Leka ho Bona ba Bang ka Tsela eo Jehova a ba Bonang ka Eona
“Tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona.”—1 Samuele 16:7.
1, 2. Pono ea Jehova ka Eliabe e ne e fapane joang le ea Samuele, ’me re ka ithuta’ng ho see?
LILEMONG tsa bo-1000 B.C.E., Jehova o ile a rōma moprofeta Samuele ho ea phetha mosebetsi o itseng ka lenyele. O ile a laela moprofeta enoa hore a ee tlung ea monna ea bitsoang Jese le hore a tlōtse mora e mong oa Jese hore e tle e be morena oa ka moso oa Iseraele. Ha Samuele a bona letsibolo la Jese, e leng Eliabe, o ile a kholiseha hore ke eena eo Molimo a mo khethileng. Empa Jehova o ile a re: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile. Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (1 Samuele 16:6, 7) Samuele o ne a hlōtsoe ho bona Eliabe ka tsela eo Jehova a neng a mo bona ka eona.a
2 Ho bonolo hakaakang hore batho ba etse liqeto tse fosahetseng ka batho ba bang! Re ka ’na ra nkeha ke batho ba bonahalang ba le batle empa botebong ba le babe. Kapa, ra ba le maikutlo a mabe ka batho ba tšepahalang bao re sa rateng botho ba bona.
3, 4. (a) Ha ho hlaha bothata pakeng tsa Bakreste ba babeli, e mong le e mong o lokela ho ikemisetsa ho etsa joang? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life ha re ile ra qoaketsana hampe le Mokreste e mong?
3 Mathata a ka hlaha ha re potlakela ho ahlola ba bang—esita le bao e leng khale re ba tseba. Mohlomong u ile ua qoaketsana hampe le Mokreste eo e neng e le motsoalle ea haufi. Na u rata ho boelana le eena? Ke eng se tla u thusa hore le boelane?
4 Ke hobane’ng ha u sa lule fatše ’me u iphe nako ea ho fetola pono ea hao ka mora kapa morali enoa oeno oa Mokreste? ’Me sena u se etse u ntse u nahana ka mantsoe a Jesu a reng: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Ka mor’a moo, ipotse: ‘Ebe ke hobane’ng ha Jehova a ile a tlisa motho eo ho Mora oa Hae? Motho eo o na le makhabane afe? Na ebe ke ’nile ka a hlokomoloha kapa ka a halala? Ke hobane’ng ha re ne re le metsoalle nakong e fetileng? Ke eng se ileng sa ntloaetsa motho eo?’ Qalong u ka ’na ua thatafalloa ho fumana ntho e ntle ho eena, haholo haeba e le nako u ntse u mo jere ka pelo. Leha ho le joalo, bohato bona ke ba bohlokoa ho tsosolosa setsoalle sa lōna. E le hore re bontše hore na sena se ka etsoa joang, a re shebeng lintho tse ntle ho banna ba babeli bao ka linako tse ling ba ahloloang ka liphoso tseo ba ileng ba li etsa. Ke moprofeta Jonase le moapostola Petrose.
Ho Sheba Jonase ka Botšepehi
5. Jehova o ile a rōma Jonase ho etsa eng, empa o ile a etsa joang?
5 Jonase e ne e le moprofeta ’musong o ka leboea oa Iseraele mehleng ea Morena Jeroboame II, mora oa Joase. (2 Marena 14:23-25) Ka letsatsi le leng, Jehova o ile a laela Jonase hore a tlohe Iseraele ’me a ee Ninive, e leng motse-moholo oa ’Muso o matla oa Assyria. O ne a il’o etsa’ng teng? O ne a il’o lemosa baahi ba teng hore motse oa bona o moholo o tla timetsoa. (Jonase 1:1, 2) Ho e-na le ho phetha taelo ea Molimo, Jonase o ile a baleha! O ile a palama sekepe se eang Tarshishe, hōle le Ninive.—Jonase 1:3.
6. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a khetha Jonase hore a ee Ninive?
6 Ke eng se tlang maikutlong a hao ha u nahana ka Jonase? Na u nka hore ke moprofeta ea sa mameleng? U ka nahana joalo haeba u sa mo shebe ka botebo. Empa ho hlakile hore Molimo o ne a ke ke a khetha Jonase hore e be moprofeta haeba a ne a sa mamele. E tlameha ebe Jonase o ne a e-na le makhabane a itseng. Nahana ka tlaleho ea hae e le moprofeta.
