Khaolo ea Botšelela
“Toka e ke e Hlahe”—Senotlolo sa ho Tseba Molimo
1. Ke hobane’ng ha u rata toka?
HAESALE ho e-na le batho ba ’nileng ba tuma ka lebaka la ho buella toka. Empa hlokomela hore: Batho ba rata toka hobane ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Le uena u rata toka ’me u batla hore ba bang ba u tšoare ka tsela e nang le toka hobane u entsoe ka setšoantšo sa Jehova, ea ‘khahlisoang’ ke toka.—Jeremia 9:24; Genese 1:27; Esaia 40:14.
2, 3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ithuta libuka tsa baprofeta ba 12 e le hore re khone ho tseba toka ea Jehova?
2 Ha u ntse u bala libuka tse fapa-fapaneng ka Bibeleng, u tla lemoha kamoo toka ea Molimo e leng kateng. Leha ho le joalo, u tla rua molemo ka ho khethehileng ha u ithuta libuka tsa baprofeta ba 12. Libukeng tsena toka e hlaheletse hoo mokhatlo oa Bibele o bileng o hatisitseng buka e nang le lengolo la Hosea, Amose le Mikea, e bitsoang Justice Now! (Toka Hona Joale!) Ka mohlala, hlokomela kamoo Amose a ipiletsang kateng ha a re: “Toka e ke e hlahe feela joaloka metsi, le ho loka joaloka molapo o phoroselang o phallang kamehla.” Hape hlokomela lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa tseo Mikea a reng u tlameha ho li etsa: “Jehova o batla eng ho uena haese hore u sebelise toka u rate mosa ’me u inyenyefatse ha u tsamaea le Molimo oa hao?”—Amose 5:24; Mikea 6:8.
3 Kahoo, e le hore re tle re tsebe Jehova hamolemo re be re khone ho mo etsisa, ka sebele ho hlokahala hore re utloisise toka ea hae re be re e ananele. Toka ea Jehova ke tšobotsi e khōlō ea botho ba hae, kahoo re ke ke ra bolela hore rea mo tseba ntle leha re utloisisa toka ea hae re bile re e ananela. Esita le bahlanka ba hae ba boholo-holo ba ne ba tseba hore “Jehova o rata toka.”—Pesaleme ea 33:5; 37:28.
4. Bontša kamoo libuka tsa baprofeta ba 12 li ka u kholisang haholoanyane kateng hore Molimo o bontša toka.
4 Nakoana pele Jehova a phethisa kahlolo Jerusalema, moprofeta Habakuke o ile a botsa: “Jehova, ke tla hoeletsa halelele hakae ho kōpa thuso? . . . Molao o felloa ke matla, ’me toka ha ho mohla e tsoang. Hobane ea khopo o teetse ea lokileng hare, ka lebaka leo toka e tsoa e khopame.” (Habakuke 1:2, 4) Habakuke ea tšepahalang o ne a tsebile Jehova ka ho bala Mangolo ao a neng a ka a fumana, le ka lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba hae. Kahoo, o ne a se na pelaelo hore Molimo o sireletsa toka ebile oa e khothalletsa. Leha ho le joalo, moprofeta enoa o ne a tšoenyehile ka hore na ke hobane’ng ha Jehova a ne a lumeletse bokhopo. Molimo o ile a tiisetsa Habakuke hore O tla bontša toka ho ba tšepahalang. (Habakuke 2:4) Haeba Habakuke le ba bang ba ne ba ka kholiseha hore Jehova o tla sebelisa toka, le uena u na le lebaka le matla ho feta la ho kholiseha ka sena. Hobane’ng? Hobane hona joale Bibele e feletse, kahoo u ka hlahloba tlaleho e khōloanyane ea kamoo Jehova a ’nileng a sebelisana le batho kateng le kamoo a bontšitseng botho ba hae kateng, ho akarelletsa le toka ea hae. Kahoo, u boemong bo molemo haholoanyane ba ho tseba Jehova le ho kholiseha hore o bontša toka ka ho phethahetseng.
