Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na motho a ka khaoloa phuthehong ea Bokreste ka lebaka la ho ameha ketsong ea ho se hloeke joalokaha a ne a ka khaoloa ka lebaka la bohlola kapa boitšoaro bo hlephileng?
Ehlile motho a ka lelekoa phuthehong haeba ka ho se bake a itloaetsa bohlola, mefuta e itseng ea ho se hloeke, kapa boitšoaro bo hlephileng. Moapostola Pauluse o balella libe tsena tse tharo kaofela le litšito tse ling tseo motho a ka khaoloang ka lebaka la tsona ha a ngola tjena: “Mesebetsi ea nama ea bonahala, ’me ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng . . . ke le lemosa esale pele . . . hore ba tloaetseng ho etsa lintho tse joalo ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.”—Bagalata 5:19-21.
Bohlola (por·neiʹa ka Segerike) ke likamano tse fosahetseng tsa ho kopanela liphate empa batho ba se lenyalong le lumelloang ke Mangolo. Bo akarelletsa bofebe, botekatse le ho kopanela liphate ha batho ba sa nyalanang, hammoho le ho kenya setho sa botona ka hanong le ka morao le ho pholla litho tsa botona kapa botšehali tsa motho eo motho a sa nyalanang le eena. Motho ea tloaetseng ho etsa bohlola a sa bake ha a na sebaka ka phuthehong ea Bokreste.
Boitšoaro bo hlephileng (a·selʹgei·a ka Segerike) bo bolela “ho hloka boitšoaro; ho se laolehe; boitšoaro bo hlabisang lihlong; boitšoaro bo litšila.” The New Thayer’s Greek-English Lexicon e hlalosa lentsoe leo la Segerike ka hore ke “takatso e sa laoleheng, . . . ho fetella, ho hloka lihlong, ho hloka mekhoa.” Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe, boitšoaro bo hlephileng ke mofuta oa boitšoaro “bo tlōlang meeli eohle ea se amohelehang sechabeng.”
Joalokaha litlhaloso tsena tse ka holimo li bontša, “boitšoaro bo hlephileng” bo akarelletsa lintlha tse peli: (1) Boitšoaro boo ka bobona ke tlōlo e tebileng ea melao ea Molimo ’me (2) boikutlo boo mofosi a nang le bona ke ba ho hloka tlhompho, ba ho tella.
Ka hona, “boitšoaro bo hlephileng” hase boitšoaro bo bobe boo ho ka thoeng ke bo sa reng letho. Bo bolela liketso tseo e leng tlōlo e tebileng ea melao ea Molimo le tse bontšang hore motho oa tella kapa ha a na tlhompho—e leng boikutlo bo bontšang ho hlompholla kapa ho nyelisa ba boholong, melao le melao-motheo. Pauluse o amahanya boitšoaro bo hlephileng le ho kopanela liphate ho seng molaong. (Baroma 13:13, 14) Kaha Bagalata 5:19-21 e thathamisa boitšoaro bo hlephileng le mekhoa e meng e mengata ea boetsalibe e tlang ho sitisa motho hore a rue ’Muso oa Molimo, boitšoaro bo hlephileng bo ka etsa hore motho a khalemeloe ’me mohlomong le hore a khaoloe phuthehong ea Bokreste.
Ho se hloeke (a·ka·thar·siʹa ka Segerike) ke lentsoe le pharaletseng ka ho fetisisa mantsoeng ana a mararo a fetoleloang e le “bohlola,” “ho se hloeke” le “boitšoaro bo hlephileng.” Le akarelletsa ho se hloeke ha mofuta ofe kapa ofe—litabeng tsa ho kopanela liphate, tabeng ea seo motho a se buang, seo a se etsang esita le litabeng tsa moea. “Ho se hloeke” ho akarelletsa libe tse ngata haholo tse tebileng.