7. Jonase o ne a sebelelitse Jehova tlas’a maemo afe Iseraele, ’me ho tseba see ho u fa maikutlo afe ka eena?
7 Jonase o ne a sebelitse ka botšepehi Iseraele tšimong eo batho ba eona ba neng ba sa amohele molaetsa. Moprofeta Amose, ea ileng a phela hoo e ka bang nakong e le ’ngoe le Jonase, o ile a hlalosa Baiseraele ba mehleng eo e le batho ba ratang menate le lintho tse bonahalang.b Ho ne ho etsahala lintho tse mpe ka hare ho naha, empa Baiseraele ba ne ba iphapanyetsa tsona ka ho feletseng. (Amose 3:13-15; 4:4; 6:4-6) Empa letsatsi le leng le le leng Jonase ka botšepehi o ne a phetha mosebetsi oa hae oa ho ba bolella molaetsa. Haeba u ’moleli oa litaba tse molemo, ua tseba hore na ho thata hakaakang ho bua le batho ba khotsofaletseng seo ba leng sona le ba iphapantseng. Kahoo, rea lumela hore Jonase o ne a fokola, leha ho le joalo, re ’ne re hopole botšepehi ba hae le mamello ea hae ha a ntse a bolela molaetsa ho Baiseraele ba se nang tumelo.
8. Moprofeta oa Moiseraele o ne a ka tobana le mathata afe Ninive?
8 Ho rongoa Ninive e ne e le mosebetsi o boima haholoanyane. Ho fihla motseng oo, Jonase o ne a lokela ho tsamaea lik’hilomithara tse ka bang 800 ka maoto—e ne e le leeto le boima le neng le ka nka khoeli. Ha a fihla moo, o ne a tla tlameha ho fetisetsa molaetsa ho Baassyria ba neng ba tumme ka hore ba sehlōhō. Hangata lintoeng tsa bona ba ne ba hlokofatsa batho ka sehlōhō. Ba ne ba bile ba ithorisa ka bokhopo ba bona. Ke ka lona lebaka leo Ninive e neng e bitsoa “motse oa tšollo ea mali”!—Nahume 3:1, 7.
9. Ha basesisi ba sekepe ba sokeloa ke sefefo se matla, Jonase o ile a bontša makhabane afe?
9 Jonase o ne a tsilatsila ho mamela taelo ea Jehova ke ka lebaka leo a ileng a palama sekepe se ileng sa mo isa hōle le moo a romiloeng teng. Ho sa tsotellehe seo, Jehova ha aa ka a felloa ke tšepo ka moprofeta oa hae ebile ha aa ka a khetha moprofeta e mong. Ho e-na le hoo, Jehova o ile a leka ho thusa Jonase hore a bone hore o filoe mosebetsi oa bohlokoa. Molimo o ile a etsa hore ho tsohe sefefo se matla leoatleng. Sekepe seo Jonase a se palameng se ile sa tsukutloa ke maqhubu. Batho ba se nang molato ba ne ba le makhatheng a ho timela ka lebaka la Jonase! (Jonase 1:4) Jonase o ne a tla etsa joang? Kaha o ne a sa batle hore ba shoe ka lebaka la hae, o ile a re ho bona: “Mphahamiseng ’me le ntahlele ka leoatleng, ’me leoatle le tla khutsa bakeng sa lōna.” (Jonase 1:12) O ne a se na lebaka la ho nahana hore Jehova a ka mo pholosa ha basesisi ba sekepe ba mo lahlela ka leoatleng. (Jonase 1:15) Leha ho le joalo, Jonase o ne a ikemiselitse ho shoa e le hore basesisi ba sekepe ba se ke ba timela. Mona re bona sebete, boikokobetso le lerato.
10. Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a hore Jehova a boele a rome Jonase?
10 Qetellong, Jehova o ile a pholosa Jonase. Na lintho tseo Jonase a neng a sa tsoa li etsa li ile tsa etsa hore a se hlole a tšoaneleha hore a ka sebeletsa e le moemeli oa Molimo? Che, Jehova ka mohau le ka lerato o ile a boela a roma Jonase hore a bolelle Baninive molaetsa. Ha Jonase a fihla Ninive, ka sebete o ile a bolella baahi ba moo hore Molimo o bona bobe ba bona bo boholo le hore motse oa bona o tla timetsoa ka mor’a matsatsi a 40. (Jonase 1:2; 3:4) Baninive ba ile ba baka ka mor’a ho utloa molaetsa oa Jonase o sa hlatheng koana le koana, ’me motse oa bona o ile oa bolokoa.