5. Tabeng ea toka, ke eng seo re se lemohang?
5 Ha Jehova a romela manģosa Iseraele, o ile a hatisa taba ea ho bontša toka. (Esaia 1:17; 10:1, 2; Jeremia 7:5-7; Ezekiele 45:9) Ha ho pelaelo hore o ile a hatisa toka melaetseng ea baprofeta ba 12. (Amose 5:7, 12; Mikea 3:9; Zakaria 8:16, 17) Bohle ba balang libuka tsa baprofeta bana ba ka lemoha hore li re khothalletsa hore re bontše toka ho sohle seo re se etsang letsatsi le letsatsi. Ho na le litsela tse ngata tseo ka tsona re ka sebelisang lithuto tse libukeng tsena tse 12, empa a re ke re hlahlobeng maemo a mabeli ao baprofeta bana ba ileng ba totobatsa hore ho hlokahala toka ho ’ona ’me re bone kamoo re ka sebelisang seo re ithutang sona.
TOKA LITABENG TSA KHOEBO LE LITABENG TSA LICHELETE
6, 7. Ke hobane’ng ha kaofela re lokela ho thahasella ho bontša toka litabeng tsa khoebo le litabeng tsa lichelete?
6 Jesu o ile a re: “Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.” (Luka 4:4; Deuteronoma 8:3) Ha aa ka a latola hore re hloka bohobe—re hloka lijo. Ba bangata ba lokela ho sebetsa kapa e mong ka lapeng o lokela ho sebetsa e le hore ho be le lijo ka lapeng. Ho ne ho le joalo le ka bahlanka ba Molimo ba boholo-holo. Ba bang ba ne ba itšebetsa—ba lema kapa ba etsa liaparo, thepa ea ntlo kapa lintho tseo ho phehoang ka tsona. Ba bang ba ne ba hira batho ba bang—ba ba hirela ho kotula kapa ho sila, ho etsa oli ea mohloaare kapa ho ritela veine. Ba bang bona e ne e le bahoebi—ba reka ba bile ba rekisa. Kapa mohlomong ba bang ba ne ba etsetsa ba bang mesebetsi e itseng, e kang ho lokisa marulelo kapa ho letsa liletsa tsa ’mino.—Exoda 35:35; Deuteronoma 24:14, 15; 2 Marena 3:15; 22:6; Matheu 20:1-8; Luka 15:25.
7 Na ho na le moo bophelo boo bo tšoanang teng le bophelo ba hao kapa ba metsoalle ea hao le beng ka uena? Ke ’nete hore e ka ’na eaba mekhoa ea ho sebetsa e fapane kajeno, empa na ha u lumele hore tsela eo Molimo a neng a batla hore toka e sebelisoe ka eona mehleng eo e fetileng ha ea fetoha? Melaetseng eo a faneng ka eona ka baprofeta ba 12, Jehova o ile a bontša hore o lebeletse hore batho ba hae ba bontše toka litabeng tsa khoebo le litabeng tsa lichelete. Ha re ntse re hlahloba mehlala ea sena, ak’u nahane kamoo le uena u lokelang ho bontša toka ea Molimo kateng.—Pesaleme ea 25:4, 5.
8, 9. (a) Ke hobane’ng ha nyatso e boletsoeng ho Malakia 3:5 e ne e tebile hakaale? (b) Mangolo a khothalletsa pono efe e loketseng litabeng tsa mosebetsi?
8 Molimo o ile a bua tjena a sebelisa Malakia: “Ke tla atamela haufi le lōna bakeng sa kahlolo, ’me ke tla ba paki e potlakang khahlanong le baloi, le khahlanong le bafebi, le khahlanong le ba hlapanyang ka bohata, le khahlanong le ba etsang bolotsana ka moputso oa ea sebeletsang moputso, . . . empa ba sa ka ba ntšaba.” (Malakia 3:5) E, Jehova o ile a nyatsa ba neng ba sa bontše toka ho bahiruoa ba bona, kapa ho basebetsi ba hiriloeng. Taba ee e ne e tebile hakae? O ne a nka ho hlekefetsa basebetsi ho tebile joaloka ho sebelisana le meea, bofebe le ho bua leshano. Bakreste baa tseba hore Molimo o tla ahlola “lihlola le ba sebelisanang le meea le barapeli ba litšoantšo le bohle ba leshano.”—Tšenolo 21:8.
