Tšimoloho le Morero oa Lenyalo
“Jehova Molimo a tsoela pele ho re: ‘Ha ho hotle hore motho a ’ne a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi, e be motlatsi oa hae.’”—GEN. 2:18.
1, 2. (a) Lenyalo le simolohile joang? (b) Banyalani ba pele ba ne ba lokela ho lemoha eng ka lenyalo? (Sheba setšoantšo se qalong.)
HO TLOAELEHILE hore batho ba kene lenyalong. Ho hlahloba hore na lenyalo le simolohile joang le hore na morero oa lona ke ofe ho tla re thusa ho ba le boikutlo bo loketseng ka lona le ho le thabela haholoanyane. Ha Molimo a qeta ho bōpa motho oa pele, e leng Adama, o ile a tlisa liphoofolo e le hore Adama a li rehe mabitso. Empa ‘motho o ne a se na mothusi eo e leng motlatsi oa hae.’ Ka hona, Molimo o ile a robatsa Adama boroko bo tebileng, eaba o nka khopo ea hae o mo etsetsa mosali ka eona, ’me a ntan’o mo tlisa ho eena. (Bala Genese 2:20-24.) Kahoo, lenyalo le simoloha ho Molimo.
2 Jesu o ile a netefatsa hore ke Jehova ea ileng a re: “Monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me bao ba babeli e tla ba nama e le ’ngoe.” (Mat. 19:4, 5) Hore ebe Molimo o ile a sebelisa khopo ea Adama ha a bōpa mosali oa pele, ho ne ho lokela ho bontša banyalani bao ba pele hore ke nama e le ’ngoe. Molimo o ne a sa rera hore ho be le tlhalo kapa hore motho a nyale sethepu.
LENYALO LE PHETHA MORERO OA JEHOVA
3. Morero o ka sehloohong oa lenyalo e ne e le ofe?
3 Adama o ile a thabela mosali oa hae, ’me a mo reha Eva. Kaha e ne e le ‘motlatsi le mothusi oa hae,’ ba ne ba tla tlisetsana thabo ha ba ntse ba phetha boikarabelo ba bona joaloka monna le mosali. (Gen. 2:18) Morero o ka sehloohong oa lenyalo e ne e le ho tlatsa lefatše. (Gen. 1:28) Le hoja bana ba rata batsoali ba bona, ba lokela ho ba siea ha ba kena lenyalong e le hore ba qale bophelo bo bocha. Batho ba ne ba lokela ho tlala lefatše ka tsela e loketseng, ’me ba atolose meeli ea lehae la bona ho fihlela lefatše lohle e le paradeise.
4. Ho ile ha etsahala’ng ka banyalani ba pele?
4 Banyalani bao ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba oeloa ke tlokotsi, kaha ba ile ba khetha ho se mamele Jehova. “Noha ea pele,” e leng Satane Diabolose, e ile ea thetsa Eva ea etsa hore a nahane hore “sefate sa tsebo ea botle le bobe” se ka mo fa tsebo e khethehileng e ka mo nolofalletsang hore a ikhethele se setle le se sebe. Eva o ile a bontša ho se hlomphe bohlooho ba monna oa hae ka hore a se mo botse pele ka taba ena. ’Me ho e-na le hore Adama a mamele Molimo, o ile a ja tholoana eo Eva a mo fang eona.—Tšen. 12:9; Gen. 2:9, 16, 17; 3:1-6.
5. Re ithuta’ng tseleng eo Adama le Eva ba ileng ba arabela Jehova ka eona?
5 Ha Molimo a bua le eena, Adama o ile a beha mosali oa hae molato, a re: “Mosali eo u faneng ka eena hore a be le ’na, o mphile tholoana ea sefate kahoo ke e jele.” Eva eena o ile a beha noha molato ka hore e mo thetsitse. (Gen. 3:12, 13) Ruri ao e ne e le mabaka a sa utloahaleng! Kaha banyalani bao ba pele ha baa ka ba mamela Jehova, e ile ea e-ba marabele. Ka sebele, sena ke temoso ho rōna! E le hore banyalani ba atlehe lenyalong, e mong le e mong o lokela ho phetha boikarabelo ba hae le ho mamela Jehova.
