang ka ho bina lipina tsa ’Muso libokeng tsa Bokreste ho tloha pelong le ka ho lokisetsa hantle ha bona, ho etsa hore ‘polelo ea phatlalatsa bakeng sa poloko’ e behe litholoana.—Baroma 10:10.
Tlhōlo e Feletseng ea Borapeli ba ’Nete
10. (a) Re ka ba le tebello efe e hlollang? (b) Ke ketsahalo efe e tlamehang ho etsahala pele?
10 Kajeno “batho ba bangata” ba tsoang lichabeng tsohle ba phallela ntlong ea Jehova ea borapeli. (Esaia 2:2, 3, NW) Ho tiisa sena, Tšenolo 15:4 e re: “Ke mang eo ka sebele a se nang ho u tšaba, Jehova, le ho tlotlisa lebitso la hao, hobane ke uena feela ea tšepahalang ka ho sa sekisetseng? Etsoe lichaba kaofela li tla tla ’me li rapele ka pel’a hao, hobane melao-taelo ea hao e lokileng e bonahalitsoe.” Zakaria khaolo ea 14 e hlalosa se latelang. Nakong e tlang e haufi, maikutlo a mabe a batho ba bangata lefatšeng a tla fihla tlhōrong ha ba bokana ka lekhetlo la ho qetela bakeng sa ho loantša Jerusalema—baemeli ba lefatšeng ba Jerusalema ea leholimo. Joale Jehova o tla nka bohato. E le Molimo oa Mohlabani, o “tla hlaha, a loantše lichaba tseo” tse itetang lifuba ho hlasela.—Zakaria 14:2, 3.
11, 12. (a) Jehova o tla arabela joang tlhaselo ea lefatše lohle e tlelang barapeli ba leng tempeleng ea hae? (b) Phello ea ntoa ea Molimo e tla ba efe?
11 “Ke ena kotlo eo Jehova a tlang ho otla ka eona lichaba tsohle tse futuhelang Jerusalema: nama ea bona e tla bola ba ntse ba eme ka maoto a bona; mahlo a bona a tla bola mekoting ea ’ona, le maleme a bona a bole melomong ea bona. Ka tsatsi leo, mofere-fere o moholo o tsoang ho Jehova o tla ba teng har’a bona, e mong le e mong a tšoare letsoho la e mong, letsoho la hae le phahamele holim’a letsoho la oa habo.”—Zakaria 14:12, 13.
12 Hore na kotlo ena ke ea sebele kapa ke ea tšoantšetso, re tla tlameha ho leta ’me re bone. Leha ho le joalo, re kholisehile ka ntho e le ’ngoe. Ha lira tsa Molimo li qala ho hlasela bahlanka ba Jehova lefatšeng lohle, li tla thibeloa ke lipontšo tse fetang tse tloaelehileng tsa matla a Molimo a maholohali. Li tla khutsisoa. Ho tla ba joalokaha eka maleme a tsona a hanyetsang a bolile. Pakane ea tsona e kopanetsoeng e tla ba lerootho ponong ea tsona, joalokaha eka mahlo a tsona a bolile. Matla a ’mele ea tsona, a ileng a li fa sebete sa ho hlasela, a tla fela. Ka lebaka la ho ferekana, li tla fetohelana ’me li bolaeane ka bongata. Kahoo lira tsohle tsa borapeli ba Molimo tsa lefatšeng li tla felisoa ka ho feletseng. Qetellong, lichaba tsohle li tla be li qobeletsoe ho hlokomela bobusi ba Jehova ba bokahohle. Ho tla phethahatsoa boprofeta bona: “Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle.” (Zakaria 14:9) Ka mor’a moo, Satane le bademona ba hae ba tla tlangoa ha Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete e qala ka litlhohonolofatso tse khōlō tse boloketsoeng moloko oa batho.—Tšenolo 20:1, 2; 21:3, 4.
Tsoho ea Lefatšeng
13. “Masala ohle a lichaba tsohle” ke bo-mang?