9 Se neng se etsahala mosebetsing se ne se sa ame feela taba ea ho se bontšane botho; ho ne ho ameha toka ea Jehova. O ile a re ka lebaka la mano a “ba etsang bolotsana ka moputso oa ea sebeletsang moputso” o ne a tla ‘atamela haufi le batho bao hore a ba ahlole.’ Ke ’nete hore Molimo o ne a sa bolele hore joale mohiri o se a lokela ho etsa sohle se batloang ke mohiruoa kapa basebetsi. Papisong ea Jesu ea batho ba neng ba hiretsoe ho sebetsa serapeng sa morara, u tla hlokomela hore mohiri o ne a e-na le tokelo ea ho etsa qeto ka moputso le hore na mosebetsi o etsoe joang. (Matheu 20:1-7, 13-15) Re lokela ho hlokomela hore papisong ea Jesu, ebang basebetsi ba ne ba sebelitse letsatsi lohle kapa che, kaofela ba ile ba lefuoa denari, e leng ‘moputso oa letsatsi’ oo ho neng ho lumellanoe ka oona. Hape rea hlokomela hore mohiri o ne a sa etse phaello ka bolotsana ka ho hanyapetsa bahiruoa.—Jeremia 22:13.
10. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahanisisa ka tsela eo re tšoarang bahiruoa ba rōna ka eona?
10 Haeba u hirile batho khoebong ea hao—esita le haeba u hira motho hore a u etsetse mosebetsi o itseng—na moputso oo u ba lefang oona, seo u se batlang ho bona le tsela eo u sebetsanang le litaba tsa lichelete ka eona li lumellana le melao-motheo ea Jehova e lokileng, ho latela Malakia 3:5? Ho molemo ho nahana ka sena hobane taba ea ho se tšoare bahiruoa ka toka e boetse e hlaha le ka Mangolong a Segerike a Bakreste. Mabapi le ba sebetsang ka ho hloka toka litabeng tse joalo, morutuoa Jakobo o ile a botsa: “Na [Jehova] ha a le hanyetse?” (Jakobo 5:1, 4, 6) Re nepile ha re phetha ka ho re: Ba sa bontšeng toka tabeng ea “moputso oa ea sebeletsang moputso” ha ba hlile ha ba tsebe Jehova kaha ha ba etsise toka ea hae.
11, 12. (a) Hosea 5:10 e totobatsa mokhoa ofe oa ho hloka toka? (b) U ka sebelisa molao-motheo o fumanoang ho Hosea 5:10 joang?
11 Joale ak’u bale lebaka leo ka lona Jehova a ileng a hanyetsa ba bang ba banna ba neng ba hlaheletse mehleng ea Hosea: “Likhosana tsa Juda li tšoana hantle le ba chechisang moeli. Ke tla tšolla bohale ba ka feela joaloka metsi holim’a bona.” (Hosea 5:10) Hosea o ile a nyatsa bobe bofe? Sehoai sa Mojuda se ne se phela ka tšimo ea sona, ’me meeli e ne e tšoailoe ka majoe kapa ka lipalo. Ho ‘chechisa moeli’ e ne e le ho fokotsa tšimo ea sehoai le ho se amoha seo se iphelisang ka sona, ho se tlatlapa. Hosea o ile a tšoantša likhosana tsa Juda, tseo e leng tsona tse neng li tlameha ho buella toka, le ba chechisang meeli.—Deuteronoma 19:14; 27:17; Jobo 24:2; Liproverbia 22:28.