6. U ka hlalosa Genese 3:15 joang?
6 Ho sa tsotellehe seo Satane a se entseng Edene, Jehova o ile a fa batho tšepo boprofeteng ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng. (Bala Genese 3:15.) “Peō” ea “mosali” e ne e tla khoba hlooho ea sebōpuoa seo sa moea sa lerabele. Kahoo, Jehova o ile a bontša batho hore o na le kamano e khethehileng le libōpuoa tse ngata tsa moea tse lokileng tse mo sebeletsang leholimong. Hamorao Mangolo a ile a senola hore Molimo o na le mokhatlo o kang mosali le hore o ne a tla romela peō e tla ‘khoba Diabolose hlooho,’ ’me e fe batho ba mamelang monyetla oa hore ba phele ka ho sa feleng tumellanong le morero oa hae oa qalong, oo banyalani ba pele ba ileng ba o lahla.—Joh. 3:16.
7. (a) Ho ’nile ha etsahala’ng ka manyalo ka mor’a borabele ba Adama le Eva? (b) Bibele e re banna le basali ba lokela ho etsa’ng?
7 Borabele ba Adama le Eva bo ile ba ama lenyalo la bona le ’ohle a ileng a latela. Ka mohlala, Eva le basali bohle ba neng ba tla latela ka mor’a hae ba ne ba tla ba le mahlaba ha e le baimana le nakong ea pelehi. Basali ba ne ba tla ba le takatso e matla ea hore banna ba bona ba ba rate, empa banna ba ne ba tla ba laola le ho ba hatella joalokaha re bona manyalong a mangata kajeno. (Gen. 3:16) Bibele e re banna ba lokela ho sebelisa bohlooho ka tsela e lerato. Ka lehlakoreng le leng, e re basali ba lokela ho ikokobelletsa bohlooho ba banna ba bona. (Baef. 5:33) Kaha banyalani ba hlomphang Molimo ba sebelisana ’moho, seo se fokotsa liqabang kapa se etsa hore li se ke tsa ba teng ka ho feletseng.
LENYALO MEHLENG EA ADAMA HO FIHLELA KA MOROALLO
8. Ho ’nile ha etsahala’ng ka lenyalo ho tloha mehleng ea Adama ho fihlela ka Moroallo?
8 Adama le Eva ba ile ba e-ba le bana pele ba shoa ka lebaka la sebe le ho se phethahale. (Gen. 5:4) Mora oa bona oa matsibolo, e leng Kaine, o ile a nyala mong ka eena. Setloholo sa Kaine se bitsoang Lameke ke motho oa pele ea tlalehiloeng hore o ile a nyala basali ba babeli. (Gen. 4:17, 19) Ho tloha ho Adama ho fihlela ka Moroallo oa mehleng ea Noe, ke batho ba seng bakae feela bao ho tlalehiloeng hore e ne e le barapeli ba Jehova. Har’a bona ke Abele, Enoke, Noe le ba lelapa la hae. Bibele e re mehleng ea Noe, “bara ba Molimo oa ’nete [ba ile] ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.” Mangeloi ana a neng a nkile ’mele ea batho ’me a nyala basali a ile a ba le bana ba mabifi ba bitsoang Banefilime. Ho feta moo, ‘bobe ba motho bo ne bo le bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e le mpe feela ka linako tsohle.’—Gen. 6:1-5.