13 Boprofeta ba Zakaria bo tsoela pele khaolong ea 14, temaneng ea 16: “Masala ohle a lichaba tsohle tse neng li futuhetse Jerusalema, a tla nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ea rapela Morena, Jehova oa makhotla, le ho etsa mokete oa Metlotloane.” Ho ea ka Bibele, batho bohle ba phelang kajeno ba tsoelang pele ho phela ho fihlela qetellong ea tsamaiso ena e khopo ’me ba lula e le lira tsa borapeli ba ’nete ba tla feta “kotlong ea boahloli ea timetso e sa feleng.” (2 Bathesalonika 1:7-9; bona le Matheu 25:31-33, 46.) Ba ke ke ba tsoha. Joale ho ka etsahala hore ebe “masala” a kopanyelletsa litho tsa lichaba tse ileng tsa e-shoa pele ho ntoa ea Molimo ea makhaola-khang ’me li e-na le tšepo ea tsoho e thehiloeng Bibeleng. Jesu o tšepisitse: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae ’me ba tsoe, ba ileng ba etsa lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse nyonyehang ba ee tsohong ea kahlolo.”—Johanne 5:28, 29.
14. (a) Ba tsositsoeng ba tlameha ho etsa’ng ho fumana bophelo bo sa feleng? (b) Ho tla etsahala’ng ho leha e le bafe ba hanang ho inehela ho Jehova le ho sebelisa borapeli ba ’nete?
14 Bana bohle ba tsositsoeng ba tlameha ho etsa ho hong e le hore tsoho ea bona e ka ba ea bophelo e seng ea kahlolo e bohloko. Ba tlameha ho tla mabaleng a lefatšeng a tempele ea Jehova ’me ba iname bakeng sa ho inehela ho Molimo ka Jesu Kreste. Leha e le bafe ba tsositsoeng ba hanang ho etsa sena ba tla fumana kotlo e tšoanang le e tla oela lichaba tsa kajeno. (Zakaria 14:18) Ke mang ea tsebang hore na ke ba bakae ba tsositsoeng bao ka thabo ba tla ikopanya le bongata bo boholo ha bo keteka Mokete oa Metlotloane o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo? Ha ho pelaelo, ba tla ba bangata, ka lebaka leo, tempele ea Jehova e khōlō ea moea e tla khanya haholoanyane!
Mokete oa Metlotloane o Tšoantšetsoang ke oa Boholo-holo
15. (a) Litšobotsi tse ling tse hlaheletseng tsa Mokete oa Metlotloane oa Baiseraele ba boholo-holo ke life? (b) Ke hobane’ng ha lipoho tse 70 li ne li nyeheloa nakong ea mokete oo?
15 Selemo ka seng, ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba boholo-holo ba keteke Mokete oa Metlotloane. O ne o nka beke ’me o etsoa qetellong ea nako ea kotulo. E ne e le nako e thabisang ea liteboho. Ka nako e etsang beke, ba ne ba tlameha ho lula metlotloaneng ea nakoana e koahetsoeng ka mahlaku a lifate, haholo-holo makala a palema. Mokete ona o ne o hopotsa Baiseraele kamoo Molimo a ileng a pholosa baholo-holo ba bona Egepeta le kamoo a ileng a ba hlokomela kateng ha ba lula metlotloaneng ha ba ntse ba tsamaea lefeelleng ka lilemo tse 40 ho fihlela ba fihla Naheng e Tšepisitsoeng. (Levitike 23:39-43) Nakong ea mokete ona, ho ne ho etsoa sehlabelo ka lipoho tse 70 aletareng ea tempele. Motheong oa bopaki bo fanoeng, tšobotsi ena ea mokete e ne e le boprofeta ba mosebetsi o phethahetseng le o feletseng oa ho pholosa bophelo o entsoeng ke Jesu Kreste. Melemo ea sehlabelo sa hae sa thekollo qetellong e tla tšolohela ho bana ba se nang palo ba malapa a 70 a moloko oa batho a tsoileng ho Noe.—Genese 10:1-29; Numere 29:12-34; Matheu 20:28.
16, 17. (a) Mokete oa Metlotloane o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo o ile oa qala neng, hona o ile oa tsoela pele joang? (b) Bongata bo boholo bo kopanela joang moketeng oo?