12 Kajeno batho ba etsang khoebo ka litša le mehaho ba ka ’na ba lekeha ‘hore ba chechise meeli’ e le hore ba qhekelle bareki. Leha ho le joalo, molao-motheo ona o sebetsa ho bahoebi, bahiri, bahiruoa kapa bareki—bohle ba saenang likonteraka kapa ba etsang litumellano. Joalokaha u tseba, ba bang ba amehang litabeng tsa khoebo ha ba rate ho ngola litumellano fatše, ba nahana hore hamorao ho tla ba bonolo hore ba se ke ba etsa sohle seo ho lumellanoeng ka sona kapa hore ba batle lintho tse neng li le sieo litumellanong. Ba bang ba ngola litumellano fatše empa ba kenyelletsa lintlha tse ngotsoeng ka mongolo o mosesaane o sa hlakang hantle, e le hore ba ka sotha seo li se bolelang hore ba ithuise molemo, le haeba sena se ka utloisa motho e mong bohloko. Na u nahana hore motho ea etsang joalo—ebang ke mohoebi kapa moreki, mohiri kapa mohiruoa—o hlile o tseba Molimo oa toka? Lentsoeng la hae, Jehova o itse: “U se ke ua chechisa moeli oa [bashanyana ba se nang bo-ntate]. Etsoe Molopolli oa bona o matla; o tla buella nyeoe ea bona ho uena.”—Liproverbia 23:10, 11; Habakuke 2:9.
13. Ho ea ka Mikea 6:10-12, ke ho hloka toka hofe ho neng ho le teng har’a batho ba Molimo ba boholo-holo?
13 Mikea 6:10-12 e re bolella ho eketsehileng ka toka: “Na ka tlung ea ea khopo ho sa ntse ho e-na le matlotlo a bokhopo, le tekanyo ea efa e nyenyane e nyatsuoang? Na nka ba ea hloekileng boitšoarong ka sekala se khopo le ka mokotla oa majoe a ho bekha a thetsang? Etsoe . . . baahi ba oona ba buile leshano, ’me maleme a bona ke a qhekellang.” E ka ’na eaba kajeno re bekha lijo ka lilithara kapa likoarete, eseng liefa. Kapa mohlomong re bekha lintho ka lik’hilograma kapa liponto ho e-na le majoe a sebelisoang ho bekha lintho sekaleng. Leha ho le joalo, taba ea Mikea e hlakile. Bahoebi kapa bo-rakhoebo ba mehleng ea hae ba ne ba qhekella; ba ne ba sa sebelise litekanyo tseo ho lumellanoeng ka tsona ba bile ba tšoara batho ka tsela e se nang toka. Molimo o ile a re ba nang le ‘melomo e qhekellang’ le ba qhekellang khoebong, ke batho ba “khopo.”—Deuteronoma 25:13-16; Liproverbia 20:10; Amose 8:5.
14. Temoso ea Mikea e ka re thusa hore re qobe ho hloka toka ha mofuta ofe mehleng ee?
14 Na seo Mikea a se buang ka ho sebelisa boima le litekanyo tse thetsang se ama tsela eo u sebetsang ka eona khoebong ea hao kapa seo u se etsang haeba u le mohiruoa? Ena ke taba eo motho a lokelang ho nahanisisa ka eona hobane ho na le litsela tse ngata tseo ho qhekelloang bareki le batho ba bang ka tsona. Ka mohlala, ha bo-ralikonteraka ba sa tšepahaleng ba luba taka, ba tšela samente e nyenyane ho feta e hlokahalang kapa e batloang ke molao. Kapa, setsebi sa mesebetsi ea matsoho se ka ’na sa sebelisa thepa ea boleng bo tlaase libakeng tseo se tsebang hore li patehile, ho e-na le ho sebelisa thepa eo se pataletsoeng ho e sebelisa. Bahoebi ba bang ba rekisa lintho tseo ba reng li ncha-cha, empa e le hore ha e le hantle li kile tsa sebelisoa. Hape, mohlomong u kile ua utloela ka mekhoa e meng e tloaelehileng ea ho qhekella ka morero oa ho eketsa phaello. Na u ka lekeha hore u e sebelise? Buka ea morao tjena e buang ka ho sireletsa litaba tsa hao tsa lekunutu e ile ea re Lipaki Tsa Jehova “li lumela hore ’Mōpi oa tsona o li shebile, ’me tse ngata li ka mpa tsa shoa ho e-na le ho utsoa.” Hape e ile ea re: “Ke tsona tse batloang haholo mesebetsing eo ho eona ho sebetsanoang le lichelete tse ngata.” Hobane’ng? Hobane Bakreste ba ’nete baa tseba hore Jehova o ‘batla hore ba sebelise toka’ esita le litabeng tsa bona tsa khoebo le litabeng tsa lichelete.—Mikea 6:8.
