Hlompha “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho”
“Seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—MAR. 10:9.
1, 2. Lengolo la Baheberu 13:4 le re susumelletsa hore re ikutloe joang ka lenyalo?
NA U RATA ho hlompha Jehova? Ntle ho tika-tiko u rata ho mo hlompha. Jehova o tšoaneloa ke tlhompho ea rona ebile o re tšepisa hore o tla re hlompha le eena haeba re mo hlompha. (1 Sam. 2:30; Liprov. 3:9; Tšen. 4:11) O boetse o lebelletse hore re hlomphe batho ba bang, ba kang bahlanka ba ’muso. (Bar. 12:10; 13:7) Empa ho na le tabeng e ’ngoe hape moo ka ho khetheha u tlamehang ho bontša hlompho. Ke ho hlompha lenyalo.
2 Ha Moapostola Pauluse a bua ka lenyalo o ile a re: “Lenyalo le ke le hlomphehe har’a bohle, le liphate tsa lenyalo li hloke litšila.” (Baheb. 13:4) Mona ha se hore Pauluse o ne a mpa a tlosa molomo bolutu ka ho bua ka lenyalo. O ne a bolella Bakreste hore ba hlomphe lenyalo, ba se ke ba le nka joaloka papali. Na u hlompha lenyalo, haholo-holo la hao?
3. Jesu o ile a fana ka keletso efe ea bohlokoa e mabapi le lenyalo? (Sheba setšoantšoa se qalong.)
3 Haeba u hlompha lenyalo, o etsisa mohlala oa Jesu. Ha Bafarisi ba mo botsa ka tlhalo, o ile a qotsa mantsoe ao Molimo a ileng a bua ho monna oa pele, moo a itseng: “Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m ’ae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.” O ile a phaella ka ho re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Bala Mareka 10:2-12; Gen. 2:24.
4. Jehova o ne a hopotse’ng ha a qapa lenyalo?
4 Jesu o ile a totobatsa hore lenyalo le qapiloe ke Molimo le hore e lokela ho ba khomareli ea kokotane. Ha ho moo Molimo a ileng a bolella Adama le Eva hore ba ka hlalana. Molimo o ile a beha molao oa hore “ba babeli” ba tla lula ’moho ho ea ho ile.
NTŠUNYE-KHARE LIPAKENG TSA BATHO BA BABELI
5. Lefu le ka ama lenyalo ka tsela efe?
5 Joalokaha u tseba, ka mor’a hore Adama a fosetse Molimo lintho tse ngata li ile tsa fetoha. E ’ngoe ea lintho tse ileng tsa qala ho ba teng ke lefu, ’me le ama lenyalo. Re fumana seo ha re bala moo moapostola Pauluse a ileng a ngolla Bakretse a ba hlalosetsa hore ha ba sa laoloa ke Molao oa Moshe. O ile a re banyalani ba ka arohanngoa ke lefu ’me molekane ea setseng a phela a ka nyaloa kapa a nyala haeba a batla.—Bar. 7:1-3.
6. Molao oa Moshe o re ruta’ng ka tsela eo Molimo a talimang lenyalo ka eona?
6 Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele o ne o e-na le melaoana e laolang lenyalo. O ne o lumella hore monna a ka nyala sethepu. Tloaelo ena e qalile le pele Molimo a fa Baiseraele Molao. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le melaoana e laolang sethepu, e le ho sireletsa basali le bana. Ka mohlala, haeba Moiseraele a nyala lekhoba ’me hamorao a nyala mosali e mong, o ne a lokela ho hlokomela mosali e moholo feela joalokaha a ne a etsa pele. Molimo o ne a lebelletse hore a mo sireletse a be a mo hlokomele. (Ex. 21:9, 10) Rona ha re sa busoa ka Molao oa Moshe, empa o re thusa ho bona hore Jehova o nka lenyalo e le la bohlokoa. Na taba ee ha e etse hore le uena u le nke le le bohlokoa?
7, 8. (a) Molao o hlahang ho Deuteronoma 24:1 o lumella tlhalo tlas’a lebaka lefe? (b) Jehova o ikutloa joang ka tlhalo?
7 Molao o ne o re’ng ka tlhalo? Le hoja Molimo a ne a sa rera hore batho ba hlalane, ho ne ho e-na le maemo ao tlas’a ’ona Molao o lumellang batho hore ba ka hlalana. (Bala Deuteronoma 24:1.) Monna oa Moiseraele o ne a ka hlala mosali oa hae haeba a “fumane ntho e sa hlompheheng ho eena.” Ha ho moo Molao o bolelang hore na ntho eo “e sa hlompheheng” ke eng. E tlameha e be e ne e le ntho e hlabisang lihlong kapa e tebileng, e seng phosonyana e sa reng letho. (Deut. 23:14) Ka masoabi, mehleng ea Jesu batho ba bangata ba ne ba hlala “ka lebaka leha e le lefe.” (Mat. 19:3) Ho hang ha re batle ho tšoana le bona.