11. Ke eng se bontšang hore Jonase o ile a ithuta thuto ea bohlokoa?
11 Ho ntse ho le joalo, Jonase o ne a ntse a se na kutloisiso. Leha ho le joalo, Jehova ka mamello o ile a etsetsa Jonase mohlala o bonahalang oa hore a bone hore Ha a shebe ponahalo feela. O hlahloba lipelo. (Jonase 4:5-11) ’Nete ea hore Jonase o ile a ithuta thuto ea bohlokoa e bonahala tlalehong e tšepahalang eo eena ka boeena a ileng a e ngola. Boikemisetso ba hae ba ho ngola ka bofokoli ba hae ka tsela e mo tlotlollang ke bopaki bo eketsehileng ba hore o ne a ikokobelitse. Ho hlokahala sebete ho lumela liphoso!
12. (a) Re tseba joang hore pono ea Jesu ka batho e tšoana le ea Jehova? (b) Re khothalletsoa ho ba le pono efe ka batho bao re ba bolellang litaba tse molemo? (Bona lebokose le leqepheng la 18.)
12 Lilemo tse makholo hamorao, Jesu Kreste o ile a bua hantle ka ketsahalo e ’ngoe bophelong ba Jonase. O ile a re: “Feela joalokaha Jonase a ile a ba ka mpeng ea tlhapi ea tonanahali ka matsatsi a mararo le masiu a mararo, kahoo Mor’a motho o tla ba pelong ea lefatše ka matsatsi a mararo le masiu a mararo.” (Matheu 12:40) Ha Jonase a tsosoa bafung, o tla tseba hore Jesu o ile a tšoantša nako eo A bileng ka lebitleng ka eona le nako ena eo Jonase a neng a sa etse letho ka eona. Na ha re thabele ho sebeletsa Molimo ea sa lahleng bahlanka ba hae ha ba etsa liphoso? Mopesaleme o ile a ngola a re: “Joalokaha ntate a bontša mohau ho bara ba hae, Jehova o bontšitse mohau ho ba mo tšabang. Etsoe o tseba sebōpeho sa rōna hantle, oa hopola hore re lerōle.” (Pesaleme ea 103:13, 14) Ka sebele, “lerōle” lena—le akarelletsang batho ba sa phethahalang kajeno—le ka etsa ho hongata ka thuso ea moea o halalelang oa Molimo!
Ho ba le Pono e Loketseng ka Petrose
13. Re ka ’na ra hopola mekhoa efe ea Petrose, empa ke hobane’ng ha Jesu a ile a mo khetha hore e be moapostola?
13 Joale, ka bokhutšoanyane a re ke re hlahlobeng mohlala oa bobeli, e leng moapostola Petrose. Haeba ho ne ho ka thoe u hlalose Petrose, na kapele-pele u ne u tla nahana ka motho ea lepotlapotla, ea lehala esita le ea iketelletsang pele? Ka linako tse ling Petrose o ne a hlile a etsa lintho tsena. Leha ho le joalo, ho hlakile hore Jesu o ne a ke ke a khetha Petrose hore e be e mong oa baapostola ba hae ba 12 haeba e ne e hlile e le motho ea lepotlapotla, ea lehala kapa ea iketelletsang pele. (Luka 6:12-14) Ho hlakile hore Jesu ha aa ka a natsa liphoso tsena empa o ile a bona makhabane a Petrose.
14. (a) E ka ’na eaba ke eng se neng se etsa hore Petrose a bue ka bolokolohi? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho leboha hore ebe Petrose o ne a botsa lipotso hangata?
14 Ka linako tse ling Petrose o ne a buella baapostola ba bang. Ba bang ba ka ’na ba nka sena e le bopaki ba ho se inyenyefatse. Empa na ho hlile ho joalo? Batho ba bang ba re e ka ’na eaba Petrose o ne a le moholo ho baapostola ba bang—mohlomong a bile a le moholo ho Jesu. Haeba ho joalo, e ka ’na eaba ke lona lebaka leo ka lona hangata Petrose a neng a bua pele ho ba bang. (Matheu 16:22) Leha ho le joalo, ho na le lebaka le leng leo re ka le nahanelang. Petrose e ne e le motho ea matla moeeng. Kaha o ne a lakatsa ho ba le tsebo, o ne a botsa lipotso. Lipotso tseo tsa hae li re tsoela molemo. Jesu o ile a bua lintho tse ngata tsa bohlokoa ha a araba lipotso tsa Petrose, ’me re li boloketsoe ka Bibeleng. Ka mohlala, Jesu o ne a araba Petrose ha a bua ka “motsamaisi ea tšepahalang.” (Luka 12:41-44) Nahana ka potso ena ea Petrose: “Re siile lintho tsohle ’me ra u latela; re tla fumana eng?” Sena se ile sa etsa hore Jesu a ba fe tšepiso ena e matlafatsang: “E mong le e mong ea siileng matlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ntate kapa ’mè kapa bana kapa masimo ka lebaka la lebitso la ka o tla amohela ho eketsehileng ka makhetlo a mangata ’me o tla rua bophelo bo sa feleng.”—Matheu 15:15; 18:21, 22; 19:27-29.
15. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Petrose o ne a tšepahala e le kannete?
15 Petrose o ne a le motle ntlheng e ’ngoe—o ne a tšepahala. Ha barutuoa ba bangata ba khaotsa ho latela Jesu hobane ba sa utloisise thuto e ’ngoe ea hae, Petrose ke eena ea ileng a buella baapostola ba 12 ’me a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:66-68) E tlameha ebe mantsoe aa a ile a thabisa pelo ea Jesu hakaakang! Hamorao, ha mahoohoo a tšoara Monghali, baapostola ba hae ba bangata ba ile ba baleha. Leha ho le joalo, Petrose o ile a latela bongata a le hōle ’me a kena hona ka lebaleng la moprista ea phahameng. Sebete, eseng bokoala, ke sona se ileng sa mo susumelletsa ho ea moo. Ha Jesu a ntse a hlongoa lipotso, Petrose o ile a kena har’a Bajuda ba neng ba ikomositse mollong. Lekhoba le leng la moprista ea phahameng le ile la mo bona ’me la mo qosa ka hore o ne a e-na le Jesu. Ke ’nete hore Petrose o ile a latola Monghali oa hae, empa re se ke ra lebala hore Petrose o ile a ipeha boemong bona bo kotsi ka lebaka la botšepehi le ho ameha ka Jesu, e leng seo baapostola ba bangata ba sa kang ba e-ba le sebete sa ho se etsa.—Johanne 18:15-27.
16. Ke ka lebaka lefe le utloahalang re hlahlobileng makhabane a Jonase le Petrose?
16 Makhabane a Petrose a feta bofokoli ba hae hōle. Ho joalo le ka Jonase. Joalokaha re talimile Jonase le Petrose ka tsela e ntle ho feta kamoo re tloaetseng kateng, ka tsela e tšoanang re lokela ho ikoetlisetsa ho nahana hantle ka Bakreste-’moho le rōna. Ha re etsa joalo, re tla sebelisana hamolemo le bona. Ke hobane’ng ha ho hlokahala e le kannete hore re be le pono e ntle ka Bakreste-’moho le rōna?
Ho Sebelisa Thuto Ena Kajeno
17, 18. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka ’na ba qhoebeshana? (b) Ke keletso efe ea Bibele e ka re thusang ho rarolla mathata le Bakreste-’moho le rōna?
17 Banna, basali le bana ba maemo ’ohle a moruo, a thuto le ba merabe eohle, ba sebeletsa Jehova hammoho kajeno. (Tšenolo 7:9, 10) Phuthehong ea Bokreste re bona batho ba nang le botho bo fapa-fapaneng hakaakang! Kaha re sebetsa ’moho ha re sebeletsa Molimo, ho totobetse hore ka linako tse ling re tla siteloana.—Baroma 12:10; Bafilipi 2:3.
18 Ke ’nete hore re bona bofokoli ba barab’abo rōna, empa ha re bo hlome thupeng. Re leka ho etsisa Jehova, eo mopesaleme a ileng a bina ka eena, a re: “Haeba u ne u talima liphoso, Jah, Jehova, ke mang ea neng a ka ema?” (Pesaleme ea 130:3) Ho e-na le ho ameha ka mefokolo e ka ’nang ea re arohanya, re ‘phehella lintho tse tlisang khotso le lintho tseo re ka hahanang ka tsona.’ (Baroma 14:19) Re leka ho bona batho ka tsela eo Jehova a ba bonang ka eona, re hlokomoloha liphoso tsa bona ebe re ela hloko makhabane a bona. Ha re etsa sena, ho tla ba bonolo hore re ‘mamellane.’—Bakolose 3:13.