9. Jehova o ile a etsa’ng ka batho ba khopo ba mehleng ea Noe, hona re ithuta’ng ho se ileng sa ba etsahalla?
9 Jehova o ile a tlisa Moroallo mehleng ea Noe ho felisa batho ba khopo. Ka nako eo, batho ba ne ba phathahane ba iketsetsa mabaka a bona, ba nyala, ba nyalisoa ’me ha baa ka ba mamela “Noe, ’moleli oa ho loka” ha a ba bolella ka timetso e haufi. (2 Pet. 2:5) Jesu o ile a bapisa maemo ao le a neng a tla ba teng mehleng ena. (Bala Matheu 24:37-39.) Kajeno, batho ba bangata ha ba mamele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tse boleloang lefatšeng lohle e le bopaki ho lichaba tsohle pele tsamaiso ena e khopo ea lintho e felisoa. Sena se re bontša hore lintho tse kang ho nyala le ho hōlisa bana ha lia lokela ho re sitisa hore re lule re falimehile ha letsatsi la Jehova le ntse le atamela.
LENYALO KA MOR’A MOROALLO HO FIHLELA MEHLENG EA JESU
10. (a) Litsong tse ngata, ke liketso life tse neng li tloaelehile tsa boitšoaro bo bobe? (b) Abrahama le Sara ba re behetse mohlala ofe o motle?
10 Le hoja Noe a ne a nyetse mosali a le mong le bara ba hae ka ho tšoanang, mehleng ea bapatriareka batho ba ne ba nyala sethepu. Litsong tse ngata, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate bo ne bo tloaelehile, ebile bo kenyelletsoa litšebeletsong tsa bolumeli. Abrame (Abrahama) le mosali oa hae, Sarai (Sara), ba ile ba mamela Molimo ’me ba fallela Kanana, moo ba ileng ba fumana baahi ba teng ba etsa lintho tse ngata tse theolang lenyalo seriti. Jehova o ile a laela hore Sodoma le Gomora li timetsoe, kaha baahi ba teng ba ne ba etsa liketso tse feteletseng tsa boitšoaro bo bobe ba bile ba li lumella. Abrahama o ile a etella pele lelapa la hae ka tsela e loketseng, ’me Sara a beha mohlala o motle oa ho ikokobelletsa bohlooho ba monna oa hae. (Bala 1 Petrose 3:3-6.) Abrahama o ile a netefatsa hore mora oa hae Isaka o nyala morapeli oa Jehova. Mora oa Isaka ea bitsoang Jakobo, eo bara ba hae e ileng ea e-ba baholo-holo ba meloko e 12 ea Iseraele, le eena o ile a latela melao-motheo e tataisang barapeli ba ’nete.
11. Molao oa Moshe o ne o sireletsa Baiseraele joang?
11 Ha nako e ntse e ea, Jehova o ile a etsa selekane le litloholo tsa Jakobo (Iseraele). O ile a fa batho ba mehleng ea bapatriareka Molao oa Moshe ho tsamaisa litloaelo tsa bona, ho akarelletsa lenyalo la sethepu. Molao oo o ne o sireletsa Baiseraele ka ho ba thibela ho nyalana le batho ba bolumeli ba bohata. (Bala Deuteronoma 7:3, 4.) Banna ba baholo ba ne ba thusa banyalani ha ba e-na le mathata a tebileng. Ho ne ho nkoa mehato e loketseng haeba motho a sa tšepahale, a le mōna kapa a e-na le pelaelo. Molao o ne o lumella tlhalo, empa o fana ka tataiso. Monna o ne a ka hlala mosali oa hae haeba “a fumane ntho e sa hlompheheng ho eena.” (Deut. 24:1) Le hoja Molao o ne o sa hlalose hore na “ntho e sa hlompheheng” ke eng, ke ho utloahalang ho lumela hore e ne e se tabanyana feela e sa reng letho.—Lev. 19:18.
U SE KE UA ETSETSA MOLEKANE OA HAO BOLOTSANA
12, 13. (a) Banna ba bang ba ne ba tšoara basali ba bona joang mehleng ea Malakia? (b) Kajeno, ho etsahala’ng haeba mora kapa morali oabo rōna a etsa bofebe le molekane oa motho?