8 Moprofeta Malakia o ile a hlalosa maikutlo a Molimo ka tlhalo. Mehleng eo, e ne e le ntho e tloaelehileng hore banna ba lohe mano a ho hlala ‘basali ba bocha ba bona,’ mohlomong e le hore ba nyale basali ba bacha ba bahetene. Malakia o ile a hlalosa maikutlo a Molimo ha a re: “O hloile tlhalo.” (Mal. 2:14-16) Sena se nyallana hantle le mantsoe ao Molimo a ileng a bua ho Adama ha a re: “[Monna] a khomarele mosali oa hae ’me e tla ba nama e le ’ngoe.” (Gen. 2:24) Jesu o ne a bona litaba hantle joaloka Ntate oa hae ’me a re: “Seo Molimo a se kopantseng hammoho ho se ke ha e-ba le motho ea se arolang.”—Mat. 19:6.
LEBAKA LE LE LENG FEELA LEO KA LONA MOTHO A KA HLALANG
9. Mantsoe a Jesu a ho Mareka 10:11, 12 a bolela’ng?
9 Batho ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Na ho na le lebaka le utloahalang leo ka lona Mokreste a ka hlalang a ba a nyala kapa a nyaloa hape?’ Ha Jesu a hlalosa maikutlo a hae ka tlhalo o ile a re: “Mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae ’me a nyala e mong oa feba, ’me oa mo siteloa, ’me haeba mosali, ka mor’a ho hlala monna oa hae, a nyaloa ke e mong, oa feba.” (Mar. 10:11, 12; Luka 16:18) Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a hlompha lenyalo ebile o batla hore le rona re le hlomphe. Haeba monna a hlala mosali oa hae ea tšepahalang (kapa mosali a hlala monna oa hae ea tšepahalang) ka bolotsana ’me a nyala e mong oa feba. Sena ke ’nete hobane tlhalo ha e khaole lenyalo mahlong a Molimo. Ho ea ka eena, banyalani bao e ntse e le “nama e le ’ngoe.” Ntle ho moo, Jesu o ile a re monna ea hlalang mosali oa hae ea se nang molato o mo kenya tekong ea ho feba. Ka tsela efe? Ho latela kamoo bophelo bo neng bo le ka teng mehleng eo, mosali ea hlaluoeng o ne a ka lekeha hore a nyaloe e le hore ho be le motho ea mo fatelang metsuntsunyane. Lenyalo le joalo e ne e tla be e le la bofebe.
10. Ke tlas’a maemo afe moo Mokreste a ka hlalang ’me a ba le bolokolohi ba ho nyala motho e mong osele?
10 Jesu o ile a fana ka mabaka ao ka ’ona lenyalo le ka khaohang mahlong a Molimo. O ile a re: “Ke re ho lona mang kapa mang ea hlalang mosali oa hae, haese ka lebaka la bohlola, [kapa boitšoaro bo hlephileng bo bitsoang por·neiʹa ka Segerike] ’me a nyala e mong oa feba.” (Mat. 19:9) O ile a bua taba e tšoanang Thutong ea hae ea Thabeng. (Mat. 5:31, 32) Makhetlong ao ka bobeli, Jesu o ile a bua ka “bohlola” kapa boitšoaro bo hlephileng. Boitšoaro bo joalo bo akarelletsa libe tse sa tšoaneng tse amanang le ho kopanela likobo ho etsoang le motho eo eseng molekane oa lenyalo, tse kang: bofebe, ho rekisa ’mele, ho kopanela likobo ha batho ba sa nyalanang, ho kopanela likobo ha batho ba bong bo tšoanang le ho robala le liphoofolo. Ka mohlala, haeba monna ea nyetseng a etsa boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate, mosali oa hae a ka etsa qeto ea hore na o batla ho mo hlala kapa che. Haeba a mo hlala, lenyalo le joalo le tla be le khaohile le mahlong a Molimo.