‘LIKHOSANA TSE BUSANG KA TOKA’
15, 16. Baeta-pele ba mehleng ea Mikea ba ne ba tšoara batho ba bang joang?
15 Ha u bala libuka tsa baprofeta ba 12 u tla hlokomela hore ho na le linako tseo ka tsona toka e neng e hlile e le sieo. Ba ikarabellang, e leng bona ba neng ba lokela ho beha mohlala oa ho bontša toka, ba ne ba sa etse joalo. (Exoda 18:21; 23:6-8; Deuteronoma 1:17; 16:18) Mikea o ile a ipiletsa ka ho re: “Ka kōpo, utloang lōna lihlooho tsa Jakobo le lōna balaoli ba ntlo ea Iseraele. Na hase mosebetsi oa lōna ho tseba toka? Lōna ba hloileng se molemo le ba ratang bobe, ba qaqapolotsang batho letlalo la bona le nama ea bona masapong a bona.”—Mikea 3:1-3; Esaia 1:17.
16 E tlameha ebe mantsoe ao a ile a nyarosa batho ba tloaetseng bophelo ba mahaeng. Ka linako tse ling molisa o ne a kuta linku tseo a li hlokometseng le tseo a li sirelelitseng. (Genese 38:12, 13; 1 Samuele 25:4) Empa “balaoli ba ntlo ea Iseraele,” ba neng ba lokela “ho tseba toka,” ba ne ba hanyapetsa batho ba lekhulo la Molimo, joalokaha eka ba qaqapolotsa letlalo le nama ea nku ba bile ba e roba masapo. (Pesaleme ea 95:7) Ha Mikea a sebelisa papiso e ’ngoe ea bophelo ba mahaeng, o ile a re likhosana ‘tse neng li ahlola bakeng sa moputso’ li ne li le joaloka sehlahla se hlabang kapa lekhoakhoa la meutloa. (Mikea 7:3, 4) Ak’u nahane u tsamaea sebakeng se tletseng lihlahla tse hlabang le makhoakhoa a meutloa. Mohlomong meutloa e ne e tla u ngoapa, e u tabolele liphahlo. Sena se tšoantšetsa hore na baeta-pele ba ne ba tšoara batho ba Molimo joang. Ho e-na le ho sebelisana ka toka le barab’abo bona, e ne e le balotsana ’me ba sa tšepahale.—Mikea 3:9, 11.
17. Ho ea ka Sofonia 3:3, baeta-pele e le batho ba mofuta ofe?
17 Sofonia o ile a bolela se tšoanang, a re: “Likhosana tsa hae ka hare ho eena e ne e le litau tse purumang. Baahloli ba hae e ne e le liphiri tsa shoalane tse sa kang tsa phura masapo ho fihlela hoseng.” (Sofonia 3:3) Na ka mahlo a kelello u bona baeta-pele ba batho ba Molimo, bao joaloka litau tse hlaha tse rusollang, ba neng ba sa natse ho loka? Kapa baahloli bao joaloka liphiri tse harolakang, tse sa khotsofaleng, ba neng ba harinya ntho e ’ngoe le e ’ngoe hoo ho neng ho ka fumanoa ho setse masapo feela hoseng? Toka e ne e ka ba teng joang maemong a joalo? Baeta-pele ba neng ba etsa batho liphofu tsa bona ho e-na le ho ba hlokomela ba ne ba tsekolla toka.