Joalokaha ho tlalehiloe ho 2 Bakorinthe 12:21, Pauluse o bua ka “bao pele ba ileng ba etsa sebe empa ba sa bakela ho se hloeke le bohlola le boitšoaro ba bona bo hlephileng boo ba ’nileng ba tloaela ho bo etsa.” Kaha “ho se hloeke” ho balelloa le “bohlola le boitšoaro bo hlephileng,” mefuta e meng ea ho se hloeke e lokela ho nkeloa khato ea boahloli. Empa ho se hloeke ke lentsoe le pharaletseng haholo le akarelletsang le lintho tse sa hlokeng ho nkeloa khato ea boahloli. Feela joalokaha ntlo e ka silafala hanyenyane kapa ka hohle-hohle, ho se hloeke le hona ho na le maemo a sa tšoaneng.
Ho ea ka Baefese 4:19, Pauluse o ile a re batho ba bang ba ne ba ‘feletsoe ke kutlo eohle ea boitšoaro’ le hore ba ne ba “ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo.” Kahoo, Pauluse o bolela hore ‘ho se hloeke . . . le meharo’ li oela boemong bo tšoanang le ba boitšoaro bo hlephileng. Haeba motho ea kolobelitsoeng, ka ho se bake a itloaetsa “ho se hloeke . . . ka meharo,” a ka lelekoa phuthehong ka lebaka la ho se hloeke ho feteletseng.
Ha re re batho ba babeli ba tšepisaneng lenyalo ba ile ba phollana ka mokhoa o matla le o tsosang takatso ka makhetlo a mangata. Baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea hore, le hoja batho bana ba sa bontša boikutlo ba ho tella, e leng bo khethollang boitšoaro bo hlephileng, boitšoaro ba bona bo ne bo e-na le meharo ka tsela e itseng. Kahoo baholo ba ka ’na ba nka khato ea boahloli hobane ho ne ho ameha ho se hloeke ho feteletseng. Ho se hloeke ho feteletseng e ka ’na ea boela ea e-ba motheo o loketseng oa ho sebetsa taba ea mohoeletsi eo ka makhetlo-khetlo a ileng a bua pepenene fonong ka litaba tsa ho kopanela liphate, haholo-holo haeba a ne a kile a eletsoa ka taba eo nakong e fetileng.
Ho hlokahala hore baholo ba be le temoho ha ba ahlola litaba tse joalo. Ba lokela ho shebisisa se hlileng se etsahetseng le tekanyo eo se entsoeng ka eona ha ba hlahloba hore na ho ka hlokahala hore ba nke khato ea boahloli kapa che. Hase taba feela ea ho qosa motho ea sa amoheleng keletso ea Mangolo ka hore o molato oa boitšoaro bo hlephileng; ebile hase taba feela ea hore na motho o lokela a be a entse sebe ka makhetlo a makae pele ho ka hlokahala hore ho nkoe khato ea boahloli. Baholo ba lokela hore ka hloko le ka thapelo ba hlahlobisise boemo bo bong le bo bong ’me ba fumane hore na ho etsahetse eng, ka makhetlo a makae, boitšoaro boo bo bobe ke ba mofuta ofe ’me bo entsoe ka tekanyo efe, le hore na morero oa mofosi le sepheo sa hae ke sefe.
Ho se hloeke ho feteletseng ha ho ame liphoso tsa ho kopanela liphate feela. Ka mohlala, moshanyana ea kolobelitsoeng a ka ’na a tsuba lisakerete tse seng kae ka nako e khutšoanyane ebe ka mor’a moo o bolella batsoali ba hae. O ikemiselitse hore ha a sa tla tsuba hape. Ketso ena ke ho se hloeke, empa ha ea fihla moo ho ka thoeng ke ho se hloeke ho feteletseng kapa “ho se hloeke . . . ka meharo.” Ho tla be ho lekane hore moholo a le mong kapa ba babeli, ka thuso ea batsoali ba moshanyana eo, ba fane ka keletso ea Mangolo. Empa haeba moshanyana eo a tsuba ka makhetlo-khetlo, sena e ne e tla be e le ho silafatsa nama ka boomo ’me ho ne ho tla thehoa komiti ea boahloli hore e hlahlobe taba ena ea ho se hloeke ho feteletseng. (2 Bakorinthe 7:1) Haeba moshanyana eo a sa bake, o ne a tla khaoloa.