11. Ke hobane’ng ha Mokreste a ka etsa qeto ea hore ha a hlale le ha ho e-na le mabaka a Mangolo a hore a ka hlala?
11 Hlokomela hore Jesu ha aa ka a re ha molekane e mong a entse boitšoaro bo bobe (por·neiʹa) molekane ea se nang molato o tlameha ho mo hlala. Ka mohlala, ’mè a ka ’na a khetha ho ngalla motšeo, ke hore, ho tšoarela molekane oa hae ea entseng boitšoaro bo litšila. Mohlomong o ntse a mo rata ’me o batla ho mo tšoarela le ho mo thusa ho tiisa lenyalo la bona. ’Nete ke hore, le ha a ne a mo hlalile eaba o itulela a sa nyaloa, o ne a tla ’ne a be le liqholotso. Potso ke hore: Ke mang ea tla mo fatela metsuntsunyane le hona ho hlokomela litlhoko tsa hae tsa maikutlo? Na a ke ke a bolaoa ke bolutu? Bana bona ba tla ikutloa joang? Na ho hlala ho tla mo thatafalletsa ho ba holisetsa ka phuthehong? (1 Bakor. 7:14) Hoa hlaka hore molekane eo ea se nang molato o tla tobana le mathata a mangata a fapakaneng.
12, 13. (a) Ke’ng se ileng sa etsahala lenyalong la Hosea? (b) Ke hobane’ng ha Hosea a sa ka a hlala Gomere, hona re ithuta’ng ka lenyalo tabeng eo?
12 Se ileng sa etsahalla moprofeta Hosea se re ruta ho hong ka pono ea Molimo ka lenyalo. O ile a bolella Hosea hore a nyale mosali ea bitsoang Gomere, eo e neng e tla ba mosali oa sehlola, eo qetellong a neng a tla ba le bana bohloleng boo ba hae. Gomere o ile a ‘ima ’me ka mor’a nako a tsoalla Hosea mora.’ (Hos. 1:2, 3) Hamorao, o ile a ba le mora le morali, bao e ka ’nang eaba o ba etselitse khateeane. Hosea ha a ka a hlala Gomere le hoja a entse bohlola ka makhetlo a mangata joalo. Qetellong, o ile a siea Hosea ’me ea e-ba lekhoba. Leha ho le joalo, Hosea o ile a mo lokolla. (Hos. 3:1, 2) Jehova o sebelisitse mohlala oa Hosea ho bontša hore na o tšoaretse Baiseraele hangata hakae ka ho mo kopanya le melimo e meng. Re ka ithuta’ng paleng ee?
13 Haeba molekane e mong a etsa boitšoaro bo hlephileng, molekane ea se nang molato o lokela ho etsa qeto. Jesu o itse molekane eo o na le lebaka le utloahalang la ho hlala le ho nyala motho e mong haeba a rata. Empa molekane ea foselitsoeng o ntse a ka tšoarela ea fositseng. Ha se phoso ho etsa joalo. Hosea o ile a tšoarela Gomere. Ha Gomere a se a khutletse ho Hosea, o ne a sa lokela ho kopanela liphate le monna e mong. (Hos. 3:3) Hosea o ile a qeta nako e itseng a sa robale le Gomere. Leha ho le joalo, ka mor’a nako Hosea o ile a boela a kopanela liphate le eena. Sena se ne se tšoantšetsa hore Molimo o ne a labalabela ho boela a amohela batho ba hae le ho sebelisana le bona hape. (Hos. 1:11; 3:3-5) See se re ruta’ng ka lenyalo kajeno? Haeba molekane ea foselitsoeng a khetha ho tšoarela molekane ea liphoso, ho ea sekateng ke pontšo ea hore ruri o mo tšoaretse. (1 Bakor. 7:3, 5) Ketso eo e hlakola monyetla oa tlhalo o neng o le teng ka lebaka la boitšoaro bo entsoeng ke molekane e mong. Ka mor’a moo, ba lokela ho thusana hore ka bobeli ba be le pono e kang ea Molimo ka lenyalo.
HLOMPHA LENYALO ESITA LE HA LE E-NA LE MATHATA
14. Ho ea ka Lengolo la 1 Bakorinthe 7:10, 11, ho ka ’na ha etsahala’ng lenyalong?
14 Bakreste bohle ba lokela ho etsisa Jehova le Jesu ka ho hlompha lenyalo. Leha ho le joalo, ba bang ba ka ’na ba khibela ntlheng ena etsoe ha rea phethahala. (Bar. 7:18-23) Ka hona, ha rea lokela ho makala hore manyalo a Bakreste ba bang ba mehleng ea baapostola a ne a e-na le mathata. Pauluse o ne a ile a ba ngolla a re “mosali ha aa lokela ho tloha ho monna oa hae” empa batho ba ne ba ntse ba arohana.—Bala 1 Bakorinthe 7:10, 11.
15, 16. (a) Maemong ao ho ’ona lenyalo le nang le mathata, sepheo sa banyalani e lokela ho ba se fe, hona hobane’ng? (b) Taba eo e sebetsa joang ha molekane e mong a sa lumela?
