Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na mantsoe a Jesu ho Mattheu 11:24 a bolela hore bao Jehova a ba timelitseng ka mollo Sodoma le Gomorrha ba tla tsosoa?
Ka hloko ha re ne re arabela potso ena lilemong tse fetileng, re buile ka mantsoe a Jesu ho Mattheu 10:14, 15; 11:20-24; le Luka 10:13-15. Tlhahlobo ea haufinyana ea taba ena e hlahisa hore litemana tsena ha ho hlokahale hore li nkoe joaloka lipolelo tse buang ka bokamoso ba batho ba Sodoma/Gomorha. Pele re hlahloba litlhaloso tse ling tsa Bibele ka batho ba timelitsoeng metseng eo, a re nahaneng ka seo Jesu a se boletseng.
Ha Jesu a ntse a le Galelia, “a qala ho omanya metse eo a entseng mehlolo e mengata ho eona, kahobane e sa ka ea baka.” O boletse e meraro: “Ho malimabe uena, Korazine! ho malimabe uena Bethsaida! hobane mehlolo e entsoeng ha eno, hola ea be e entsoe Tyre le Sidone, metse eo e ka be e bakile khale . . . Kotlo ea Tyre le ea Sidone e tla ba chatsi [e tla “mamella haholoanyane,” NW] ka tsatsi la kahlolo. Le uena Kapernauma, ea phahamiselitsoeng leholimong, u tla kokobeletsoa nģalong ea bafu [“Sheol,” NW]; hobane mehlolo e entsoeng ha eno, hola ea be e entsoe Sodoma, motse oo o ka be o sa le teng le kajeno. . . . Kotlo ea lefatše la Sodoma e tla ba chatsi ho ea hao ka tsatsi la kahlolo.” (Mattheu 11:20-24) Jesu o buile mantsoe a tšoanang ha a ne a roma barutuoa ba 12 ho ea ruta, ’me hamorao ba 70.—Mattheu 10:14, 15; Luka 10:13-15.
Pele ho 1964, re ile ra nka hore litemana tsena li bolela hore batho ba Korazine, Bethsaida, le Kapernauma ba ne ba tšoaneloa ke timetso ea ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, litokollo tsa Molula-Qhooa ka 1964 le 1965 li hlakisitse hore bohle ba leng Hades, kapa Sheol, (lebitla le tloaelehileng la batho) ba tla tsosoa ’me kamor’a moo ba tla ‘ahloloa ka mesebetsi ea bona.’—Tšenolo 20:13.
Litokollo tseo li ile tsa boela tsa hlalosa: Mattheu 11:23 le Luka 10:15 li bolela hore Kapernauma e ke ke ea phahamisetsoa leholimong empa e tla “kokobeletsoa nģalong ea bafu,” hoo bonyane, ho bolelang ho kokobetsoa ha batho ba motse oo. Temaneng eona eo, Jesu o boletse ka metse ea boholo-holo ea Tyre le Sidone. Ho latela Ezekiele 32:21, 30, batho ba Sidone, ba ileng ba ahloloa ke Molimo, ba ile Sheol (nģalong ea bafu). (Esaia 23:1-9, 14-18; Ezekiele 27:2-8) Kaha Jesu a bapisitse Tyre/Sidone le Sodoma, seo se bontšitse hore batho ba Sodoma le bona ba ne ba le Sheol.