Bakreste ba bang ba ’nile ba ameha tabeng ea ho shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Sena ke manyala ho Molimo, ’me baholo ba ka ’na ba haroha matsoalo hore ebe molumeli-’moho le bona o shebile lintho tse joalo. Empa hase maemong ’ohle moo motho ea shebellang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho ka hlokahalang hore taba ea hae e mameloe ke komiti ea boahloli. Ka mohlala, ha re re mor’abo rōna o ile a shebella ka makhetlo a ’maloa seo ho thoeng ke litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tse seng mpe haholo. O hlabiloe ke lihlong, o ipolela ho moholo ’me o ikemiselitse ho se hlole a pheta sebe sena. Moholo a ka ’na a etsa qeto ea hore boitšoaro ba mora enoa oabo rōna ha boa fihla moo ho ka thoeng o entse “ho se hloeke . . . ka meharo”; hape ha aa bontša boikutlo bo tletseng tello, e leng bo bontšang boitšoaro bo hlephileng. Le hoja ho ke ke ha hlokahala hore ho nkoe khato ea boahloli, ho se hloeke ha mofuta ona ho ne ho tla hloka hore ho fanoe ka keletso e matla ea Mangolo le hore mohlomong baholo ba ’ne ba fane ka thuso e tsoelang pele.
Leha ho le joalo, mohlomong ka lilemo tse ngata Mokreste o ’nile a shebella ka sephiri litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le tse nyonyehang ’me o entse matsapa ’ohle a hore a pate sebe sena. E ka ’na eaba litšoantšo tse joalo li akarelletsa ho betoa ke batho ba bangata, ho tlama motho e le hore ho kopaneloe liphate le eena, ho hlokofatsoa ka sehlōhō, ho tlatlapa basali esita le litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tseo ho tsona ho sebelisoang bana. Ha ba bang ba hlokomela boitšoaro boo ba hae, o hlajoa ke lihlong haholo. Le hoja a sa bontša ho tella, empa baholo ba ka ’na ba etsa qeto ea hore o “inehetse” mokhoeng ona o litšila ’me o itloaelitse ‘ho se hloeke ka meharo,’ e leng ho se hloeke ho feteletseng. Boemong boo ho ne ho tla thehoa komiti ea boahloli kahobane ho bile le ho se hloeke ho feteletseng. Haeba mofosi a ne a sa bontše pako ea bomolimo ebile a sa ikemisetsa ho se hlole a shebella litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, o ne a tla khaoloa. Haeba a ne a memela ba bang ha hae hore ba tl’o shebella litšoantšo tseo tse manyala—a hlile a li khothalletsa—o ne a tla be a bontša boikutlo bo tletseng tello, e leng bo bontšang boitšoaro bo hlephileng.
Poleloana ena ea Mangolo e reng “boitšoaro bo hlephileng” kamehla e amana le sebe se tebileng, seo hangata e leng sa ho kopanela liphate. Ha baholo ba leka ho netefatsa hore na boitšoaro ke bo hlephileng, ba lokela ho batlisisa hore na ho na le boikutlo ba ho tella, ho se laolehe, litšila, ho se hlajoe ke lihlong, le boitšoaro bo nkoang bo tšosa sechabeng. Ka lehlakoreng le leng, litlōlo tse tebileng tsa molao oa Jehova tse etsoang ke motho ea se nang boikutlo ba ho tella li ka ’na tsa akarelletsa “meharo.” Litaba tsena li lokela ho sebetsoa ka lebaka la ho se hloeke ho feteletseng ho amehang ho tsona.
Ho hlahloba hore na motho o molato oa ho se hloeke ho feteletseng kapa oa boitšoaro bo hlephileng ke boikarabelo bo tebileng, kaha ho ameha bophelo. Ba ahlolang litaba tse joalo ba lokela ho rapela, ba kōpe Molimo hore a ba fe moea oa hae o halalelang, temoho le kutloisiso. Baholo ba lokela ho boloka phutheho e hloekile ’me ba lokela ho theha kahlolo ea bona Lentsoeng la Molimo hammoho le tataisong e fanoang ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 18:18; 24:45) Matsatsing ana a khopo, ho hlokahala hore ho feta leha e le neng pele, baholo ba hopole mantsoe ana: “Bonang seo le se etsang, hobane ha le ahlolele motho empa le ahlolela Jehova.”—2 Likronike 19:6.