18. Baahloli ba Iseraele ba ne ba lokela hore ebe ba tšoere batho ba Molimo joang?
18 Ka ho hlakileng, baeta-pele bao ba sechaba se inehetseng ho Molimo ba ne ba sa mo tsebe. Haeba ba ne ba mo tseba, ba ka be ba ile ba mamela mantsoe a Zakaria 8:16 a reng: “Tsena ke lintho tseo le lokelang ho li etsa: Bolellanang ’nete. Le etse kahlolo ea lōna lihekeng tsa lōna ka ’nete le ka kahlolo ea khotso.” Banna ba baholo ba Iseraele ba ne ba kopana hekeng ea motse moo ba neng ba lokela ho sebeletsa linyeoe teng, leha ho le joalo, ba ne ba sa lokela ho li sebetsa ka lepotlapotla kapa ka maikutlo a bona empa ba ne ba lokela ho li sebetsa tumellanong le monahano oa Molimo. (Deuteronoma 22:15) Jehova o ne a lemositse hore ba se ke ba bontša leeme ho batho ba kang barui kapa batho ba hlahelletseng. (Levitike 19:15; Deuteronoma 1:16, 17) Baahloli ba ne ba lokela ho leka ho bōpa khotso pakeng tsa batho ba tsekisanang, ba fane ka “kahlolo ea khotso.”
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste ba ka ithuta ho hongata libukeng tsa baprofeta ba 12? (b) Baholo ba ka bontša joang hore ba tseba Jehova le toka ea hae?
19 Moapostola Pauluse o ile a qotsa karolo ea Zakaria 8:16 ha a ne a ngolla Bakreste. (Baefese 4:15, 25) Kahoo, ha re na pelaelo hore litemoso tseo baprofeta ba 12 ba faneng ka tsona le keletso ea bona tabeng ea toka li hlile lia sebetsa ka phuthehong kajeno. Ho hlokahala hore banna ba baholo, kapa balebeli, ba behe mohlala oa ho tseba Jehova le ho bontša toka ea hae. Esaia 32:1 e ba reneketsa ka ho ba bitsa ‘likhosana tsa toka.’ Re lemoha lintlha life tseo re ka li sebelisang tse boletsoeng ka baholo ba joalo temosong le keletsong e libukeng tsa baprofeta ba 12?
20 Ho hlokahala hore baholo ba Bakreste ba hopole ’nete ea Mangolo le pono ea Jehova. Ho hlokahala hore ba thehe liqeto tsa bona Mangolong eseng maikutlong a bona feela a se nang mabaka a utloahalang. Bibele e bontša hore ho ka ’na ha e-ba le linyeoe tse thata, tse hlokang hore ba li lokisetse ka nako e teletsana, hore ka bomong ba batlisise lintlha tse hlahang ka Bibeleng le likhatisong tse nang le keletso e bohlale ea sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene. (Exoda 18:26; Matheu 24:45) Ha baholo ba etsa boiteko bo joalo, ba ka khona hore ba hloee se sebe ’me ba rate seo Molimo a reng se molemo. Sena se tla ba thusa hore ba “fe toka sebaka hekeng” e le hore ba ka ‘etsa kahlolo ea bona ka toka ea ’nete.’—Amose 5:15; Zakaria 7:9.
21. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho qoba leeme, empa ke’ng e ka ’nang ea ba leka hore ba bontše leeme?