12 Mehleng ea moprofeta Malakia, banna ba bangata ba Bajuda ba ne ba etsetsa basali ba bona bolotsana ka hore ba ba hlale ka mabaka a sa utloahaleng. Banna bao ba ne ba hlala basali ba bocha ba bona, mohlomong e le hore ba nyale basali ba ntseng ba le bacha kapa ba bahetene. Ha Jesu a le lefatšeng, banna ba Bajuda ba ne ba ntse ba hlala basali ba bona ka bolotsana ba beha “lebaka leha e le lefe.” (Mat. 19:3) Jehova Molimo o hloile tlhalo ea mofuta oo.—Bala Malakia 2:13-16.
13 Kajeno, batho ba Jehova ha ba lumelle liketso tse joalo tsa bolotsana. Empa a re nke hore mora kapa morali oabo rōna ea lenyalong o etsa bofebe, ’me ka mor’a moo o hlala molekane oa hae e le hore a nyalane le mosali kapa monna oa motho. Haeba mofosi a sa bake, o tla khaoloa e le hore phutheho e lule e hloekile. (1 Bakor. 5:11-13) O tla lokela ‘ho hlahisa litholoana tse tšoanelang pako’ pele a ka khutlisetsoa ka phuthehong. (Luka 3:8; 2 Bakor. 2:5-10) Ha hoa behoa nako ea hore na motho eo a ka khutlisetsoa neng, leha ho le joalo phutheho e ke ke ea hlokomoloha bolotsana bo joalo, le hoja bo etsahala seoelo har’a batho ba Molimo. Ho ka ’na ha nka nako, mohlomong selemo kapa ho feta hore mofosi a bontše hore o bakile e le kannete. Esita le haeba mofosi a ka khutlisetsoa ka phuthehong, o ntse a lokela ho ikarabella “ka pel’a setulo sa kahlolo sa Molimo.”—Bar. 14:10-12; sheba Molula-Qhooa oa June 15, 1980, leq. 31-32.
MANYALO A BAKRESTE
14. Molao o ’nile oa phetha karolo efe?
14 Molao oa Moshe o ’nile oa tataisa Baiseraele ka lilemo tse fetang 1 500. O ne o hopotsa batho ba Molimo melao-motheo e lokileng eo ba lokelang ho e latela ha ba sebetsana le litaba tsa lelapa le maemo a mang, ’me ka nako e tšoanang o ba tataisetsa ho Mesia. (Bagal. 3:23, 24) Molao oo o ile oa felisoa ha Jesu a e-shoa, ’me Molimo a qala tokisetso e ncha. (Baheb. 8:6) Tokisetsong eo e ncha, likarolo tse ling tsa Molao oa Moshe li ile tsa khaotsa ho sebetsa.
15. (a) Bakreste ba lokela ho talima lenyalo joang? (b) Mokreste o lokela ho hopola lintlha life ha a nahana ho hlala?
15 Ha Jesu a araba Bafarisi, o ile a re le hoja Moshe a ile a fana ka tumello ea ho hlala, ha e le hantle ‘ho ne ho se joalo ho tloha tšimolohong.’ (Mat. 19:6-8) Kahoo, Jesu o ile a bontša hore tsela eo Molimo a neng a rerile hore lenyalo le be ka eona Edene, ke eona e tla sebetsa ka phuthehong ea Bokreste. (1 Tim. 3:2, 12) Kaha banyalani ke “nama e le ’ngoe,” seo se bolela hore ba lokela ho khomarelana, ’me ba rate Molimo le bona ba ratane e le hore ba tiise maqhama a bona a lenyalo. Ho hlala ka molao empa molekane e mong a sa etsa bofebe ha ho lokolle motho hore a boele a nyale. (Mat. 19:9) Ke ’nete hore motho a ka ’na a khetha ho tšoarela molekane ea entseng bofebe haeba a bakile, joalokaha moprofeta Hosea a ile a tšoarela mosali oa hae Gomere ea neng a itšoere hampe. Jehova le eena o ile a tšoarela Baiseraele ba bakileng ka mor’a hore ba etse bofebe ba moea. (Hos. 3:1-5) Empa haeba motho a tseba hore molekane oa hae o entse bofebe ’me ka mor’a moo a khetha ho kopanela liphate le eena, seo se bontša hore o mo tšoaretse ’me ha a sa na lebaka la Mangolo la ho mo hlala.