19. Thathamisa mehato e molemo eo Mokreste a ka e nkang ho rarolla qhoebeshano e matla.
19 Ho thoe’ng haeba ho hlaha qabang eo re sitoang ho e tlosa kelellong? (Pesaleme ea 4:4) Na e hlahile pakeng tsa hao le Mokreste-’moho le uena? Ke hobane’ng ha u sa leke ho e lokisa? (Genese 32:13-15) Ntho ea pele, e-ea ho Jehova ka thapelo, u mo kōpe hore a u tataise. Joale, u ntse u hopotse makhabane a motho eo, e-ea ho eena ka “bonolo bo tsamaisanang le bohlale.” (Jakobo 3:13) Mo bolelle hore u batla hore le boelane. Hopola keletso e bululetsoeng, e reng: “E mong le e mong a potlakele ho utloa, a liehe ho bua, a liehe ho halefa.” (Jakobo 1:19) Keletso e reng u “liehe ho halefa” e bontša hore motho eo a ka ’na a etsa kapa a bua ntho e ka ’nang ea u halefisa. Ha sena se etsahala, kōpa thuso ho Jehova hore u itšoare. (Bagalata 5:22, 23) Tlohella mor’eno a ntše bohloko bo ka pelong ea hae, ’me u mamele ka hloko. Esita le haeba u sa lumellane le sohle seo a se buang, u se ke ua mo kena hanong. E ka ’na eaba pono ea hae ha ea nepahala, empa ’nete ke hore ke kamoo a bonang litaba kateng. Leka ho bona bothata ka tsela eo a bo bonang ka eona. Sena se ka ’na sa akarelletsa hore u ipone ka tsela eo mor’eno a u bonang ka eona.—Liproverbia 18:17.
20. Ha le lokisa qabang, ke mehato efe hape e ka ’nang ea etsa hore le boelane?
20 Ha ho fihla nako ea hore u bue, bua ka mosa. (Bakolose 4:6) Bolella mor’eno seo u se ratang ka eena. Kōpa tšoarelo ka seo u se entseng hore ebe le ile la qetella le qabane. Haeba boiteko ba hao bo entsoeng ka boikokobetso bo etsa hore le boelane, leboha Jehova. Haeba bo sa atlehe, u ’ne u kōpe Jehova hore a u tataise ha u ntse u batla menyetla e eketsehileng ea ho bōpa khotso.—Baroma 12:18.
21. Sehlooho see se u thusitse joang hore u bone ba bang ka tsela eo Jehova a ba bonang ka eona?
21 Jehova o rata bahlanka bohle ba hae. ’Me o thabela ho re sebelisa kaofela re ntse re sa phethahala. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng hore na o sheba batho ba bang ka tsela efe, lerato la rōna ho bara le barali babo rōna le tla hōla. Ha lerato leo re neng re rata Mokreste-’moho le rōna ka lona le se le tapile, re ka le tsosa. Moputso oa rōna o tla ba moholo hakaakang haeba re ikitlaelletsa ho bona ba bang ka tsela e ntle—e, re ba bona ka tsela eo Jehova a ba bonang ka eona!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hamorao ho ile ha totobala hore Eliabe e motle ha a na makhabane a ho ba morena oa Iseraele. Ha senatla sa Mofilista, Goliathe se ne se qholotsa Baiseraele, Eliabe le banna ba bang ba Iseraele ba ile ba checha ke tšabo.—1 Samuele 17:11, 28-30.
b Ho hlakile hore Jeroboame II o ile a eketsa leruo la ’muso o ka leboea oa Iseraele ka ho hapa libaka tse ngata, ka ho khutlisa libaka tse neng li hapiloe le ka lekhetho leo a ileng a le bokella.—2 Samuele 8:6; 2 Marena 14:23-28; 2 Likronike 8:3, 4; Amose 6:2.
U ka Araba Joang?
• Jehova o sheba bofokoli ba bahlanka ba hae ba tšepahalang ka tsela efe?
• Ke makhabane afe a Jonase le Petrose ao u ka a bolelang?
• U ikemiselitse ho lula u e-na le pono efe ka barab’eno ba Bakreste?
[Lebokose le leqepheng la 18]
Nahana Hore na Molimo o Bona Batho ba Bang Joang
Ha u ntse u thuisa ka tlaleho ea Bibele ea Jonase, na u bona bohlokoa ba ho fetola maikutlo a hao ka batho bao u ba bolellang litaba tse molemo kamehla? Ba ka ’na ba bonahala ba khotsofaletse seo ba leng sona kapa ba bonahala ba iphapantse joaloka Baiseraele, kapa mohlomong ba ka ’na ba hanyetsa molaetsa oa Molimo. Empa ho Jehova Molimo teng ba joang? Esita le batho ba bang ba tummeng tsamaisong ena ea lintho ba ka ’na ba qala ho batla Jehova, feela joalokaha morena oa Ninive a ile a baka ka lebaka la molaetsa o neng o boleloa ke Jonase.—Jonase 3:6, 7.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Na u bona ba bang ka tsela eo Jehova a ba bonang ka eona?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Jesu o ile a fumana ntho e ntle eo a ka e buang ka phihlelo ea Jonase