16 Kahoo Mokete oa Metlotloane oa boholo-holo o ne o supa ho bokelleloeng ha baetsalibe ba lopolotsoeng ka tempeleng ea Jehova e khōlō ea moea. Phethahatso ea mokete ona e ile ea qala ka Pentekonta ea 33 C.E. ha ka thabo, Baiseraele ba moea ba qala ho bokelleloa phuthehong ea Bokreste. (Liketso 2:41, 46, 47) Bana ba tlotsitsoeng ba ile ba ananela hore e ne e le “baahi ba nakoana” lefatšeng la Satane hobane ‘boahi ba bona [ba sebele] bo teng maholimong.’ (1 Petrose 2:11; Bafilippi 3:20) Mokete ona oa thabo ka nakoana o ile oa pupetsoa ke bokoenehi bo ileng ba fella ka ho thehoa ha Bokreste-’mōtoana. (2 Bathesalonika 2:1-3) Leha ho le joalo, mokete ona o ile oa qalisoa hape ka 1919 ka ho bokelloa ho thabisang ha litho tse setseng tsa Baiseraele ba moea ba 144 000, ho ileng ha lateloa ke ha bongata bo boholo ba machaba ba Tšenolo 7:9.
17 Bongata bo boholo bo tšoantšetsoa e le bo nang le makala matsohong a bona, e leng se bontšang hore le bona ba keteka Mokete oa Metlotloane o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo ba thabile. E le Bakreste ba inehetseng, ka thabo ba kopanela mosebetsing oa ho bokellela barapeli ba eketsehileng ka tempeleng ea Jehova. Ho feta moo, e le baetsalibe, ba utloisisa hore ha ba na litokelo tsa ho lula lefatšeng ka ho sa feleng. Bona, hammoho le ba tla tsoha nakong e tlang, ba tlameha ho tsoela pele ho sebelisa tumelo sehlabelong sa thekollo sa Kreste ho fihlela ba finyella phetheho ea botho qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo tse Sekete.—Tšenolo 20:5.
18. (a) Ho tla etsahala’ng qetellong ea Puso ea Jesu Kreste ea Lilemo tse Sekete? (b) Borapeli ba ’nete ba Jehova bo tla qetella bo hlōtse joang?
18 Joale, barapeli ba Molimo lefatšeng ba tla ema ka pel’a hae e le batho ba phethahetseng ho sa hlokahale boprista ba leholimong. Ho tla be ho tlile nako ea ha Jesu Kreste a tla be a “nehelana ka ’muso ho Molimo le Ntate oa hae.” (1 Bakorinthe 15:24) Satane o tla lokolloa “ka nakoana” ho leka batho ba phethahetseng. Leha e le bafe ba sa tšepahaleng ba tla timetsoa ka ho sa feleng, hammoho le Satane le bademona ba hae. Ba lulang ba tšepahala ba tla fuoa bophelo bo sa feleng. E tla ba baahi ba lefatše la Paradeise ka ho sa feleng. Kahoo Mokete oa Metlotloane o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo o tla be o fihlile qetellong e khanyang le e atlehileng. Borapeli ba ’nete bo tla be bo hlōtse tlotlisong ea Jehova ea ka ho sa feleng le thabong e sa feleng ea moloko oa batho.—Tšenolo 20:3, 7-10, 14, 15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhaloso ea temana ka temana ea Zakaria khaolo ea 14, bona buka ea Paradise Restored to Mankind—By Theocracy!, e hatisitsoeng ka 1972 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., khaolong ea 21 le ea 22.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ea Banethinime ba kajeno, bona Molula-Qhooa oa April 15, 1992, leqepheng la 16.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ “Jerusalema” e hlasetsoe joang ntoeng ea pele ea lefatše?—Zakaria 14:2.
◻ Batho ba Molimo ba ’nile ba etsahalloa ke’ng ho tloha ka 1919?
◻ Kajeno ke bo-mang ba kopanelang ho ketekeng Mokete oa Metlotloane o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo?
◻ Borapeli ba ’nete bo tla hlōla ka ho feletseng joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Makala a palema a ne a sebelisoa ha ho ketekoa Mokete oa Metlotloane