Leha ho le joalo, ho hlahlobisisa Mattheu 11:20-24 ho hlahisitse potso ea hore na ebe Jesu o ne a bua ka kahlolo ea ka ho sa feleng le tsoho. Ntlha ea taba ea hae e bile kamoo batho ba metse ea Korazine, Bethsaida le Kapernauma ba neng ba sa arabele kateng molaetseng le kamoo ho sa bonahaleng hore ba tla baka esita le Letsatsing la Kahlolo. Ka ho bolela hore Tyre/Sidone le Sodoma/Gomorrha li tla ‘mamella haholoanyane ka tsatsi la kahlolo’ Jesu o ne a sebelisa mofuta oa puo o feteletsang, ’me o ne a sa rera hore mantsoe ao a nkoe kamoo a leng kateng, joaloka lipuo tse feteletseng ka libaka tse ling tseo a kileng a bua ka tsona li sa lokela ho nkoa kamoo li leng kateng. Ka mohlala:
“Ho bonolo ha ho ka feta leholimo le lefatše, ho e-na le hore ho oele fatše hlaku ea molao, leha e ka ba ’ngoe.” “Leholimo le tla feta le lona lefatše, empa lipolelo tsa ka li ke ke tsa ba tsa feta.” (Luka 16:17; 21:33; Mattheu 5:18; bapisa Ba-Heberu 1:10-12.) Re a tseba hore maholimo a sebele le lefatše li ke ke tsa feta. (Pesaleme 78:69; 104:5; Moeklesia 1:4) Jesu o boetse a re: “Ho ka ba bonolo ha kamele e feta ka lesoba la lemao, ho e-na le hore morui a kene ’musong oa Molimo.” (Mareka 10:25) Ha e le hantle, Jesu o ne a sa bolele hore morui a ke ke a fetoha morutuoa; ba bang lekholong la pele la lilemo e bile Bakreste ba tlotsitsoeng. (1 Timothea 6:17-19) Ho sebelisa ha Jesu pheteletso e ne e le ho hatisa kamoo ho leng boima kateng ho morui hore a bee Molimo ka pele ho matlotlo a lintho tse bonahalang le boiketlo.—Luka 12:15-21.
Kahoo, ha Jesu a bolela hore ‘Tyre le Sodoma li tla mamella haholoanyane ka letsatsi la kahlolo’ o ne a sa bolele hore batho ba metse eo ba tla ba teng ka letsatsi la kahlolo. Mohlomong o ne a mpa a hatisa kamoo ba bangata ba batho ba Korazine, Bethsaida, le Kapernauma ba neng ba sa arabele kateng. Re bolela hore ba bangata hobane ba bang Kapernauma ba ile ba amohela Kreste. (Mareka 1:29-31; Luka 4:38, 39) Leha ho le joalo, metse eo e ile ea mo latola. Baahi ba bang ba eona, joaloka bangoli le Bafarisi, mohlomong ba ile ba nyelisa moea o halalelang, oo ho seng tšoarelo esita le ‘tsamaisong ea lintho e tlang.’ Batho ba joalo ba ne ba tla ea Gehenna.—Mattheu 12:31, 32; 23:33, NW.
Ntle ho mantsoe a Jesu ntlheng ena, Ezekiele 32:21, 30 e re bolella hore batho ba boholo-holo ba Tyre/Sidone ba ile Sheol (nģalong ea bafu); kahoo ba mocheng oa tsoho. Joale ho thoe’ng ka baahi ba ‘lefatše la Sodoma ka tsatsi la kahloho’? ’Nete ea hore Jesu o bapisitse Sidone le Sodoma ha e fane ka litebello tsa bokamoso bakeng sa batho ba khopo bao Molimo o ba timelitseng ka sebabole le mollo. Empa a re boneng seo Bibele e se bolelang ka potso ena.
E ’ngoe ea lintlha tse tobileng ka ho fetisisa e ho Juda 7. Juda o ne a sa tsoa hlalosa ka (1) Baiseraele ba timelitsoeng ka lebaka la ho haelloa ke tumelo, le (2) mangeloi a entseng sebe ‘a bolokiloeng litlamong tse sa feleng ho lebella letsatsi le leholo.’ Joale Juda o re: “Ho bile joalo le Sodoma le Gomorrha . . . e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” Temana ena e sebelisitsoe ho metse ea sebele e timelitsoeng ka ho sa feleng, e seng batho. Leha ho le joalo, ka lebaka la Juda 5 le 6 batho ba bangata ba nka temana ea 7 e bolela kahlolo ea batho ka bomong. (Ka ho tšoanang, Mattheu 11:20-24 e utloisisoa e nyatsa batho, e seng majoe kapa meaho.) Leseling la sena, Juda 7 e bolela hore batho ba khopo ba Sodoma/Gomorrha ba ile ba ahloloa ’me ba timetsoa ka ho sa feleng.a
Ha re sheba libakeng tse ling, re hlokomela hore hangata Bibele e amahanya Moroallo le Sodoma/Gomorrha. Ka kutloisiso efe?