15 Pauluse ha aa hlalosa hore na ke’ng se neng se etsa hore banyalani ba arohane. Ka mohlala, e ne e se mathata a kang hore monna o entse boitšoaro bo hlephileng e leng se fang mosali bolokolohi ba ho hlala. Pauluse o ile a re mosali ea arohaneng le monna oa hae kapa ea ngalileng, o lokela “a lule a sa nyaloa kapa ho seng joalo a boelane le monna oa hae.” Ka ho cho joalo, o ne a bontša hore mahlong a Molimo ba ntse ba nyalane. Pauluse o ile a fana ka keletso ea hore ba loanele ho khutlelana ho sa tsotellehe hore na ba tsekile’ng hafeela ho se ea entseng boitšoaro bo litšila. Ba ka kopa thuso ea Mangolo ho baholo. Baholo ba tla fana ka thuso e thehiloeng Bibele ’me ba lokela ho qoba ho nka lehlakore litsekisanong tsa banyalani.
16 Hoa hlaka hore li tla hle li hloe lekhoara haeba e le molekane a le mong feela eo e leng molumeli a bile a batla ho hlompha melao ea Molimo ea lenyalo. Na taba ea hore molekane oa hae ha aa lumela ke lebaka le utloahalang la hore ha ba na le mathata a lenyalo a mo siee? Joalokaha re bone, Mangolo a re ke hafeela molekane e mong a febile moo banyalani ba ka hlalanang, empa ha a hlalose hore na ke tlas’a maemo afe moo banyalani ba ka arohanang. Pauluse o ile a ngola a re: “Mosali ea nang le monna ea sa lumelang, ’me leha ho le joalo monna eo a lumela ho lula le eena, a se ke a tlohela monna oa hae.” (1 Bakor. 7:12, 13) Keletso eo e ntse e sebetsa le kajeno.
17, 18. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba mamelletse ho lula manyalong a nang le mathata?
17 Ke ’nete hore ho na le maemo ao ho ’ona ho bonahalang hore “monna ea sa lumelang” ha a batle ‘ho lula le mosali’ oa hae. E ka ’na eaba o mo hlekefetsa ka sehloho hoo bophelo ba hae bo ka bang kotsing. Kapa o hana ho hlokomela lelapa kapa o mo sitisa ho tšepahalla Molimo. Maemong a joalo, Bakreste ba bang ba ee ba bone ho le molemo hore ba arohane. Empa ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bang ba maemong a tšoanang, ba khethile ho mamella, e le hore ba leke ho lokisa lintho. Hobane’ng ha ba etsa qeto e joalo?
18 Ha batho ba arohana tlas’a maemo ana, ba ntse ba nyalane. Re se re utloile hore ha ba phela ba arohane, e mong le e mong o tl’o thulana le liqholotso. Moapostola Pauluse o fane ka lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha ho le molemo hore ba se arohane. O ile a re: “Etsoe monna ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mosali oa hae, le mosali ea sa lumelang o halaletsoa kamanong le mor’abo rona; ho seng joalo, ka sebele bana ba lona e ne e tla ba ba sa hloekang, empa joale baa halalela.” (1 Bakor. 7:14) Bakreste ba bangata ba lutse le balekane ba bona le tlas’a maemo a boima haholo. Ba ile ba thaba ha mamello ea bona e ba tsoalla katleho ka hore qetellong molekane eo e be morapeli oa Jehova.—Bala 1 Bakorinthe 7:16; 1 Pet. 3:1, 2.
19. Ke hobane’ng ha ho e-na le malapa a mangata hakaale a thabileng ka phuthehong ea Bokreste?
19 Jesu o ile a ntša maikutlo a hae ka tlhalo, moapostola Pauluse a fana ka keletso e bululetsoeng e mabapi le ho arohana le molekane kapa ho ngalla ruri. Ka bobeli ba batla hore bahlanka ba Molimo ba hlomphe lenyalo. Kajeno, lefatšeng ka bophara phutheho ea Bokreste e na le malapa a mangata a thabileng. Ho ka etsahala hore le phuthehong ea heno ho na le malapa a thabileng. Ke malapa a banna ba ratang basali ba bona le basali ba itetseng le ba ratang banna ba bona, ’me ba re behela mohlala oa hore re ka khona ho hlompha lenyalo. Re motlotlo hore banna le basali ba limilione baa re bontša hore Molimo o ne a opile khomo lenaka ha a re: “Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me ba babeli bana e tla ba nama e le ’ngoe.”—Baef. 5:31, 33.