21 Esita le haeba motho ea nang le boikarabelo ba ho ahlola a tseba Bibele, a ka ’na a bontša leeme. Malakia o ne a utloisitsoe bohloko ke hore baprista ba neng ba lokela hore ebe ke bona ba fanang ka tsebo ‘ba ne ba bontša leeme molaong.’ (Malakia 2:7-9) Ho ne ho tlile joang hore ho be joalo? Mikea o ile a bolela hore ba bang ba ka sehloohong ba ne “ba ahlola feela bakeng sa tjotjo, le baprista . . . ba rupela feela bakeng sa tefo.” (Mikea 3:11) Moholo a ka ’na a iphumana a se a nahana ka tsela ee joang? Ho thoe’ng haeba motho eo a sebetsang taba ea hae a mo file lintho tse ngata, kapa haeba moholo a bona hore a ka ’na a rua molemo ho motho eo nakong e tlang? Kapa mohlomong o sebetsa taba ea motho eo a amanang le eena ka ho toba kapa ka lenyalo. Na kahlolo ea hae e tla susumetsoa ke likamano tsa lelapa kapa melao-motheo ea moea? Hore na moholo o leeme kapa che ho ka totobala ha a sebetsa taba ea motho ea entseng phoso kapa ha a etsa qeto ea hore na ebe ho ea ka Mangolo motho ea itseng oa tšoaneleha hore a fuoe boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong kapa che.—1 Samuele 2:22-25, 33; Liketso 8:18-20; 1 Petrose 5:2.
22. (a) Baholo ba na le boikarabelo bofe mabapi le toka? (b) Ke litšobotsi life hape tse hlahang ka Lentsoeng la Molimo tseo baholo ba lokelang ho li bontša ha ba sebetsana le bafosi?
22 Ha motho a etsa phoso e tebileng, balisa ba moea ka phuthehong ba nka khato ho sireletsa phutheho ho bohle ba ka bang le tšusumetso e kotsi, e ka e senyang. (Liketso 20:28-30; Tite 3:10, 11) Leha ho le joalo, haeba mofosi a bakile e le kannete, baholo ba batla “ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.” (Bagalata 6:1) Ho e-na le ho hloka kutloelo-bohloko, ba sebelisa keletso ena: “Etsang kahlolo ea lōna ka toka ea ’nete; ’me le etsetsane mosa o lerato le mehauhelo.” (Zakaria 7:9) Litaelo tsa Jehova mabapi le hore na linyeoe li sebetsoe joang Iseraele ea boholo-holo li bontša toka ea hae le mohau oa hae. Baahloli ba khethiloeng ba ne ba lokolohile ho etsa liqeto tse ngata; ba ne ba ka bontša mohau ho itšetlehile ka maemo le ka boikutlo ba mofosi. Ka ho tšoanang, balebeli ba Bakreste ba lokela ho leka ho ahlola “ka toka ea ’nete” le ho ba le “mosa o lerato le mehauhelo,” ’me ba bontše hore ba tseba Jehova.
23, 24. (a) Baholo ba ka etsa hore ho be le “kahlolo ea khotso” joang? (b) Baprofeta ba 12 ba u thusitse hore u utloisise eng mabapi le toka?
23 Hopola Zakaria 8:16: “Le etse kahlolo ea lōna lihekeng tsa lōna ka ’nete le ka kahlolo ea khotso.” Ka sepheo sefe? Ka sepheo sa ho fana ka “kahlolo ea khotso.” Esita le ha baapostola ba sa phela, ho ne ho e-na le liphapang kapa liqabang pakeng tsa Bakreste ba itseng. Joalokaha Pauluse a ile a thusa Evodia le Syntike, ho ka ’na ha hlokahala hore baholo ba thuse ba bang kajeno. (Bafilipi 4:2, 3) Ka sebele baholo ba lokela ho leka ka matla ho fana ka “kahlolo ea khotso,” ba leke ho bōpa khotso pakeng tsa batho ba tsekisanang. Likeletso tsa Mangolo tseo ba fanang ka tsona le moea oo ba fanang ka tsona ka oona li lokela ho etsa hore ho be le khotso ka phuthehong le khotso pakeng tsa batho le Molimo. Sena se tla totobatsa hore ruri ba tseba Jehova le toka ea hae.
24 Maemo a mabeli a boletsoeng ka holimo a bontša hore ke habohlokoa hore bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi re sebelise keletso e tlalehiloeng ke baprofeta ba 12 mabapi le toka. Ka sebele ke tlhohonolofatso e kaakang ha rōna le bao re kopanelang le bona re etsa hore ‘toka e ke e hlahe’!