Ha Jesu a botsoa ka “bofelo ba tsamaiso ea lintho,” o profetile ka “bofelo” bo tlang le “mahlomola a maholo a e-s’o kang a e-ba teng ha e sa le lefatše le theoa.” (Mattheu 24:3, 14, 21, NW) O tsoela pele ho bua ka “mehla ea Noe” le se kileng sa “etsahala mehleng ea Lota” joaloka mehlala ea batho ba sa kang ba hlokomela temoso ka timetso e tlang. Jesu o phaelletse: “Ho tla ba joalo ka letsatsi leo Mor’a motho a tla hlaha ka lona.” (Luka 17:26-30; bapisa Mattheu 24:36-39.) Na Jesu o ne a mpa a bontša boikutlo ba botho feela, kapa na o ne a akarelletsa hape le kahlolo ea ka ho sa feleng ho ea ka litemana tse potolohileng taba?
Hamorao, Petrose o ngotse ka likahlolo tsa Molimo le kotlo ea hae ho bao e ba tšoanelang. Joale Petrose o sebelisitse mehlala e meraro: Mangeloi a entseng sebe, lefatše la boholo-holo la mehleng ea Noe, le bao ba timelitsoeng Sodoma/Gomorrha. Ha Petrose a bua ka Sodoma/Gomorrha o itse ke ‘temoso ho ba tlang ho ba banyefoli.’ (2 Petrose 2:4-9) Kamor’a moo, o bapisitse timetso ea batho Moroallong le ho tla ha “letsatsi la kahlolo, le la tšenyeho ea batho ba nyefolang.” Seo se tla pele ho tšepiso ea maholimo a macha le lefatše le lecha.—2 Petrose 3:5-13.
Ka ho tšoanang, bofelong ba tsamaiso e khopo ea lintho, na bao Molimo o tla ba timetsa ba tla ahloloa ka ho sa feleng? Ke se bontšoang ke 2 Ba-Thessalonika 1:6-9: “Hobane efela ho lokile hoba Molimo o busetse matšoenyeho ho ba le tšoenyang, ’me lōna ba tšoenngoang, le etsetsoe phomolo le rōna, mohla Morena Jesu a bonahalang a e-tsoa leholimong, le mangeloi a matla a hae, ka mollo o tukang, ho iphetetsa ho ba sa tsebeng Molimo, le ho ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna. Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng, ba tlosoe pel’a Morena, le pel’a khanya ea matla a hae.”
Ho na le ho tšoana ho thahasellisang mahareng a ho ngoloa ha tlhaloso ena le seo Juda a se bolelang hore se etsahetse ho Sodoma. Ho feta moo, ho Mattheu 25:31-46 le Tšenolo 19:11-21 li bontša hore “lipoli” li tla timetsoa ntoeng e tlang ea Molimo ’me li tla utloa ‘bohloko bo sa feleng’ “letšeng la mollo,” le tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng.b—Tšenolo 20:10, 14.
Ka baka leo, ho phaella ho seo Juda 7 e se bolelang, Bibele e sebelisa Sodoma/Gomorrha le Moroallo e le mehlala bakeng sa tšenyo ea tsamaiso ea joale e khopo ea lintho. Joale, ho hlakile hore bao Molimo o ba timelitseng likahlolong tsa nako e fetileng ba fumane tšenyeho e ke keng ea fetoloa. Ha e le hantle, e mong le e mong oa rōna a ka tiisa seo ka ho ipaka a tšepahala ho Jehova hona joale. Ka tsela eo re tla tšoaneleha ho pholohela lefatšeng le lecha le ho bona bao a ba tsosang le bao a ke keng a ba tsosa. Rea tseba hore likahlolo tsa hae li phethahetse. Elihu o re tiiselitse: “Molimo o ke ke oa etsa bobe le ho leka, Ea matla ’ohle, a ke ke a khopamisa ho loka.”—Jobo 34:10, 12.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho Ezekiele 16:53-55, ho boleloa ka “Sodoma le barali ba hae” e seng mabapi le tsoho, empa ka tšoantšetso mabapi le Jerusalema le barali ba hae. (Bapisa Tšenolo 11:8.) Bona hape The Watchtower, June 1, 1952, leqephe 337.
b Bapisa “Lipotso tse Tsoang ho Babali” ho Molula-Qhooa ea August 1, 1979.