16. Jesu o ile a re’ng ka masoha?
16 Ka mor’a hore Jesu a bontše hore lebaka feela leo Bakreste ba ’nete ba ka hlalang ka lona ke ha molekane e mong a entse bofebe, o ile a bua ka “ba nang le mpho” ea ho lula e le masoha. A phaella ka ho re: “Ea ka e etsetsang sebaka a ke a e etsetse sebaka.” (Mat. 19:10-12) Ba bangata ba khethile ho lula e le masoha e le hore ba sebeletse Jehova ba se na litšitiso. Kahoo, rea ba babatsa.
17. Ke’ng e ka thusang motho ho khetha hore na o kena lenyalong kapa che?
17 Hore na motho o lula e le lesoha kapa o khetha ho kena lenyalong, eo ke qeto ea hae a le mong ho itšetlehile ka hore na a ka khona ho hlaolela mpho ea bosoha kapa che. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste hore ba lule e le masoha; empa a re: “Ka lebaka la ho ata ha bohlola, monna e mong le e mong a ke a be le mosali oa hae ’me mosali e mong le e mong a be le monna oa hae.” A boela a re: “Empa haeba ba se na boitšoaro, ba ke ba kene lenyalong, kaha ho molemo ho kena lenyalong ho e-na le ho chesoa ke takatso.” Ho kena lenyalong ho ka thusa motho hore a qobe lintho tse kang ho ipholla litho tsa botona kapa tsa botšehali esita le ho kopanela boitšoarong bo bobe. Ho boetse ho ameha taba ea lilemo, kaha moapostola o ile a re: “Haeba leha e le mang a nahana hore o itšoara ka mokhoa o sa tšoanelang mabapi le bosoha ba hae, haeba a fetile palesa ea bocha, ’me ena e le tsela eo ho lokelang hore ho etsahale ka eona, a ke a etse seo a se batlang; ha a etse sebe. Ba ke ba kene lenyalong.” (1 Bakor. 7:2, 9, 36; 1 Tim. 4:1-3) Empa motho ha aa lokela ho potlakela ho kena lenyalong hobane feela a chesoa ke litakatso tsa bocha. O lokela ho hōla ka ho lekaneng hore a khone ho jara boikarabelo ba lelapa.
18, 19. (a) Mokreste o lokela ho nyalana le motho ea joang? (b) Re tlil’o tšohla eng sehloohong se latelang?
18 Mokreste o lokela ho nyalana le motho ea ratang Jehova ka pelo eohle le ea inehetseng ho eena. Le bona ba lokela ho ratana hoo ba ikemiselitseng ho qeta bophelo bohle ba le hammoho. Ha ho potang hore Jehova o tla ba hlohonolofatsa ka hore ebe ba ile ba mamela taelo ea hore ba nyale “feela Moreneng.” (1 Bakor. 7:39) Ha ba se ba nyalane, ba tla hlokomela hore Bibele e fana ka keletso e molemo ka ho fetisisa e ka ba thusang ho atlehisa lenyalo la bona.
19 Sehloohong se latelang re tla tšohla lintlha tsa Mangolo tse ka thusang banyalani ba Bakreste ho sebetsana le mathata a tlisoang ke ho phela ‘matsatsing ana a ho qetela,’ ao ho ’ona batho ba bonahatsang litšobotsi tse senyang manyalo. (2 Tim. 3:1-5) Ka Lentsoeng la hae, Jehova o re bolella seo re lokelang ho se etsa e le hore re atlehe re be re thabe bophelong ba lenyalo, ha re ntse re tsamaea le batho ba hae tseleng ena e isang bophelong bo sa feleng.—Mat. 7:13, 14.